Back to Languages
Sotho - Chapter 67
Translation by Sheikh Elias Keketso Lelia
Verse 1
Ea Hlohonolofetseng e be Eo Puso e leng Liatleng tsa Hae; Ea nang le Matla Oohle holima lintho tsohle
Verse 2
Eena Ea hlotseng Lefu le Bophelo, hore A tle A behe tekong mang le mango a lona ea boits’oaro bo nepahetseng. Ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Ts’oarelang Khafetsa
Verse 3
Eena Ea hlotseng maholimo a supileng ka tatelano: O tla bona tlholehong Ea Allah Ea Tletseng Lereko, kahoo sheba hape: O bona koli efe?”
Verse 4
Talimisisa lekhetlo la bobeli: chalimo e tla boela ho uena e fifetse, e fokola, e khathetse
Verse 5
Re khabisitse leholimo le ka tlase ka mabone, Re A entse likulo tse chalametsang ho leleka ea Mobe; Re ba hlophiselitse Kotlo ea Mollo o tukang
Verse 6
Ba khesang Mong’a bona, ho teng Kotlo ea Lihele, e mpe pheletso
Verse 7
Ha ba akheloa kahar’a ona, ba tla utloa mororo oa ona o ntse o tuka joalo
Verse 8
O qhashoha ke khalefo. Nako le nako ha sehlopa se akheloa ka teng, ba lebeli ba ona ba tla botsa: “Ha ho ea ka ha fihla molemosi ho lona?”
Verse 9
Ba tla re: “Ruri! Ho bile joalo, molemosi o ile a fihla ho rona; empa ra mo latola ka hore: “Allah ha A es’o ka a senola letho; u mpa u le phosong e ts’abehang.”
Verse 10
Ba tla boela ba re: “Hoja re ile ra lemoseha kapa ra sebelisa kelello, Ruri! Re ka be re se har’a Balekane ba Khanare ea Mollo
Verse 11
Joale bat la ipolela libe tsa bona, empa ts’oarelo e tla be e le hole le Balekane ba Khanare ea Mollo
Verse 12
Haele ba ts’abang Mong’a bona ba sa ‘mone, ts’oarelo kea bona le moputso o moholo
Verse 13
Ebang le pepesa lentsoe la lona kapa lea le pata, U na le tsebo e phethahetseng ea liphiri tsa lipelo tsohle
Verse 14
Ha A ke ke A tseba-Eena Ea Hlotseng? Ke Eena Ea Utloisisang makunutu oohle, Ea Hlokolosi
Verse 15
Ke Eena Ea hlotseng lefats’e ho nolofala, lebakeng la hau, kahoo tsamaea litseleng tsa lona, u je nala ea lona eo A u sitsitseng ka eona; Empa Tsoho e ho Eena
Verse 16
U ikutloa u sireletsehile hore Ea Maholimong A ke ke A etsa hore u metsoe ke lefats’e ha le reketla
Verse 17
Kapa u ikutloa u sireletsehile hore Ea Maholimong A ke ke A romela Sefefo hore le tle le tsebe hore Temoso Ea Ka e joang
Verse 18
Empa ruri! batho pele ho bona ba latotse, joale e ile ea eba joang Tatolo Ea Ka
Verse 19
Ha ba hlokomele linonyana kamoo li phukalatsang mapheo a tsona ka teng, li a khoale. Ha ho ope ea likakatletseng haese Ea TletsengLereko, Rurik e Eena Ea shebileng lintho tsohle
Verse 20
Ke mang ea ka le thusang, le haele sesole, kantle ho Allah, Ea Tletseng Lereko? Mahana-tumelo ha ba ka har’a letho haese thetso
Verse 21
Ke mang ea tlang ho le sitsa ka phepo, ha A ka khatla kabelo Ea Ha? Che, ba ngangaballa boikhohomosong le khelohong
Verse 22
Ea tsamaeang a tiisitse hlooho, sefahleho sa hae se kebile, o tataisong e ntle,-Kapa ea tsamaeang ka makhethe Tseleng e Otlolohileng
Verse 23
E re.” Ke Eena Ea le hlotseng, A sitsa ka kutlo, pono, boleng le kutloisiso: Empa teboho ea lona e ea fokola
Verse 24
E re: “Ke eena ea le ngatafalitseng holim’a lefats’e, bohle le tla bokelloa ho Eena.”
Verse 25
Ba ea botsa: “Ke neng ts’episo eo etlang ho phethahala haeba u bua ‘nete?”
Verse 26
E re: “Tsebo ea nako e ho Allah A Inot’si, ‘Ke mpa ke le molemosi ea hlakileng.”
Verse 27
Mohlang ba e bonelang hauts’oanyane, mahana-tumeloba ba tla sosobanya lifahleho, Ho tla thoe ho bona: “Sena ke seo le neng se bitsa.”
Verse 28
E re: “Lea bona? Hore haeba Allah a ka ntimetsa hammoho le ba nang le ‘na, kapa A ts’ollela Mohau oa Hae holima rona, – joale ke mang ea tlang ho lopollaba Mahana-tumelo Kahlolong e mahlonoko?”
Verse 29
E re: “U Tletse Lereko: Re kholoa ho Eena, re behile ts’epo ea rona ho Eena. Haufinyane le tla tseba hore na ke mang ea phosong e totobetseng.”
Verse 30
E re: “Lea bona? – Haeba metsi oohle a lona a ka psha, ke mang ea ka etsang hore a kopotse lefats’eng