Back to Languages

    Sotho - Chapter 78

    Translation by Sheikh Elias Keketso Lelia

    Verse 1

    Ba hanyetsana ka eng

    Verse 2

    Ka litaba tse molemo

    Verse 3

    Tseo ba ke keng ba lumellana ka tsona

    Verse 4

    Ruri, haufi ba tla ruoa tsebo

    Verse 5

    Ruri! Ruri haufi ba tla ruoa tsebo

    Verse 6

    Ha Re ea pharalatsa lefats’e

    Verse 7

    Ra tsepamisa lithaba

    Verse 8

    Re le hlotse ka bobeli

    Verse 9

    Ra hlophisa boroko ho ba phomolo ea lona

    Verse 10

    Ra hlophisa bosiu ho ba sekhurumetso

    Verse 11

    Le mots’ehare hore e be molemong oa lona

    Verse 12

    Ra aha maholimo a supileng kaholim’a lona

    Verse 13

    Ra beha teng khanya e babatsehang

    Verse 14

    Re ts’ollella lipula tsa melupe ho tsoa marung

    Verse 15

    Re melisang lijothollo le meroho

    Verse 16

    Le lirapa tsa makhasi a lipapetloa

    Verse 17

    Ruri! Letsatsi la tharollo ke nako ea pallo

    Verse 18

    Letsatsi leo ka lona Terompeta e tla letsoa; le tla phalla ka likete-kete

    Verse 19

    Le leholimo le tla phetloa joalo ka ha e ka ho na le likhoro

    Verse 20

    Lithaba li tla nyamela joalo ka mohuli

    Verse 21

    Ruri! Lihele ke sebaka sa khaoletsi

    Verse 22

    Lehae la baetsalibe

    Verse 23

    Mooba tlang ho phela teng mengoaha

    Verse 24

    Moo ba ke keng ba latsoa letho le pholileng, kapa seno

    Verse 25

    Kantle ho mokelikeli o belang, mokelikeli o mots’o, o nkhang, o serame se qhoalisang

    Verse 26

    Ele moputso o ba ts`oanetseng

    Verse 27

    Hobane! ba ne ba sa ts`abe qoso

    Verse 28

    Empa ba latola lits’upiso tsa rona ba re ke leshano

    Verse 29

    Tsohle li ngoliloe bukeng ea tlaleho

    Verse 30

    Kahoo, latsoang litholoana tsa mesebetsi ea lona; ha ho kekeletso eo le tlang ho e nehoa, ntle le kahlolo.”

    Verse 31

    Ruri! Ho ba lokileng ho teng phethiso ea litabatabelo tsa bona –

    Verse 32

    Lirapa tsa merara

    Verse 33

    Le baroetsana ba es’ong ho amane le banna

    Verse 34

    Le mepotjoana e khaphatsehang

    Verse 35

    Kamoo ba ke keng ba utloa lipuo tsa mafeela le leshano; –

    Verse 36

    Moputso ho tsoa ho Mong`a hau, mpho e lekaneng, –

    Verse 37

    Eena Mong`a maholimo le lefats’e, le tsohle tse lipakeng, Ea Tletseng Lereko: ha ho ope ea matla ho phehisana le Eena

    Verse 38

    Letsatsi leo Khabariele le manyeloi a mang ba tlang ho ema ka mahlofo, ho se ea buang kantle ho thato ea Allah, ea tletseng lereko U tla bua se nepahetseng

    Verse 39

    Letsatsing leo ‘nete e tla ba pepeneneng: kahoo, ea ratang, molese a retelehele ho Mong`a hae

    Verse 40

    Ruri, Re le lemositse ka kotlo e haufinyane, letsatsi leo ka lona motho a tlang ho bona seo matsoho a hae a se rometseng nale; mohana-tumelo o tla re, “Sekhobo se be honna! Hoja ke ne ke lerole!” Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

    Unexpected Application Error!

    Unexpected token '<', "<!DOCTYPE "... is not valid JSON

    SyntaxError: Unexpected token '<', "<!DOCTYPE "... is not valid JSON