Back to Languages

    Sotho - Chapter 79

    Translation by Sheikh Elias Keketso Lelia

    Verse 1

    Ka manyeloi a qotsulang ka soto

    Verse 2

    Le manyeloi a qotsulang ka makhethe

    Verse 3

    Le manyeloi a potlakelang ho ea thomong

    Verse 4

    Joale ha e ka a peisong

    Verse 5

    A laolang liketsahalo

    Verse 6

    Mohla letsatsi leo Terompeta e letsoang lekhetlo la pele

    Verse 7

    E latela ka phethako

    Verse 8

    Lipelo li tla be li khathatseile mohlang oo

    Verse 9

    Mahlo a talimile fats`e

    Verse 10

    Ba re: “Eng! Re tla busetsoa maemong a rona a mathomo

    Verse 11

    Eng! – re ne re le masapo a bolileng?”

    Verse 12

    Ba re: “Ruri! Seo e tla be el e poelo ea tahlehelo.”

    Verse 13

    Ruri! E tla ba ka molumo o le mong feela

    Verse 14

    Ba tla be ba tsohile

    Verse 15

    Na pale ea Moshe ha es’o finyelle ho uena

    Verse 16

    Bonang! Mong`a hau U kile A memetsa ho eena phuleng e halalelang ea Tuwa

    Verse 17

    “Tsamaea o ee ho Faro –hobane Ruri! O tlotse meeli eohle –

    Verse 18

    U re ho eena: na u lakatsa ho hloekisoa sebeng

    Verse 19

    Hore ke u tataisetse ho Mong`a hau, u tle u mo ts’abe?”

    Verse 20

    Eaba Moshe o mo bonts’a sesupo se seholohali

    Verse 21

    Empa o ile a latola a nyefola

    Verse 22

    Ho feta mona a furalla, a tsitlallela nyefolong

    Verse 23

    Eaba o khobokanya sechaba sa hae, a hooa

    Verse 24

    A re: “ke Mong`a lona, ea phahameng ka ho fetisisang.”

    Verse 25

    Allah U ile a mo otla le hona ho mo etsa mohlala bophelong bona le ho Bo-tlang

    Verse 26

    Ruri! Sena ke temoso ho mang le mang ea ts’abang Allah

    Verse 27

    Eng! Na tlholeho ea lona e boima kapa tlholeho e boima ke’a leholimo? Le hlotsoeng ke Allah

    Verse 28

    Ebile o phahamisitse leholimo holimo-limo, a le neha taolo le phetheho

    Verse 29

    Bosiu ba lona A le neha lefifi, ho bo khabisa A bo fa khanya

    Verse 30

    Le lefats`e A le pharalatsa

    Verse 31

    A hlahisa metsi le makhulo holim’a lona

    Verse 32

    Le ho tsepamisa lithaba

    Verse 33

    Molemong oa lona le mehlape ea lona

    Verse 34

    Kahoo mohla ho tlang sekhobo se seholohali

    Verse 35

    Letsatsing leo motho a tlang ho hopola tsohle tseo a li sebelelitseng

    Verse 36

    Le mollo o tla behoa pontseng ea bohle

    Verse 37

    Joale, ba ileng ba tlola meeli eohle

    Verse 38

    Ba ikhethela bophelo ba lefats’e lena

    Verse 39

    Lehae la bona e tlabe e le Lihele

    Verse 40

    Hoba ileng ba bonts`a ts’abo ea ho ema kapel’a Mong`a bona mohla kahlolo, ba qobisa phefomoloho ea bona litakatsong tsa mafeela

    Verse 41

    Lehae la bona e tla ba Serapa (paradeisi)

    Verse 42

    Ba u botsa ka motsotso oo, – “Na nako ea teng e behiloeng e neng?”

    Verse 43

    Phatlalatso ea nako eo e o ama joang

    Verse 44

    Ke Mong`a hau Ea tsebang motsotso le nako e behiloeng

    Verse 45

    U mpa u le mohlokomelisi feela hoba nang le ts’abo

    Verse 46

    Mohlang ba tlang ho e bona, e tla ka hoja ba phetse bosiu bo le bong, kapa nako ea hoseng ho le hong