Sotho

Translation: sot-sheikheliaskeke

Author: Sheikh Elias Keketso Lelia

Kopo

Surah 1

[1] Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Ea Mohau

[2] Lithoriso tsohle li be ho Allah, Mong`a Mafats’e

[3] Ea Lereko, Ea Mohau

[4] Mong`a Letsatsi la Kahlolo

[5] Ke Uena Ea mong Eo re Mo khumamelang; Eo re kopang thuso ho Eena

[6] Re tataisetse tseleng e otlolohileng

[7] Tsela ea bao U ba hlohonolofalitseng, Eseng tsela ea ba ipiletsang khalefo ea Hau, ba khelohileng

Khomo

Surah 2

[1] Alif. Lam. Mime

[2] Lena ke Lengolo leo ka har’a lona ke tataiso e se nang khoao, ho ba nang le ts’abo ho Allah

[3] Ba kholoang ho masabonoeng, ba tsitlalla thapelong le hona ho fana ka seo Re ba sitsitseng ka sona

[4] Le ho kholoa se u se senoletsoeng, le ho se senotsoeng pele ho uena; e bile bana le tihisetso ea bophelo bo tlang

[5] Ba tataisong e tsoang ho Mong`a bona, ke bona ba tla atleha

[6] Ho mahana-tumelo, ho bona ho ea ts’oana u ba lemosang kapa u sa ba lemose; ba ke ke ba kholoa

[7] Allah U kabile kutlo le lipelo tsa bona, mahlong U ba koahetsoe ka lesira. Sebakeng sa bona hona le timelo e mahlonoko

[8] Har’a batho ho teng ba reng: “Re kholoa ho Allah le ho letsatsi la bofelo,” empa ba hloka tumelo

[9] Ba nahana hore ba ka thetsa Allah le ba kholoang, athe ha ho eo ba mo thetsang haese ho ithetsa bo-bona; empa ba sa elelloe

[10] Pelong tsa bona ho na le boloetsi, Allah U tlatselelitse boloetsi boo. Kahlolo e mahlonoko ke’a bona hobane ba tletse thetso

[11] Ha ho thoe ho bona: “Se bakeng motsoebere lefats’eng,” bare: “hao, rona re mpa re boloka khotso feela!”

[12] Bonnete ke bona bahlohleletsi ba motsoebere, empa ha ba elelloe

[13] Ha ho thoe ho bona: “Kholoang joaloka ha ba bang ba kholoa,” ba re: “na re ka kholoa joaloka ha litlatla li kholoa?” che, `nete ke bona litlatla, ba mpa ba sena tsebo

[14] Ha ba teana le ba kholoang ba re: “Re’a kholoa,” empa ha ba e na le bo-mphato`a bona ba re: “Ruri re na le lona; re ne mpa re soasoa

[15] Ruri Allah le Eena U tla soasoa le bona, A be A ba lese ho tlankela sa lifofu ka booatla ba bona

[16] Bana ke ba rekang phoso ka theko ea tataiso, ka hona ts’ebetso ea bona e ke ke ea tsoelapele kapa hona ho tataisoa

[17] Papiso ea bona e tsoana le’a monna ea besitseng mollo, ha o se o tukile o le khanare haufi le eena, e be Allah U nkela khanya eo thoko le bona a ba lese har’a lefifi moo ba ke keng ba bona

[18] Botholo, bomumu le bofofu; ba ke ke ba khutlela kaelong

[19] Kapa papiso e ‹ngoe ekaba ea ts›eola e tsoang marung e lefifi, le lekirietsane le halimang. E be ba kiba litsebe tsa bona ka menoana moo ba thibelang lekirietsane le lumang, le hona ho ts’aba lefu. Empa Allah U kope tse ba sa lumeleng har’e, thoko ho tataiso ea Hae

[20] Ha le phatsima le nanola pono ea bona. Khafetsa ha le khanya ebe ba tsamaea khanyeng eo, ha le boetse le fifala hape e be ba ema khekhenene. Hoja Allah A ne A ratile, A ka be A nanotse kutlo le pono ea bona. Hobane Allah U na le matla a ho etsa tsohle

[21] Oho batho! Khumamelang Mong`a lona, Ea le hlolileng, le ba bileng teng pele ho lona; hore le ithute tokafalo

[22] Ea entseng lefats’e ho ba bolulo ba lona, leholimo sekhele sa lona; A ba A le tlisetsa lipula ho tsoa leholimong, tseo ka tsona A le hlahisetsang litholoana. Le se ke la iketsetsa melingoana ea bohata khahlanong le Eena le na le tsebo

[23] Haeba le na le khoao khahlanong le seo Re se senoletseng lekhabunyane la Rona, hlahisang khaolo e ts’oanang le eona; le be le bitse lipaki kathoko ho Allah haeba le hlile le le ‘neteng

[24] Empa e bang le ka sitoa – etsoe Ruri le tla sitoa – ts`abang mollo ke hona, oo libeso tsa oona e leng batho le majoe, o beselitsoe mahana-tumelo

[25] Empa fana ka litaba tse molemo ho ba kholoang ebile ba etsa mesebetsi e lokileng; hore sebakeng sa bona ho na le lirapa tseo katlas’a tsona ho phallang linoka; ka mehla ha ba feptjoa ka litholoana tsa lirapa tseo, ba tla re: “tsena ke tseo re kileng ra lifuoa pele;” hobane li fanoa e le lits’oants’iso. Teng moo, le ba lekane ba hloekileng; ba tla phela kahosafeleng

[26] Hobane Ruri Allah ha a khese ho sebelisa papiso le ha e se e le ea monoang. Bakholoang ba ea tseba hore seo ke ‘nete etsoang ho Mong`a bona; empa ba khesang tumelo bona ba re: “e be Allah U bolelang ka papiso ee?” Allah U khelositse ba ba ngata ka eona, a tataisa ba bangata ka eona; o khelositse feela ba khopo

[27] Haele ba robang selekane sa Allah kamor’a hoba se theoe, ba bile ba arola seo Allah A laetseng hore se kopangoe, le hona ho fehla merusu lefats’eng: bao ke ba lahlehetsoeng

[28] Le latola joang tumelo ho `Mopi(Allah) empa le ne le hloka bophelo, a le neha bophelo! O tla le neha lefu, a be a le nehe bophelo hape; hobane poelo ea lona e ho Eena

[29] Ke Eena Ea le hloletseng tsohle tse holima lefats’eng. Ho feta moo tsebo ea Hae e okamela popong ea maholimo. O fane ka taelo le tlhoeko maholimong a supileng; o nale tsebo e phetahetseng ho tsohle

[30] Elelloang Mong`a lona A re ho manyeloi: « ke tla bopa moemeli lefats›eng,» manyeloi a re: « na o ka beha ea tla baka likotsi le hona ho tsolla mali lefats›eng, empa rona re ntse re keteka lithoriso tsa hau le hona ho o tlotlisa? “eaba Allah U re: “Ruri ke tseba seo le sa se tsebeng.”

[31] Allah U ruta Adama mabitso a lintho tsohle, a libeha ka pela manyeloi, a re: “mpolelleng mabitso a tsena haeba le na le ‘nete.”

[32] Manyeloi a re: “tlotla e ke e be ho Uena! Rona ha re na tsebo haese seo o re rutileng sona. Hobane ke Uena, Uena feela ea tsebang, Ea Seli.”

[33] Allah A re: “Adama! ba bolelle mabitso a tsona,” e itse hoba a ba bolella mabitso a tsona, Allah A re: “na ha ke ea bolela hore ke tseba liphiri tsa maholimo le lefats’e? Etsoe ke tseba tseo le li pepesang le tseo le li patang.”

[34] Elelloang Ra Re ho manyeloi: “ikokobetseng kapel’a Adama,” ba ile ba inama haese ibliss (satane). O ile a nyefola ka boikhohomoso, ea eba oa pele mohana-tumelo

[35] Ra re: “Adama lula le mosali oa hau serapeng, le be le je litholoana ka bolokolohi tse teng serapeng seo; empa le se atamele haufi le sefate sena, ho seng joalo le tlababaetsa- phoso.”

[36] Eaba satane o ba ekela ho theoha moo, ba tsoa serapeng sa boiketlo seo ba neng ba le ho sona; ba re: “theohang, mong le mong ka bora pakeng tsa lona! Lefats’e e tlaba bolulo ba lona le boiphiliso ha nakoana

[37] Adama a amohela mantsoe a ts’enolo a tsoang ho Mong`a hae, eaba Allah U retellehela ka ho eena. Hobane Ruri Allah U reteleha-khafetsa, etsoe o tletse mohau

[38] Ra re: “theohang kaofela ha lona, empa Ruri ke tla le romella tataiso e tsoang ho ‘Na; ba tla latela tataiso ea Ka ba ke ke ba eba le ts’abo kapa eona mesarelo

[39] Empa haele bo tlhoka-tumelo, ba bile ba nyefola lits’enolo tsa rona, Ruri bao ke balekane ba mollo. ba tla phela moo.”

[40] Bana ba Israele! Hopolang molemo oo ke le sitsitseng ka oona, le be le phethise selekane sa lona, etsoe le ‘Na (Allah) ke tla se phethisa, le se ts’abe mong kantle ho `Na

[41] Le lumele ho se ke se senotseng se tihisang ts`enolo e teng ho lona, le se be ba pele ho nyefola tumelo teng, le ho rekisa ka lits’enolo tsa ka ka thekoana e eisehang; le be le ts`abo ho ‘na, ke inots`i

[42] Le se ribehe ‹nete ka bohata, kapa la pata ‹nete le tseba

[43] Tsitlallelang thapelong, pheellang ho fana ka linyehelo, inamisang lihlooho le ba inamang thapelong

[44] Le khothaletsa botle bathong, empa lona le lebale ho bo phethahatsa? Le ithuta tsa Lengolo? Ha le be le kutloisiso

[45] Che! tsoma thuso ka mamello e tsitlelletseng le thapelo; Ruri ho thata haese ho ba meea e robehileng

[46] Ba se nang qeeaqeo hore ba tla teeana le Mong`a bona, etsoe poelo ea bona e ho Eena

[47] Oho bana ba Israele! Hopolang molemo oa ka oo ke le sitsitseng ka oona, le hore ke le khethileng holim’a bohle

[48] Ka hona ithlokomeleng khahlanong le letsatsi leo ka lona ho se nang moea o tla phonyoha ho e meng, kapa eena `muelli a ke ke a lumelloa ho oona, kapa eona tefo e ke ke ea amoheloa ho oona, etsoe e ke ke ea thusoa

[49] Le hopole hore re le pholositse ho batho ba Faro, ba neng ba le sotla ka kotlo e ts’abehang; ka polao ea bara ba lona, basiea basali ba lona: ena e bile teko e kholohali e tsoang ho Mong`a lona

[50] Hopolang re arotse leoatle ho le pholosa, ra khamisa batho ba Faro ka metsi ponts’eng ea lona

[51] Hopolang re ile ra khethela Moshe masiu a mashome a mane bo inosing, empa bosieong ba hae le ile la nka namane; ka hona la eba baetsa-phoso

[52] Le moo re ile ra le ts’oarela; e le monyetla ho lona hobale teboho

[53] Hopolang ra neha Moshe Lengolo le ts’iea ea botle le bobe, e le hore le be le monyetla oa ho tataisetsoa botleng

[54] Hopolang Moshe o ile a re ho batho ba habo: “Oho batho ba heso! “le iphoselitse ka ho rapela namane, kahoo sokolohelang ka boinyatso ho ‘Mopi oa lona; le be le bolae bakhopo ka bo-lona. Seo se tla etsa hore le hlahe le khahleha ho ‘Mopi oa lona, o tla retellehela ka ho lona. Hobane Ruri o reteleha- khafetsa, etsoe o tletse mohau

[55] Hopolang le ile la re: “Moshe! Re ke ke ra lumela ho uena ho fihlela re ka bona Allah ka mahlo;” le hoja le ile la ilibangoa ke letolo le lehalima le sa shebile joalo

[56] Ra le tsosa bafung e le hore le be le monyetla oa teboho

[57] Ra le khukhumetsa ka leru le lesoeu, eaba re theolela manna le likhoale, ra re: “ejang lintho tse hloekileng tseo re le sitsitseng ka tsona – ha se ronababa foselitseng, empa ba iphoselitse bo- bona

[58] Hopolang re itse: “kenang motseng ona, le je tse teng ho oona ka bolokolohi, le be le kene ka likhoro le ithobile, ka motsamao le mantsoe, re tla le ts’oarela lits`ito tsa lona, re ekeletse ba etsang botle

[59] Empa ba ikhohomusi ba fetotse lentsoe polelong eo ba neng ba e nehiloe, eaba Re romella baikhohomusi seoa ho tsoa leholimong ka ho tlola molao ho menahane

[60] Hopola hore Moshe o ile a kopela batho ba habo metsi, Ra Re: “Otla lefika ka lere la hau.” Eaba ho ts’akhunya liliba tse leshome le metso e ‘meli e le hore moloko ka mong o tsebe sebaka sa oona sa ho noa. Ejang le noe tseo Allah a le sitsitseng ka tsona, le se bake bobe ka ho etsa moferefere lefats’eng

[61] Hopolang hore le kile la re: “Moshe! Re khathetse ke mofuta o le mong oa lijo; ka hona a k’u re kopele ho Mong`a hau hore a ke a re hlahisetse tse beoang ke lefats’e – meroho, mekopu, lijo-thollo, linoko le lianyanese. Moshe a re: “na le ka batla se fats’e ho ena le se phahameng? Ka hona tsamaeang le motse, ke moo le tla fumana seo le se batlang.” Ba ile ba apareloa ke masoabi le mesarelo, ba ba ba fihleloa ke seoa se tsoang ho Allah. Sena ke hobane ba ile ba nyefola lits’enolo tsa Allah, ba ba ba bolaea Baporofeta ka sehloho. Etsoe ke hobane ba ile ba latola ba ba tlola meeli

[62] Haele ba kholoang ho se senotsoeng ho uena, le balatelang mangolo a Ma-Juda, Ba-Keresete le ma-Sabia – le bohle ba kholoang ho Allah le ho letsatsi la bofelo, le ba etsang ka ho loka – Ruri moputso oa bona o ho Mong`a bona, bake ke ba eba le ts’abo kapa eona mesarelo

[63] Hopolang re entse selekane le lona, re phahamisetsa tlhoro ea thaba Sinai ho ba kaholimo ho lona, Ra Re: “Tsitlallelang ka tieo ho seo re le nehileng sona, le be le hopole seo se fuperoeng ke eona, mohlaope le ts`abe `Mopi

[64] La koeneha le ka morao ho moo, hoja e se be ka lereko la Allah le mohau oa hae, le ka be le le ba tahlehong

[65] Etsoe le tseba hantle ka ba robileng sabata har’a lona, re ile ra re ho bona: “le be lits’oene, le tellehe le hona ho hlouoa!”

[66] Eaba re etsa sena hoba mohlala nakong ea bona, le ho tsoala ea bona; e bile e le thuto ho ba ts’abang Allah

[67] Hopolang hore Moshe o ile a re ho batho ba habo: “Allah U le laela ho etsa sehlabelo ka khomo,” ba araba ba re: “u re fetola lits`eisa?” Moshe a arabela: “Allah U nthuse ke se be har’a liphoqo!”

[68] Ba re: “re kopele ke hona ho Mong`a hau a ke a re hlakisetse hore na khongoana eo ke e joang!” Moshe a re: “U itse,”: Ruri ke khongoana e holileng ho lekana kapa e matlafetseng, empa e be lipakeng tsa maemo a mabeli a na; ka hona etsang kamoo le laeloang ka teng.”

[69] Ba re: “re kopele ho Mong`a hau a re hlakisetse ‘mala oa eona.” Moshe a arabela: “Ruri ke khongoana e ts’ehla ba litau. Ho phatsima ke ‘mala oa eona, e tle e thabise babohi.”

[70] Ba re: “re kopele ho Mong`a hau a ke a re hlakisetse hore na e be joang. Hobane ho rona likhomo li’a ts’oana; etsoe haeba Allah a ratile re tla ba tataisong e nepahetseng

[71] A arabela: “U itse,”: Ruri ke khongoana e song ho panoe; e song ho leme masimo kapa hona ho a ts’ella; e hloka koli.” eaba bona ba re: “joale u tlisitse ‘nete.” Eaba ba etsa sehlabelo seo, le hoja ba ne ba sa rate

[72] Le hopole hore le ne le bolae motho, hoa eba le ho se utloane pakeng tsa lona ke ketso eo, ‘Allah U ile a beha pooaneng seo le neng le se patile

[73] Ra re: “otla le ka leqa la nama.” ke kamoo Allah a khutlisetsang ba neng ba shoele bophelong, le hona ho le bonts’a lits’upiso tsa hae e le hore le tle le utloisise

[74] Le kamorao ho moo, lipelo tsa lona li ile tsa thatafala, tsa ts’oana le lejoe, kapa ho feta lejoe ka bothata. Hobane Ruri hona le majoe a mang ao ho oona ho ts’akhunyang linoka, hona le a mang ao e reng ha a petsoha e be ho kolla metsi. Hona le majoe a mang a tebang ke ts’abo ea Allah. Ha se hore Allah ha a bone tseo le li etsang

[75] Na le sa na le ts’epo ea hore ba tla kholoa ho lona? Hobane karolo e ‘ngoe ea bona e se e ile ea utloa lentsoe la Allah, ea ba ba le fetola ka morero, kamor’a hoba ba le utloisise

[76] Bonang! Ha ba kopana le ba kholoang ba re: “re’a kholoa.” empa ha ba le sephiring le bo-mphato’a bona ba re: “na le ka ba joetsa seo Allah a le senoletseng sona, e le hore ba tle b ale phehise khang kapel’a Mong`a lona khahlanong le sona. Ha le na kutloisiso na?”

[77] Na ha ba hlokomele hore Allah U tseba seo ba se patileng le seo ba se pepesang

[78] Har’a bona ho teng batho ba sa tsebeng Lengolo ho hang hae se hona ho le utloela, ba mpa ba hakanya

[79] Kahoo ho malimabe ba ngotseng Lengolo ka matsoho a bona, ebe ba re: “lena le etsoa ho Allah,” e le hore ka lona ba tle ba ithekisetse ka thekoana e eisehang. Bomalimabe bo sallane le bona ka seo matsoho a bona a se ngotseng, etsoe bo sallane le batla fumana kuno ka lona

[80] Ebile ba re: “mollo o ke ke oa re thetsa haese matsatsi a `maloa feela.” E re: “na le amohetse ts’episo e tsoang ho Allah, – hobane Ruri Allah a ke ke a roba ts’episo ea hae – kapa e be le buoa seo le sa se tsebeng khahlanong le Allah?”

[81] Empa e mong le e mong ea entseng sebe, sebe sa hae se mo etselitse lesakana-la-nkope; ke balekane ba mollo; ba tla phela kamoo

[82] Haele ba kholoang ba bile ba etsa ka ho loka: ke balekane ba Serapa. Etsoe har’a sona ba tla phela ka hosafeleng

[83] Hopolang re entse selekane le bana ba Israele; se khumameleng mong kantle ho Allah, le hlomphe batsoali, le beng ka lona, le likhutsana, le bafumanehi, le buise batho ka hlonepho; le tsitlallele thapelong, le hona ho fana ka linyehelo.” empa kamor’a mona, eaba le ea koeneha tlas’a likhothaletso haese ba fokolang feela ba lona

[84] Re entse selekane le lona hore: “le tlohelle ho ts’olla mali a bana ba bo lona, kapa hona ho baphalalisa malapeng a bona. Eaba le tihisa selekane sa rona, la eba lipaki ho sona.”

[85] Ka morao ho mona le simollotse lipolaeano, le hona ho phalalisa karolo e ‘ngoe ea batho ba lona malapeng a bona, le bile le thusana ka bo-lona khahlanong le bona ka sebe, le hona ho tlola meeli – hoja ebe ba ne ba tlile ho lona joaloka bats’oaruoa le ka be le ba lokolotse ka tefo, le hoja ho ne ho se molaong ho lona hoba phalalisa – sena ke sesupo sa hore le lumela ho karolo e ‘ngoe ea Lengolo ha karolo e ‘ngoe le e nyefola? Moputso oa ba etsang joalo ke ofe haese tlotlollo bophelong balefats’e lena, le ka Letsatsi la Tsoho ba tla romelloa timelong e soabisang. Hobane Allah ha se hore ha a bone tseo le li etsang

[86] Ba na ke barekang bophelo ba lefats’e ka theko ea bophelo botlang. Kahlolo ea bona e ke ke ea bebofatsoa, kapa hona ho thusoa

[87] Re nehile Moshe Lengolo Ra mo salisa morao lethathamo la baromuoa, eaba Re neha Jesu mora oa Maria lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah, eaba Re mo matlafatsa ka moea o halalelang. E be ke kahoo e reng ha ho etla ho lona Moromuoa ea tsoang ho Allah ka seo lona ka bo-lona le neng le sa se lebella, e be le kokomoha ka boikhants’o, le bile le nyefola ba bang ha ba bang le ba bolaea

[88] Ba re: “lipelo tsa rona ke liphuthelo.” che, thohako ea Allah e holim’a bona sebakeng sa nyefolo ea bona. Etsoe tumelo ea bona e ea fokola

[89] Ha ho etla ho bona Lengolo le tsoang ho Allah, le tihisa se teng ho bona, – le hoja pele ho seo ba ‘nile ba kopa tlholo holim’a banyefoli ba tumelo – ha ho etla ho bona seo ba se tsebang e le ‘nete, ebe baea se nyefola. Thohako ea Allah e holim’a bahloka-tumelo

[90] Thohako ke theko ea seo ba rekisitseng meea ea bona ka sona: ka hona ha ba kholoe seo Allah a se senotseng, ba mona hore Allah ka mohau oa hae a ka romella ts’enolo ho ope ea mo khahlisang oa makhabunyane a hae. Kahoo ba ipiletsa khalefo holim’a khalefo. Timelo ea bahana-tumelo ke e soabisang

[91] Ha ho thoe ho bona: “Kholoang ho se senotsoeng ke Allah,” ba re: “re lumela ho seo re se senoletsoeng.” banyefola seo se tlileng kamor’a sona, le hoja e le ‘nete e tihisang seo se teng ho bona. Oho Muhammad ba bolelle u re: “hobaneng ha le ile la bolaea baporofeta ba masoetso ba Allah haeba le hlile le le ba kholoang?”

[92] Moshe o tlile ho lona ka lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah, le hoja bosieong ba hae le ile la ikhethela ho rapela namane, eaba le eba baetsa-liphoso

[93] Le hopole hore Re ile Ra etsa selekane le lona, eaba Re phahamisetsa tlhoro ea thaba Sinai holim’a lona, Ra Re: “kakatlelang ka tieo ho seo Re le nehileng sona, le be le utloe lentsoe la Rona, eaba le re: “re’a utloa empa re ea hana.” eaba thapeli eo ea bona ea namane e etsoa hore e qoele ka har’e ho lipelo tsa bona ho latela nyefolo ea bona ea selekane. Ba bolelle u re: “se sebe ke seo tumelo ea lona e le laetseng ho se etsa holim’a lona haeba le hlile le ba kholoang.”

[94] E re: “haeba lehae la bofelo le ho Allah ke la lona feela, empa e seng batho ba bang joaloka ha le bolela; joale batlang lefu haeba le hlile le na le ‘nete sebele

[95] Empa ba ke ke ba batla lefu, ho latela seo matsoho a bona a se rometseng kapel’a bona. Ruri Allah U hlokolosi ka baetsa- libe

[96] Har’a batho bophelong le tla ba fumana ba le meharo ho feta barapeli ba lits’oants’o. Etsoe e mong le e mong oa bona o lakatsa e ka a ka phela lilemo tse sekete. Athe ho ka phela lilemo tse sekete ha se hona ho ka mo phemisang kahlolo. ‘Allah U bona tsohle tseo ba li etsang

[97] (Muhammad) E re: “Eo e leng sera sa Khabariele – ka ha ke eena ea tlisang ts`enolo pelong ea hau ka thato ea Allah, le tihisa le ileng la senoloa pele ho lona, ke tataiso le litaba tse molemo ho bakholoang

[98] Eo e leng sera sa Allah, manyeloi a hae, baromuoa ba hae, Khabariele le Mikaele! Hobane Ruri Allah ka bo-Eena ke sera sa mahana-tumelo

[99] Re senotse ho lona lits’upiso tse hlakileng, ke batahlehong feela ba sa tlong ho lumela ho tsona

[100] Ebe ke kahoo ereng ha ba etsa selekane e be karolo e ‘ngoe ea bona e se qhelela kathoko? ‘Nete ke hore, boholo ba bona ke mahloka-tumelo

[101] Ha ho hotla ho bona moromuoa ho tsoa ho Allah a tihisa seo se ho bona, mokhahlelo oa batho ba Lengolo ba lahlela Lengolo la Allah kherehloa joale ka ha eka ha ho seo ba se tsebang

[102] Ba latetse seo ba babe ba ileng ba se pheta khahlanong le matla a Solomone. Banyefoli, e seng Solomone, empa ba babe ba ile banyefola, ba ba ba ruta batho boloi, le seo se senotsoeng ke manyeloi a mabeli Babilona, e leng Harut le Marut. Etsoe manyeloi a na a mabeli ha a ka a ruta motho le ha a le mong ho fihlela ba re: “Re mpa re tlisitse teko, ka hona se nyefoleng letho tataisong ea Allah.” ke bobeling bona ba manyeloi moo batho ba ileng ba ithuta ho baka pherekano lipakeng tsa monna le mosali; empa ha ho eo ba mo hlokofatsang ka eona haese ka thato ea Allah. Ba ithutile se bahlokofatsang, etsoe se sa ba putse ka letho. Etsoe Ruri ba ea tseba hore haele ea nkileng karolo moo teng ha a na kabelo ea thabo ho botlang; Ruri se sebe ke kuno ea seo b ase rekisitseng ka meea ea bona hoja feela bane ba tsebile

[103] Hoja ba ile ba boloka tumelo, ba ba ba sesefa bobe; moputso o tsoang ho Allah U ne o tla ba molemo hoja feela bane ba tsebile

[104] Oho lona ba-Tumelo! Le se ke la re ho moporofeta: “u re mamele,” empa le re: “u re shebe,” lona le mo mamele. Hobane kahlolo ea ba se nang Tumelo ke e mahlonoko

[105] Ha se takatso ea ba sa kholoeng har’a batho ba Lengolo kapa bona bahetene hore le ka amohela molemo ofe kapa ofe o tsoang ho Allah. Empa Allah U ikhethela ope ea mo ratang ka mohau oa Hae, etsoe Allah ke Rabosafeleng

[106] Haeba ho le teng e ‘ngoe ea lits’enolo tsa Rona eo Re e hlakolang kapa Re etsa hore e lebaloe, sebakeng sa eona Re tlisa e ‘ngoe e molemo, kapa e ts’oanang le eona. Hana ha u na tsebo ea hore Allah U na le matla a ho etsa lintho tsohle

[107] Hana ha u tsebe hore puso ea maholimo le ea lefats’e ke ea Allah; kantle ho Allah ha u na motsoalle kapa mothusi

[108] A le ka nyopanyopa Moromuoa ka lipotso joalo ka ha Moshe a ile a hlajoa ka lipotso mehleng? Haele ea ikhethelang ho koenehela tumelo, Ruri o khelohile tseleng e totobetseng

[109] Bongata ba batho ba Lengolo ba laba-labela ho le khelosa tumelong kamor’a hoba le sokolohe, ka mohono oa boikhabo, kamor’a hoba ‘nete e totobale ho bona. Empa u ba ts’oarele, le hona ho iphapanyetsa bona ho fihlela Allah a phetahatsa merero ea hae. Hoba Ruri Allah U na le matla a holima tsohle

[110] Mamellang thapelong, le fane ka linyehelo; etsoe botle bohle boo le bo romellang nale molemong oa meea ea lona, le tla bo fumana ho Allah. Hobane Allah U bona tsohle tseo le li etsang

[111] Ba bile ba re: “ha ho ea ka kenang Paradeising kantle le hore e be Mo-Juda kapa Mo-Keresete.” tsena ke litakatso tsa bona. E re: “tlisang bopaki ba seo le se buoang haeba le ‘neteng.”

[112] Che, haele ea inehetseng ka botho bohle ba hae ho Allah, a bile a etsa botle, moputso oa hae o ho Mong`a hae; etsoe ho ke ke haeba le ts’abo kapa mesarelo e ka ba fihlelang moo

[113] Ma-Juda a re: “Ba-Keresete ha ho seo base latelang sa ‘nete,” athe Ba-Keresete le bona ba re: “Ma-Juda ha ho seo ba se latelang sa ‘nete;” athe bobeli ba ithuta Lengolo. Le ha ho le joalo, ba sa tsebeng letho ba buoa jooana. Hobane Allah U tla ahlola lipakeng tsa bona mohla letsatsi la kahlolo ho seo ba fapanang ka sona

[114] Ke ba feng ba etsang phoso e kholohali ho feta ba hanelang katamelo le tlotliso ea lebitso la Allah ka har’e ho matlo ao e leng a thapelo (musjid), etsoe chesehello ea bona e le ho fenya ba kholoang? Ho bajoalo, ho ne ho sa lumellehe hore ba ka kena ka har’a oona kantle le ho ts’abo. Lefats’eng lena ba tla tlotloloha, etsoe kahlolo ea bona ho botlang ke e mahlonoko

[115] Bochabela le bophirima bobeli ke tsa Allah, hohle moo o retellehelang o bona boteng ba Allah. Hobane Ruri Allah U ka hohle, e bile o tseba tsohle

[116] Ba re: “Allah U tsoetse mora.” tlotliso li be ho Eena! Che, tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa hae. Tsohle li lebisa lithapelo ho eena

[117] Mohloli oa maholimo le lefats’e! Haeba a re ra ho etsa letho, u re feela: “E ba,” le bateng

[118] Bahloka-tsebo ba re: “ke ka horeng Allah a sa bue le rona? Kapa a romelle sesupo se re tobileng?” Lichaba tse tlileng pele ho bona li’nile tsa rialo. Lipelo tsa bona li ea ts’oana. Re totobalitse lits’enolo tsa rona ho batho ba sa thekeseleng tumelong

[119] Re u romeletse ka ‘nete, u bile u le motlisa litaba tse molemo; u le mohlokomelisi. U ke ke oa botsoa ka ba lekane ba khanare ea mollo

[120] Ma-juda kapa Ba-Keresete ba ke ke ba u khotsofalla ho fihlela u latela mokhoa oa bona oa tumelo. E re: “Tataiso ea Allah ke tataiso e nepahetseng.” haeba o tla latela litakatso tsa bona kamor’a hoba tsebo e finyelle ho uena, kantle ho Allah u ke ke oa ba le motsoalle ea u sireletsang kapa e na mothusi

[121] Haele bao Re ba nehileng Lengolo, ba bile ba le bala ka mokhoa o nepahetseng, Ruri bao ke ba kholoang ho lona. Athe haele bahana-tumelo bona, Ruri ke ba tahlehong

[122] Oho bana ba Israele! Hopolang molemo oa Ka oo ke le etselitseng oona, le kamoo ke le khethileng holim’a libopuoa tsohle

[123] Itlhokomeleng khahlanong le letsatsi leo ka lona ho se nang hoba le moea o tla phonyoha ho e meng, kapa oona mats’eliso a ke ke a amoheloa ho oona, kapa eena muelli a ke ke abale thuso ho oona; kapa hona ho thusoa

[124] Hopolang hore Abrahama Mong`a hae o kile a mo beha tekong ka litaelo tsa hae, tseo a ileng a li phetha, eaba o re (Allah): “Ruri ke u khethile hoba moetapele oa batho.” Abrahama a re: “na le ho tsoala ea ka ho tla ba le baetapele?” Allah a re: “Selekane sa Ka ha se’a kenyeletsa baetsa-libe.”

[125] Ruri Re entse ntlo (Kaaba ) ho ba sebaka sa khobokano ho batho, e bile e le ntlo ea polokeho, Ra Re: “Khethang sebaka seo Abrahama a neng a ema ho sona ha a etsa thapelo hoba sebaka sa lona sa thapelo.” Ra etsa selekane le Abrahama le Ishmaele, Ra Re: “Hloekisang ntlo ea ka sebakeng sa batla e kopela har’e, le ho batla kopanela ho eona, le ho ba inamang le hona ho ithapalatsa thapelong ka har’a eona

[126] Abrahama a hooa a re: “Mong`a ka! A k’u etse motse ona ho ba oa khotso (polokeho), u be u sitse beng ba oona ka litholoana tse lokelang ba kholoang ho Allah le ho letsatsi la bofelo, ‘Allah U ile a arabela: “Haele ba mahana-tumelo ke tla ba lesa har’a monyaka ka nakoana, joale ebe ke ba lelekella timelong ea mollo – e leng pheletso e mpe ea leeto

[127] Abrahama le Ishmaele nakong eo ba neng ba phahamisa metheo ea ntlo, Abarahama o ile a rapela jooana: “Mong`a rona! Amohela ts’ebetso ea rona.” Ruri ke uena, uena feela ea utloang tsohle, ea tsebang tsohle

[128] Mong`a rona! Re etse ba ithapalatsang thatong ea hau (Islamong), le tsoala ea rona u e etse sechaba se ithapalatsang thatong ea hau (Masolomane), u be u re bonts’e libaka tsa rona tsa thapelo, u be u retellehele ka ho rona. Ruri ke uena, uena feela ea retelehang-khafetsa, ea tletseng mohau

[129] Mong`a rona! A k’u hlahise har’a bona Moromuoa oa mohlobo oa bona, ea tla ba phetela lits’enolo tsa hau, le hona hoba ruta Lengolo le bohlale, le hona ho ba hloekisa. Ruri ke uena, uena feela ea Matla oohle, Ea Bohlale.”

[130] Ke mang ea furallang tumelo ea Abrahama haese ba silafatsang meea ea bona? Ruri Re mo khethile lefats’eng lena le ho mohloekisa, athe haele ho botlang o tla ba har’a ba lokileng

[131] Hleka! Mong`a hae a Re ho eena: “Inehele!” eaba o re: “ke inehetse ho Mong`a mafats’e.”

[132] Lena ke lefa leo Abrahama a le sietseng bara ba hae, le Jakobo o ile a etsa jooana, a re: “Oho bara ba ka! Ruri Allah U le khethetse tumelo ea ‘nete; kahoo se shoeleng thoko ho tumelo ea Islamo (boithapalatso thatong ea hae).”

[133] A le bile lipaki mohla lefu le khahlanyetsang Jakobo? Bonang! A re ho bara ba hae: “Le tla khumamela mang hoba ke ts`iruoe?” ea ba ba re: “Re tla khumamela `Mopi Oa hau, `Mopi Oa bo-ntatao, bo-Abrahama, Ishmaele le Isaaka, molimo o inotsi, etsoe re inehetse ho Eena.”

[134] Bao ke batho ba ileng khale. Tsa bona ke tseo ba li kotutseng, etsoe le lona tsa lona ke tseo le tlang ho li kotula. Ruri ha le ke ke la botsoa ka tseo ba neng ba li etsa

[135] Ba re: “Ha le batla tataiso ka nepo le be Ma-Juda kapa Ba- Keresete.” Uena e re: “Che, haele rona re latela tumelo ea Abrahama, tumelo e nepahetseng; etsoe Abrahama ha aka a kopanya melingoana le Allah.”

[136] E reng: “Re kholoa ho Allah, ho se senoletsoeng rona, se senoletsoeng Abrahama, Ishmaele, Isaaka, Jakobo, meloko, le ho se filoeng Moshe le Jesu, le se filoeng baporofeta ho tsoa ho Mong`a bona. Ha ho eo re mo khethollang har’a bona, re inehetse ho Eena

[137] Ha ba kholoa joaloka ha le kholoa, Ruri ba tseleng e nepahetseng. Empa haeba ba koeneha, joale ba har’a ba khethollang, etsoe Allah U tla u ts’ireletsa khahlanong le bona. Ruri ke eena ea utloang tsohle, le ho tseba tsohle

[138] Re fumana kolobetso ea rona ho Allah, etsoe ke mang ea ka kolobetsang hantle ho feta Allah? Ke Eena eo re mo khumamelang

[139] E re: “Re pheha khang joang ka Allah hobane ke Mong`a rona, etsoe e le Mong`a lona? Ruri mesebetsi ke ea rona, le lona ho joalo feela. Re shebile ho Eena a le mong.”

[140] Kapa le bolela hore Abrahama, Ishmaele, Isaaka, Jakobo le meloko e ne e le Ma-Juda kapa Ba-Keresete? babolelle u re: “Na le tseba ho feta Allah? “Ke mang eo e leng leoatla haese ea patang bopaki boo a bo amohetseng ho Allah? Etsoe ha se hore Allah ha a hlokolosi ka tseo ba li etsang!”

[141] Bao ke batho ba seng ba fetile khale; batla kotula litholoana tsa liketso tsa bona, tsa lona ke tseo le tla li kotula. Etsoe Ruri le ke ke la botsoa ka tseo ba neng ba li etsa

[142] Liphoqo tsa batho li tla re: “Ke eng se ba retelelitseng Qibla (jerusalema) eo pele ba neng ba lebisa lifahleho tsa bona ho eona? Ba bolelle:” Bochabela le bophirima bobeli ke tsa Allah. Etsoe u tataisetsa eo a ikhethetseng eena tseleng e otlolohileng.”

[143] Kahoo Re le entse sechaba (Ummah) se itekanetseng, e le hore le tle le be lipaki lichabeng, le eena Moromuoa e tle e be paki ho lona. Re totobalitse boemo ba Qibla eo pele le neng le e hlonepha e le hore re tle re tsebe ba latetseng Moromuoa, le ba mo koenehetseng. Ka ‘nete e bile teko e boima haese feela ba tataisitsoeng ke Allah. Empa e ne e se morero oa Allah hore tumelo ea lona e fetoha lefeela, hobane Allah U tletse Mosa, etsoe o Mohau o fetisisang ho batho

[144] Re bona ha u lelaletsa sefahleho sa hau leholimong o batla tataiso. Ruri ha joale Re tla u shebisa Qibla e tla u khotsofatsa. Ka hona reteletsa sefahleho sa hau Kaaba e halalelang, hoohle moo le leng teng, le reteletse lifahleho tsa lona nakong eo le rapelang Kaaba. Hobane Ruri haele ba amohetseng Lengolo ba ea tseba hore ena ts’enolo ke ‘nete e tsoang ho Mong`a bona. Etsoe Allah ha se hore ha a bone tseo le li etsang

[145] Le haeba ho ne ho ka etsahala hore le tlise lits’upiso tsa mefuta hobaamohetseng Lengolo, banebake kebalatela kibla ea lona kapa lona le latele kibla ea bona; etsoe lona le bathobaLengolo ho ne ho se nabatla latela kibla eababang. haeba le ne le ka latela litakatso tsa bona kamor’a hoba tsebo e finyelle ho lona, Ruri le ne le tla be le le har’a baetsa-libe

[146] Haele bao Re ba nehileng Lengolo ba tseba ts’enolo ena joaloka ha ba tseba bara ba bona. Empa karolo e ‘ngoe ea bona e pata ‘nete eo ba e tsebang hantle

[147] ‘Nete e tsoa ho Mong`a hau, u se be le khoao

[148] Mong le mong o na le ntlha ea Allah a moo tataisetsang teng; ka hona tsohang molota ka ho etsa tse lokileng. Hoohle moo le leng teng, Allah U tla le khobokanya. Hoba Allah U na le matla ho tsohle

[149] Ho tloha sethathong nako eohle lebisa sefahleho sa hau Qibla e halalelang. Ruri sena ke ‘nete etsoang ho mog’a hau. Etsoe Allah ha se hore ha a bone tseo u li etsang

[150] Ka linako tsohle lebisa sefahleho sa hau kibla e halalelang; hohle moo le leng teng le lebise lifahleho tsa lona hona teng ha le rapela, e le hore batho ba tle ba se ke ba le phehisa khang haese ba khopo – ka hona le se ba ts’abe, empa le ts’abe ‘Na! – e le hore ke tle ke phethahatse lereko la ka holim’a lona, le hore le tle le be tataisong

[151] Joaloka ha re se re ile ra romella moromuoa ho lona oa mohlobo oa lona, ea le phetetseng lits’enolo tsa rona, le hona ho le hloekisa, abaa le ruta Lengolo le bohlale, etsoe u le rutile seo le neng le sa se tsebe

[152] Ka lebaka leo le nkhopole; le ‘Na ke tla le hopola. Le be le ntebohe, le se be mahana-tumelo

[153] Oho lona ba kholoang! Batlang thuso ka mamello le thapelo. Hobane Allah U na le ba mamellang

[154] Le se ke la bitsa ba shoetseng tseleng ea Allah “bafu.” che, baea phela, le mpa feela le sa elelloe

[155] Ruri re tla le leka ka se seng sa letsoalo le tlala, le tahlehelo ea thepa, le maphelo a lona, le lijalo; empa le fane ka litaba tse molemo ho ba tsitlalletseng ka mamello

[156] Ho bao e reng ha ba oetsoe ke koluoa e be ba re: “Ruri re ba Allah, etsoe poelo ea rona e ho Eena.”

[157] Bana ke bao litlhohonolofatso le mohau li tsoang ho Mong`a bona sebakeng sa bona. Ruri bana ke ba tataisong e nepahetseng

[158] Ruri! Ka lebaka leo Safa le Marwa li har’a lits’upiso tsa Allah. Ka lebaka leo ha hona sebe ho baka etsang bosepeleli ho ea ntlong ea Allah (Kaaba) kapa hona ho e chakela, ha ba ka li etsetsa lesakana-la – nkope; haeba hona le ea ka etsang botle molemong oa hae, Ruri Allah ke Eena ea Hlokolosi ea tsebang

[159] Haele ba patang bopaki le tataiso tseo re li senotseng, kamor’a hoba re li hlakise ka Lengolong: “Thohako ea Allah e holim’a bona, etsoe ba rohakehile le ho ba nang le matla a ho rohakana.”

[160] Kantle le ha ba ka baka, ba inyatsa le hona ho pakahatsa ‘nete: Ho bona Ke Ea khutlela. Ke khutla – khafetsa, etsoe Ke tletse Mohau

[161] Haele mahana-tumelo ona, a be a shoe a e hloka; thohako ea Allah e holim’a bona, ea manyeloi le ea batho bohle

[162] Ba tla phela thohakong ka hosafeleng: kotlo ea bona e ke ke ea bebofatsoa, kapa hona ho chechisoa

[163] Allah U inotsi; ha ho molimo e mong ntle eena, Ea Lereko le fetisisang, ea tletseng mohau

[164] Hlokomelang! Haele tlholehong ea maholimo le lefats’e, le phapanyetsanong ea bosiu le mots’eare, le likepe tse sesang leoatleng ka seo se nang le molemo ho batho, le lipula tseo Allah A li romelang lefats’eng ho tsoa marung, eo ka eona A tsosang lefats’e le neng le shoele, le ho hasana h’a linyamatsane ka mefuta lefats’eng, le pheto-phetoho ea liphefo, le maru a phetheselang lipakeng tsa leholimo le lefats’e: Ruri tsena ke lits’upiso tsa puso ea Allah ho batho ba nang le kelello

[165] Empa har’a batho ho teng ba iketsetsang melingoana eo ba e lekanyang le Allah: ba e rata joalo ka ha ba lokela ho rata Allah feela, – empa haele lerato la ba kholoang le ea khaphatseha ho Allah – oho, hoja baetsa – libe ba ne ba tsebile, mohla letsatsi leo batla beng ba bona kahlolo, ba ne batla tseba hore matla oohle ke’a Allah, le hore kotlo ea Allah e boima

[166] Mohla letsatsi leo ba neng ba setsoe morao ba tla itlhotlholla ho bo-mphato`a bona, ba be ba bone kotlo, le maqhama a teng lipakeng tsa bona a tla khaoha

[167] Empa ba neng ba latela ba tla re: “Hoja re ne re tla bal e monyetla o mong, re ne re tla ikarohanya ho bona jaoloka ha ba ikarohantse le rona. Ke ka mokhoa oo Allah a tla ba bonts’a liketso tsa bona joaloka boinyatso ho bona, etsoe ha ho kamoo b aka pholohang mollong oo

[168] Oho batho! Ejang tsohle tse molaong le tse mathe maloli lefats’eng, le se latele mehato ea ea mobe. Hobane Ruri ho lona ke sera se pepenene

[169] O le laela feela tse mpe le tse bolileng, le hona hore le buoe seo le sa se tsebeng khahlanong le Allah

[170] Ha hothoe ho bona: “salang morao se senotsoeng ke Allah,” Ba re: “che! Re latela seo re fumanang bo-ntata rona ba se latela.” Eng! Le ha bo-ntata bona ba ne ba sena bohlale le tataiso ho hang

[171] Papiso ea mahana-tumelo e ts’oana le ea molisana oa lipoli ea hoelehetsang lintho tse sa utloeng le letho empa hona ho hoeletsa le ho lla. Ke litholo, limumu le lifofu, ha bana tlhalohanyo

[172] Oho lona ba kholoang! Ejang tse molemo tseo re le sitsitseng ka tsona, le be le fane ka liteboho ho Allah, haeba ke eena eo le mo khumamelang

[173] Haele tse shoeleng, bobete le nama ea kolobe, le nama e hlabiloeng ka lebitso le leng kantle ho la Allah U le hanetse ka tsona. Empa haele ea khanniloeng ke mabaka, e se ka lebaka la ho roba molao le hona ho tlola meeli e laetsoeng; ho eena sebe ha se na hoba teng. Hobane Allah U ts’oarela-khafetsa, etsoe o tletse mohau

[174] Haele bapatang Lengolo leo Allah a le senotseng, ba bile ba ithekela ka lona kuno e eisehang, ha ho seo ba se koenyang haese mollo. Ha ho seo Allah a ka se buoang le bona mohla letsatsi la tsoho, kapa hona hoba hloekisa. Kotlo ea bona ke e mahlonoko

[175] Bao ke ba ithekelang phoso ka theko ea tataiso, le eona tubeho ka theko ea ts’oarelo. Khele! Sebete sa bona ke se se ka kang sa ho tsomana le mollo

[176] Sekhobo sa bona ke hobane Allah U senotse Lengolo la ‘nete. Ruri haele ba tsomanang le mabaka a likhang ka har’a Lengolo ho pepenene hore ba ea khetholla

[177] Ha se hore ho lokile ho lona ho ka lebisa lifahleho tsa lona bochabela kapa bophirima; empa ho ba le toka ke hore le be le tumelo ho Allah, le ho letsatsi la bofelo, manyeloi, Lengolo le halalelang, Baporofeta; le hona ho fana ka seo le nang le sona leratong la Allah, le ho beng ka lona, le ho likhutsana, le ho ba hlokang, le ho bahahlaoli, le ho ba kopang, le ho rekela makhoba bolokolohi, le hona ho tsitlallela lithapelong ekasitana le ho fana ka linyehelo. Ho phethahatsa lits’episo tseo le li entseng, le ho ba le mamello mathateng, mats’oenyehong le har’a lifaqane. Ruri bao ke ba nang le ‘nete sebele, ba bile ba ts’aba Allah

[178] Oho lona ba kholoang! Molao oa tekano le o totobalelitsoe linyeoeng tsa lipolaeano; balokolohi ho balokolohi, lekhoba ho lekhoba, mosali ho mosali. Empa haeba ts’oarelo e ka etsoa ke moena oa ‘molauoa, ho latela kahlolo; (‘molai) a fane ka mats’eliso a lumellehang ho eena. Ena ke qenehelo le mohau o tsoang ho Mong`a lona. Empa ea tla tlola meeli ka morao ho sena kahlolo ea hae e tla ba e mahlonoko

[179] Oho batho ba kutloisiso ho teng bophelo sebakeng sa lona molaong oa tekano, e le hore le tle le sesefe bobe

[180] Le totobalelitsoe hore haeba e mong oa lona a se a le makhatheng a lefu, a siea lefa; o ts’oanela ho le abela batsoali le beng ka eena ba haufi ka mokhoa o nepahetseng. Ruri ena ke ts’ebetso ho bohle ba sesefang bobe

[181] Ea tla fetola lefa leo kamor’a hoba a le tsebe, sebe se teng moo se tla ba holim’a eo ea entseng phetoho eo. Ruri Allah U utloa tsohle, o tseba tsohle

[182] Empa ha ho le teng ea ts’abang ts’ekamelo kapa ho etsa bobe hoa ‘maballi oa lefa, e be o kena lipakeng tsa mahlakore a mabeli ho bopa khotso; ho eena sebe ha se na hoba teng. Ruri Allah U ts’oarela-khafetsa, etsoe mohau oa hae o oa khaphatseha

[183] Oho lona ba kholoang! Le totobalelitsoe boitimo (ho ila), joaloka ha bo ile batotobatsoa ho ba bileng teng pele ho lona, e le hore le tle le sesefe bobe

[184] Boitimo ba matsatsi a baliloeng; empa haeba ho le teng ea kulang har’a lona, kapa a le leetong, o ts’oanela ho phethisa boitimo ba matsatsi a laetsoeng ha a se a le boemong bo nepahetseng. Haeba hona le ba hlolehang ho itima (maqheku le batsoetse), chelete e teng: ba ka fepa motho a le mong ea hlokang; empa haeba le rata ho fetisa moo ka thato ea lona, seo se molemo ho lona: etsoe boitimo bo molemo ho lona hoja le ne le tseba

[185] Ramadan ke kheoli eo Koran e senotsoeng ka eona, e le tataiso ho batho, e bile e le lits’upiso tse hlakileng tsa tataiso le kahlolo (ts’iea) lipakeng tsa botle le bobe. Kahoo e mong le e mong ea teng lapeng ka khoeli ena a e qete a le boitimong, haeba e mong oa lona a kula, kapa a le leetong, ha a se a le boemong bo lokileng a phethise boitimo ba matsatsi a laetsoeng. Allah U le lakaletsa botle; e seng ho le beha bothateng. O lakatsa ha le ka phethisa nako e laetsoeng, le hona ho mo rorisa ka ho le tataisa. Kamohlomong le tlabale teboho e khaphatsehang

[186] Ha makhabunyane a ka a ka u botsa ka ‘na, Ruri ke haufi. Ke mamela thapelo ea morapeli ka mong ha a bitsa ho `Na. Ka hona balokolle ho mamela pitso ea Ka, ba be ba lumele ho beha ts’epo ea bona ho ‘Na, e le hore ba tle ba tataisoe ka nepo

[187] Ruri ho molaong ho uena ho ka atamela basali ba hau bosiung ba boitimo. Ke likobo tsa hau, le uena u likobo tsa bona. Allah U hlokolosi hore u ne u ipehile tekong ka bo-uena, eaba o khutlela ho uena ka mohau, o ile a u ts’oarela. Ka hona robala le bona, u be u batle seo Allah a u abetseng sona; u je u be u noe ho fihlela mafube a bonala ho uena ho tsoa lerothong la meso. Joale e be u phethisa boitimo ba hau ho fihlela phirimana, u se ba ame ho hang; empa u be boikhutsong ka tlung ea thapelo (masjid). Ena ke meeli e laetsoeng ke Allah, kahoo u se ba atamele. Ke kamoo Allah a totobalitseng lits’upiso tsa hae ho batho, e le hore battle ba sesefe bobe

[188] Empa le se ke la ja maruo a lona lekeme-keme le le bang boikhabong, kapa la batla ho hohela baahloli ka oona, e le hore le tle le je maruo a ba bang ha mpe ka boikemisetso

[189] Ba u botsa ka ho toloka ha lingoeli. E re: “Tsena ke lits’upa nako tse tletseng bakeng sa batho, le ho basepeleli. Ha ho ea loka ho lona hore le ka kena ka liotloana tse kamorao matlo a lona, joaloka barapeli ba melingoana ka linako tse ling; empa motho ea lokileng ke eo ea sesefang bobe. Ka hona kenang malapeng a lona ka liheke tse tloaelehileng, le be le hlokomele ts’ebeletso ea lona ho Allah, e le hore le tle le atlehe

[190] Loants’ang ba khahlanong le lona tseleng ea Allah, empa le se simolle boits’oaro bo bobe. Hobane Allah ha a rate ba tloli ba molao

[191] Le ba bolae hohle moo le ba fumanang, le ba phalalise libakeng tseo ba ileng ba le phalalisa ho tsona, hobane khatello e mpe ho feta ho fenetha. Empa le se ke la ba loants’etsa pela Kaaba e halalelang ho fihlela e ka ba bona ba le tsometsang ho eona, haeba ba ka le tsometsa moo le ba bolae. O joana moputso oa botlhoka-tumelo

[192] Empa haeba ba emisa ka lintoa, ba tsebe hore Allah U ts’oarela- khafetsa

[193] Le ba loants’e ho fihlela khatello e felile, toka le tumelo e le tsa Allah. Empa haeba ba khaotsa, lits’okelano li be sieo kantle ho ba nts’etsang khatello pele

[194] Tsa khoeli ea tlhekelo e be tsa khoeli eo, le tsohle tse hanetsoeng, ho na le molao oa tekano. Athe haele ea ka le hlaselang, le mo hlasele ka mokhoa o ts’oanang. Ka hona hlokomelang ts’ebeletso ea lona ho Allah, le be le tsebe hore Allah U na le ba sesefang bobe

[195] Le nyehele seo le nang le sona tseleng ea Allah, etsoe le se lumelle matsoho a lona ho le isa timelong; le etse tse lokileng. Hobane Allah U rata ba etsang botle

[196] Phethisang bosepeleli (Hajj), le hona ho chakela Makka (Umrah) ts’ebeletsong ea Allah. Empa haeba le ka sitoa ho nka leeto le joalo, romelang ke hona linyehelo kamoo le ka khonang ho latela boiphihlelo; le se beole lihloho pele linyehelo li finyella nqalong ea sehlabelo. Haeba har’a lona hona le ea kulang kapa a ena le liso hlohong, o ts’oanela ho fana ka mats’eliso a boitimo, kapa a etse nyehelo, kapa a etse sehlabelo. Ha a se a le maemong a khotsofatsang, ebang a ikutloa ho nts’etsa umrah ho isa ho hajj, o ts’oanela ho etsa nyehelo ho latela boiphihlelo boo a nang le bona. Empa ha a se na bokhoni (ba nyehelo), o tlameha ho itima ka matsatsi a mararo nakong ea hajj, le matsatsi a supileng ho khutleng hoa hae; e leng matsatsi a leshome kaofela. Ke sebakeng sa bao malapa a bona a seng tikolohong ea kaaba e halalelang. Ka hona hlokomelang ts’ebeletso ea lona ho Allah, le tsebe hore kahlolo ea Allah ke e mahlonoko

[197] Likhoeli tsa bosepeleli li’a tsebahala, haeba hona le ea ba tlang ho phethisa bosepeleli nakong eo, a hopole hore leetong le joalo ha ho hlokahale bobe, kapa bona bokhopo, kapa hona ho phehisana likhang. Botle bohle boo le bo etsang Ruri Allah U bo tsebile. Ka hona iketsetseng mofao; empa mofao o molemo ke boits’oaro bo botle. Lona batho ba kutloisiso hlokomelang ts’ebeletso ea lona ho ‘Na

[198] Ha hona sebe haeba le batla matlotlo ho Mong`a lona ka khoebo. Nakong eo le theohang ka bongata leralleng la Arafat, le rorise Allah seemahaleng se halalelang. Le mo rorise joaloka ha A le tataisitse, le hoja pele ho mona le ne le le har’a ba khelohileng

[199] Joale le suthe ka potlako sebakeng seo mats’oele-ts’oele a eng a suthele ba bang, le be le kope ts’oarelo ea Allah. Hobane Ruri Allah U ts’oarela-khafetsa, e bile mohau oa Hae o ea khaphatseha

[200] Ha le se le phethile merero ea lona ea thapelo, joale le rorise Allah joaloka ha le ne le rorisa bo-ntata lona, ka lipelo tsohle. Har’a batho ho teng ba reng: “Mong`a rona! A k’u re fe matlotlo lefats’eng lena,” athe haele ho botlang ha ba na karolo

[201] Ho teng batho ba reng: “Mong`a rona! A k’u re fe tse molemo lefats’eng lena, le ho bo tlang. U be u re pholose timelong ea Mollo.”

[202] Sebakeng sa bona ho teng meputso kathoko ho eo ba e kotutseng. Ruri Allah U akofela tefong

[203] Rorisang Allah matsatsing a khethehileng, empa haeba hona le ea ka potlakelang ho tsamaea kamor’a matsatsi a mabeli, ho eena ha hona sebe, etsoe le ho eo ea tla mamella sebe ha seeo ho eena; sena ke sebakeng sa ba sesefang bobe. Ka hona hlokomelang ts’ebeletso ea lona ho Allah, le be le tsebe hore Ruri le tla bokelleloa ho Eena

[204] Har’a batho ho teng eo lipuo tsa hae ka bophelo ba lefats’e lena li ka u khahlang, a be a bitse Allah ho ba paki ka seo se ka pelong ea hae; le hoja le eena e le sera se seholo

[205] Ha a u furalla boikemisetso ba hae lefats’eng ke ho baka mofere-fere, le ho senya lijalo le makhomo; empa Allah ha A rate mofere-fere

[206] Ha ho thoe ho eena: “Hlokomela ts’ebeletso ea hau ho Allah,” e be boikhants’o ba hae bo mo khannela sebeng. Lihele li mo lekane, Ruri eleng sebaka se sebe ho ka phomola ho sona

[207] Har’a batho ho teng ea fanang ka bophelo ba hae moo a shebileng ho una monyaka oa Allah; Allah U khaphatseha lerato ho makhabunyane a Hae

[208] Oho lona ba kholoang! Kenang Islamong ka pelo tsohle; le se latele mehato ea ea mobe. Hobane ho lona ke sera ka boikano

[209] Empa ha le ka koeneha kamor’a hoba lits’upiso tse hlakileng li honyelle ho lona, joale le tsebe hore Allah U Matla Oohle, O Seli

[210] Ana hona le seo base emetseng haese ho emela Allah ho tla ho bona ka sekhurumetso sa maru a tehetsoeng har’e ke manyeloi? Joale e be ke hona linyeoe li tla beng li ahlotsoe. Athe linyeoe tsohle li boela ho Allah ho ea ahloloa

[211] Botsang bana ba Israele hore na ke ha kae Re banehileng lits’upiso tse hlakileng! Haele ea fetotseng mohau oa Allah kamor’a hoba o honyelle ho eena; sebakeng sa hae, Allah U potlakela kahlolong

[212] Bophelo ba lefats’e lena bo ntlafalitsoe sebakeng sa mahana- tumelo; ba bile ba soma ba kholoang. Empa haele ba hlomphang Allah ba bile baitlhokomoloha tseo a lihanatseng, ba tla ba okamela mohla letsatsi la tsoho. Etsoe Allah U fana kantle ho khoao ho eo a mo ratang

[213] Batho e ne e le sechaba se le seng, eaba Allah U se romella Baporofeta ka litaba tse molemo, e bile e le bahlokomelisi; eaba O ba senolela Lengolo le ‘neteng ho tla tla ahlola lipakeng tsa bona khahlanong le seo ba hananang ka sona. Empa ke ba amohetseng Lengolo feela ba khahlanong le lona, kamor’a hoba lits’upiso tse hlakileng li finyelle ho bona, ka ho monelana. Eaba Allah ka thato ea hae o tataisetsa ba kholoang ‘neteng khahlanong le seo ba hananang ka sona. Etsoe Allah U tataisetsa eo a mo ratang tseleng e otlolohileng

[214] Kapa le nahana hore le tla kena Paradeising le sa ka la fumana teko e ts’oanang le’a ba bileng teng pele ho lona? Ruri ba kile ba oeloa ke ts’otleho le tubeho, ba ile ba tsokotseha sa lefats’e le reketla, ho fihlela moromuoa oa Allah le ba nang le tumelo ba re: “thuso ea Allah e tla fihla neng?” Ruri thuso ea Allah e haufi

[215] Ba u botsa hore na ba etse nyehelo e kae. E re: “seo le se nyehelang ka moea o motle, se ts’oanela ho ea ho bats’oali, le beng ka lona ba haufinyane, ho likhutsana, ho bahloki, le bahahlaoli. Botle bohle boo le bo etsang, Ruri Allah U hlokolosi ho bona

[216] Ntoa le e laetsoe, le hoja le e hloile; empa ho ka etsahala hore le hloee ntho e le loketseng, kapa ho etsahale hore le rate ntho e mpe ho lona. Ruri ke Allah ea tsebang, lona ha le tsebe

[217] Ba u botsa ka ho loana khoeling ea tlhekelo. E re: “Ntoa khoeling ena ke tlolo ea molao e mpehali, empa haele ho thibela batho tseleng ea Allah, le ho se lumele ho Eena, le ho Kaaba e halalelang, le hona ho phalalisa makhabunyane a hae kamoo, ke phoso e kholohali mahlong a Allah; hobane khatello e mpe ho feta lipolaeano. Ebile ba ke ke ba khaotsa ho le loants’a ho fihlela ba le sokolotse tumelong ea lona haeba ba ka atleha. Haele ba tla sokolohela tumelong ea bona ba be ba shoe bahloka tumelo; mesebetsi ea bona e ke ke ea beha litholoana tse molemo lefats’eng lena le ho botlang. E tla ba balekane ba mollo: ba tla phela ho oona ka ho sa feleng

[218] Ruri ba khotsoeng, le ba ileng ba phaphatheha, ba tsitlallela tsela ea Allah; ba na le ts’epo Mohaung oa Allah. Allah U ts’oarela-khafetsa, Mohau oa Hae o oa khaphatseha

[219] Ba u botsa ka joala le mak’hasa. E re: “bobeling ba tsona ho teng sebe se seholo, le hoja li na le kuno e itseng ho batho; empa sebe sa tsona se feta molemo oa tsona.” ba u botsa ka seo ba ts’oanelang ho se senyeheloa. E re: “Se tla le salla kamor’a hoba le nts’e litlhoko tsa lona.” ke ka mokhoa oo Allah a le hlakisetsang lits’enolo tsa hae, e le hore le tle le inahane –

[220] Bophelong ba lefats’e lena le bo tlang. Ba u botsa ka likhutsana. Araba: “se molemo ke ho ba le toka thepeng ea bona. Haeba le ka kopanya litaba tsa lona le tsa bona, Ruri ke bana ba bo lona. Etsoe Allah U tseba hantle ka eo ea fehlang mofere-fere ho eo ea ba nanabelitseng. Hoja e be Allah U ne a ratile a ka be a le kentse mathateng. Hobane Ruri Allah U Matla Oohle, O Seli.”

[221] Le se ke la nyalana le basali ba khumamelang lits’oants’o ho fihlela ba lumetse; hobane lekhoba la mosali le kholoang le molemo ho feta mosali ea khumamelang lits’oants’o le haeba a ka u khahlisa; ebile le se ke la nehelana ka barali ba lona ho nyalana le banna ba khumamelang lits’oants’o ho fihlela ba lumetse, hobane lekhoba la monna le kholoang le molemo ho feta le sa lumeleng le haeba le u khahlisa. Hobane Ruri ba na ba le hohella mollong, athe Allah U le memela Serapeng, le ts’oarelong ka lereko la hae, Ruri ke kamoo Allah a hlakisitseng lits’enolo tsa hae ho batho, e le hore ba tle ba mo rorise

[222] Ba u botsa ka linako tsa basali (e leng tsa seila). E re: “hoo ke sesila, ka hona tlohang ho basali linakong tse joalo, le se ba atamele ho fihlela bahloekile. Empa kamor’a ho ba ba itlhoekise, le ka ba atamela joaloka ha Allah a le laetse. Ruri Allah U rata ba khutlelang ho eena, ebile o rata ba itlhokomelang le bohloeki

[223] Basali ba lona ke masimo a lona ho ka lema, ka hona e eang masimong a lona ka nako efe kapa efe, le etse liketso tse ntle sebakeng sa meea ea lona, le be le ts’abe Allah, hobane le tsebe hore ka letsatsi le leng le tla kopana le eena. Fana ka litaba tse molemo ho ba kholoang

[224] Le se fetole lebitso la Allah morita-oke boikanong ba lona ha le sitoa ho etsa botle, le hona ho hlokomela ts’ebeletso ea lona ho Eena, le hona ho ka bopa khotso har’a botho. Ruri Allah U utloa, le ho tseba tsohle

[225] Allah A ke ke A le ahlolela booatla ba lona ba boikano. Empa o tla le ahlolela boikemisetso bo ka lipelong tsa lona. Hobane Allah U ts’oarela-khafetsa, e bile O mamello e fetisisang

[226] Haele ba etsang kano ea ho se ame basali ba bona, bats’oanela ho ema likhoeli tse nne; empa haeba baits’ola kanong ea bona, Ruri Allah U ts’oarela-khafetsa, etsoe o tletse Mohau

[227] Haeba boikemisetso ba bona bo its’etlehile tlhalanong; ba hopole hore Allah U utloa tsohle, U tseba tsohle

[228] Haele basali ba hlaliloeng bona, ba ts’oanela ho emella kathoko nako ea likhoeli tse tharo. Ha se toka ho pata se hlotsoeng ke Allah ka lipopelong tsa bona haeba ba kholoa ho Allah le ho letsatsi la bofelo. Banna ba bona ba tla be ba entse hantle haeba ba ka boelana le bona, haeba ba lakatsa poelano. Etsoe basali le bona bana le litokelo tse ts’oanang le tsa banna ho latela litumellano, le hoja banna ba ntse ba ba okametse. Ruri Allah U matla Oohle, O Seli

[229] Tlhalano e ts’oanela ho etsoa ha beli, joale e be mosali o amoheloa ka tlhompho, kapa a lokolloe ho latela litumellano tse amohelehang. Etsoe ha ho molaong ho lona (banna) ho ka kuka thepa eo le neng le ba file eona; kantle le haeba bobeli bo ts’aba hore bo ke ke ba boloka meeli e laetsoeng ke Allah. Haeba lona (baahloli) le ts’aba hore ba ke ke ba boloka meeli e laetsoeng ke Allah, ha hona sebe bobeling haeba mosali a fana ka mats’eliso a ho itokolla. Ena ke meeli e laetsoeng ke Allah. Ka hona le se e tlole. Hobane haele ba tla tlola meeli ea Allah: Ruri bona e tla be e le baetsa-phoso

[230] Haeba monna a hlala mosali lekhetlo la boraro, mosali eo ha a sa le molaong ho eena kamor’a mona, ho fihlela mosali a nyalana le monna o sele. Haeba monna eo le eena a hlala mosali eo, ha hona sebe lipakeng tsa bona haeba ba ka boelana hape, ba ikutloa hore ba tla boloka meeli e laetsoeng ke Allah. Ena ke meeli e laetsoeng ke Allah. O e hlakiselitse batho ba nang le kelello

[231] Haeba le hlala basali ba lona, ba se ba phethisitse kilo ea bona (‘iddat), joale ba amoheleng ka litumellano tse mofuthu, kapa le arohane le bona ka mofuthu. Empa le se ke la boelana le bona ho tla tla ba utloisa bohloko hobane le tla be le tlola meeli. Athe haele ea tla etsa joalo o tla be a foselitse moea oa hae. Le se ke la tlaela ka lits’enolo tsa Allah ho latela boits’oaro, empa le hopole lereko la Allah holim’a lona, le bohlale, le Lengolo leo a le senoletseng lona ho tla tla le ruta. Kahoo hlokomelang ts’ebeletso ea lona ho Allah, le be le tsebe hore Ruri Allah U hlokolosi holim’a lintho tsohle

[232] Haeba le hlala basali ba lona ba se ba phethisitse kilo ea bona, le se ba bakele mathata haeba ba boelana le banna ba bona ba pele, haeba bobeli ba lumellana ka mokhoa o amohelehang. Ena tlhahiso leseling ke’a bakholoang ho Allah le ho letsatsi la bofelo har’a lona. Etsoe sena se molemo o fetisisang ho lona, ebile se le hloekisa. Ke Allah ea tsebang, lona ha le tsebe letho

[233] Batsoetse ba ts’oanela ho nyants’a masea a bona lilemo tse peli tse tletseng; sena ke sebakeng sa ba laba-labelang ho phethisa kanyeso. Ntata ngoana o tla jara lits’enyehelo tsa lijo le liphahlo tsa bona ka mokhoa o amohelehang. Ha ho ea tla jarisoa mojaro o mo sitang. `ma’ea ngoana le ntata’e ha ba ts’oanele ho sotleha ka lebaka la ngoana oa bona. Le mojalefa o tla sebetsoa ka mokhoa o ts’oanang. haeba bobeli ba lakatsa ho khoesa ngoana ka litumellano, kamor’a litumellano tseo ha hona sebe ho bona; etsoe haeba le lakatsa ho batla ‘-monyants’etsi sebakeng sa bana ba lona, le teng ha hona sebe ho lona; ha feela eba le tla lefa ‘-monyants’etsi seo le se ballaneng ka litumellano tse amohelehang. Ka hona hlokomelang ts’ebeletso ea lona ho Allah, le be le tsebe hore Allah U bona tsohle tseo le li etsang

[234] Ba shoang ba sie bahlolohali; bahlolohali ts’oanela ho ila likhoeli tse nne le matsatsi a leshome. Ha ba se ba phethisitse kilo ea bona ha hona sebe ho lona ha le ka ba lokollela litokelo tsa bona ka nepahalo. Etsoe Allah U tsebisisa hantle tseo le li etsang

[235] Ha hona phoso ho lona ha le ka iketa bahlolohaling bao, kapa la boloka cheseho eo ka likelellong tsa lona. Allah U ea tseba hore le tlabale cheseho ho bona. Empa le se ke la iketa ho bona lekunutung haese ka litumellano tse hlomphehang. Le se ke la potlakela tlamahano ea lenyalo ho fihlela nako ea tumellano e phethiloe. Le be le tsebe hore Allah U tsebile seo se ka likelellong tsa lona, joale mo hlompheng; le be le tsebe hore Allah U ts’oarela-khafetsa, o mamello e fetisisang

[236] Ha hona sebe ho lona haeba le hlala basali le eso ba ame, kapa le eso phethahatse lipallano tsa mahali. Empa ba lefeng; morui ho latela boriu ba hae, le mofutsana ho latela bofutsana ba hae ka tefo e amohelehang. Ena ke ts’ebeletso e tlamellang ho ba etsang botle

[237] Haeba le ba hlala pele le ba ama, empa e se e le kamor’a litumellano tsa mahali; ka hona ba lefeng karolo ea seo le neng le lumellane ka sona, kantle le haeba ba ka e hana (basali), kapa eena monna eo ea hlalang a e hana; joale e be o e lefa kaofela. Tatolo e joalo ke katamelo e kholo ho toka. Le se lebale bolokolohi har’a lona. Hobane Allah U bona tsohle tseo le li etsang

[238] Le boulelle thapelo tsa lona ka tieo, haholo-holo thapelo e bohareng (Asr); le eme kapel’a Allah ka khalalelo

[239] Haeba le tsamaea ka letsoalo (le ts’aba sera), rapelang le eme, kapa le ntse le kaletse lipere. Ha le se le le ts’ireletsong, rorisang Allah; ka mokhoa oo a ileng a le ruta oona, oo pele le neng le sa o tsebe

[240] Ba shoang ba siea bahlolohali; ba tlameha ho siela bahlolohali lefa le tla lekana selemo kantle le hore ba lelekoe, haeba ba tsamaea ka boikhethlo, ha hona sebe ho lona ha ba itaola ka litokelo tsa bona. Hobane Allah U matla Oohle, O Seli

[241] Basaling ba hlaliloeng, tlhokomelo e lekaneng ke tlameho ho ba nenang bobe

[242] Ke kamoo Allah a le hlakisitsang litemana tsa hae, hore le tle le utloisise

[243] Ha u ka oa bonaba sieang malapa a bona ka likete-kete moo ba ts’abang lefu. Allah a re ho bona: “shoang,” eaba o ba phelisa hape. Ruri Allah mohau oa Hae o ea khaphatseha ho batho, empa boholo babatho ha bo na liteboho

[244] Loanelang tsela ea Allah, le be le tsebe hore Allah U utloa, O tseba tsohle

[245] Ke mang ea ka alimang Allah kalimo e ntle, e le hore Allah a tle a e khutlise e menahane ka makhetlo-khetlo? Ruri phokotso le keketso li tsoa ho Allah. Etsoe poelo ea lona e ho eena

[246] Ha hotle tlhokomelong ea hao ka sehlopha sa bana ba Israele kamorao ho Moshe. Bana ba Israle ba re ho Moporofeta: “Re hlomamisetse morena, re tle re tsebe ho loanela tsela ea Allah.” Eaba o re: “ha se moo e tla re ha le laeloa ho loana e be ha le loane na?” ba araba ka hore: “re ke keng ra loanela tsela ea Allah joang haele moo re phalalisitsoe malapeng a rona le bana ba rona?” Joale e itse hoba ba laeloe ho loana, eaba ba ea koeneha kaofela haese ba’maloa feela har’a bona. Ruri Allah U hlokolosi ka baetsa-libe

[247] Eaba Moporofeta o re: “Allah U khethile saule hoba morena oa lona.” Eaba ba re : “Saule a ka bale matla a puso joang holim’a rona, empa rona re na le bokhoni bapuso ho mo feta, a sa leruo le lekaneng?” Moporofeta a re: “Ruri Allah U mo khethile holim’a lona, o mo ekelelitse matlotlo a bohlale le matla a le. Allah U sitsa eo a ikhethetseng eena ka puso ea hae. Etsoe Allah U hlokomela bohle, U tseba lintho tsohle

[248] Moporofeta a re ho bona: “Ruri sesupo sa puso ea hae ke sena, ho lona ho tla tla areka ea selekane eo ka har’a eona ho nang le tiisetso ea khotso e tsoang ho Mong`a lona, le likhopotso tse seiloeng ke Moshe le Aarone, e tla be e jeroe ke manyeloi. Ruri sena e ke sesupo haeba le a kholoa.”

[249] Saule ha a futuha le mabotho a hae, a re: “Ruri Allah U tla le beha tekong molatsoaneng. Ebang e mong oa lona a ka noa metsi a oona, ha a na hoba le ‘na, empa haele ea sa tlo a latsoa Ruri o na le ‘na, haese ea tla a habola ka seatla. Efela ba noele kaofela, haese ba ‘maloababona. Eare hoba a ts’ele molatsoana le ba kholoang, ba re: “Letsatsing lena ha re na matla khahlanong le Kholeatha le mabotho a hae.” empa haele baneng ba tsebile hore ba tla kopana le Mong`a bona, ba ile ba re: “ke ka makhetlo a ma kae lebotho le lenyenyane le ileng la fekisa lebotho le leholo ka thato ea Allah? Ruri Allah U na le ba tsitlallelang.”

[250] Ha ba eea thulana le Kholeatha le mabotho a hae, ba rapela ba re: “Mong`a rona! A k’u re sitse ka tiisetso, u be u tihise mehato ea rona, le hona ho re thusetsa khahlanong le mahana- tumelo.”

[251] Ba ba fekisa ka thato ea Allah, Davida a bolaea Kholeatha; Allah a neha Davida matla a puso le bohlale, a mo ruta tsohle tseo a neng a li rata. Hoja Allah a se ke a fenya sehlopha se seng ka se seng, lefats’e le ka be le tletse mofere-fere. Empa Allah U mosa o khaphatsehang ho libopuoa tsa hae

[252] Ruri tsena ke lits’upiso tsa Allah tseo re u phetelang tsona ka ‘nete, etsoe Ruri-Ruri u teng palong ea baromuoa ba Rona

[253] Baromuoa bao, Re entse hore ba bang ba fetane ka lineo; ho e mong oa bona Allah U kile a buoa, athe ba bang ba bona O ile A ba phahamisetsa holim’a ba bang sehlohlolong sa litlotliso; eaba Re neha Jesu mora oa Maria lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah, ra ba ra mo matlafatsa ka moea o halalelang. Hoja Allah U ne a ratile, meloko e hlahlamang eo e ka be e sa loants’ana bo-eona kamor’a hoba lits’upiso tse hlakileng li finyelle ho bona. Empa ba ile ba fapana hoba ba bang e ne e le ba kholoang, ba bang e le banyefoli ba tumelo. Hoja Allah U ne a ratile, ba ke be ba sa loants’ana bo-bona; empa Allah U entse seo A se ratang

[254] Lona ba kholoang! Sebelisang matlotlo ao re le abetseng oona, hobane letsatsi le’a tla leo ka lona ho senang hoba le khoebisano, kapa setsoalle, kapa eona puello. Athe haele bo- tlhoka-tumelo Ruri bona ke baetsa-phoso

[255] Ha ho molimo ee mong kantle ho Allah, ea phelang, Rabosafeleng. Ha A ts’oaroe ke boroko e bile ha A robale. Tsohle tse leholimong le lefats’eng ke tsa Hae. Ke mang ea ka its’unya-ts’unyang ho bo-teng ba Hae haese feela eo A mo lumeletseng? O tseba tse kapel’a bona, le tse kamor’a bona, etsoe ba ke ke ba fihlela letho la tsebo ea Hae haese ka thato ea Hae. Terone ea Hae e kenyelelitse maholimo le lefats’e, ha A khathale ho li lebela. Ke eena ea phahameng ka ho fetisisa, ea moholo-holo

[256] Ha ho qobello tumelong. Ruri tsela ea ‘nete e its`ekile tseleng ea tahleho. Athe haele ba nyefolang melingoana ea bohata(taghut), bakholoa ho Allah; ba kakatletse ka tieo ho boits’oarello bo ke keng ba khaoha. E bile Allah U utloa tsohle, o tseba tsohle

[257] Allah ke mots’oalle(wali) ho ba kholoang. O ba nts`a lefifing, O ba tlisa leseling. Haele botlhoka-tumelo, bathusi ba bona ke melingoana ea bohata. E ba nts’itse leseling, ea ba isa lefifing. Ruri ke balekane ba mollo. Ba tla phela teng kahosafeleng

[258] Na u sa hopola ea kileng a phehisa Abrahama khang ka Mong`a hae, hobane Allah a ne a mo nehile matla a puso? Abrahama ha a re: “ke Mong`a ka ea fanang ka bophelo le lefu,” eo a re: “ke fana ka bophelo le lefu.” Abrahama a re: “Ruri ke Allah ea etsang hore letsatsi le chabe bochabela, ka hona etsa hore le chabe bophirima.” eaba eo ea nyefolang tumelo o ea tsieleha. Ruri Allah ha a tataise baetsa-phoso

[259] Papiso (monna) eo e reng ha a feta pela motse oo e seng e le lesupi, ebe o re: “e be Allah U tla tsosa motse oo neng kamor’a hobao fetohe lesupi?” eaba Allah U etsa hore a shoe lilemo tse lekholo, kamor’a moo a boela a mo tsosa. Eaba Allah U re: “u ne u shoele nako e kae?” Monna eo a re: “ke ne ke shoele letsatsi, kapa karolo ea letsatsi.” eaba Allah A re: “che, empa u ne u shoele lilemo tse lekholo. Joale sheba lijo le metsi a hau ha li bonts’e ho bola! U be u shebe pokola ea hau! re tla etsa sesupo ka uena ho batho, joale sheba masapo ana kamoo re’a kopanyang ka teng, re bile re’a apesa ka nama!” e itse hoba a hlakeloe ke sena, a re: “joale ke’a tseba hore Allah U matla a ho etsa tsohle.”

[260] Abrahama o ile a re: “Mong`a ka! A k’u mponts’e kamoo o nehang tse shoeleng bophelo,” Allah U re: “hleka ha u lumele na?” Abrahama a arabela ka hore: “ahe, ke botsa tjena e le hore ke tiee tumelong.” Mong`a hae a re: “ts’oara linonyana tse nne, u li thapise hore li u tloaele, e be u li khaola likoto; joale e be u beha sekotoana ka seng holim’a leralla, u li bitse, li tla tla ho uena ka lebelo. U tla tseba hore Allah U matla oohle, O Seli

[261] Papiso ea ba senyeheloang ke thepa ea bona tseleng ea Allah e ts’oana le ea lebele le behileng litsebe tse supileng, tsebe ka ‘ngoe e na le tlhaku tse lekholo. Allah U fana ka tlatsetso e menahaneng ho eo a mo ratang. Etsoe o hlokomela bohle, O tseba ntho tsohle

[262] Ba sebelisang leruo la bona tseleng ea Allah, kamor’a ho moo ba se salame, kapa ho hlabeha le hona ho latela linyehelo tsa bona; moputso oa bona o ho Mong`a bona, ba ke ke ba eba le letsoalo le eona mesarelo

[263] Mantsoe a mosa ts’oarelong a molemo ho feta linyehelo tse lateletsoeng ka tlhabeho. Ruri Allah ha a hloke letho, O mamello e fetisisang

[264] Oho lona ba kholoang! Se fetoleng linyehelo tsa lona lefeela ka ho li salama le hona ho hlabeha, joaloka ba senyeheloang ke matlotlo a bona hore feela ba bonoe ke batho, ba sa kholoeng ho Allah le ho letsatsi la bofelo. Papiso ea bona e ts’oana le ea lefika leo holim’a lona ho leng lerole la lefats’e; e be lipula li fihla li le hohola, li le sie le hloekile le tsotse. Ha ba na matla a ho etsa letho ka tseo ba li kotutseng. Allah ha a tataise batho ba sa kholoeng

[265] Papiso ea ba sebelisang matlotlo a bona moo ba habileng ho batla monyaka oa Allah, le hona ho matlafatsa meea ea bona e ts’oana le serapa se phahameng. E be lipula li ea senela, se hlahise litholoana tse menahaneng habeli. Haeba se sa neloe ke lipula, mongobo o se lekane. Ruri Allah U bona tsohle tseo le li etsang

[266] Na o teng har’a lona ea ratang hoba le serapa sa lifate tsa palema le merara, se linoka li phallang katlas’a sona, se nang le litholoana tsa mefuta sebakeng sa hae; e re ha botsofali bo mo fihlela, bana ba hae bathekesela e be serapa se haboloa ke lebatama la setsokotsane, se che lore. Ke kamoo Allah a hlakisang lits’enolo tsa hae ho lona, e le hore le inahane

[267] Oho lona ba kholoang! Sebelisang lintho tse molemo tseo le nang le tsona, le tseo le li lemang lefats’eng sebakeng sa lona, le se ke la etsa nyehelo ka tse mpe ka boikemisetso, empa ka bo-lona le ke keng la e amohela haese feela ka ho nyahama; le tsebe hore Allah ha a hloke letho, ke Mong`a lithoriso

[268] Haele Satane eena o le ts`osa ka bofutsana, u le laela boits’oarong bo bobe. Ha Allah a le ts’episa ts’oarelo ho tsoa ho eena le matlotlo. Ruri Allah U hlokomela bohle, u tseba ntho tsohle

[269] U fana ka bohlale ho eo a ikhethetseng eena, ea filoeng bohlale Ruri o amohetse molemo o khaphatsehang. Empa ha ho ea ka hopolang (Lengolo) haese batho ba nang le kutloisiso

[270] Linyehelo tsohle tseo le li nyehelang ho ajoa le likano tseo le li etsang, Ruri Allah U li tsebile. Haele baetsa-phoso Ruri ha ba na bathusi

[271] Ha le phatlalatsa linyehelo tsa lona, le teng ho lokile, empa haeba le li etsa pinyane e be le li neha bafutsana, seo se molemo ho lona; li tla hlakola liketso tsa lona tse mpe. Ruri Allah U tsebile hantle ka tseo le li etsang

[272] Ha se ts’ebetso ea hau hoba tataisa, empa ke Allah ea tataisang eo a ikhethetseng eena. Botle bohle boo le bo nyehelang bo molemong oa lona, haeba le nyehela moo le batlang boteng baAllah; botle bohle boo le bo nyehelang le tla bo buseletsoa ka botlalo, le ke ke la qhekelloa

[273] Linyehelo ke tsa ba hlokang ba bile ba haneloa ts’ebeletsong ea Allah ho tsamaea har’a naha ba tsomana le khoebo (kapa mosebetsi). Ea sa ba tsebeng a ka nahana hore ke likhorane ka lebaka la ho haneloa ho etsa letho, le tla ba tseba ka mats’oao a bonahalang: ha ba kope joalo-joalo. Botle bohle boo le bo nyehelang Ruri Allah U bo tseba hantle

[274] Haele ba etsang linyehelo bosiu le mots’eare lekunutung le ponts’eng, ka ‘nete moputso oa bona o ho Mong`a bona. Moo teng ba ke keng ba tleloa ke letsoalo kapa mesarelo

[275] Ba jang moputso oa bohanyapetsi ba ke ke ba atleha haese feela baatlehisoake Satane (liabolosi) a ithapalalitseng ka ts’ebelisano ‘moho. Ke hobane ba re: “khoebo e ts’oana le bohanyapetsi;” Allah U lumelletse khoebo, o hanetse bohanyapetsi. Haele ea amohetseng keletso e tsoang ho Mong`a hae, a ikhule ketsong e joana, a boloke litsoala tsa tse fetileng; nyeoe ea hae e ho Allah. Joaloka ka ea tla khutlela bohanyapetsing, – Ruri ke balekane ba mollo. Ba tla phela moo kahosafeleng

[276] Allah U tla ripitla bohanyapetsi, a eketse molemo oa linyehelo. Ha a rate baetsalibe le mahana-tumelo

[277] Ruri haele ba kholoang, ba etsa liketso tse lokileng, le hona ho tsitlallela thapelong, bafana ka linyehelo; moputso oa bona o ho Mong`a bona, ba ke ke ba fihleloa ke ts’abo kapa eona mesarelo

[278] Oho lona ba kholoang! Ts`abang Allah, le arohane le tse saletseng bohanyapetsing haeba ka ‘nete le hlile le ba kholoang

[279] Haeba le sa etse joalo, le hlokomele ntoa e khahlanong le lona etsoang ho Allah le moromuoa oa hae. Haeba le sokoloha le tla fumana matsete a lona kathoko ho bohanyapetsi. Ka hona se etseng bobe, le lona le ke ke la etsoa hampe

[280] Haeba hona le ea nang le mokitlane har’a lona, a le har’a mathata; mo feng nako e teletsana etla mo bebofaletsa ho lefa; ha le ka lesa mokitlane oo ka ho etsa nyehelo seo se tla be se le molemo ho lona hoja le ne le tseba

[281] Le be le ts`abo ea letsatsi leo ka lona le tla khutlisetsoa ho Allah. Meea eohle e tla lefshoa ka botlalo seo e se kotutseng, etsoe e ke ke ea qhekelloa

[282] Oho lona ba kholoang! Haeba le kena litumellanong tsa khoebisano ka mokitlane o behetsoeng nako, li etsetseng bopaki ka mongolo. Mongoli a li boloke lipakeng tsa lona ka bots’epehi. Ha ho mongoli ea tla hana ho ngola kamoo Allah a mo rutileng kateng, mo lumelleng a ngole, le eena Mong`a mokitlane a phete litaba tseo, a be a ts’abe Allah Mong`a hae, a se ke a bebola letho mokitlaneng. Haeba ea etsang mokitlane a fokolloa ke kutloisiso, a kula, kapa a hloleha ho pheta litaba tseo ka bo-eena, lumellang moemeli oa hae ho li pheta ka bots’epehi. Le be le lipaki tse peli tsa banna tse tsoang har’a lona. Ha banna ba babeli ba sa fumanehe, monna le basali ba ba beli, ka tumellano ea hore e be lipaki, mohlaope e mong oa basali ha a ka lebala e mong a mohopotse. Lipaki ha li’a ts’oanela ho hana ha li bitsetsoa bopaki. Le se ke la ts’oafa ho ngola litumellano tsa lona, ekaba tse nyane kapa tse kholo; empa li be ba beising ea lipallano tsa nako e behiloeng. Sena se molemo o fetisisang mahlong a Allah e bile e le bopaki bo hlokolosi, ke eona tsela e molemo ea ho qoba likhohlano lipakeng tsa lona; haese ha feela ebake khoebisa ho ea ka mehla har’a lona ho tsoa ho emong ho ea ho e mong. Ha ho le joalo ha ho molato ho lona haeba le sa e ngole. Empa le be le lipaki haeba le rekisetsa e mong thepa, hore ho se be le likhohlano tse ka etsoang ho mongoli kapa ho lipaki. Ebang ho ka ba joalo, Ruri e tla be e le sebe har’a lona. Ka hona ts’abang Allah. Etsoe Allah U ea le ruta. Allah U tseba ntho tsohle

[283] Haeba le le leetong, ho se moo le ka fumanang mongoli; nkang kano. Ha e mong oa lona a etsa peheletso ka emong, lumellang mots’epuoa ke hona ho fana ka seo a se ts’epetsoeng ho latela litumellano tse teng lipakeng tsa lona, a ts’abe Allah Mong`a hae. Le se pate bopaki, ea bo patang, Ruri pelo ea hae e silafetse. Allah U hlokolosi ho tseo le li etsang

[284] Ruri tsohle tse maholimong le lefats’eng ke tsa Allah; ha le utulla tse ka lipelong tsa lona kapa hona ho li pata, Allah U tla le bitsetsa boikarabellong ba tsona. O ts’oarela ea ikhethetseng eena, a ahlole ea ikhetseng eena. Ruri Allah U na le matla a ho etsa tsohle

[285] Moromuoa o kholoa ho seo a ileng a se senoleloa ke Mong`a hae, le lona ba kholoang le etse joalo. Mong le mong ea lumelang ho Allah, ho manyeloi, ho mangolo a hae, le ho Baromuoa ba Hae – ba bile ba re: “re’a utloa, re’a ananela. Mong`a rona! Ts`ollela ts’oarelo ea hau ho rona. Ruri ho uena ke pheletso ea maeto.”

[286] Allah ha a jarise moea ho feta matla a oona. O fumana molemo oa kotulo ea seo a se jetseng, o fumana kotlo ea sebe seo a se jetseng. Mong`a rona! Se re ahlole ka tebalo, kapa ho oela phosong! Mong`a rona! Se re jarise moroalo o U kileng oa U jarisa ba bileng teng pele ho rona! Mong`a rona! U se ke oa re jarisa moroalo o tla re sita! U re ts’oarele, U be U hlakole libe tsa rona, le hona ho ba mohau ho rona, uena mots’ireletsi oa rona, a k’u re fe tlholo holim’a batho ba hlokang tumelo (botlhoka-tumelo).” Ka lebitso la Allah, Ea Lerekohali, ea tletseng mohau

Lelapa la Imran

Surah 3

[1] Alif. Lam. Mim

[2] Allah ha ho `Mopi kantle ho eena, ea phelang, Rabosafeleng

[3] Ke eena ea u senoletseng Lengolo le halalelang ka ‘nete, le tiisa tse senotsoeng pele ho lona, joaloka ha a ile a senola torah (molao oa Moshe) le injeel (molaetsa oa Jesu)

[4] Sethathong, e le tataiso ho batho; a senola ts’iea ea botle le bobe(qur`aan). Bonang! Haele bas a kholoeng lits’enolo tsa Allah, kotlo ea bona ke e boima. Ruri Allah U matla oohle, O na le Matla a ho phetetsa bobe

[5] Ruri! Ho Allah ha ho letho le patehileng lefats’eng kapa leholimong

[6] Ke Eena ea le nehileng libopeho le sa le ka lipopelong kamoo a khahloang ka teng. Ruri ha ho `Mopi e mong kantle ho eena, ea matla oohle, ea Seli

[7] Ke Eena ea U senoletseng Lengolo le halalelang (muhammad), ka har’a lona ho nang le lits’enolo tse hlakileng,, – ke metheo ea Buka, – le melao le ka moo lintho li tsamaisoang ka teng le melaoana ea kahlolo. Bao lipelong tsa bona ho leng tahleho, ba latela hoo e leng likhakanyo hore ba tle ba simolle lipherekano ka ho rata ho li hlalosa. Ha ho ea tsebang litlhaloso tsa tsona haese Allah. Ba nang le tsebo ba re: “Re kholoa Lengolong, hobane kaofela ha e lona le tsoa ho Mong`a rona;” empa ke ba nang le kutloisiso feela ba ka le utloang

[8] Mong`a rona! “Se lumelle lipelo tsa rona ho kheloha, ka mor’a hoba U re tataise, U be U re sitse ka mohau o tsoang ho bo teng ba Hau. Hobane ke Uena, Uena A inots`i ea fanang.”

[9] Mong`a rona! Ruri, ke Uena ea tla bokella batho ‘moho mohla letsatsi leo ho seng khoao ka lona. Ruri Allah ha A robe ts’episo ea hae.”

[10] Ruri bahloka-tumelo bona, – maruo kapa tsoala ea bona li ke ke tsa ba thusetsa khahlanong le Allah, bona e tla ba libeso tsa mollo

[11] Joalo ka batho ba Faro le baholo-holo ba bona, ba latotseng lits’enolo tsa rona; ka hona Allah U ile a ba ahlolela libe tsa bona. Kotlo ea Allah e boima

[12] Bolella batlhoka-tumelo hore: “Ruri le tla fengoa le be le khanneloe liheleng, sebaka se sebe ho ka phomola ho sona

[13] Ho se ho kile haeba le sesupo ho lona, nakong eo mabotho a mabeli a neng a thulane ntoeng (badr): lebotho le leng le ne le loanela tsela ea Allah, ha le leng le ne le nyefola tumelo, bana ke ba boneng ka a bona mahlo palo e menang ea bona ha beli. Ke kamoo Allah a fanang ka matla le thuso ea hae ho eo a ikhethetseng eena. Ruri ho sena ke thuto ho ba nang le mahlo

[14] Se ntlafalitsoeng sebakeng sa botho ke lerato la menyaka e tsoang basaling le ho bana, le liqubu tsa Khauta le Selifera, lipere tse ts’oaileong, le makhomo, le naha. Hoo ke monakalali oa bophelo ba lefats’e. Ho Allah ke lehae le chatsi ka ho fetisisa

[15] E re: “Ana nka le tsebisa tse ling tse molemo ho feta tseo? Haele ba sesefang bobe, ho Mong`a bona ho teng lirapa tseo linoka li phallang katlas’a tsona, ho bile ho teng ba lekane ba hloekileng, le monyaka o tsoang ho Allah. ‘Allah U bona makhabunyane a hae hantle

[16] Haele ba reng: Mong`a rona! Ruri re’a lumela. Ka hona re ts’oarele libe tsa rona, u be u re pholose kahlolong ea mollo

[17] Ke ba tsitlallelang, le ba ts’epahalang, le baikokobetsi, ba bile ba senyeheloa ntle ho bokhonatha, le hona ho rapella ts’oarelo lihoreng tsa bosiu.”

[18] Allah ka bo-eena ke paki hore ha ho `Mopi e mong kantle ho eena. Manyeloi le banna ba thuto le bona ke lipaki. O babaletse tlholeho ea hae ka toka, ha ho `Mopi e mong ntle le eena, ea matla Oohle, Ea Seli

[19] Kannete! Tumelo e ho Allah ke boinehelo thatong le tataisong ea Hae (Islam). Le batho ba ileng ba amohela Lengolo la mathomo ba ile ba fapana feela ka mor’a hoba tsebo e honyelle ho bona, ka ho honohelana bo-bona. Haele ba sa kholoeng lits’enolo tsa Allah ba tla fumana hore, Ruri Allah U akofela boikarabellong

[20] Ha ba u phehisa khang, u re: “ke inehehetse ka botho bohle ba ka ho Allah, le bohle ba ntatelang.” u be u re ho ba amohetseng Lengolo le ho ba sa rutehang: “ana le lona le ea inehela?” ha ba inehela, Ruri ba tataisong e nepahetseng; empa ha ba koeneha, uena mosebetsi oa hau ke ho hasa molaetsa feela ho bona. Allah U bona makhabunyane a hae hantle

[21] Haele ba sa kholoeng lits’enolo tsa Allah, ba bile ba bolaea Baporofeta ka soto, le hona ho bolaea ba rutang toka har’a batho: ba tsebise ka kotlo e mahlonoko

[22] Ke bao mesebetsi ea bona e nyopileng lefats’eng lena le ho le- tlang; e bile ba ke ke ba eba le bathusi

[23] Na ha u e s’o bone kamoo ba amohetseng Lengolo ha ba memeloa Lengolong la Allah khaolong ea likhang tsa bona, e le hore le tle le ahlole lipakeng tsa bona; e be lequloana le leng la bona le ea e furalla ka khanyetso

[24] Sena ke hoba ba re: “ke ka matsatsi a seng makae feela mollo o tlang hore ama. Seo ba ‘nileng ba se qapa se bathetsitse ho latela tumelo ea bona

[25] Ho tla ba joang ho bona ha re se re ba bokella ‘moho mohla letsatsi leo ho seng khoao ea ho fihla, moea ka mong o tla lefshoa ka botlalo seo o se kotutseng, etsoe e ke ke ea qhekelloa

[26] E re: “Oho Allah! Mong`a puso! Ke Uena ea fanang ka puso ho eo U ikhethetseng eena, ke Uena ea amohang puso eo U ikhethetseng eena. Etsoe ke uena ea phahamisang eo U ikhethetseng eena, e bile ke Uena ea theolang eo U ikhethetseng eena. Ka har’a liatla tsa Hau ke botle. Ruri, U Moetsi oa tsohle

[27] Ke Uena ea etsang hore bosiu bo sehe mots’eare tsebe, U boele U etse hore mots’eare o sehe bosiu tsebe. Ke Uena ea nts’ang tse phelang ho tse shoeleng, U be U nts’e tse shoeleng ho tse phelang. Ke Uena ea fanang ka phepo ho eo U ikhethetseng eena kantle ho tekanyo

[28] Se lumelle ba kholoang ho khetha bahloka-tumelo hoba metsoalle ea bona ho e na le ba kholoang. Ho ba ka etsang joalo, Ruri ha bana kamano le Allah haeba le its’ireletsa khahlanong le bona, kapa le ba kuka joalo ka bats’ireletsi. Ruri, Allah u le hlokomelisitse hore le hopole Eena feela. Etsoe ho Allah ke pheletsong ea maeto

[29] E re: “Ebang le pata tse ka lifubeng tsa lona kapa le li bolela, Ruri Allah u ea li tseba. Etsoe u tseba tse maholimong le tse lefats’eng, Allah U na le matla A ho etsa tsohle

[30] Mohla letsatsi leo moea ka mong o tla tjamelana le tsohle tse ntle tseo o li entseng le tsohle tse mpe tsa oona, moea ka mong o tla lakatsa e ka ho ka be ho e na le sebaka se seholo lipakeng tsa oona le bobe ba oona. Ruri, Allah u le hlokomelisitse hore le mo hopole. Allah U mosa o khaphatsehang ho makhabunyane a Hae.”

[31] E re ho batho: “Haeba le rata Allah, ntateleng; Allah U tla le rata A be A le ts’oarele libe tsa lona. Allah U ts’oarela-khafetsa, Mohau oa Hae o ea khaphatseha

[32] E re: “Lumelang Allah le Moromuoa oa Hae.” empa ha ba koeneha, Allah ha A rate botlhoka-tumelo.”

[33] Allah U khethile Adama le Nooe, le lelapa la Abrahama, le lelapa la Imran holim’a libopuoa tsohle

[34] Le litloholo ka tlhatlhamano ea tsona. Allah U bona tsohle, U utloa tsohle

[35] Nakong eo mosali oa Imran a neng a re: “Mong`a ka! Ke ikanne ho uena ka se ka popelong ea ka hoba nyehelo. Ka hona e amohele ho tsoa ho ‘na. Ruri ke uena ea inots`i, ea utloang tsohle, le ho tseba tsohle!”

[36] Hoba a belehe a re: “Mong`a ka! Bona! Ke belehile ngoana ea mots’eali – Allah U ne a tseba hantle seo a se belehileng – e motona ha e ke e mots’eali; bona! Ke mo rehile Maria, ke mo kopela ts’ireletso ea Hau le tsoala ea hae khahlanong le Satane ea khesehang

[37] Mong`a hae A mo amohela ka kamohelo e mofuthu, A mo tiisetsa kholo e ntle; a etsa Zakaria mohlokomeli oa hae. Ka linako tsohle Zakaria ha a kena ka phaposing ea hae (ea maria), o ne a fumana a e na le lijo. E be o re: “oho Maria! Lijo tsena li tsoa kae?” Maria a arabela ka hore: “Li tsoa ho Allah. Ruri Allah U fana kantle le tekanyo ho eo A mo ratang.”

[38] Nakong eo Zakaria a rapela Mong`a hae, a re: “Mong`a ka! A k’u mphe tsoala tsoala hotsoa ho Uena e hloekileng. Ke Uena ea utloang lithapelo tsohle.”

[39] A sa eme joalo a ntse a rapela phaposing ea hae, manyeloi a re ho eena: “Allah u fana ka litaba tse molemo ho uena ka mora eo lebitso la Hae e tla ba Johanne (yahya), ea tlile tla tihisa lentsoe le tsoang ho Allah, o tla hlompheha, a be a hloeke, le hona hoba moporofeta oa ba lokileng.”

[40] Zakaria a re: “Mong`a ka! Ke tla bale mora joang haele moo nako e se e mphetile tje le mosali oa ka e le nyopa?” lenyeloi la araba jooana: “ho tla ba joalo. Ruri Allah U etsa seo A se ratang.”

[41] Zakaria a re: “Mong`a ka! A k’u mphe sesupo.” Eaba lenyeloi le re: “sesupo sa hau e tla ba hore u se ke oa bua le batho ka matsatsi a mararo haese feela ka mats’oao. U be u hopole Mong`a hau haholo, u mo rorise thapama le hoseng.”

[42] Manyeloi a re: “Oho Maria! Ruri, Allah U u khethile, a ba a u hloekisa; U u khethile holim’a basali bohlebahlotsoeng

[43] Oho maria! Mamela Mong`a hau, u be u ithapalatse kapel’a hae, le hona ho inama le bohle ba inamang thapelong.”

[44] Tsena ke karolo ea litaba tse patehileng. Re u senolela tsona. Ha u ea ka oa eba teng ha ba akha lotho ea ho ka tseba hore na ke ofe eo e tla ba mohlokomeli oa maria, kapa hona hoba teng har’a bona nakong eo ba neng ba qaketsana

[45] Manyeloi ha a ne a re: “Oho Maria! Ruri! Allah U u neha litaba tse molemo tsa lentsoe la Hae, lebitso la hae e tla ba Jesu Keresete, mora oa Maria; e tla ba mohlala oa botle lefats’eng le ho bo-tlang, o tla ba har’a ba haufi le Allah

[46] “U tla buoa le batho ho tloha boseeng le bonneng ba hae, e bile u har’a ba lokileng.”

[47] Maria a re: “Mong`a ka! Ke tla ba le mora joang ho e s’o be le monna ea nkamang?” lenyeloi la re: “ho tlabajoalo. Ruri Allah U hlola seo a se ratang. Ha a hlola letho, o re feela ho lona “eba!” le be teng.”

[48] Etsoe u tla mo ruta Lengolo le bohlale, le eona Torah (molao oa Moshe) ‘moho le Injeel(Gospel)

[49] A mo etse moromuoa ho bana ba Israele, ka molaetsa oona: “Ruri ke tlile ho lona ka sesupo se tsoang ho Mong`a lona. Ke tla le bopela sets’oants’o sa nonyana, e be ke se bolulela moea, e fele e be nonyana ka thato ea Allah. Ke folisa ba hlahileng ba foufetse, le balepera, le hona ho tsosa ba shoeleng ka thato ea Allah. Etsoe ke tla le bolella tseo le li jeleng le tseo le li bolokileng malapeng a lona.” Ruri ho sena ke sesupo ho lona haeba le lumela

[50] E bile ke tlile tla tihisa tse bileng teng pele ho ‘na tsa torah, le hona ho lumella ka molao tseo le neng le li haneloa pele. Ke tlile ho lona ka sesupo se tsoang ho Mong`a lona. Ka hoo ts`abang Allah le be le ‘mamele

[51] Ruri Allah ke Mong`a ka, e bile ke Mong`a lona; kahoo mo khumameleng. Ena ke eona tsela e otlolohileng.”

[52] Jesu ha a hlokomela ho se kholoe ha bona, a re: “ke bo- mang bao e tla ba bathusi ba ka ts’ebeletsong ea Allah?” eaba barutuoa ba re: “re tla ba bathusi ba Allah. Re lumela ho Allah, u be u be le bopaki ba hore re inehetse ho eena

[53] Mong`a rona! Re lumela ho seo u se senotseng, e bile re latela Moromuoa eo U mo romeletseng. Ka hona re ngole har’a ba jereng bopaki ba ‘nete.”

[54] Ba ithera, ‘Allah le Eena U ile A ithera khahlanong le bona: Moreri ea phahametseng bohle ke Allah

[55] Hopola nakong eo Allah a neng a re: “Oho jesu! Ke tla U nka ke u nyollele ho ‘Na, Ke hlakole ho uena liketseletso tsa bahana-tumelo; Ke tla matlafatsa ba o latelang ka ho phahamela bahana-tumelo ho fihlela mohla letsatsi la tsoho. Ruri poelo ea lona bohle e ho ‘na, ke tla ahlola lipakeng tsa lona ho seo se bakileng likhang

[56] Haele botlhoka-tumelo bona ke tla ba otla ka kotlo e boima lefats’eng lena le ho bo-tlang; ebile ba ke ke ba eba le bathusi.”

[57] Haele ba kholoang bona ba bile ba etsa mesebetsi e hloekileng, Ruri Allah U tla lefa meputso ea bona ka botlalo. Allah ha a rate baetsa-liphoso

[58] Ruri sena seo re le phetelang sona ke ts’enolo le temoso e chorileng

[59] Ruri! Papiso ea Jesu kapel’a Allah e ts’oana le’a Adama. O ‘mopile ka lerole, eaba O re ho eena “eba!” eaba o ba teng

[60] Ena ke ‘nete e tsoang ho Mong`a hau, ka hona u se ke oa ba e mong oa ba belaelang

[61] Haeba ho ka ba le ba u phehisang khang ka eena, ka mor’a hoba tsebo e honyelle ho uena, u re ho bona: “tlohong! Re tla bokella bara ba rona le ba lona, le basali ba rona le basali ba lona ‘moho, e be rona le lona; e be re rapela Mong`a rona ‘moho ka boikokobetso le ka tieo re kope thohako ea Allah holim’a ba leshano.”

[62] Ruri! Sena ke liketsahalo tsa lipale tsa ‘nete. Ha ho `Mopi e mong kantle ho Allah, Ruri Allah U matla Oohle, O Seli

[63] Empa ha ba koeneha, Allah U hlokolosi ka ba bakang lipherekano

[64] E re: “Oho batho ba Lengolo! Ha re fihleleng litumellano lipakeng tsa rona le lona: tsa hore ha ho ea lokeloang ho khumameloa haese Allah, le hore re ke ke ra mo kopanya le batlatsetsi, ha ho ba tla inkela melingoana ea bohata khahlanong le Allah. Ha ba koeneha, e re: “ebang le bopaki ba hore re ba inehetseng ho eena (Mamuslim).”

[65] Oho batho ba Lengolo! Hobaneng ha le pheha khang ka Abrahama, empa Torah le Evangeli li sa ka tsa senoloa ho fihlela ka mor’a hae? A le na le kelello na

[66] Ruri! Le ba phehang likhang le ka litaba tseo le nang le tsebonyana e fokolang ka tsona: le ka pheha khang joang ka litaba tseo le se nang tsebo ka tsona? Ke Allah ea tsebang. Haele lona ha le na tsebo

[67] Abrahama e ne e se Mo-Juda, kapa Mo-Keresete; o ne a tihile tumelong a bile a inehetse ho Allah, o ne a sa bapise melingoana le Allah

[68] Ruri! Har’a batho, banang le tokelo e tletseng ea ho ka ipitsa ka Abrahama ke ba ileng ba mo latela, joaloka Moporofeta enoa le ba kholoang ‘moho le eena; Allah ke mots’oalle mosireletsi ho ba kholoang

[69] Lequloana la batho ba Lengolo le lakatsa ho le khelosa; empa ha ho eo ba mo khelosang haese ho ikhelosa bo-bona le hoja ba sa elelloe

[70] Oho batho ba Lengolo! Hobaneng ha le sa kholoe ho lits’enolo tsa Allah, empa e le lona ka bo-lona lipaki ‘neteng ea tsona

[71] Oho batho ba Lengolo! Hobaneng ha le tsoaka ‘nete ka bohata, ka tsebo e tletseng le pata ‘nete

[72] Karolo ea batho ba Lengolo e re: “kholoang ho se senoletsoeng ba kholoang ka meso, empa ha letsatsi le ea malikelong le se koenehele, le bona ba ka ts’oha ba se koenehela

[73] Le se kholoe ope oa bona haese feela ea khemang ‘moho le lona tumelong. E re: “Ruri! Tataiso ea ‘nete ke tataiso ea Allah.” u se be le letsoalo la hore mohlomong e mong o kile a nehoa ts’enolo e ts’oanang le ea hau, kapa ba ka ts’oha ba u phehisa khang ponts’eng ea Mong`a bona. Muhammad e re: “matlotlo oohle a matsohong A Allah. U sitsa eo A ikhethetseng eena ka oona. Ruri Allah u hlokomela bohle, U tseba lintho tsohle

[74] E bile u khethela mohau oa Hae eo A ikhethetseng Eena. Ruri Allah ke Rabosafeleng.”

[75] Har’a batho ba Lengolo ho teng eo e ka reng haeba o mo ts’epa oa mo kalima moqeqekohali oa letlotlo, a boele a le khutlisetse ho uena. Ho teng hape har’a bona eo e ka reng ha u mo kalimme sekoto sa khauta, e be ha a se khutlise kantle le hore o mo salame ho se khutlisa. Sena ke hobane ba re: “ha re na mosebetsi le bahedene.” ba ipuela leshano khahlanong le Allah ka tsebo e tletseng

[76] Mokhethoa oa Allah ke eo ea phethahatsang boitlamo ba hae le hona ho sesefa bobe; hobane Ruri Allah U rata ba sesefang bobe

[77] Ruri! Haele ba ithekelang kuno ka theko ea selekane sa Allah le ka boikano ba bona, ha ba na kabelo ho bo-tlang. Allah a ke ke a buoa le bona le hona ho ba sheba mohla letsatsi la tsoho, kapa hona ho ba hloekisa. Timelo e mahlonoko ke ea bona

[78] Ho teng har’a bona lequloana le sothang Lengolo ka maleme a bona (ha ba bala), le ka nahana hore seo ba se bolelang se tsoa Lengolong, athe ha se tsoe Lengolong. E bile ba re: “se tsoa ho Allah, empa se sa tsoe ho Allah; ba buoa leshano ka Allah, ba tsebisisa hantle.”

[79] Ha ho bonolo ho motho eo Allah a mo nehileng Lengolo le kutloisiso, le Boporofeta hore e be ka mor’a mona a ka re ho batho: “ebang basebeletsi ba ka ho e na le Allah;” empa o ile a re: “ebang bahlanka ba ts’epahalang ba Allah ka lithuto tse tsepameng tsa Lengolo, lona le tsepame ka ho ithuta lona

[80] Ha a ka ke a le laela hore le nke manyeloi le baporofeta e le melingoana. Na a ka le laela hore le nyefole tumelo ka mor’a hoba le inehele ho Allah

[81] Nakong eo Allah A neng A thea selekane sa Hae le Baporofeta, O ile A re: “kakatlelang ka tieo ho seo ke le nehileng sona sa Lengolo le halalelang le tsebo. Kamorao ho mona ho lona ho tla tla Moromuoa, ea tlile tla tiisa se teng ho lona. Le tla lumela ho eena le be le mo thuse.” eaba o re: “na le’a lumela, le hona ho jara moroalo oa Ka oo Ke le belesang oona tabeng ee?” Ba ile ba arabela ka hore: “Re ea lumela.” A re: “Jarang bopaki ke hona, ‘Na ke tla ba paki le lona

[82] Haeba ka morao ho sena ho ka ba le ba koenehang: e tla be e le bakoenehi.”

[83] Ba batla ho hong hosele ho kathoko le tumelo ea Allah, empa lihloliloeng tsohle tse maholimong le lefats’eng li mo inamela li rata kapa li sa rate. Etsoe poelo ea tsona e le ho Allah

[84] E re: “Re kholoa ho Allah le ho tseo re ileng ra li senoleloa, le ho tseo tse ileng tsa senoleloa Abrahama, Ishmaele, Isaaka, Jakobo le Meloko, le mangolong a filoeng Moshe, Jesu le Baporofeta ho tsoa ho Mong`a bona. Ha re khetholle e mong hoba bang, re inehetse ho eena.”

[85] Haeba ho le teng ea batlang tumelo e ‘ngoe kathoko ho boithapalatso thatong ea Allah Ruri e ke ke ea amoheloa, ho bo-tlang o tla ba har’a ba tahlehong

[86] Allah a ka tataisa batho ba koenehetseng tumelo joang ka mor’a hoba ba e amohele, e bile ba jere bopaki ba hore Moromuoa o ne a le ‘neteng, le ka morao hoba lits’upiso tse hlakileng tsa matla a puso ea Allah li finyelle ho bona? Ruri Allah ha a tataise batho ba hlokang toka

[87] Ba joalo moputso oa bona ke hore thohako ea Allah e theohele holim’a bona, le ea manyeloi le’a batho bohle

[88] Ruri ba tla phela thohakong. Kotlo ea bona e ke ke ea bebofatso, kapa hona ho chechisetsoa morao

[89] Kantle le haeba ka mor’a mona ba ka sokoloha, le hona ho etsa tse lokileng. Ruri Allah U tletse ts’oarelo, e bile mohau oa hae o ea khaphatseha

[90] Haele ba koenehelang tumelo ka mora hore ba lumele, ba be ba tsoele pele ho khesa tumelo: pako ea bona e ke ke ea amoheloa. Ke ba khelohileng

[91] Ruri ba koenehetseng tumelo, ba shoa e ntse e le bakoenehi, ho bona ho ke ke hoa amoheloa le ha e le khauta e tletseng lefats’eng loohle, le haeba ba ka e lefa e le tjotjo sebakeng sa meea ea bona. Kotlo ea bona e tla ba e mahlonoko, ba ke ke ba e ba le bathusi

[92] Ha ho kamoo le ka fumanang mohau ho fihlela le nyehela ka seo le se ratang. Lintho tsohle tseo le li nyehelang, Ruri Allah U hlokoloi ho tsona

[93] Lijo tsohle li ne li le molaong ho bana ba Israele, haese tseo Israele ka bo-eona e ileng ea se nts’a molaong, matsatsi pele Torah e senoloa. E re: “hlahisang Torah, le re balle eona haeba le hlile le le ‘neteng.”

[94] Ha hona le ba ka qapang leshano ka mor’a sena malebana le Allah, e tla be e le baetsa-phoso

[95] E re: “Allah U buoa ‘nete. Ka hona latelang tumelo ea Abrahama, tumelo e nepahetseng. Abrahama o ne a se har’a barapeli ba lits’oants’o.”

[96] Ruri! Ntlo ea mathomo ea thapelo e khethetsoeng batho e bile motseng oa Bakka: sebaka se hlohonolofetseng, e bile e le tataiso ea batho bohle

[97] Ka har’a eona ho teng lits’upiso tse hlakileng tsa tataiso ea Allah; sebaka seo Abrahama a neng a ema ho sona ha a etsa thapelo; mong le mong ea kenang ka har’a eona o sireletsehile. Bosepeleli ho ea ntlong eo ke ts’ebeletso ea batho ho Allah, ho ba ka fumanang mokhoa oa ho lefella leeto le joalo. Empa bang ba nyefolang tumelo, ba tsebe hore Allah ha a hloke letho ho libopuoa tsohle

[98] E re: “oho batho ba Lengolo! Hobaneng ha le nyefola lits’enolo tsa Allah, empa Allah a paka tseo le li etsang.”

[99] E re: “oho batho ba Lengolo! Hobaneng ha le suthuletsa ba kholoang morao tseleng ea Allah moo le lekang ho e tsoelipanya, empa le le lipaki tataisong ea Allah? Ha se hore Allah ha a elehloko tseo le li etsang.”

[100] Oho lona ba kholoang! Hoja le ne le ka latela lequloana la ba amohetseng Lengolo, ba ne ba tla le sokolla tumelong ea lona ka mor’a hoba le lumele

[101] Le ne le ka latola tumelo joang, empa le phetetsoe lits’enolo tsa Allah; le moromuoa a le har’a lona? Haele ea kakatletseng ka tieo ho Allah ka ‘nete o tataiselitsoe tseleng e otlolohileng

[102] Oho lona ba kholoang! Ts’abang Allah ka mokhoa oo a lokeloang ho ts’ajoa ka teng, le se shoele kathoko ho boinehelo thatong ea hae

[103] Le kakatlele ka tieo kaofela hoa lona, selekaneng sa Allah; le se arahone. Le hopole melemo ea Allah holim’a lona: kamoo le neng le tsohelane bora ka teng, a bopa setsoalle lipakeng tsa lipelo tsa lona, e le hore le be baena ka lereko la hae; le kamoo le neng le se le le lints’ing tsa sekoti sa mollo ka teng, a le phemisa sona. Ke kamoo Allah a hlakisang lits’enolo tsa hae ho lona ka teng, e le hore le be le tataiso

[104] Har’a lona ha ho ke ho hlahele sechaba se memelang bohle botleng, se bile se tiisa tse lokileng le hona ho hanela tse sa lokang. Ruri ke ba tla fumana katleho

[105] Empa le se ke la ba joaloka ba arohaneng, e bile ba le har’a likhang ka mor’a hoba lits’upiso tse hlakileng li honyelle ho bona. Ho ba joalo ho teng kahlolo e ts’abehang

[106] Mohla letsatsi leo ka lona lifahleho tse ling li tla soeufala, ha lifahleho tse ling tsona li tla fifala; ho ba lifahleho li fifetseng ho tla thoe: “le ile la koenehela tumelo ka morao hoba le be sehlohlolong sa tumelo? Joale latsoang ke hona kahlolo ea ho koenehela tumelo

[107] Haele ba lifahleho tsa bona li tla beng li soeufetseng, Ruri mohaung oa Allah ba tla phela kahosafeleng

[108] Tsena ke lits’enolo tsa Allah. Re le phetela tsona ka ‘nete. Etsoe Allah ha a lakatse ho hlokela libopuoa tsa hae toka

[109] Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah; poelo ea lintho tsohle e ho eena

[110] Le sechaba sa bohlokoa se phahametseng batho bohle ba kileng ba phela. Ka ho tihisa tse lokileng le hona ho nyefola tse sa lokang; le bile le lumela ho Allah. Haeba batho ba Lengolo ba ne ba e na le tumelo, hoo ho ka be ho bile molemo ho bona. Hobane ba bang ba bona ke ba kholoang; empa boholo ba bona ke baetsa-libe

[111] Ha ho kotsi eobaka le hlahisetsang eona, haese hona ho le tsunya-tsunya feela; haeba ba ka le futuhela, Ruri ba tla le supa ka lirethe, ba ke ke ba thusoa

[112] Masoabi e tla ba kabelo ea bona hohle moo ba fumanehang, haese ha feela eba moo ba kakatletse thapong e tsoang ho Allah le ho batho (selekaneng). Ba ipitsetsa khalefo e tsoang ho Mong`a bona, etsoe ba aparetsoe ke bofuma. Sena ke ka hobane ba tloaetse ho nyefola lits’enolo tsa Allah, le hona ho bolaea Baporofeta ka sehloho. Ke hobane ba ile ba koeneha ba ba ba tlola meeli

[113] Ha ba joalo kaofela har’a batho ba Lengolo ho teng karolo e emelang toka, e bile e pheta lits’enolo tsa Allah bosiu bohle, le hona ho inamisa lifahleho thapelong kapel’a hae

[114] Ba kholoang ho Allah le ho letsatsi la bofelo, ba khothaletsa tse lokileng le hona ho nena tse sa lokang, ba hlolisana ka bo- bona ho etsa mesebetsi e lokileng. ba har’a ba lokileng

[115] Botle bohle boo ba bo etsang, bo ke ke ba khesoa kapa hona ho phengoa mahofi ho bona. Allah U hlokolosi ho ba sesefang bobe

[116] Ruri! Haele mahana-tumelo bona, ha se maruo a bona kapa tsoala ea bona tse tla ba pholosa malebana le Allah; ke balekane ba mollo. Ba tla phela ka har’a oona

[117] Papisa ea tseo ba linyehetseng bophelong ba lefats’e lena, e ts’oana le phefo e batang e fihle e habole kotulo ea bathobafoSelitseng meea ea bona, e e senye. Ruri ha se Allah ea ba foselitseng, empa ba iphoselitse bo-bona

[118] Oho hle lona ba kholoang! Le se ke la theha setsoalle lebasa khemeng ‘moho le lona tumelong, etsoe ba ke ke ba sitoa ho le silafatsa; ba rata ho le sitisa. Lehloeo le senotsoe ke seo ba se buileng ka melomo ea bona, empa tseo lipelo tsa bona li li patileng li feta tseo haholo. Re le hlakiselitse lits’enolo haeba le utloisisa

[119] Bonang! Ke lona ba ba ratang le hoja bona ba sa le rate, le bile le lumela ho mangolo ohle. Ha ba kopana le lona ba re: “re ea lumela;” empa ha ba le thoko ba itja linala tsa menoana ke khalefo ho lona. E re: “bolaoang ke khalefo ea lona, Ruri Allah U hlokolosi ka tseo lifuba tsa lona li li patileng.”

[120] Ha le ka oeloa ke lehlohonolo, ho bona ke ntho e bohloko; empa ha le ka oeloa ke bomalimabe ba ea nyakalla ke sona. Empa ha le ka tsitlalla la ipoloka khahlanong le bobe, pososelo ea bona ea bomenemene e ke ke ea le hlahisetsa kotsi ho hang. Ruri! Allah U etselitse liketso tsa bona lesakana-la-nkope

[121] U hopole mohlang u tsohang esale ka matjeke u siea lelapa la hau ho ea laola ba kholoang u ba laolela libakeng tsa bona tsa ntoa, Ruri Allah U utloa tsohle, U tseba tsohle

[122] Nakong eo mabotho a mabeli a lona a batlileng a supa ntoa ka lirethe, Allah E bile mots’oalle mosireletsi oa bona. Ka hona ba kholoang ba behe ts’epo ea bona ho Allah

[123] Allah U ile a le neha tlholo ntoeng ea Badr, hobane le ne le eiseha. Kahoo ts’abang Allah e le hore le tle le fane ka liteboho

[124] U hopole hore u ile oa re ho ba kholoang: “na ha ho ea lekana ho lona hore e be Mong`a lona o ile a le romella manyeloi a likete tse tharo ho tla le thusetsa

[125] Hleka, le kabale mamello, labala ipoloka khahlanong le bobe, ha sera se ka le tsometsa ka sekhahla, Ruri Mong`a lona o tla le thusetsa ka manyeloi a likete tse hlano ho tla etsa laritha.”

[126] Ruri Allah U entse sena tlholo e le molaetsa oa thabo ho lona, ka eona ke tihisetso lipelong tsa lona – tlholo e tsoa ho Allah feela, ea matla oohle, ea Seli –

[127] E le ho fokotsa karolo ea ba nenang tumelo, kapa hona hoba hobosa ka tlotlollo, e le hore ba tle ba khutlele morao ba khathetse matla ketsong ea bona

[128] Ha se qeto ea hau hore o reteletsa mohau oa hae ka ho bona, kapa hona hoba ahlola; hobane Ruri bona ke baetsa-libe

[129] Tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Allah o ts’oarela bao A ba ratang, le hona ho ahlola bao A ba ratang. Ruri Allah U ts’oarela-khafetsa, mohau oa Hae o ea khaphatseha

[130] Oho lona ba kholoang! Le se ke la ja tsoala, e menahane e bile e ekelitsoe ka makhetlo. Empa le hlokomele ts’ebeletso ea lona malebana le Allah, e le hore le tle le atlehe

[131] Le ts`abe mollo o lokiselitsoeng botlhoka-tumelo

[132] Le mamele Allah le moromuoa, e le hore le tle le fumane mohau

[133] Le potlakele ho kopa ts’oarelo e tsoang ho Mong`a lona, le sebakeng sa Paradeisi eo bophara ba eona bo lekanang le maholimo le lefats’e, e lokiselitsoeng ba sesefang bobe

[134] Ba sebelisang tseo Allah a ba nehileng tsona botleng le mathateng, etsoe ba tseba ho hatella khalefo ea bona, le hona ho ts’oarela batho bohle; Ruri Allah U rata ba etsang botle

[135] Bao e reng ha ba entse ntho e mpe, kapa bafoselitse meea ea bona, ba hopola Allah le ho kopa ts’oarelo lits’itong tsa bona – ha ho mang ea ka ts’oarelang libe haese Allah feela; – ba sa phehelle bobe boo ba bo entseng ka tsebo e tletseng

[136] Ruri moputso oa ba joalo ke ts’oarelo e tsoang ho Mong`a bona, le lirapa tseo ka tlas’a tsona ho phallang linoka, moo teng batla phela kahosafeleng – moputso o ba batsehang hakakang sebakeng sa ba sebelitseng ka boitelo

[137] Mekhoa e bile mengata ea bophelo e fetileng khale pele le eba teng. A k’u hahlaule le lefats’e, u tle u bone pheletso ea ba ileng ba latola Baromuoa

[138] Sena (qur`an) ke tlhakisetso ho batho, e le tataiso le keletso ho ba sesefang bobe

[139] Se khathaleng matla le hona ho sareloa, hobane le tla ba bahloli haeba le hlile le ba kholoang

[140] Haeba le oetsoe ke kotsi, le tsebe hore le ba bang ba oetsoe ke kotsi e joalo. Le matsatsi ho joalo re a neha batho ka ho fapana, hore pheletsong Allah a behe ba kholoang tekong a tle a inkele batsoa-sehlabelo ho lona; Allah ha a rate baetsa- phoso

[141] Allah a tle a behe bakholoang tekong, le ho repitla maila- tumelo

[142] Le nahana hore le tla kena Paradeising le sa ka la phenngoa mahofi hore na ke bafe ba lona ba ileng ba loanela tsela ea hae ka thata, kapa hona ho tseba ba bang ba lona ba ileng ba tsitlalla

[143] Ruri le ‘nile la lakatsa lefu pele le kopana le lona. Joale le le bone ka mahlo a lona

[144] Muhammad empa e le moromuoa, baromuoa ba ts’oanang le eena ba ile ba feta pele ho eena. Na ha a ka shoa, kapa a bolaoa, na le tla ba bakoenehi? Haele mokoenehi, ha ho kotsi ea ka e hlahisetsang Allah, Allah U tla putsa ba nang le teboho

[145] Ha ho motho ea tla shoa kantle ho thato ea Allah le ka nako e o behetsoeng. Ba labalabelang moputso oa lefats’e, re tla ba sitsa ka oona; etsoe le ba labalabelang moputso oa bophelo bo-tlang re tlaba sitsa ka oona. Re tla putsa ba nang le teboho

[146] Baporofeta ba bangata ba loanne bats`ehelitsoe ke likoankoetla tsa banna ba tumelo. Empa ha ba ka ba nyahama ka tse ‘nileng tsa ba hlahela tseleng ea Allah, kapa ho fokola, le ho inehela. Allah U rata ba tsitlallelang ka tieo

[147] Sello sa bona e bile feela hore: “Mong`a rona! Re ts’oarele libe tsa rona le liketso tse sa lokang, u tihise maoto a rona, le ho re neha tlholo holim’a maila-tumelo.”

[148] Allah a ba neha moputso oa lefats’e le moputso o ba ba tsehang oa bophelo bo-tlang. Allah U rata ba etsang liketso tse lokileng

[149] Oho lona ba kholoang! Haeba le ka mamela maila-tumelo, batla le sokolla tumelong ea lona, le tla furalla joaloka ba lahlehileng

[150] Che, Allah ke Mots’ireletsi (maulana) oa lona, ke Eena mothusi oa lona ho feta bohle

[151] Ruri re tla ts’ollela letsoalo ka hare ho lipelo tsa bahanyetsi ba tumelo ho ba ne ba kopanya Allah le batlatsetsi, e leng seo a sa kang a fana ka ts’enolo ho sona. Lehae la bona ke mollo, ho malimabe ke lehae la ba etsang-phoso

[152] Ruri Allah U phethahalitse ts’episo ea hae ho lona nakong eo le neng lebabolaea ka tumello ea hae, ho fihlela motsotso oa hore le felloe ke sebete, la kena har’a likhang ka taelo; eaba le ea e nyelisa ka mora hoba a le bonts’e seo le neng le se lakatsa. Hara lona ke ba lakatsang tsa lefats’e lena, ha ba bang ba e na le taba-tabelo ea bo-tlang. Ka lebaka leo eaba o le lebatsa lira tsa lona, a le beha tekong feela. Empa o ile a le ts’oarela. Ruri Allah ke Mong`a mosa o khaphatsehang ho ba kholoang

[153] Le be le hopole nakong eo le neng le baleha le bile le sa natse mong le mong, Moromuoa o ne a le setse morao a le bitsetsa ntoeng. Eaba Allah U le putsa ka bothata hobane le ile la mo koatisa, e le ho le ruta hore le se llele tse le phonyohileng kapa koluoa e le oetseng. Ruri Allah U tsebile hantle tseo le li etsang

[154] Ka morao ho ts’iamo eo, eaba o romella tlhoeli ho le lebela. Lequloana le leng la lona le ile la imeloa ke boroko, ha le leng le ne le koatisitsoe ke litaba tsa lona, le bile le nahana merero e mebe ka Allah, menahano ea boatla. ba re: “na re na le karolo tabeng ee?” oho Muhammad o re: “taba ena eohle Ruri ke ea Allah.” Ba pata sephiri sa bona seo ba ke keng ba le senolela sona, ka hore: “haeba re ne re e na le karolo litabeng tsena re ne re sa ts’oanela ho tla bolaeloa mona.” oho Muhammad u re: “le hoja e be le ne le le malapeng a lona, haele ba neng ba abe tsoe lefu ba ke be ba tsoetse pele ho ea linqalong tseo ba neng ba tlameha ho ea shoela ho tsona. Tsena tsohle li bile ka hobane Allah a ne a leka tse ka har’e ho lifuba tsa lona, le hona ho pakahatsa tse ka lipelong tsa lona. Allah U hlokolosi ka tse patiloeng ke lifuba tsa batho.”

[155] Haele ba lona ba ileng ba supa ntoa ka lirethe mohla letsatsi leo mabotho a mabeli a neng a kopane, ke satane ea entseng hore ba koenehe ho latela tseo ba li entseng (tsa bobe). Allah U ile a ba ts’oarela. Ruri Allah U ts’oarela-joalo-joalo. O mamello e fetisisang

[156] Oho lona ba kholoang! Le se ke la ba joaloka maila-tumelo, ba buoang joana ka bana babo bona ba ileng ba hahlaula le lefats’e kapa ba kileng ba loana har’a naha: “Hoja ebe ba ile ba itulela le rona ba ke be ba sa shoa, kapa hona ho bolaoa;” Sena Allah a ka se totisa ka har’a lipelo tsa bona. Ke Allah ea fanang ka bophelo le lefu; Allah U bona tsohle tseo le li etsang

[157] Haeba le ka bolaeloa tseleng ea Allah kapa la shoela ho eona. Ruri ts’oarelo le mohau tse tsoang ho Allah li molemo ho feta tsohle tseo ba ipokelletseng tsona

[158] O bolaoang kapa o ka shoa, Ruri le tla bokelleloa ho Allah

[159] E bile ka mohau oa Allah hore u be pelo-nolo ho bona Muhammad, haeba u ne u ka ba khopo le pelo e mpe, ba ke be ba qhalane ba bile ba suthile ho uena. Ka hona ba utloele u be u ba kopele ts’oarelo, le hona ho etsa litherisano le bona tsa tataiso litabeng. Ha le se le fihletse qeto, u behe ts’epo ea hau ho Allah. Allah U rata ba behang ts’epo ea bona ho Eena

[160] Ha Allah a u thusa ha ho ea ka u fekisang; haeba a ka u nyahlatsa, ke mang ea ka u thusang? Kahoo ba kholoang behang ts’epo ea lona ho Allah

[161] Ha ho Moporofeta le ea mong ea neng a tla ikhapela lefohlo ka qhekello, ea etsang joalo ho bahlanka ba hae mohla letsatsi la tsoho o tla beha ka pela `Mopi moroalo oo. Mong ka mong o tla lefshoa ka botlalo seo a se kotutseng; ha ho ea tla qhekelloa

[162] Na motho ea latelang monyaka oa Allah a ka ts’oana le motho ea ipilelitseng khalefo e tsoang ho Allah, eo lehae la hae e leng mollo, pheletso ea leeto le malimabe Ruri

[163] Ho Allah Ruri ho teng maemo a lereko le a boits’oaro, Allah U bona tsohle tseo le li etsang

[164] Ruri Allah U bonts’itse lereko ho ba kholoang ka hoba romella moromuoa ea hlahetseng har’a bona, ea ba phetetseng lits’enolo tsa hae, le hoba hloekisa, le ho ba ruta Lengolo le bohlale; le hoja pele a etla ho bona ba ne ba le har’a phoso e pepenene

[165] Nakong eo le oeloang ke koluoa, le hoja lona le ile la etsa laritha lira tsa lona ka koluoa e kukang eo ha beli ka boholo (Badr), le re: “sena se tsoa kae?” oho Muhammad ba bolelle u re: “sena se tsoa ho lona.” Bonang! Allah U matla holima tsohle

[166] Koluoa e ileng ea le oela mohla letsatsi leo ka lona mabotho a mabeli a neng a kopane, e bile ka thato ea Allah; e le teko ho ba kholoang

[167] Le ho leka ba ikaketsi ba ileng ba bolelloa hore: “Tlohong, le loanele tsela ea Allah, kapa hona ho its’ireletsa.” ba ile ba araba joana: “hoja e be re ne re tsebile hore ho o ua ntoeng re ka be re le setse morao.” Mohla letsatsi leo ba ne ba le haufi le ho se lumele ho e na le tumelo. Ka melomo ea bona ba bua se sieo ka lipelong tsa bona. Ke Allah ea hlokolosi ka ho fetisisa ka tseo ba li patang

[168] Haele ba neng ba setse malapeng a bona, ba bile ba re ka bana ba bo-bona ba ba shoetseng ntoeng: “Hoja ebe ba ne ba tataisitsoe ke Rona ba ke be ba sa bolaoa.” Oho Muhammad ba bolelle u re: “Ka hona qhelelang lefu thoko le lona haeba le hlile le buoa ‘nete.”

[169] Le se nahane hore ba bolaetsoeng tseleng ea Allah ba shoele. Che, ba ea phela. Phepo ea bona e ho Mong`a bona

[170] Ba nyakaletse ka seo Allah a ba sitsitseng ka sona sa motlopotlo oa hae, khotsofalong eabae s’o be har’a bona empa ba saletse morao: ba tsebe hore moo teng ha ho letsoalo le tla ba fihlela kapa eona mesarelo

[171] Ba nyakaletse ho latela molemo o tsoang ho Allah le mosa o khaphatsehang, bana le bo-’nete ba hore Allah a ke ke a lahla moputso oa ba kholoang

[172] Ba utloileng pitso ea Allah le moromuoa oa hae ka mora ho ba ba oeloe ke koluoa ea likotsi ntoeng (Badr); ba bile ba etsa tse lokileng, le hona ho sesefa bobe, sebakeng sa bona ho teng moputso o moholohali

[173] Haele batho ba ileng ba re ho bona: “Ruri! ba ntse ba bokelloa khahlanong le lona, ka hona ba ts’abeng.” empa tlhokomeliso ea kotsi e ile ea eketsa tumelo ea bona, bare: “Ruri Allah U lekane ho rona! Ea hloahloeng ke eena eo re behileng ts’epo ea rona ho eena!”

[174] Ba ile ba khutla ka lereko le molemo o tsoang ho Allah, ho se kotsi eba a’meng. Ba ile ba latela monyaka o molemo oa Allah, Allah ke Mong`a motlopotlo o se nang tekanyo

[175] Ke Liabolosi ea ka etsang hore batho ba ts’abe balateli ba hae. Ho hang le se ba ts’abe; empa le ts’abe ‘na (Allah), haeba le hlile le ba kholoang ba ‘nete

[176] Boits’oaro ba bona bo se ke ba u utloisa bohloko, ba khothometsehellang ho nyefola tumelo, Ruri! Ha ho kotsi eo ba ka e hlahisetsang Allah. Ke thato ea Allah ea ho se ba nehe karolo ho bo-tlang, timelo e ts’abehang ke ea bona

[177] Haele ba rekang ho nyefola tumelo ka theko ea tumelo ha ho kotsi eo ba ka e hlahisetsang Allah le ha nyenyane, se ba loketseng ke timelo e mahlonoko

[178] Maila-tumelo a se ke a nahana hore khefutso eo Re ba nehang eona e na le molemo meeng ea bona. Re mpa feela Re ba neha khefutso hore ba holele har’a sebe. Etsoe timelo ea bona ke e soabisang

[179] Allah a ke ke A le tlohella boemong bo na boo le leng ho bona hajoale ho fihlela a ka arohanya bokhopo ho se lokileng. Allah A ke ke A le tsebisa makunutu a Masabonoeng. Allah U khethile har’a baromuoa ba hae eo A ikhethetseng Eena ho amohela tsebo. Ka hona kholoang ho Allah le ho Baromuoa ba Hae. Haeba le kholoa le bile le sesefa bobe, Ruri le tla fumana moputso o se nang tekanyo

[180] Le se lumelle ba lekhonatha ka seo Allah a ba sitsitseng ka sona sa motlopotlo oa hae ba nahane hore se molemo ho bona. Che, ke hona ho tla ba ho be ho bona. Seo se ba leng lekhonatha ka sona mohla letsatsi la tsoho se tla tlamelloa melaleng ea bona. Ruri mafa ohle a maholimong le lefats’eng ke’a Allah, Allah U tseba hantle ka tseo le li etsang

[181] Ruri Allah U utloile puo ea ba neng ba kopuoa ho fana ka tlatsetso ea nyehelo ntoeng, ha ba ne ba re: “Allah U futsanehile, rona re barui!” re tla ngola puo ea bona le polao e sehloho ea bona ea baporofeta, re tla re: “latsoang ke hona kahlolo ea lelakabe la mollo!”

[182] Sena ke ka lebaka la liketso tsa lona tseo matsoho a lona a li rometseng nale. Allah ha a hatelle (hlokofatse) makhabunyane a hae

[183] Ba ts’oanang le bona ke ba reng: “Ruri! Allah U re ts’episitse hore re se lumele ho Moromuoa le a mong ho fihlela a ka re tlisetsa sehlabelo se tla jeoa ke mollo o tsoang leholimong. E re: “Ruri! Baromuoa ba tlile ho lona pele ho ‘na ka mehlolo-hlolo, le ka mohlolo o ts’oanang le ona oo le o batlang. Hobaneng ha le ile la ba bolaea? Ka hona arabelang sena haeba le buoa ‘nete

[184] “184. Haeba ba u latola, ba ‘nile ba latola Baromuoa ba bileng teng pele ho uena, ba neng ba tlile ka mehlolo-hlolo, le Lipesalema, le Lengolo le halalelang le fanang ka leseli

[185] Mong ka mong o tla latsoa lefu. Mohla Letsatsi la Tsoho le tla lefshoa tseo le li kotutseng ka botlalo. Haele ea pholositsoeng mollong, a hloekisitsoe ho ka kena Paradeising, Ruri o tla fumana khotsofalo. Haele bophelo bal efats’e lena bona empa e le mofuthu oa nakoana ea bohata

[186] Ruri le tla lekoa thepeng ea lona le bothong ba lona, le tla utloa liphoso tse ngata tse tsoang ho batho ba filoeng Lengolo pele ho lona, le tse tsoang ho barapeli ba melingoana. Haeba le ka tsitlalla ka mamello, la ba la sesefa bobe, tseo ke mohloli oa lintho tsa ba nang le mamello

[187] Nakong eo Allah a neng a etsa selekane le ba filoeng Lengolo ho le hlalosetsa batho bohle, le se le pate (la etsa pinyane). ba ile ba le lahla kherehloa le hona ho le furalla, ba ithekela lona ka thekonyana e nyelisehang. Ruri se nyonyehang ke kuno eo ba ileng ba iphumanela eona ka lona

[188] Se nahaneng hore baikhants’ang ka tseo ba li filoeng, ba rata ho rorisoa ka tseo ba sa li etsang, – le se ke la nahana hore ba pholohile timelong. Ruri timelo ea bona ke e mahlonoko

[189] Ruri puso ea maholimo le’a lefats’e ke ea Allah. Allah U matla holima lintho tsohle

[190] Ruri! Tlholehong ea maholimo le mafats’e, le phapanyetsanong ea bosiu le mots’eare; ke lits’upiso tsa puso ea Allah ho batho ba nang le kutloisiso

[191] Ba hopolang Allah ba eme, balutse kapa ba paqame ka mahlakore, ba tebisitse menahano ka tlholeho ea maholimo le lefats’e, ba re: “Mong`a rona! Ruri tsena ha u ea li hlolla lefeela. Tlotla e ke e be ho uena! A k’u re pholose timelong ea mollo

[192] Mong`a rona! Eo u mo amohelang mollong: Ruri ebake eena eo u mo apesitseng ka tlotloloho. Haele baetsa-libe ba ke ke ba eba le bathusi

[193] Mong`a rona! Ruri! re utloile khoeletso ea ea bitsetsang tumelong: “kholoang ho Mong`a lona;” re khotsoe. Mong`a rona! Re ts’oarele libe tsa rona, u hlakole ho rona liketso tse mpe, u etse hore re shoe lefu la ba lokileng

[194] Mong`a rona! A k’u re fe seo u ileng oa re ts’episa sona ka ba romuoa ba Hau. U se re tlotlolle mohla letsatsi la tsoho. Hobane uena ha u robe ts’episo ea hau.”

[195] Mong`a bona o ile a ba utloa, eaba o re: “Ruri! Nke ke ka lumella tahleho ea ts’ebetso ea mong le mong, ea motona kapa ea mots’eali. Le mohlobo o le mong. Ka hona ba ileng ba phaphatheha, le ho phalalisoa malapeng a bona, ba hlokofalitsoe ka lits’enyehelo ts’ebeletsong ea Ka, ba loanne ba bile ba bolailoe, Ruri Ke tla hlakola liketso tse mpe tsa bona, Ke tla ba tlisa ka hara lirapa tseo linoka li phallang ka tlas’a tsona – oo ke moputso o tsoang ho Allah. Ho Allah ho na le meputso e babatsehang

[196] Se lumelle phatlallo ea mahana-tumelo lefats’eng ho u thetsa

[197] Ha se letho haese menate ea nakoana. Ka mora mona lehae la bona e tla ba lihele, Ruri lehae le nyonyehang

[198] Empa ba ts`abang Mong`a bona, sebakeng sa bona ho teng lirapa tseo linoka li phallang tlas’a tsona, kamoo teng ba tla ba ts’ireletsong kahosafeleng. Hoo ke mpho ea kamohelo e tsoang ho Mong`a bona. Seo Allah a nang le sona ho bo-teng ba Hae se molemo ho ba lokileng

[199] Ho teng batho ba Lengolo karolo e kholoang ho Allah le ho se senotsoeng ho bona,, ba ikokobetsa kapel’a Allah. Ha ba reke lits’enolo tsa Allah ka thekonyana e nyelisehang. Ruri moputso oa bona o ho Mong`a bona, Ruri Allah U potlakela boikarabellong

[200] Oho lona ba kholoang! Tsitlallang ka tieo, le be le mamello, le sireletse tikoloho ea lona ka ho emisa mabotho nako tsohle moo lir`a li tlang ho le hlasela teng, le ts’abe Allah e le hore le tle le atlehe. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Basali

Surah 4

[1] Oho batho! Hlonephang Mong`a lona ea le hlotseng ka moea o le mong, ka ona a bopa molekane oa hae, bobeling boo ho hasana mats’oele-ts’oele a banna le basali, ts`abang Allah eo ho eena le batlang litokelo tsa lona ka bo mong, le be le hlonephe lipopelo tse le belehileng. Bonang! Allah haesale a le leihlo le nchocho holim’a lona

[2] Le nehe likhutsana mafa a tsona. Le se fetole letho le letle ka le lebe tlhokomelong ea lona ho ona, kapa hona ho kopanya mafa a bona le a lona. Ruri hoo ke sebe se seholo

[3] Haeba le ts’aba hore le tla sitoa ho sebeletsa likhutsana tsa banana ka toka, nyalang basali ba khetho ea lona, ba ba beli kapa ba ba raro ho isa boneng; empa ha le ts’aba hore le tla hloka toka lenaneng le kaalo, nyala a le mong, kapa makhoba a letsoho le letona la hau. Sena se nepahetse hore le se bake likhohlano

[4] Le nehe basali bao lebanyalang mpho e lokolohileng ea lenyalo ka pelo ehloekileng; empa ka boithatelo ba bona ba ka hana karolo e ‘ngoe ea eona, e nke ka ntle ho ts`abo ea letho

[5] Le se nehe balithotho mafa a bona ao le a bolokileng mafeng a lona, ao Allah a le nehileng oona ho ka a holisa; empa le ba fepe le ho ba apesa ka oona, le ba buise ka mosa le toka

[6] Likhutsana le li behe tekong ho fihlela lilemo tsa lenyalo; ha le fumana horebana le boikarabello, balokolleleng mafa a bona; le se ke la a ja bohlasoa ka mokhoa oa ts`enyo pele ba fihlela lilemo tse lumellehang. Eo e leng morui baholising ba likhutsana, a se ke a batla lits’enyehelo; empa ha e le mofutsana a lumelloe ho kuka lits’enyehelo tse lumellanang le boemo ba kholiso ea hae. Nakong eo le fanang ka mafa a likhutsana, ebang le lipaki ponts’eng ea bona. Empa Allah U lekane joaloka Motsebi oa tsohle

[7] Hona le karolo ea banna le basali ho tse siiloeng ke batsoali kapa batsoalani le bona, ba nehoe karolo ea bona; ho sa khethelle hore na lefa le le nyenyane kapa le leholo, – empa ho aroloe ka molao oa tekano

[8] Ekare nakong eo ho aroloang lefa hoa fumaneha hore ba leloko, likhutsana le bafutsana ba teng, ba feng karolo, le ba buise ka mosa

[9] Ba arolang mafa ba be le ts’abo e ts’oanang ea boits’oaro ba bona ho likhutsana, joaloka ha eka e ne e le bona ba siileng ts’oala e hlokang thuso e neng e tla ba le ts’abo ho bona. Ba ts’abe Allah, ba ba buise mantsoe a nepahetseng

[10] Ruri ba jang mafa a likhutsana ka bohanyapetsi, ba mpa ba itjella mollo, batla chesoa khanareng ea mollo

[11] Allah U le laela ka kabo ea mafa a bana bal ona: kabelo ea e motona e lekane le tse peli tsa ba bats’ehali, haeba hona le basali ba fetang bobeli, kabelo ea bona eba bobeli ho boraro ba lefa, haeba a le mong feela, kabelo ea hae eba karolo ea lefa. Ho batsoali e be bo ‘ngoe ho bots’elela ba lefa le seiloeng ke mora, haeba mofu a ne a e na le mora, kapa a se na eena, batsoali ba hae ke bona bajalefa, o tla abeloa bonngoe ho boraro; ha a ne a e na le baena kapa likhaitseli, o tla abeloa bonngoe ho bots’elela. Ka mora hoba lefa lefe kapa lefe le ajoe, kapa ka mora hoba melato e lefshoe. Har’a batsoali ba hau, kapa bana ba hau; u ke ke oa tseba hore na ke ba fe ba haufi le uena ba tla ba molemo mafeng a joalo. Ke melao e tsoang ho Allah. Allah U tseba tsohle, O Seli

[12] Kabelo ea hau ke karolo ea seo basali ba hau ba se siileng, habanebase na ngoana; empa haeba ba ne ba ena le ngoana, kabelo ea hau ke bonngoe ho bone ba seo ba se siileng, ka mora hoba lefa lefe kapa lefe le ajoe, kapa melato ebang e teng e lefiloe. Haeba e le uena ea sieang lefa kabelo ea bona (basali) ke bonngoe ho bone haeba u ne u se na ngoana, empa haeba u ne u e na le ngoana kabelo ea bona ke bonngoe ho borobeli ba seo u se sieang, ka mora hoba lefa lefe kapa lefe le ajoe, kapa melato eo u e entseng e lefiloe. Haeba monna, kapa mosali a e na le mojalefa ea sebakana, a siea batsoali kapa ngoana, ekaba monna kapa mosali ha feela a e na le moholoana’e kapa khaitseli, ka lehlakoreng la ‘ feela, e mong le e mong oa bobeli boo o tla fumana bonngoe ho bots’elela, empa ha ba feta bobeli ba tla arola bonngoe ho boraro, ka mora hoba lefa lefe kapa lefe le ajoe, kapa melato e lefiloe e sa utloise bohloko bajalefa ka kabo e fetang boraro ba lefa. Ke melao e tsoang ho Allah. Allah U tseba tsohle, o khotsofatsa bohle

[13] Tsena ke lipehelo tsa Allah. Mong le mong ea mamelang Allah le moromuoa oa hae, Allah U tla amoheloa lirapeng tseo linoka liphallang tlas’a tsona, moo teng batla phela kahosafeleng. Eo e tlaba katleho e kholohali

[14] Haele ea sa mameleng Allah le moromuoa oa hae, a tlola meeli ea Allah, Allah U tla mo lahlela mollong, moo teng o tla phela kahosafeleng; sa hae e tla ba timelo e soabisang

[15] Ba bang ba basali ba lona ba etsang bohlola, bitsang lipaki tse ‘ne tse tsoang har’a lona tse tla paka khahlanong le bona. Ha ba ka paka ka ‘nete hore ba molato, ba bolokeng ka khetheho ka matlung ho fihlela lefu le ba kuka, kapa ho fihlela Allah a ka ba khethela tsela e ‘ngoe (ho tsoa molaong o mocha)

[16] Bobeli batho ha le molato oa bohlola, ba ahloleng. Ebang ba baka, ba etsa mesebetsi e hloekileng, ba tloheleng. Ruri! Allah U khutla-khafetsa, mohau oa hae o ea khaphatseha

[17] Ts’oarelo ke ea Allah feela khahlanong le ba etsang libe ka botlaopa, kapele-pele ba khutle bainyatse ho Allah. Bana ke bao Allah a retelehellang ka ho bona. Ruri Allah U tseba kahosafeleng, O Seli

[18] Boinyatso ha bona thuso ho ba phehellang ho etsa liketso tse mpe ho fihlela e mong oa bona a le lekhatheng la lefu, e be o re: “joale ke ea inyatsa;” kapa ba tla shoa ba ntse bahloka- tumelo. Hoba joalo re se re lokisitse timelo e bohloko

[19] Oho lona ba kholoang! Ha le ea lumelloa ho kenela bahlolohali ba mehahabo lona ka sheshe, kapa hona ho ba qobella ho etsa se ratoang ke lona hore le tle le ba amohe karolo ea mahali ao le neng le ba nehile ona, ntle le haeba ba le molato oa bohlola bo pepenene. Le phele le bona ka mofuthu le mosa. Haeba le ka ba hloea ho ka etsahala hore le hloee se seng seo Allah a ka hlahisang botle bo boholo ka sona

[20] Ha u lakatsa ho nyala mosali e mong ho nka sebaka sa mosali oa hau, ebang u ne u se u nehile mosali oa pele mahali ho sa khethellehe hore na a na le bongata bo bokae, u se nke letho ho ona. Na u ka nka mahali ao ka sesomo, e be u etsa sebe ka kotloloho

[21] U ka khutlisa mahali joang ka mora hoba e mong oa lona a kene ho e mong, e bile ba nkile kano e boima ho uena

[22] Le se nyale basali baneng banyetsoe ke bo-ntata lona, haese se kileng sa etsahala khale. Ruri! Bohlola bo soabisang bo bile bo nyonyeha, e ne e le moetlo o silafetseng Ruri

[23] Bao le hanetsoeng hoba nyala ke bana: – bo-’ma’ lona le barali ba lona, likhaitseli le bo-rakhali’a lona, bo-mangoan’a lona le barali ba baena ba lona, barali ba likhaitseli tsa lona, bo – ‘-monyants’etsi le barali ba bo-me’-monyants’etsi, bahoehali ba lona le barali ba basali ba lona ba tlhokomelong ea lona, ba bile batsoetsoe ke basali ba lona bao le ileng la kopanela likobo le bona – empa haeba le sa ka la kopanela likobo le bona, ha hona sebe ho lona ha le ka nyala ba – le hanetsoe ka basali ba bara ba lona bats’oileng mathekeng a lona. Hape le hanetsoe ho nyala barali ba monna a le mong ka nako e le ‘ngoe, haese se kileng sa etsahala linakong tse fetileng. Ruri, Allah U ts’oarela-khafetsa, U tletse mohau

[24] Le hanetsoe basali bohle ba nyetsoeng, ntle ho bao matsoho a lona a matona a ba ruileng (bahapuoa). Ena ke melao ea Allah. Bohle ba sa boleloang mona, ha feela eba le ba batla ka matlotlo ao le nang le ona ka lenyalo le otlolohileng, ese bohlola. Ka hoba nyala le ba batlela khotsofalo le molemo e seng bohlola, ba neheng mahali a bona tje kaha e le ts’ebeletso. Ha hona sebe ho lona ha le ka fetola tekanyo ea mahali ka litumellano ka mora hoba le fane ka ona. Ruri Allah U tletse tsebo, o Seli

[25] Haeba hona le e mong ea ke keng a khona ho nyala basali ba bolokolohing ba kholoang, ba lokolleng ba nyalane le makhoba a kholoang ao matsoho a matona a lona a b aruileng. Ke Allah ea tsebang ka botlalo tumelo ea lona, le ba leloko le le leng. Ba nyaleng ka tumello ea beng ka bona, le be le ba nehe mahali a bona ka litumellano tse amohelehang, batla hlompha, base etse bohlola, kapa hona ho its’oara hampe. Ha ba se banyetsoe ka hlompho ha ba ka etsa bohlola, ba tla be ba ipitsetsa karolo ea kahlolo e fanoeng sebakeng sa basali ba seng bokhobeng ka mabaka ao. Sena ke sebakeng sa eo ea har’a lona ea ts’abang sebe. Empa haeba le ka ba le mamello seo se ka ba molemo ho lona. Allah U ts’oarela-khafetsa, U tletse mohau

[26] Allah U lakatsa ho le totobaletsa le hona ho le tataisa ka mehlala ea ba bileng teng pele ho lona, o lakatsa ho khutlela ka ho lona ka mohau. Ruri Allah U tseba tsohle, o Seli

[27] Allah U lakatsa ho retellehela ka ho lona ka mohau; empa ba latelang litakatso tsa bohata ba mpa ba lakatsa ho le khelosetsa hole-hole le tsela e otlolohileng

[28] Allah U lakalitse ho le bebofaletsa mathata, hobane motho o bopiloe a fokola

[29] Oho lona ba kholoang! Le se je maruo a lona lekeme-keme har’a lona ka boikhabo, haese feela eba le hoebisana ka setsoalle se amohelehang. Le se ke la bolaeana. Ruri! Allah ke Ramohau ho lona

[30] Ha ho le teng ea ka etsang joalo ka bokhopo le hona ho hloka toka, re tla mo akhela har’a mollo, seo se bobebe ho Allah

[31] Ha le ka ikhula khahlanong le libeng tse kholo tseo re le hanetseng tsona, Ruri re tla hlakola liketso tsa sebe ho lona e be re le kenya hekeng ea tlotla e kholo

[32] Le se ke la honohela ntho eo Allah a entseng hore ba bang ba fete ba bang ka eona. Hobane ho banna ho fanoe ho latela seo ba se kotutseng, le ho basali ho fanoe ka mokhoa o ts’oanang. Le se ke la honohelana ka bo-lona, empa le kope Allah ka matlotlo a hae. Ruri! Allah U tseba lintho tsohle

[33] Ho bohle re thontse bajalefa ba matlotlo a sihiloeng ke batsoali le ba leloko le hauts’oane; le ho bao ebang matsoho a lona a matona a entse selekane le bona, le ba nehe likarolo tsa bona. Ka `nete Allah ke paki holim’a lintho tsohle

[34] Banna ke basireletsi le bahlokomeli ba basali, hobane Allah U entse hore e mong oa bona a fete e mong ka matla, banna ba tlameha ho sebelisa matlotlo tlas’a tlhokomelo ea bona. Ka hona basali ba itlhomphang ke ba hlonephang le hona ho mamela banna ba bona, ba bile ba boulela sephiring seo Allah A ba laetseng ho se boulella. Haele basali bao le ts’abang hore ba ke ke ba le mamela, ba khalemeng, le be le hane ho kopanela likobo le bona, le hona hoba shapa ha ba ntse ba pheeletse. Haeba ba ka le mamela, le se ke la tsomana le mekhoa ea hoba khopisa. Ruri Allah U phahame ka ho fetisisa, o moholo

[35] Haeba le ts’aba hore ba ka ts’oha ba roba litumellano lipakeng tsa bona, thonyang bakhalemi ho tsoa ka lapeng la bo monna le la bo mosali. Haeba ba lakatsa ho bopa khotso, Allah U tla ba etsa ntho e leng ngoe. Allah U tseba tsohle, o hlokolosi

[36] Khumamelang Allah. Le se be le batlatsetsi ntle le eena. Le bonts’e mohau le boits’oaro ho batsoali, le hoba leloko la lona, ho likhutsana, le ho bahloki, ho baahaisane ba haufi le lona, le ho baahaisane ba ka thoko, ho bahahlaoli le mofeta ka tsela, le ho makhoba ao matsoho a lona a matona a ba ruileng. Hobane Ruri Allah ha a rate baikhants’ang le ho ikhohomosa

[37] Ba lekhonatha ka matlotlo a bona, ba bile khothaletsa bokhonatha ho ba bang, le hona ho pata tseo Allah A ba sitsitseng ka tsona tsa motlopotlo oa Hae. Ruri Re lokiselitse maila-tumelo timelo e soabisang

[38] Ba sebelisang matlotlo a bona ho iponahatsa ho batho, ba bile ba sa kholoe ho Allah le ho letsatsi la bofelo(ke metsoalle ea satane), ea kukileng satane ho ba molekane oa hae, Ruri eo molekane o nyonyeha hakakang

[39] Tahlehelo e ne e tlaba efeng ha ba ne ba khotsoe ho Allah le ho letsatsi la bofelo, ba bile ba sebelisa ka kotloloho seo Allah A ba sitsitseng ka sona. Ruri Allah U hlokolosi ka bona le ho tsohle tseo ba li etsang

[40] Ruri! Allah ha A fose le hanyenyane feela; ha feela e ba ho teng ketso e lokileng, U tla e menahanya A be A nehe moetsi oa eona ponts’eng ea hae moputso o moholohali

[41] Ho ne ho tla ba joang ho bona ha re ne re tlisitse paki e tsoang ho mehlobo eohle, joale e be re tlisa uena muhammad hoba paki khahlanong le bona

[42] Mohla letsatsi leo ba ileng ba hloka tumelo le ho se mamele Moromuoa ba ne ba tla lakatsa e ka ba ke be ba ile ba tsoakoa le mobu, empa ha ho seo ba ka se patang ho Allah

[43] Oho lona ba kholoang! Le se atamele thapelong le tauoe, ho fihlela le tseba seo le se buoang, kapa nakong eo le sa hloekang, haese ha le le leeton, ho fihlela le totse le ohle. Haeba le kula, kapa le le leetong, kapa e mong oa lona a etsoa ntloaneng ea boithuso, kapa eba le bile le kamano le basali, le sa fumane metsi, le ka nka mobu o hloekileng, la iphumula lifahlehong le matsohong ka ona (e leng tayamum). Ruri Allah U mosa, o ts’oarela khafetsa

[44] Ha u e s’o bone ba filoeng karoloana ea Lengolo kamoo ba ithekelang phoso ka teng, ba bile ba tsomana le ho le sutuletsa phosong moo ba lekang ho le nts’a tseleng e nepahetseng

[45] Ruri Allah U tseba hantle lira tsa lona. Allah U lekane hoba mots’oalle, Allah U lekane joalo ka mothusi

[46] Har’a Ma-Juda ho teng ba fetolang mantsoe ho tsoa tatellanong ea ona, ebe ba re: “Re’a utloa ha re ananele; re`a utloa ha re utloise letho” Ba boele ba re: “Re mamele!” ba sotha maleme a bona ka ho nyefola tumelo. Hoja ba ile ba re: “re’a utloa re ea phethisa; re etse hore re be le kutluisiso”; seo se ke be se bile molemo ho bona, se nepahetse ho fetisisa. Empa Allah U ba rohakile bakeng sa ho hloka tumelo ha bona, kahoo ha ba kholoe haese ba fokolang feela ba bona

[47] Oho lona ba filoeng Lengolo! Kholoang ho seo Re se senotseng hajoale se tihisang seo se teng ho lona, pele Re le sosobanya lifahleho Re li menolele ka hare, kapa Re ba rohake joaloka ha Re rohakile ba robi ba sabata. Molao oa Allah ka mehla o oa phethahatsoa

[48] Ruri Allah ha A ts’oarele ba mo kopanyang le batlatsetsi. O ts’oarela bohle, empa bao A ikhethetseng bona. Haele eo ea kopanyang batlatsetsi le Allah, Ruri o rerile sebe se se holohali

[49] Ha u e s’o bone ba ithorisang ka bohloeki? Che, Allah U hloekisa ea ratoang ke Eena, ba ke ke ba qhekelloa le ha ese ele hanyenyane feela

[50] Bona, kamoo ba qapang leshano ka teng khahlanong le Allah! Seo sona ke sebe se pepenene

[51] Ha u e s’o bone ba filoeng karoloana ea Lengolo? ba kholoa boselamoseng le melingoaneng ea bohata, ba bile ba re ka melingoana eo ho ba sa kholoeng: ba tataisitsoe ka nepo e kholo ho feta ba kholoang

[52] Ke bao Allah A ba rohakileng, eo Allah A mo rohakileng, o ke ke oa mo fumanela mothusi

[53] Kapa ba na le karolo pusong? Haeba ho joalo, bake ke ba fana le ha e se e le ka qobanyana feela ho batho

[54] Kapa ba honohela batho ka tseo Allah A ba sitsitseng ka tsona tsa motlopotlo oa Hae? Hobane Re se Re ile Ra fana ka Lengolo le bohlale ho lelapa la Abrahama, Ra ba sitsa ka naha e kholohali

[55] Har’a bona ho teng karolo e neng e lumela ho lona, ha karolo e ‘ngoe e ne e sa le lumele. Lihele li ba lekane hore ba ka chesoa ho ts’oana

[56] Ruri ba latotseng lits’enolo tsa rona, Re tla ba lahlela mollong. Ka mehla ha matlalo a bona a eboha ke ho tlaboha, e be Re ba apesa ka matlalo a macha e le hore ba tle ba latsoe kahlolo. Ruri Allah U matla ohle, O Seli

[57] Empa ba kholoang ba bile ba etsa mesebetsi e lokileng, Re tla ba amohela har›a lirapa tseo linoka li phallang tlas›a tsona, batla phela kamoo kahosafeleng, moo teng ba tla ba le balekane ba hloekileng, Re tla ba amohela moriting o pholileng

[58] Ruri Allah U laela ho busetsa tseo le neng le li ts›epetsoe ho beng ba tsona (mekoloto), haeba le ahlola lipakeng tsa batho, ahlolang ka toka. Ruri! Se ipabotseng ke sena seo Allah a le hlokomelisitseng sona. Ruri Allah U Utloa tsohle, U bona tsohle

[59] Oho lona ba kholoang! Mamelang Allah le moromuoa oa hae le bao har’a lona ba nang le matla a puso; haeba le na le khohlano ka se seng har’a lona, se lebiseng ho Allah le ho Moromuoa haeba ka ‘nete le ba kholoang ho Allah le ho letsatsi la bofelo. Ke sona se molemo, e bile se hlompheha ka ho fetisisa pheletsong

[60] Na ha u e s’o bone ba ikaketsang ka hore ba kholoa ho se senotsoeng ho uena le ho se senotsoeng pele ho uena, kamoo ba lakatsang ho ea ho melingoana ea bohata ho ea ahlola likhang tsa bona, empa ba ile ba laeloa ho khaotsa ho ea ho bona? Takatso ea satane ke ea hoba khelosetsa thoko-thoko le ‘nete

[61] Ha ho thoe ho bona: “tlohong ho se senotsoeng ke Allah, le tle ho moromuoa,” ke moo u tla bona baikaketsi ba u furalla ka ho nyonya

[62] Ho tla ba joang ha ba se ba apareloa ke bomalimabe ka lebaka la seo matsoho a bona a se rometseng nale? batla ho uena ba ikana ka Allah, “re ne re sa tsome letho haese maikutlo le litumellano tse amohelehang”

[63] Bao Allah U tseba se ka lipelong tsa bona; ba hlokomolohe empa ba khaleme, le ba eletse le hona hoba biletsa litabeng tsa meea ea bona ka linako tse hlakileng

[64] Ha Re e s’o romelle Roromuoa feela haese hore a mameloe ka thato ea Allah. Haeba ba ne ba iphoselitse ka bo-bona, e be ba ile ba tla ho uena ho tla kopa ts’oarelo ea Allah, le ho tla ho Moromuoa ho ka ba kopela ts’oarelo ea Allah; ba ke ba fumane hore Allah U ts’oarela-khafetsa, U khaphatseha mohau

[65] Empa, ka Mong`a hau ba ke ke ba eba le tumelo ho fihlela ba u etsa moahloli har’a likhang lipakeng tsa bona, ho se khanyetso meeng ea bona ho liqeto tseo uena u li fihletseng, bali amohele ka boithapalatso

[66] Haeba re ne Re ba laetse hore: “ipolaeng kapa sieang malapa a lona,” ke ba fokolang feela ba ke beng ba entse seo; haeba ba ne ba entse kamoo ba neng ba bolelletsoe ho etsa ka teng, ho ka be ho bile molemo ho bona, ba ne ba tla tiea tumelong ho feta

[67] Re ke be Re ba sitsitse ka moputso o moholohali o tsoang ho bo teng ba Rona

[68] Re bile Re ba tataiselitse tseleng e otlolohileng

[69] Haele ba mamelang Allah le Moromuoa, ba tla ba har’a ba Allah A ba bonts’itseng molemo, ba har’a Baporofeta le bats’epehi, bashoela-tumelo, lebalokileng. Ah! setsoalle se setle ha ka kang

[70] O joana motlopotlo oa Allah, Allah ke Motsebi oa tsohle

[71] Oho lona ba kholoang! Ebang hlokolosi, le hona ho beha lihloela nale, tsameang ka lihlots`oana kapa le ka tsamaea `moho

[72] Ruri har’a lona ho teng ea tla salla morao; e re ha bomalimabe bo le hlahela, o re: “Allah U bile lerato ho ‘na haele mona ke bile sieo har’a bona.”

[73] Haeba Allah a ka le sitsa ka motlopotlo oa hae, Ruri o ne a tla lla joaloka ha e ka ho ne ho se lerato le teng lipakeng tsa lona le eena, a re: “oho, ke lakatsa e ka nka be ke bile har’a bona, nka be ke fihletse katleho e kholohali!”

[74] Ba tloheleng ba loanele tsela ea Allah ba rekisang bophelo ba lefats’e lena ka theko ea bo-tlang. Haele ea loanetseng tsela ea Allah, ebang a bolailoe kapa a ikhapetse tlholo, Re tla mo sitsa ka moputso o moholohali

[75] Molato oa lona ke’ng le ke keng la loanela tsela ea Allah? Har’a banna le basali ba khatellong, le bana ba fokolang bao sello sa bona e leng: “Mong`a rona! Re pholose motseng ona oo batho ba ona e leng bahatelli! Oho hle! A k’u re nehe ho tsoang bo- teng ba Hau mots’oalle ea tla re ts’ireletsa! Oho, a k’u re nehe ho tsoa bo-teng ba hau mosireletsi

[76] Ba kholoang bona ba loanela tsela ea Allah; botlhoka-tumelo le bona ba loanela tsela ea bo-liabolosi. Kahoo le loants’e metsoalle ea liabolosi. Ruri bo-menemene ba satane bo ea fokola

[77] Na ha u e s’o bone bao ho itsoeng ho bona: “phuthang matsoho a lona, le rapele le hona ho fana ka linyehelo, eitse hoba ba laeloe ho loana; Bonang! Lequloana la bona le ts’aba batho joaloka ha ba ts’aba Allah, kapa ka letsoalo le fetang leo hole, ba re: “Mong`a rona! Hobaneng ha u ile oa re laela ho loana?” hoja e be u ile oa re neha phomolo ea nakoana! Oho ba bolelle u re: “monyaka oa lefats’e lena o oa fokola; empa bophelo bo-tlang bo tla ba molemo ho ea sesefang bobe; le ke ke la qhekoa le ha e se e le hanyenyane feela

[78] Hohle moo le leng teng, lefu le tla le fihlela, le ha le kabaka har’a matlo a mekato. Empa ha ba ka hlaheloa ke se ba thabisang ba re: “sena se tsoa ho Allah;” ha ba hlaheloa ke se sebe ba re: “Oho sena ke mesebetsi ea hau.” u re ho bona: “tsohle li tsoa ho Allah. Ho etsahala eng ka batho baa haele moo ho sa fihle likelellong tsa bona hore ba utloisise se etsahalang?”

[79] Botle bohle bo ka le hlahelang bo tsoa ho Allah, bobe bohle bo ka le hlahelang bo tsoa ho lona. Re u rometse joaloka Moromuoa ho batho, Allah U lekane hoba paki

[80] Ea mamelang Moromuoa, Ruri o mametse Allah; empa ba tla hloka kutlo: ha re’a u romella hore u kabale tlhokomelo holim’a bona

[81] Ba re: “re ea kholoa” Empa ha ba u furalla, mokhahlelo o mong oa bona o sesa busiu o loha mano khahlanong le seo o se bolelang. Empa Allah u ngola merero eo; kahona ba hlokomolohe, o behe ts`epo ea hau ho Allah. Allah O lekane ka ho sa feleng e le Morarolli oa litaba

[82] Na ha ba ipotse ka thata ka Koran? Hoja e ne e tsoa hobabang kathoko ho Allah, ba ke be ba fumane likhohlano tse ngata le ho se lumellane ha litaba ka har’a eona

[83] Empa ha ba ka fihleloa ke litaba tse molemo kapa tse ts’osang, ba ea lijala-jala, athe hoja e be ba ile ba li lebisa ho Moromuoa, joaloka ha hona le ba nang le matla a puso har’a bona, bao ereng ha qaka e le teng ebe ba ea e seka-seka; ba ke beng ba e tsebile. Hoja e se be ka lereko le mohau oa Allah le ke be le latetse Satane, ntle le ba fokolang feela ba lona

[84] Oho muhammad! Loanela tsela ea Allah – u ke ke ua jarisoa mojaro o tla u hlola, haese mojaro oa hau feela – empa u khothatse ba kholoang. Ka mohlomong Allah U tla thibela morusu oa botlhoka-tumelo. Hobane Allah U matla a ts’abehang, o na le matla a ho fana ka kahlolo

[85] Haele ea thusang ketsong ea botle, o tla fumana moputso oa bona, ka mokhoa o ts’oanang le eo ea thusang ketsong ea bobe; o tla fumana litholoana tsa bona. Allah U bona lintho tsohle

[86] Haeba motho a le lumelisa ka tumeliso e nepahetseng, e khutlisetseng ka tumeliso e fetang eo kapa le e khutlisetse e le joalo. Bonang! Allah U hlokolosi palong ea lintho tsohle

[87] Ruri ke Allah! Ha ho molimo o mong ntle ho Eena. U tla le khobokanya ‘moho mohla letsatsi la tsoho leo ka lona ho seng khoaho. Ke mang ea ka buoang ‹nete e fetang ea Allah

[88] Ke se feng se le fileng mathata haele moo le se le le likarolo li peli malebana le baikaketsi, hobane Allah Ubanehile tubeho sebakeng sa ho hloka tumelo ha bona? E ka le batla ho tataisa eo Allah a mo khelositseng? Oho muhammad haele eo Allah A mo khelositseng sebakeng sa hae u ke ke oa mo fumanela tsela

[89] Ba lakatsa e ka le ka hloka tumelo jaoloka ha ba e hloka, e le hore le tle le be maemong a ts›oanang le bona. Ka hona le se khethe mets›oalle har›a bona ho fihlela ba ka siea malapa a bona sebakeng sa ts›ebeletso ea Allah; haeba ba ka le koenehela bats‘oareng le ba bolae hohle moo le ba fumanang, le se ke la khetha mots›oalle kapa mothusi har›a bona

[90] Kantle le ba ba tlang ts›ireletso ho batho bao le nang le maqhama a sets›oalle le bona, kapa batlileng ho lona hobane lipelo tsa bona li ba hanetse ho luka ntoa khahlanong le lona, kapa hona ho luka ntoa khahlanong le mehahabo bona. Hoja e be Allah U ne a ratile a ke be A ba nehile matla holim’a lona, ba ke be ba le loants’itse. Kahoo haeba ba iphutha khahlanong le lona, ba bile ba sa luke ntoa le hona ho bopa khotso le lona, Allah ha A le lumella ho nka monyetla khahlanong le bona

[91] Le tla fumana ba bang ba bona ba lakatsa e ka ba ka fumana ts’ireletso ho lona, le ts’ireletso e tsoang ho batho ba bona. Ka linako tsohle ha ba kenetsoe ke bora eba ba oela lemeneng leo. Empa haeba ba sa suthe pel’a lona ba bile ba se na tihisetso ea khotso, kapa hona ho phutha matsoho a bona, joale ba ts’oareng le ba bolae hohle moo le ba fumanang. Athe khahlanong le ba joalo Re le nehile boikarabello bo hlakileng

[92] Ho se be molumeli ea ka bolaeang molumeli e mong, kantle le haeba ekaba ka phoso. Haeba ho ka etsahala hore e mong a bolae e mong ka phoso, o ts’oanela ho lokolla lekhoba la molumeli, le hona ho lefa mats’eliso lelapeng la bo mofu, kantle le haeba ba ka e hana ba e nka e le nyehelo. Haeba mofu e ne e le e mong oa lira tsa lona, e ne e le molumeli, ho lekane hore ‘molai a ka lokolla lekhoba le tumelong e le boinyatso. Haeba mofu e ne e le oa batho bao le nang le maqhama a selekane lipakeng, mats’eliso a ts’oaneloa ho lefshoa ho beng ka eena, le lekhoba le tumelong le ts’oanela ho lokoloha. Empa haeba hona le ba fokolloang ke matla malebana le sena, bona ba ts’oanela ho itima ka likhoeli tse peli tse tletseng. Sena e tla be ele boinyatso ho Allah. Allah ke Motsebi oa Tsohle, U Seli

[93] Haeba hona le ea ka bolaeang lesolomane ka boikemisetso, Ruri moputso oa hae ke lihele kahosafeleng. Khalefo le thohako ea Allah li malebana le eena, o lokiselitsoe timelo e ts’abehang

[94] Oho lona ba kholoang! Ha le etela linaheng tse ling ka ts’ebeletso ea Allah, ebang hlokolosi malebana le khethollo, etle esere ha motho e mong a le lumelisa ka khotso e be le re: uena ha u molumeli, moo le habileng lintho tsa mafeela tsa lefats’e lena hore le tle le mo ts’ekise tsona. Ruri ho Allah hona le mekhoa e mengata. Le ha ho le joalo, le lona le bile joalo, pele Allah A ts’ollella melemo ea hae ho lona. Ka lebaka leo ebang Seli malebana le khethollo. Hobane Allah Ruri o tseba tsohle tseo le li etsang

[95] Athe haele ba lutseng malapeng a bona, kantle le likooa, ha ba lekane le ba tsitlalletseng ho loanela tsela ea Allah ka thepa le ka botho ba bona. Allah U fane ka maemo a phahameng ho ba tsitlalletseng ka thepa ea bona le ka botho ba bona bo phahametseng ba pharameng malapeng a bona. Etsoe e mong le e mong Allah U ba ts’episitse botle, empa o ts’olletse moputso o moholo-hali ho ba tsitlaletseng o phahametseng ba pharameng malapeng a bona

[96] O fana ka lihlohlolo tsa maemo, ts’oarelo le mohau. Hobane Ruri Allah U ts’oarela-joalo-joalo, mohau oa hae o oa khaphatseha

[97] Bonang! Manyeloi a tla nka meea ea batho ba shoetseng sebeng, ke moo manyeloi a tla ba botsa a re: “le ne le le mathateng a joang?” ba tla re: “re ne re hateletsoe lefats’eng.” Joale e be manyeloi a re: “e be lefats’e la Allah le ne le se batsi hoo le ka beng le ile la falla tubehong e joalo?” Ruri ba na lehae la bona e tla ba lihele, pheletso e mpe Ruri ea leeto

[98] Haese ba fokolang feela har’a banna, basali le bana ba sa khoneng ho loha mano ba bile ba sa bonts’oa tsela

[99] Ruri ba joana ba na le tiisetso ea hore Allah U tla ba ts’oarela. Hobane Allah U Mohau, U ts’oarela-khafetsa

[100] Haele ea telang lelapa la hae ho ea loanela tsela ea Allah U tla fumana likhutloana tsa boits’ireletso li le ngata le motlopotlo lefats’eng, eo ea tla tela lelapa la hae, e be o phaphathehela ho ea batla ts’ireletso ho Allah le ho moromuoa oa hae, e be lefu le mo tsometsa moo, Ruri moputso oa hae o ho Allah. Allah U ts’oarela kahosafeleng, e bile U tletse mohau

[101] Nakong eo le ntseng le hahlaula le lefats’e, ha hona sebe ho lona ha le ka khutsufatsa lithapelo tsa lona haeba le ts’aba hore botlhoka-tumelo ba ka ‘na ba le hlasela. Hobane ka ‘nete botlhoka-tumelo ke lira tse pepenene ho lona

[102] Nakong eo u emeng har’a bona u ntse u itokisetsa ho ba etsetsa thapelo, lokolla sehlopha se seng feela sa bona ho ema le uena thapelong, u se lumelle ho nka lihlomo tsa sona. Ha ba se ba phethisitse lithapelo tsa bona, ba lumelle ho ema ba larile ka morao ho lona, ebe u lokolla sehlopha se seng se e s’o rapele ho etsa thapelo ‘moho le uena, u balumelle hoba hlokolosi ebile lihlomo tsa bona li laotsoe. Athe haele botlhoka-tumelo bona ba laba-labela hore mohlomong bohlasoeng ba mabotho a lona ka lihlomo le thoto ea lona, eka ba ka le tsometsa ka sefutho hang. Ha hona sebe ho lona ha le ka beha lihlomo tsa lona thoko, haeba pula e se e le qabeletse kapa le kula. Empa le be seli. Ruri Allah U loki selitse botlhoka-tumelo kahlolo e soabisang

[103] Ha le se le phethahalitse lithapelo tsa lona, le rorise Allah le lutse, le eme kapa le paqame. Ha le se le le ts’ireletsong, ts’oelang pele le etse lithapelo tsa lona ka tatellano. Hobane lihora tse tletseng tsa lithapelo li’a tlama ho ba kholoang

[104] Le se emise ho salama sera. Haeba le na le mathata, le bona ba na le mathata joaloka lona, le hoja lona le na le ts’epo ho Allah, bona ba e hloka. Ruri Allah U tseba kahosafeleng, U Seli

[105] Bona! Re u senoletse Lengolo le le nang le ‘nete, e le hore u tle u ahlole lipakeng tsa batho ka seo Allah a u bonts’itseng sona. U se be ‘muelli oa ba bohata

[106] Empa u kope ts’oarelo ea Allah. Allah U ts’oarela kahosafeleng, U tletse mohau

[107] U se ke oa buella batho bafoselitseng meea ea bona. Hobane Allah ha A rate ea bohata a bile a le har’a sebe

[108] Ba batla ho patela batho bonokoane ba bona, empa ba ke ke ba bo patela Allah. Allah U na le bona bosiu nakong eo ba ntseng baloha mano a sa khahliseng Allah. Allah U etselitse liketso tsohle tsa bona lesakana-la-nkope kahosafeleng

[109] Aha! Ke lona ba ka ba buellang bophelong ba lefats’e lena. Empa ke mang ea tla ba buella ho Allah mohla letsatsi la tsoho, kapa ke mang eo e tla ba mots’ireletsi oa bona

[110] Haele ea tla etsa sebe kapa a fosetse moea oa hae, hamorao ebe o tsoma ts’oarelo ea Allah, o tla fumana hore Allah U ts’oarela- joalo-joalo

[111] Haeba hona le’a ka etsang sebe, o se etsa joalo khahlanong le moea oa hae feela. Allah U tseba kahosafeleng, U Seli

[112] Haeba hona le’a ka etsang phoso kapa sona sebe, e be o se manamisa ea se nang molato, Ruri o itjarisa bo-eena ka bohata le sebe se nyarosang

[113] Empa hoja e se be ka lereko le mohau oa Allah holim’a, karolo e ‘ngoe ea bona e ka be e atlehile morerong oa bona oa ho u khelosa, empabatla ikhelosa bo-bona, ha ho kotsi eobaka u hlahisetsang eona hohang. Hobane Allah U u senoletse Lengolo le halalelang le bohlale, abaa u ruta seo u neng u sa se tsebe hohang. Lereko la Allah ho uena le leholo

[114] Ruri ha hona botle bo bo kaalo lipuong tsa bona tsa lekunutung, haese ho eo ea khothaletsang linyehelo, mosa le popo ea khotso har’a batho. Ea etsang joalo moo a habileng ho una monyaka oa Allah, holim’a hae re tla ts’ollela moputso o moholo-hali

[115] Haeba hona le’a ka bang khahlanong le moromuoa kamor’a hoba tataiso ea Allah e totobatsoe ho eena, ebe o latela tsela e ka thoko le’a bakholoang, Ruri re tla mo tlohella hona tseleng eo a sokolohetseng ho eona, ebe re mo lahlela liheleng – Ruri ena ke pheletso e mpe ea leeto

[116] Ruri! Allah ha a ts’oarele ea mo kopanyang le batlatsetsi. Empa o ts’oarela bohle bao a ikhethetseng bona. Haele ea kopanyang Allah le batlatsetsi Ruri o hlahlathela thoko-thoko le tsela

[117] Sebakeng sa hae ba bitsa feela ho melingoana ea basali; ha ho eo ba mo rapelang haese satane, lehlabaphieo

[118] Allah U ile a mo rohaka, satane A re: Ruri-Ruri ke tla khephola karolo e ngoe ea makhabunyane a hau e be ke’a e khelosa

[119] Ruri ke tla ba khelosa, ke tla tsosolosa litakatso ka hare ho bona, e be ke ba laela ho poma litsebe tsa likhomo, le hona ho fetola tlholeho ea Allah. Ea tla ikhethela setsoalle sa satane ho ena le sa Allah, Ruri o lahlehetsoe hoo tahlehelo ea hae e totobetseng

[120] Ruri satane o ba etsetsa lits’episo, o fehlile litakatso ka hare ho lipelo tsa bona, empa ha ho seo satane a ba ts’episang sona haese leshano

[121] Balateli ba satane lehae la bona e tla ba lihele, teng bake ke ba fumana ts’ireletso

[122] Empa ba kholoang bona, ba etsa liketso tse lokileng; Ruri re tla ba amohella ka har’a lirapa tseo linoka li phallang ka tlas’a tsona, kamoo teng batla phela kahosafeleng. Ena ke ts’episo e tsoang ho Allah ka ‘nete; etsoe ke mang ea ka buoang ‘nete sebele ho feta lentsoe la Allah

[123] E ke ke ea eba ho latela litakatso tsa lona, kapa litakatso tsa batho ba Lengolo tse ka pholosang mong le mong ea entseng sebe. Ea entseng sebe o tla fumana moputso oa sona, malebana le Allah a ke ke a fumana motsoalle ofe, kapa ofe ea ka mots’ireletsang kapa eena mothusi

[124] Mong le mong ea ka etsang liketso tse lokileng, hore na ekaba ea motona kapa e mots’eali e bile e le molumeli, Ruri batla kena Paradeising, ba ke ke ba qhekelloa leha e se e le hanyenyane feela

[125] Ke mang ea ka bang chatsi tumelong ho feta ea nyehetseng ts’ebeletso ea hae ho Allah ka ho etsa botle a bile a latela mehlala ea Abrahama ea kileng a ba le ‘nete tumelong? Ruri Allah ka bo-Eena U khethile Abrahama ele motsoalle oa Hae

[126] Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah. Ruri Allah U etselitse lintho tsohle lesakana-la-nkope

[127] Ba u botsa malebana le basali. U re: Allah U le nehile molao malebana le bona, le Lengolo leo le kileng la le pheteloa le fana ka molao malebana le likhutsana tsa basali tseo lona le sa faneng ka tseo le li laetsoeng malebana le bona le hoja le e na le takatso ea ho banyala; le bona bana ba tetemang, le tlameha ho sebeletsa likhutsana ka toka. Botle bohle boo le bo etsang, Ruri! Allah U hlokolosi ka bona kahosafeleng

[128] Haeba mosali a ts’aba bokhopo ba monna oa hae, kapa hona ho siuoa shalabeng, ha hona sebe ho bona ka bobeli haeba ba ka bopa khotso lipakeng tsa bona. Etsoe khotso e molemo. Empa meharo e bopeletsoe le kelello ea monna. Haeba le ka etsa tse lokileng le hona ho sesefa bobe, Ruri! Allah U tsebisisa hantle tseo le li etsang kahosafeleng

[129] Le ke ke la khona ho sebetsa ka tekano lipakeng tsa basali ba lona, ho sa tsotellehe hore na u lakatsa ho phethisa ha kae. Empa le se ke la furalla mosali a le mong kaofela ha lona, ka mokhoa oa ho mo siea shalabeng. Haeba le ka etsa botle le hona ho sesefa bobe, Ruri! Allah U ts’oarela-joalo-joalo, o tletse mohau kahosafeleng

[130] Empa haeba ba ka arohana, Ruri Allah U tla putsa ka bo mong ho tsoa motlopotlong oa hae o se nang tekanyo. Allah U hlokomela bohle, o tseba tsohle kahosafeleng

[131] Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah. Re ile Ra laela batho ba Lengolo pele ho lona, hajoale re laela lona hore le boloke ts’ebeletso ea lona ho Allah. Haeba le ka koeneha, Ruri! Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah, Allah ha A hloke, ke Mong`a lithoriso ka ho safeleng

[132] Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li ikarabella ho Allah. Allah U lekane joalokaha e le mots’ireletsi

[133] Hoja o ne A ratile, oho batho, U ne A ka le ripitla, o ne A tla hlahisa batho ba bang sebakeng sa lona. E bile Allah a ka khona ho etsa joalo

[134] Mong le mong ea lakatsang moputso oa lefats’e lena, a tsebe hore ho Allah hona le moputso oa lefats’e lena le moputso oa bo-tlang. Ruri Allah U utloa tsohle, o bona tsohle

[135] Oho lona ba kholoang! Tsitlallelang holim’a toka le pake le Allah, le hoja e le khahlanong le bo-lona kapa malebana le batsoali ba lona, beng ka lona, ekaba malebana le barui kapa bafutsana, hobane Allah U haufi bobeling ba lona kamoo le le ka teng. Kahoo le se latele litakatso tsa lipelo tsa lona, hobane ka mohlomong le tloha le sotha ‘nete, haeba le ka kheloha kapa la oela ka thoko, Allah U tsebisisa hantle tseo le li etsang

[136] Oho lona ba kholoang! Kholoang ho Allah le ho Moromuoa oa Hae, le be le lumele ho Lengolo leo a ileng a le senolela Moromuoa oa hae, le ho Lengolo leo a ileng a le senolela ba bileng teng pele ho eena. Haele eo ea sa lumeleng ho Allah le ho Manyeloi a Hae, le Mangolong a hae, le ho Baromuoa ba hae, a bile a sa lumele ho letsatsi la bofelo, Ruri o khelohetse tubehong e thoko-thoko haholo

[137] Haele ba kholoang, e re kamorao ba e koenehele, ba boele ba lumele hape, khabareng ba ntoo e koenehela, ba phehelle ho se lumele, Ruri! Allah a ke ke a ba ts’oarela, kapa hona ho ba tataisetsa tseleng e nepahetseng

[138] Fanang ka litaba tse molemo tsena ho baikaketsi hore sebakeng sa bona hona le timelo e mahlonoko

[139] Ba ikhethelang botlhoka-tumelo hoba metsoalle ea bona hona le ba kholoang! Na e be ba shebile matla a matsohong a bona? Ruri! Matla ohle a ho Allah

[140] Allah U se a ile a le senolela temana ka hare ho Lengolo, hore haeba le ka utloa lits’enolo tsa Allah li nyatsuoa le hona ho nyefoloa, le se ke la lula le banyefoli bao ho fihlela ba ka fetohela moqoqong o sele. Haeba le ka lula le bona le tla tloha le ts’oana le bona. Hobane Ruri! Allah U tla bokella baikaketsi le botlhoka-tumelo hammoho, ka hare ho lihele

[141] Batho bana ke ba emetseng hore ba bone phetoho malebana le lona, haeba tlholo e ka tla ho lona e tsoang ho Allah, batla re: na ha re’a ka ra ba le lona? Empa haeba e le botlhoka- tumelo ba thulanang le katleho ba tla re: ha se moo re atlehile ho le feta; na ha se rona ba ileng ba le ts’ireletsa malebana le bakholoang? – Ruri! Allah U tla ahlola lipakeng tsa lona mohla letsatsi la tsoho, ‘Allah a ke ke a fana ka tsela efe kapa efe ea katleho malebana le botlhoka-tumelo

[142] Bonang! Baikaketsi ba batla ho qhekella Allah, empa ke Allah ea ba qhekelletseng. Ha ba ema thapelong bae etsa ka monyebe, haese feela hore ba bonoe ke batho, empa ha ho letho leobale nahanang ka Allah haese hanyane feela

[143] Ruri menahano ea bona e ea farasa, ka ho ipotsa hore na ba ka ikarabella ho ba kholoang kapa botlhoka-tumelo. Haele eo Allah A mo lesang ho kheloha, u ke ke oa mo fumanela tsela

[144] Oho lona ba kholoang! Le se ke la khetha botlhoka-tumelo hoba metsoalle ea lona hona le bakholoang. Na le lakatsa ho neha Allah bopaki bo hlakileng malebana le lona

[145] Bonang! Baikaketsi ba tla ba har’a khanare e tebileng ea mollo, u ke ke oa ba fumanela mothusi

[146] Kantle le haeba ba ka baka, ba basokolohe le hona ho tsitlalla ka tieo ho Allah, ba etse hore tumelo ea bona e hloeke malebana le Allah feela. Ruri! Bajoalo bahar’a ba kholoang. Allah U tla sitsa bakholoang ka moputso o moholohali

[147] Ke se eng seo Allah a ka se unang malebana le kahlolo ea lona ha feela eba le na le teboho ka mehau ea Hae, e bile le lumela ho Eena? Allah U arabela litaba tsohle, U hlokolosi kahosafeleng

[148] Hlokomelang! Allah ha a rate lipuo tse mpe ha li phatlalatsoa haese ha feela eba motho o kile a etsa bobe. Ruri! Allah U utloa tsohle, o tseba tsohle kahosafeleng

[149] Haeba le etsa botle pepeneneng kapa le bo etsetsa lekunutung, le hona ho ts’oarela libe, Ruri Allah U ts’oarela-kahosafeleng, U matla a ts’abehang

[150] Bonang! Haele ba sa lumeleng ho Allah le ho Baromuoa ba Hae, ba bile ba batla ho etsa khethollo lipakeng tsa Allah le Baromuoa ba Hae ka hore: re lumela ho ba bang, re hanana le babang, re batla ho ipatlela tsela lipakeng

[151] Ruri bana ke botlhoka-tumelo ka ‘nete; sebakeng sa bona re lokisitse timelo e tlotlollang

[152] Empa haele ba kholoang ho Allah le ho Baromuoa ba Hae, ba bile ba sa khetholle lipakeng tsa bona, Ruri Allah U tla ba neha meputso ea bona; hobane Allah haesale a ts’oarela- kahosafeleng, mohau oa Hae o oa khaphatseha

[153] Bathoba Lengolo ba u kopa hore u etse hore buka ea sebele e theohele ho bona e tsoang leholimong. ba kile ba kopa Moshe ntho e kholo mehleng ea khale, ba re: a k’u re bonts’e Allah pepenene. ba ile ba ilibangoa ke lehalima sebakeng sa nyeliso eo ea bona.’Ba ile ba ikhethela ho rapela namane kamor’a hoba lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah li finyelle ho bona. Leha ho le joalo re ile ra ba ts’oarela ka seo! Eaba re sitsa Moshe ka matla a puso a totobetseng

[154] Nakong eo Re neng Re amohela selekane sa bona Re ile Ra phahamisetsa tlhoro ea thaba ea tur ka holimo-limo ho bona: eaba re fetola se sebe ka se setle ho bona ra re: *kenang mokoallong oo ka boikokobetso!* Ra boela Ra fetola tse mpe ka tse ntle Ra Re: *le se ke la tlola lipallo tsa sabata!* eaba Re nka selekane sa tihisetso ho bona

[155] Empa ka lebaka la ho roba selekane hoa bona, le hona ho latola lits’enolo tsa Allah, le ka polao e sehloho ea bona ea Baporofeta, ba bile ba re: *lipelo tsa rona li thatafetse,* – empa Allah U litse lipelo tsa bona ka boka ho latela nyefolo ea bona, e le hore ba tle ba se ke ba lumela letho haese ba fokolang feela ba bona

[156] Le ka lebaka la ho nyefola tumelo hoa bona, le lipuo tsa bona malebana le Maria ka ho mo manamisa molato o moholo oa bohata

[157] Le ho latela puo ea bona e reng: re bolaile Jesu mora oa Maria, moromuoa oa Allah-empa habaea ‘molaea kapa hona ho mo thakhisa, empa ho bona ho hlahela joalo; bonang! Ba latolang malebana le sena, bahar’a lipelaelo ka sona; habana tsebo ka sona haese ho latella likhakanyo feela; ka ‘nete’ Ruri ha ba ea ‘molaea

[158] Empa Allah U ile a mo nkela ho eena. Ruri Allah U matla Oohle, U Seli kahosafeleng

[159] Ha ho le’a mong oa batho ba Lengolo ea ke keng a lumela pele ho lefu la hae, ebile mohla letsatsi la tsoho Jesu e tla ba paki khahlanong le bona –

[160] Ho latela liphoso tsa Ma-Juda, re ile ra ba hanela ka lintho tse lokileng tseo pele li neng li le molaong ho bona, le ho latela ts’itiso e kholo ea bona tseleng ea Allah

[161] Le hona ho nka tsoala le ho ja ba ne ba e hanetsoe, le ka ho ja matlotlo a batho hoa bona ka keko le bohata. Ruri sebakeng sa botlhoka-tumelo re lokisitse timelo e mahlonoko

[162] Athe haele bahar’a bona ba sa thekeseleng tsebong, ‘moho le ba kholoang ho seo u ileng oa se senoleloa, le ho se ileng sa senoloa pele ho uena, haholo-holo ba tsitlaletseng thapelong, le ba lefang zakaat, ba kholoang ho Allah le ho letsatsi la bofelo, Ruri re tla ts’ollela moputso o moholo-hali ho bona

[163] Bona! Re u senolela joalokaha re ile ra senolela Nooe le Baporofeta ba bileng teng kamorao ho eena. Re ile ra senolela Abrahama le Ishmaele, Isaaka le Jakobo, le Meloko, ea eba Jesu le Jobo, Jonah, Aarone le Salemone, eaba re fana ka lipesalema ho Davida

[164] Pejana ho mona re se re ile ra u hlalosetsa nalane ea Baromuoa ba bang, ha ba bang bona Baromuoa re e s’o u hlalosetse ea bona; ho Moshe teng Allah U kile a buoa sefahla mahlo

[165] Ke Baromuoa ba faneng ka litaba tse molemo, ebile e le tsa tlhokomeliso hore batho ba tle ba se ke ba pheha khang malebana le Allah kamor’a baromuoa. Hobane Allah U matla- ohle, O Seli kahosafeleng

[166] Empa Allah ka bo-Eena ke paki malebana le seo A u senoletseng sona; U se senotse ho tsoa tsebong ea hae sebele; le manyeloi ke lipaki. Allah bopaking U lekane

[167] Bona! Bahlokang tumelo, ba bile ba sitisa ba bang tseleng ea Allah, Ruri ba tubehong e thoko-thoko haholo

[168] Athe haele botlhoka-tumelo ba bile ba etsa liphoso, Ruri Allah a ke ke a ba ts’oarela, kapa hona hore a ba tataisetse tseleng

[169] Haese feela tsela ea liheleng, moo teng batla phela kahosafeleng. Seo se bobebe ho Allah

[170] Oho batho! Moromuoa o tlile ho lona ka ‘nete e tsoang ho Mong`a lona. Ka hona kholoang; seo se molemo ho lona. Empa haeba le tsitlaletse ho hloka tumelo, Ruri! Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Allah. Allah U tseba tsohle, o Seli kahosafeleng

[171] Oho bathobaLengolo! Le se ke la feteletsa litaba tumelong ea lona, kapa hona ho buoa lintho tse sa lokang malebana le Allah haese ‘nete feela. Messia Jesu mora oa Maria, e ne e se ho hong haese feela moromuoa oa Allah, le lentsoe la hae leo a ileng a le phatlalatsa ho Maria, le moea o tsoang ho Eena. Ka hona kholoang ho Allah le ho Baromuoa ba hae, le se ke la re *boraro* (bo teroneng) – linyonts’a! Seo se molemo ho lona! – Allah ke molimo a le mong feela. Se phahameng ka ho fetisisa ke botlotlehi ba hae ba hore A kabale mora. Ruri lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa hae. Allah U lekane hoba mohlokomeli oa tsohle

[172] Messia o ne a sa ts’oafe ho sebeletsa Allah, le ona manyeloi a halalelang, ha a tsoafe. Haele ba ts`oafileng ts`ebeletso ea hae le hona ho e nyefola, Ruri kaofela ba joalo o tla ba bokella pel’a hae

[173] Joaloka ba kholoang ba bile ba entse mesebetsi e lokileng, Ruri o tla ba lefa meputso ea bona ka botlalo, ebile o tla phaella meputsong ea bona ka motlopotlo oa hae; athe ba ts’oafileng le hona ho nyefola, Ruri o tlabaneha kotlo ea timelo e mahlonoko

[174] Etsoe malebana le Allah ba ke ke ba fumana motsoalle ofe kapa ofe ea ka ba ts’ireletsang kapa hona hoba thusa

[175] Oho batho! Hajoale ho tlile ho lona bopaki bo tsoang ho Mong`a lona, etsoe re le romeletse leseli le hlakileng

[176] Athe haele ba kholoang ho Allah, ba bile ba mamaretse ka tieo ho Eena, Ruri u tla ba amohella mohaung le lerekong la hae, etsoe U tla ba tataisetsa ho eena ka tsela e otlolohileng. bau kopa tlhakisetso ka molao. U re ho bona: *Allah U le hlakiselitse malebana le beng ka lona ba mahole. Hore haeba monna a ka shoa a se na bana, a e na le khaitseli, khaitseli’ae o tla fumana karolo ea lefa, athe hoja e be e ne e le khaitseli’ae e shoeleng e se na bana, monna (khaitseli ea mosetsana) e ne e tla ba eena moja lefa leo. Haeba monna eo a e na le likhaitseli tse peli, joale karolo ea bona e tla ba bobeli ho boraro balefa leo, etsoe haeba hona le baena, monna le mosali, karolo ea monna e tla ba karolo e lekanang le ea basali ba ba beli. Ke kamoo Allah a le hlakiselitseng ka teng, e le hore le tle le se ke la fosa. Etsoe Allah ke motsebi oa lintho tsohle. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Sejo

Surah 5

[1] Oho lona ba kholoang! Phethisang boitlamo ba lona

[2] Liphoofolo tsohle tse maoto a mane le lumeletsoe ho li ja, kantle ho tseo le ilenla li bolelloa kahar’a Lengolo, athe ho tsoma hona le ho hanetsoe nakong eo le ntseng le le har’a bosepeleli. Bonang! Allah U laela ho latela se mo khahlisang

[3] Oho lona ba kholoang! Se hatikeleng mats’oao a Allah ka maoto, kapa eona khoeli e halalelang, le tsona lihlabelo, kapa eona meqhaka e ts’oaileng liphoofolo tsa lihlabelo, esita le bona batho ba khobokaneng moo ntlong e halalelang (ka’bah) ho tla tsomana le lereko le eona nyakallo ea Allah. Empa ha le se le tlohile moo n’qalong e halalelang, le ka ea tsoma haeba le ho thabela. Le se lumelle lipelo tsa lona ho hloea batho ba ileng ba koasa ka menyako ea n’qalo e halalelang ho le khannela tlolong ea molao; empa le thusane ka bo-lona holim’a toka le ho mesebetsi ea khalalelo. Le se thusane ho etsa sebe kapa tsona litlolo tsa molao, empa le ts’abe Allah. Ruri! Allah ha a kebe kahlolong

[4] Tseo le sa lumelloang ho li ja ke tsena: ke nama ea liphoofolo tse shoeleng, bobete le nama ea kolobe, nama ea liphoofolo tse hlabiloeng ka lebitso le leng le sele ho la Allah, tse bolailoeng ka ho khangoa, tse ileng tsa bolaoa ka ho tetekoa, kapa tse ileng tsa oela eaba li ea shoa kapa tse hlabiloeng ke tse ling ka manaka eaba li ea shoa le tsona tse jeloeng ka ‘moho ke libatana. Haeba le lihlaba ka mokhoa o lokelehang; le tse entsoeng sehlabelo kapel’a meling’oana le li hanetsoe. Le tseo le li hlabileng ka litsenene tsa liqha. Ruri tsena ke sebe ho lona. Kajeno bohle ba neng ba khesa tumelo ea lona ba lahlile ts’epo ea ho leka ho thibela tumelo ea lona; kahoo le se ba ts’abe, empa le ts’abe ‘Na (Allah)! Kajeno ke hloekisitse tumelo ea lona, le hona ho le sitsa ka melemo ea ka, ebile ke le khethetse tumelo ea Islam. Athe haele ea tla tlangoa ke tlala ese ka morero oa ho etsa sebe,: ha ho sebe ho eena na a ka li ja, Ruri! Allah U ts’oarela khafetsa, U tletse mohau

[5] Ba u botsa ka tse molaong ho bona. E re: “lintho tsohle tse hloekileng li molaong ho lona. Le tsona liphoofolo tseo tsa lona tseo le li rutileng ho tsoma, le li rute seo Allah a le rutileng sona; kahoo le je tseo li le ts’oaretseng tsona, le bitse lebitso la Allah holim’a tsona, le ts’abe Allah. Hobane Allah U akofela kahlolo

[6] Letsatsing lena lintho tsohle tse hloekileng li molaong ho lona, tseo Allah a le lumeletseng tsona. Lijo tsa batho ba amohetseng Lengolo li molaong ho lona, le lijo tsa lona li molaong ho bona. Basali ba hloekileng ba ba kholoang le basali ba bahloekileng ba batho ba amohetseng Lengolo pele ho lona ba molaong ho lona, ha feela eba le ka ba neha likarolo tsa mahali, le labalabela bohloeki, le sa e tse bohlola, kapa hona hobanka joaloka linyatsi. Ea khesang tumelo le bo-mong ba Allah le lits`iea tsohle tsa tumelo, Ruri ts’ebetso ea hae ha e behe litholoana, o tla ba har’a ba lahlehetsoeng bophelong bo-tlang

[7] Oho lona ba kholoang! Ha le itlhophela thapelo, iphotleng le hona ho hatlela matsoho a lona ho isa litsoeng, ebe le inela matsoho a lona ka metsing le phumule lihloho tsa lona, le hlatsoe maoto a lona ho fihla maqaqailaneng. Empa haeba le sa hloeka, tolang. Haeba le baba kapa le le leetong, kappa ba bang ba lona ba tsoa boithusong, kapa eba le bile le kopano le basali, eba metsi ha a fumanehe, le ka nyafa lehlabathe le hloekileng, la iphumula lifahleho le matsoho a lona ka lona. Hobane Allah a ke ke a le beha bothateng, o lakatsa ha le hloekile le hona ho phethahatsa lereko la hae ho lona, e le hore le tle le lebohe

[8] Le hopole lereko la Allah le selekane sa hae ho lona seo a le tlamahantseng ka sona, ha le ne le re: “Re’a utloa ebile re’a phethisa”; ts’abang Allah. Ruri! Allah motsebi oa tsohle tse ka lifubeng

[9] Oho lona ba kholoang! Ts’oarang le tiile ho paka ‘nete ea Allah, le se ke la lumella lehloeo la batho ho le khelosa ts`ebetsong ea toka. E bang le toka seo ke katamelo khalalelong. Ts’abang Allah. Ruri! Allah U hlokolosi ka tseo le li etsang

[10] Ho ba kholoang le ba etsang liketso tse lokileng Allah u ts`episitse ts’oarelo le moputso o babatsehang

[11] Mahana-tumelo le balatuli ba lits’enolo tsa rona, ke bats’oaneloang ke balekane ba lihele

[12] Oho lona ba kholoang! Hopolang melemo ea Allah ho lona, ha batho ba bang baneng ba lohotha ho le hlasela, empa o ile a nyopisa merero eo ea bona; kahoo ts’abang Allah. Ba kholoang ba behe ts’epo ea bona ho Allah

[13] Ruri Allah U ile a theha selekane le bana ba Israele, eaba Re hlomamisa balaoli ba leshome le metso e ‘meli har’a bona. Allah a re: “Ke na le lona. Ha feela le rapela le fana ka linyehelo, le lumela ho Baromuoa ba ka; le ba hlomphe le ba thuse, le alime Allah kalimo e babatsehang. Ruri Ke tla hlakola libe tsa lona, Ke tla le amohella kahar’a lirapa tseo linoka li phallang tlas’a tsona. Empa ka morao ho mona bang ba lona ha ba ka hlanohela tumelo, Ruri o hlahlathella thoko le tsela e totobetseng

[14] Ka ha ba ile ba koenehela selekane sa bona, Re ba rohakile, Ra thatafatsa lipelo tsa bona. Ba fetola mantsoe maemong a ona ba be ba lebale karolo eo ho eona baneng ba elelitsoe. O ke ke oa phetsa ho se fumane ho khopama ho bona, ntle hoba`maloa. Empa ba ts’oarele, o iphapanyetse bona. Ruri! Allah U rata ba mosa

[15] Ho ba ipitsang Ba-Keresete,” Re ile Ra theha selekane le bona empa ba ile ba nyahlatsa karolo ea molaetsa e neng e rometsoe ho bona. Ka lebaka leo Re ile Ra fehla bora le lehloeo har’a bona ho fihlela letsatsi la tsoho. Allah U tla ba hopotsa liketso tsa bona

[16] Oho batho ba Lengolo! Ruri Moromuoa oa Rona o ile a tla ho lona, ho tla le senolela boholo ba seo le neng le tloaetse ho se pata kahar’a Lengolo, a bile a iphapanyetsa tse ngata

[17] Ho tlile ho lona leseli le tsoang ho Allah le Lengolo le totobetseng

[18] Leo ka lona Allah a tataisetsang ea tsomang nyakallo ea hae litseleng tsa khotso. A bants’e lefifing ho baisa leseling ka thato ea hae, le hona ho ba tataisetsa tseleng e otlolohileng

[19] Ruri ka thohako ke ba reng: Allah ke Kreste mora oa Maria. E re ho bona: “ke mang ea ka thibelang Allah ha ane a rerile ho fekisa Kreste mora oa Maria kapa `mae kapa batho bohle lefats`eng?” Ruri puso ea maholimo le mafats’e ke ea Allah le tsohle tse lipakeng. U hlola se mo khahlisang. Allah U na le matla a ho etsa lintho tsohle

[20] Ma-Juda le Ba-Keresete ba re: “re barabaAllah le lithatohatsi tsa hae.” E re: “hobaneng ha a le ahlolela libe tsa lona? Che, le mpa le le batho joaloka libopuoa tsohle tsa hae. U ts’oarela eo a ikhethetseng eena, o ahlola eo a ikhethetseng eena. Puso ea maholimo le ea mafats’e ke ea Allah le tsohle tse teng lipakeng tsa tsona, ho eena ke pheletsong ea lintho tsohle”

[21] Oho batho ba Lengolo! Ho tlile Moromuoa oa Rona ho lona ho tla beha lintho tsohle pooaneng kamor’a khefutso ea lethathamo la Baromuoa, e le hore le tle le se ke la re: “ha ho e-so tle ho rona Moromuoa oa litaba tse molemo le ha e se e le mohlokomelisi ope.” Moromuoa oa litaba tse molemo ebile e le mohlokomelisi o tlile ho lona. Ruri Allah U na le matla a ho etsa lintho tsohle

[22] Le Moshe ha a ne a re ho batho ba habo: “Oho batho ba heso! Hopolang melemo ea Allah ho lona, o hlahisitse Ba-porofeta ka har’a lona, a le etsa marena, abaa le neha seo a sa kang a se neha leha e le ope oa libopuoa tsa hae

[23] Oho batho ba heso! Kenang naheng e halalelang eo Allah a le abetseng eona. Le se koenehe, la eba ba lahlehetsoeng

[24] Ba re: “Oho Moshe Ruri! Mono ho phela linatla tsa batho, Ruri re ke ke ra kena ho eona ho fihlela bona ba tloha moo. Hang hoba ba tsoe, ke hona re ka kenang ho eona, eseng pele ho moo

[25] Eaba ho buoa banna ba ba beli har’a ba neng ba ts’aba Mong`a bona, bao Allah A bileng lereko ho bona ba re: “Kenang le ba tsometse mokoallong, hobane ha le ka kena ka ona, Ruri le tla be le bahlotse

[26] Empa le behe ts’epo ea lona ho Allah haeba le hlile le na le tumelo.”

[27] Ba re: “Moshe! Re ke ke ra kena naheng eo ha feela ba ntse ba le kahar’a eona. Kahoo tsamaea le Mong`a hau le ba loants’e! Rona re tla lula mona.”

[28] Moshe a re: “Mong`a ka! Ha ke na matla a letho haese holim’a ka le moena oa ka, ka hona re arohanye le batho bana ba ikakasang

[29] Allah a re: “ka lebaka lena Ruri naha eo ba tla e haneloa ho isa lilemong tse mashome a mane, ba lelera le lefats’e ba hloname le hona ho ferekana. Kahoo u se ikutloise bohloko ka batho ba ikaketsang

[30] Ba phetele ka pale ea bara ba Adama kamoo ba kileng ba nehelana ka lihlabelo tsa bona, empa ho ne ho amoheloe sehlabelo sa a le mong, sa e mong ha se a ka sa amoheleha. Eo sa hae se sa amoheloang a re: “Ruri ke tla u bolaea.” Eaba eo eena u araba ka hore: “Allah U amohela feela lihlabelo tsa ba khesang bobe.”

[31] Leha u ka ts’oana u nanabelitse letsoho la hau ho mpolaea, nkeke ka nanabetsa letsoho la ka khahlanong le uena ho u bolaea. Ruri! Ke ts’aba Allah, Mong`a mafats’e

[32] Ke lakatsa hore u tle u ikarabelle holim’a kahlolo ea sebe se neng se le khahlanong le ‘na le sebe sa hau, e le hore u tle u be e mong oa balekane ba mollo. Oo ke moputso oa baetsa-libe.”

[33] Moea oa hae oa mosusumeletsa ho bolaea ngoana’bo, a mofenetha, ea eba e mong oa ba lahlehetsoeng

[34] Allah a romella leholi le fihlileng la fata mobung, ho mo bonts’a kamoo a ka patang setopo se tsotseng sa ngoana’bo kateng. Eaba u re: “bokhopo bo be ho ‘na! Ke sitiloe le hore ke ts’oane le leholi lee ke mpe ke tsebe ho pata setopo se tsotseng sa ngoane’so?” Eaba o tlaloa ke boinyatso

[35] Ka lebaka leo re ile ra fana ka taelo ho bana ba Israele ea hore haeba e mong oa bona a ka bolaea motho, haese feela ka tsela ea phetetso kapa hona ho jala mofere-fere lefats’eng, ho tla ts’oana leha a ne a entse laritha, etsoe le e mong oa bona ea ka pholosang bophelo ba e mong, ho tla ts’oana leha a ne pholositse bophelo ba batho bohle. Baromuoa ba Rona ba kile ba tla ho bona mehleng ea khale ka lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah. Kamorao ho moo Ruri! Boholo ba bona bo ‘nile bantse’tsa pele litlolo tsa molao lefats’eng

[36] Kotlo ea ba loants’ang Allah le Moromuoa oa Hae; ba bile baikitlaetsa ho nts’etsa pele mofere-fere kahar’a naha, e tla ba oa ho bolaoa kapa hona ho thakhisoa, kapa oa hore matsoho le maoto a bona a pongoe mots’ekalle, kapa hona ho phalalisoa kahar’a naha. Hoo etlaba sona sekhobo sa bona lefats’eng lena. Ho bo-tlang bophelo timelo e mahlonoko ke ea bona

[37] Kantle le ba inyatsang pele ba oela tlas’a matla a lona. Kahoo tsebang hore Allah U ts’oarela-joalo-joalo, mohau oa hae o ea khaphatseha

[38] Oho lona ba kholoang! Phethisang ts’ebeletso ea lona ho Allah, le batle mokhoa oa katamelo ho eena, le tsitlalle ka matla tseleng ea hae, e le hore le tle le atlehe

[39] Ha e le mahana-tumelo – hoja lintho tsohle tse teng lefats’eng mona ke tsa bona, ebile li menahanya palo eo ka bongata horebaka etsa tefo ea ho ba lopolla timelong mohla letsatsi la tsoho, li ne li ke ke tsa amoheloa ho tsoa ho bona. Ruri timelo e mahlonoko ke ea bona

[40] Takatso ea bona e tla ba ho ka tsoa mollong, empa ba ke ke ba tsoa ho ona, kotlo ea bona ke e ke keng ea fela

[41] Lesholu la e motona le e mots’ehali, bobeli ba pomeng matsoho. Oo ke moputso oa liketso tsa bona, ebile e le mohlala oa kotlo e tsoang ho Allah. Ruri Allah U Matla Oohle, U Seli

[42] Empa ha lesholu le inyatsa kamorao ho tlolo ea molao, eaba o topa tseleng, ka nnete! Allah U tla reteletsa sefahleho sa hae ho eena. Allah U ts’oarela – joalo-joalo, U tletse Mohau

[43] Ana ha le ea tseba hore matla a puso ea maholimo le’a mafats’e ke ea Allah? O ahlola ea ikhethetseng eena, o ts’oarela ea ikhethetseng eena. Allah U na le Matla a ho etsa lintho tsohle

[44] Oho Moromuoa! U se ikutloese bohloko ka ba phehisanang ka sekhahla ho hloka tumelo, le ba reng ka melomo ea bona: “Re’a kholoa,” empa lipelo tsa bona li sa kholoe, le har’a Ma-Juda: ba mamelang mashano, le hona ho mamella batho ba e-song ho atamele ho uena, ba bile ba fetola mantsoe libopehong tsa ona ba re: “Ha u fuoa sena, u se amohele, empa ha u sa se fuoe, hlokomela! Empa eo Allah a mo reretseng teko ea sebe, ha u na matla ho mo thusetsa malebana le Allah. Ba joalo ha se thato ea Allah ho hloekisa lipelo tsa bona. Lefats’eng lena ba tla apareloa ke sekhobo, timelo ea bona ke e mahlonoko ho bo-tlang

[45] Ba mamela mashano, le ho ja tsohle tse hanetsoeng! Ha ba tla ho uena, ahlola lipakeng tsa bona, kapa u ba furalle. Ha u ba furalla –ba ke ke ba u tsohela matla ho hang. Haeba u ahlola, ahlola ka toka lipakeng tsa bona. Ruri Allah U rata ba ahlolang ka toka

[46] Hobaneng ha ba tla ho uena ho tla ahlola feela ba ena le Torah, eo Allah kahar’a eona a faneng ka kahlolo sebakeng sa bona? Ebe, kamorao ho moo ba ea u koenehela. Ruri ba joalo ha se ba kholoang

[47] Ke Rona ba senotseng Torah eo kahar’a eona ho nang le tataiso le leseli, Baporofeta ba inehetseng thatong ea Allah ba ile ba ahlola Ma-Juda ka eona, baruti le bo-ramolao ba ile ba ahloloa ka lona Lengolo leo la Allah joalokaha ba ne bats’epetsoe ho le boloka ka tieo, ebile e le lipaki ho lona. Kahoo le se ts’abe batho, empa le ts’abe ‘Na. Le se ananye ka lits’enolo tsa ka ho iphumanela thekonyana e eisehang. Ea ke keng a ahlola ka seo Allah a se senotseng: Ruri ke mohana-tumelo

[48] Molaong oo, Re ba nehile taelo ena: bophelo bo phetetsoe ka bophelo, leihlo ka leihlo, nko ka nko, tsebe ka tsebe, leino ka leino, maqeba ona ka ho lekana ha ona. Empa haele ea ka thibelang boiphetetso boo ka tsela ea ho etsa nyehelo, seo e tla be e le tefelo sebakeng sa hae. Ea ke keng a ahlola ka se senotsoeng ke Allah: e tla be e le moetsa-libe

[49] Re rometse Jesu, mora oa Maria, ho tla tiisa se senotsoeng pele ho eena, eaba re mo sitsa ka lentsoe leo kahar’a lona ho nang le tataiso le leseli le tiisang le senotsoeng pele ho lona kahar’a Torah – e leng tataiso le khalemelo ho ba sesefang bobe

[50] Lumellang batho ba Eangeli ho ahlola ka se senotsoeng ke Allah se ka ho eona. ‘ba ke keng ba ahlola ka se senotsoeng ke Allah; Ruri bao e tla be e le baetsa-libe

[51] Re u senoletse Lengolo ka ‘nete, le tiisang mangolo ohle a bileng teng pele ho lona, u bile u le ‘maballi oa lona. Ahlola lipakeng tsa bona ka se senotsoeng ke Allah, u se latele litakatso tsa bona tse suthileng ‘neteng e tlileng ho uena. Ho e mong le e mong re nehelane ka molao o topileng le eona tsela e otlolohileng. Hoja Allah a ne a ratile a ka be a le entse sechaba se le seng. Empa moralo oa hae ke ho le beha tekong ka seo a le nehileng sona, joala ka ha a le entse le le joalo. Kahoo, phehisanang ka bo-lona ho etsa mesebetsi e lokileng. Poelo ea lona e ho Allah, ke Eena ea tla le tsebisa tseo le neng le fapana ho tsona

[52] O ahlole lipakeng tsa bona ka se senotsoeng ke Allah, u se latele litakatso tsa bona, empa u be hlokolosi ka bona e se re mohlomong ba u khelosa likarolong tse ling tseo Allah a li senotseng ho uena. Haeba ba u koenehela, tseba hore thato ea Allah ke hoba otla malebana le libe tse ling tsa bona. Ruri! Boholobabatho ke baetsa-libe

[53] Na e be ke kahlolo ea botlaopa eo ba e lakatsang? Ebe ke mang ea fetang Allah ka kahlolo malebana le batho ba tiileng tumelong

[54] Oho lona ba kholoang! Se theheng setsoalle le Ma-Juda le Ba- Keresete; Bobeli ke metsoalle le basireletsi ba e mong. Ea ka thehang setsoalle le bona har’a lona, e tla be e le e mong oa bona. Ruri Allah A ke ke A tataisa baetsa-libe

[55] Bao lipelo tsa bona li nang le maloetse le tla ba bona ba matha har’a bona, ba ntse ba re: “re’a ts’aba ho ka ‘na ha ebale bo- malimabe bo ka ‘nang ba re oela.” Allah a ka ‘na a le sitsa ka tlholo, kapa qeto e tsoang ho bo-teng ba Hae. Ke moo ba tla inyatsa ho latela menahano ea liphiri tsa bona

[56] Ke moo ba kholoang ba tla re: “na batho baa ke bona ba neng baikana ka ‘nete ea ‘makoma ka Allah hore Ruri ba eme le lona?” Ruri mesebetsi ea bona e nyopile, ke ba lahlehetsoeng

[57] Oho lona ba kholoang! Har’a lona ho ka ba le ea koenehalang tumelo, Allah U tla tlisa batho bao A ba ratang ebile le bona ba mo rata, baikokobelitse ho ba kholoang, ba le matla khahlanong le mahana-tumelo, ba tsitlallela tseleng ea Allah ba sa ts`abe likobiso tsa ba sa kholoeng. Leo ke lona lereko la Allah; leo A fanang ka lona ho ea khahliloeng ke Eena. Ruri Allah U kakatletse tsohle, ebile U tseba tsohle

[58] Ruri, motsoalle oa lona ke Allah, Moromuoa oa hae le bohle ba kholoang, ba bile barapela ka linako tsohle, ba fana ka linyehelo le hona ho inama thapelong

[59] Ea nkang Allah le Moromuoa oa hae, le bohle ba kholoang ele metsoalle ea bona ba tla tseba hore, mokhatlong oa Allah ke bona bahloli

[60] Oho lona ba kholoang! Le se khethe metsoalle har’a bafetolang tumelo ea lona sesomo kapa eona papali. Ho sa tsotellehe hore na ba amohetse Lengolo pele ho lona, le har’a banyefolang tumelo. Empa le ts’abe Allah haeba ka ‘nete le hlile le le bakholoang

[61] Nakong eo le memeletsang ba kholoang thapelong, ba nka memetso eo e le sesomo e bile ele papali. Ke hobane e le batho ba se nang kutloisiso

[62] E re ho bona: “Oho, batho ba Lengolo! Na le ka re nyatsetsa feela hobane re lumela ho Allah le ho seo re se senoletsoeng, ekasitana le ho se senotsoeng pele ho rona, hobane boholo ba lona le le baetsa-libe

[63] E re: “Na nka le bolella ka sekhobo se sebe se fetang sa lona malebana le kahlolo ea Allah? Ruri sekhobo se sebe ke kotlo ea eo Allah a mo rohakileng, eo khalefo ea Hae e oetseng holim’a hae! Se seng sekhobo ke seo Allah a fetotseng babang ba bona lits’oene le likolobe, ba bile ba rapela melingoana. Ruri bana ba har’a sekhobo se sebe le hona ho khelohela thoko-thoko le tsela e totobetseng.”

[64] Nakong eo ba fihlang ho lona, ba re: “Re’a lumela;” empa ba tla ho lona ka bonyefoli ba bile ba tla tloha ho lona ba ntse ba nyefola; Ruri Allah U tseba ka botlalo seo ba se patileng

[65] Boholo ba bona baa phehisana habaea sebeng le tlolong ea molao, ba bile ba e ja tsohle tse hanetsoeng. Ruri tse mpe ke tseo bali etsang

[66] Hobaneng ha baruti le bo-ramolao ba sa ba hanele lipuo tse mpe le hona ho ja tsohle tse hanetsoeng? Ruri mesebetsi ea bona e ea nyonyeha

[67] Ma-Juda a re: “Letsoho la Allah le kene mahlahleleng.” Ke bona bao matsoho a bona a keneng mahlahleleng, ebile ba rohakehile ka ho rialo. Empa bobeli matsoho a hae a pharaletse hohle ka manoni. O sitsa eo a ikhethetseng eena ka ona. Ruri se senotsoeng ho lona se tsoang ho Mong`a lona se hlakile hore se ka eketsa manganga le bonyefoli har’a boholo ba bona, re akhetse bora le lehloeo har’a bona ho fihlela letsatsi la tsoho. Ka mehla ha ba fehla mollo oa ntoa, Allah U oa o tima. Ba phehella ho fehla merusu lefats’eng, empa Allah ha a rate ba fehlang mofere-fere

[68] Ha feela eba batho ba Lengolo ba ne ba ka lumela le hona ho sesefa bobe, Ruri Re ne Re ka hlakola ho bona libe tsa bona, Re ne Re tlabaamohella kahar’a lirapa tsa nyakallo

[69] Hoja ba ne ba ile ba mamarela ka tieo molao (Torah) le Lengolo (Evangeli) ‘moho le tsohle tse ileng tsa senoloa ho bona tse tsoang ho Mong`a bona, Ruri ba ke be ba ile ba imona menoana ke nyakallo holimo le tlase. Har’a bona ho teng batho ba tsamaeang tseleng ea toka, le hoja boholobabona bo salame bokhopo

[70] Oho Moromuoa! Phatlalatsa molaetsa oo o senotsoeng ho uena o ts’oang ho Mong`a hau, hobane haeba u sa etse joalo, Ruri u tla be u sitiloe ho phatlalatsa molaetsa oa hae. Allah U tla u sireletsa malebana le batho ka’moka. Ruri Allah ha a tataise batho ba latolang tumelo

[71] E re: “Oho batho ba Lengolo! Ha le na leseli la tataiso ha feela le ke ke la its’etleha ka molao le Lengolo ‘moho le tsohle tse senotsoeng ho lona tse tsoang ho Mong`a lona.”. Athe haele se senotsoeng ho uena se tsoang ho Mong`a hau ha ho khoao ea hore se ka eketsa manganga le bonyefoli hoba bangata ba bona. Empa u se ikutloise bohloko ka batho ba senang tumelo

[72] Haele bakholoang (mamuslim), Ma-Juda, Ma-Sabia le Ba- Keresete – haeba ho teng har’a bona ba lumelng ho Allah le ho letsatsi la bofelo ba bile baetsa tse lokileng – Ruri ba ke ke ba apareloa ke letsoalo kapa eona mesarelo

[73] Re ile ra theha selekane le bana ba Israele mehleng ea khale, ra romella Baromuoa ho bona. Kamehla ha Baromuoa ba ne bafihla ho bona ka seo meea ea bona e neng e sa se lebella, bane ba feheloa-ba bang ba bona ba ne ba ba latola ha ba bang bona ba ne ba ba bolaea

[74] Ba ne ba nahanne hore ho ke ke haeba le kahlolo e ka ba oelang, ba ile ba foufala le hona ho fetoha litholo. Kamorao ho moo Allah U ile a khutlela ho bona ka mohau. Empa leha joale bongata ba bona ke lifofu le litholo. Ruri Allah U bona hantle tseobali etsang

[75] Baa rohakana ba reng: “Allah ke Messiah mora oa Maria.” Hobane Messiahoitse:“Oholonabanaba Israelekhumamelang Allah, Mong`a ka le Mong`a lona.” Ruri! Mong le mong ea kopanyang Allah le batlatsetsi, Allah U tla mo hanela ho kena Paradeising. Lehae la hae etlaba mollo kahosafeleng. Hobane sebakeng sa baetsa-libe ho ke ke haeba le bathusi

[76] Ruri, mahloka-tumelo ke ba reng: “Allah ke e mong oa boraro- ’ngoe; hobane ha ho na `Mopi e mong haese ‘Allah a inotsi.” Habasa khaotse lentsoeng leo timelo e mahlonoko e tla ba aparela

[77] Ba ke keng ba inyatsa ho Allah ho ea kopa ts’oarelo ea hae? Ruri Allah U ts’oarela-joalo-joalo, o mohau o fetisisang

[78] Kresete mora oa Maria, ene ese ho hong ntle le Moromuoa, eo baromuoa ba ts’oanang le eena ba ‘nile ba feta pele ho eena. ‘mae e ne e le mosali ea nang le ‘nete. Bobeli ba bona ba ne ba ja lijo tsa lefats’e. Bonang kamoo Re ba hlakisetsang lits’upiso kateng, le be le elelloe kamoo bali sesefang kateng

[79] E re: “na le ka khumamela ntho e ke keng ea le hlahisetsa kotsi kapa molemo? Ruri Allah ke Eena ea utloang ebile ke Setsibi.”

[80] Ere: “Oho lona batho ba Lengolo! Se ngatafatseng se teng tumelong ea lona se kathoko le ‘nete, le se latele litakatso tse fosahetseng tsa batho ba khale ba oetseng sebeng ba ileng ba khelosa batho ba bangata, eaba le bona ba kheloha tseleng e totobetseng.”

[81] Ba ileng ba kheloha ho bana ba Israele ba ile barohakoa ke leleme la Davida le Jesu mora oa Maria. Seo se ile sa etsahala hobane ba ne ba tloaetse ho ngangisa le hona ho tlola meeli

[82] Ba sitiloe le ho ikhalema ka tse mpe tseo ba ileng ba li etsa. Tse mpe Ruri ke tseo ba neng ba tloaetse ho li etsa

[83] Le bona boholo ba bona bo theha setsoalle le banyefoli batumelo. Bo-’nete se sebe malebana le bona ke seo bona ka bo-bona ba se rometseng nale: Allah U tla ba soto malebana le bona, batla phela tubehong kahosafeleng

[84] Athe hoja ebe ba ile ba kholoa ho Allah le Moporofeta, le ho ts’enolo eo a e senoletsoeng, ba ke be ba sa ba khetha ho ba metsoalle ea bona. Empa boholo ba bona ba its’oere hampe

[85] Ruri o tla fumana ba hlileng ba leng toants’anong le ba kholoang har’a batho e le Ma-Juda le bahedene. Athe ba hlileng ba atametseng ba kholoang ka lerato le tla fumana e le ba mona ba reng: “Rona re Ba-Keresete.” Ke hobane har’a bona ho teng baruti le ba iteletseng tumelo, ba se na boikhohomoso

[86] Nakong eo ba mametseng se senoletsoeng Moromuoa, le tla bona ba sekisa meokho ha ba elelloa ‘nete. Ebebare: “Mong`a rona, re’a lumela. Re ngole har’a lipaki

[87] Re ne Re ke keng Ra lumela joang ho Allah le ho ts’enolo eo Re e romeletsoeng ea ‘nete, etsoe Re ke ke Ra labalabela joang hore Mong`a rona a ka re kenyeletsa har’a batho ba lokileng?”

[88] Ruri Allah U ba putsitse ka ho rialo, – ka lirapa tseo ho tsona linoka li phallang, moo teng ba tla phela kahosafeleng. Oo ke moputso oa ba lokileng

[89] Empa ba mahana-tumelo le hona ho nyefola lits’enolo tsa rona, ke balekane ba mollo oa lihele

[90] Oho lona ba kholoang! Se silafatseng tse lokileng tseo Allah A le lokolletseng tsona ka molao, le se feteletse letho. Ruri! Allah ha A rate ba feteletsang

[91] Le je tsohle tseo Allah A le sitsitseng ka tsona tseo le lumeletsoeng ho lija li bile li hloekile, le ts’abe Allah eo le kholoang ho Eena

[92] Allah a ke ke a le ahlolela ho hloka boikemisetso boikanong ba lona, empa o tla le ahlolela boikano ba lona boo le ikanneng bona ka tieo. Athe tefelo mabapi le molato o joana, ke ho fepa mafutsana a leshome ka tekano ea tseo le li fepang malapa a lona, kapa le ba apese, kapa le lopolle lekhoba, athe haele ba se nang bokhoni bona ba be boitimong ba matsatsi a mararo. Ena ke tefelo ea boikano ba lona ha le ile la ikana; empa le phethahatse boikano ba lona. Ke kamoo Allah a le hlakisetsang lits’enolo tsa hae kateng e le hore le tle le fane ka liteboho

[93] Oho lona ba kholoang! Tahi le makh’asa le hona ho rapela majoe, kapa hona ho lumela litaoleng, ke linyonts’a tsa mesebetsi ea satane feela. Furallang linyonts’a tse joana e le hore le tle le atlehe

[94] Morero oa satane ke ho fehla bora le lehloeo har’a lona ka mokhoa oa tahi le makh’asa, e le ho le sitisa ho hopola Allah le hona ho mo rapela. Na le sa tla pheta le li etse

[95] Mamelang Allah le morumuoa, le be hlokolosi! Empa haeba le koeneha, tsebang hore mosebetsi oa moromuoa oa rona ke feela phatlalatso e totobetseng ea molaetsa

[96] Ho ke ke ha eba le sebe se ka bang khahlanong le bohle ba kholoang ba etsa mesebetsi e lokileng malebana le tseo ba ileng ba li ja khale. Kahoo hopolang ts’ebeletso ea lona malebana le Allah, le be le etse mesebetsi e lokileng; hopolang ts’ebeletso ea lona, le be le lumele; Ruri hopolang ts’ebeletso ea lona, le be le etse tse lokileng. Hobane Allah U rata ba etsang botle

[97] Oho lona ba kholoang! Ruri Allah U tla le beha tekong ka liphoofolo tse tsomehang tseo le ka li ts’oarang ka matsoho le ka marumo, ele hore Allah a tle a tsebebamo ts’abang sephiring. Haele ba tla tlola molao kamor’a seo, timelo ea bona e tlabae mahlonoko

[98] Oho lona ba kholoang! Se tsomeng liphoofolo tse hlaha ha le le bosepheleling. Haeba e mong oa lona a ka itherela ho bolaea phoofolo ka boikemisetso, o lokela ho etsa tefelo ka phoofolo e ruiloeng e lekanang le eo a e bolaileng, baahloli tabeng ena ebe banna ba ba beli har’a lona ba tsebahalang ka toka, joale ebe tefelo eo e tlisoa kaaba hoba sehlabelo; ebang motloli ea joalo a hloka phoofolo ea tefelo, o lokela ho fepa mafutsana, kapa a kene boitimong, e le hore a tle a latsoe kahlolo ea ketso ea hae. Ruri Allah U ts’oarela liphoso tsa mofuta o joana tse kileng tsa etsahala khale, haele ea pheeletseng ho etsa phoso, Allah U tla iphetetsa malebana le eena. Hobane Allah U matla ohle, o khona ho phetetsa bobe

[99] Ho tsoma le ho ja litlhapi tsa leoatle le ho lumeletsoe, joalokaha e le lijo tsa lona le bohle ba maetong leoatleng; empa haele ho tsoma liphoofolo tsa naha le ho hanetsoe, haholo ha le le bosepheleling. Le ts’abe Allah, eo le tla bokelloa ho eena

[100] Ruri Allah U khethile kaaba hoba ntlo e halalelang, e le pholoho le sets’abelo sa batho, le eona khoeli e halalelang ‘moho le liphoofolo tsa sehlabelo, le eona meqhaka e li ts’oaileng. Hona ke ho pakahatsa hore le tsebe hore Allah U tseba lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng, Allah ke motsebi oa lintho tsohle

[101] Le tsebe hore Ruri Allah ha a kebe kahlolong, hape Allah U ts’oarela-joalo-joalo, o khaphatseha mohau

[102] Ruri ts’ebetso ea moromuoa ke ho phatlalatsa molaetsa feela. Allah U tseba tseo le li senolang le tsohle tseo le li patang

[103] E re: “bobe le ho loka ha li ts’oane, le hoja boholo ba libe e le bona bo le khahlang. Kahoo, oho lona banna ba nang le kutlisiso ts’abang Allah e le hore le tle le atlehe

[104] Oho lona ba kholoang! Tlohelang ho botsa lipotso tseo ekareng ha le li hlalosetsoa tsa le bakela khathatso; haeba le li botsa nakong eo Koran e senoloang, le tla li hlalosetsoa. Ketsong e joalo Allah U tla le inela matsoho metsing, hobane Allah U ts’arela-joalo-joalo, o mamello e fetisisang

[105] Batho ba khale ba kile ba botsa lipotso tse jooana, ke moo ba ileng ba koeneha

[106] Ha se Allah ea ileng a theha tumelo-mafeela holim’a tlholeho ea Bahira, Sa’biah, wasilah kapa hami, empa mahana-tumelo ba qapa leshano malebana le Allah. Ruri boholo ba bona ba haelloa ke kelello

[107] Ha ho thoe ho bona: “Atamelang ho se senotsoeng ke Allah, le be le atamele ho Moromuoa,” Ba re: “tse lekaneng ho rona ke litsela tseo re fumaneng bo-ntata rona ba li setse morao.” Eng! Le hoja bo-ntata bona ba ne ba se na tsebo ea lintho tsohle, ba bile ba se na tataiso

[108] Oho lona ba kholoang! Ebang le boikarabello holim’a meea ea lona. Eo ea tla kheloha a ke ke a le hlahisetsa kotsi ha feela eba le tataisitsoe ka nepo. Poelo ea lona bohle e ho Allah; ke moo a tlang ho le bolella tseo le neng le tloaetse ho li etsa

[109] Oho lona ba kholoang! Ha e ke e re ha e mong oa lona ha a se a tjametsoe ke lefu, a bitse lipaki tse peli tsa banna har’a lona nakong eo a abang maruo a hae. Kapa le bitse le haele melichaba haeba le le leetong, joale lefu le se le u tjametse u sa hahlaula le lefats’e. U tla ba ngola ka bobeli kamor’a thapelo, haeba u belaela ba ts’oanela ho ikana ka Allah hore: “Re ke ke ra eba leeme, le haele mona bajalefa e le beng ka rona, kapa hona ho pata bopaki ba Allah, hobane Ruri re ka ts’oanela hoba har’a baetsa-libe.”

[110] Empa kamorao ho mona ha ho ka tsebahala hore bobeli ba entse sebe, lumellang ba babeli ba leloko ho nka sebaka sa bona, le ba lumelle ho ikana ka Allah hore: “Ruri bopaki ba rona bo nepahetse ho feta bopaki ba bona, ha re’a feteletsa ‘nete, hobane Ruri re ka ts’oanela hoba har’a baetsa-libe.”

[111] Hona ke ho nepahetseng ho feta e le hore ba tle ba fane ka bopaki ba ‘nete, kappa ba ts’abe hore kamorao ho boikano ba bona ho ka ts’oana hoa nkoa boikano bo bong. Kahoo ts’abang Allah, le mamele litaelo tsa hae. Hobane Allah ha a tataise mahana-puso

[112] Ka letsatsi le leng Allah U tla khobokanya baromuoa ‘moho, ke moo a tla re ho bona: “le ile la fumana karabo efe ho batho?” Bonabatla re: “rona ha re na tsebo. Ruri ke uena, uena feela motsebi oa lintho tsohle tse patehileng.”

[113] Ke moo Allah A tla Re: “Oho Jesu mora oa Maria! Hopola melemo ea Ka ho uena le ‘mao; le kamoo Ke ileng ka u matlafatsa ka moea o halalelang kateng, e le hore u tle u buoe le batho ho tloha boseeng ho isa boholong ba hau; hopola le kamoo Ke ileng Ka u ruta Lengolo, bohlale le Torah hammoho le Evangeli; u ile ua bopa sets’oants’o sa nonyana ka letsopa ka tumello ea Ka, eaba u e buts’oella moea hore ebe nonyana ka tumello ea Ka; u ‘nile ua folisa balepera le ba hlahileng ba foufetse ka tumello ea ka; u ile ua tsosa bafu Ka tumello ea Ka, u be u hopole le kamoo ke neng Ke sitise morero oa tlhokofatso ea bana ba Israele kateng mohla u neng u ba etetse ka lits’upiso tse hlakileng, eaba ba bang har’a bona ba nyefolang tumelo ba re: “hona ha se ho hong haese boloi bo totobetseng;”

[114] U be u hopole mohla ke neng ke susumetsa barutuoa ka hore: “ebang le tumelo ho ‘Na le ho Moromuoa oa Ka.” Eaba ba re: “Re’a lumela. Rea paka hore re inehetse ho uena

[115] Ha barutuoa ba ne ba re: “Oho jesu mora oa Maria! Na Mong`a hau a ka romella tafole e tletseng lijo ho rona e tsoang leholimong? O ile oa re: “ts’abang Allah, haeba le hlile le le ba kholoang.”

[116] Ba re: “Re lakatsa ho ja ho eona, ho khotsofatsa lipelo tsa rona le hona hore re tle re ruoe tsebo ea hore efela u re joetsitse ‘nete, hore re tle re be lipaki

[117] Jesu mora oa Maria a re: “Oho Allah Mong`a rona! Ak’u theolele ho rona tafole e tletseng lijo e tsoang leholimong, ho rona e tle ebe mokete oa pele ebile e le oa mathetho, le sesupo se tsoang ho uena. U re baballe ka phepo, hobane ke uena mofepi ea fetang bohle

[118] Allah a re: “Ruri! Ke e romella ho lona. Empa ha ho kabale ea koenehang kamorao ho mona, Ruri ke tla mo otla ka kotlo eo ke e-song ho otle ope oa libopuoa tsa ka ka eona.”

[119] Moo Allah a tla re: “Oho Jesu mora oa Maria! Na u ile ua re ho batho: “le khumamele ‘na le ‘m`e re le melingoana kathoko ho Allah?” Jesu u tla re: “tlotla ebe ho Uena! Ke ne nke ke ka bua seo ke se nang tokelo ea ho se buoa. Haeba ke ne ke tloaetse ho rialo, Ruri Uena U ka be U tseba. Hobane Uena U tseba se mehopolong ea ka, empa ‘na ha ke tsebe se mehopolong ea hau. Ruri! Uena, uena feela motsebi oa lintho tsohle tse patehileng

[120] Ha ho letho leo ke ba bolelletseng lona haese seo Uena U neng U ntaetse sona, hore ke re: “Khumamelang Allah, Mong`a ka ebile e le Mong`a lona. Ke ne ke le paki nakong eo ke neng ke ntse ke phela har’a bona, athe nakong eo U nkuketseng ho Uena ebile Uena molekoli oa bona. Ke uena paki holim’a lintho tsohle. 121. Haeba U ba ahlola, ke makhabunyane A Hau, ebang U ba ts’oarela Ruri ke makhabunyane a Hau. Ruri! Ke Uena, Uena feela ea matla Oohle, ea Seli.” 122. Ke moo Allah a tla re: “lena ke letsatsi leo ka lona ba nang le ‘nete batlang ho putsoa ho latela ‘nete ea bona, sebakeng sa bona ho teng lirapa tseo linoka li phallang katlas’a tsona, moo teng ba tla ba polokehong ho fihlela kahosafeleng. Allah U nyakaletse ke bona, le bona ba nyakaletse ke eena. Ruri! Eo ke eona pholoho e kholohali.” 123. Puso ea maholimo le’a lefats’eng ke ea Allah, le tsohle tse teng, ke Eena ea matla ho tsohle. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Liphoofolo

Surah 6

[1] Thoriso ebe ho Allah, Ea hlolileng maholimo le lefats’e, A baa hlola lefifi le leseli. Ba latolang tumelo bona ba kopanya Mong`a bona le batlatsetsi

[2] Ke Eena ea le bopileng ka letsopa, A baa le behela nako. O hlokolosi ka nako eo. Le hoja le na le khoao

[3] Ruri ke Allah maholimong le lefats’eng. O tseba tseo le li patang le tseo le li senolang; o tseba le moputso oa liketso tsa lona

[4] Ha ho le haele e ‘ngoe ea lits’enolo tsa Allah e tlileng ho bona eo ba sa kang ba e koenehela

[5] Ba se ba ile ba latola ‘nete e neng e tlile ho bona. Ho tla tla ho bona bo-’nete ba seo ba ‘nileng base soma

[6] Na ha ba bone kamoo Re ileng Ra timetsa meloko-loko pele ho bona, eo Re ileng Ra e theha lefats’eng ebileng matla ho feta kamoo Re ba thehileng kateng, meloko eo Re ile Ra e ts’ollela lipula tsa litloebelele tse tsoang leholimong, tse ileng tsa etsa linoka tse phallang pela bona. Re ile Ra ba timetsa ho latela libe tsa bona, kamorao ho bona Re ile Ra hlola moloko o mong

[7] Hoja ebe Re ne Re romeletse ts’enolo ho uena e ngotsoeng leqepheng leo ba neng ba ka le ama ka matsoho a bona, mahana-tumelo ba ne ba tla re: “Hona ha se letho haese boloi bo pepenene.”

[8] Ba bile ba re: “Hobaneng ha ho sa romelloa lenyeloi ho eena?” Hoja ebe re ne re romeletse lenyeloi ho eena, Ruri ho ka be ho fihletsoe tharollo; ho ne ho ke ke ha hlola ho eba le nako e tla ba lumella ho ea inahana

[9] Hoja ebe re ne re ile ra khetha lenyeloi hoba moromuoa oa rona, Ruri re ka be re mo rometse ka sebopeo sa motho ele hore a tle a bue le batho; ‘nete eo e ka be e sa ba hlakela ho latela kamoo ba ntseng ba sa hlakeloe kateng

[10] Baromuoa ba Allah ba ‘nile ba so’ngoa pele ho uena, empa sesomo seo sa bona se ile sa kopela ba bang ba bona har’e joaloka ha ba ne ba soma

[11] E re: “Hahlaulang le lefats’e, le tle le bone pheletso ea bophelo ba ba ileng banyefola!”

[12] E re: “hana ke tsa mang lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng?” Hape u re: “ke tsa Allah. U ingoletse mohau ho bo-teng ba hae, e le hore a tle a le bokelle ‘moho mohla letsatsi leo ho seng khoao ka lona. Athe haele ba lahlehetsoeng ke meea ea bona ba ke ke ba lumela

[13] Ke tsa hae lintho tsohle tse phelang le tsohle tse nyanyakang bosiu le mots’eare. O utloa tsohle, o tseba tsohle

[14] U re ho bona: “na ebe nka ikhethela mots’oalle-mots’ireletsi e mong kathoko ho Allah,’mopi oa maholimo le lefats’e, ebile e le mofepi, empa eena a sa feptjoe? U re: “ke mpa ke laetsoe hoba oa pele ea inehetseng ho eena. O se be har’a bahedene.”

[15] U re: “ke ts’aba kahlolo ea letsatsi le ts’abehang ha feela eba ke fositse malebana le Mong`a ka.”

[16] Eo kahlolo ea mofuta o joalo e ke keng ea mo ama mohla letsatsi leo, Ruri Allah U tla be a bile mohau holim’a hae. Seo e tla be e le pholoho e totobetseng

[17] Haeba Allah a ka le ama ka mathata, ha ho le’a mong ea tla le phemisa ona haese eena, haeba a ka le ama ka mahlohonolo ha ho le’a mong ea tla e tlosa; hobane Allah U khona ho etsa lintho tsohle

[18] Ke eena ea matla ohle holim’a makhabunyane a hae, ke eena ea bohlale, motsebi oa lintho tsohle

[19] U re: “hana ke sefeng se boimahali bopaking?” U be u re: “Ruri Allah ke paki lipakeng tsa ka le lona. Qur`an ena e ile ea senoloa ho ‘na ka susumetso, e le hore ka eona ke tle ke le hlokomelise ‘moho le bohle bao etlang ho finyella ho bona. Na ka ‘nete le tiisa le hlapanya hore ho teng melingoana kantle ho Allah?” U be u re: “che, nke ke ka paka holim’a se joalo.” U boele u re: “Ruri ke `Mopi a le mong feela. ‘na ha ke na molato ho tseo le li kopanyang le eena.”

[20] Bao Re ba nehileng Lengolo, Ruri ba tseba ts’enolo ena joalo ka ha ba tseba bara ba bona. Ba lahlehetsoeng ke meea ea bona balatola tumelo

[21] Ke mang ea etsang phoso e kholohali ho feta eo ea qapang mashano malebana le Allah, a bile a nyefola lits’enolo tsa hae? Ruri! Haele baetsa-libe bona ba ke ke ba atleha

[22] Letsatsing leo re tlang ho bokella bohle, re re ho ba neng ba kopanya Allah le batlatsetsi: “ba kae bomphato`a lona bao le neng le ba rorisa?”

[23] Ba ke ke ba hlotse ba eba le likhang haese feela hore ba re: “Ruri ka Allah Mong`a rona, ha re’a s’o be har’a ba kopanyang Allah le ba tlatsetsi

[24] Bona kamoo ba ithetsang ka bo-bona, le kamoo seo ba neng ba se rerile se ba phoqileng kateng

[25] Har’a bona ho teng ba u ‘mamelang, empa re koahetse lipelo tsa bona ka masira, e le hore ba se ke ba utloisisa, ke li thoolo. Hoo le ha bane ba ka bona ts’upiso efe kapa efe bane ba ke ke ba e lumela; ho fihlela ba e tla ho uena ho tla u phehisa khang feela, etsoe botlhoka-tumelo ba re: “tsena ha se leetho haese lits’omo tsa batho ba khale.”

[26] Ba bile ba qhelela batho thoko le ‘nete eo bona ba e qobang, ha ho seo ba se etsang haese ho khelosa meea ea bona ka bo- bona, le hoja ba sa elelloe

[27] Hoja ebe u ne u ka bona ha ba se ba tjametse mollo, ba re: “oho, hoja re ne re ka busetsoa lefats’eng! Re ne re ke ke ra hlola re nyefola lits’enolo tsa Mong`a rona, empa re ne re tla ba har’a ba kholoang!”

[28] Empa ke hona ba tla hlakeloa ke seo ba‘nileng ba se pata pele. Haeba ba ne ba ka busetsoa lefats’eng, ba ne ba tla ‘ne ba khutlele ho tseo ba li hanetsoeng. Ruri ba buoa leshano

[29] Ba `nile ba re: “ha hona se seng haese bophelo ba rona ba lefats’e, re ke ke ra tsosoa hape.”

[30] Hoja ebe u ne u ka ba bona nakong eo ba seng ba tjamme kapel’a Mong`a bona! Eena o tla re: “na ha se eona ‘nete ee?” Bona ba tla re: “Ahe, Ruri ka Mong`a rona!” E be o re: “latsoang he ke hona kahlolo hobane le ‘nile la nyefola tumelo.”

[31] Ruri ba latolang hore ba tla kopano le Allah ba la hlehile ho fihlela hora e ba tsometsa, ke moo ba tla itelela: “re oetsoe ke masoabi, hobane ha re’a ka ra tsotella tumelo!” Ba jere bopaki ba mathata a bona ka mahetla. Ahe, bo bobe Ruri bopaki boo ba bo jereng

[32] Bophelo ba lefats’e lena ha se letho haese papali le boithabiso. Se molemo ka ho fetisisa ke lehae la bo-tlang sebakeng sa ba bolokileng ts’ebeletso ea bona ho Allah. Ha le na kelello na

[33] Re tseba hantle hore puo eo ea bona e u utloisistse bohloko, le hoja ‘neteng ba sa nyefole uena, empa ba etsa-libe ba nyelisa lits’enolo tsa Allah

[34] Ruri ba ‘nile ba nyefola Baromuoa ba bileng teng pele ho uena, ba ile ba ba le mamello tlas’a linyefolo le likhatello ho fihlela thuso ea rona e finyeletse ho bona. Ha hona ea ka fetolang liqeto tsa Allah. Litaba tsa Baromuoa ba bileng teng pele ho uena li se li ile tsa finyella ho uena

[35] Haeba tatolo ea bona e le boima ho uena, ho ts’oana le ha u ne u ka ba tla lelumela le eang ka tlas’a lefats’e, kapa oa ba tla leri e eang marung ho eaba latela sesupo sa ho ba hlokomelisa bohle! – athe hoja ebile takatso ea Allah, Ruri a ke be a ba bo keletse tataisong hammoho – kahoo u se be har’a litlaopa

[36] Ke feela ba utloang ba tla amohela. Haele bafu, Allah U tla ba tsosa; banto boela ho eena

[37] Ba re: “hobaneng ho sa theoleloa sesupo ho eena se tsoang ho Mong`a hae?” U re: “Allah U khona ho romella sesupo.” Empa boholo ba bona ha ba tsebe

[38] Liphoofolo tse phelang lefats’eng, le libopuoa tse fofang ka mapheeo a mabeli, ke sechaba joaloka lona. Ha ho letho leo re le khesitseng kahar’a buka ea rona ea manollo. Tsohle li tla bokelloa ho Mong`a tsona

[39] Bohle ba latolang lits’enolo tsa rona ke Litholo le Limumu ba har’a lefifi la bo-nka-ntjana. Eo Allah a mo lesitseng u ea lelera, eo a ikhethetseng eena o ha tseleng e topileng

[40] U re ho bana: “le nahana hore haeba khalefo ea Allah e ka le oela, kapa hora ea le tsometsa le tla bitsa e mong kathoko ho Allah? Na le ka ba tla thuso ho e mong kathoko ho Allah? Arabang ke hona haeba le na le ‘nete sebele.”

[41] Empa le tla memetsa ho eena, o tla tlosa tubeho e joalo haeba a rata hobane le memelitse ho eena, ebile le se le lebetse batlatsetsi ba ne bao le neng lebakopanya le eena

[42] Ruri, re ‘nile ra romella baromuoa ho lichaba tse ngata pele ho uena, re ile ra tsometsa lichaba tseo ka likoluoa le litubeho, e le hore li tle li ithute boikokobetso

[43] Hoja ebe nakong eo mahlonoko a li tjametseng, e be li ile tsa ikokobetsa! Empa lipelo tsa tsona li ile tsa thatafala, Satane o ile a etsa hore liketso tsa tsona tse mpe li shebahale li khahleha ho tsona

[44] Nakong eo li lebetseng tlhokomeliso eo li neng li e hopolitsoe, re ile ra li bulela mekoallo ea lintho tsohle, ho fihlela har’a nyakallo eo ea tsona ka limpho tseo re neng re li file eona, eaba re’a li tsometsa, bonang! Li ile tsa oela har’a maqakabetsi

[45] Kahoo batho ba ileng ba khaba ka bobe, masalla a bona a ile a phetheloa. Thoriso e be ho Allah, Mong`a mafats’e

[46] U re: “le nahana hore haeba Allah a ka le falatsa kutlo le pono, a ba a kaba lipelo tsa lona, ho teng `Mopi e mong ea ka le buseletsang tsona haese Allah sebele? Bonang kamoo re hlakisang lits’enolo kateng ho bona? Le hoja ba ntseba koeneha

[47] U re: “le nahana hore haeba kotlo ea Allah e ka tla ho lona ka tsome kapa pepenene, ho teng ba tla ripitloa haese baetsa-libe

[48] Ha re’a romella Baromuoa feela haese hona ho tlisa litaba tse molemo le ho le hlokomelisa. Athenyane haele bohlebakholoangbabilebaetsa botle, Ruri ba ke ke ba apareloa ke ts’abo kapa eona mesarelo

[49] Haele banyefolang lits’enolo tsa rona, kahlolo e tla ba ama hobane ba tloaetse ho nyelisa

[50] E re ho ba kholoang: “ha ke na hore ho lona, ho ‘na ho teng matlotlo a Allah, kapa ke na le tsebo ka Masabonoeng; kapa hore ke re ho lona: bonang! Ke lenyeloi! Ke mpa ke setse morao seo ke se senoletsoeng.” U re: “na sefofu se lekana le ea bonang? Na le tla ke le inahane?”

[51] Ka molaetsa ona hlokomelisa ba ts’abang Allah hobane ba ena le tsebo ea hore ba tla bokelloa kapel’a Mong`a bona, malebana le bona ho ke ke hoa ebale mots’oalle mots’ireletsi kapa ‘muelli kantle ho eena, e le hore ba sesefe bobe

[52] Ruri u se leleke ba bitsang ho Mong`a bona hoseng le mantsiboea ba tsomana le sefahleho sa Hae. Ha u na boikarabello ho bona, le bona habana boikarabello ho uena, haeba u ka ba leleka Ruri u tla ba e mong oa ba etsang-liphoso

[53] Le ha ho le joalo, re le kile ba bang ba bona kababang, e le horebatlebare: “ebe batho baa ke bona bao Allah a khahliloeng ke bona har’a rona?” E be Allah ha a tsebisisi hantle bathobanang le teboho

[54] Nakong eo bakholoang lits’enolong tsa ronabaetlang ho lona, bare: “khotso ebe le lona!” Ruri Mong`a lona o ikhethetse mohau, haeba e mong oa lona a ka oela sebeng, ea re kamorao ho moo a inyatsa a etsa botle, bonang! Sebakeng sa hae Allah U ts’oarela-joalo-joalo, ebile o tletse mohau

[55] Ke kamoo re hlakisang lits’enolo kateng, e le hore litsela tsa baetsa-libe li hlahele pooaneng

[56] U re: “ke hanetsoe ho khumamela bohle bao le bitsang ho bonabakathoko ho Allah.” U boele u re: “nke ke ka sala morao litakatso tsa lona tsa mafeela, hobane ha nka etsa joalo, ke tla kheloha, ke tla sitoa hoba e mong oabatataisitsoeng ka nepo

[57] U re: “Ke its’etlehile ka lits’upiso tse tsoang ho Mong`a ka, ha lona le mo nyefola. Ha ke na matla holim’a seo le lakatsang ho bona se potlakisoa. Qeto ke ea Allah feela. Ruri o buoa ‘nete, Ke Eena Moahloli ea Seli ho feta bohle

[58] U boele u re: “haeba seo le lakatsang ho bona se potlakisoa se ne se le matleng a ka, Ruri re ka be re fihletse qeto holim’a taba ena. Allah U hlokolosi kabaetsang liphoso

[59] Linotlolo tsa Masabonoeng li ho eena. Li tsejoa ke Eena a Inotsi. O tseba tsohle tse lefats’eng le tse kahar’a maoatle. Ha ho lekhasi le ka oelang a sa ka a tseba, ha ho le haele thollo le e ‘ngoe e bolibeng ba lefifi la lefats’e, kapa eng feela e ncha le haele e omeletseng e sa ngoloang polokong e hlakileng

[60] ‘Ke Eena ea nkang meea ea lona bosiu, ebile o tseba tseo le li entseng mots’eare. Empa ha ho ela a le tsose hape hore le phele, e le hore nako ea lona ea pallo e tle e phethahale. Poelo ea lona e ho Eena. Ke moo teng a tlang ho le joetsa tseo le neng le li etsa

[61] O matla ohle holim’a makhabunyane a hae. O romella manyeloi ho le lebela ho fihlela lefu le khahlanyetsa e mong oa lona, o amoheloa ke Manyeloi a Rona, ha ho seo ba se khesang

[62] Joale ke moo ba tla busetsoa ho Allah Mong`a bona. Ruri ke Eena Moahloli. Ke Eena ea akofelang ka ho fetisisa boikarabellong

[63] U re ho bona: “ha na ke mang ea le lopolotseng bolibeng ba lefifi la lefats’e le la maoatle? Le bitsa ho eena ka boikokobetso le sephiring, e be le re: “ha feela ebare ka pholoha letsoalong lena, Ruri re tla ba har’a ba bonts’ang teboho.”

[64] U re ho bona: “ke Allah ea le lopolotseng matsoalong ana le mathateng ohle. Le hoja le mo kopanya le ba tla tsetsi.”

[65] U boele u re: “O khona ho romela koluoa holim’a lona e tsoa leholimong kapa tlas’a lefats’e, kapa hona ho le ferekanya ka toants’ano ea merabe e le hore le tle le latsoe boiphetetso har’a lona.” Bonang kamoo re hlalosang lits’enolo kateng e le hore ba tle ba utloisise

[66] Batho ba heno ba le latotse Lengolo, le hoja e le ‘nete. E re: “ha ke na boikarabello holim’a lona.”

[67] Hobane molaetsa ka mong o behetsoe nako, le tla tseba

[68] Ha u bona batho ba phoqang lits’enolo tsa rona, u suthe pel’a bona ho fihlela ba qoqa moqoqo o sele. Empa haeba satane a ka u lebatsa, hang hoba u hopole, seke oa lula mokhatlong oa baetsa-libe

[69] Empa ha ho molato o ka jarisoang ba sesefang bobe, kahoo ba tlameha hoba hopotsa ho sesefa bobe

[70] Lesa ba nkang tumelo ea bona e le papali le boithabiso, ba bile ba thetsehile ke bophelobalefats’e lena. Empa phatlalatsa sena, hore moea ka mong o tla timetsoa ke seo o se sebelelitseng. O ke ke oa fumana ‘muelli kapa mots`ireletsi, le ha o ka etsa tefo efe kapa efe e ke ke ea amoheloa. Ruribana ke ba timelitsoeng ke liketso tsa bona. Ba tla noa metsi a belang le hona ho latsoa timelo e mahlonoko, hobane ba nyefotse tumelo

[71] E re: “Re ka llela ho mang haese ho Allah, na re ka llela ho lintho tse ke keng tsa re putsa le haele hona hore hlahisa kotsi, re ka koenehela tumelo joang kamor’a hoba Allah A re tataise, re be joaloka eo satane a mo fetotseng setlatla se ntseng se tlaopaka le lefats’e, eo metsoalle ea hae e mo memelang tataisong, e ntse e re: “tloho ho rona?” E re: “Ruri tataiso ea Allah ke eona feela tataiso, re laetsoe ho inehela ho Mong`a mafats’e

[72] Ho rapela ka linako tsohle le ho ts`aba Allah, ke ho Eena moo re tlang ho khobokangoa

[73] Ke Eena ea hlotseng maholimo le lefats’e ka ‘nete. Letsatsi leo A reng: “eba!” Eaba. Lentsoe la Hae ke ‘nete, sa Hae e tla ba puso mohla letsatsi leo terompeta e tla letsoa. U tseba Masabonoeng le tse bonoang, U Seli, U hlokolosi ka lintho tsohle

[74] Hopola nakong eo Abrahama a neng a re ho ntata’e Azar: “na u nka lits’oants’o e le melingoana? Bona! Ke bona uena le batho ba heno le le ts’itong e pepenene.”

[75] Ke kamoo re ileng ra bonts’a Abrahama puso ea maholimo le’a lefats’e e le hore a tle a be har’a ba jereng bopaki

[76] Eitse hoba bosiu bo mo aparele, o ile a bona naleli. Eaba u re: “enoa ke eena Mong`a ka.” Empa eitse hoba le likele, a re: “ha ke rate lintho tse likelang.”

[77] Eitse ha a bona ngoeli e chaba, ea ba o re: “Enoa ke eena Mong`a ka.” Empa hoba ngoeli e likele, a re: “Ruri nkeke ka ba e mong oa batho ba khelohileng, kantle le hore Mong`a ka a ntataise.”

[78] Eaba o boetse o bona letsatsi le chaba, a re: “enoa ke eena Mong`a ka! Enoa ebile o moholo-hali!” Ea re hoba le likele a re: “oho batho ba heso! Ruri ke pholohile ho tsohle tseo le li kopanyang le eena

[79] Haele ‘na ke reteletsa sefahleho sa ka ho Eena; Eena Ea hlotseng maholimo le lefats’e, ke be oa pele ea ‘neteng bophelong, ebile nkeke ka hlola ke ba har`a ba rapelang melingoana

[80] Batho ba habo ba ile ba mo phehisa khang. Eaba eena o re: “na le ka mphehisa khang malebana le Allah, hobane ke eena ea ntataisitseng? ‘na ha ke ts’abe melingoana eohle eo le e bapisang le eena kantle le ha Mong`a ka a lakatsa joalo. Mong`a ka tsebong ea hae o akarelitse tsohle. Na le sa tla ke le hopole

[81] Nka ts’aba joang melingoana eo le e bapisang le eena, empa lona le sa ts’abe ho bapisa Allah le batlatsetsi bao a sa kang a le senolela bona? Ke se feng sehlopha lipakeng tsa rona se nang le toka ts’ireletsong? Nkarabeng haeba le na le tsebo.”

[82] Ke ba kholoang ba bile ba sa lomose tumelo ea bona ka liphoso, sa bona ke ts’ireletso; ebile ba tataisong e nepahetseng

[83] Ona ke ona ‘moko-taba oa rona. Ke sona seo re ileng ra se neha Abrahama malebana le batho ba habo. Re phahamisetsa eo re mo khethileng sehlohlolong sa bohlale. Mong`a lona O Seli, ebile O Tsebo e felletseng

[84] Re ile ra mo putsa ka Isaaka le Jakobo; e mong le e mong re ile ra mo tataisa; joalo ka ha re ile ra tataisa Nooe; le tsoaleng ea hae, Davida, Solomon, Jobo, Josefa, Moshe le Aarone. Ke kamoo re putsang ba lokileng

[85] Le Zakaria, Johanne, Jesu le Elias. E mong le e mong oa bona o har’a ba lokileng

[86] Le Ishmaele, Elisha, Jonase le Lota. Bao e mong le e mong oa bona Re ileng Ra mo khetha holim’a libopuoa tsa rona

[87] Le ho bo-ntata bona moholo, le tsoaleng ea bona le ho bana ba bo-bona; Re ile Ra ikhethela bona, eaba Re ba tataisetsa tseleng e otlolohileng

[88] Ena ke eona tataiso ea Allah eo a tataisang eo a ikhethetseng eena har’a bahlanka ba Hae. Empa haeba ba ne ba ka khumamela melingoana kathoko ho eena, Ruri tsohle tseo ba neng ba li entse li ne li tla fetoha lefeela

[89] Bana ke bona bao Re ba nehileng Lengolo, le Matla, le Boporofeta. Haeba moloko oa bona ha o ka li latola, Bonang! Re tla fana ka boikarabello ba bona ho batho ba sa tlo li latola

[90] Bao ebile ba tataisitsoeng ke Allah, kahoo latelang tataiso ea bona. E re: “Ha ho moputso oo ke o batlang ho lona. Sena ha se letho haese Molaetsa ho lichaba.”

[91] Ha ba a nonya hantle matla a Allah sebele ha ba re: “ha ho letho leo Allah a le senoletseng motho.” E re ho Ma-Juda a riatso: “ke mang ea senotseng Lengolo le tlisitsoeng ke Moshe, e le leseli le tataiso ea batho, leo le bileng la le ngola maqepheng eaba lea le hlahisa, le hoja le patile karolo e kholo ea lona, eo ka eona le rutiloeng tseo lona ka bo-lona le neng le sa li tsebe, le bo-ntata lona ba ne ba sa li tsebe? E re: “Ruri ke Allah.” Joale ebe u ba lesa har’a bosaoana boo ba bona ba likhang

[92] Lengolo lena leo re le senotseng le hlohonolofalitsoe, ebile le netefatsa ka tieo tse tlileng pele ho lona, e le hore ka lona u tle u hlokomelise Motse-Moholo, le metse eohle e o potapotileng. Ba kholoang bophelong bo-tlang, Ruri ba lumela ho lona, ba hlokolosi ka lithapelo tsa bona

[93] Hana ke mang ea ka bang khopo ho feta ea qapang mashano khahlano le Allah, kapa ea reng: “ke susumelitsoe,” empa a sa susumetsoa ka letho; le ea reng: “nka senola se ts’oanang le seo Allah a se senotseng?” Hoja ebe le ne le ka bona ba khopo nakong eo ba tjametsoeng ke lefu kamoo ba ferekanang kateng ha manyeloi a nanabetsa matsoho a ona, a re: “nehelanang ka meea ea lona. Kajeno le tla putsoa ka timelo e tlotlollang ho latela tseo le li buileng khahlano le Allah tse kathoko le ‘nete, le bile la nyelisa lits’upiso tsa Hae

[94] Bonang! Le tla ho Rona le le feela le inots`i joalo ka ha Re ile Ra le bopa pele, le bile le siile tsohle tseo re ileng ra le sitsa ka tsona morao, ha re bone bana moleli ba ne ba lona bao le ‘nileng la nahana hore ke balekane ba nang le karolo ho lona. Likamano lipakeng tsa lona li khaohile, le ts’epo eohle ea lona ea bosaoana e le phoqile.”

[95] Ke Allah ea etsang hore thollo ea peo le tholoana ea sefate li petsohe li be li phunye mobung e be li’a mela. Ke eena ea phelisang bocha tse neng li shoele, a boele a bolae tse phelang. Enoa ke eena Allah. Joale hobaneng ha le kheloha

[96] Ke Eena ea arohanyang mots’eare le bosiu, U khethile bosiu hoba nako ea ho phomola, letsatsi le ngoeli tsona ke lits’upa- nako. Ke kamoo litekolo tsa ea Matla Ohle, Ea bohlale li leng kateng

[97] Ke Eena ea entseng hore linaleli ebe lirumuli ho le tataisa tsela ka tsona har’a lefifi la lefats’e le maoatle. Re latellisitse lits’enolo tsa rona ho batho ba nang le tsebo

[98] Ke Eena ea le hlahisitseng mothong a le mong, abaa le neha tulo le polokeho. Ruri re kolohantse lits’enolo tsa rona ho batho ba nang le kutloisiso

[99] Ke eena ea theolelang pula ho tsoa marung, eo ka eona re hlahisang limela tsa mefuta eohle; re hlahisa lijo-tala tseo ho tsona re hlahisang lijo-thollo; athe sefateng sa palema teng re nts’a litholoana tse ipopileng senkhome; re bile re hlahisa lirapa tsa merara, mehloare le likharenate tse ts’oanang ka sebopeo, empa li fapane ka mofuta. Talimang litholoana tseo ha li qala ho beha, le be le talime nakong eo li butsoitseng. Bonang! Ruri linthong tsena ke lits’upiso bakeng sa batho ba kholoang

[100] Empa leha ho le joalo ba lekanya masabonoeng (li-jinn) le Eena, le hoja e le Eena ea li hlolileng, ba mo maneha ka bohata le ka ho hloka tsebo bara le barali. Lithoriso li be ho Eena hobane o okametse tsohle tseo ba Mo manehang tsona

[101] Mopi oa maholimo le lefats’e! A ka ba le mora joang empa a se na mosali, etsoe ke Eena ea hlotseng lintho tsohle, ebile A le hlokolosi holim’a lintho tsohle

[102] Ruri eo ke Eena Allah, Mong`a lona. Ha ho `Mopi e mong ntle le Eena, `Mopi oa lintho tsohle, kahoo mo khumameleng ke hona. Ke eena ea hloahloa holim’a lintho tsohle

[103] Ha ho leihlo le ka mo bonang, empa Eena o bona lintho tsohle. Eena o kaholimo ho likutloisiso tsohle, e bile o hlokolosi

[104] “Bopaki bo tlile ho lona bo tsoang ho Mong`a lona ho tla le bula mahlo, haeba ope oa lona a ka bona, hoo ho tla ba molemong oa hae, athe haele ea foufetseng Ruri ho foufala hoo ke kotsi ea hae. Ha ke molisa holim’a lona

[105] Ke kamoo Re hlalosang lits’enolo tsa Rona kateng e le hore ba tle ba re ho uena: “Ruri u ithutile,” e le hore Re tle Re li hlakisetse batho ba nang le tsebo

[106] Ruri u latele seo u se susumelitsoeng se tsoang ho Mong`a hau; etsoe ha ho `Mopi e mong kathoko ho eena; u ikhule har’a bahedene ba kopanyang Allah le batlatsetsi

[107] Hoja ebe Allah U ratile, ba ke be ba sa iketsetsa melingoana ea bohata. Ha Re’a etsa hore u be molisa holim’a bona, kapa hona hore u ikarabelle sebakeng sa bona

[108] U se some melingoana eobae rapelang kathoko ho Allah, esere mohlaope ba ts’oha ba soma Allah ka phoso le lehloeo. Ke kamoo Re entseng kateng, hore ho sechaba ka seng liketso tsa sona li bonahale li khahleha. Poelo ea bona e ho Mong`a bona, ke moo a tlang hoba bolella tseo ba neng ba tloaetse ho li etsa

[109] Ba bile ba ikana ka Allah ka kano e matla ea hore ha feela eba sesupo se ka tla ho bona, Ruri ba tla lumela ho sona. U re: “lits’upiso li ho Allah, empa seo se ba kholisitseng hore haeba sesupo se joalo se ka tla ho bona ba tla lumela, Ruri ba ke ke ba se lumela”

[110] Re hoereantse lipelo le mahlo a bona. Joaloka haba ile ba nyefola sena pele, re ba lesitse ho tlankella ka bofofu holim’a manganga a bona a ho nyefola

[111] Le Ha Re ne Re ka romella manyeloi ho bona, kapa bafubaka buoa le bona, le hona ho bokella lintho tsohle malebana le bona ka mahlofo, ba ne ba ke ke ba lumela kantle le haeba e ne e le ka thato ea Allah. Leha ho le joalo, bongata ba bona ha bo na tsebo

[112] Ke kamoo Re ileng Ra etsetsa moporofeta ka mong teko ka lira, – le ka ba babe har’a batho le Lijini ka ts’uts’umetso ea lipuo tse makhabane tse lebisang thetsong har’a bona. Hoja Mong`a hau o ne a ratile, ba ne ba ke ke ba etsa joalo; kahoo ba lese boqaping ba bona

[113] E le hore lipelo tsa ba sa lumeleng ho bo-tlang, li tle li sekamele thetsong e joalo, le hore ba tle ba inkele nyakallo ho eona, hore ba tle ba iphumanele moputso oa tseo ba li entseng

[114] “Na nka ipatlela moahloli e mong kathoko ho Allah, empa e le Eena ea senotseng ho uena Lengolo, le hlalositsoeng ka botlalo” Bao Re ileng Ra ba senolela Lengolo, hore le senotsoe ke Mong`a hau ka ‘nete. Kahoo u se be har’a ba nang le khoao

[115] Lentsoe la Mong`a hau le phethahetse ‘neteng le tokeng. Ha ho ea ka fetolang mantsoe a Hae. Hobane ke Eena Ea Utloang, ebile ke Motsebi oa tsohle

[116] Haeba u ka latela metsamao ea ba Lefats’eng, ba tla u khelosetsa hole-hole le tsela ea Allah. Ha ho seo ba se latelang haese lefeela, ha ba etse letho haese ho bua leshano

[117] Mong`a hau, U tseba ka botlalo ba khelohileng tseleng Ea Hae; U tseba ka botlalo ba amohelang tataiso ea Hae

[118] Kahoo le je tseo lebitso la Allah le bitsitsoeng holim’a tsona, haeba le kholoa lits’enolong tsa Hae

[119] Le ke keng la ja joang tseo lebitso la Allah le Bitsitsoeng holim’a tsona, hobane U ile A le hlalosetsa tseo le li hanetsoeng, ntle le haeba le ka tlas’a khatello. Empa Boholo bo khelosa ke meharo ea bona ho sa ipapisa le tsebo. Mong`a hau, U tseba ka botlalo ba tlolang meeli

[120] Nenang sebe ponts’eng kapa lekunutung. Haele ba kotulang sebe, ba tla una tseo ba li kotutseng

[121] Le se ke la ja tseo lebitso la Allah le sa kang la bitsoa holim’a tsona, hoo ke sebe. Bo-liabolosi ba tlamahane le metsoalle ea bona tekong ea ho le khelosa. Haeba le ka ba mamela, Ruri le tla be le le Bahedene

[122] Na ea neng a shoele eaba re’a mo ts’osa hore a phele, eaba re mo neha leseli leo ka lona a ka tsamaeang har’a batho, a ka ts’oana le’a har’a lefifi la bo-nka-ntjana leo a ke keng a hlola a tsoa har’a lona? Ke kamoo ba sa lumeleng ba bonang liketso tsa bona li khahlisa

[123] Ebile ke kamoo re khethileng metseng eohle baetapele hoba ba fosahetseng, e le hore ba tle ba ithere-bora har’a bona. Ba ea rera, empa ba rera khahlanong le bona le hoja ba sa elelloe

[124] Ha ho e-tla sesupo ho bona, ba re: “Re ke ke ra lumela ho fihlela re fuoa seo Baporofeta ba Allah ba se nehiloeng”. Ebile Allah U tsebisisa hantle eo A ka lebisang molaetsa oa Hae ho eena. Tlotloloho le kotlo e boima tse tsoang ho Allah li tla aparela bohle ba babe ka lebaka la merero ea bona e mebe

[125] Eo e leng thato ea Allah ho mo tataisa, o phetlela sefuba sa hae ho inehela thatong ea hae, ka ho ts’oana le eo e leng thato ea hae ho mo khelosa, o etsa hore sefuba sa hae se koalehe le hona ho honyela joaloka ha eka o nyolohela marung. Ke kamoo Allah a bokellang masoabi holim’a ba sa lumeleng

[126] Ruri ena ke eona tsela e otlolohileng ea Mong`a lona. Re hlahlamisitse lits’enolo tsa rona sebakeng sa batho batla ananela

[127] Sebakeng sa bona ho teng lehae la khotso ho Mong`a bona. Eena e tlaba molopolli oa bona ho latela tseo ba ileng ba li etsa

[128] Mohla letsatsi leo a tlang hoba bokella ‘moho o tla re: “Oho lona seboka sa Masabonoeng! ba bangata batho bao le ba khelositseng. Metsoalle ea bona har’a batho e tla re: “Mong`a rona! Re ile ra ithabisa bo-rona, empa hajoale re fihletse nako ea pallo eo o neng o re baletse eona”. Eena o tla re: “Mollo e be lehae la lona”. Ke moo le tla phela teng kahosafeleng, kantle le eo Allah A tlang ho mo pholosa ka thato ea Hae. Bonang! Mong`a lona U Seli, U tletse tsebo

[129] Ke kamoo Re etsang hore baetsa-libe ba be le matla holim’a ba bang ka lebaka la seo ba neng ba ts’oanetse ho se amohela

[130] Oho lona phutheho ea Masabonoeng le batho! Na ha ho ea ka ha hlaha baromuoa har’a lona, ba bileng ba le phetela lits’upiso tsa ka le hona ho le hlokomelisa ka kopano ena ea letsatsi la lona? Ba tla re: “Bopaki ba rona bo khahlanong le rona”. Bophelo ba lefats’e lena bo ba thetsitse. E bile ba paka khahlanong le bona hore e bile banyefoli ba tumelo

[131] Sena ke hobane Mong`a lona a ke ke a ripitla metse kantle ho mabaka nakong eo baahi ba eona ba sa elelloeng ka bobe boo ba bo etsang

[132] Ho tla ba le maemo sebakeng sa bohle ho latela liketso tsa bona. Ha se hore Mong`a lona ha A elelloe tseo ba li etsang

[133] Ruri Mong`a lona ke Rabosafeleng, U Tletse Mohau. Haeba a rata, a ka le ripitla kaofela, a ka hlomamisa ba bang ho latela kamor’a lona, joaloka ha a ile a le hlahisa ho tsoa peong ea batho ba bang

[134] Ruri seo le se ts’episitsoeng se tla phethahala, le ke ke la se phema

[135] E re: “Oho batho ba heso! Sebetsang ho latela matla a lona. Le ‘na ke ea sebetsa. Haufinyana le tla tseba hore na ke mang ea tla thaba bophelong bo-tlang. Athe haele baetsa-libe bona ba ke ke ba atleha”

[136] Tseo Allah a li hlolileng limeleng le makhomong, ba abela Allah karolo, e be ba re: “Tsena ke tsa Allah” – ho latela tumela-masaoana ea bona – “Ha tsena e le tsa batlatsetsi ba hae molemong oa rona”. Ke kamoo karolo eo ea batlatsetsi ba Hae ho bona e ke keng ea finyella ho Allah, karolo eo bae abelang Allah e finyella feela ho batlatsetsi ba bona. Ruri se fosahetseng ke molao oo oa bona

[137] Le ha hole joalo mahlong a Bahedene, batlatsetsi ba Allah e bileng sesosa sa lipolao tsa bana ba bona e le hore mahlong a bahedene ba bangata battle ba khahlehe, ele hore battle ba ipolae bo-bona, le hona ho fifatsa tumelo ea bona. Haeba Allah a ne a lakalitse ka mokhoa o mong, ba ka be ba sa etsa joalo. Kahoo batlohele ba le joalo le maqiti ao a bona

[138] Ebile ba re: “Makhomo ao le tsona limela tseo ha li’a lumelloa ho hang. Ha ho ope ea ka li jang haese eo re ikhethetseng eena –ho latela tumela-masaoana ea bona – ho teng makhomo a sa lokelang ho bofa, kapa makhomo ao e reng ha a hlajoa ho sa bitsoeng lebitso la Allah holim’a ona”. Ruri tsena kaofela ke leshano khahlanong le Allah. Eena o tla ba ahlolela boqapi boo ba bona

[139] Ba re: “Tseo tse kahar’e ho limpa tsa likhomo tseo tse joalo li boloketsoe banna ba rona, li hanetsoe basali ba rona; empa haeba li ka tsoala lifolotsana, bohle ba tla ba le seabo ho tsona. Ruri Allah U tla ba putsa ho latela tumela-masaoana eo ea bona ea melaoana eo e fosahetseng khahlanong le Eena. U Seli, U Tsebo e felletseng

[140] Ba lahlehile ba fenethang bana ba bona ho latela bothoto ba ho hloka tsebo, le hona ho tlosa molaong lijo tseo Allah A ba sitsitseng ka tsona, ka ho iqapela leshano khahlanong le Allah. Ruri ba khelohile e bile ha ba sekolohela tataiso

[141] Ke Eena ea hlahisang lirapa tse methating le tse seng methating, lipalema, masimo a behang lijo tsa mefuta eohle, mehloare le likharenate tse ts’oanang le tse sa ts’oaneng. U je litholoana tsa lifate tseo nakong eo li behileng, u be u lefe nyehelo ka tsona nakong ea kotulo, empa u se be bohlasoa. Bona! Allah ha a rate ba bohlasoa

[142] Ebile har`a makhomo u hlahisa tse ka bofang, le tsa nama. Le je tseo Allah a le sitsitseng ka tsona, le se ke la latela mehlala ea liabolosi, hobane eena ke sera se pepenene ho lona

[143] Nka liphoofolo tse robeli: Linku tse peli, lipoli tse peli. Ebe u re: “na o hanetse tse tona tse peli, kapa tse ts’ehali tse peli, kapa tseo tse emeroeng ke tse peli tse ts’ehali? Ntlhakisetseng qaka ena ka tsebo, haeba le le ‘neteng

[144] U be u nke likamele tse peli e tona le e ts’ehali, le lipholo tse peli. E be u re: “na o hanetse tse peli tse tona kapa tse ts’ehali tse peli, kapa tseo tse emeroeng ke tse ts’ehali tse peli; kapa u bile paki nakong eo Allah a neng a u laela ka tsee tsohle? Joale ke mang ea etsang sebe se seholohali ho feta eo ea qapang leshano khahlanong le Allah, e le hore a tle a khelose batho tlas’a ho hloka tsebo. Allah ha A tataise batho ba etsang bobe

[145] U re: “Lengolong leo ke le senoletsoeng ha ke e-so fumane hona le nama e hanetsoeng ho jeoa ke ea ikhethetseng ho eja, kantle le haeba e le nama ea phoofolo e shoeleng, kapa bobete, kapa nama ea kolobe – hobane nama e joalo ke linyonts’a – ebile hape ho sa hloekang ke nama ea phoofolo e entsoeng sehlabelo kapa e hlabiloeng ka lebitso le leng le ka thoko ho la Allah. Empa haeba hona le ea tlangoang ke mabaka, empa e se ka ho etsa ts’ito, kapa hona ho tlola meeli, Mong`a hau U ts’oarela-khafetsa, e bile O khaphatseha mohau

[146] Ma-Juda ona, Re ba hanetse ka liphoofolo tsohle tse se nang likholana. E bile Re ba hanetse ka mafura a lipholo le’a linku, kantle le’a sehlana kapa a likahare, kapa mafura a kopaneng le lesapo. Ke tseo Re ba putsitseng ka tsona ka lebaka la lits’ito tsa bona. Ruri Re na le ‘nete sebele

[147] Kahoo haeba ba ka u phehisa khang, u re ho bona: “Mong`a lona ke Mong`a mohau o khaphatsehang, empa a ke ke a khutla khalefong ea Hae bathong ba molato

[148] Bahedene bona ba tla re: “ha ene ele thato ea Allah, re ka be re sa ka ra mo kopanya le batlatsetsi; le bo-ntat’a rona ba ke be ba sa etsa joalo, ebile re ka be re sa hanela letho”. Ke kamoo bo-ntat’a bona moholo ba‘nileng ba shanofats’a Baromuoa ba Allah kateng ho fihlela ba latsoitse khalefo ea rona. U re ho bona: “Na le na le tsebo eo le ka re totobaletsang eona? Bonang! Ha ho seo le se latelang haese maikutlo, kapa tsona likhakanyo feela

[149] E re: “likhang tsa ho qetela li ho Allah. Ha e ne e le ka thato ea Hae, Ruri a ke be a le tataisitse kaofela ha lona

[150] E re: “tlisang bopaki ba lona bo ka pakang hore Allah U hanetse tsena tsohle”. Empa haeba ba ka tlisa bopaki bo joalo, le se be har’a bona ka bopaki bo joalo. Le se ke la latela litakatso tsa banyefolang lits’enolo tsa rona, ba bile ba sa lumele bophelong bo-tlang, hobane ba nkile ba bang balekana le Mong`a bona

[151] E re: “Tlohong ke tla le phetela ka tseo Mong`a lona a li entseng sephiri sebakeng sa lona: le se ke la ipetlela molingoana kapel’a Hae ho e lekanya le Eena, le hlomphe batsoali, le se ke la bolaea bana ba lona ka lebaka la tlala –hobane re le hlokometse ‘moho le bona – ebile le se atamele pel’a liketso tse soabisang, ebang li le pepeneneng kapa li patehile. Le se bolae bophelo boo Allah a bo halalelitseng, kantle le haeba e le ka toka. Ke kamoo Allah A le laetseng kateng, e le hore le tle le ithute bohlale

[152] Le se ke la atamela lefa la khutsana kantle le haeba le le ntlafatsa, ho fihlela a eba lilemong tsa ho ikarabella. Fanang ka tekanyo e feletseng e bileng e leng boima ka toka. Ha ho mojaro ofe kapa ofe oo re o jarisang moea ho feta matla a ona. Haeba le fana ka puo holim’a seo, e etseng ka toka le haeba ekaba khahlanong le leloko; le phethise selekane sa Allah. Ke kamoo A le laelang kateng, e le hore le tle le hopole

[153] Ruri ena ke tsela ea Ka e topileng, e lateleng. Se lateleng tsela tse ling, esere tsa le khelosa thoko le tsela ea Hae. Ke kamoo A le laetseng kateng, hore le tle le sesefe bobe

[154] Hape, Re file Moshe Lengolo, le totobetseng ho ea tla etsa botle. Ebile e le tlhakisetso ea lintho tsohle, e le tataiso le mohau, e le hore ba tle ba lumele hore e feela ba tla kopana le Mong`a bona

[155] Lengolo lena le halalelang leo re le senotseng le hlohonolofalitsoe. Kahoo le lateleng ka tieo, le sesefe bobe, e le hore le tle le fumane mohau

[156] Esere kamohlomong la tloha la re

[157] “157. Kapa la tloha la re: “Hoja e be re ile ra senoleloa Lengolo le halalelang, Ruri re ka be re bile tataisong e nepahetseng ho feta kamoo bona ba leng kateng”. Ha joale ho tlile ho lona sesupo se hlakileng se tsoang ho Mong`a lona, tataiso e bile e le Mohau; etsoe ha na ke mang ea ka etsang phoso e mpehali e fetang ea eo ea nyelisang lits’enolo tsa Allah, le hona ho li furalla? Ba furallang lits’enolo tsa rona re tla ba putsa ka timelo e nyonyehang ka lebaka leo la nyeliso ea bona

[158] Ebe Ruri ho na le seo ba se lebeletseng haese hona ho bona manyeloi a e tla ho bona, kapa ho bona Mong`a bona a e tla ho bona, kapa hona ho bona lits’upiso tsa Mong`a bona li e tla ho bona? Mohla letsatsi leo lits’upiso tsa Mong`a bona li tlang, ha li na hoba le molemo oo li tla o etsetsa moea ofe kapa ofe o sa kang oa lumela ho tsona, kapa hona ho una molemo ts’ebetsong ea ona. U re: “lebellang! Ruri! Le rona re sa lebeletse”

[159] Haele ba arohanyang tumelo ea bona le hona ho e khekhetha litokana, u se be har’a bona le ka mohla. Taba ea bona e ho Allah, ke Eena ea tla ba bolella tseo ba neng ba li etsa

[160] Ea etsang ketso e lokileng o tla amohela moputso oa hae o ts’oanang le oo a o entseng o phaeletsoe ha leshome, haele eo ea etsang ketso e fosahetseng o tla putsoa ka seo se ts’oanang le seo a se entseng; ba ke ke ba qhekelloa

[161] E re: “Ruri! `na, Mong`a ka o ntataiselitse tseleng e topileng, tumelong ea ‘nete, tloaelong ea Abrahama ea neng a topile tumelong, e ne e se mohedene.”

[162] E re: “Ruri Thapelo ea ka, lihlabelo tsa ka, bophelo le lefu la ka ke tsa Allah, Mong`a Mafats’e

[163] Ha A na balekane. Ke Kamoo ke laetsoeng, ke oa pele ea inehetseng Thatong ea Hae

[164] E re: “Ah nka ipatlela molingoana ho o etsa Mong`a ka kantle ho Allah, empa ele Eena Mong`a lintho tsohle? Ruri moea ka mong o tla una feela seo o se kotutseng, ha ho mojari ea ka jarang mojaro oa e mong. Poelo ea lona e ho Mong`a lona, Ruri ke eena ea tla le bolella tseo le ileng la fapana ho tsona

[165] Ke Eena ea le entseng baemeli le maja lefa lefats’eng, A ba a le neha maemo a fapaneng, e le hona ho le beha tekong ka tseo A le fileng tsona. Mong`a lona Ruri U Akofela kahlolong, empa U Ts’oarela-khafetsa, U Tletse Mohau. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Libaka tse Phahameng

Surah 7

[1] Alif. Lam. Mim. Sad

[2] Lengolo leo u le senoletsoeng, kahoo o se lumelle pelo ea hau ho hatelloa ke boima bofe kapa bofe bo emong boo – ele hore u tle u ba hlokomelise, le ho ruta ba kholoang

[3] “Latelang t’senolo eo le e romeletsoeng e tsoang ho Mong`a lona, le se iketsetse metsoalle kapa bats’ireletsi kathoko ho eena. Etsoe se ea fokola seo le se nahanang

[4] E mekae metse eo re e ripitlileng! Ka ts’ohanyetso bosiu, kapa nakong eo ba sa ntseng ba robetse mots’eare, Ruri kahlolo ea Rona e ile ea ba oela holimo

[5] Ha ho oa ka ha ebale puo, nakong eo kahlolo ea Rona e ba oelang holimo, haese hore ba re: “Ruri re fositse”

[6] Haufinyana Re tla botsa bao molaetsa oa Rona o ileng oa romelloa ho bona, Re tla botsa le bao Re o romeletseng ka bona

[7] Ke moo Re tla ba phetela pale eohle ka tsebo, hobane Ruri ha ho moo Re bileng sieo nakong eo li neng li etsahala

[8] Tekano ea mohla letsatsi leo, e tla ba ea ‘nete. Ba boima sekaleng, ke bona ba tla atleha

[9] Ba tla ba bobebe sekaleng: ke batla lahleheloa ke meea ea bona, hobane banyefotse lits’enolo tsa rona

[10] Ke Rona Ba nehileng batho matla lefats’eng, eaba Re le hlahisetsa tseo le li hlokang malebana le bophelo ba lona hona teng. Empa le fana ka liteboho tse fokolang

[11] Ke Rona ba le hlotseng le hona ho le neha libopeho, eaba Re bolella manyeloi hore: “inamelang Adama!” Eaba ba ea inama kaofela, haese Iblis feela ea ileng a hana ho inama

[12] Eaba ‘Allah U re: “Ke eng se o thibileng hore e be ha o oa ka oa inama ha ke o laetse joalo?” Iblis a re: “Ke chatsi ho feta eena. Hobane u mpopile ka mollo, ha eena u `Mopile ka letsopa”

[13] Allah a re: “Theoha u tlohe mona! Mona ha se moo u ts’oanelang ho bonts’a boikhants’o ba hau teng, kahoo tsoa! U ee hobane u e mong oa ba nyefotseng

[14] Eaba iblis o re: “U mpaballe ho fihlela letsatsi leo batla tsosoa ka lona”

[15] Eaba Allah u re: “U tlaba har’a ba filoeng paballo”

[16] Iblis a re: “Ho tloha joale, hobane U ntahletse khelohong, Ruri ke tlabalalla tseleng ea hau e topileng

[17] Ke tla ba khahlela ke le kapel’a bona le ka mor’a bona, le ka lehlakoreng le letona le le lets’ehali, ha U sa tla hlola U fumana liteboho ho ba bangata ba bona”

[18] Eaba Allah U re: “Tloha mona uena ea rohakehileng le hona ho lelekoa. Ba tla u latela, Ruri Ke tla tlatsa lihele ka lona kaofela”

[19] “Oho Adama! Uena le mosali oa hau le tla phela serapeng le hona ho ja tsohle tseo le li thabelang, empa haele sefate sena le se atamele ho sona, esere ka mohlomong la fetoha baetsa- liphoso”

[20] Ebile moo satane a ileng a simolla ho ba hoesheletsa ele hore a tle a ba hlakisetse seo ba neng base patetsoe sa bofeela ba bona, eaba o re: “Mong`a lona o mpile a le hanela ka sefate sena feela hore le se tlohe la eba manyeloi kapa la tloha la eba lihloliloeng tse tla phela kahosafeleng”

[21] Eaba o ikana kapel’a bona ka hore: “‘na ke moeletsi oa lona sebele”

[22] Ke kamoo a ileng a ba eka kateng ka thetso. Eaba bobeli ba latsoa sefate, ba iphumana ba le feela, eaba moo ba ileng ba qala ho ipata ka ho ipokella makhasi a serapa ‘meleng ea bona. Eaba Mong`a bona U’a ba bitsa: “Na ha ke ea le hanela ho ja sefate seo le hona ho le bolella hore: “Satane ke sera sa lona ka boikano?”

[23] Ba re: “Mong`a rona! Ruri re foselitse meea ea rona. Haeba U ke ke Oa re ts’oarela le hona ho re hlokela mohau, Ruri re tla be re le ba lahlehileng!”

[24] Allah A re: “Theohang mona, e mong e tla ba sera ho e mong. Lefats’e e tla ba lehae la lona le ona mokhoa oa boiphiliso ho lona ha nakoana”

[25] A re: “Ke moo le tla phela teng, e bile ke moo le tla shoela teng, pheletsong le tla nts’uoa teng”

[26] Oho lona bana ba Adama! Re le senoletse liaparo ho ka pata bofeela ba lona, e bile e le boikhabiso ho lona, empa haele seaparo sa toka se molemo ho lona. Tsena ke lits’enolo tsa Allah, e le hore ba tle ba hopole

[27] Oho lona banaba Adama! Le se ke la lumella satane ho le eka joalo ka ha a ile a eka batsoali ba lona ho theoha Serapang, a bahlobolisa, a hlahisa bofeela ba bona ponts’eng. Satane le mahlahana a hae ba le shebile ba le sebakana moo lona le sa ba boneng. Re entse bo-liabolosi hoba metsoalle e sireletsang bahlokang tumelo

[28] Nakong eo ba etsang tse soabisang ba re: “Re fumane bo-ntat’a rona ba etsa joalo, le Allah U re laetse joana. U re: “Ruri Allah ha a laele mahlabisalihlong. Le buelang seo le sa se tsebeng ka Allah?”

[29] E re: “Mong`a ka o laetse toka. Le lelaletse lifahleho tsa lona ho Eena libakeng tsohle tsa thapelo, ebe le bitsa ho Eena, le be le hloekise tumelo ea lona ho Eena feela. Joalokaha a le hlolile ho tloha ts’imolohong, kahoo le tla khutlela ho Eena

[30] Karolo e ‘ngoe o ile a e tataisa, ha e ‘ngoe e ile ea khelosoa ke liphoso; eaba ba ikhethela bo-liabolosi ho ba metsoalle ea ts’ireletso ho bona ba nyahlatsa Allah, ba nahana hore ba tataisong e nepahetseng

[31] Oho lona bana ba Adama! Hlokomelang liaparo tsa lona hohle libakeng tsa thapelo, le je le hona ho noa; empa e seng ka meharo. Bonang! `Mopi ha a rate menyollo

[32] E re: “Ke mang ea le hanetseng ka liaparo tsa Allah tseo a li hlahiselitseng makhabunyane a Hae, e bile e le lintho tse lokileng tsa lihlahisoa tsa Hae?” U boele u re: “Lintho tseo, mohla Letsatsi la tsoho, e tla ba tsa ba ileng ba lumela nakong ea bophelo ba Lefats’e lena feela. Ke kamoo re etsang tatellano ea lits’enolo tsa rona kateng sebakeng sa batho banang le tsebo”

[33] U be u re: “Mong`a ka O hanetse feela tse hlabisang lihlong, joalo ka liketso tse soabisang tsa lekunutung le tse pepeneneng, libe le litlolo tsa molao, le hona ho bapisa Allah le tseo a sa kang a fana ka ts`enolo ea tokelo e jolao, le hore le buoe seo le sa se tsebeng malebana le Allah

[34] Sechaba ka seng se behetsoe nako, ha nako eo e se e atametse, se ke ke sa e liehisa ka hora, kapa hona ho e potlakisa”

[35] Oho lona bana ba Adama! Haeba Baromuoa ba ka le etela batsoang har’a lona ho tla le phetela lits’enolo tsa Ka; – Ba tla sesefa bobe le hona ho busetsa bophelo ba bona tokeng, – Ruri ba ke ke ba tleloa ke letsoalo le haele mesarelo

[36] Haele ba latolang lits’enolo tsa Rona le hona ho li soma, – Ruri bao ke ba lekane ba mollo; ba tla phela kamoo kahosafeleng

[37] Ke mang ea etsang phoso e mpehali ho feta ea qapang mashano khahlanong le Allah, kapa ea latolang lits’upiso tsa Hae? Ho ba joalo, karolo ea bona ea Lengolo la kahlolo le lipallo, le ts’oanela ho finyella ho bona, ho fihlela nakong eo manyeloi a rona atlang ho ba bokella ‘moho, ke moo ba tla re: “li kae joale lintho tsane tseo le neng le bitsa ho tsona kantle le Allah?” Bonabatla re: “li tlohile ho rona”. Ba tla fana ka bopaki khahlanong le meea ea bona hore ba ile ba nyefola tumelo

[38] Allah U tla re: “Kenang mollong har’a lichaba tsa batho le Lijini tse ileng tsa feta pele ho lona. Ka mehla ha sechaba se kena har’a lelakabe, se hlapaola bana ba bo sona ho fihlela kaofela se etsoa hore se latele se seng ka ho ts’oana; haele sena se kenang qetellong, se tla re ho se keneng pele: “Ke bona bana ba re khelositseng, kahoo ba nehe kahlolo e menahaneng mollong”. Allah U tla re: “Ho e mong le e mong kahlolo e menahane, empa le sa tsebe”

[39] Ke moo sehlopha sa pele se tla re ho sa mathetho: “ha le kaholimo ho rona ka letho, ka hona latsoang timelo ea tseo le li kotutseng”

[40] Ho ba latotseng lits’enolo tsa rona le hona ho li soma, ba ke ke ba buleloa mekoallo ea leholimo, le haele hona ho kena kahar’a serapa ho fihlela kamele e ka tsoa ka lesoba la nalete. Ke ka mokhoa oo re putsang bakhopo kateng

[41] Moalo oa lihele ke oa bona, batla apesoa ka likobo tsa lihele. Ke ka mokhoa oo re putsang baetsa-liphoso kateng

[42] Empa haele ba kholoang ba bile ba etsa liketso tse lokileng, ha ho mojaro oo re ka o jarisang moea le ha o le mong ho feta kamoo o ka jarang kateng. Ruri bao e tla ba balekane ba Serapa ka kotloloho, ba tla phela kateng kahosafeleng

[43] Re tla hlakola maikutlo ohle a likhopiso lipelong tsa bona. Linoka li tla phalla tlas’a bona. Ke moo ba tla re: “lithoriso li be ho Allah, ea re tataiselitseng ho sena. Ruri re ka be re sa ka ra tataisoa ka nepo hoja e se be ka tataiso ea Allah. Ruri Baromuoa ba Mong`a rona ba ne ba tlisitse ‘nete sebele, batla utloa polelo e reng: “Ke sena serapa seo le tla seja lefa ho latela tseo le neng le li etsa”

[44] Ke moo bajalefa ba Serapa ba tla memetsa ba bitse bajalefa ba mollong ba re: “Re fumane seo Mong`a rona a neng a re ts’episitse sona hore ke sa ‘nete. Na e be le lona le fumane seo Mong`a lona a neng a le ts’episistse sona e le sa ‘nete?” Bona ba tla re: “Ruri ho joalo”. Empa mosollane o tla memetsa lipakeng tsa bona o re: “Thohako ea Allah e holim’a baetsa- liphoso”

[45] Batho ba sitisang ba bang ho kena tseleng ea `Mopi, ba bile ba e tsoelipanya; le ba latolang letsatsi la bofelo

[46] Lipakeng tsa bona ho tla ba le lesira. Ho na le banna ba sehlohlolong ba tla ba tseba kaofela ka mats’oao a bona. Ke moo ba tla bitsa balekane ba Serapa ka hore: “Khotso e be le lona!” Empa ba ke ke ba kena kahar’e, le hoja ba ena le tjantjello ea ho kena

[47] Nakong eo ba reteletsang mahlo a bona ka ho balekane ba mollo, ba tla re: “Mong`a rona! U se re romelle har’a batho ba etsang liphoso”

[48] Ke moo balekane ba sehlohlolong ba tla bitsa batho ba ba tsebang ka mats’oao a bona, ba re: “Ke ofeng moputso oo le o fumaneng ka pokello ea lona ea matlotlo le mekhoa ea lona ea nyeliso

[49] Na ha se bona bao le neng le ikane ka hore Allah A ke ke a ba neha Mohau?” Ho bona ho ne ho thoe: “Lona kenang serapeng. Ha ho ts’abo e ka le aparelang kapa eona mesarelo”

[50] Balekane ba mollong bona ba tla bitsa balekane ba Serapa ka hore: “ha le ka mpa la ts’ollela metsi holim’a rona, kapa le haele tseo Allah a le hlahiselitseng tsona sebakeng sa boipheliso”. Ba tla re: “Bonang! Allah U hanetse lintho tseo ka bobeli ho bohle ba latolang tataiso ea hae

[51] Ba bile ba fetotse tumelo ea bona boithabiso le papali, ba bileng ba thetsitsoeng ke bophelo ba lefats’e”. Joale letsatsing lena Re ba lebetse joaloka ha ba ile ba lebala kopano ea letsatsi lena, e bile ba ne ba tloaetse ho nyefola lits’upiso tsa Rona

[52] Re ba romeletse Lengolo leo re le hlalositseng ka tsebo, – e le tataiso le mohau ho batho ba nang le tumelo

[53] Na e be ba emetse phethahatso ea mathetho e teng ho lona? Mohla letsatsi leo phethahatso e tla finyella ho bona, ba sa kang ba le tsotella qalong batla re: “Baromuoa ba Mong`a rona ba ne ba tlisitse ‘nete! Na e be ha re na banamoleli ba ka re namolelang? Kapa e be re ka busetsoa bophelong ba Lefats’e, e le hore re tle re sebetse ka mokhoa o mong o fetang oo re neng re o etsa? ba tla be ba lahlehetsoe ke meea ea bona, lintho tseo ba ileng ba li qapa; li tla be li ba siile shalabeng

[54] Mong`a lona ke Allah ea hlotseng maholimo le lefats’e ka matsatsi a ts’eletseng, eaba o tsitsisa Terone ea Hae. O alatsa bosiu ka mots’eare joalo ka lesira, e ‘ngoe e lelekisa e ‘ngoe ka tatellano. O hlolile letsatsi, ngoeli le linaleli tsohle li tlas’a tsamaiso ea molao le taelo ea Hae. Ruri ke tsa Hae tlholeho le litaelo. Tlhonolofatso e be ho Allah, Mong`a mafats’e

[55] Oho lona batho! Llelang ho Mong`a lona ka boikokobetso le lekunutung. Ha a rate ba tlolang molao

[56] Le se fehle moferefere lefats’eng kamor’a hoba le lokisoe, le rapele Eena ka letsoalo le ts’epo. Mohau oa Allah U haufi le ba etsang botle

[57] Ke Eena ea romellang liphefo joaloka lirumuli tse phatlalatsang litaba tse molemo tsa mohau oa Hae, ho fihlela li roetse maru a boima ke pula, e be re li romella mobung o shoeleng, joale ke moo re tla theolela pula holim’a ona eo ka eona re hlahisang litholoana tsa mefuta. Ke kamoo re tla tsosa ba shoeleng kateng, e le hore le tle le hopole

[58] Joalo ka mobu o hloekileng, oo limela tsa teng li hlahisoang ke thato ea Mong`a tsona hoona, tse mobung o mobe, teng ho hlaha motamo feela. Ke kamoo re hlalosang lits’upiso kateng sebakeng sa batho ba fanang ka liteboho

[59] Re kile Ra romella Nooe ho batho ba ha bo, a re: “oho batho ba heso! Khumamelang Allah. Ha le na `Mopi e mong ntle le Eena. Ke mpa ke ts’aba kahlolo ea letsatsi le nyarosang khahlanong le lona”

[60] Eaba baetapele har’a batho ba habo ba re: “Ruri re u bona hantle hore u har’a phoso e pepenene”

[61] Eleng moo a ileng a re: “Oho batho ba heso! Ha ho na phoso ho ‘na, ke mpa ke le Moromuoa feela ea tsoang ho Mong`a mafats’e

[62] Nna ke mpa ke phatlalatsa melaetsa ea Mong`a ka le hona ho fana ka keletso e ntle ho lona, ke tseba seo le sa se tsebeng se tsoang ho Allah”

[63] Ebe le makatsoa ke hobane ho tlile ho lona sekhopotso se tsoang ho Mong`a lona ka motho ea tsoang har’a lona, ho tla tla le hlokomelisa le hona ho ipoloka khahlanong le bobe; e le hore le tle le fumane mohau

[64] Empa ba ile ba mo latola, eaba re’a mo pholosa le bohle bao a neng a ena le bona ka Arekeng; Ra khamisa bohle ba ileng ba latola lits’upiso tsa Rona ka metsi. Ruri! E bile batho ba foufetseng

[65] Ho sechaba sa Ad Re ile Ra romella ngoana’oa bo bona Hud. A re: “Oho batho ba heso! Khumamelang Allah! Ha le na `Mopi e mong ntle le Eena. Le ke keng la Mo ts`aba?”

[66] Baetapele ba Mahana-tumelo har`a batho ba habo, ba re: “Ruri re u bona hantle hore u sethoto, ebile re nahana hore u leshano”

[67] A re: “oho batho ba heso! Ha ho na bothoto ho ‘na, ke mpa ke le Moromuoa ea tsoang ho Mong`a Mafats’e

[68] Ke mpa ke phatlalatsa melaetsa ea Mong`a ka, ke moeletsi oa sebele oa lona”

[69] E be le makatsoa ke sekhopotso se tlileng ho tsoa ho Mong`a lona ka motho ea tsoang har’a lona, ho tla tla le hlokomelisa? Hopolang hore U ile a le etsa bajalefa kamor’a batho ba Nooe, A ba A le etsa mafau-fau lichabeng. Hopolang melemo ea Mong`a lona, hore le tle le atlehe

[70] Ba ile ba re: “O tlile ho rona ho tla re joetsa hore re ts’oanela ho khumamela `Mopi a le mong, re tlohele melingoana ea bo- ntat’a rona? Re tlisetse koluoa eo u re ts’osang ka eona haeba u hlile u buoa ‘nete

[71] Hud a re: “Kotlo le khalefo ea Mong`a lona e se e oetse holim’a lona. Na le ka mphehisa khang ka mabitso ao le’a qapileng lona le bo-ntat’a lona, empa ho sa ka haeba le tumello e senotsoeng e tsoang ho Allah? Joale lebellang sephetho, le ‘na ke har’a ba lebeletseng”

[72] Re ile Ra mo pholosa eena le bao a neng a ena le bona ka mohau oa rona, eaba re poma methapo ea ba latotseng lits’enolo tsa rona e bile ba sa kholoe

[73] Ho Ba-Thamud Ra romella Saleh ngoana’o bo-bona. A re: “Oho batho ba heso! Khumamelang Allah. Hobane ha le na `Mopi e mong kantle ho Eena. Ho tlile sesupo se hlakileng ho tsoa ho Mong`a lona. Kamele e ts’ehali ena ea Allah, ke sesupo ho lona; kahoo e lokolleng e fule lefats’eng la Allah, e se hlaheloe ke kotsi, esere la ts’oana la oeloa ke kotlo e mahlonoko

[74] Hopolang kamoo a ileng a le etsa bajalefa kamorao ho batho ba Ad, le hona ho le neha bolulo lefats’eng. Eaba le ikahela ka khetho matlo a machosi sepakapakeng, la honya lithaba la iketsetsa mahae. Kahoo hopolang melemo eohle ea Allah, le se etse libe le hona ho baka mefere-fere lefats’eng

[75] Baetapele ba neng ba ikhants’a har’a batho ba habo ba ile ba re ho batho ba neng ba nkoa ba fokola, e le ba kholoang: “Na le ka tseba ha Salih e le morumuoa ea romeletsoeng ke Mong`a hae? Ba re: “Rona re lumela ho lits’enolo tseo a rometsoeng ka tsona”

[76] Eaba ba ikhants’i ba re: “Ruri rona ha re lumele ho tseo lona le kholoang ho tsona”

[77] Eaba ba hlahisa Kamele eo e ts’ehali leqeba, banyelisa taelo ea Mong`a bona; ba re: “Oho salih! Re tlisetse koluoa eo u re ts’osang ka eona haeba o hlile o le e mong oa ba rometsoeng ke Allah sebele”

[78] Ho reketla ha lefats’e ho`a ba tsometsa, hosasa ba fumanoa ba oele mofela ka har’a malapa a bona

[79] Ebile moo Salih a ileng a khutlela ho bona a re: “Oho batho ba heso! Ke fetisitse molaetsa oa Mong`a ka ho lona le hona ho le neha keletso e nepahetseng, empa ha le rate likeletso tse nepahetseng”

[80] Re ile ra romela Lota ho batho ba ha bo! Hopolang nakong eo a neng a re ho bona: “na le etsa linyonts’a tseo ho e s’o be batho ba hloliloeng pele ho lona ba kileng ba li etsa

[81] Le ikhethela ho robala le banna ka ho khotsofatsa litakatso, empa basali ba ntse ba le teng. Che, le batho ba tlolang melao”

[82] Eaba batho ba habo ba ea ipuoa, karabo ea eba hore: “Ba falatseng motseng oa lona. Ka ‘nete batho bana ke ba bolokileng bohloeki”

[83] Re ile ra mo pholosa le ba ntlo ea hae, ntle feela le mosali oa hae ea ileng a salla morao le ba bang

[84] Ra nesa majoe holim’a bona. Bona kamoo pheletso e bileng kateng ho baetsa-libe

[85] Re ile Ra romella Shauib ho batho ba Mediane eleng e mong ngoana’a bo-bona. Eena o ile a re: “oho batho ba heso! khumamelang Allah. Hobane ha le na `Mopi e mong ntle le Eena. Ho tlile sesupo joale ho lona se hlakileng se tsoang ho Mong`a lona; kahoo fanang ka tekanyo le ka boima bo lekaneng, le se etse motho ope hampe ka thepa ea bona, le se bake mefefe-fere kamor’a hoba lefats’eng le beoe tokeng. Seo se tla ba molemo ho lona, haeba le hlile le le ba kholoang

[86] Le se lalle tseleng efe kapa efe ho ts’osa batho ba fetang ka tsela, le hona ho khelosa motho ea kholoang ho Allah tseleng ea hae, kapa hona ho batla ho e etsa ts’opholi. Le be le hopole nakong eo le neng le fokola, kamoo a ileng a le neha keketso kateng. Le be le bone ka leihlo la moea seo e leng pheletso ea ba fehlang merusu

[87] Haeba ho na le karolo ea lona e kholoang ts’enolong eo ke romeletsoeng ho lona ka eona, kapa ho na le e ‘ngoe e sa khaololumeleng ho eona; e bang le mamello ho fihlela Allah a ka ahlola lipakeng tsa rona. Ke Eena ea chatsi ho feta bohle ka liqeto”

[88] Eaba baetapele ba baikhantsi har’a batho ba habo ba re: “Shuaib! Ruri re tla u leleka motseng oa rona hammoho le baetsana ba kholoang le uena, haese ha feela eba u ka boela tumelong ea rona”. Eena o ile a re: “le haeba re e hloile

[89] Re tla be re qapile leshano khahlanong le Allah haeba re ka khutlela tumelong ea lona kamor’a hoba Eena A re pholose ho eona. Ha ho kamoo re ka boelang ho eona kantle le haeba Allah A ratile joalo. Mong`a rona U utloisisa tsohle ka tsebo. Re ts’epetse ho Allah. Mong`a rona! Rarolla ka toka lipakeng tsa rona le batho ba habo rona, hobane ke Uena ea chatsi tharollong ho feta bohle

[90] Baetapele, mahana-tumelo har’a batho ba habo ba ile ba re: “Haeba le latela Shuaib, Ruri le ba lahlehetsoeng”

[91] Ho reketla ha lefats’e ho`a ba tsometsa, hosasa ba fumanoa ba oele mofela ka har’a malapa a bona

[92] Batho ba ileng ba latola Shuaib ba eba joaloka ha e ka hohang ba ne ba es’o phele malapeng a bona moo ba neng ba atlehile. Batho ba ile ba latola Shuaib, ke bona ba lahlehetsoeng

[93] Eaba Shuaib o boela ho bona a re: “Oho batho ba heso! Ke fetiselitse melaetsa ea Mong`a ka ho lona, ka ba ka le neha keletso e nepahetseng; joale hana nka ba le kutloelo bohloko joang ho batho ba hanang ho kholoa?”

[94] Ha Re’a s’o romelle moporofeta motseng ofe kapa ofe, empa Re sa ka Ra lihela seoa holim’a batho ba teng sa tubeho le bomalimabe, e le hore ba tle ba be le boikokobetso

[95] Hamorao e be Re fetolela ts’otleho eo ea bona ka katleho, ho fihlela ba atile ba re: “Bo-ntat’a rona le bona ba ile ba oeloa ke tubeho le bokhorane”. Ke moo Re ileng Ra ba hlaha tsome, ba sa elelloa

[96] Hoja e be baahi ba metse eo ba ile ba kholoa le ho ts`aba Allah, Ruri Re ka be Re ba ts`olletse mahlohonolo a tsoang leholimong le lefats’eng. Empa ba ile ba latola Moromuoa, Ra ba ahlola ke hona ka lebaka la litlolo tsa bona

[97] Baahi ba metse eo ba ile ba ikutloa ba bolokehile khahlanong le khalefo ea Rona bosiu ha ba robetse

[98] Kapa ba ne ba ikutloa ba bolokehile khahlanong le ho tla ha eona har’a mots’eare ba sa nyakaletse

[99] E be ba ile ba ikutloa ba bolokehile khahlanong le morero oa Allah? Empa ha ho ea ka ikutloang a bolokehile khahlanong le morero oa Allah haese ba lo ketsoeng ke lefu

[100] Na e be ha se sesupo ho batlang ho ja lefa lefats’eng kamorao ho beng ba lona ba mehleng, ba ileng ba kotula pheletso ea ho etsa-libe; haeba Re ne Re lakalitse joalo Re ka be Re ba nehile kotlo ho latela libe tsa bona, eaba Re kaba lipelo tsa bona e le hore ba tle se ke ba utloa letho

[101] E bile joalo metse ena eo Re u phetelang lipale tsa eona. Ruri baromuoa ba ile ba tla ho bona ka lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah, empa ba sitiloe ho lumela hobane ba ‘nile ba latola Tumelo

[102] Ho bongata ba bona ha Re’a fumana ‘nete selekaneng sefe kapa sefe sa bona. Empa boholo ba bona Re ba fumane e le baetsa-libe

[103] Kamorao ho bona Re ile Ra romella Moshe ka lits’upiso tsa Rona ho Faro le matona a hae, empa ba ile ba li latolela phosong. Joale bonang hore na e bile efe pheletso ea ba fehlang morusu

[104] Moshe o ile a re: “Oho Faro! Bona! Ke moromuoa ea tsoang ho Mong`a Mafats’e

[105] Eo e leng ts’oanelo ho buoa letho haese ‘nete ka Allah. Joale ke tlile ho lona ka lits’upiso tse hlakileng tse tsoang ho Mong`a lona; Kahoo Lokollang bana ba Israele batsamae le ‘na”

[106] Faro a re: “Haeba o tlile le sesupo ak’u se hlahise, ha feela eba u har’a ba buoang ‘nete.”

[107] Ebile Moshe a ileng a lahlela lere la hae fats’e. Bonang! E ne e le noha ponts’eng ea bohle

[108] O boetse a nts’a letsoho la hae kahare ho liaparo tsa hae, bonang! Le ile la eba le soeu toa! Ho bohle ba shebileng

[109] Eaba marena a batho ba Faro a re: “Enoa ke moloi e mong ea tsebang haholo

[110] Morero oa ha eke ho o leleka naheng ea hau. Joale keletso ea lona ekaba efeng?”

[111] Ba re: “Ak’u mo senyetse nako hanyane feela eena le moena’e – e be o romella lititmi metseng

[112] Ho ea u bitsetsa moloi ofe kapa ofe ea tsebang”

[113] Eaba baloi ba ea tla pitsong ea faro: Ba re: “Ruri re tla ts’oanela ho fumana moputso haeba re ka mo fekisa”

[114] Faro a arabela: “Ehlile, ka ‘nete le tla ba har’a ba haufinyane le ‘na”

[115] Eababare: “Oho Moshe! Na e be u tla akhela pele, kapa e be rona ba tla akhela pele?”

[116] Moshe o ile a re: “Akhelang pele!” Eitse ha ba akhela, ba lepa mahlo a batho, bakenya ts’abo ho bona; ba ile ba hlahisa boloi bo boholo

[117] Ra Kenya monahong ho Moshe ka hore: “Akhela lere la hau!” Bonang! E ile ea koenya lintho tsohle tsa bona tseo ba neng ba li lekisitse

[118] Ke kamoo ‘nete e ileng ea totobatsoa kateng, lintho tsohle tseobali entseng li ile tsa fetoha mafeela

[119] Ke kamoo ba ileng bafe’ngoa le hona ho nyenyefatsoa kateng

[120] Eaba baloi ba oela fats’e ba khumama ba rapela

[121] Ba re: “Re kholoa ho Mong`a Mafats’e

[122] E leng Mong`a Moshe le Aarone”

[123] Eaba Faro o re: “le kholoa ho Eena pele ‘na ke le neha tumello! Bonang! Ona ke morabaraba oo le o rerileng motseng koana e le hore le tle le lelekelle baahi ba ona kantle. Empa haufinane le tla ntseba

[124] Ke tla le poma matsoho le maoto a lona mots’ekalle. Ke nto le thakhisa ka bo-’ngoe”

[125] Ba re ho eena: “Re ts’oanetse ho khutlela ho Mong`a rona

[126] U mpa u nts’etsa malokobe ho rona hobane feela re khotsoe lits’upisong tsa Mong`a rona ha li fihla ho rona. Mong`a rona! Ak’u ts’ollele tihisetso le mamello holim’a rona, u be u etse hore re shoe joaloka banna ba inehetseng ho uena thatong ea Hau”

[127] Eaba matona a batho ba Faro a re: “Na u tlohela Moshe le batho ba hae ho fehla mofere-fere kahar’a naha le hona ho u otlanya hammoho le melingoana ea hau?” Eaba Faro o re: “Ruri re tla fenetha bara ba bona e be re tlohela barali ba bona, hobane re na la matla holim’a bona”

[128] Moshe a re ho batho ba hae: “Rapellang thuso e tsoang ho Allah ka mamello le tihisetso le lebelle. Bonang! Ruri lefats’e ke la Allah. O fana ka lona hoba lefa ho makhabunyane a Hae ka thato ea Hae. Katleho ke’a ba ipolokileng.”

[129] Eaba ba re: “Re ile ra sotleha haholo pele o tla ho rona, le kamor’a hoba o be teng har’a rona”. Eaba o re: “Kamohlomong Mong`a lona o tla ripitla lira tsa lona, hamorao a le etse majalefa a lefats’e, e le hore a tle a bone kamoo le tlang ho its’oara kateng”

[130] Re ile Ra otla batho ba Faro ka tlala le hona ho bola ha litholoana, e le hore ka mohlomong ba ka ts’oha ba utloa

[131] Empa ka linako tsohle ha mahlohonolo a ne a ba oetse, ba ne ba re: “Tsena ke tsa rona”; ha ba oeloa ke malimabe ba ne ba re ke’a Moshe le batho ba hae. Ruri malimabe a bona e ne e le ao bona ba ipaketseng ona a tsoang ho Allah. Empa bongata ba bona ha bo tsebe letho

[132] Ba boela ba re: “Oho Moshe! Ts’upiso efe kapa efe eo e bang o tlile le eona ho tla tla re loea ka eona, Ruri re ke ke ra lumela ho oena ho hang”

[133] Eaba Re ba romella seoa sa litsie, linta, liqaqana le mali – e le tatellano ea lits’upiso tse hlakileng. Empa ba ne ba qoetse boikhomosong, – baetsa-libe

[134] Empa ha ba oeloa ke koluoa ba ne ba memetsa ba re: “Oho Moshe! Ak’u re rapelle ho Mong`a hau, hobane u thehile selekane le uena. Haeba u ka tlosa koluoa ena ho rona, Ruri re tla beha ts’epo ea rona ho uena le hona ho lokolla bana ba Israele ho tsamaea le uena”

[135] Empa nakong eo Re tlositseng koluoa eo ho bona ka nakoana, bonang! ba boele ba hatikele selekane seo sa bona ka maoto

[136] Ka lebaka leo re ile ra nka boiphetetso khahlanong le bona; eaba Re ba khamisa ka leoatle: hobane ba ile ba latola lits’enolo tsa Rona le hona ho se li tsotelle

[137] Eaba Re etsa batho ba neng ba nkoa ba fokola majalefa a bochabela le Bophirima – ba naha eo re neng re e hlohonolofalitse. Ts’episo ea lents’oe la `Mopi ea phethahatsoa baneng ba Israele ho latela mamello le tiisetso ea bona; eaba re ripitla le hona ho pshatla meaho le mesebetsi e meholo eo Faro le batho ba hae ba neng ba li ahile

[138] Re ile ra ts’elisetsa bana ba Israele ka mosoeu oa ne ho leoatle, eaba ba fihlela har’a batho ba neng ba inehetse ho melingoana eo bona ba neng ba bile le eona pele. Ke moo ba ileng bare: “Oho Moshe! Ak’u re etsetse molingoana le hoja bona ba ena le eona”. Eaba Moshe o re: “Ruri le batho ba se nang tsebo

[139] Batho bana, tsela ea bona e tla ripitloa, lintho tsohle tseo ba li etsang ha se letho haese manyala”

[140] A boela a re: “Nka le etsetsa molingoana joang kantle ho Allah, empa ele Eena ea le apesitseng ka melemo ho feta libopuoa tsohle?”

[141] Le hopole mohlang Re neng Re le pholosa litleneng tsa batho ba Faro ba neng ba le sotla ka likotlo tse nyarosang, ba bile ba fenetha bara ba lona, empa ba tlohela ba bats’ehali. Ruri seno e bile teko e matla e tsoang ho Mong`a lona

[142] Eaba Re khethela Moshe masiu a mashome a mararo a le nots’i, Ra boela Ra mo phaella ka a leshome hape ho phethahatsa nako ea pallo ea Mong`a Hae eo kaofela e bileng masiu a mashome a mane; ebile moo Moshe a ileng a re ho moena’e: “Ak’u nts’oarela molepo har’a batho bana. U etse botle, empa u se ke be oa latela tsela ea ba fehlang mofere-fere”

[143] Eitse hoba Moshe a fihle sebakeng se khethiloeng ke Rona, eaba Mong`a hae o buoa le eena. Ke moo Moshe a ileng a re: “Oho Mong`a ka! Ak’u iponahats’e ho ‘na, e le hore ke tle ke u shalime. Eaba Mong`a hae o re: “Ruri u ke ke oa mpona, empa shalima holim’a thaba! Haeba e ka tsitsa malulong a eona, joale ke moo o tla mpona. Eaba Mong`a hae o senola khanya ea Hae holim’a thaba, eleng moo a ileng a e ranthanya le hona ho e hasanya maqhetsoana ho ea tlase. Moshe o ile a oela fats’e a ilibana. Hoba a hlaphoheloe, a re: “Khanya e be ho Uena! Ke boela ho Uena ka boinyatso, e bile ke e mong oa ba kholoang”

[144] Mopi A re: “Oho Moshe! Ke u khethile har’a batho bohle ka melaetsa ea ka le lipolelo tsa ka ho uena. Kahoo its’oarelle he! Ke hona ho seo ke u nehileng sona, u be har’a ba nang le liteboho”

[145] Ebile Re mo ngolla melao ea lintho tsohle matlapeng, e le melao e neng e hlalosa lintho tsohle, rabara re: “Kakatlela melao ena ka tieo; u be u laele batho ba heno ho kakatlela ka mamello le ka tieo ho eona. Haufinyane ke tla u joents’a malapa a baetsa-libe

[146] Bohle ba ikhants’ang ka ho nyefola lefats’eng ke tla ba lelekella thoko le lits’enolo tsa ka, hobane leha ho ka etsahala hore ba bone lits’upo tsohle ha ba na ho li lumela, leha ba ka ba bona tsela ea ba nepahetseng ba ke ke ba ikhethela eona, empa ha ba ka bona tsela ea bakhopo, ke eona eo ba ikhethelang eona. Sena ke hobane ba latotse lits’enolo tsa rona le hona ho se tsotelle tlhokomeliso e teng ho tsona

[147] Ba latolang lits’enolo tsa rona le Kopano ea Bo-tlang, mesebetsi ea bona ke mafeela. Ba ka lebella joang moputso o fapaneng le mesebetsi eo ba e etsang

[148] Eitse hoba Moshe a sie batho ba habo, ba ile ba ikhethela ho rapela namane e e ntsoeng ka lipetja tsa bona tsa khauta, e ne e ka hoja e lla. Na ba ne ba sa bone hore e ke ke ea buoa le hona ho ba tataisetsa tseleng? Empa ba ile ba ikhethela eona, ba ile ba fetoha baetsa-liphoso

[149] Hoba ba elelloe phoso eo ba e entseng le hona ho bona kamoo ba khelohileng kateng, ba re: “Ruri re tla ba ba lahlehileng haese ha feela eba Mong`a rona a ka ba le mohau holim’a rona le hona hore ts’oarela”

[150] Hoba Moshe a khutlele ho batho ba habo, a koatile le hona ho utloa bohloko; o ile a re: “Ke sebe sena seo le se entseng hoba ke tlohe ho lona. Le potlakisetsang kahlolo ea Mong`a lona? Ke moo a ileng a ptjhatlanya matlapa fats’e, a nyafutsa moena’e Aarone ka moriri hloohong, a mo hulela ho eena. Eena a re: “mora oa ‘Me ’! Ruri batho bana ba ile ba nkuka ke se letho, ba batlile ba mpolaea. Oho, se etse hore lira tsa ka li thabele malimabe a ka, u se ke oa mpalla har’a baetsa-libe!”

[151] Moshe o ile a re: “Oho Mong`a ka! Ak’u be le mohau holim’a ka le moena’a ka; u re amohelle mohaung oa Hau, hobane ke uena ea khaphatsehang mohau har’a bohle ba bonts’ang mohau”

[152] Haele baikhethetseng ho rapela namane, khalefo le tlotloloho tse tsoang ho Mong`a bona li tla ba aparela bophelong ba lefats’e lena. Ke kamoo re lefang ba qapang leshano

[153] Empa haele ba etsang liketso tse soabisang, kamorao ho moo ebe ba ea inyatsa le hona ho lumela; – Sebakeng sa bona kamorao ho moo, Allah U ts’oarela-khafetsa, e bile U Khaphatseha Mohau

[154] Hoba khalefo ea Moshe e kokobele, eaba o thonaka matlapa ao mengolo e neng e le ho ona e neng e le tataiso le mohau sebakeng sa bohle ba ts’abang Mong`a bona

[155] Eaba Moshe o khetha banna ba mashome a supileng hoba teng kopanong ea pallo ea Rona, hona nakong eona eo ba ile ba tsukutloa ke letsoalo, eaba Moshe o re: “Oho Mong`a ka! Hoja e bile takatso ea hau eka be eba khale U re ripitlile e sa le pele, ‘na le bona. Na U ka re ripitla ka lebaka la liphoso tsa maoatla har’a rona? Hona empa e le teko ea Hau feela ho rona. Ke Uena ea ikhethelang bao U ba khelosang, ebile U tataisa bao U ikhethetseng bona. Ke Uena mots’ireletsi oa rona, ka lebaka leo U re ts’oarela le hona hoba le mohau holim’a rona; hobane ke Uena ea molemo ho feta bohle ba ts’oarelang

[156] U re abele tsohle tse lokileng lefats’eng lena le ho Bo-tlang! Re boetse ho uena”. Eaba Allah U re: “Ka kotlo ea Ka Ke otla ope eo Ke ikhethetseng eena, mohau oa ka O aparetse lintho tsohle, e bile ona mohau oo Ke tla O abela ba etsang botle le ba fanang ka linyehelo, le bohle ba kholoang lits’enolong tsa Rona

[157] Haele ba latelang Moromuoa, Moporofeta ea sa tsebeng ho ngola le ho bala, eena eo ba fumaneng a hlalositsoe kahar’e ho Torah le kahar’a Evangeli tse teng ho bona. O tla ba khothaletsa tsohle tse lokileng le hona hoba hanela ka tse mpe. O tla ba lumella ka tsohle tse nepahetseng le hona hoba hanela ka tseo tse fosahetseng; o tla ba imolla mejarong ea bona e boima le tsona linyepa tse ba imetseng mahetla. Ba kholoang ho eena, ba bile ba mo tlotlisa le hona ho mo thusa, ba latela leseli leo le romeletsoeng lefats’eng le eena: Ruri ke bona ba tla atleha

[158] E re: “Oho batho! Bonang! Ke rometsoe ho lona bohle joalo ka Morumuoa oa Allah – – Eena eo puso ea maholimo le lefats’e e leng ea Hae. Etsoe ha ho `Mopi e mong haese Eena Allah. O fana ka bophelo le lefu. Kahoo, kholoang ho Allah le ho Moromuoa oa Hae, e leng Moporofeta ea sa tsebeng ho bala le ho ngola; ea khotsoeng ho Allah le lipolelo tsa Hae. Mo lateleng e le hore le tle le be tataisoe

[159] Ho batho ba habo Moshe, ho teng lequloana le tataisong le bileng le etsang toka kahar’a leseli la ‘nete

[160] Re ile Ra ba arola lihlopha tse leshome le metso e `meli ea merabe; Re ile Ra susumetsa Moshe nakong eo batho ba habo ba neng ba mo kopa metsi, ka hore: “Otla lefika ka lere la hau!” Eaba ho ts’akhunya liliba tse leshome le metso e li, e le hore sechaba ka seng se tle se tsebe sebaka sa sona sa ho noa. Re ile Ra ba etsetsa moriti ka leru le lesoeu, eaba Re ba romella manna le likhoale, Ra Re: “Ejang lintho tse lokileng tseo Re le sitsitseng ka tsona”. Ha ba ka ba re fosetsa, empa ba ile ba fosetsa meea ea bona

[161] Hopola ho ile ha thoe ho bona: “Phelang kahar’e ho motes ona le be le je lintho tsohle tseo le li labalabelang, empa le buoe mantsoe a ts’okoloho le be le kene khorong ka boikokobetso; Re tla le ts’oarela libe tsa lona; Re tla phaella moputso oa ba etsang botle

[162] Empa ba bang ba bona ba ile ba tlola molao ka ho fetola lentsoe leo ba neng ba ile ba le bolello eaba Re ba romella seoa se tsoang leholimong hoba ba tlotse meeli khafetsa

[163] Ak’u ba botse ka motse o neng o le pel’a leoatle, kamoo baahi ba ona ba ileng ba tlola molao oa sabata, le kamoo tlhapi e kholo e ileng ea tla ho bona sefahla mahlo kateng ka letsatsi la bona la sabata; empa letsatsing leo e neng e se la sabata, tsa se ke tsa tla ho bona. Ke kamoo Re ba behang tekong kateng hobane e ne e le baetsa-libe

[164] Eaba batloli ba meeli har’a bona ba re: “Hobaneng ha le shomaela har’a batho bao Allah a tlang ho ba ripitla le hona ho ba otla ka kotlo e sehloho?” ba shomaelang ba ile ba re: “Re etsa joalo, e le hore re tle re se ke ra oela phosong kapel’a Mong`a lona ea ho se phethahatse ts’ebetso ea hae, ba ka ts’oha ba sesefa bobe”

[165] Ba ile ba lebala litlhokomeliso tseo ka tsona ba neng ba hopotsoa, eaba Re pholosa ba ileng basesefa bobe, Ra chakela ba neng ba entse liphoso ka kotlo e sehloho ho latela bobe boo ba neng ba bo entse

[166] Eaba boikakasong boo ba bona ha ba ntse batlola melao, Ra Re ho bona: “Le be lits’oene hape le tellehe!”

[167] Hopolang hore Mong`a lona o buile hore o tla hlahisa bo- mphato ba bona ba tla ba sotla ka kotlo e malimabe khahlanong le bona ho isa letsatsing latsoho. Bonang! Ruri Mong`a lona U potlakela kahlolo, U Ts’oarela joalo-joalo, U khaphatseha Mohau

[168] Re ile Ra ba arola likotoana lefats’eng lena joaloka lichaba tse karohanong. Har’a bona ho teng ba lokileng, empa ba bang bona ba thoko le toka. Re ile Ra ba leka ka lintho tse hloekileng le ka lintho tse sa hloekang, e le hore ba tle ba sokolohe

[169] Ba ile ba hlahlangoa ke letlobo le ileng la ja Lengolo lefa. Empa ba ikhethela thepa ea bophelo bona bo fokolang, joaloka ha e le theko ea sebe, ba re: “Thepa eo, e tla ba pholosa”. Empa le ha ho ka tla hape ho bona thepa e joalo, ba ne ba tla e amohela; ebe ba etsa sebe hape. Na e be selekane sa Lengolo ha se ea thehoa le bona, hore ba ke ke ba rehella `Mopi ka se seng haese ‘nete feela? Ba ithutile litemana tseo tse teng ka hare ho lona. Haele sebakeng sa batho ba sesefang bobe, se molemo ho bona ke lehae la Bo-tlang. Na le sa tla utloisisa

[170] Ba hlokomelisang batho ho its’oarella le hona ho boloka Lengolo ba bile ba phethahatsa thapelo, – Ruri re ke ke ra liehisa meputso ea moifo o tsosolosang

[171] Le be le hopole nakong eo Re neng Re tsukutla thaba e neng eba okametse joaloka lephephe, ba ile ba nahana hore e tloha e helehela holim’a bona; eaba Re Re: “Kakatlelang ka tieo ho seo re le nehileng sona, le be le hopole tseo tse teng kahar’a lona, e le hore le tle le sesefe bobe”

[172] Le be le hopole nakong eo Mong`a lona A neng A hlahisa ho tsoa mathekeng a bana ba Adama litloholo, A ba A theha selekane sa bopaki bo khahlanong le bona ka hore: “Na ha se ‘Na Mong`a lona?”. Bona ba ile ba re: “Ahe, Ruri re’a paka”. Seo e bile hore le tle le se ke la tloha la re mohla letsatsi la tsoho: “Ruri! Ka sena ha re’a ka ra tsotella”

[173] Kapa le se tlohe la re: “ke ka hobane feela bo-ntat’a rona moholo ba ile ba bapisa Allah le melingoana, joale rona re bile litloholo tsa bona kamor’a bona”. Na joale u ka re ripitla ka lebaka la liketso tsa batho ba neng balatela bohata

[174] Ke kamoo re hlalosang lits’nolo tsa rona kateng ka botlalo, e le hore le tle le sokolohe

[175] Ak’u ba phetele pale ea monna eo Re kileng Ra mo neha lits’enolo tsa Rona, empa a sa ka a li tsotella; kahoo satane o ile a mo salama hoo a bileng a oela har’a ba khelohileng

[176] Hoja e bile takatso ea Rona, Re ka be Re ile Ra mo phahamisa ka malebela a tsona, empa o ile a imatahanya le lefats’e; eaba o latela litakatso tsa hae tsa mafeela. Kahoo papiso ea hae e ts’oana le’a ntja eo e reng ha u e otla e be e leketlisa leleme la eona, ha u se u e tlohetse e be e ntse e le leketlisitse kantle. Ena ke eona papiso ea batho ba latolang lits’enolo tsa Rona. Joale ak’u ba phetele pale ka mohlomong ba ka tloha ba inahana

[177] Mohlala o fosahetseng ke oa batho ba latotseng lits’enolo tsa Rona, ba fosetsa meea ea bona

[178] Eo Allah a mo tataisang, Ruri o tataisong e nepahetseng; eo a mo qhelelang kathoko ho tataiso ea hae – Ruri baea lahleha

[179] Ruri bongata ba Masabonoeng le batho bao re ba abetseng lihele, e bile ba na le lipelo tseo ka tsona ba sa utloisising letho, ba bile ba na le mahlo ao ka ona ba sa boneng letho, ebile ba na le litsebe tseo ka tsonabasa utloeng letho. Ba ts’oana le likhomo – Che! ba lahlehile ho feta! ha ba tsotelle

[180] Mabitso ohle a matle ka ho fetisisa a loketse Allah. Le ‘mitse ka ona. Empa le tlohe har’a mokhopi oa ba buoang hampe ka mabitso a Hae. Ba tla phetetsoa ka tseo ba li etsang

[181] Har’a batho bao Re ba hlotseng ho teng sechaba se tataisitsoeng ka ‘nete, e bile ba phethahatsa toka ka eona

[182] Haelebanyefolang lits’enolo tsa Rona, – Re tlabaetela hanyane- hanyane ka litsela tseobake kengbali elelloa

[183] Ke tla ba neha nakoana, hobane Ruri morero oa Ka o matla

[184] Na ebe ba ea inahana, hore ha ho bohlanya bo teng ho molekane oa bona? Empa e le mohlokomelisi ea totobetseng

[185] Na ebe ha ba ke ba nahana ka puso ea maholimo le ea lefats’e, le lintho tsohle tseo Allah A li hlotseng, etsoe na ha ba bone hore nako ea bona ea pallo e se e le haufinyane? E be ke molaetsa ofe oo ba tlang ho lumela ho ona kamor’a o

[186] Haele bao Allah A ba qheletseng ka thoko ho molaetsa, Ruri tataiso ha e eo ho bona. U ba lesitse tubehong e fifetseng ea booatla ba bona

[187] Ba u botsa ka hora ea pallo, hore na e tla tla neng. E re: “Tsebo ea eona e ho Mong`a ka feela. Ke Eena feela ea tla e senolang ka nako ea eona. E boima maholimong le lefats’eng. E tla tla ho lona ka ts’ohanyetso”. Ba u botsa joaloka ha e ka u na le tsebo ka eona. E re: “Tsebo ea eona e ho Allah A inotsi, empa boholo ba batho ha ba tsebe

[188] E re: “Ha ke na matla holim’a botle, kapa ona matla a ho hlahisa kotsi; haese feela seo Allah a se ratang; haeba ke ne ke ena le tsebo ea Masabonoeng, nka be ke menahantse thepa hoo malimabe a neng a ke ke a nkama. Ke mpa ke le mohlokomelisi, e bile ke le motsamaisi oa litaba tse molemo ho batho ba kholoang”

[189] Ke Eena ea le hlotseng ka moea o le mong, A ba A bopa molekane oa hae ka ona, e le hore a tle a phele le eena. Eitse hoba ba kopane, eaba o jara mojaro o bobebe ka mokhoa o sa hlokomeleheng, empa nakong eo o bang boima; bobeli ba rapela Allah, Mong`a bona: “Haeba u ka re neha ngoana ea lokileng, Ruri re tla ba har’a ba fanang ka liteboho”

[190] Empa ha a se a fane ka ngoana ea lokileng ho bona, ba Mo kopanya le batlatsetsi mphong eo A ba nehileng eona. Ke Eena ea phahametseng tsohle ka ho fetisisa tseo ba li kopanyang le Eena

[191] Na ba kopanya Allah le batlatsetsi ba sa kang ba hlola letho, empa bona ka bo-bona e le lihloliloeng

[192] Ho se thuso eo ba ka ba nehang eona, kapa hona ho ithusa ka bo-bona

[193] Haeba u ka ba bitsetsa tataisong, ba ke ke ba u latela. Ho ea ts’oana ebang u ka ba bitsa kapa u sa ba bitseng

[194] Ruri! bao le bitsang ho bona kathoko ho Allah ke makhabunyane joaloka lona. Ba bitseng hona joale ba arabele lithapelo tsa lona haeba le na le ‘nete

[195] Na ba na le maoto ao ba tsamaeang ka ona, le matsoho ao ba ts’oarang ka ona, kapa mahlo ao ba bonang ka ona, le haele litsebe tseo ba utloang ka tsona? E re: “Bitsang melingoana ea lona ea batlatsetsi ba Allah, e be le ntherela bobe; le se mphe khefutso ho hang

[196] Motsoalle-mots’ireletsi oa ka ke Allah ea senotseng Lengolo. U tla khetha ho ba motsoalle oa ba lokileng

[197] Empa bao le bitsang ho bona kantle ho Eena, ha ba sna matla a ho le thusa, kapa hona ho ithusa ka bo-bona”

[198] Ha le ba bitsetsa tataisong ha ba utloe; U tla ba bona ba u shalimile, empa ha ho seo ba sse bonang

[199] Ikakatlele ts’oarelong, u khothaletse tse nepahetseng; empa sutha pel’a bahloka tsebo

[200] Haeba liabolosi a u nyenyeletsa, kopa ts’ireletso ho Allah. Hobane U utloa tsohle, U utloa tsohle

[201] Ba ts’abang Allah, ha monahano o mobe o tsoang ho liabolosi o mo hlasela, ba tlisa Allah mohopolong; hang ba bone hantle

[202] Empa bana ba bo-bona, baba suthumeletsa botebong ba bobe ba sa khaotse

[203] Nakong eo u sa ba tlisetseng ts’enolo, ba re: “Ke ka lebaka la eng u sa e khethang? E re: “Ke mpa ke latela feela ts’uts’umetso eo ke e senoletsoeng e tsoang ho Mong`a ka. Koran ena Mong`a lona o e tseba ka kotloloho, e bile e le tataiso le mohau ho batho ba nang le Tumelo”

[204] Nakong eo koran e phetoang, thehang litsebe ka hloko le mamele le thole, le tle le fumane mohau

[205] U ee u tlise Mong`a hau khopolong botebong ba moea oa hau, ka boikokobetso le tlhonepho u sa phamise lentsoe; mesong le mantsiboea. U se be har’a ba sa tsotelleng

[206] Ba haufi le Mong`a hau, ha ba khathale ho mo khumamela; ba keteka Lithoriso tsa Hae le ho inama kapela Hae. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Thepa ea Ntoa

Surah 8

[1] Ba u botsa malebana le lintho tse hapiloeng ntoeng, ere: “tse hapiloeng, li matsohong a Allah le moromuoa, ka hoo ts’abang Allah, le be le boloke kotlolohong likamano lipakeng tsa lóna. Le mamele Allah le moromuoa oa hae haeba le kholoa

[2] Hobane, ba kholoang ke bao e reng ha ho boleloa ka Allah, ba utloang ho thothomela ka lipelong ba bileng ereng ha ba utloa ho memetsoa ka lits’upiso tsa hae, ba fumanang tumelo ea jóna e matlafala, ba beha ts’epo ea bona eohle ho Mong`a bona

[3] Ba rapela ka linako tsohle, ba etsa linyehelo ka bolokolohi ka limpho tseo Re ba fileng tsona bakeng sa boipheliso

[4] Ba ‘neteng ke ba kaoloang baruile maemo a tlhonepho ho Mong`a bona, le eona ts’oarelo, le boipheliso bo hlamatsehang

[5] Joaloka ha Mong`a hau a ne a u laela ho tsoa katlung ea hau ka ‘nete hoo le lebepa le leng har’a ba kholoang, le sa kang la rata

[6] Ba phehisana khang le uena khahlanong le ‘nete hoba e totobatsoe, joaloka haeka ba ne ba khanneloa lefung leo ba neng ba bile ba le bóna

[7] Bónang! Allah U le ts’episitse lebotho le leng la a mabeli a lireng, hore e tle ebe la lóna. Lóna le ne le lakalitse hore lane le neng le sa hlomela ebe la lóna, empa Allah U ratile ho tókafatsa nnete ho latela mantsoe a hae le hóna ho khaola methapo ea ba sa kholoeng

[8] E le hore A tle a tókafatse nnete a be a kholise hore bohata efela e le bohata, le hoja ketso eo e ke keng ea latsoeha ho ba nang le molato

[9] U hopole hore u ile oa kopa Mong`a hau ho u thusa, o ile a u arabela: “ke tla u thusa ka mangeloi ka maemo ho fapana.”

[10] Allah U entse hoo e le molaetsa o molemo, le hóna e le tiisetso lipelong tsa lóna etsoe ho ntse ho se na thuso kantle le ho etsoang ke Allah ebile Allah U tlotlehile matleng, O Seli

[11] Hopolang hore o ile a le apesa ka kotselo, e le ho le khatholla meea ebile e le khothatso e tsoang ho eena. A ba a etsa hore le kolobisoe ke pula e tsoang mahólimóng, ho le hloekisa ka eona, ho tlosa ho lóna sekhobo sa Satane le ho tiisa lipelo tsa lóna, le ho matlafatsa bohato ba maoto a lóna ka eóna

[12] Hopolang hore Mong`a lóna o ile a etsa ts’usumetso ho mangeloi ka molaetsa: “ke na le lóna, fanang ka tiisetso ho ba kholoang: ke tla kenya letsoalo lipelong tsa ba sa kholoeng. Le ba nathe kahólim’a melala le be le ba khaole linókó tsa menoana

[13] Hona ho etsahale ka hobane ba ile ba hanyetsa Allah le moromuoa oa hae. Ha ho kaba le e mong ea hanyetsang Allah le moromuoa oa hae, Allah U kahlolo e boima ho mahanaa- tumelo

[14] Ho tla thoe: “latsoang ke hóna kahlolo ea ba latolang Allah; kahlolo ea mollo.”

[15] Oho lóna ba kholoang! Ha le teana le ba sa kholoeng meleng ea ntoa, le se basupe ka lirethe

[16] Ha ho ka bale ea ba supang ka lirethe, kantle le haeba e le moritaoke oa ntoa, kapa e le ho khutlela lebothong la habo jóna, o tla be a ikhuletse khalefo ea Allah. Bolulo ba hae ke liheleng; bo bóbe bolulo Ruri

[17] Ha se lónababa bolaileng empa ba bolailoe ke Allah. Ha uena u akhotsa lerole ka letsoho, e ne e se ketso ea hau empa e ne e le ketso ea Allah e le ho etsetsa bakholoang teko ka mokhoa o babatsehang o tsoang ho eena hobane ke Eena Allah ea utloang le ho tseba lintho tsohle

[18] Hape, ke hobane ke Eena Allah ea bebofatsang merero le maqiti a basalumeleng

[19] Oho lóna ba sa kholoeng! Haeba le ne le rapella tlholo le kahlolo, joale kahlolo e tlile ho lóna, ha le ka furalla bóbe ho kabachatsi ka ho fetisa ho lóna. Ha le ka boea sekoele le Róna Re tla etsa joalo ha ho letho le letle le tla hlahela mabotho a lóna, le ha mabotho a lóna a ne a ka eketseha ka makhetlo hobane Ruri Allah U na le bohle ba kholoang

[20] Oho lóna ba kholoang! Mamelang Allah le moromuoa oa hae, le se ke la mo furalla ha le utloa a bua

[21] Le mpe le se ts’oane le bareng: “re’a utloa,” empa ba sa mamele

[22] Liphoofolong tse nyonyehang ho fetisa sefahlehong sa Allah ke litholo le limumu, basa utloisising

[23] Haeba Allah A fumane ka ho jóna botle bo itseng, Ruri a ka be a ile a etsa horebamamele. Ho ea kamoo ho leng kateng, le haeba a ne a entse hore ba mamele baka be ba ile ba’nabafuralla le ho hana tumelo

[24] Oho lóna ba kholoang! Fanang ka mamelo ea lóna ho Allah le ho moromuoa oa hae ha a le bitsetsa ho se tla le neha bophelo. le tsebe hore Allah U kena lipakeng tsa motho le pelo ea hae, ke ho eena le tlang ho bokelleloang bohle

[25] Le ts’abe morusu le khatello tse sa tlong ho ama feela bao e leng ba etsang bóbe le be le tsebe hore Allah ha a kebe kotlong

[26] Hopolang hore le lona le kile la ebá lequlaona le fokolang, le telleha naha ka bophara, le ts’aba hore batho ba ne ba ka le fenya kapa ho le koetela, empa Allah U ile a le neha ts’ireletso ea ‘nete abaa le matlafatsa ka thuso ea hae, a ba a le neha tsohle tse molemo tsa boipheliso, e le hore le tle le be le khotsofalo

[27] Oho lóna ba kholoang! Le se koenehele Allah le moromuoa oa hae, kapa hóna ho sebelisa hampe tseo le li ts’epetsoeng

[28] Le be le tsebe hore maruo a lóna le banabalóna empa e le teko feela; ebile ke ho Allah feela moo moputso o moholohali oa lóna o le letetseng

[29] Oho lóna ba kholoang! Haeba le ts’a ba Allah, o tla le neha tsebo ea ho khetha pakeng tsa botle le bóbe, a be a tlose bóbe bohle ho lóna bo neng bo ka ts’oana bo le ts’oenya, a be a le ts’oarele. Hobane Allah ke Eena Mong`a tsohle, Mong`a hao o se nang tekano

[30] Hopolang hore ba sa lumelengbakilebarera ho le boloka bokhobeng, le ho le bolaea kapa hóna ho le phalalisa mah’a lóna. Ba a rera ba be ba kunute empa Moreri ea fetang bohle ke Allah

[31] Ha ba hlokomelisoa lits’upiso tsa Róna ba re: “re se re kile ra se utloa sena. Haeba re ne re ratile, re ka be re buile joalo: hona ha se letho empa e le lits’omo tsa mehleng ea khale.”

[32] Hopolang ha ba ne ba re: “oho Allah! Haeba Ruri hona ke ‘nete e tsoang ho uena, ak’u nesetse hólim’a róna majoe a theohang marung kapa o re nehe kotlo e bohloko.”

[33] Empa Allah U ne a ke ke a ba theolela kotlo nakong eo le ntseng le le har’a bona; ebile o ne a ke ke a e romella ha feela ba ne ba se na le monyetla oa ho kópa ts’oarelo

[34] Empa hana thapeli eo ba nang le eona ke efeng hore Allah a se ba otle, ha ba hanela batho ho kena tlung e halalelang – empa e se bona balebeli ba eona? Ha ho batho ba ka bang balebeli ba eona haese feela batókafalo; empa ba bangata ba bóna ha bana kutloisiso

[35] Thapelo ea bona tlung ea Allah ha se letho haese ho letsa meloli le ho ópa liatla. Karabelo ea eona e ka ba feela hore: “lóna latsoang kahlolo hoba le nyefotse.”

[36] Ba sa kholoeng ba sebelisa maruo a bona ho sitisa batho ba bang ho kena tseleng ea Allah, ba tla phehella joalo ts’ebelisong ea maruo a bona; empa qetellong ba tla salloa ke boinyatso le mesarelo ka mora nako ba tla khathala. Ba sa kholoeng bohle ba tla bokelleloa liheleng

[37] Hore Allah a tle a arole tse hloekileng ho tse sa hloekang, o tla beha ba sa hloekang, o tla beha e mong hólim’a e mong a ba ahe sebota, a nto ba lahlela liheleng. E tla be e le bona ba lahlehileng

[38] Le re ho ba sa kholoeng, e bang ba ka furalla ho se lumele ha bona, batla ts’oareloa liketsong tsa bona tse fetileng. Empa ha ba phehella, kahlolo e oetseng batho ba bileng teng pele ho bona, ke tlhokomeliso ho bona

[39] Le ba loants’e ho fihlela morusu le khatello tsa bona li felile ho rena tóka le tumelo ho Allah hohle. Empa ha ba khaotsa, Ruri Allah U bóna tsohle tseo ba li etsang

[40] Empa ha ba ngangella, ebang le tiisetso ea hore Allah ke mots’ireletsi oa lóna; ke Eena Ea ts’ireletsang ho fetisisa ebile ke Eena Ea thusang ho fetisisa

[41] Le tsebe hore lefohlong lohle leo le tlang ho le una ntoeng, karolo ea bohlano ke e abetsoeng Allah le Moromuoa, le ba haufi le lóna ka tsoalano, likhutsana le bahloki le bafeta-ka- tsela, – haeba le feela le lumela ho Allah le ho lits’enolo tseo re li theoletseng ho lekhabunyane la róna mohla letsatsi la liteko, – mohla letsatsi la thulano ea mabotho a mabeli. Hobane Allah U na le matla hólim’a lintho tsohle

[42] Hopolang hore lona le ne le le ka koano ho phula, ha bona ba ne ba le mosoeu oane ho phula mabofa a le tlase ka har’a phula. Le haeba le ne le e na le tumellano ea ho kopana, Ruri le ka be le ile la sitoa ho phetha morero oo. Empa le ha ho le joalo le thulane, hore Allah a phethahatse taba e neng e se e raliloe; le hore ba shoang ba shoe ka morao hore sesupo se hlakileng se fanoe. Ruri Allah ke Eena ea tsebang lintho tsohle

[43] Hopola hore torong ea hau Allah U bonts’itse bona ba fokola ka palo mahlong a hau, hoja o ne a ile a ba hlahisa ho uena ka palo e nepahetseng, u ka be u ile ua fumana khanyetso liqetong tsa hau, Allah U ile A u qobisa seo hobane o tsebisisa hantle makunutu a lipelo tsohle

[44] Hopola hore ha le thulana, o ba hlahisitse mahlong a hau ba fokola ka palo, o bile a etsa hore le hlahe le telleha mahlong a bona e le hore a tla a phethe taba e neng e se e raliloe. Hobane ho Allah lipotso li khutlela tsohle ho ea fumana liqeto

[45] Oho lóna ba kholoang! Ha le thulana le sheshe, le tiee le bitse ho Allah khafetsa ka khopolo e le hore le tle le atlehe

[46] Le mamele Allah le moromuoa oa hae hore le tle le se oele har’a likhang, esere la lahleheloa ke ts’epo le ho felloa ke matla; le be le mamello le tiisetso hobane Allah U na le bohle ba tiisetsang ka mamello

[47] Le se ts’oane le ba ileng ba tloha mah’abona ka boikhants’o ba ho iponahatsa har’a banna, kapa ho sitisa batho tseleng ea Allah. Hobane Allah U kopetse hare tsohle tseo ba li etsang

[48] Hopola hore Satane o entse hore liketso tsa bona tse mpe li bónahale li khahlisa ho bona a ba a re: «ha ho le ea mong har›a banna bao ea ka le fekisang kajeno, ha feela ke ntse ke le pel›a lóna.» empa eitse ha mabotho ana a mabeli a bónana, o ile a ba supa ka lirethe, a ba a re: «jo! Ke le hlohlolotse, jo! Ke bóna seo le sa se bóneng; jo! Ke ts›aba Allah; hobane Allah ha A kebe kotlong.»

[49] Jo! Baikaketsi hammoho le bao ka ‘pelong tsa bona ho leng mahloko, bare: “batho báná, – tumelo ea bona e ba khelositse.” haeba ópe a ts’epa ho Allah, bónang! Allah U tlotlehile matleng, O Seli

[50] Hoja le ne le ka bóna ha mangeloi a nts’a meea ea mahloka- tumelo nakong ea lefu, le ka mokhoa oo a ba otlang lifahleho le ka mekokotlong a ntse a re: latsoang kahlolo ea malakabe a mollo

[51] Ka lebaka la liketso tseo matsoho a lóna a li romeletseng pele ho lóna hobane Allah ha a ka be a sekisetse makhabunyane a hae

[52] Liketso tsa bona li tsoana le tsa batho ba Faro le ba bileng teng pele ho bona. Ba ile ba khesa lits’upiso tsa Allah, Allah A ba neha kotlo bakeng sa litlolo tsa bona, hobane Allah U Matla, U Tópile kotlong

[53] Allah A ke ke A fetola Mohau Oo A o apesitseng batho ho fihlela batho bao ka bó-bona ba fetola meea ea bona. Ruri Allah ke Eena Ea utloang le ho tseba lintho tsohle

[54] “Liketso tse ts’oanang le tsa batho ba Faro le ba bileng teng pele ho bona.” ba ile ba nka lits’upiso tsa Mong`a bona e le bohata. Ea ba Re eaba fepetla ka le baka la litlolo tsa bona Re khamisa batho ba Faro metsi, hobane bohle e ne e le ba hatelli le baetsalibe

[55] Hobane tse mpe ka ho fetisisa libopuoeng mahlong A Allah, ke ba mo nenang ba bile ba ke ke kholoa

[56] Ke bao u kileng ua etsa selekane le bona, empa ba roba selekane sa bona ka linako tsohle, ebile habana ts’abo ea Allah

[57] Haeba le ka bahlola ntoeng, le hasanye ba tla ba sala morao e le hore batle ba hopole

[58] Ha le belaella bohla ba phieo ho lebepa le ópe, ba hopotse selekane sa bona, e le hore le be boemong ba tekano. Hobane Allah ha a rate mahlabaphieo

[59] Bahloka-tumelo ba se ithetse ka hore ba ka iphumana ba fekisitse ba nang le Allah. Ba ke ke ba ba fenya

[60] Khahlanong le bona le hlomele sa mohla letsatsi la pheletso le tsona lipitsi tsa lóna tsa ntoa le li hlomele sa thokhonya etlebe tsenene e kenyang letsoalo lipelong tsa lira tsa Allah e leng lira tsa lóna le ba bang bao le sa ba tsebeng, empa Allah Eena O oa ba tseba. Lits’enyehelo tsohle tseo ts’ebeletso e ka le kenyang ho tsona, le tla li buseletsoa ka bótlalo ha le ke ke la hanyapetsoa

[61] Haeba sera se sekamela khotsong, le lóna le sekamele khotsong, le behe ts’epo ea lóna ho Allah, hobane ke Eena Ea Utloang le ho tseba tsohle

[62] Ebang ba le rerela bolotsana, Ruri Allah U le lekane, ke eena ea le matlafalitseng ka thuso ea hae le ka lebóthó la ba kholoang

[63] Ho feta moo, o kentse lerato ka har’a lipelo tsa lóna. Haeba le ne le ka sebelisa matlotlo a teng lefats’eng lohle, le ne le ke ke la hlahisa lerato le joalo, empa Allah Eena O phethahalitse hobane O tsotehile matleng, O Seli

[64] Oho moprofeta! Allah U o lekane, uena le ba u setseng morao har’a bakholoang

[65] Oho Moprofeta! Khothaletsa ba kholoang ho kena ntoeng. Haeba har’a lóna ho ba mashome a mabeli ba nang le mamello le tiisetso, ba tla fekisa makholo a mabeli; haeba ba le lekholo, ba tla fekisa sekete sa ba sa kholoeng hobane bao ke batho ba hlokang kutloisiso

[66] Lekhatheng lena, Allah U sa le bebó falelitse mathata hobane a tseba hore ho teng bofokoli lipelong tsa lóna. Empa le ha ho le joalo, haeba ho le teng ba lekholo har’a lóna ba mamello le tiisetso, batla fekisa a mabeli makholo, haeba ba le sekete, ba tla fekisa tse peli likete ka tumello ea Allah, hobane Allah U na le ba mamellang ka tiisetso

[67] Ha ho lumellehe hore moprofeta a ka ba le bats’oaruoa ba ntoa ho fihlela a thapisitse naha eohle. Le shebile likhahlisang tsa lefats’e lena, Allah Eena, O Shalimile tsa Botlang, Allah U Tsotehile matleng, O Seli

[68] Hoja ebá e ne e se ka lebaka la pallo ea monene e neng etsoa ho Allah, le ka be le oetsoe ke kotlo e boima ka lebaka la lefohlo leo le ileng la le hapa

[69] Empa ha joale, imoneng menoana ka seo le se hapileng ntoeng se molaong ebile se lókile empa ts’abang Allah, hobane Allah U Ts’oarela-khafetsa, O Mohau O Fetisisang

[70] Oho Moprofeta! Bolella bats’oaruoa ba matsohong a hau o re ho bona: “haeba Allah a ka fumana shoamphana ea ho lóka ka har’a lipelo tsa lóna, o tla le neha ho chatsi ho feta hoo a ho nkileng ho lóna, ebile o tla le ts’oarela hobane Allah, O Ts’oarela-khafetsa, O Mohau O Fetisisang.”

[71] Haeba ba na le bolotsana khahlanong le lóna, oho Moromuoa! Tseba hore ba se ba le nyellong ho Allah, kahoo u se A u nehile matla hólim’a bona. Allah ke Eena Ea nang le tsebo e tletseng hammoho le Seli

[72] Haele ba kholoang ba siea malapa a bona le hóna ho loanela tumelo ka maruo ohle a bona le botho ba bona tseleng ea Allah, hammoho le ba ileng bafana ka ts›ireletso le thuso, báná ke metsoalle le bats›ireletsani. Empa haele ba amohetseng tumelo empa ba sa ba phalalisa, ha u mokitlaneng oa ts’ireletso ho bóna ho fihlela ba kena phalalisong. Empa haeba ba hloka thuso ea hau tumelong, o tlamehile ho ba thusa. Kantle le haeba ba le khahlanong le batho bao le nang le selekane sa thusano le bóna, u be u hopole hore Allah U bonts’isa hantle tsohle tseo u li etsang

[73] Mahloka-tumelo ke bats’ireletsani, ntle le hore le lóna le etse mokhoa oa ho ts’ireletsana ho tla ba le tubeho ‘moho le khatello lefats’eng, le mofere-fere o moholo

[74] Ba kholoang ba siea malapa a bona ho ea loanela tumelo, mmoho le ba nehelanang ka ts’ireletso le thuso ho bona, ka sebele ba kholoang, sa bona ke ts’oarelo ea libe le litókisetso tse manoni

[75] Ba amohelang tumelo hamorao ba kena phalalisong ba loanela Tumelo – ke ba lóna, empa kamano ka tsoalano e kahólim’a ho litokelo tse ling Lengolong la Allah. Ruri Allah U tsebisisa lintho tsohle

Pako

Surah 9

[1] Phatlalatso ea ts’oarelo e tsoang ho Allah le Moromuoa oa Hae, e ea ho bahedene bao le ileng la hloma selekane le bona –

[2] Tsamaeang ka bolokolohi naheng eohle ka likhoeli tse ‘ne, le ea pele le morao empa le tsebe hore le ke ke la fenya Allah ka maimane a lóna hobane Allah U tla apesabamo nenang, ka masoabi

[3] Phatlalatso e ileng ea etsoa ke Allah le Moromuoa oa hae mohla letsatsi la bosepeleli bo boholo ho batho ba neng ba khobokane ka bongata, – ke hore Allah hammoho le Moromuoa oa hae, bahlakola selekane sa bona le bahedene. Haeba le ka inyatsa, ho tla ba molemo bakeng sa lóna; empa ha le itosollela thoko, tsebang hore le ke ke la fenya Allah. Ebile Re tla phatlalatsa kotlo e bohloko ho bohle ba nenang tumelo

[4] Lilekane ha li hlakoloe tse lipakeng tsa lóna le bahedene ba ileng ba hloma selekane le lóna ba sa ka ba le fetohela le ka mohla. Kapa hóna ho thusana le ópe ea khahlanong le lóna. Ka hoo, le boloke boitlamo ba lóna ho bona ka botlalo ho isa pheletsong ea lipallano tsa boitlamo bo joalo. Hobane Allah U Rata ba tletseng toka

[5] Likhoeli tsa leboella ha li fetile, le ba loants’e le bolae bahedene hohle moo le ba fumanang, le ba ts’oare le ba kóbese le ba khaoletse le sebelise maqiti ohle a ntoa; empa haeba ba inyatsa, ba etsa linyehelo ka linako tsohle, kahoo feela, le ba buleleng tsela. Hobane Allah U Ts’oarela-khafetsa U mohau O Fetisisang

[6] Haeba e mong har’a bahedene a ka ikopela ts’ireletso ho lóna, le mo nehe eona, e le hore a tle a utloe lentsoe la Allah, ebe le mo felehetsa ho mo isa moo a tlang ho ba ts’ireletsong. Ka hobane e le oa batho ba se nang tsebo

[7] Ho ka ba teng joang lebóthó le ka emang kapel’a Allah le moromuoa oa hae har’a bahedene, kantle ho bao ho hlongoeng selekane le bona ba le pel’a ntlo e halalelang? Ha feela báná ba le emela ka ‘nete, le lóna le ba emele ka ‘nete. Hobane Allah U Rata ba tletseng toka

[8] Lebotho le joalo le ka ba teng joang? Hobane ha lóna le ka fekisoa le le joalo, ba ke ke ba hlola ba hlonephile maqhama a lesika a teng esitana le óna a selekane. Ka mantsoe a mathe- a-mololi ba ka leqheka empa haele bona ba mapalesa-pelo khahlanong le lóna; bongata ba bona ba bókakasolle ba khopame

[9] Lits’upiso tsa Allahbali rekisitse ka thekonyana e eisehang, ba sitisitse ba bangata tseleng ea hae; li mpe Ruri liketso tseo ba li entseng

[10] Ho ea kholoang ha ba hlonephe likamano tsa lesika kapa tsa selekane! Ke bona ba robileng litumellano ka ho tlola meeli eohle

[11] Empa le ha ho le joalo, ha ba inyatsa, ba rapela ka linako tsohle, ba etsa linyehelo ka linako tsohle, – ke baena ba lóna tumelong. Ke kamoo Re hlalosang lits’upiso ka botlalo, ho ba nang le kutloisiso

[12] Empa ha ba tlola meeli ea boikano ba bona ka morao ho selekane sa bona, ba le soma ka tumelo ea lóna, – le loants’e marena a mahanatumelo, hobane boikano ba bona ha se letho ho bona. Ke ka mokhoa o joalo ba ka kengoang tseleng

[13] Le ka sitoa ke eng ho loants’a batho ba fetohetseng boikano ba bona, ba fonoka ho phalalisa Moromuoa, ba le monaila ho le futuhela pele? Le’a ba ts’aba? Che! Ke Allah eo Ruri le tlamehang ho mo ts’aba, haeba le feela le kholoa

[14] Le ba loants’e, ‘Allah U tlaba hlokofatsa ka matsoho a lóna, A ba apese masoabi A le thuse ho ba hlolela Ruri. A folise lifuba tsa ba kholoang

[15] A be a kokobetse khalefo ea lipelo tsa bona. Hobane Allah U retellehela ka mohau ka ho ikhethela ho mong le mong; ebile Allah U Tseba-tsohle, U Seli

[16] Kapa le nahana hore le tla lahloa kherehloa joaloka haeka Allah ha a tsebe hore har’a lóna ho teng ba tsitlellelang tseleng e nepahetseng ka matla le thepa eohle ea bona, ba sa khethe metsoalle kapa bats’ireletsi ka`ntle ho Allah le Moromuoa oa hae kapa har’a phuthehong ea ba kholoang? Empa le ha ho le joalo Allah U tseba tsohle tseo le li etsang

[17] Ha ho ea lókela ba kopanyang melingoana le Allah ho etela kapa ho hlokomela liahelo tsa Allah hobane ba le bópaking bo khahlanong le meea ea bona ho isa timelong. Mesebetsi ea ba joalo ha e behe litholoana. Mollong ke moo ba tla phela teng

[18] Liahelo tsa Allah li tla eteloa li be li be tlhokomelong ea ba kholoang ho Allah le letsatsing la bofelo, ba rapelang ka linako tsohle, ba etsa linyehelo ka linako tsohle, ho se eo ba mo ts’abang ka`ntle ho Allah. Ke bona ba lebeletsoeng ho ba tataisong ea ‘nete

[19] Na le nahana hore ho nyorolla basepeleli kapa ho hlokomela ntlong e halalelang ho ka lekana le ts’ebetso e babatsehang ea ba kholoang ho Allah le letsatsing la bofelo, ba tsitlellela ka matla le tsohle tseo ba nang le tsona tseleng ea Allah? Mahlong a Allah ha ba na papiso. ‘Allah Ha A tataise ba etsang bobe

[20] Haele ba kholoang, ba siea malapa a bona le ho loana ka matla le tsohle tseo ba nang le tsona tseleng ea Allah, ka thepa ea bona le ka bótho ba bona, mahlong a Allah ba na le boemo bo phahameng ho fetisisa. Ke batho ba tla fumana topollo

[21] Mong`a bona U ba neha litaba tse molemo tsa mohau o tsoang ho Eena le lintle tsa thabo Ea Hae, le lirapa ho bona, tseo ka ho tsona ho leng teng menate e sa feleng

[22] Ba tla phela teng ka ho sa feleng. Ruri ho Allah ho teng moputso o phahametseng eohle

[23] Oho lóna ba kholoang! Le se ke la ikhethela bo-ntat’a lóna le bana ba bo-lóna e le bats’ireletsi haeba ba rata libe ho feta tumelo. Haeba ba bang ba lóna ba ka etsa joalo, baetsa phoso

[24] E re: “haeba bo-ntat’a lóna, bara ba lóna, baena ba lóna, sechaba sa habo lóna, le mehahabo lóna, le maruo ao le a hapileng ntoeng le likhoebo tseo le ts’abang hore li tla khoehla, kapa óna mahae a lóna ao le a ratang, – ebáng ho lóna a kahólimó ka boleng ho Allah kapa moromuoa oa hae, emang ho fihlela Allah A tlisitse qeto Ea Hae. Ebile Allah ha A tataise likakasolle

[25] Etsoe Allah U `nile A le neha tlholo mabaleng a mangata a ntoa, le mohla letsatsi leo le neng le le Hunain mohla le neng le thabile haholo ke palo eo le neng le ena le eona; empa palo eo ha e ka ea le thusa ka leetho, esitana le lona lefats`e ka bophara ba lona le ne le le mopatisane sebakeng sa lona; hoo le ileng la ba supa ka lirethe

[26] Eaba Allah U romella khotso Ea Hae Ea khothatso holim`a moromuoa oa Hae le holim`a ba kholoang, U ile A ba A romela le lebotho leo le sa kang la le bona; eaba U otla mahana- tumelo. Joale oo ke oona moputso oa ba senang Tumelo

[27] Joale kamor`a mona, Allah U tla retellehela ho Ea ikhethetseng Eena; hobane Allah U Ts`oarela joalo-joalo, U tletse Mohau

[28] Oho lona ba kholoang! Ruri bahedene ha ba hloeka. Kahoo le se ke be la ba lumella ho ka atamela nqalo e halalelang kamor`a selemo sena sa bona (sa ntoa e mahlo mafubelo), haeba le ts`aba tlala (mabapi le tahlehelo ea likhoebo tsa bona), Allah U tla le hlokomela ka matobo (maboella) a hae haeba a rata. Hobane Allah U Tseba Tsohle, U Seli

[29] Le loane khahlanong le ba se nang tumelo ho Allah le ho letsatsi la bofelo, kapa hona ho hanela se hanetsoeng ke Allah le Moromuoa Oa Hae, etsoe ba sa latela tumelo ea `nete ho Batho ba Lengolo; ho fihlela ba fana ka mats`eliso ka kotloloho, ba ikutloa ho ikokobetsa

[30] Ba-Juda ba bitsa Uzairi mora oa Allah, Ba-Kreste ba bitsa Jeso mora oa Allah, ena ke polelo e tsoang melomong ea bona, ke lehóla-’mui meetlong ea mahloka-tumelo a mehleng-ea-hoea hoile; thohako ea Allah, ebe ho bona, ba khelohile ha kaakang tseleng ea nnete

[31] Ba nka baruti ba bona le baholo ba har’a bona ele melimó nyelisong ea Rabosafeleng. Ba nka Kreste mora oa Maria e le Móng`a bona; empa ba laetsoe ho khumamela Allah a inotsi; ha ho `Mopi haese Allah feela. Thoriso le Khanya li be ho Eena. Haele Eena U hole le ho ba le batlatsetsi bá ná ba mo kopanyang le Eena

[32] Ba ke ke ba atleha ho tima leseli la Allah ka melomo ea bona, empa seo Allah A ka se etsang ke hore leseli la Hae le hore le haeba ba sa kholoeng ba sa rate

[33] Ke Eena Ea romileng Moromuoa oa Hae ka tataiso le tumelo ea nnete ho tla e phatlalatsa ka hólim’a litumelo tsohle, leha mahloka-tumelo a sa rate joalo

[34] Oho lóna ba kholoang! Ho teng ba bangata har’a baruti ba itjellang maruo a batho le ho ba sitisa tseleng ea Allah. Ebile ho teng ba utang khauta le silvera ba sa sebelise letho tseleng ea Allah, ba bolelleng ka kotlo e bohloko ka ho fetisisa, e ba tjametseng

[35] Mohla letsatsi leo lebatama le tlang ho fehloa le nts’uoa leruong leo, ka har’a móllo oa lihele, batla be ba chesoe mats’oao liphatleng tsa bona, maphakong le mekokotlong ea ho tla thoe ho bona. “lena ke lona leruo leo le ileng la ipokella lona; latsoang he ke hóna maruo ao le ileng la ipokella óna

[36] “36. Lenane la likhoeli sefahlehong sa Allah ke leshome le metso e mmeli selemong e leng pallo e fanoeng ke eena mohla a neng a hlola mahólimó le lefats’e; tse nne tsa tsona li’a halalela, e leng ts’ebeliso e otlolohileng, ka hoo har’a tsona le se iphose, le be le loants’e mahloka-tumelo ka hohle-hohle joaloka ha ba le loants’a ka hohle-hohle. Empa le tsebe hore Allah U na le ba shoelang mahapeng

[37] Ho beha nako ea khoeli e halalelang mokhahlelo, ke keketso keketsong ea mahloka-tumelo. Mahloka-tumelo a khanneloa phosong ke hóna; hobane ba e kenya molaong selemo se le seng, se tlang ba e nke e le khoeli ea leboella e le ho leka ho cheholla lenane la likhoeli tse hanetsoeng ke Allah le hóna ho etsa tseo tse hanetsoeng. Bóbe ba tsela ea bona bo shebahala bo khahlisa ho bona. Empa Allah ha a tataise ba nenang tumelo

[38] Oho lóna ba kholoang! Molato ke eng na hore ha le laeloa ho loana tseleng ea Allah, ebe le imamarella leratong la lefats’e? Le ikhethela bóphelo ba lefats’e lena ho ená le botlang? Empa boiketlo ba lefats’e lena bo oa fokola papisong le boiketlo ba botlang

[39] Haeba le sa kene ntoeng U tla le neha kotlo ka kahlolo e bohloko, a be a behe ba bang bakeng sa lóna; empa haele Eena ha ho kotsi eo le ka Mo hlahisetsang eona le hanyenyane feela. Hobane Allah U na le matla hólim’a tsohle

[40] Haeba le sa thuse moetapele oa lóna, ha ho molato, hobane Ruri Allah U se a mo thusitse. Ha bahedene ba ne ba mo phalalisa, o ne a setse le molekane a le mong feela. Ba ne ba le babeli ka lehaheng o ile a re ho molekane eno ao hae: “o se ts`abe letho, hobane Allah U na le róna.” ebile Allah U theolela khotso Ea Hae hólim’a hae.” A ba A mo matlafatsa ka mabóthó ao le neng le sa a bóne, A ba A khenolela Ruri lentsoe la Bahedene. Empa lentsoe la Allah lona le phahamela metsullupe eohle hobane Allah U tsotehile matleng U Seli

[41] Kenang ntoeng le hlometse sa thokhonya kapa ha bóbebe, le futuhe le ka thepa ea lóna le ka bótho ba lóna, tseleng ea Allah hoo ke hóna ho molemo ho lóna hoja le ne le ka tseba

[42] Hoja mouno o ne o ile oa bónahala o le haufi le leeto le ne le le bóbebe, ba ka be ba u setse morao bohle kantle ho tsila- tsilo. Empa tsela e ne e le telele ebile eba imela. Ba bile ba tla ikana ka Allah ba re: “hoja re bile le hóna, Ruri re ka be re ile ra tsoa ‘moho le uena.” Ba bolae meea ea bona hobane Allah U tsebisisa hantle hore ba leshano

[43] Allah U le neha mohau! Hobaneng u ba tlohetse ho phela ho fihlela ba boletseng ‘nete ba bonahetse khanyeng ho uena u bile u lemohile ba leshano

[44] Ba kholoang ho Allah le letsatsing la bofelo bona habau kope ho se ba kenye ntoeng ka thepa le bótho ba bona. Ebile Allah U tsebisisa hantle ba phethisang ts’ebetso ea bona

[45] Ba u kopang ho se ba kenye ntoeng ke ba sa kholoeng ho Allah le letsatsing la bofelo, ba leng pelo-pelaelo, hoo ba akhotsoang koana le koana har’a pelaelo tsa bona

[46] Haeba ba ne ba ikemiselitse ho tsoa, Ruri ba ka be ba hlile ba itukisetsa lebaka leo. Empa Allah U ne A le khahlanong le ho kena ha bona ntoeng; eaba U etsa hore ba sisithelle morao, ba ile ba bolelloa hore: “lóna lulang har’a ba lutseng ba sa etse letho

[47] “47. Le haeba ba ne ba ile ba tsoa le uena, ba ka be ba sa ka ba eba le keketso matleng a lóna, empa ba ka be ba le lóebehlantse ka ho thula hohle har’a mabótho a lóna, ba bile ba jala phapang har’a lóna, ebile ho ka be ho bile ha ebá le ba bang har’a lóna ba ka beng ba ile ba ba mamela. Empa Allah U tseba hantle ba etsang hampe

[48] Ka`nete ba kile ba fonoka ho le bakela phapang le pele ho mona, bane ba leka ho le khenefaletsa, empa ‘nete ea mpa ea fihla, ea ba pallo ea Allah e ea iponahatsa hoo ba bileng ba eba makoebeta

[49] Har’a bona ho teng Motho ea reng: “mpehe leboella u se nkhulele tekong.” na ha ba eso ikhetle merebele le ha joale? Ruri lihele li etselitse ba sa kholoeng lesakana-la-nkópe

[50] Ha botle bo le tlela, ba ea sareloa; empa ha bóbe bo le oela, ba re: “Ruri róna re hlile re etsa tlhokomelo esale pele.” ba le furalle ka nyakallo

[51] Le re ho bona: “Ha ho se tla etsahala ho róna haese seo Allah A re abetseng sóna. Ke Eena mots’ireletsi oa róna.” Ba behe ts’epo ea bona ho Allah

[52] Le boele le re ho bona: “Hana ka lóna le lebeletseng kathoko ho pheletso tse peli tse babatsehang, ho shoela Allah kapa eona tlholo? Róna re lebeletse hore Allah U tla le tlisetsa kotlo eo Allah ka bó-Eena A tla le neha eona kamohlomong ka a róna matsoho. Kahoo, emang ka tebello le róna re tla lebella ‘móho le lona

[53] Le re ho bona: “senyeheloang ka boikitlaetso kapa ka qobello tseleng ea Allah empa ho lóna ha se no amoheloa, hobane Ruri lóna le likakasolle ebile le khopame.”

[54] Lebaka leo ka lóna kabelo tsa bona li ke keng tsa amoheloa ke hobane: “ba nena Allah le moromuoa oa hae; ebile ba tla lithapelong ba hloka tjantjello, ba fana ka likabelo e se ka maikutlo.”

[55] Maruo a bona ‘moho le bara ba bona esebe tse u khahlang, hobane Ruri ke morero oa Allah ho ba neha kotlo ka lintho tsa bóphelo bona, e le hore meea ea bona e shoele Ruri tatolong ea bona ea Allah

[56] Ba ikana ka Allah hore Ruri ba na le uena, empa e se ba hau, bampa ba ts’aba ho iponahatsa

[57] Habane ba ka fumana moo ba balehelang teng, kapa mahaheng, kapa sebakeng sa ho ipata, bane ba tla tatamalla teng ka potlako e t`sabehang

[58] Har’a bona ho teng banna ba u khesang tabeng ea linyehelo, ha ba fumana karolo ea tsona, ba ea nyakalla empa ha ba sa e fumane, Bóna! ba eba makoebeta

[59] Empa hoja feela ba ne ba khotsofaletse seo Allah le moromuoa oa hae ba ba abetseng sóna, ba re: “ho róna Allah U re lekane! Allah le moromuoa oa hae, haufi batla re khaketsa ka nala ea hae. Re lebisa ts’epo ea róna ho Allah.”

[60] Linyehelo ke tsa bafumanehi le bahloki, le ba sebetsang bóabing ba linyehelo tse joalo; le bao lipelo tsa bona li sa tsoa sokolohela ‹neteng, le ba litlamong, le ba har›a mekitlane, le basebeletsi tseleng ea Allah, le ho mofeta-ka-tsela. Ho laetsoe joalo ke Rabosafeleng. Allah U khaphatseha tsebo le bohlale

[61] Har’a bona ho teng batho batlaka-tlakang moromuoa ka hore: “o tsebe-e-lethóethóe.” ere ho bona: “o mamela se chatsi ho lóna ka ho fetisa, ebile o kholoa ho Allah, o na le tumelo, o rata ba kholoang, ke mohau ho bohle ba kholoang. Ba tlakang Moromuoa ba tla fumana kotlo e bohloko

[62] Ha ba ena le lóna ba ikana ka Allah e le ho le khahlisa. Empa hó molemo ho fetisa ke hore ba khahlise Allah le Moromuoa oa hae, haeba e le ba kholoang

[63] Ebe ha ba tsebe hore haele ba khahlanong le Allah le Moromuoa oa hae, sa bona ke mollo oa lihele, moo ba tla phela teng? Hoo ke tlotlollo e t`sabehang

[64] Baikaketsi ba ts’aba hore ho se tlohe ha ebá le temana e ka senoloang e bua ka bona, e ba supisang seo ba se nahanang ka lipelong tsa bona. Ere ho bona: “le’a phoqa! Allah U tla beha ponts’eng seo le ts’abang ha se ka senoleha

[65] Ha le ba phenya-phenya ka lipotso, ka tieo ba re: “re mpile re bua ka bosoasoi bo bohlasoa.” le re ho bona: “na le ne le tobisitse nyeliso eo ho Allah le lits’upiso tsa hae, le ho Moromuoa oa hae? “

[66] Le se etse boits’ireletso ba letho; le koenehetse tumelo ka mora hoba le e amohele. Haeba Re ka ts’oarela ba bang ba lóna, Re tla fana ka kotlo ho ba bang ba lóna, hobane ba sebeng

[67] Baikaketsi ba banna le basali, ho teng kutloano lipakeng tsa bóna; ba qoetse har’a bóbe, ba bile ba hanana le tóka, ba matsoho a sa fuparoloheng, ba lebetse Allah; kahoo le Eena o ba lebetse. Ruri baikaketsi ba bókakasolle ebile ke baetsalibe

[68] Allah U ts’episitse banna le basali ba baikaketsi hammoho le mahana-tumelo, mollo oa lihele. Ke moo batla phela teng. Seo ke sóna se ba lekaneng. Sa bona ke thóhako ea Allah, le kotlo e sa tlong ho fela

[69] Joaloka tse ileng tsa etsahala ho ba ileng ba phela pele ho lóna, ba neng ba le matla a fetang a lóna, ba lóeba-lóeba har’a maruo le bana ba bangata, ba bile le karolo ea bona ea bóithabiso. Ha joale le lóna le har’a ba lóna bóithabiso joaloka ba bileng pejana ho lóna. Le lona le qoetse har’a lipuo tsa mafeela. Le bao mesebetsi ea bona e ka keng ea beha litholoana lefats’eng lena le ho botlang, le bile le tla lahleheloa ke bólókólohi ba meea ea lona

[70] Ebe pale ea ba ileng ba phela pejana ho bona ha eso ba fihlele? Batho ba Nooe le Ade, le ea batho ba Thamude, le ea batho ba Abrahama, le banna ba Mediane le metse e ileng ea timetsoa? Ho bona ho ne ho ile ha tla baromuoa ka lits’upiso tse hlakileng. Ha se Allah ea ba fositseng empa ba foselitse meea ea bona ka bó-bona

[71] Ba-kholoang banna le basali ke bats’ireletsani, ba mamaretse se tókeng, ba bile ba hanela se sebe, ba hlonepha lithapelo ka linako tse behiloeng, ba mamela Allah le moromuoa oa hae. Hólim’a bona Allah U tla ts’ollela Mohau oa Hae; hobane Allah U tsotehile matleng, U Seli

[72] Ts’episo ea Allah ho ba kholoang banna le basali, ke lirapa tse linoka li phallang tlas’a tsona, e le moo batla phela teng har’a meaho e machosi lirapeng tsa khutso. Empa khutso e fetang tsohle ke thabo ea Rabosafeleng. Eo ke khotsofalo ea tonana Ruri

[73] Oho Moprofeta! Sholofela ka thata khahlanong le mahana- tumelo le baikaketsi, le be shata khahlanong le bóna. Bolulo ba bona ke lihele, – bo bóbe Ruri bolulo

[74] Ba ikana ka Allah hore ha ho letho le lebe leo ba le buileng, empa Ruri ba buile nyefolo hobane hoobaho entse ka mora hore ba amohele bosolomane; ba ile ba fonoka bónókóane boo ba sitiloeng ho bo phetha. Boiphethetso bona ba bona ebile eona teboho feela eo ba faneng ka eona malebana le melemo eo Allah le Moromuoa oa Hae ba ileng ba ba ruisa ka eona! Ebang ba ka inyatsa, ho ka ba molemo ho bona; empa ha ba boela mekhoeng ea bona e mebe, Allah U tlaba lihela kotlo e bohloko bophelong bona le ho botlang. Ebile batla hloka ba ka thusang le ho ba ts’ireletsa lefats’eng lena

[75] Har’a bona ho teng banna ba ileng ba hloma selekane le Allah hore ha a ka theolela nala ea Hae hólim’a bona, batla sebelisetsa boholo ba eona linyehelong, ba be ba baloe har’a ba tókafalo

[76] Empa ha A se A fane ka nala ea Hae ho bona, ba ile ba ebá manoho-noho, ba ba furalla selekane sa bona, ba ebá thoko le phethahatso ea sóna

[77] Ke kahoo A ba jarisitseng boikaketsi lipelong tsa bona ho isa letsatsing leo ka lóna ba tla kopana le Eena hobane ba koenehetse selekane sa bona le Allah, le hobane ba ne ba le leshanong ka linako tsohle

[78] Ebe ha ba tsebe hore Allah U tseba makunutu a menahano ea bona, – le hore Allah U tsebisisa tsohle tse sa bónoeng

[79] Haele ba nyefolang ba kholoang ba inehetseng phanong ea linyehelo, liketsong tsa lerato esita le ba hlokang seo ba ka se etsang linyehelo ka kathoko ho litholoana tsa mofufutso oa bona, ba bile ba aqatse ka nyeliso, – Allah U tlaba khaqisa mahlatsa ao a bona batla ba kotlong e bohloko

[80] Le haeba uena u ka ba kopela ts’oarelo, sebe sa bona ha se se ka ts’oareloang. Le ha u ka ba kopela ka makhetlo a mashome a supileng, Allah A ka ke abats’oarela. Hobane ba khesitse Allah le Moromuoa oa Hae. ‘Allah ha A tataise ba bókakasolle bo sebeng

[81] Malota a mohla ntoa ea Tabuk ba kile ba ja khomo ea molatelle ka sekotlong sa Moromuoa oa Allah. Ba ne ba hloile ho sholobela le ho loana ka thepa le bótho ba bona, ho loanela tsela ea Allah. Ba re: “Se tsoeleng pele ho kena khabong.” o re ho bona: “Móllo oa lihele ka lebatama o feta khabo ena.” hoja feela ba ne ba ka utloisisa

[82] Ba leseng ba keketehe ho se ho kae. Ke hóna ba sa tla keleketla menyepetsi e le tefelo ea bóbe boo ba bo etsang

[83] Haeba Allah a ka u busetsa ho ba bang ba bona, ha ba tla ho uena ba kopa ho tsoa le uena, u re: “Le ka mohla le ke ke la tsoa le ‘na ebile le ke ke la lika sera le ‘na. Hobane le ile la ikhethela ho lula malota khetlong la mathomo. Kahoo, lulang le joale hammoho le a mang masala-hae.”

[84] U se ke ua rapella le’a mong oa bona ea ka shoang kapa le hóna ho ema lebitleng la hae feela; hobane ba ile ba latola Allah le Moromuoa oa Hae, ba bile ba eshoa ba ntse ba sataletse

[85] Le se lumelle maruo le haele bólateli ba lona ba tsoala ho le khahla. Morero oa Allah ke hobane ha kotlo ka lintho tsena lefats’eng lena, le hore meea ea bona e tle e timele tatolong eo ea bona ea Allah

[86] Ha ho senoloa temana eba laelang ho lumela ho Allah le ho shólobela le hóna ho loana ba ipapisitse le Moromuoa oa Hae, ba neng ba le har’a maruo ba bile ba utloahala har’a bóna, ba ile ba u kopa ho ba kekoloha ka hore: “Re siee morao, re tle re be har’a malota a tla sala a lutse hae

[87] Ba ikhethela ho ba har’a basali ba bona ba salang hae. Lipelo tsa bona li kabehile kahoo ha ba utloisise

[88] Empa Moromuoa hammoho le ba kholoang le eena, basholobela ba bile ba loana ka maruo le bótho ba bona. Ho bona, tseo li hloekile: ke bona ba tla atleha

[89] Báná ke bao Allah A ba lókiselitseng lirapa tse linoka li phallang tlas’a mobu, ho phela teng. Ena ke eona khotsofalo ea sebele

[90] Le har’a Ma-Arabia a mahoatata ho bile teng banna ba ileng ba its’upaka bofokoli ha ba lókela ho kena khabong; le ba hloketseng Allah le Moromuoa oa Hae bots’epehi ba ile ba its’alla mahae. Haufi kotlo e bohloko e tla nanola Mahloka- tumelo har›a bona

[91] Ha ho molato o jarisoang likooa kapa bakuli, kapa ba hlokang seo ba ka se sebelisetsang tseleng ea Allah, ha feela ba ts›epahala ts›ebetsong tsa bona tsa Allah le Moromuoa oa Hae. Ha ho molato o ka behoang bohle ba etsang tóka. Ebile Allah U ts›oarela-khafetsa, U Mohau O fetisisang

[92] Ebile ha ho molato o ka behoang ho ba ileng ba tla ho uena hore u ba fumanele likalle, hobane eitse ha u re ho bona: ke sitoa ho le fumanela likalle,» ea ba ba reteleha ba ikela ka mahlo a keleketlang menyepetsi, ba le masoabi a ho hloka seo ba ka se sebelisang ho etsa letsoho-la-monna

[93] Qoso e tobane le ba ikopetseng ho siuoa mahae empa ebile e le barui, ba ikhethela ho ba har’a basali ba salang mahae. Allah U kabile lipelo tsa bona; hore ba se ke ba tseba se ba lahlehelang

[94] Ha ba tla ho uena ho tla tla ikoahleha mohlang le khutlelang ho bona, u tle u re ho bona: “se ikoahleheng, re ke ke ra le kholoa. Allah U se a re tsebisitse bónnete ba boemo ba litaba malebana le lóna. Moromuoa oa Hae o tla ts’oaea. ‘Allah le Moromuoa oa Hae ba tla ts’oaea liketso tsa lóna. Mapómelo le tla busetsoa ho eena ea tsebang se patiloeng hammoho le se pepeneneng. ebe hóna a le supise nnete ea tsohle tseo le li entseng

[95] Ha u khutletse har’a bóna ba tla ikana ka Allah e le hore u tle u ba hlokomolohe. Kahoo, ba hlokomolohe. Hobane bao bohle ke linyonts’a lihele ke bolulo ba bona, – e leng óna moputso o loketseng bóbe boo ba bo entseng

[96] Ba tla be ba ikane hore u tle u ba khotsofalle. Empa haeba uena u ba khotsofalla, Allah Eena ha A khotsofalle batho ba sa hlonepheng litaelo

[97] Ma-Arabia a mahoatata ke batho ba bá be ka ho fetisa ka ho se lumele le ho ikaketsa ha bona. Ebile ke ba nehiloeng haholo ho ba har’a bothótó malebana le taelo eo Allah A e theoletseng lefats’eng ka Moromuoa oa Hae. Empa Allah U tseba tsohle, U Seli

[98] A mang a Ma-Arabia ana a mahoatata, a nka litefo tseo ba li lefelang tsela, e le kahlolo, kahoo ba lebeletse hore u oeloe ke tsietsi. Ho bona, ho ke ho oele koluoa ea bóbe. Hobane Allah ke Eena ea utloang le ho tseba lintho tsohle

[99] Empa ba bang ba Ma-Arabia a mahoatata ba lumela ho Allah le letsatsing la bofelo, ba bile ba shalima litefelo tsa bona, e le limpho tse hloekileng, tse bileng liba atametsang ho Allah le hóna ho fumana lithapello tsa moromuoa. E, Ruri tsena li ba atameletsa pel’a Hae. Haufinyana Allah U tla ba amohella mohaung oa Hae. Hobane Allah U ts’oarela-khafetsa, U mohau-O-fetisisang

[100] Mabula-khoro a bosolomane bona ba tetseng malapa a bona mathomong, le ba ileng ba fana ka lithuso ho bona, le bona ba ba setseng morao liketsong tsohle tse lókileng, – Allah U khotsofalitsoe ke bona joaloka ha le bona ba khotsofalitsoe ke Eena. Haele bona U ba lókiselitse lirapa tse linoka li phallang tlas’a tsona, moo ba tlang ho phela teng ka ho sa feleng. Eleng khotsofalo e fetisisang

[101] Ba bang ba Ma-Arabia a mahoatata har’a ba u poti-potileng, ke baikaketsi; esitana le ba bang ba Ma-Arabia a mahoatata har’a baahi ba Al-Al-Madina, bangangeletse boikaketsing. Uena u mpa u sa ba tsebe róna re’a ba tseba. Re tla ba neha kotlo ha beli, ba be baekeletsoe ka ho romelloa kahlolong e sehloho

[102] Ba bang ke ba ileng ba lumela melato ea bona, ba kopantse liketso tse lókileng le tse sa lókang. Kamohlomong Allah U tla retellehela ka ho bona ka mohau. Hobane Allah U ts’oarela- khafetsa, U Mohau O fetisisang

[103] Thepeng ea bona u nke linyehelo, hore u tle u tsebe ho li halaletsa. U be u ba rapelle hobane Ruri thapelo ea hau ke mohloli oa ts’ireletso ho bona. Ebile Allah ke Eena ea utloang le ho tseba

[104] Na ha ba tsebe hore Allah U amohetse pako ho makhabunyane a Hae, o’a be a amohele limpho tsa linyehelo le hore Ruri Allah ke Eena ‘Moi-khafetsa, U Mohau O fetisisang

[105] U be u re ho bona: “Sebetsang ka tókafalo, haufinyana Allah le Moromuoa oa Hae hammoho le bakholoang, U tla ananela ts’ebetso ea lóna. Haufinyana le tla khutlisetsoa ho Motsebi oa tse patiloeng le tse pepeneneng. Ke hóna A tla le supisa ‘nete ea tsohle tseo le li entseng

[106] “106. Ho boetse ho teng ba bang ba emetseng mapómela a Allah bao ho seng qeto ea hore Allah U tla ba ahlola kapa a retellehele ka ho bona ka Mohau. ‘Allah ke Eena ea Tsebang tsohle U Seli

[107] Ebile ho teng ba ahang ntlo ea thapelo ka boikemisetso ba ho jala pherekano le tlhoka-tumelo le hóna ho arohanya ba kholoang hoo e le tókisetso ho eá toants’anong le Allah hammoho le Moromuoa oa Hae nakong tsa masoetso, Ruri ba tla ikana ka hore boikemisetso ba bona ha bo kathoko ho se lókileng. Empa Allah Eena o phatlalatsa hore Ruri bao ke bo-ramashano

[108] Ka ho e joalo ntlo u se ke ua kena. Empa ho teng ntlo eo metheo ea eona, ho tloha letsatsing la mathomo, e ileng ea theoa hólim’a boikokobetso; ke ka ho ena ho lókileng ho fetisa hore u ka ema oa rapela. Ke ka har’a eona banna ba lakatsang ho hloekisoa; ‘Allah U rata ba ratang ho itlhoekisa

[109] Hana ke mang ea talimetseng litaba hojana, ho ea thehang motheo oa hae hólim’a selomo sa lehlabathe le malumela, le ka nnang la ritsa neng kapa neng? Ha le ka ritsa le ea le eena ho ea kolumela ka mollong oa lihele. Ebile Allah ha A tataise batho ba etsang liphoso

[110] Motheo oa ba ahang joalo ha o ke o phema pelaelo le ho reketla ka har’a lipelo tsa bona, ho fihlela lipelo tsa bóna li tabukantsoe litsekana, ‘Allah U tseba tsohle, U Seli

[111] Allah U rekile ho ba kholoang botho hammoho le thepa ea bona; U tla ba ananyetsa ka lirapa. Ba loana tseleng ea Hae, ba bolae ba be ba bolaoe. Ke ts’episo e ho Eena ka nnete e fanoeng molaong oa Torah, Evangeling le Quraneng: Hana ke mang ea ts’epahalang ka ho fetisa selekaneng haese Allah? Kahoo, nyakallang har’a tumellano eo le e fihletseng. Hona ke sehlohlolo sa katleho

[112] Haele ba retellehelang ho Allah ka boinyatso; le ba mo sebeletsang, le ho mo rorisa; le ba qapang leratong la ts’ebeletso ea Allah; ba inamelang thatong ea Allah ka thapelo, ba khoramelang tókeng, banena bóbe; bahlonepha meeli e raliloeng ke Allah; – Kahoo fana ka litaba tse molemo ho ba kholoang

[113] Ho oa róneha hore Moromuoa le ba kholoang, hore ba ka rapella ts’oarelo ea bahedene, ka morao hoba ho tótóbale hore ke ba lekane ba móllo

[114] Abrahama o ile a rapella ntatae feela ka lebaka la ts’episo eo a neng a ile a mo etsetsa eona. Empa ha ho se ho hlakile hore eo ke sera sa Allah, o ile a sutha pel’a hae. Hobane Abrahama o ne a le pelo-nolo ka ho fetisa a bile a le mamello

[115] Ebile Allah A ke ke a khelosa batho ka morao hoba a ba tataise, e le hoba hlakisetsa seo ba lókelang ho se ts’aba le ho se kekolóha. Hobane Allah U na le tsebo ea lintho tsohle

[116] Mebuso ea mahólimó le lefats’e ke ea Allah. U fana ka bophelo A be a bo amohe. Kathoko ho Eena ha re na mots’ireletsi kapa mothusi

[117] Allah U ile a retellehela ho Moporofeta, Bo-Muhajiri le ho Ma-Ansare-ba ileng ba mo latela linakong tse thata. Ka morao ho moo, karolo ea lipelo tsa ba bang ba bona li ne li batlile li ritsetsa thokoaná le boitlamo ba ts’ebetso. Empa le bona Allah U ile a ba hetla hobane U Mohau O fetisang ho bóna, U mohau O fetisang

[118] U ile a retelehela ka mohau ho ba bararo ba neng ba salatse morao; ba bile ba ikutloa molato ka mokhoa o ileng oa etsa hore ba utloe hoja lefats’e lena ka boholo ba lona, le ba nyenyefalla. Ba ba ba utloa meea ea bona sebele e ba sita. Ba ba ba elelloa hore ha ho paleho ho Allah le haele ho ipata. Ke ha a retelehela ka ho bona hore ba tle ba inyatse. Hobane Allah ke ‘Moi-khafetsa, U Mohau O fetisang

[119] Oho lóna ba kholoang! Ts’abang Allah le be har’a ba ‘neteng ka puo le liketso

[120] Ho ne ho róneha ho batho ba Al-Al-Madina le ho Ma-Arabia a Badouine a ahileng tikolohong e haufinyana ho hana ho sala morao Moromuoa oa Allah, kapa hóna ho ba balla maphelo a bona ho feta ba hae, hobane ho ne ho se hoo ba ka ho etsang ebe ha ho ngoloe liketsong tsa bona tse ntle, li bile li nkoa e le liketso tsa tókafalo, ebang ba ne bats’oeroe ke lenyora kapa mokhathala, kapa tlala, ha ba ntse ba le tseleng ea Allah, kapa ba ntse ba phaila litseleng ho loants’a mahlokatumelo, kapa ba hlahisoa likotsi tsa mofuta ofeng kapa o feng ke sera, Allah ha A lumele hore moputso oa ba etsang tse lókileng o lahlehe

[121] Le haeba ba ne ba senyehetsoe haholo kapa hanyenyane tseleng le haele hóna ho ts’ela phula, ketso ka ‘ngoe e ne ngolloa molemong oa bona; e le hore Allah A tla a ba putsetse liketso tsa bona tse ntle ka meputso e molemo ho fetisa

[122] Ha ho hlokahale hore ba kholoang ba ka kena khabong bohle. Ha lebepa le le leng le khutlile ho tsoa lets’olong, lemuloana le itseng har’a bona le ke le salle ho ithuta tsa tumelo. E tle e re le ha ba se ba khutletse har’a sechaba, ba tsebe ho se khalema. Ke ka mokhoa ona ba ka tsebang ho its’ireletsa khahlanong le bóbe

[123] Oho lóna ba kholoang! Loants’ang mahloka-tumelo a ntseng a le tontonts’a, ha a fihla ho lóna, a fumane tsitlallo. Le be le tsebe hore Allah U har’a ba mo ts’abang

[124] Ha ho le teng temana e ka theoleloang har’a bona, ba bang ba bona ba re: “ke ofeng oa lóna eo tumelo ea hae e kileng ea eketsoa ke eona? “Ahe, haele ba kholoang, tumelo ea bona e ea eketseha, ba nyakalla ke hóna

[125] Empa bao ho leng teng maloetsi ka lipelong tsa bona, – e ka eketsa khoao hólim’a khoao ea bona, ba bile ba tla shoela har’a ho tlhoka-tumelo hoo ha bona

[126] Ha ba elelloe ke eng hore ba be oa tekong selemo le selemo, hang kapa habeli? Empa ha ba retellehele pakong, ebile ha ho letho leo ba le elang hloko

[127] Ka nako e ‹ngoe le e ‹ngoe ha ho ba teng temana e theohelang har›a bona, ba shebana mahlong ba re: «na ho teng ópe ea le bónang? « ebe ba khelohela kathoko. Allah U sothetse lipelo tsa bona thoko le leseli; hobane e le batho ba hlokang kutloisiso

[128] Joale ho tlile ho lóna Moromuoa ea hlahetseng har›a lóna: ho timela ha lóna ho mo utloisa bohloko. O ts’arelo e boima hólim’a lóna. Ho ba kholoang, o mosa ebile o mohau ka ho fetisa

[129] Empa ha bau furalla, u re: “Allah U ntekane. Ha ho `mopi e mong ntle ho Eena. Ho Eena ts’epo ea ka, – Ke Eena Mong`a Terone ea tlotla

Jonase

Surah 10

[1] Alif. Lam. Ra. Tsena ke litemana tsa Lengolo le halalelang le phuthetseng bohlale

[2] Na ke taba e mohlolo ho batho haele mona re ile ra susumetsa monna har’a bona, ka hore: “Hlokomelisa batho le hona ho nehelana ka litaba tse molemo ho ba kholoang tsa hore ba be le nete ho Mong`a bona?” Mahana-tumelo a re: “Ruri enoa ke moloi ea pepenene”

[3] Ruri! Mong`a lona ke Allah ea hlotseng maholimo le lefats’e ka matsatsi a ts’eletseng, o tsitsitse Teroneng moo a laolang lintho tsohle. Ha ho ‘muelli ea ka bang teng lipakeng tsa Hae le batho haese kamor’a tumello ea Hae. Eo ke Eena Allah, Mong`a lona, kahoo Mo sebeletseng. Na le sa tla ke le nahane

[4] Bohle le tla boela ho Eena; ena ke ts’episo ea Allah. Ke Eena ea simolotseng tlholeho, eaba o se A e pheta-pheta, hore A tle A putse bohle ba-kholoang ba bile ba etsa liketso tse lokileng ka tekanyo; empa ba sa kholoeng, ba tla khaqisoa metsi a belang ekasitana le eona timelo e mahlonoko ke ea bona hobane ba latotse tumelo

[5] Ruri! Ke Eena Ea hlotseng letsatsi le phatsimang le eona ngoeli e khanyang, eaba U e behela liteka-tekano tse fapaneng, hore le tle le tsebe ho bala lilemo le hona ho etsa lipalo. Allah U hlotse tsena tsohle ka ‘nete. Ke kamoo A hlalosang lits’enolo kateng ho ba utloisisang

[6] Ruri! Phapanyetsano ea bosiu le mots’eare le lintho tsohle tseo Allah a li hlotseng maholimong le lefats’eng ke lits’upiso Ruri, sebakeng sa ba Mo ts`abang

[7] Ba sa lebellang kopano le rona, ba mpa ba laba-labela bophelo ba lefats’e lena le hona ho ikutloa ba hlokomelehile ho lona, le bohle ba sa tsotelleng lits’enolo tsa Rona

[8] Lehae la bona e tla ba mollo ho latela lintho tseo ba li kotutseng

[9] Ba kholoang ba bile ba etsa liketso tse lokileng, Ruri Mong`a bona U ba tataisa ho latela tumelo ea bona. Linoka li tla phalla mabapi le bona kahar’a lirapa tsa nyakallo

[10] Sello sa bona moo teng e tlaba: “Tlotla e be ho Uena, Oho Allah!” Tumeliso ea bona e tlaba: “Khotso”. Mathetho a lithapelo tsa bona e tlaba: “Lithoriso li be ho Allah, Mong`a Mafats’e!”

[11] Hoja Allah a ne a ka potlakisa bobe boo batho ba bo kotutseng joaloka ha ba ne ba ka potlakela melemo, eka be eba kahlolo ea bona e se e fetile. Re mpa re lesa basa elelloeng kopano ea rona le bona ho tlankella lefifing ho latela manganga a bona

[12] Empa ha tubeho e ka ama motho o memetsa ho rona, empa a paqame ka lehlakore, kapa a lutse, kapa a eme, nakong eo re mo pholosang tubehong eo; o ikela moo a ratang teng joaloka ha eka ha a e s’o re llele mathateng a kileng a mo ama. Ke kamoo liketso tsa ba bohlasoa li bonahalang li khahlisa mahlong a bona

[13] Meloko pele ho lona e ile ea ripitloa nakong eo ba neng ba entse liphoso; Baromuoa ba tsoang ho Allah ba ‘nile ba tla ho bona ka lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea hae, empa ha ba eaka ba kholoa. Ke kamoo Re putsang batho ba etsang liphoso

[14] Eaba le etsa majalefa lefats’eng kamor’a bona, hore re tle re bone kamoo le tla its’oara kateng

[15] Empa nakong eo ba pheteloang lits’enolo tsa rona tse hlakileng, ba sa tsotelleng kopano le Rona ba re: “Re tlisetse thuto e ‘ngoe e fapaneng le ena, kapa le e fetole”. E re: “Ruri ha ke’a lokela ho fetola

[16] E re: “Hoja ebile thato ea Allah, nka be ke sa ka ka le phetela lona

[17] Ke mang ea etsang phoso e kholohali ho feta eo ea qapang leshano ka Allah a bile a nyefola lits’enolo tsa Hae? Bonang! Haele baetsang liphoso ba ke ke ba atleha

[18] Ba sebeletsa melingoana kathoko ho Allah e ke keng ea ba hlahisa kotsi le haele ho ba thusa ka letho, ba bile ba re: “Bana ke bona babuelli ba rona ho Allah”. E re: “Na e be ho teng ntho eo le ka e tsebisang Allah eo e leng hore ha a e tsebe maholimong kapa lefats’eng? Lithoriso li be ho Eena hobane ke Eena ea phahametseng lintho tsohle ka ho fetisisa tseo le mo kopanyang le tsona

[19] Batho bohle lefats’eng ekile ea eba sechaba se le seng; liphapang li bile teng hamorao; ebang e ne e se ka lebaka la lentsoe le ileng la behoa nale ka pele-pele ke Mong`a bona, le ka be le hlile la ahlola lipakeng tsa bona ho latela moo ebang ba fapana

[20] Ba tla re: “Hoja ho mpile ha romeloa sesupo ho eena se tsoang ho Mong`a hae!” E re: “Masabonoeng ke tsa Allah feela. Kahoo letang! Ruri, le ‘na ke tla leta le lona

[21] Hoba re etse hore batho ba latsoe mohau kamor’a litubeho tse seng kae tse ileng tsa ba ama, bonang! Ke moo ba simolla ho rera sephiring khahlanong le lits’enolo tsa rona. U re: “Ruri ea potlakang ka ho fetisisa ka merero ke Allah”. Ruri! Baromuoa ba Rona ba ngola fats’e merero eo le e rerang

[22] Ebile ke eena ea le nolofaletsang ho tsamaea lefats’eng le leoatleng, ho fihlela le palame likepe, e be li sesa ka lona li sututsoa ke liphefo, e be le thabile kahar’a tsona, e re ha sefefo se le tsometsa le maqhubu a le aparela ka mahohle, le se le bile le nahana hore le tla qoela bolibeng moo; le simolla ho memetsa ho Allah, moo le lekang ho hloekisa tumelo ea lona malebana le eena feela, ka hore: “Haeba U ka re pholosa kotsing ena, Ruri re tla ba har’a ba fanang ka liteboho”

[23] Empa hoba A ba pholose, ba tlola melao lefats’eng ka boikhants’o bohle. Oho batho! Borabele ba lona bo mpa feela bo le khahlanong le lona. Le natefetsoe ke bophelo ba lefats’e lena; empa le tla boela ho rona, re tla le tsebisa lintho tseo le neng le li etsa

[24] Papiso ea bophelo ba lefats’e lena e ka ts’oants’oa feela le pula eo Re e nesang ho tsoa marung, joale e be lefats’e le hlahisa limela tseo eleng lijo ho batho le liphoofolo ho latela mefuta ea tsona, ho fihlela nakong eo lefats’e le aparetsoeng ke mekhabiso ea mefuta-futa, e be ke moo batho ba lona lefats’e ba eng ba nahane hore ke balaoli ba lona, joale ha taelo ea Rona e fihla bosiu kapa mots’eare, ebe moo re e etsang hore eke ke lijo-thollo tse seng li kotutsoe joaloka ha eka e ne e sa tlokome maobane. Ke kamoo Re hlalosang lits’enolo kateng ho batho ba nahanang

[25] Allah U ntse a biletsa bohle lehaeng la khotso, e bile o tataisetsa bao a ikhethetseng bona tseleng e otlolohileng

[26] Bohle ba etsang botle, moputso oa bona ke o molemo le e meng e mengata hona moo. Ha ho kamoo lerole kapa masoabi a tlang ho aparela lifahleho tsa bona. Bao ke bona majalefa ka kotloloho a Serapa; ba tla phela moo kahosafeleng

[27] Haele ba etsang liketso tse fosahetseng, sebakeng sa bona ba tla amohela moputso oa bobe ka mokhoa o ts’oanang; batla apareloa ke masoabi, – ha ba na mots’ireletsi mabapi le Allah. Ho tla ts’oana le haeka lifahleho tsa bona li kile tsa bitieloa ka boka bo tsoang lefifing la bo-nka-ntjana la bosiu. Ruri bana ka kotloloho ke majalefa a mollo (liheleng); batla phela kamoo kahosafeleng

[28] Ka letsatsi le leng Re tla ba bokella hammoho kaofela, joale e be re re ho ba neng ba re kopanya le batlatsetsi: “Emellang morao, lona le batlatsetsi ba lona bao le neng le ba maneha Allah!” Ke moo Re tla ba arohanya le beng ka bona, baikaketsi ba bona ba melingoana ba tla re: “Le ne le sa khumamele rona

[29] Allah U lekane ka bopaki lipakeng tsa rona le lona, rona ha re’a ka ra elelloa ka ho re khumamela hoa lona”

[30] Ke moo moea ka mong o tla paka tseo o li entseng esale pele, ba tla be ba khutletse ho Allah Mong`a bona ka kotloloho; boqapi ba bona bo tla be bo ba siile shalabeng

[31] E re: “Ke mang ea le bolokileng ka bophelo ho tsoa marung ekasitana le lefats’eng, kapa eo eleng eena Mong`a kutlo le pono; le ea khutlisetsang tse phelang ho tse shoeleng le ho khutlisesta tse shoeleng ho tse phelang; ea bileng a laolang mabaka ohle?” Ba tla re: “Ke Allah.” E re: “joale hobaneng le sa boloke ts’ebeletso ea lona malebana le eena

[32] Ruri eo ke Allah, Mong`a lona ka kotloloho. Joale kamor’a ‘nete ke eng hape haese leshano? Ke hobaneng ha le sa sokolohe!”

[33] Ruri ke kahoo lentsoe la Mong`a lona le pakahalitsoeng khahlanong le ba etsang liphoso: ba ke ke ba kholoa

[34] U re: “Na o teng e mong oa batlatsetsi ba lona eo le mo kopanyang le Allah ea ka hlahisang tlholeho a ba e phete hape?” U re: “ke Allah ea qapang tlholeho, A boele A e phete hape. Joale ke hobaneng le khelosoang!”

[35] E re: “Na o teng e mong oa batlatsetsi ba lona eo le mo kopanyang le Allah ea ka tataisetsang batho ‘neteng? E re: “Ke Allah feela ea tataisetsang ‘neteng. Na ha ho bohlokoa ho sala morao ea tataisetsang ‘neteng, kapa ho bohlokoa ho latela eo ea sa fumaneng tsela kantle le hore eena ka bo-eena a be a tataisoe. Molato ke eng ka lona? Athe le ahlola litaba joang

[36] Bongata ba bona ha ho seo ba se latelang haese likhakanyo feela. Ruri likhakanyo ha ho kamoo li ka nkang sebaka sa ‘nete kateng. Ruri! Allah U hlokolosi ka lintho tsohle tseo ba li etsang

[37] Koran ena ha se e ka qaptjoang ke e mong haese Allah; ke ts’enolo e tiisang tse etsahetseng pele ho eona, e bile e le tlhaloso ea se senoletsoeng batho, – eo ka ho eona ho seng khoao, – e bileng etsoang ho Mong`a mafats’e

[38] Kapa ba re: “U iqapetse eona?” E re: “Hlahisang khaolo e ts’oanang le ea eona, le be le bitse bathusi bohle bao le ka ikhethelang bona ntle ho Allah haeba le bua ‘nete”

[39] Che, ba mpile ba qosa ka mashano, seo tsebo ea teng ba ke keng bae kopa; etsoe le pele tlhalosetso ea lintho e es’o finyelle ho bona. Leha ho le joalo, le ba bileng teng pele ho bona ba ‘nile ba qapa mashano. Empa bonang pheletso ea baetsa-libe e bileng sona

[40] Har’a bona ho teng ba kholoang ho lona, ho boetse hona le ba bang ba sa kholoeng ho lona, kahoo Mong`a lona o hlokolosi haholo ka ba etsang litlolo tsa molao

[41] Ha ba u qosa ka bohata, u re: “mosebetsi oa ka ke oa ka; le lona mosebetsi oa lona ke oa lona. Le hloke boikarabello ho seo ke se etsang, le ‘na ke tla hloka boikarabello ho seo le se etsang”

[42] Har’a bona ho teng lequloana le u mamelang. Empa ha o ka etsa hore litholo li utloe le ha li se na kutloisiso

[43] Ebile ho teng e mong har’a bona ea u talimileng. Empa na o ka tataisa lifofu le ha ho se letho leo li le bonang

[44] Ruri! Allah a ke ke a fosetsa batho ka soele; empa ke bathobatla fosetsa meea ea bona ka bo-bona

[45] Ka letsatsi le leng o tla ba bokella hammoho, e tla ka hoja ba phetse hora e le ‘ngoe feela ka letsatsi, ke moo ba tla tsebana, Ruri haele banyefotseng kopano le Allah ba bile basa ka ba tataisoa ba tla timela

[46] Le hoja Re ne Re ka u bonts’a karoloana ea seo Re ba ts’episang sona, kapa Ra nka moea oa hau, Poelo ea bona e ho rona, pheletsong Allah ke paki holim’a tsohle tseo ba li etsang

[47] Ho merabe eohle ho bile teng Moromuoa. Nakong eo Moromuoa ka mong a tlang ho hlahela ho morabe oa habo, taba ea bona e tla ahloloa lipakeng tsa bona kantle le lits’ekamelo, ba ke ke ba qhekelloa

[48] Ba bile ba re: “Ts’episo ena e tla phethisoa neneng, haeba u bua ‘nete?”

[49] E re: “Ha ke na matla holima kotsi, kapa ona molemo haese kamoo Allah a ratileng kateng. Morabe o mong le o mong o behetsoe nako. Ha nako ea bona e se e atametse, ba ke ke ba e liehisa le haele ka hora feela, kapa hona ho e potlakisa”

[50] E re: “Na le’a nahana: hore haeba kotlo ea Allah e ka le fihlela ka ts’ohanyetso ekaba bosiu kapa mots’eare ho phathahanoe; ke karolo efeng ea eona eo baetsalibe ba ka lakatsang ho e potlakisa

[51] Ebe ke feela le tlang ho lumela ho eona ha e se e le oetse holimo? Eng! Kholoang esale joale, ke neng esale le e potlakisitse ho fihlela joale

[52] Joale ke moo ho tla thoe ho bao esaleng ba tlola melao: “Latsoang ke hona timelo e sa feleng”. Na le putsitsoe ka se seng se kathoko ho seo le se sebelelitseng

[53] Ba kopa tlhalosetso ho uena ea hore: “Na ke ‘nete?” E re: “Aha, Ruri ka Mong`a ka ke ‘nete, le ke ke la phonyoha

[54] Haeba moea ka mong oo ebang o entse phoso o bile le lintho tsohle tse teng mona lefats’eng, o ne o tla batla ho itokolla ka tefo ea tsona; batla ikutloela bohloko lipelong tsa bona nakong eo ba bonang kahlolo. Empa ho ahlotsoe ka nepo kantle ho lits’ekamelo lipakeng tsa bona”

[55] Bonang! Ruri lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Allah. Ruri ts’episo ea Allah ke’a ‘nete. Le hoja bongata ba bona bo hloka tsebo

[56] Ke Eena ea fanang ka bophelo le lefu, bohlele tla boela ho Eena

[57] Oho batho! Ho tlile ho lona keletso ea bohlokoa e tsoang ho Mong`a lona, pheko ea maloetsi a kahar’a lifuba tsa lona, Tataiso le Mohau ho ba kholoang

[58] E re: “Kahar’a nala ea Allah le Mohau oa Hae: Ba lumelleng ba nyakalle kahar’a eona. Seo se molemo ho feta matlotlo ao ba a bokelletseng”

[59] E re: “Na le nahana ka lintho tseo Allah a li romeletseng molemong oa lona ho tla tla le phelisa, kamoo le kentseng tse ling tsa tsona molaong, empa tse ling le li hanetse ka molao?” E re: “Na Allah U le lumelletse, kapa le qapa leshano khahlanong le Allah?”

[60] Ba nahanang ba qapang leshano khahlaong le Allah ka Letsatsi la Tsoho? Ruri Allah ke Mofani ho batho, empa ba bangata ba bona ha ba’na liteboho

[61] Hore na u phathahantsoe ke ts’ebetso ea mofuta ofe, le hore na u pheta karolo efe Koraneng, leha ekaba lona batho ha ho ketso eo le e phethahatsang, Rona Re lipaki holim’a tsohle nakong eo le phathahantsoeng ke tsona. Ha ho letho lefats’eng kapa leholimong le ka phonyohang Mong`a lona, ekaba tse nyenyane kapa tse kholo ho feta moo, empa li’a ngoloa kahar’a buka e hlakileng

[62] Bonang! Ruri ha ho ts’abo kapa eona mesarelo e ka fihlelang metsoalle ea Allah

[63] Eleng ba kholoang le ho ba khahlanong le bobe

[64] Ba khoaeletsoe litaba tse molemo lefats’eng lena le bophelong bo-tlang, – ha ho phetoho Mantsoeng a Allah, – seo ke sona sehlohlolo sa Nyakallo

[65] U se ke oa lumella litaba tsa bona ho u khopisa. Hobane Allah U matla oohle. U utloa tsohle, e bile ke Motsebi oa lintho tsohle

[66] Bonang! ruri libupuoa tsohle Ke tsa Allah, tse maholimong le tsohle tse lefats’eng. Ba sala eng morao bosaoana morao ba khumamelang batletsetsi kantle ho Allah? ha ba latele letho haese masaoana, ha ho seo ba se etsang haese ho bua leshano

[67] Ke Eena ea le etselitseng Bosiu hore ka bona le phomole, le ona Mots’eare ho le neha pono. Ruri ho tsena ke lits’upiso ho le ba utloang

[68] Ba re: “Allah U na le mora”, – Tlotla e be ho Eena! Allah ha A na Litlhoko. Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Hae. Ha le na tokelo ka tseo. Le buoa joalo ka Allah ka seo le senang tsebo ea sona

[69] E re: “Ruri haele baqapang mashano khahlanong le Allah ba ke ke ba atleha.”

[70] Nyakallo ea nakoana lefats’eng lena, ho Rona e tla ba poelo ea bona. Ke moo Re tla ba latsoisa kotlo e mahlonoko ho latela nyefolo ea bona

[71] A k’u ba phetele pale ea Nooe, mohla a neng a bolella batho ba habo a re: “Oho batho ba heso! Haeba bolulo ba ka har’a lona ba nakoana le tsona likhopotso tsa ka ho lona le lits’enolo tsa Allah ke likhopiso ho lona, ‘na ke behile ts’epo ea ka ho Allah. Kahoo ralang holim’a litumellano tsa lona mahareng a lona le Batlatsetsi ba lona. Empa le hlokomele hore morero oa lona o se le nts’ofalle oa khopama. Joale e be lea nkahlola, ha le mphe phomolo

[72] Empa haeba le inyatsa, ha ho moputso oo ke o kopang ho lona. Moputso oa ka ke tla o fumana ho Allah, ke laetsoe ho ba har’a ba inehetseng ho Eena.”

[73] Empa ba ile ba mo latola, eaba Re’a mo pholosa le bohle bao a neng a e na le bona Arekeng, Ra ba etsa majalefa lefats’eng, bohle ba ileng ba latola lits’enolo tsa rona bona Re ile Ra ba khamisa morallo oa metsi. Joale bonang pheletso ea ba ileng hlokomelisoa ke efe

[74] Kamor’a hae Re ile Ra romella lethathama la Baromuoa bathing ba habo bona, ba ba tliselitse lits’upiso tse hlakileng. Empa ba ne ba sa itlhophela ho kholoa seo ba se latotseng pele. Ke kamoo Re bitielang lipelo tsa litloli tsa molao kateng

[75] Kamor’a moo, Re ile Ra romela Moshe le Aarone ho Faro le Matona a hae ka lits’enolo tsa Rona, empa ba bile le boikhohomoso hoo ebileng batho ba sebeng

[76] Leha ‘nete e se ebatjametse ho tsoa bo teng ba Rona, ba ile ba re: “Sena ke boloi bo pepenene.”

[77] Eaba Moshe a re: “Na le ka rialo le hoja ‘nete e se e le tjametse? Na ke boloi? Empa baloi ba ke ke ba atleha.”

[78] Ba re: “U tlile ho rona ho tla re khelosa tumelong eo re fumaneng bo-ntat’a rona ba le ho eona, hore bobeli ba lona le tle le ruoe khubu ea naha? Re ke ke ra le kholoa.”

[79] Ke moo Faro a ileng a re: “Ntlisetseng baloi bo-nkhekhe.”

[80] Hoba baloi ba fihle, Moshe a re ho bona: “Akhelang lithebere tsa lona!”

[81] Eitse hoba ba akhele, Moshe a re: “Seo le se tlisitseng ke boloi. Ruri! Allah U tla bo fetola lefeela. Allah ha a khahloe ke mesebetsi ea ba fehlang merusu

[82] Allah Ka Mantsoe A Hae U oa phethahatsa, ho sa tsotellehe na baetsalibe ba e nyatsa ha kae.”

[83] Empa ha ho le’a mong ea ileng a ts’epa Moshe haese bana ba mehahabo, ka ho ts`aba Faro le matona a hae, ese re ba ba tuba; Ruri Faro o ne a le matla lefats’eng, e le ea tlolang meeli eohle

[84] Moshe a re: “Oho batho ba heso! Haeba le hlile le khotsoe ho Allah, behang ts’epo ea lona ho Eena haeba le inehetse

[85] Ba ile ba re: “Re behile ts’epo ea rona ho Allah. Oho, Mong`a rona! Se re etse teko ea bahanyapetsi

[86] U re lopolle ka Mohau Oa Hau ho ba U latolang.”

[87] Ra ts’ollela ts’usumetso ho Moshe le moena’e, ka molaetsa ona: “Fana ka matlo ho batho ba heno Egepeta le’a etse matlo a thapelo, le rapele ka linako tsohle. Le fane ka litaba tse molemo ho ba kholoang.”

[88] Moshe a rapela: “Mong`a rona! Ruri! U nehile Faro le Matona a hae bokhabane le maruo bophelong ba lefats’e lena, Mong`a rona! Hore ba khelose batho tseleng ea Hau. Kahoo Mong`a rona! Ripitla borui ba bona U be U thatafatse lipelo tsa bona, e le hore ba tle ba se ke ba kholoa ho fihlela ba bona timelo e mahlonoko.”

[89] Allah A re: “Thapelo ea hau e utloahetse. Tsitsang tseleng e otlolohileng, le se latele tsela ea ba hlokang tsebo.”

[90] Re ts’elisa bana ba Israele leoatle, faro le lebotho la hae ba ba latela ka boikakaso le soele, ho fihlela a kha’ngoe ke boliba, eaba faro u re: “Kea kholoa hore ha ho `Mopi e mong kantle ho Allah A inotsi eo bana ba Israele ba kholoang ho Eena, le ‘na ke e mong oa ba inehetseng ho Eena.”

[91] “Hona joale! ha pejana u ne u tlola melao, u bile u le har’a ba fehlang merusu

[92] Empa kajeno Re tla u pholosa ‘meleng oa hau, e le hore u tle u be sesupo ho bohle ba tlang kamor’a hau. Empa ruri boholo hara batho habo tsotelle lits’upiso tsa Rona.”

[93] Re ile Ra abela bana ba Israele bolulo bo phethahetseng, Ra ba khaketsa ka lintho tse molemo; ke kamora hore tsebo e finyelle ho bona ba ileng ba oela phosong. Ruri Mong`a lona o tla ahlola lipakeng tsa bona mohla Letsatsi la Kahlolo ka liphapang tsa bona

[94] Haeba u na le khoao ka seo re se senolang ho uena, a k’u botse bao ebang ba ile ba bala Lengolo le bileng teng pele ho lena. Ruri ‘nete e tlile ho uena e tsoang ho Mong`a hau. Kahoo u se be har’a ba nang le khoao

[95] U se be har’a ba latolang lits’enolo tsa Allah, oa ts`oha oa ba har’a ba lahlehetsoeng

[96] Bao Lentsoe la Mong`a lona le pakahalitsoeng khahlanong le bona, ba ke ke ba kholoa

[97] Leha ho ka tlisoa lits’upiso tsohle ho bona, ho fihlela ba bona Kotlo e Mahlonoko

[98] Hobane ho sa ka haeba le motsana, o ileng oa kholoa,-hore tumelo ea ona e etle o tsoele molemo, – kantle ho Batho ba Jonase! Bao eitseng ho ba ba kholoe Re ile Ra hlakola Kotlo e Tlontlollang ho bona bophelong bona, Ra ba lamella ho nyakalla nakoana

[99] Hoja e bile Thato ea Mong’a hau, batho bohle ba teng mona lefats’eng ba ke be ba khotsoe kaofela! Na u ka qobella batho khahlanong le thato ea bona, ho kholoa

[100] Ha ho moea leha o le mong o ka kholoang haese ka Thato ea Allah. U ee A apese ka khoao ba senang kutloisiso

[101] E re: “Bonang tsohle tse maholimong le tse lefats’eng!” Empa ha se lits’enolo le litlhokomeliso tse ka thusang ba sa kholoeng

[102] Ba lebelletse eng haese se ts’oanang le batho ba matsatsi a fetileng pele ho bona? E re: “Letang ke hona! Le ‘na ke tla leta le lona.”

[103] Qetellong Re tla pholosa baromuoa ba Rona le ba kholoang. Etsoe ke tlameho ea Rona ho pholosa ba kholoang

[104] E re: “Oho batho! Haeba le na le pelaelo ka tumelo ea ka, tsebang hore ‘na ha ke khumalmele seo lona le se khumamelang kantle ho Allah, empa ke khumamela Allah Ea le biletsang lefung, ke laetsoe ho ba har’a ba kholoang.”

[105] Tsitlallela ts’ebetsong ea hau Tumelong ka ‘nete kholong, u se be har’a mahana-tumelo

[106] U se llele ho mang kapa mang ntle ho Allah, eleng lintho tse ke keng tsa u putsa ka letho le haele hona ho u hlahisetsa kotsi; hobane ebang ha u ka etsa joalo, Ruri u tla be u le har’a baetsalibe

[107] Haeba Allah a ka u ama ka bothata, ha ho ope ea ka bo tlosang haese Eena; haeba A u lakaletsa katleho, ha ho ope ea ka thibelang nala Ea Hae. Ka eona U sitsa ope Ea ikhethetseng Eena har’a makhabunyane a Hae. Etsoe U ts’oarela joalo- joalo, e bile U Khaphatseha Mohau

[108] E re: “Oho batho! Joale ‘nete e finyeletse ho lona e tsoang ho Mong`a lona. Ba amohelang tataiso, ba etsa joalo molemong oa moea oa hae; ba khelohang, ba etsa joalo ho ea tahlehong. ‘Ha ke holim’a lona ho lokolisa litaba tsa lona.”

[109] Latela ts’usumetso eo u e senoletsoeng, u be le mamello le tieo ho fihlela Allah A fana ka kahlolo. Etsoe ke Eena Moahloli E Moholo

Huda

Surah 11

[1] Alif. Lam. Ra. Lena ke Lengolo, la litemana tse phethahetseng tse bileng li hlalositsoeng. Le tsoa ho Ea Mong Ea Seli, Ea Tsebang Lintho Tsohle

[2] Hore le se khumamele mong ntle ho Allah.” Ruri ke rometsoe ho tsoa ho Eena, ho hlokomelisa le ho tlisa litaba tse molemo

[3] Le shomaele joana: “Kopang ts’oarelo ho Mong`a lona, le retelehele ho Eena ka boinyatso. Hore A tle A le nehe nyakallo ea ‘nete ho fihlela nako ea pallo. A le putse ka nala ea Hae ho bohle ba khabane. Empa ha le kheloha, Ke ts’aba Kotlo ea Letsatsi le Mahlonoko e tlang ho lona

[4] Ho Allah ke poelo ea lona, etsoe o na le Matla holima lintho tsohle.”

[5] Bonang! ba ititile lifuba moo ba patelang Allah menahano ea bona. Ka ona motsotso oo ba ipopileng ka liaparo tsa bona, Allah U tseba tseo ba li patileng le tseo ba li phatlalatsang. U hlokolosi ka tse kahar’a lifuba tsa batho

[6] Ha ho phoofolo efe kapa efe lefats’eng e sa fumaneng boipheliso ho Allah. U tseba nako le sebaka sa eona sa tulo sa nakoana le sa bofelo. Kaofela li ngolisitsoe kahar’a buka e hlakileng

[7] Ke Eena ea hlotseng maholimo le lefats’e ka matsatsi a ts’eletseng – Terone ea Hae e ne e le holim’a metsi – hore A tle A le behe tekong ea hore na ke mang har’a lona ea boits’oaro bo hloekileng. Empa ha u re ho bona: “Le tla tsosoa hape kamor’a lefu!” Ruri mahana-tumelo a tla re: “Sena ha se letho haese boloi bo pepenene.”

[8] Haeba re ka liehisa timelo ea bona ho fihlela nako ea pallo, Ruri ba tla re: “E ts’oareletsoe ke eng?” Ruri mohla letsatsi leo e tla ba fihlela, e ke ke ea ba phonyoha, seo ba neng ba se soma se tla ba etsetsa lesakana-la-nkope

[9] Ha Re kile Ra latsoisa motho mohau oa Rona, hamorao Ra mo amoha ona, bonang! O ba mesarelong hoo a beng a nyefole

[10] Ha Re ka mo latsoisa lereko la Rona kamor’a hoba a oeloe ke bomalibe bo eitseng, o re: “Ke folile maloetse.” Bonang! O’a ithorisa, e bile o’a ikhohomosa

[11] Haese feela ba nang le mamello ba bile ba etsa liketso tse lokileng. Ruri moputso o moholohali ke oa bona le eona ts’oarelo

[12] Ka mohlomong u ikutloa hore u ka ‘na oa nyahlatsa karoloana ea seo u ileng oa se senoleloa, pelo ea hau e ikutloa e le bothateng ka eona hobane ba re: “Hobaneng ho sa kang ha romelloa letlotlo ho eena, kapa lona lenyoloi la tla le eena?” Ruri uena u mpa u le mohlokomelisi, Allah U ikarabella holim’a lintho tsohle

[13] Kapa bare: “O iqapetse eona.” E re: “Tlisang ke hona litemana tse leshome tse ts’oanang le tsena tsa boiqapelo ba lona le bitse ope oa boikhethelo ntle ho Allah haeba le hlile le bua ‘nete ho tla le thusa.”

[14] Haeba melimo ea lona esa arabele thapelo ea lona tsebang hore ts`enolo ena e senotsoe feela ka tsebo ea Allah; etsoe ha ho na `Mopi e mong ntle le Eeena. Na joale le tla ba har’a ba inehetseng

[15] Ba labalabelang bophelo ba lefats’e lena le bokhabane ba lona, re tla ba putsa ho latela liketso tsa bona lefats’eng, moo teng ba ke ke ba qhekelloa

[16] Ba har’a bao ho seng letho bophelong Bo-tlang haese Mollo. Merero eohle eo ba e etsang lefats’eng ke lefeela, le liketso tsohle tseo ba li etsang ke mafeela

[17] Na ea amohelang Lengolo le hlakileng le tsoang ho Mong`a hae, a ka ts’oana le bona; a bile a le pheteloa ke paki e tsoang ho Allah; pele ho lona ho tlile molao oa Moshe, Torah e le mohlala ekasitana le ona mohau? Ba kholoang ho lona; empa ba lequloana le latolang; – Mollo ke sebaka seo ba ts’episitsoeng kopano. u se be le khoao hobane Ke ‘nete e tsoang ho Mong`a lona; empa bongata hara batho ha ba kholoe

[18] Ke bo mang ba etsang phoso e mpehali ho feta ba qapang leshano khahlanong le Allah? Ruri! Ba tla tlisoa kapel’a Mong`a bona, lipaki li tla re: “Bana ke ba ileng ba buoa leshano ka Mong`a bona”. Bonang! thohako ea Allah e holim’a baetsa phoso! –

[19] Ba sitisang batho tseleng ea Allah, ba tsoma ho eona se khopameng, bana ke ba latotseng Bo-tlang

[20] Ba ke ke ba phonyoha lefats’eng lena, kapa hona hoba le metsoalle e ka ba ts’ireletsang kathoko ho Allah. Kotlo ea bona e tla menahangoa. Ba lahlehtsoe ke kutlo, ha ba ea ka ba bona

[21] Ke ba lahlehetsoeng ke meea ea bona, le mepoto eo ba e qapileng eba siile shalabeng

[22] Kantle ho khoao, bana ke batla lahleheloa ho feta ho Bo-tlang

[23] Haele ba kholoang ba bile ba etsa liketso tse nepahetseng le ho ithoba kapel’a Mong`a bona: e tla ba Balekane ba Serapa; ba tla phela ka sera teng kahosafeleng

[24] Papiso ea mekha ena e ‘meli e ka ts’oants’oa le lifofu le litholo, le ba boning ba bile ba utloa. Na ba a lekana ha ba bapisoa? Na le sa tla ke le amohele tlhokomeliso

[25] Re ile ra romella Nooe ho batho ba habo: “Ke tlile ho lona ka tlhokomeliso e hlakileng

[26] Hore le se sebeletse mong ntle ho Allah. Ruri! Ke ts’aba kotlo ea Letsatsi le Mahlonoko e tobaneng le lona”

[27] Empa Marena a mahana-tumelo har’a batho ba habo a re: “Ha ho seo re se bonang ho uena haese motho ea ts’oanang le rona, e bile ha re bone ope ea u setseng morao haese bafutsana har’a rona, ba shebelang litaba bophoqong. Etsoe ha ho bohlokoa boo re bo bonang ho lona bo ka holim’a rona – che, re nahana hore le mashano

[28] A re: “Oho batho ba heso! Lemohang haeba ke its’etlehile holim’a sesupo se hlakileng se tsoang ho Mong`a ka, le hoba Mohau o tlile ho ‘na o tsoang ho bo teng ba Hae, le hore Mohau oo o mpa o entsoe hore o sirehe ponong ea lona; re ka le qobella ho o amohela le hoja le le khahlanong le ona

[29] Oho hle batho ba heso! Ha ke le kope matlotlo. Moputso oa ka o ho Allah feela, e bile nke ke ka leleka ba kholoang: Ruriba lokela ho kopana le Mong`a bona empa ke bona hore le bothoto

[30] Oho batho ba heso! Ke ofe ea neng a ka mpholosa ho Allah haeba ke ne ke balelekile? Na le sa tla ke le lemohe

[31] Ha ke ea es’o re ho lona: “Matlotlo A Allah a ho ‘na, kapa hona ho tseba Masabonoeng, kapa ke re ho lona Ke Lenyeloi! Kapa hona hore batho ba eisehang mahlong a lona, Allah A ke ke A ba neha tse molemo; Allah U tseba hantle tsohle tse kahar’e ho lipelo tsa bona – Ke ne ke tla be ke le har’a baetsa phoso.”

[32] Ba re: “Nooe! U re phehisa khang, u ea lolololo ho re phehisa khang; joale a k’u re tlisetse seo u ‘nileng oa re ts’osa ka sona, haeba u hlile u bolela ‘nete.”

[33] Nooe a re: “Ruri Allah U tla se tlisa holima lona ha A rata joalo, ha ho kamoo le ka se phonyohang kateng

[34] Keletso ea ka e ke ke ea le atlehisa le hoja ke ne ke ratile ho le eletsa, ha feela eba thato ea Allah e le ho le lesa tahlehong. Ke Mong`a lona eo kaofela ha lona le tlang ho khutlela ho Eena

[35] Kapa ba re: “O iqapetse eona?” E re: “Haeba ke iqapetse eona, lits’ito tsa ka li be holim’a ka; empa ke pholohile libeng tsohle tseo le leng molato oa tsona.”

[36] Ho ile ha senoloa ho Nooe, hore: “Ha ho le’a mong oa batho ba heno ea tla kholoa, kantle le eo ebang o se a ntse a kholoa ka botlalo. Kahoo u se its’oenye ka liketso tsa bona

[37] Uena aha Areka kapel’a mahlo a Rona, ka ts’usumetso ea Rona; u se hlole u buoa le ‘na ka ba oetseng sebeng. Ruri batla metsoa ke morallo oa metsi.”

[38] Eaba u qalella ho aha Areka: ka linako tsohle Marena a Batho ba habo ha a ne a feta pela hae; bane ba mo tlepa lits’eo. A re: “Le hoja le re ts`eha, rona re tla le tlepa lits’eo le hoja le keketehile hakaalo

[39] Empa haufinyane le tla tseba hore na ke mang eo Kotlo e tlang ho mo koahela ka masoabi, ke mang eo kotlo e sa feleng e tlang ho mo oela.”

[40] Khabareng, bonang! Taelo ea Rona ea phethahatsoa, mehloli ea ts’akhunya metsi, – Ra Re: “Palamisa ka bobeli mohlobo o mong le o mong, bobeli e tona le e ts’ehali, u be u kene le lelapa la hau kantle le bao lentsoe le seng le ile khahlanong le bona ka botlalo, le bohle ba kholoang.” Empa bane bafokola ba neng kholoa le eena

[41] Eaba u re: “Palamang Arekeng! Lebitsong la Allah; e emeng kapa e tsamaea. Mong`a ka U Ts’oarela joalo-joalo, U Khaphatseha Mohau.”

[42] Areka e ile ea sesa ka bona holim’a maqhubu a phahameng joaloka lithaba, Nooe a hoeletsa mor’a oa hae, – ea neng a ikarotse ho bona: “Oho mora’ka! Palama le rona, u se be har’a mahana-tumelo.”

[43] Eaba mora’hae o re: “Ke tla nyolohela ho e ‘ngoe ea lithaba e tla mpholosa metsing. Nooe a re: “Letsatsing lena ha ho letho le tla pholoha taelong ea Allah haese feela bao Mohau oa Hae o leng ho bona. Eaba maqhubu a fihla lipakeng tsa hae le mora, mora oa hae a khangoa ke morallo oa metsi

[44] Eaba lentsoe le re: “Lefats’e! Koenya metsi a hau, leholimo! Khaotsa ho nesa pula! Eaba metsi a theoha ho fihlela boemong. Joale eaba taelo e phethahalitsoe. Areka ea lula holim’a thaba ea Judi, lentsoe la re: “Larita ho baetsa-phoso!”

[45] Eaba Nooe o bitsa ho Mong`a hae, a re: “Mong`a ka! Ruri Mora’ka ke oa lelapa la ka! Ts’episo ea Hau ke’a ‘nete, Ke Uena Moahloli Ea Toka ka ho fetisisa.”

[46] Allah A re: “Nooe! Ha se e mong oa lelapa la hau; hobane liketso tsa hae li fosahetse, kahoo u se ke oa nkopa seo u senang tsebo ka sona. Ke’A u eletsa esere mohlomong oa ba har’a maoatla.”

[47] Nooe a re: “Mong`a ka! Ruri ke kopa ts’ireletso ho Uena ka sebe seo nka tlohang ka U kopa sona seo ke senang tsebo holim’a sona. Ntle le hore U nts’oarele le hona hoba mohau ho ‘na, Ruri ke tlaba har’a ba lahlehileng.”

[48] Lentsoe la re: “Nooe! Theoha ka Khotso le tlhohonolofatso e tsoang ho Rona e holim’a hau le lichabeng tse tla tsoaloa ke batho bao u nang le bona. Ho tla ba teng lichaba tse ling tseo Re tla li neha nyakallo, hamorao ebe ba oeloa ke kotlo e mahlonoko e tsoang ho Rona.”

[49] Tsena ke litaba tsa Masabonoeng tseo re u senolelang tsona. Le hoja uena le batho ba heno le ne le sa li tsebe pele ho lena. Kahoo tiisetsang ka mamello. Hobane Qetello ke ea ba etsang botle

[50] Sechabeng sa Ade Re ile Ra romella Hud ngoana’bo bona. A re: “Oho batho ba heso! Khumamelang Allah! Hobane ha le na `Mopi e mong ntle ho Eena. Lona ha ho seo le se etsang haese boqapi

[51] Oho batho ba heso! Ha ho moputso oo ke le kopang ona. Moputso oa ka o ho Ea Mpopileng. Na le sa tla ke le utloisise

[52] Oho batho ba heso! Kopang ts’oarelo ho Mong`a lona, le retelehele ho eena ka boinyatso; U tla nesa lipula tsa litloebelele tse tsoang marung, U tla le ekeletsa matla holim’a matla ao le nang le oona. Kahoo se khutleleng sebeng!”

[53] Ba re: “Hud! Ha u es’o tlise sesupo se hlakileng ho rona, re ke ke ra furalla melimo ea rona ho latela lentsoe la hau feela; ‘Ebile re ke ke ra u kholoa!”

[54] Ha ho seo re ka se bolelang haese hore mohlomong e mong oa melimo ea rona o o fapantse kelello.” Hud a re: “Ruri ke bitsa Allah hoba paki, le lona hape le be lipaki tsa hore ke itlhotlholla ho tsohle tseo le li bapisang le Allah.”

[55] ‘Melingoana e le batletsetsi! Kahoo lohang leano khahlanong le ‘na, ka ho fela ha lona, le se ‘nehe phomolo

[56] Ke behile ts’epo ea ka ho Allah, Mong`a ka ebile e le Mong`a lona. Ha ho phoofolo eo a sa e kakatlelang ka moetse! Bonang! Ruri Ke Mong`a ka ea Tseleng e otlolohileng

[57] Haeba le ka koeneha, Ruri `na ke tla be ke phatlalalitse molaetsa oo ke romiloeng ka ona ho lona, sebakeng sa lona Mong`a ka U tla hlahisa batho ba bang. Le ke ke la Mo utloisa bohloko le hanyenyane. Hobane Mong`a ka ke mohlokomeli le molekoli holim’a lintho tsohle.”

[58] Eitse hoba taelo ea Rona e fihle, Re ile ra pholosa Hud le bohle ba neng ba kholoa le eena ka Mohau oa Rona; Re ile Ra ba pholosa kotlong e ts’abehang

[59] Bao ebile batho Ba-Ade. Ba ile ba latola lits’enolo tsa Mong`a bona le ho nyelisa Moromuoa oa Hae, eaba ba latela taelo ea e mong le e mong ea tsoileng tseleng ea matla a bokhopo

[60] Ba ile ba oeloa ke thohako lefats’eng lena; – ekasitana le mohla Letsatsi la Kahlolo. Bonang! Ba-Ade ba ile ba latola Mong`a le ‘Maballi oa bona. Bonang! Ba ile ba phumuloa Ba – Ade, batho ba habo Hud

[61] Le ho sechaba sa Ba-Thamud, Re ile Ra romella ngoana’bo bona Salih. A re: “Oho batho ba heso! Khumamelang Allah, hobane ha le na `Mopi e mong ntle hoEeena. Ke Eena Ea le hlolileng lefats’eng le ho le jakisa ho lona. Kahoo kopang ts’oarelo ho Eena le be le khutlele ho Eena ka boinyatso. Bonang! Mong`a ka U haufinyane ka linako tsohle, ebile U ikemiselitse ho Araba.”

[62] Ba re: “Salih! U bile e mong oa rona, u le eo re behileng ts’epo ea rona ho eena. Na joale u se u re hanela ho khumamela melimo eo bo-ntat’a rona ba neng ba e khumamela? Bona! Ruri rona re na le pelaelo e kholo mabapi le seo u re bitsetsang ho sona

[63] A re: “Oho batho ba heso! Na le’a bona? – Haeba ke na le sesupo se hlakileng se tsoang ho Mong`a ka? A bile A romeletse Mohau ho ‘na o tsoang ho Eena; hana ke mang ea tla ntopolla ho Allah haeba ke sa mo mamele? Lona ha ho seo le ka nkekeletsang sona haese tahleho

[64] Oho batho ba heso! Kamele ena e ts’ehali ke sesupo ho lona se tsoang ho Allah, kahoo e lokolleng ho fula lefats’eng la Allah, le se ke be la e hlahisa kotsi esere ka mohlomong kotlo e hauts’oane ea tloha ea le oela

[65] Empa ba ile ba e hlokofatsa, eaba o re: “Natefeloang ke bophelo ka matlung a lona matsatsi a mararo! Sena ke ts’episo eo e ke keng ea fetoha leshano.”

[66] Eitse hoba pallo ea Rona e fihle, Re ile Ra pholosa Salih le bohle ba neng ba kholoa le eena ka Mohau o tsoang ho Rona tlotlollong ea mohla letsatsi leo. Bonang! Ruri Mong`a lona U na le matla, etsoe U matla Oohle

[67] Eaba ho thoathoaretsa ho ts’abehang ho timetsa bohle ba neng ba etsa libe, hoo eitseng ka meso ba fumanoa baletse mofela malapeng a bona

[68] Joaloka ha eka haesale ba ne ba es’o phele moo. Bonang! Ruri Ba-Thamud ba ile latola Mong`a bona. Bonang ba phumuloa Ba-Thamud

[69] Baromuoa ba Rona ba ile ba etela Abrahama ka litaba tse molemo. Eaba ba re: “Khotso!” A araba: “Khotso!” Eaba o potlakela hoba phomosetsa a ba tlisetsa namane e besitsoeng

[70] Empa ha a bona matsoho a bona a sa ngoathe lijo tseo, a fihleloa ke ho se ba ts’epe. Eleng moo ba ileng ba re: “Se ts’ohe letho! Hobane re romeletsoe ho batho ba habo Lota.”

[71] Mosali oa Abrahama, Sara o ne a eme pel’a hae, eaba o’a keketeha nakong eo Re neng Re mo neha litaba tse molemo tsa tsoalo ea Isaaka, kamorao ho eena ka Jakobo

[72] Sara a re: “Oho ke mohlolo ka ‘na! Nka beleha ngoana joang empa ke se ke le setsoatsana, le monna oa ka e se e le leqheku? Ruri! Hona ke taba e mohlolo!”

[73] Ba ile ba re: “Na u ka makalla taelo ea Allah? Ruri Mohau le mahlohonolo a Allah li ke li le aparele oho lona batho ba ntlo ena! Bonang! Ruri ke Allah ea lokeloang ke lithoriso, Mong`a tlotla eohle!”

[74] Eitse hoba letsoalo le siruhele Abrahama, litaba tse molemo li mo fihlele; eaba o etsa thapeli ho Rona malebana le batho ba habo Lota

[75] Abrahama kantle ho khoao o ne a le pelo-tlhomohi, a bile a kopa ka mosa oohle le ka boinyatso

[76] Oho Abrahama! Se batle sena! Taelo ea Mong`a hau e se e tsoile, malebana le bona ho tla kotlo e ke keng ea hlola e khutlisoa

[77] Hoba Baromuoa ba Rona ba fihle ho Lota, o ile a sareloa hoo a ileng a hloka tsebo ea hore na o tla ba hlokomela joang. A re: “Lena ke letsatsi la mahlomola.”

[78] Eaba batho ba habo ba tla baphaletse ho eena, – ka ha ba ne ba tloaetse ho etsa linyonts’a – – A re: “Oho batho ba heso! Barali ba ka ke bana! Ba hloekile sebakeng sa lona. Ts’abang Allah, le se nkapese ka masoabi kapel’a baeti ba ka. Na ha ho monna le’a mong har’a lona ea boits’oaro bo nepahetseng

[79] Batho ba habo ba re: “Ruri u tseba hantle hore ha re batle barali ba hau, ebile u tseba hantle seo re se batlang.”

[80] A re: “Hoja ke na le matla a ho le sitisa, kapa ebe nka ba le bots’ehetsi bo matla!”

[81] Baromuoa ba re: “Oho Lota! Re Baromuoa ba Mong`a hau; ba ke ke ba u ama. Kahoo, tsamaea le lelapa la hau karolong ea bosiu, u se ke be oa lumella le’a mong oa lona ho hetla, – empa har’a bona bohle mohatsa’o o tla salla morao. ho eena ho tla etsahala se tla etsahalla batho bohle. Meso ke nako eo ba e hloaetsoeng. Na meso ha e haufinyane?”

[82] Hoba taelo ea Rona e fihle, ebile Re nyebekolla metse eo le hona hoba nesetsa sebabole sa lenyeta, mokhahlelo kamor’a mokhahlelo

[83] Mong`a lona o ts’oaile joalo ka mollo: Etsoe ha ba thoko hakaalo le baetsa-phoso

[84] Ho batho ba Mediane Re ile Ra romella ngoana’bo bona Shuaib. A re: “Oho batho ba heso! Khumamelang Allah. Etsoe ha le na `Mopi e mong ntle ho Eena! Ananyetsanong, le se ke la fana ka tekanyo e fokolang le haele ka boima bo fokolang. Ke bona hantle hore le har’a katleho, empa Ruri ke ts’aba Kotlo e lebaneng le lona ea Letsatsi le tlang ho le etsetsa lesakana-la-nkope

[85] Oho hle batho ba heso! Fanang ka tekanyo e feletseng le ka boima bo feletseng ka toka, le se qhekelle batho bao le ananyetsanang le bona thepa ea bona. Le se bake pherekano lefats’eng; ka ho fehla merusu

[86] ‘Seo Allah a le sitsitseng ka sona, se molemo ho lona hoja ebe le na le tumelo; ‘na ha ke’a tla le alosa.”

[87] Ba re: “Shuaib! Na tsela ea thapelo ea hau e u laela hore re nyahlatse seo bo-ntat’a rona ba neng ba tloaetse ho se etsa, kapa re nyahlatse ho etsa seo re se ratang ka maruo a rona? Ruri! Uena u na le pelo-tlhomohi, ebile u tataisetsa boits’oarong bo nepahetseng

[88] A re: “Oho batho ba heso! Na le’a bona: haeba ke na le sesupo se hlakileng se tsoang ho Mong`a ka? Eba u mphile boipheliso bo hloekileng bo tsoang ho Eena? Ha ke lakatse hore ke be khahlanong le lona ka ho etsa seo ke le hanelang ho se etsa. Ke mpa ke le lakaletsa hoba chatsi ka hohle kamoo nka khonang. `na katleho ea ka e ho Allah feela. Ho Eena ke behile ts’epo ea ka, ke retellehela ka ho Eena

[89] Oho lona batho ba heso! Se lumelleng lehloeo la lona ho ‘na ho le khannela sebeng, esere mohlomong la tloha la oeloa ke koluoa e ileng ea oela batho ba habo Nooe, Hud, Salih le batho ba habo Lota ba seng hole hakaalo le lona

[90] Kopang ts’oarelo ho Mong`a lona le be le retellehele ho eena ka boinyatso. Hobane Ruri Mong`a ka o khaphatseha mohau, o tletse lerato.”

[91] Ba re: “Shuaib! Boholo ba seo u se buoang ha re se utloisise, ebile har’a rona ha u na matla a letho. Empa hoja e se be ka lelapa leno, re ka be re u tlepelitse ka majoe; hobane uena ha u na matla har’a rona.”

[92] A re: “Oho batho ba heso! Na lelapa leso ho lona le hlompheha ho feta Allah? Ke kahoo le Mo lahlelang thoko morao-rao ho lona ka tello! Ruri Mong`a ka o etselitse tsohle tseo le li etsang lesakana-la-nkope

[93] Oho batho ba heso! Sebetsang ho latela matla a lona, hobane le ‘na ke kene khabong. Haufi le tla tseba eo Kahlolo ea tlotlollo e tla theohela ho eena, le hore na ke mang ea leshano. Le lebelle! Le ‘na ke lebeletse le lona.”

[94] ‘Hoba taelo ea Rona e fihle, Ra pholosa Shuaib le bao a neng a kholoa le bona ka Mohau o tsoang ho Rona; ho thoathoaretsa ho ts’abehang ho ile ha nanola bohle ba entseng bokhopo, hoo eitseng ka meso ba fumanoeng ba rapaletse mofela malapeng a bona

[95] Joaloka ha eka ba ne ba es’o phele moo. Bonang! na Ba- Mediane ba phumutsoe, joaloka ha ho ile ha phumoloa Ba- Thamud

[96] Re ile Ra romella Moshe ka lits’enolo tsa Rona le matla a tsepameng

[97] Ho batho ba Faro le Matona a hae, empa ba ile ba latela taelo ea Faro; taelo ea Faro e ne e se tataiso e nepahetseng

[98] Ruri Faro o tla etella batho ba hae pele mohla Letsatsi la Kahlolo ho ba isa mollong. Empa Ruri ba tla ea khanneloa sebakeng se rohakehileng

[99] Ba setsoe morao ke thohako lefats’eng lena, esita le mohla Letsatsi la Kahlolo. Ruri o nyonyehang moputso oo ba tlang ho o fuoa

[100] Tsena ke tse ling tsa litaba tsa lichaba tseo Re u phetelang tsona. Tse ling tsa tsona li sa eme ha tse ling li kotutsoe

[101] Ha se rona ba ba foselitseng empa ke bona baiphoselitseng ka bo-bona; le melimo ea bona eo ba neng ba bitsa ho eona ba sa natse Allah, ha e ea ka ea ba thusa ka letho nakong eo taelo ea Allah e neng e fihlile; ha ho letho leo melimo ea bona e ileng ea ba phaella ka lona haese mats’oenyeho qha

[102] E joalo khalemo ea Mong`a lona nakong eo a khalemang lichaba tse bobeng ba tsona. Khalemo ea hae e mahlonoko, ebile e matla a hlollang

[103] Ho seo ho teng sesupo ho bohle ba ts’abang Kotlo ea Bo- tlang. Leo etlaba letsatsi leo ka lona batho bohle ba tlang ho bokelloa ‘moho, e tla ba letsatsi la bopaki

[104] Re ke ke Ra le liehisa haese feela ka nako ea pallo

[105] Mohla letsatsi leo, ha ho moea o tla buoa haese feela ka tumello ea Allah; ba bang ba bona ba tla be ba le mahlomoleng, ha ba bang bona ba tla be ba thabile

[106] Ba tla beng ba le mahlomoleng mohla letsatsi leo, ba tla ba har’a mollo; karolo ea bona e tla ba ho etimola le eona mefehelo kamoo

[107] Ba tla phela kamoo ka linako tsohle tseo maholimo le lefats’e a tlang ho ba teng ntle le haeba Thato ea Mong`a lona ekaba ka mokhoa o mong. Ruri Mong`a lona ke Moetsi oa lintho tsohle tseo A li ratang

[108] Ba tla beng ba thabile ka letsatsi leo, ba tla kena kahar’a Serapa. Ba tla phela kamoo ka linako tsohle tseo maholimo le lefats’e a tlang hobateng ntle le haeba Thato ea Mong`a lona ekaba ka mokhoa o mong: e le mpho e se nang pheletso

[109] Kahoo uena u se its’oenye ka tseo batho bana ba se khumamelang. Ba mpa khumamela seo bo-ntat’a bona ban eng ba se khumamela. Ruri re tla ba lefa moputso oa bona kaofela kantle ho phokotso

[110] Re ile ra nehelana ka Lengolo ho Moshe, le hoja ho bile le likhang holim’a lona; hoja e ne e se ka Lentsoe le ne le sa tsoa ho Mong`a hau, taba e ka be e ahlotsoe lipakeng tsa bona; empa bana le khoao e tebileng malebana le lona

[111] Ruri Mong`a lona U tla lefa e mong le e mong ho latela mesebetsi ea hae ka botlalo. U tsebisisa hantle tsohle tseo ba li etsang

[112] Emang le tiile tseleng e otlolohileng joaloka ha le laetsoe,- Uena le bohle baretellehelang ho Allah; ba sa tlole molao. U bona tsohle tseo le li etsang

[113] Le se sekamele ka ho ba etsang liphoso esere la nanoloa ke mollo; kapa la hloka mots’oalle ea ka le ts’ireletsang kamtle ho Allah, kapa la sitoa ho thusoa

[114] Phethahatsang thapelo ka liqoleng tse peli tsa mathetho a letsatsi le phalimehong ea bosiu. Hobane Ruri liketso tse hloekileng li hlakola tse fosahetseng. Sena ke khopotso ho ba hopolang Mong`a bona

[115] U tiiee mamellong, hobane Ruri Allah ha a lahle moputso oa ba etsang ho loka

[116] Hobaneng ho sa ka haeba; har’a meloko pele ho lona Batho ba likelello li tsitseng, ho thibela pherekano lefats’eng – haese ba ‘maloa feela har’a bona bao Re ileng Ra ba pholosa? Baetsalibe bona ba lelekisana monate oa bophelo oa tseo ba li filoeng. Ba tsitlellele sebeng

[117] Mong`a hau U ne a ke ke a ripitla metse ka lebaka la tsi’to e le ng’oe, ha baahi ba eona bane ba ka loka

[118] Hoja ebile thato ea Mong`a hau, A ka be A entse batho ho ba Sechaba se le Seng: empa ha ba khaotse ho baka likhohlano

[119] Kantle ho bao Mong`a hau a ba sitsitseng ka Mohau oa Hae; e leng seo A ba hloletseng sona. Lentsoe la Mong`a hau le se le phethahalitsoe: “Ruri ke tla tlatsa lihele ka li-jinn le batho hammoho.”

[120] Lintho tsohle tseo Re u phetetseng tsona litabeng tsa Baromuoa, ke tseo Re u matlafatsang pelo ka tsona. Mona teng ‘nete e tla ho uena, le eona khothatso `moho le sona sehopotso ho ba kholoang

[121] Ho Mahana-tumelo e re: “Etsang kamoo le ka khonang: Re tla etsa karolo ea rona

[122] Le be le lete! Le rona re tla leta.”

[123] Masabonoeng; tsohle tsa maholimo le tsa lefats’e ke tsa Allah, litaba tsohle li tla khutlela ho Eena. Kahoo, Mo khumameleng le hona ho beha ts’epo ea lona ho Eena. Mong`a lona Ha A iphapanyetsa tsohle tseo le li etsang

Josefa

Surah 12

[1] Alif. Lam. Ra. Tsena ke litemana tsa Lengolo le totobatseng

[2] Re le rometse e le Qura’n ea Se-Arabia, hore le be le kutloisiso

[3] Re u phetela lipale tse tsotehang ka bokhabane ka seo re u senolelang sona kahar’a Qura’n ena: pele ho mona u ne u le har’a ba sa e tsebeng

[4] Bonang Josefa a re ho ntata’e: “Oho ntate! Ruri! Torong ke bone linaleli tse leshome le motso o mong, le letsatsi le ngoeli, ke bone li nkhumamela.”

[5] Ntata’e a re: “Mora’ka ea monyane! U se phetele baholoane ba hau ka toro eo, esere ba tloha ba u rerela bora. Hobane Satane ke sera se pepenene ho motho

[6] “Ke tsela eo Mong`a hau a u khethileng, U tla u ruta manollo ea liketsahalo, U tla phethahatsa lereko la hae holim’a hau le ho lelapa la Jakobo joaloka ha A ile A le phethahatsa ho bo- ntatao, Abrahama le Isaaka khale. Hobane Mong`a hau U Tsebo e batsi, U Seli

[7] Ruri Josefa le bana babo ke lits’upiso ho ba batlang ‘nete

[8] Ba re: “Ruri Josefa le moena`e ba ratuoa haholo ke ntata rona ho re feta, le hoja re le matla. Bonang! Ruri ntata rona ho hlakile hore o khelohile.”

[9] Bolaeang Josefa kapa le eo mo lahlela naheng e ‘ngoe, hore lerato la ntata lona le tle fuoe lona feela: Hore le tle le loke kamorao ho moo!”

[10] E mong oa bona a re: “Se bolaeang Josefa, empa haeba ho le teng seo le ka se etsang, mo lahleleng kahar’a seliba; moo a tla tholoa ke ba bang ba bahoebi.”

[11] Eaba ba re: “Oho ntata rona! Hobaneng ha u sa re ts’epe ka Josefa, – Empa re mo lakaletsa botle ka ‘nete?”

[12] A k’u mo lumelle ho tsamaea le rona hosasa, hore a tle a ithabise le hona ho bapala. Re tla mo hlokomela.”

[13] Jakobo a re: “Ruri ha ke rate ha le tsamaea le eena: ke ts’aba hore mohlomong phiri e se tlohe ea mo harola nakong eo le sa mo hlokomelang.”

[14] Ba re: “Haeba phiri e ka mo harola, empa re le sehlopha se matla hakaale, Ruri le rona re tla lokeloa ke ho shoa.”

[15] Ba ile ba tsamaea le eena, kaofela ba lumellana ho mo lahlela kahar’a seliba, eaba Re nyenyeletsa pelong ea hae: “Ruri u tla ba phetela ‘nete ka ketso ena ea bona nakong eo ba seng ba sa u tsebe.”

[16] Ba ile ba khutlela ho ntata bona mantsiboea ba bokolla

[17] Ba re: “Oho ntata rona! Re ile ra siea Josefa le liphoofolo tsa rona nakong eo re ntseng re ipehisa, kemoo phiri e ileng ea mo harola; empa u ke ke oa lumela polelo ea rona le hoja re bolela ‘nete.”

[18] Ba ne inetse setipana sa hae kahar’a mali. Ntata bona a re: “Empa likelello tsa lona li le thetsitse ka se seng. Mamello ke eona e nephahetseng ho ‘na: Etsoe ho ka batloa thuso ea Allah holim’a maqiti ana ao lona le’a hlalosang

[19] Eaba ho feta bahahlaoli ba ananyang hauts’oane, ba roma e mong oa bona ho ea bakhella metsi. Eo a lepeletsa sekhelello sa hae kahar’a Seliba. Kemoo a ileng a re: “Lehlohonolo le ntsoela kae! Sekoankoetla sa mohlankana ke sena. Ba ne ba mo patile joaloka letlotlo, empa Allah U bile Tsebile seo ba neng ba se entse

[20] Ba ile ba mo rekisa ka thekonyane e eisehang, ka palo ea Selivera se fokolang; etsoe ba ne ba sa tsotelle ho mo eisa

[21] Monna ea ileng a mo reka Egepeta, o ile a re ho mosali oa hae: “Mo amohele ka hlompho. Mohlomong u tla re tsoela molemo, kapa re mo amohele e le mora.” Ke ka mokhoa oo Re ileng Ra tsepamisa Josefa kateng naheng eo, e le hore Re mo rute manollo ea liketsahalo. Allah U na le Matla Oohle holim’a litaba tsa Hae, le hoja boholo har’a batho bo se na tsebo

[22] Ha Josefa a kena bonneng, Re ile Ra mo neha matla le tsebo. Ke kamoo re putsang ba etsang botle

[23] Eaba mosali eo a neng a phela le eena tlung ea hae, o leka ho mo hohela. A koala mamati a re: “Tloho!” Josefa a re: “Ke ikopela ts’ireletso ho Allah! Monna oa hau ke Mong`a ka, ea mpolokileng ka hlompho. Ruri ba etsang liphoso ha ba atlehe.”

[24] Empa mosali eo o ne a mo lakatsa, le eena a ka be a ile a fihleloa ke takatso e joalo hoja e se be ka bopaki ba Mong’a hae: Ke kamoo ho bileng kateng, e le hore re tle re mo qobise bobe le masoabi a mo lebileng. Hobane e ne e le e mong oa Makhabunyane a Rona, ea lokileng le ho hloeka

[25] Mosali eo a mo lelekisa ho ea monyako, a tabola setipa sa Josefa ka mokokotlong, bobeli ba ile ba teana le Mong`a hae monyako. Eaba mosali eo o re: “E be moputso oa hae e tla ba ofe, oa motho ea lakaletsang lelapa la hau sebe haese chankane kapa eona kahlolo e mahlonoko?”

[26] Josefa a re: “Ke eena ea nkopileng ketso ea bohlola-bothong ba ka” ‘Eaba e mong oa lelapa la hae eba paki malebana le taba eo ka hore: “Haeba setipa sa Josefa se tabohile kapele, joale e tlabau buile ‘nete; Josefa u buile leshano

[27] Empa haeba setipa sa hae se tabohile kamorao, e tla ba mohatsa’o u leshano; Josefa o bolela ‘nete.”

[28] Ha a bona hore setipa sa Josefa se tabohile kamorao, a re: “Ruri! Sena ke leraba la lona basali. Bona! Leraba la lona le boima

[29] Josefa! Sokoloha ho sena, le uena mosali, kopa ts’oarelo sebakeng sa sebe sa hau. Hobane Ruri o khelohetse sebeng.”

[30] Eaba basali har’a motse ba a ts`eha, ba re: “Mosali oa letona o kopa lekhoba la hae ketso e fosahetseng o mo ekela sebeng. Ruri o mo tabotse pelong ka lerato. Etsoe re’a ‘mona hore o pakahatsa a khelohile.”

[31] Ha mosali eo a utloa lits’ebo tseo tsa bona, a ba mema; o ile a ba etsetsa mokete e le ho tla pakahatsa ka oona, eaba o neha motho ka mong thipa. Eaba moo a ileng a re ho Josefa: “Tsoela sebaeeng ba u bone! Ha ba ‘mona, ba mo rorisa hoo ba ileng ba its’eha matsoho, ba re: “Allah U re hauhele! Hona ha se motho oa nama le mali. Hona ha ho moo ho fapanang teng le manyeloi.”

[32] Mosali eo a re: “Ke enoa he! Monna eo le ileng la mpeha molato ka eena. Ke ile ka mo kopa ketso e fosahetseng, empa o ile a paka boits’oaro, hajoale ha a sa phethahatse taelo ea ka, Ruri o tla koalloa chankaneng, Ruri o tla nyenyefatsoa.”

[33] A re: “Mong`a ka! Chankane ebile e molemo ho feta sena seo ba ‘memelang sona, kantle le haeba uena o ka khelosa maraba ana a bona ho ‘na, nka ts’oha ka sekamela ka ho bona, ka fetoha leoatla.”

[34] Mong`a hae A utloa thapelo ea hae, A mo phemisa maraba a bona. Hobane Ruri U utloa tsohle, U Tseba lintho tsohle

[35] Ho ile ha hlaka mahlong a banna, kamor’a hoba ba bone lits’upiso tsa ho loka ha hae ho mo koalla chankaneng ha nakoana

[36] Eaba ho etsahala hore a koalloe le banna ba ba beli. Ke moo ka le leng e mong a ileng a re: “Ke lorile ke tlhotla veine.” E mong eena o re: “‘Na ke lorile ke roetse seroto sa bohobe hlohong ea ka, linonyana li eja bohobe boo. Joale ak’u re manollele tlhaloso ea tsona, hobane re’a u bona hore u har’a ba etsang botle

[37] Josefa a re: “Ke tla le bolella tlhaloso ea tsona pele le fumana lijo tsa lona tsa letsatsi ka leng le pele li ka le oela. Sena ke karolo ea ts’ebetso eo Mong`a ka a nthutileng eona. Ke furaletse tumelo ea batho ba sa kholoeng ho Allah ba bile ba latola bophelo Bo-tlang

[38] Ke latela litsela tsa bo-ntate, – Abrahama, Isaaka le Jakobo. Re ke ke ra kopanya batlatsetsi le Allah. Sena ke nala ea Allah ho rona le ho batho bohle; le hoja batho ba bangata ba sa fane ka liteboho

[39] Oho balekane ba ka ba ba beli ba bats’oaruoa! Na marena a mangata a molemo, kapa ke Allah ea inotsi, ea matla oohle

[40] Bao le ba khumamelang ntle ho Eena ha se letho haese mabitso ao le ba rehileng ona, lona le bo-ntat’a lona. Allah ha A e s’o senole matla ho ona. Qeto ke ea Allah feela, Eena ea le laetseng hore ho se be ope eo le mo rapelang ntle ho Eena. Ena ke eona tumelo e nepahetseng, empa bongata ba batho ha ba tsebe letho

[41] Lona balekane ba ka ba ba beli ba bats’oaruoa! E mong oa lona, u tla qhatsetsa morena oa hae veine e mong eena, o tla thakhisoa sefapanong hore linonyana li tle li jelle hloohong ea hae. Ke ka mokhoa oo taba eo e ahloloang kateng mabapi le seo le neng le botsa ka sona.”

[42] Eaba o re ho e mong bobeling boo, a neng a tseba hore o tla pholosoa: “u tle u tsebise Mong`a hau ka ‘na.” Empa Satane o ile a etsa hore a lebale ho tsebisa Mong`a hae ka eena, eaba Josefa o hlola chankaneng ka lilemo tse seng kae

[43] Motlotlehi(oa Egepeta) o re: “Ke lorile ke bona likhomo tse nonneng tse supileng, li jeoa ke likhomo tse supileng tse otileng; le litsejana tse supileng tse talana tsa koro ekasitana le tse supileng tse bajooeng. Oho lona matona! Ntlhalosetseng toro ea ka, haeba le ka khona ho hlalosa litoro.”

[44] Ba re: “Tlhakants’uts’u ea litoro! Rona ha re tsebe ho manolla le hona ho hlalosa litoro

[45] Eaba monna e mong oa bobeli ebile e le oa ho lopolloa chankaneng, o hopola Josefa kamor’a nako, a re: “Ke tla u joetsa tlhaloso ea eona ha feela eba u ka nthoma ho ea e lata.”

[46] Hoba a fihle ho Josefa chankaneng, a re: “Oho Josefa! Uena ea nang le ‘nete! A k’u re rarollele toro ea likhomo tse supileng tse nonneng, tse jeoang ke tse otileng tse supileng le litsejana tsa koro tse supileng tse talana le tse supileng tse bajuoeng, hore ke tle ke boele ho batho; battle ba tsebe

[47] Josefa a re: “le tla lema ka lilemo tse supileng joaloka ka mehla, empa seo le tla beng le se kotutse le se tlohele se sa poloa, haese se senyenyane seo le tla seja

[48] Joale kamor’a moo, ho tla tla lilemo tse supileng tsa tlala tse tla metsa tsohle tseo le tla beng le ile la li lokisa e sa le pele, haese se fokolang seo le ileng la ipokella sona

[49] Kamor’a moo, ho tla latela selemo seo batho ba tla bale chai e ngata hoo ba tla beng ba tlhotle veine le mafura.”

[50] Eaba Motlotlehi o re: “Ntlisetseng eena koano mona.” Empa ea romileng hoba a fihle ho eena, eaba Josefa o re: “Boela ho Mong`a hau, u ‘motse ka taba ea basali bane ba ho its’eha matsoho. Bona! Ruri Mong`a ka o tseba leraba la bona

[51] Eaba Motlotlehi o bitsa basali bao, a re: “Ho ne ho etsahetse joang ha le tla be le hohelle Josefa ketsong ea sebe? Ba araba ka hore: “Allah a ke a ‘moloke! Rona ha ho sebe seo re se tsebang malebana le eena. Eaba mosali oa letona le leholo o re: “Hajoale ‘nete e pepeneneng. Nkile ka mo kopa ketso ea sebe, Ruri u har’a ba nang le ‘nete.”

[52] Josefa a re: “Ke kopile sena, e le hore Mong`a ka a tle a tsebe hore ha ke’a ka ka mo seolla sephiring, etsoe Ruri Allah ha a tataise leraba la maoatla

[53] Na ha ke itlhotlholle molato. Moea oa botho o sekametse sebeng, kantle le ho oo Mong`a ka A ka ts’ollelang Mohau oa Hae ho oona. Hobane Ruri Mong`a ka U ts’oarela-joalo- joalo, U Khaphatseha Mohau.”

[54] Eaba Motlotlehi o re: “Ntlisetseng eena e le hore ke tle ke mo tlamahanye le bo-’na.” Eitse hoba a buoe le eena, eaba o re: “Kajeno u be le tiisetso ea hore u tla phela ho boteng ba rona bo tsepamisitsoeng le ka bots’epehi.”

[55] Josefa a re: “Mpheng bolaoli holim’a matlo a bokellang lijo tsa naha ena. Ke tla a lebela ka bokhabane le ka tsebo e pharaletseng.”

[56] Ke kamoo Re ileng Ra neha Josefa matla kahar’a naha. O bile le matla holim’a eona le moo a ratang teng. Re apesa ka mohau oa Rona le ka boikhethelo ope eo Re mo ratang. Re ke ke Ra tlohela moputso oa ba etsang botle ho lahleha

[57] Moputso oa bophelo Bo-tlang ona o molemo ka ho fetisisa, ho ba kholoang ba bile ba sesefa bobe

[58] Ka tlala e kholo bana ba bo Josefa ba fihla, ba itlhahisa ka bo- bona kapel’a hae, eena o hlile a ba tseba le hoja bona ba sa ka ba mo tseba

[59] Eitse ha a se a ba selisitse ka lijo tsa bona, a re: “A k’u ntlisetseng ngoana’bo lona ea tsoang ho ntata lona. Na ha le bone hore ke tlatsitse ka ho lekana, ke ‘na ea amohelang ka kamohelo e mofuthu ka ho fetisisa

[60] Haeba le sa ntlisetse eena, le ke ke la hlola le fumana tekanyo ea koro e tsoang ho ‘na, kapa hona ho nkatamela.”

[61] Ba re: “Re tla leka ho fumana tumello e joalo ho ntata’e: Ruri re tla etsa joalo.”

[62] Josefa o ile a re ho basebeletsi ba hae: “Busetsang seo ba neng ba tlil’o ananya ka sona mekotlaneng ea bona, e le hore ba tle ba tsebe nakong eo ba seng ba fihlile ho beng ka bona, le hore ba tle ba boe-sekoele.”

[63] Ha ba khutletse ho ntat’a bona, ba re: “Oho ntat’a rona! Ha ho sa tla ba le tekanyo ea koro eo re sa tla hlola re e fumana, ha feela eba u ke ke oa re romela le moen’a rona, e le hore re tle re fumane tekanyo ea rona, Ruri re tla mo ts’ireletsa ka hohle kamoo re ka khonang.”

[64] A re: “Nka hlola ke sa le ts’epa joang empa pele le ile la mphoqa ke le ts’epile ka ka moholoan’ae?” Allah U molemo ka ho fetisisa tlhokomelong, ke Eena Ea Khaphatsehang Mohau ka ho fetisisang har’a ba bonts’ang mohau.”

[65] Ha ba bula mekotla ea bona, ba hlokomela hore ba khutlile le thepa eo baneng ba ile ananya ka eona. Ba re: “Oho ntat’a rona! Ke eng seo re ka se kopang se fetang sena? Thepa eo re neng re ilo ananya ka eona re khutlile le eona. Re tla fumanela batho ba habo rona lijo le hona ho hlokomela moena’rona, re tla be re phaelle mojaro oa kamele o tletseng. Sena seo re tlileng le sona hona joale se ea fokola.”

[66] Jakobo a re: “Nke ke ka mo romela ho ea le lona ho fihlela le fana ka kano e feletseng Ka lebitso la Allah ea hore Ruri le tla mo khutlisetsa ho ‘na, ntle le haeba le ka etsetsoa lesakana- la-nkope.” Joale eitse hoba ba ikane ka tieo, eaba o re: “Ruri Allah ke molebeli holim’a lintho tseo re li buoang.”

[67] A boela a re: “Oho bar’a ba ka! Le se kene ka khoro e le ‘ngoe; empa le kene ka likhoro tse fapaneng. Nke ke ka le atlehisa ka leetho khahlanong le Allah. Liqeto ke tsa Allah feela. Eo ho Eena ke behileng ts’epo ea ka, etsoe bohle ba nang le tumelo ba beha ts’epo ea bona ho Eena.”

[68] Ha ba se ba ke ne ka mokhoa oo ntat’a bona a neng a o khothalelitse, ha o’a ka oa ba thusa ka letho khahlanong le Allah; e ne e se letho haese feela taba-tabelo ea moea oa Jakobo oo a neng a ba tla ho o khotsofatsa, e ne e le morena ea nang le tsebo ho latela seo re neng re mo rutile sona; le hoja bongata ba batho bo sa tsebe letho

[69] Ho ba ba fihle kapel’a Josefa, Josefa a kukela moena’e ho eena, a re: “Bona; ke ‘na ngoana oeno o se ise pelo mafisa ka seo ba ileng ba se etsa.”

[70] Ho ba a ba selise lijo tsa bona, ebile o nokela senoelo kahar’a mokotla oa ngoana’bo, seboholi sa hooa: “lona ba kaletseng kamele! Ruri le masholu!”

[71] Ba ile ba retellehela ka ho bona, ba re: “ke se feng seo le se lahlehetsoeng ke sona?”

[72] Ba re: “re lahlehetsoe ke senoelo sa morena, ea tla se khutlilsa re tla mo neha mojaro o lekanang le oa kamele, ke rialo `na Josefa ke itlama.”

[73] Bona ba re: “Ka Allah! Le tseba hantle hore ha re ea tla lefats’eng lena ho tla tla etsa bokhopo, ebile ha re masholu.”

[74] Eaba Ma-Egepeta a re: “hana kahlolo e tle be e fe ea taba ena ha ho ka fumants’eha hore le buile leshano?”

[75] Bona ba re: “kahlolo ebe hore ho eo ho tla fumanoa senoelo seo mokotleng oa hae, a ahloloe malebana le seo. Ke kamoo rona re putsang ba etsang liphoso kateng.”

[76] Eaba o qala ho phenya-phenya mekotla ea bona pele a phenya oa moena’e, a e fumana ho moena’e. Ke kamoo Re ileng Ra qapela Josefa. O ne a ke ke a nka moena’e ho latela molao oa motlotlehi kantle le haeba e ne e le thato ea Allah. Re phahamisa ka mohau eo Re ikhethelang eena ho latela maemo, har’a marena a nang le Tsebo ho teng e mong ea Tsebang Tsohle

[77] Ba re: “Haeba u oa utsuoa, ho kile ha eba ngoana’bo pele ho ena ea neng a utsoa. Empa Josefa o ile a ipipetsa moeeng ka taba eo, a se ke a ba phetlela lekunutu. A ipolella hore: “Lona le maqakabetsing a ts’abehang, ‘Allah U tseba ka ho fetisisa ‘nete ea seo le se buang.”

[78] Ba re: “Oho mohlomphehi! Bona! Ntatae o se a holile haholo ebile o oa fokola, kahoo o ka mpa oa nka e mong oa rona sebakeng sa hae. Hobane Re eleletsoe hore u e mong oa ba etsang botle.”

[79] A re: “Ruri Allah U hana hore re ka ts’oara e mong sebakeng sa eo re fumaneng thepa ea rona ho eena; Ruri re tla be re le baetsa liphoso.”

[80] Ha ba se banyahame feela ho le boima ho mo lesa, ba ea thokoana ho ipuoa. Moholoane oa bona a re: “na ha le tsebe kamoo ntata lona a nkileng boikano ba lona Ka lebitso la Allah, le kamoo le kileng la sitoa ka ts’ebeletso ea Josefa linakong tse fetileng? Ka lebaka leo nke ke ka tsoa naheng ena ho fihlela ntate a ka ntumella, kapa Allah a ka ntaela joalo. Etsoe ke Eena ea molemo ka ho fetisisa har’a baahloli

[81] Khutlelang ho ntata lona le ‘molelle hore: “Oho ntata rona! Bona! mora’hau u utsoitsoe. Rona re mpa re fana ka bopaki feela ba seo re se tsebang; ha re balebeli ba tse sa bonoeng

[82] Tsamaea u botse motseng oo re neng re le ho ona, le bohle bao re neng re tsamaea le bona. Ruri re bua ‘nete.”

[83] Jakobo are: “Che, le mpa le lohile maqiti. ‹Na mosebetsi oa ka ka mehla ke mamello! Mohlomong Allah U tla ba khutlisetsa ho ‘na kaofela. Hobane ke Eena, Eena feela Setsibi sa Tsohle, ebile U Seli.”

[84] Jakobo a ba furalla a re: “Mesarelo ea ka e meholo ka Josefa!” Mahlo a hae a soeufala ke masisapelo a feheloa

[85] Ba re: “Ka Allah! Ha u sa tla tela ho hopola Josefa ho fihlela u kula, kapa ho fihlela u shoele!”

[86] Ke ha a re: “Ke mpa feela ke lebisa mesarelo le metouto ea ka ho Allah, ke na le tsebo ho tsoa ho Allah ea seo lona le sa se tsebeng

[87] Bara baka! Tsamaeang le ke le eo batlisisa hantle mabapi le Josefa le moena’e, le se lahleheloe ke ts’epo Mohaung oa Allah. Ruri! ha ho ea lahleheloang ke ts’epo Mohaung oa Allah, kantle ho ba senang tumelo.”

[88] Ha ba fihla ka pela Josefa, ba re: “Oho mohlomphehi! Re aparetsoe ke masoabi le lelapa la bo-rona, re tlisitse kananyetso e fokolang, kahoo re tlatsetse ka boima bo lekaneng, ebe joalo ka nyehelo ho rona. Hobane! Ruri Allah U putsa ba nyehelang.”

[89] A re: “Na le tseba seo le kileng la se etsa ka Josefa le moena’e, le sa tsebe?”

[90] Ba re: “Na Ruri ke uena Josefa?” A re: “Ke ‘na Josefa, enoa ke moena’ka. Ruri Allah U bile molemo ho rona. Bonang! Ea sesefang bobe a bile a ena le mamello o fumana molemo; hobane Ruri Allah a ke ke a lahla kherehloa moputso oa ba etsang tse ntle.”

[91] Ba re: “Ka Allah! Ruri Allah U u ratile ho feta rona, Ruri re molato oa sebe.”

[92] A re: “Se ts’abeng kajeno! Allah U tla le ts’oarela, etsoe ke Eena ea Khaphatsehang Mohau ka ho fetisisa har’a bohle ba bonts’ang mohau

[93] Tsamaeang le setipana sena sa ka, le fihle le kupetse sefahleho sa ntate ka sona, o tla boela a bona; joale e be le tla koano ho ‘na kaofela le lelapa la bo-lona.”

[94] Nakong eo khonatha e tlohang Egepeta ntata bona o ile a re: “Ruri ke nkhella bo-teng ba Josefa, le hoja lona le mpitsa ts’ere-ts’ere.”

[95] Ba re: “Ka Allah! Bona! Ruri u hlile u fokola kelellong ke botsofali.”

[96] Ha a fihla ka litaba tse molemo, a kupetsa ka setipana sefahlehong, hang a boela a bona. A re: “Ha ke’a ka kare ho lona, ke na le tsebo e tsoang ho Allah ea seo lona le sa se tsebeng?”

[97] Ba re: “Oho ntata rona! Re kopele ts’oarelo ea libe tsa rona, hobane! Ruri re bile sebeng.”

[98] A re: “Ke tla kopa Mong`a ka ho le ts’oarela. Hobane! Ruri U Ts’oarela-joalo-joalo, U Khaphatseha Mohau.”

[99] Ha ba fihla ho Josefa, o ile a ba amohela, a re: “Kenang Egepeta ka polokeho, haeba e le ka thato ea Allah!”

[100] O ile a phahamisetsa batsoali ba hae litulong tsa tlhompheho, kemoo bona ba oela fats’e kapel’a hae ba mo khumamela; empa a re: “Ntate! Sena ke manollo ea toro ea ka ea khale. Mong`a ka U entse hore e fetohe ‘nete, ebile U mponts’itse mosa nakong eo A neng A ntokolla chankaneng, A ba A le tlisa koano ho tsoa lehoatateng, kamor’a hoba Satane a fehle bora lipakeng tsa ka le bana beso. Ruri! Mong`a ka U na le kutloelo bohloko ho eo A ikhethelang eena. U Tseba Tsohle, U Hlokolosi.”

[101] Oho Mong`a ka! Ruri efela U nkapesitse ka matla a puso le hona ho nthuta ho hong ka tlhaloso ea liketsahalo, – `Mopi oa maholimo le lefats’e! Ke Uena Mots’oalle Mots’ireletsi oa ka lefats’eng le bophelong Bo-tlang. A’ku etse hore mohla ke shoang, ke shoe joaloka ea inehetseng thatong ea Hau, U nkopanye le ba lokileng.”

[102] Tsena ke litaba tse ling tsa Masabonoeng tseo re u senolelang tsona. U ne u le sieo nakong eobaneng ba loha maqiti ba bile ba khobokane ‘moho

[103] Le hoja u lakatsa hakaalo, bongata ba batho ba ke ke ba lumela

[104] Etsoe ho se moputso oo u ba batlang ona mabapi le tumelo. Ha se ho hong haese sekhopotso ho batho

[105] Hana ke lits’upiso tse kae tse maholimong le tse lefats’eng tseo ba li tlolisang mahlo holimo

[106] Ba bangata ha ba lumele ho Allah haese hona ho mo kopanya le ba tlatsetsi

[107] Na e be ba ikutloa ba ts’ireletsehile khahlanong le kotlo e tlang ea Allah ea lesira le boima, kapa khahlanong le hora e ka ba hlahang tsome hoja ba sa iketlile

[108] E re: “Ena ke tsela ea ka; Ke memela ho Allah, – ka bopaki bo feletseng, le bohle ba bonang ka leihlo le le leng, –`na le ba ntatelang. Tlotla ebe ho Allah! – ha nke ke ka kopanya melingoana le Allah.”

[109] Le pele ho uena ha Re’a ka Ra roma Baromuoa haese feela batho bao Re ileng Ra ba nyenyeletsa, – ba phelang metseng. Ha baes’o hahlaule le lefats’e ba bona pheletso ea ba bileng teng pele ho bona? Ruri lehae la bophelo Bo-tlang le molemo ho ba sesefang bobe. Ha le na kutloisiso na? –

[110] Ho fihlela Baromuoa ba lahleheloa ke ts`epo, ba nahana hore ba ile ba nkuoa jolo ka ba leshano, thuso ea Rona e honyella ho bona, bao Re ba lakalelitseng joalo ba ea pholosoa. Empa kotlo ea Rona, e ke ke ea qobisoa ba sebeng

[111] Kahar’a pale ea bona ho teng thuto sebakeng sa ba nang le kutloisiso. Ha se pale e iqapetsoeng, empa ke pakahatso ea nts’etsopele ea Lengolo le tsona litlhaloso tse lokolisitsoeng tsa lintho tsohle, ke Tataiso le ona Mohau ho ba kholoang

Sealuma

Surah 13

[1] Alif. Lam. Mim. Ra. Tsena ke likhaolo tsa Lengolo: Tseo u li senoletsoeng ke Mong`a hau ke ‘Nete, empa batho ba bangata ha ba kholoe

[2] Ke Allah ea phahamisitseng maholimo ntle ho lits’iea tseo u ka li bonang, U tsepame Terone; A beha tlas’a molao oa Hae letsatsi le ngoeli, e ’ngoe le e ’ngoe e pitikoloha tseleng ea eona ho latela nako ea eona ea pallo; Ke Eena ea laolang lintho tsohle le hona ho hlahlamanya lits’enolo e le hore le tle le tiee tumelong ea hore le tla kopana le Mong`a lona

[3] Ke Eena ea alileng lefats’e le hona ho hloma holim’a lona lithaba tse tsepameng le melatsoana e phallang, le tsona litholoana tsa mefuta eohle ka bo-beli (tse tona le tse ts’ehali). U apesa bosiu ka mots’eare. Bonang! Ruri kahar’a lintho tsena ke lits’upiso ho le batho ba nahanang

[4] Lefats’eng ho teng masaba-saba a bapileng, le masimo a merara le ona masimo a jetsoeng lipalema tsa mefuta e sa ts’oaneng, masimo a noesetsoang ka metsi a le mang. Re entse hore litholoana tse ling tsa tsona li latsoehe ha monate ho feta tse ling. Bonang! Ruri kahar’a lintho tsena ke Lits’upiso ho batho banang le utloisisang

[5] Ha u ka makalla lipuo tsa bona: “na ha re se re le lerole, re tla boela re tsosoa hape hoba lihloliloeng tse nchafalitsoeng?” Bana ke ba latolang Mong`a bona; Ba tla tlamelloa lijoko melaleng ea bona; ke balekane-ba-mollo ka botlalo, batla phela kamoo kahosafeleng

[6] Ba u kopa ho potlakisa bobe ho fapana le botle, le hoja mehlala e mengata ebile teng pele ho bona. Empa bona! Mong`a hau Eena U na le ts’oarelo e khaphatsehang liketsong tsa bona tse fosahetseng, Ruri Mong`a hau U na le Matla Ohle kahlolong

[7] Ba latolang tumelobare: “hoja feela ebe sesupo se kile sa romeloa ho eena se tsoang ho Mong`a hae!” Uena u mpa feela u le mohlokomelisi ekasitana le eena motataisi oa batho bohle

[8] Allah U tseba ka botlalo bopaki ba e mong le e mong ea mots’eali a se imang le tseo lipopelo li haelloang ke tsona, le tseo li tlang ho li hlahisa. Ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe kapel’a hae e se ntse e lekanyelitsoe nako

[9] Ke Eena motsebi oa Masabonoeng le tse bonoang, o moholo, ebile o phahame ka ho fetisisang

[10] Ho oa ts’oana ho Eena hore na ope oa lona o shoa le mantsoe, kapa o’a phanyaola, ebang o lara a ipatile bosiu, kapa ebang o itsamaela ka bolokolohi mots’eare

[11] Sebakeng sa ea itsamaelang ka bolokolohi mots’eare, ho teng manyeloi ka tatellano ka pele le kamor’a hae a mo lebetseng ka taelo ea Allah. Bonang! Ruri Allah A ke ke A fetola boemo ba batho kantle le hore e be bona ba ka fetolang seo se ka lipelong tsa bona pele; hoja ebe Allah A ka lakaletsa batho bomalimabe, ha ho ea ka bo qhelelang thoko, kapa hona ho ba le Mots’ireletsi kantle le Eena

[12] Ruri ke Eena ea le bonts’ang lehalima le le bakelang letsoalo le eona ts’epo, ebe U nyolla maru a lutsang pula

[13] Lekirietsane lona le bina korotlane lithoriso tsa Hae le ona manyeloi a etsa joalo ka ho makala le ka hlompho e babatsehang ho Eena. O jala tlali e kirietsang ka li’a luma, ka eona A ranthanye ea Ikhethetseng Eena... Ba ts`oere khang ka Allah, ka Matla a Hae

[14] Thapelo ea ‘nete e lebisoa ho Eena. Ba bitsang emong kantle ho Eena se ba mamele, ba joaloka ha eka otlolla matsoho a bona ho atametsa metsi haufi le melomo ea bona, empa a sa fihle. Hobane thapelo ea ba senang Tumelo ke mofufutso o tsoelang boeeng joaloka oa ntja

[15] Libopuoa tsohle tse maholimong le lefats’eng li ithapalatsa tlas’a Allah li rata kapa li sa rate, liriti tsa bona tse phethahatsang mesong le lihoreng tsa mantsiboea

[16] E re: “Ke mang eo e leng Mong`a maholimo le lefats’e?” A re: “Ke Allah! E re: “Na le ka nka ba bang ntle ho Eena hoba ba ts’ireletsi, bao ka bo-bona ba ke keng ba iketsetsa botle kapa hona ho hlahisa kotsi?” U boele u re: “Na sefofu se ka lekana le ea bonang, kapa lona lefifi la bonka-ntjana le ka lekana le leseli? Kapa ebe ba maneha Allah le batlatsetsi bao eka bang le bona ba hlotse tse ts’oanang le lihloliloeng tsa Hae, hoo lihloliloeng tseo ba li entseng le lihloliloeng tsa Hae li ka shebahalang li ts’oana mahlong a bona? E re: “Ruri Allah ke `Mopi oa lintho tsohle, ke Eena A Inotsi, Ea Matla Oohle.”

[17] Ke Eena ea romellang pula lefats’eng e theoha marung, ebe melatsoana e phalla ho latela tekanyo ea eona, likhohola li lelemele li kheleletse makoeba a phaphametse, – ebe li bopa mothofu oo bao o qhibilihisang mollong ho iketsetsa lipetja le lipitsana tse ts’oehletseng makoeba joaloka tsona, – ke kamoo Allah A etsang lipapiso kateng e le hona ho totobatsa ‘nete le leshano. Makoeba ona a tla feta joaloka mahoholi holim’a mabopo, lintho tsa bohlokoa ho batho li tla sala mobung

[18] Sebakeng sa ba ananelang pitso ea Allah ho teng nyakallo e ts’abehang; ba sa ananeleng pitso ea Hae bona, – le haeba ba ne ba ka rua lintho tsohle tse teng mona lefats’eng, kapa eba li ngata ho feta moo,-ba ne ba tla sitoa ho itefella ka tsona. Ba joalo, kahlolo ea bona e tla ba e ts’abehang, lehae la bona e tla ba liheleng, lehae le bosula

[19] Na ea tsebang hore seo u se senoletsoeng ho tsoa ho Mong`a hau ke ‘nete, a ka ts’oana le’a foufetseng? Ke feela batho ba nang le kutloisiso ba tla utloa

[20] Joaloka ba phethahatsang Selekane sa Allah, ba bile ba sa fose

[21] Ba kopanyang tsohle tseo Allah a laetseng hore ba li kopanye, ba bile ba ts’aba Mong`a bona ekasitana le hona ho ts’aba kahlolo e ts’abehang

[22] Ba bile ba tsitlallela ho tsomana le sefahleho sa Mong`a bona le hona ho phetha lithapelo, le ho nyehela tseo Re ba putsitseng ka tsona sephiring le pepeneng, ba bile ba koahela bobe ka botle. Ruri tebello ea bona e tla ba lehae la bosafeleng

[23] Ba tla kena Lirapeng tsa thabo e sa feleng: le bohle ba etsang botle har’a bo-ntat’a bona le basali ba bona esitana le eona tsoala ea bona. Manyeloi a tla ba etela ka likhoro tsohle

[24] “Khotso ebe le lona hobane le bile le mamello.” Ahe, le babatseha hakakang lehae la bosafeleng

[25] Haele ba koenehelang selekane sa Allah kamor’a hoba ba itlame ka lona, ba bile ba arohanya tseo Allah a laetseng hore ba li kopanye le hona ho fehla pherekano lefats’eng: Ruri thohako e holim’a bona le lona lehae le nyonyehang

[26] Allah U ekeletsa ope ea khahloang ke Eena boipheliso, le hona ho bo nyenyefaletsa ope ea khahloang ke Eena; bophelong ba lefats’e lena ba ea nyakalla, athe bophelo ba lefats’e lena ha se letho haese nyakallo e fokolang ha bo bapisoa le Bo-tlang

[27] Mahana-tumelo a re: “Hoja empe be sesupo se ile sa romelloa ho eena se tsoang ho Mong`a hae!” E re: “Ruri Allah U lesa ope ea khahloang ke Eena ho kheloha, empa o tataisetsa bohle ho Eena ba boelang ho Eena ka boinyatso

[28] Bohle ba kholoang, ebile lipelo tsa bona li fumana khotsofalo khopolong ea Allah. Etsoe Ruri ha ho khoaolipelo li fumana khotsofalo khopolong ea Allah

[29] Ba kholoang ba bile baetsa toka: tlhonolofalo ke’a bona, etsoe pheletso ea leeto la bona ke e bohehang.”

[30] Eleng kahoo Re u romeletseng ho sechaba, seo pele ho sona ho bileng teng lichaba tse seng li fetile, hore u tle u ba phetele seo Re u senoletseng sona, le hoja ba ntse ba latola Allah. E re: “Ke Mong`a ka; ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Ke behile ts’epo ea ka ho Eena, ke tla boela ho Eena.”

[31] Ha ho ne ho ena le Qura’n ho suthisa lithaba, kapa lefats’e la nyebekolloa le bafu ba buoa. Empa taelo ke’a Allah. Na ebe ba kholoang ha batsebe hore haeba Allah A ne A lakalitse, eka be ba U ile a tataisa batho bohle? Mahana-tumelo ona koluoa e ka be e sa phetse ho ba nanola ho latela liketso tseo ba li etsang, kapa hona hoba hauts’oane le malapa a bona ho fihlela ts’episo ea Allah e phethahala. Bonang! Allah ha A e s’o sitoe ts’episong

[32] Baromuoa ba Allah ba ‘nile ba songoa le pele ho uena, empa Ke ile Ka fana Ka nyehlisetso ho mahana-tumelo. Empa khabareng Ke ile Ka baotla, hana e ile ea ts’abeha hakakang kahlolo ea Ka

[33] Na ea hlokolosi holim’a meea eohle, A ka ts’oana le’a seng hlokolosi ka letho? Leha ho le joalo, ba ntse ba maneha Allah batlatsetsi. E re: “Ba bitseng ka mabitso. Na ebe le ka mo tsebisa se seng seo A sa se tsebeng lefats’eng? Kapa empa e le bokheleke feela? Haele ba sa kholoeng boikhakanyo ba bona bo shebahala bo khahleha, ba qheletsoe thoko le tsela e nepahetseng. Bao Allah A ba lesitseng ho kheloha, ha ho tataiso

[34] Bophelong ba lefats’eng lena ho teng kotlo ho bona, Ruri timelo ea bophelo Bo-tlang ke e mahlonoko a ts’abehang, ebile ba ke ke ba eba le mots’ireletsi khahlanong le Allah

[35] Papiso ea Serapa se ts’episitsoeng ba tsitlalletseng ka mamello ho Allah: tlas’a sona ho phalla linoka; nyakallo e sa feleng ‘moho le moriti oa tsona; ona ke pheletso ea ba mamellang ka tieo, pheletso ea Mahana-tumelo ele mollo

[36] Bao Re faneng ka Lengolo ho bona, banyakaletse ke seo re u senoletseng sona. Empa ho teng ba bang har’a meloko ba latolang karolo ea lona. E re: “Ke laetsoe ho sebeletsa Allah feela, ke se mo kopanye le batlatsetsi. Ke bitsa ho Eena, poelo eaka e ho Eena

[37] Ke kamoo Re le senotseng kateng, ho ba kahlolo kantle le tika-tiko ka se-Arabia; ha u ka sala morao litakatso tsa bona kamor’a ho ba tsebo e finyelle ho uena, Ruri u ke ke oa eba le mots’ireletsi ea ka u khahlanong le Allah

[38] Re ile Ra romella Baromuoa ho batho pele ho uena, Ra ba abela basali le bana, ho ne ho se moromuoa ea filoeng hore a ka tlisa Sesupo kantle le takatso ea Allah. Nakong engoe le engoe ho na le Lengolo

[39] Allah U hlakola le ho Tiisa se ratoang ke Eena: Ho Eena ke mohloli oa Mangolo

[40] E bang Re ka U bonts’a karolo ea seo Re ba ts’episitseng sona, kapa Ra etsa hore u shoe. Mosebetsi oa hau ke ho phatlalatsa molaetsa: Karolo ea Rona ke ho ba bitsetsa boikarabellong

[41] Na ha ba bone kamoo Re chakelang naha kateng, Re ntse Re fokotsa butle-butle meeli e ka mathoko? Nakong eo Allah A fanang ka timelo, ha ho mong le mong ea ka busetsang timelo ea hae morao, o akofela boikarabellong

[42] Bohle ba bileng teng pele ho bona ba ile ba rera; Empa merero eohle ke’A Allah. O tseba ka botlalo seo moea ka mong o se kotulang. Haufinyane Mahana-tumelo a tla tseba hore na ke bo mang majalefa a lehae

[43] Mahana-tumelo a re: “Uena ha u Moromuoa.” E re: “Allah U lekane e le paki lipakeng tsa ka le lona le bohle ba nang le tsebo ea Lengolo.” Ka lebitso la Allah, ea leroko, Mong`a hao

Abrahama

Surah 14

[1] Alif. Lam. Ra. Lena ke Lengolo le halalelang leo Re u senoletseng lona, hore ka lona u tle u inole batho lefifing la bo-nka-ntjana u ba tlise leseling ka tumello ea Mong`a hau, u ba tlise Tseleng ea Ea Matla Oohle, Ea Loketsoeng ke Thoriso

[2] Allah, Eo lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li ikarabellang ho Eena. Mahana-tumelo kotlo e mahlonoko ke ea bona

[3] Bohle ba labalabelang bophelo ba lefats’e lena ho feta bophelo Bo-tlang, ba bile ba sitisa batho tseleng ea Allah le hona ho e etsa ts’opholi: ba hlahlathela thoko-thoko

[4] Ha Re’a s’o romelle Moromuoa ka puo e ‘ngoe e fapaneng le ea batho ba habo, e le hore a tle a totobatse molaetsa hantle ho bona. Ke Allah ea romellang ea ikhethelang eena thoko-thoko le tsela e otlolohileng, le hona ho tataisa ea khahloang ke eena. Ruri U Matla Oohle, U Seli

[5] Re ile Ra romella Moshe ka lits’enolo tsa Rona: “Inola batho ba heno botebong ba lefifi u ba tlise leseling. U ba hopotse matsatsi a Allah.” Ruri! Kahar’a tsona ho teng lits’enolo ho ba tiileng mamellong le tsona liteboho

[6] Hopola! Moshe a ileng a re batho ba habo: “Hopolang molemo oa Allah holim’a lona mohla a neng a le lopolla ho batho ba Faro ba neng ba le sotla ka kotlo e ts’abehang, ba bile ba bolaea bara ba lona le hona ho siea baroetsana feela; Ruri seo ebile teko e ts’abehang kahofetisisa e tsoang ho Mong`a lona.”

[7] Le hopole mohla Mong`a lona a neng a phatlalatsa hore: “Haeba le ka fana ka liteboho, ke tla le neha ho feta moo; empa haeba le ka hloka liteboho, Ruri! Kahlolo ea ka e ea ts’abeha.”

[8] Eaba Moshe a re: “le hoja lona le batho bohle ba teng mona lefats’eng le bonts’a ho hloka teboho, Ruri Allah U Tsepame, Mong`a Lithoriso Tsohle

[9] Na pale ea batho ba bileng teng pele ho lona e se ile ea finyella ho lona? – Ea batho ba habo Nooe, le meloko ea Ba-Ad le Ba-Thamude le bohle ba bileng teng kamor’a bona? – Ha ho ope ea ba tsebang ntle ho Allah. Baromuoa ba habo bona ba ile ba ba etela ka lits’upiso tse hlakileng, empa ba ile ba moma matsoho a bona, eaba ba re: “Bonang! Re latola seo le neng le romeletsoe ho rona ka sona, re na le khoao e totobetseng ka seo le re bitsetsang ho sona.”

[10] Baromuoa ba bona ba re: “Na khoao eka ba teng ka Allah, `Mopi oa maholimo le lefats’e? O le bitsa joalo, e le ho tla le ts’oarela libe tsa lona le hona ho behella nako ea pallo morao.” Ba re: “U motho joaloka rona, u le laba-labela ea hore khelosa ho melingoana eo bo-ntat’a rona ba neng ba e rapela. Joale hlahisang sesupo se hlakileng.”

[11] Baromuoa ba habo bona ba re ho bona: “Ke ‘nete re batho joaloka lona, Allah U fana ka lereko ho eo A khahloang ke eena har’a makhabunyane a Hae. Rona ha re na matla a ho ka etsa mohlolo kantle le ka tumello ea Allah. Ba kholoang ba behe ts’epo ea bona ho Allah

[12] Re ke keng ra beha ts’epo ea rona ho Allah hobane e le eng feela A re bonts’itse litsela tsa rona? Ruri re tla mamella tseo le re etsetsang tsona. Ba behang ts’epo ba ts’oanetso ho e beha ho Allah!”

[13] Mahana-tumelo a re ho baromuoa: “Ruri re tla le phalalisa kahar’a naha ea rona, kantle leha le ka la sokolohela tumelong ea rona.” Empa Mong`a bona a ba nyenyeletsa: “Ruri re tla ripitla baetsa-libe

[14] “Ruri re tla le etsa majalefa kahar’a naha kamorao ho bona. Sena ke sebakeng sa ea ts’abang eo ba tlang ho ema kapela Setulo sa Kahlolo, – le hona ho ts’aba likahlolo tsa ka.”

[15] Empa ba batla tlholo le qeto, pherekano e ile ea eba kabelo ea e mong le e mong ea matla ea tlolang molao

[16] Kapele ho ea joalo ke Lihele, o tla noesoa metsi a bohla a belang

[17] Ka methamo a tlang ho a noa, a ke ke a a koenya: lefu le tla mo tjamela ka mahlakore ohle; empa a ke ke a shoa; kapel’a hae ho teng kahlolo e tlotlollang

[18] Papiso ea ba latolang Mong`a bona: mesebetsi ea bona e ts’oana le molora o fefoloang ke moea o matla mohla letsatsi le (fifetseng) ke lerole. Ha ba na matla holim’a seo ba se kotutseng. Seo ke sekhobo se tlotlollang

[19] Ha ba bone hore Allah U hlotse maholimo le lefats’e ka ‘Nete? Etsoe ha A rata A ka le tlosa, A tlisa lihloliloeng tse ncha hape

[20] Seo ha se taba e thata ho Allah

[21] Bohle batla boela ho Mong`a bona. Ke moo ba bileng bo oatla ba tla re ho ba neng ba ikakasa ka boikhants’o: “Re ne re le balateli ba lona, na joale le ke keng la mpa la re sireletsa kahlolong ea Allah?” Ba tla re: “Hoja ebe Allah U ne A re tataisitse, Ruri re ka be re ile ra le tataisa. Ebang re ka koata kapa ra tsitlallela ka mamello, ho rona ho oa ts’oana; ha re na sets’abelo

[22] Ke moo Satane a tla re, ha litaba li se li le mosenekeng: “Allah U ne a le ts’episitse ts’episo ea ‘nete; le ‘na ke ne ke le ts’episitse, empa ke le sitetsoe. Ke ne ke se na matla holim’a lona kantle le hoba ke ile ka le bitsa, lona le ile la ‘mamela. Se mpeheng molato, empa iteleleng e le lona. Ha ho kamoo nka le thusang kateng, le lona ha ho kamoo le nka nthusang kateng. Ruri! Ke ile ka nyelisa seo lona pele le neng le se kopanya le ‘na. Sebakeng sa baetsang liphoso ho teng kahlolo e mahlonoko

[23] Empa ba kholoang ba ba etsa mesebetsi e lokileng ba tla kena kahar’a Lirapa tseo linoka li phallang tlas’a tsona, ba ikamahantse le tumello ea Mong`a bona, tumeliso ea bona kamoo e tlaba: Khotso

[24] Na ha u bone kamoo Allah A ithehelang papiso: “Puo e babatsehang, e ts’oana le sefate se babatsehang seo methapo ea sona e tsepameng ka tieo, seo makala a sona a nanabetsang leholimo

[25] Se fanang ka litholoana tsa sona linsko tsohle, ka tumello ea Mong`a sona? Ruri Allah U theha lipapiso sebakeng sa batho, e le hore ba tle ba amohele khalemo

[26] Papiso ea puo e mpe e ts’oana le’a sefate se fosahetseng, seo methapo ea sona e sa tebang tlas’a lefats’e hoo se sa tsepamang

[27] Ruri Allah U hlapanyetsa ba kholoang ka puo e tsepameng ma bophelong ba lefats’e lena le Bo-tlang, Allah U lesa ba etsang liphoso ho kheloha. ‘Allah U etsa seo a se ratang

[28] Ha eso retelehetse mahlo a hau ka ho ba fetotseng lereko la Allah ho nyefolo, ba khelosa batho ba habo bona Lehaeng la Tahlehelo

[29] Liheleng? Ba tla cha teng,-sebakeng se mahlonoko ho holola teng

[30] Ba ipetlela melingoana ba e lekanya le Allah hore ba tle bakhelose batho tseleng ea Hae. E re: “Natefeloang! Pheletso ea lona e topile ho ea Liheleng.”

[31] Bua le makhabunyane A ka a khotsoeng, ho phethahatsa lithapelo le hona ho nyehela ka tseo Re banehileng tsona, lekunutung kapa ponts’eng, pele ho fihla ha Letsatsi leo ka lona ho senang hobale khoebisano kapa ho theha setsoalle

[32] Ke Allah ea hlotseng maholimo le lefats’e le hona ho nesa pula e theohang marung, eo ka eona A hlahisang litholoana tseo e leng lijo ho lona, le hona ho bebofaletsa likepe ts’ebetso ea lona, e le hore li tle li sese holim’a leoatle tlas’a taelo ea Hae, le tsona linoka tse phallang ts’ebeletsong ea lona

[33] A ba A etsa letsatsi le ngoeli tse tsepameng tlas’a ts’ebetso ea tsona li setse morao tsela ea tsona, A le etsetsa bosiu le mots’eare

[34] O le neha tsohle tseo le li kopang, empa ha le bala nala ea Allah, le ke ke la e qeta. Ruri motho o inehetse ho hloka toka le teboho

[35] Hopolang hore Abrahama o ile a re: “Oho Mong`a ka! Etsa motse ona oa khotso le polokeho: U mpaballe le bara baka khahlanong le ho khumamela melingoana

[36] Oho Mong`a ka! Ruri e khelositse ba bangata har`a batho; Ea ntatelang o na le ‘na. Haele ea ntatolanng, –empa Ruri ke Uena ea Ts’oarelang joalo-joalo, U Khaphatseha Mohau

[37] Oho Mong`a rona! Ke ahetse ba bang ba bana baka ka har’a phula e senang bolema haufinyane le Ntlo ea Hau e Halalelang. Mong`a rona! E le hore ba tle ba phethahatse lithapelo; Ts’ollela moea oa lerato kahar’a lipelo tsa batho ba tle ba be le qenehelo ho bona, U ba fepe litholoana hore ba tle ba fane ka liteboho

[38] Mong`a rona! Ruri Ke Uena ea tsebang seo re se patang le seo re se utullang. Etsoe ha ho ntho e patehileng ho Allah, ekaba lefats’eng kapa leholimong

[39] Lithoriso li be ho Allah ea mphileng Ishmaele le Isaaka lilemong tsa botsofali ba ka! Mong`a ka ka tieo U Utloa Thapelo

[40] Mong`a ka! A k’u etse hore ke phethahatse lithapelo ka mehla eohle ekasitana le bana ba ka; Mong`a rona! Amohela thapelo eaka

[41] Mong`a rona! Re apese ka ts’oarelo, – `na le batsoali ba ka le bakholoang, mohla Letsatsi leo Lipallo li theoleloang.”

[42] Ha le nahane hore Allah ha A elelloe liketso tseo ba khopo ba li etsang. Empa U sa banehile khefutso e fokolang ho fihlela mohla Letsatsi leo mahlo a tla beng a lebelletse ka matsoalo

[43] Ba mathela pele melala ea bona e thamolohile ka sekhahla, ba lelalitse lihlooho ba bile ba hloka pono hoo lipelo tsa bona li emeng ntsi

[44] U hlokomelise batho ka Letsatsi leo Khalefo e tlang ho ba fihlela, ba entseng libe bona ba tla re: “Mong`a rona! A k’u re nehe khefutso hanye-nyane. Re tla mamela Pitso ea Hau le hona ho latela Baromuoa.” Karabelo e tla re: “na ha le’a ka la ikana esale pele ka hore ho ke ke ha eba le pheletso mabapi le lona

[45] Le phetse liahelong tsa ba foselitseng meea ea bona; le ile la supisoa hantle kamoo Ra sebetsa ka bona le hona ho le etsetsa mehlala!”

[46] Ba ile ba rera, empa merero ea bona e ne e le ponts`eng ho Allah, le hoja e ne e le oo lithaba li neng li ka ‘na tsa ritsa ke ona

[47] Se nahane hore Allah U tla sitoa ho phethahatsa ts’episo ea Hae ho Baromuoa ba Hae. Bonang! Allah U Matla Oohle, Mong`a Kotlo

[48] Ka Letsatsi le leng lefats’e le tla fetoleloa sebopehong se sele, ka ho ts’oana le leholimo le tla fetoloa; bohle ba tla hlahela kapel’a Allah, Ea Inots’i, Ea Matla Oohle

[49] Ka Letsatsi leo o tla bona ba etsa libe ba tlamiloe ha ‘moho ka liketane

[50] Ba apere liaparo tsa boka, lifahleho tsa bona li koahetsoe ke khanare ea mollo

[51] Allah a tla putsa moea ka mong seo o se kotutseng. Bonang! Ruri Allah U akofela boikarabellong

[52] Ona ke molaetsa o hlakileng sebakeng sa batho: ba tle banke Tlhokomeliso, le hona hore ba be le tsebo ea hore ke Eena Allah A Inots’i le hore batho banang le kutloisiso ba tle ba utloe. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Sebaka se Majoe

Surah 15

[1] Alif. Lam. Ra. Tsena ke litemana tsa Qura’n, – tseo eleng manollo e hlakileng

[2] Mahana-tumelo a tla tlaloa ke takatso ea hore ba ke beba ile ba inamela thatong ea Allah, Islamong

[3] Ba tloheleng ba je le hona ho natefeloa le ho ithabisa. Ha Ts’epo ea bohata e ba thabise: Haufi ba tla ruoa tsebo

[4] Ha Re’a ka Ra timetsa sechaba empa ho sa ka ha eba le pallo malebana le ona

[5] Etsoe ho se sechaba se ka itlhophelang nako eo ea pallo, kapa hona hore ba e liehise

[6] Ba re: “Hela uena eo molaetsa o senotsoeng ho uena, Ruri u’a hlanya

[7] Hobaneng u sa tlise manyeloi ho rona, haeba u le e mong oa ba nang le ‘Nete?”

[8] Ha Re ke Re romela manyeloi haese feela ka lebaka le tiileng, ha ane a ka tla, Bonang! ba ne ba tla hloka phomolo

[9] Re theoletse Molaetsa ona kantle ho qeaqeo; Ruri Re balebeli ba oona

[10] Re romeletse Baromuoa pele ho uena har’a batho ba litumelo tsa khale

[11] Ha ho le’a mong oa baromuoa eo ba sa kang ba mo soma

[12] Ke kamoo re etsang hore e kene lipelong tsa ba molato

[13] Hore ha ba kholoe ho oona, le hoja mohlala oa batho ba khale o se o fetile pele

[14] Le haeba Re ne Re ba buletse khoro ea leholimo, bane ba tla qeta letsatsi lohle ho nyolohela teng

[15] Ba re: “Mahlo a rona a tahiloe: che, re mpa re loiloe.”

[16] Ke Rona ba thalehileng maholimo ka Mats’oao a Linaleli, Ra le ntlafatsa sebakeng sa babohi

[17] Re A ts’irelelitse malebana le meea eohle ea liabolosi e lits’ila

[18] Empa ea fumanang kutlo ka bokhukhuni, o salangoe ke khanare ea lelakabe

[19] Haele lefats’e lona re le alile joaloka moseme, eaba re beha holim’a lona Lithaba tse tsepameng ka tieo; le hona ho hlahisa lintho tsohle tsa mefuta holim’a lona ka tekano

[20] Re le nehile boipheliso holim’a lona ekasitana le bao uena o sa ba fepeng letho

[21] Ha ho letho le teng leo mehloli ea lona e seng ho Rona. Ha Re romelle letho lefats’eng haese ka tekanyo e lekaneng

[22] Re bile Re romella liphefo tse matlafatsang, le hona ho nesa pula e tsoang marung ho le neha metsi. Empa le se balebeli ba mehloli eo

[23] Ruri! Ke Rona ba fanang ka bophelo, le ho fana ka lefu, ke Rona ba salang E le majalefa

[24] Ruri Re’a tseba ka ba potlakelang pele har’a lona le ba le le sisitheho

[25] Bona! Mong`a hau U tla ba khobokanya ‘moho. Hobane Ruri U Seli, U hlokolosi

[26] Re hlotse motho ka letsopa le lets’o, le tsoang seretseng se khobiloeng la nehoa sebopeho

[27] Pele re hlotse Masabonoeng ka mollo o tlotlehang

[28] U be u hopole mohla Mong`a hau A neng A re ho manyeloi: “bonang! Ke morerong oa ho hlola motho ka letsopa le lets’o le tsoang seretseng le tla nehoa sebopeho

[29] Ho ba ke mo hlole le hona ho bolulela moea oa ka U halalelang ka ho eena, le oele fats’e ka boikokobetso kapela hae.”

[30] Manyeloi ohle a ile a ithapalatsa ka boikokobetso ‘moho

[31] Haese Iblis. Ea ileng a hana hoba har’a ba ithapalatsang

[32] Allah A re: “Oho Iblis! Ke lefeng lebaka le entseng hore u se ke oa ba har’a ba ithapalatsang?”

[33] Iblis a re: “Nka ithapalatsa joang ho motho eo u mo hlotseng ka letsopa le lets’o le tsoang seretseng, eaba le’a khojoa le nehoa sebopeho?”

[34] Allah A re: “Tloha mona ke hona, hobane o ea khesehang

[35] Thohako e tlaba holim’a hau ho fihlela Letsatsi la Kahlolo.”

[36] Iblis a re: “Mong`a ka! A k’u mphe nyehlisetso ho fihlela Letsatsi leo ba tlang ho tsosoa ka lona.”

[37] Allah A re: “Nyehlisetso o e filoe

[38] Ho fihlela Nako ea Pallo.”

[39] Iblis a re: “Mong`a ka! Ho latela hore u ntahletse thoko le tsela e nepahetseng, Ruri ke tla ntlafatsa tsela e fosahetseng malebana le batho ba lefats’eng, ke tla khelosa bohle tseleng e nepahetseng

[40] Ntle le makhabunyane a hau a ts’epahalang a bileng a hloekisitsoeng.”

[41] Allah A re: “Ena ke tsela e nepahetseng ea makhabunyane a ka, ebile e le setlamo ho ‘na

[42] Haele makhabunyane ha u ope o tlang ho ba le matla holim’a hae, ntle le ba ikenyang phosong ba o latele

[43] Ruri lihele ke sebaka seo ba se t`sepisitsoeng

[44] Se na le likhoro tse supileng, khoro ka `ngoe e na le karolo ea eona ea pallo

[45] Ba lokileng ba tla ba har’a lirapa le liliba

[46] Ho tla thoe ho bona: “Kenang ho tsona ka Khotso le Paballeho.”

[47] Re tla hlakola eng kapa eng ekabang teng e mpe ka hare ho lifuba tsa bona. E tla ba baena ba tla beng ba lutse litulong tse phahameng ba shebane ka mahlong

[48] Ho se khathatso ea letho e ka ba t`soenyang moo, kapa hona ho lelekoa sebakeng seo.”

[49] Bolella makhabunyane A ka hore, Ruri Ke Ts’oarela-joalo- joalo, ebile Ke Khaphatseha Mohau

[50] Empa kotlo Ea Ka ke kotlo e mahlonoko

[51] U be u ba bolelle ka baeti ba Abrahama

[52] Kamoo ba ileng ba buoa le eena kateng mohla baneng ba mo etetse, ha ba re: “Khotso.” A re: “Ruri re’a le ts’aba.”

[53] Ba re: “U se ts’ohe! Hobane Re u tliselitse litaba tse molemo tsa mora ea apesitsoeng bohlale.”

[54] A re: “Le ka tlisa litaba tse molemo ho ‘na tsa mora nakong ea botsofali ba ka? Li sa na le eng litaba tsa lona tse molemo?”

[55] Ba re: “Re u tliselitse litaba tse molemo e le ka ‘nete. Kahoo u se ke oa nyahama.”

[56] Abrahama a re: “Ke mang ea ka nyahamelang Mohau oa Mong`a hae haese feela ba khelohileng tseleng?”

[57] A re: “Joale ke le feng lebaka la lona, lona baromuoa ba Allah?”

[58] Ba re: “Re romeletsoe ho batho bohle ba oetseng sebeng

[59] Ntle le lelapa la lota. Re tla ba pholosa kaofela

[60] Ntle feela le mosali oa Lota, eo Re ikholisitseng hore o tla ba har’a ba tla salla morao.”

[61] Hoba baromuoa ba fihle lelapeng la Lota

[62] A re: “Le shebahala le le batho ba sa tsebahaleng ho ‘na.”

[63] Eaba ba re: “E, re mpa re u tliselitse seo ba bangata ba nang le khoao malebana le sona

[64] Re u tliselitse ‘nete, rona re ba boleli ba ‘nete

[65] U tsamae ka khitla le ba ntlo ea hau, uena u ba qhobe. Ho se be le’a mong oa lona ea tla hetla morao, empa le ee moo le laetsoeng ho ea teng.”

[66] Ke kamoo re ileng ra mo hlakisetsa taelo kateng, e le hore mesalla ea ba sebeng e tle e lahleheloe ke likamano esale hosasa

[67] Baahi ba motse oo ba ile ba tla ka nyakallo e kholo ha ba utloa litaba tsa baeti bana

[68] Lota a re: “Ke baeti ba ka. Kahoo le se ntlotlolle

[69] Empa le ts’abe Allah, le se nts’oabise!”

[70] Ba re: “Na ha Re’a ka Ra u hanela ho phomosetsa mong le mong?”

[71] A re: “Barali ba ka ke bana, haeba le tlameha ho ba nyala.”

[72] Ruri ka bophelo ba hau, ba tlankelletse ka botlaopa nyakallong eo ea bona katamelong ea lefu

[73] Ke moo ba ileng ba ripitloa ke ho qhoma ho ts’abehang esale ka meso

[74] Re ile ra ba menola le hona ho ba subuhlellanya, eaba Re ba nesetsa sebabole sa manyeta a besitsoeng

[75] Bonang! Ruri kahar’a tsena ke lits’upiso ho ba utloisisang mats’oao

[76] Metse eo e ne e le pel’a ‘mila hantle o ntseng o tsamauoa

[77] Bonang! Ruri kahar’a sena ke sesupo ho ba kholoang

[78] Le Balekane ba Moru, ene e le baetsalibe

[79] Re ile Ra iphetetsa ho bona; etsoe le bona ba ntse ba le pel’a ‘mila o moholo o totobetseng ho ka bonoa

[80] Le Balekane ba Al-hijr, ba ile ba latola baromuoa ba Rona

[81] Re ile Ra ba neha lits’enolo tsa Rona, empa ba ile ba phehella ho li nyahlatsa

[82] Ba ile ba ipetlela melingoana ka majoe a moralla, moo a ntseng a ituletse teng ka paballeho

[83] Empa ho reketla ho ile ha ba nanola esale ka matjeke

[84] Tsohle tseo ba neng ba li etsa ha li’a ka tsa ba tsoela molemo

[85] Ha re’a hlola maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa ona haese ka ‘nete. Ruri Hora e’a tla. Kahoo, bats’oarele ka bokhabane

[86] Ruri Mong`a hau! Ke `Mopi, Ea Tsebang tsohle

[87] Re u nehile litemana tse supileng tse pheta-phetiloeng hammoho le Qura’n ea Sebele

[88] U se penye mahlo a hau malebana le tseo re li apesitseng ba bang har’a bona: li se u koatise: u mpe u lepeletse mapheeo a hau ho ba kholoang

[89] Ebe u re: “Ruri ke mohlokomelisi ea hlakileng ea se nang ts’ekamelo,”

[90] Joaloka ha re kile ra romella ho ba arolang

[91] Joaloka ha Qura’n e ranthantsoe

[92] Kahoo, ka Mong`a hau, Re tla biletsa boikarabellong

[93] Mabapi le liketso tsa bona

[94] Ka hona phatlalatsa ponts’eng seo u se laetsoeng, o be u furalle ba kopanyang Allah le melimo ea bohata

[95] Re lekane ho u sirelelitsa khahlano le basomi

[96] Ba kopanyang Allah le melingoana: Empa haufinyane ba tla rua tsebo

[97] Re tseba hantle kamoo pelo ea hau e utloang bohloko kateng ke seo ba se buoang

[98] Empa u keteke lithoriso tsa Mong`a hau, u be har’a ba ithapalatsang ka lerato

[99] U sebeletse Mong`a hau ho fihlela u le makhatheng a lefu

Notsi

Surah 16

[1] Ruri taelo ea Allah e se e le haufi le ho phethahala, kahoo le se leke ho e potlakisa: Tlotla e be ho Eena, Ea okametseng tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona

[2] O romella manyeloi lefats’eng ka moea o halalelang ka Taelo ea Hae ho ope ea khahloang ke Eena har’a makhabunyane A Hae,: “Hlokomelisa hore ha ho `Mopi e mong ntle ho ‘Na, kahoo bolokang ts’ebeletso ea lona ho ‘Na.”

[3] O hlotse maholimo le lefats’e ka ‘nete. Ea okametseng tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona

[4] U hlotse motho ka there; Bona, motho eo a fetohe sera se pepenene sa Mong`a hae

[5] A hlola likhomo sebakeng sa lona: tseo le fumanang liaparo tse mofuthu le melemo e mengata, ebile e le lijo tsa lona

[6] Ke bokhabane ho lona, nakong eo le li orosang le nakong eo le li lebisang makhulong hoseng

[7] Le ho le jarela thepa e boima ho ea libakeng tseo le neng le ke ke la fihla ho tsona, kantle le ka meea e khathatsehileng. Hobane! Mong`a lona U Tletse Khauhelo, U Mohau

[8] Etsoe U hlotse lipere, li’moulo le li esele hore le tle le li kalle, le ho khaba ka tsona. E bile U hlotse tse ling tseo le sa li tsebeng

[9] Ho Allah ke boikarabello ho hlakisa Tsela E Topileng, empa litsela tse ling tsona li ts’okame. Hoja ebile thato ea hae eka be ba kaofela ha lona le tataisitse ka nepo kaofela

[10] Ke Eena Ea romellang pula ho tsoa marung: eo le thapisang linthane ka eona, e hlahisang limela tseo le fepang mehlape ea lona ka tsona

[11] Ka eona U le hlahisetsa poone, mehloare, litholoana tsa palema, merara le mefuta eohle ea litholoana. Ruri kahar’a sena ho teng sesupo ho batho ba nahanang

[12] Ke Eena Ea faneng ka taelo ho mots’eare le bosiu; le ho letsatsi le ngoeli; le linaleli tlas’a taelo ea Hae. Ruri kahar’a sena ke lits’upiso ho batho ba seli

[13] Le lintho tsohle tseo a le hloletseng tsona tse teng mona lefats’eng tse fapaneng ka mebala, Ruri! Kahar’a sena ho teng sesupo ho batho ketekang lithoriso tsa Allah

[14] Ke Eena ea faneng ka taelo ho leoatle ho ba taolong, hore le tle le fumane nama e hloekileng ho lona, le bile le hlahisa lipetja ho khaba. Le bona likepe li lelemela ho le arola, e le hore lona batho le tle le fumane nala ea Hae le hore le tle le fane ka liteboho

[15] A hloma lithaba tse tsepameng holim’a lefats’e esere la reketla ka lona; le liliba le litsela hore le tle le tsamaee

[16] Le mats’oao; ka linaleli ba fumane tsela

[17] Na ea hlotseng A ka ts’oants’oa le’a sa hlolang letho? Na le sa tla ke le amohele khalemo

[18] Le ka sitoa ho bala melemo ea Allah haeba le ka leka ho e bala. Hobane Allah U Ts’oarela ka Mehla, U Khaphatseha Mohau

[19] Allah U tseba tseo le li patang le tseo le li pepesang

[20] Haele bao ho bitsoang ho bona ntle ho Allah ha ba hlole letho, empa bona ka bo-bona ba hlotsoe

[21] Ba shoele, ha ba phele: ha ba tsebe mohla ba tlang ho tsosoa

[22] Ruri Mong`a lona ke `Mopi A le mong. Bohle ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang, lipelo tsa bona li hana ho amohela tsebo, ba ea ikhohomosa

[23] Ruri Allah U tseba tseo ba li patang le tseo ba li pepesang. Ruri ha A rate baikhohomosi

[24] Ha ho thoe ho bona: “Ke eng seo Mong`a lona A se senotseng?” ba re: “Lipale tse khale-khale,”

[25] Ba tla fana ka bopaki ba liketso tsa bona ka Letsatsi la Tsoho ka botlalo, le liketso tsa ba khelositsoeng ke bona tlas’a ho hloka tsebo. Ruri o mahlonoko mojaro oo ba tlang ho o jara

[26] Ba bileng teng pele ho bona ba ile ba ithera, eaba Allah U tsumula metheo ea metse ea bona, marulelo a ona a ile a ba oela holim’o; Kotlo ea ba fihlela hoja ba sa ile le khongoana holim’o ba sa lebella

[27] Mohla Letsatsi la Kahlolo U tla ba apesa ka masoabi, A re: “Ba kae batlatsetsi ba Ka, bao le neng le le khahlanong le tataiso ea ka?” Ba neng ba filoe tsebo ba tla re: “Ruri kajeno mahana- tumelo a apesitsoe masoabi le bohloko

[28] Bao meea ea bona e tla nkoa ke manyeloi ba sa le har’a phoso, ba tla inehela ka botlalo ka hore: “Ruri re ne re sa etse bobe ka tsebo.” Che, Ruri Allah U tseba tsohle tseo le neng le li etsa

[29] “kahoo kenang ka khoro ea Lihele, ho phela teng kahosafeleng. Ruri sebaka se tlontlollang ho bohle ba ikhants’ang

[30] Ho ba lokileng ho thoe, “Ke eng seo Mong`a lona A se senotseng? ba tla re: “Tsohle tse lokileng.” Ho ba etsang toka, ho teng toka Lefats’eng lena, le lehae le babatsehang Bophelong Bo-tlang. Ruri se babatsehang e tlabalehae la ba lokileng, –

[31] Ba tla kena kahar’a Lirapa tsa Edene; tseo linoka li phallang tlas’a tsona; teng ba tla ba le tsohle tseo ba li labalabelang. Ke kamoo Allah a putsang ba lokileng

[32] Bao meea ea bona e tla nkoa ke manyeloi ba sa hloekile, manyeloi a tla re: “Khotso e be le uena! Kahoo kena kahar’a serapa ka lebaka la tseo u neng u li etsa.”

[33] Na ba emetse hore manyeloi a fihle ho bona, kapa taelo ea Mong`a hau e phethahatsoe? Ho bile joalo le ho ba bileng teng pele ho bona. Ha Allah ea ba foselitseng, baiphoselitse bo-bona

[34] Litlamorao tsa liketso tsa bona tse mpe li fumane, seo ba neng ba se soma se ba etselitse sakana-la-nkope

[35] Ba khumamelang melimo ea bohata ba re: “Hoja e bile takatso ea Allah, re ka be re sa ka ra khumamela ho hong ntle ho Eena, rona le bo-ntat’a rona, kapa ho se likhanyetso tseo re li etsang kantle le taelo e tsoang ho Eena.” Leha ho le joalo, ba bileng teng pele ho bona ba‘nile ba etsa joalo. Na baromuoa ba ka qosoa ka ho hong kantle le molaetsa o hlakileng

[36] Ruri Re rometse moromuoa har’a lichaba tsohle, ka taelo e reng: “Sebeletsang Allah, le nene bobe.” Kahoo, har’a ba bang ba bona ho bile le bao Allah A ileng A ba tataisa, ho ba bang bona ts’ito e hlile ea ahela. Ak’u ha hlaule le lefats’e, u tle u bone seo e bileng pheletso ea ba ileng latola ‘nete

[37] Haeba u laba-labela tataiso ea bona, Allah ha A tataisa bao A ba tlohetseng ho kheloha. Ba joalo ha ba na mothusi

[38] Ba ikana ka likano tsa bona tse tiileng hore Allah a ke ke a tsosa ea shoang. Empa hoo ke ts’episo e tiileng ea ‘nete e teng ho Eena, le hoja boholo har’a batho bo sa hlokomele

[39] Hore a tle A ba manollele ka ‘nete tseo ba neng ba fapana ka tsona, mahana-tumelo a tla tseba hore ba ne ba le bohata

[40] Lentsoe la Rona holim’a ntho eo Re E rerang, ke hore feela Re Re ho eona, “E ba”! Efele e be teng

[41] Ba phaphathehi ba sieang malapa a bona ka baka la ts’ebeletso ea Allah kamor’a hoba ba be tlas’a khatello, Ruri re tla ba neha lehae le molemo lefats’eng lena, moputso oa Bophelo Bo-tlang o moholohali hoja ebe ba ne ba ka tseba

[42] Joaloka ba tsitlalletseng ba bile ba behile ts’epo ea bona ho Allah

[43] Re ‘nile Ra romella Baromuoa ba Rona pele ho uena, bao e neng e ntse e le batho bao Re neng Re ba nyenyelelitse, – haeba le sa tsebe letho botsang ba ntseng ba latetse molaetsa

[44] Molaetsa o jereng bopaki bo totobetseng esitana le ka mangolo; re bile ra u senolela Molaetsa, e le hore u tle u hlalosetse batho seo ba se senoletsoeng, ba tle ba tsebe ho nahana

[45] Na ba rerang liketso tse fosahetseng baikutloa ba ts’ireletsehile hoo Allah A ke keng A etsa hore lefats’e le ba metse, kapa hona hore khalefo ea Hae e ba hloibile ba sa ile le khongoana holimo

[46] Kapa hona hore A ba hloibile ba sa ntse ba nyolosa ba theosa hoo ba ke keng ba phonyoha ho hang

[47] Kapa hona hore A ba nehelle ka kotlo e butle-butle – Hobane Mong`a hau U Tletse Mosa, U Mohau

[48] Ha ba ithute ka lihloliloeng tsa Allah har’a lintho, – kamoo liriti tsa tsona li retelehang kateng ka ho le letona le le lets’ehali, le kamoo li ithapalatsang kateng kapel’a Allah ka boikokobetso bo boholo

[49] Ruri lintho tsohle tse maholimong le libopuoa tsohle tse phelang lefats’eng li ithapalatsa kapel’a Allah, ka mokhoa o ts’oanang le manyeloi; ha li ikhohomose

[50] Kaofela li ts’aba Mong`a tsona ea li Okametseng, li etsa kamoo li laeloang kateng

[51] Allah U itse: “Le se iketsetse melingoana. Hobane `Mopi A Inonts’i: ka hona ‘Ntsabeng.”

[52] Tsohle tse maholimong le lefats’eng li ikarabella ho Eena, tumelo eona ke Ea Hae ho isa kahosafeleng. Na le tla eba le ts’abo ho e mong ntle ho Allah

[53] Tsohle tse le khotsofatsang li tsoa ho Allah. Etsoe nakong eo le oeloang ke bomalimabe le bitsa ho Eena moo le batlang thuso

[54] Kamor’a hore a hlakole bomalimabe boo ho lona, bonang! Lequloana le leng la lona le kopanya Mong`a lona le melingoana

[55] Joaloka ha eka ho nyefoloa melemo eo Re ba sitsitseng ka eona. Leha ho le joalo, natefeloang ke bophelo le sa khona, hobane haufinyane le tla ruoa tsebo

[56] Ebile ba maneha karolo ea seo Re ba nehileng sona ka seo ba sa se tsebeng. Ka Allah! Ruri le tla botsoa mabapi le tsohle tseo le neng le li qapa ka bohata

[57] Ba bile ba maneha Allah barali, – Tlotla e be ho Eena! – bona ba ipha seo ba se ratang

[58] E mong oa bona ha a fihleloa ke litaba tsa tlhaho ea ngoana oa mosetsana, sefahleho sa hae se ea rothofala, a tlaloe ke mesarelo

[59] Ka masoabi o ipatela mehahabo ka lebaka la litaba tse mpe tseo a li fumaneng, “na o tla boloka lesea leo tlas’a mahlomola, kapa a le epele leroleng?” Aa! khetho e nyonyehang ha kakaang

[60] Ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang ho teng papiso ea bobe, ho Allah ho maname papiso e phahameng ka ho fetisisa. Ke Eena Ea matla Oohle, Ea Seli

[61] Hoja Allah U ne A ka otla batho ka lebaka la liketso tsa bona tse mpe, U ne A ke ke A siea sebopuoa leha se le seng se phelang lefats’eng, empa U li neha nyehlisetso ea nakoana ea pallo, ha nako eo ea tsona e se e atametse li ke ke tsa e busetsa morao leha e le ka hora, kapa ho e akofisa

[62] Ba manamisa Allah lintho tseo le bona ba sa li rateng, ba buoa leshano ka maleme a bona, ba re karolo eohle e molemo e tla ba ea bona. Ruri mollo e tlaba karollo ea bona, ba tla khoromeletsoa pele

[63] Ka Allah, Re rometse baromuoa lichabeng pele ho uena, empa Liabolosi o ile a etsa hore liketso tsa bona tse mpe li shebahale li khahleha. Esale eena mots’ehetsi oa bona kajeno, empa kahlolo e mahlonoko ke ea bona

[64] Re u senoletse

[65] Ke Allah ea romellang pula e theoha marung, eo ka eona A ts’osolosang lefats’e kamor’a lefu la lona. Bonang! Ruri kahar’a sena ke sesupo ho ba utloang

[66] Ruri likhomong ho teng thuto ho lona. Re le nehile hore le noe se teng kahar’a limpa tsa tsona, lipakeng tsa bolokoe le mali a tsona ho teng lebese le hloekileng le bileng le natefelang ba le noang

[67] Le litholoaneng tsa lipalema le merara, le fumana lino tse matlafatsang le eona phepo e matlafetseng le lijo. Bonang! Ruri kahar’a sena ke sesupo ho ba seli

[68] Mong`a hau U rutile notsi ho aha sehlaha maralleng, lifateng le matlong a batho

[69] Ebe e itjella litholoana tsohle le hona ho latela litsela tsa Mong`a eona tse pharaletseng. Kahar’a ‘mele ea tsona ho kolla seno se mebala e fapakaneng, ao e leng pheko ho batho. Ruri kahar’a ho sena ho teng sesupo ho ba nahanang

[70] Ke Allah Ea le hlotseng, A ba A etsa hore le shoe; har’a lona ho teng ea busetsoang morao botsofaling, e le hore a tle a se hlole a tseba letho kamor’a hoba a be le tsebo. Ruri Allah U Tseba Tsohle, U Matla Oohle

[71] Allah U fane ka limpho tsa boipheliso ho ba bang ba lona haholo ho feta ba bang. Ba filoeng limpho tse fetang tsa ba bang, ha ba fane ka limpho tseo ho bao matsoho a bona a matona a ba ruileng, hore ba tle ba lekane ka boemo. Na ke lereko la Allah leo ba le latolang

[72] Allah U le nehile balekane ho tsoa mahopong a lona, A ba A le neha bara le barali ‘moho le litloholo ho tsoa ho bona, A le etsetsa boipheliso ka lintho tsohle tse molemo. Na ke kahoo ba kholoang ho mafeela, ba sitoang ho leboha lereko la Allah

[73] Ba khumamela melimo ea bohata ntle ho Allah eo ka bo eona e senang mokhoa oa boipheliso, eka bang leholimong kapa lefats’eng, ebile e se na le matla

[74] Le se qape lit`soant`so mabapi le Allah. Hobane Ke Allah Ea Tsebang, lona ha le tsebe letho

[75] Allah U entse papiso ea banna ba ba beli: ea lekhoba le tlas’a taolo ea e mong le se nang taelo holim’a eng kapa eng, le ea e mong eo Re mo sitsitseng ka boipheliso bo tsoang ho Rona, e be o sebelisa boipheliso boo lekunutung kapa ponts’eng. Na bobeli ba ea lekana? Lithoriso li be ho Allah! Empa bongata ba bona habana tsebo

[76] Allah U boetse o behile papiso e ‘ngoe hape ea banna ba babeli, e mong oa bona ke setholo se se nang taolo holim’a eng kapa eng, ke moroalo oa Mong`a hae; hohle moo Mong`a hae a mo laelana ho ea teng, ha ho molemo oa letho oo a tlang le oona. Na monna ea joalo o lekana le’a sebetsang ka Toka a bile a latela Tsela e Otlolohileng

[77] Ruri Masabonoeng tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah le eona Hora ea Timelo ke ho panya ha leihlo, kapa ho feta moo. Allah U Matla holima tsohle

[78] Ke Allah Ea le nts’itseng lipopelong tsa bo-’ma lona ha le ne le sa tsebe letho, A le neha kutlo le pono le bohlale le maikutlo, e le hore le tle le fane ka liteboho

[79] Na ha bae s’o bone ha linonyana li ithapalalitse molaong oa Allah li tsitsitse lipakeng tsa moea le maru? Ha ho letho le li khakelelitseng haese Allah. Ruri ho sena ke sesupo ho ba kholoang

[80] Ke Allah Ea le nehileng matlo ho ba malapa a bolulo le phomolo, A le neha matlalo a likhomo hore le etse matlo ao le a fumanang a le bobebe ha le’a kuka nakong ea bohahlauli, ha le khefutsa bohahlauling ba lona, ebe le hloma litente tsa lona; ka boea le bolitse ba tsona le be le etse masela a bonolo a le futhumatsang ha nakoana

[81] Ke Allah Ea le nehileng ho tsoa linthong tseo a li hlolileng, moriti; A le neha libaka tsa bots’abelo lithabeng, le hona ho le neha liaparo tse le ts’ireletsang lebatameng esitana le eona kobo-khulu ho le ts’ireletsa lintoeng tse bakoang ke lona. Ke kamoo A phethahatsang melemo Ea Hae kateng ho lona; e le hore le tle le ithapalatse ho Eena

[82] Haeba ba u furalla, mosebetsi oa hau ke ho fetisa molaetsa o hlakileng

[83] Ba tseba molemo ea Allah, empa ba ea e latola. Ruri bongata ba bona ha bana teboho

[84] Ka letsatsi le leng Re tla tsosa Paki khahlanong le sechaba ka seng: ke moo ho se nang hoba le monyetla ho amohela kopo ea ts’oarelo ho mahana – tumelo, kapa oona molemo

[85] Ha ba etsang liphoso ba bona Kotlo, ha eke ke ea bebofatsoa hohang, kapa hona ho fumana nyehlisetso

[86] Ha ba neng ba maneha Allah batlatsetsi ba bona bo-mphato’a bona, Ba tla re: “Mong`a rona! Bana ke bo-mphato’a rona bao re neng re tloaetse ho memetsa ho bona kathoko ho uena.” Empa batlatsetsi ba bona ba tla ba tjolietsa ka hore: “Ruri le mashano!”

[87] Letsatsing leo ba tla totobatsa boinehelo ba bona ho Allah, tsohle tseo ba neng ba li qapa li ba lahlile kherehloa

[88] Ba latolang Allah, ba sitisa batho ho kena tseleng ea Allah, Ruri Re tla ba phaella kotlo holim’a kotlo hobane ba ne ba tloaetse ho baka pherekano

[89] Ka letsatsi le leng Re tla tsosa Paki khahlanong le sechaba ka seng e tsoang har’a bona, Re tla u tlisa u le paki khahlanong le bana. Re senotse Lengolo le hlalosang lintho tsohle, e le Tataiso le Mohau le Litaba tse Molemo ho Mamuslim

[90] Allah U laetse toka, ho etsa botle, le ho ba mosa ho mehaeno, o hanetse liketso tsohle tse tlontlollang le lehloeo le bokhopo. O le eletsa ho amohela khalemo

[91] Phethahatsang Selekane sa Allah ha le se le itlamme ka sona, le se koenehele likano tsa lona kamor’a hoba le ikane, le kamor’a hoba le etse Allah molisa holim’a lona. Ruri Allah U Tseba Tsohle tseo le li etsang

[92] Le se ts’oane le mosali ea pomang likhoele kamor’a hoba a lits’ohle hore li be matla. Kapa ho etsa likano tsa lona thetso lipakeng tsa lona, ka lebaka la sechaba se sengata haholo ho feta se seng. Hobane Allah U tla le beha tekong ka sena, Ruri o tla le hlalosetsa seo le neng le sa lumellane ka sona mohla Letsatsi la Kahlolo

[93] Hoja e bile thato Ea Allah, A ka be a le entse sechaba se le seng kaofela ha lona, empa U lesa bao A ikhethelang bona ho kheloha le ho tataisa bao A Ikhethelang bona; empa le tla botsoa tsohle tseo le neng le li etsa

[94] Le se fetole likano tsa lona thetso lipakeng tsa lona, esere ka mohlomong leoto la e mong la thella kamor’a hobale setlele ka tieo, la tlameha ho latsoa litholoana tse babang tsa ketso ea ho sitisa batho ho kena tseleng ea Allah, eaba kahlolo e ts’abehang e oela holim’a lona

[95] Le se rekise selekane sa Allah ka theko e eisehang! Bonang! Ruri moputso o ho Allah ke o babatsehang sebakeng sa lona, hoja feela le ne le tseba

[96] Seo se ho lona ha se na thuso, empa haele se ho Allah se tla sala e le seemahale. Ruri Re tla putsa ba tsitlaletseng ka moputso o babatsehang ho latela makhabane ao ba neng ba a etsa

[97] Motho ofe kapa ofe ea etsang toka, ekaba monna kapa mosali, e bile e le molumeli, Ruri Re tla mo neha bophelo bo ntlafetseng, Re tlaba putsa ka moputso o babatsehang ho latela makhabane ao baneng ba a etsa

[98] Nakong eo le phetang Qura’n, le kope ts’ireletso ho Allah khahlanong le Satane oa ho nenoa

[99] Bonang! Ruri ha a na matla holim’a ba kholoang ba behileng ts’epo ea bona ho Mong`a bona

[100] Bolaoli ba Satane bo holim’a ba thehileng setsoalle le eena feela le ba manehang Allah ka batlatsetsi

[101] Nakong eo Re nyokolang ts’enolo sebakeng sa e ‘ngoe, – ‘Allah U tseba ka botlalo seo A se senolang, – Ba re: “Uena u mpa u iqapetse.” Ruri bongata ba bona ha bo na tsebo

[102] E re: “Moea o Halalelang o tlisitse ts’enolo e tsoang ho Mong`a hae ka ‘nete, ho tla hlapants’a tumelo ea ba kholoang, e le tataiso le tsona litaba tse monate ho ba inehetseng ho Allah.”

[103] Re bile Re tseba hantle hore ba re: “Ke motho ea u rutang.” Leleme leo ba mo supang ka lona ke la balichaba, athe leleme lena ke la se-Arabia se hlakileng

[104] Haele ba sa kholoeng lits’enolong tsa Allah, Ruri Allah a ke ke a ba tataisa, kahlolo e mahlonoko ke’a bona

[105] Ke ba sa kholoeng lits’enolong tsa Allah, ba iqapelang mashano, ke bona ba leshano

[106] Mong le mong ea sa tl’o lumela ho Allah kamor’a hoba a be le tumelo, ntle le ea tla hatelloa, pelo ea hae eona e sale e sataletse tumelong, – empa ba koenehelang tumelo ha bobebe: khalefo ea Allah e holim’a bona. Ruri kahlolo ea bona ke e ts’abehang

[107] Sena ke ka lebaka la hobane ba ikhethetse bophelo ba lefats’e lena ho ena le bo-tlang, etsoe ke hobane Allah ha A tataise batho ba hlokang tumelo

[108] Bana ke bao Allah A kabileng lipelo, litsebe le mahlo a bona. Ke maoatla

[109] Kantle ho khoao, ba tla timela ho Bo-tlang

[110] Empa ruri Mong’a Hau,-Haele ba phaphathehang kamor’a likotlo qobello tse bileng teng holim’a bona, hamorao e be ba a loanela Tumelo le hona ho ba le mamello, – Ruri kamor’a mona Mong`a hau malebana le bona U Ts’oarela-joalo-joalo, U Khaphatseha Mohau

[111] Ka letsatsi le leng moea o mong le o mong o tla ipuelella ka bo-ona, moea ka mong o tla putsuoa seo o se entseng, e ke ke ea qhekelloa

[112] Allah U fana ka papiso: ea motse o phelang ka ts’ireletso le khutso, nala ea ona e hlaha likhutlong tsohle, empa o nyefola melemo ea Allah, eaba Allah U etsa hore o ke o latsoe tlala le tsitsipano ka lebaka la mekhoa e mebe eo batho ba oona ba entseng

[113] Eaba ho fihla Moromuoa har’a bona ea hlahetseng har’a bona, empa ba ile ba mo latola ka bohata, ba ripitloa ke khalefo nakong eo ba sa ntseng ba le har’a lits’ito tseo tsa bona

[114] Ejang lijo tse hloekileng tseo le lumeletsoeng ho lija, tseo Allah a le sitsitseng ka tsona; le lebohe nala ea Mong`a lona haeba ke Eena eo le mo sebeletsang

[115] Allah U le hanetse feela ka nama ea phoofolo e shoeleng, bobete, nama ea kolobe le nama eo eitseng ha e hlajoa eaba ho bitsoa lebitso le leng le ntle ho la Allah; ntle le ea tla khannoa ke boemo, eseng ho tlola molao kapa hona ho tlola meeli, – Ruri Allah U Ts’oarela ka Mehla, U Tletse Mohau

[116] Le se ke la buoa khahlanong le seo maleme a lona a sa se tsebeng, empa ka leshano le re: “Sena se molaong, sena ha se molaong,” le qapa leshano mabapi le Allah. Ruri haele ba qapang leshano khahlanong le Allah ba ke ke ba atleha

[117] Boithabisonyana bo fokolang e tla ba ba bona; le kahlolo e mahlonoko ke’a bona

[118] Ho Ma-Juda Re ba hanetse ka lintho tseo Re seng Re u phetetse tsona. Ha se Rona ba ba foSelitseng, empa ba ne ba atisa ho iketsetsa liphoso ka bo-bona

[119] Ba etsang sebe tlas’a ho hloka tsebo, hamorao ba inyatse le hona ho etsa tefelo, – – Ruri Mong`a hau U Ts’oarela ka Mehla, U khaphatseha Mohau

[120] Abrahama e bile mohlala, a le mamello ho Allah le ho ba le tumelo e tiileng tlhahong, a sa kopanye Allah le melingoana

[121] O ile a bonts’a teboho melemong ea Allah; Ea mokhethileng, a mo tataisetsa Tseleng e Otlolohileng

[122] Eaba Re mo neha tse molemo lefats’eng lena, ho Bo-tlang o tlaba har’a ba lokileng

[123] Kamorao ho moo eaba Re A u nyenyeletsa: “Latela tsela ea Abrahama, ea bileng le ‘nete Tumelong, o ne a sa kopanyanye Allah le melingoana

[124] Sabata sona se ile sa etsetsoa feela ba neng ba phehisana khang ka sona, Empa Allah U tla ahlola lipakeng tsa bona mohla Letsatsi la Kahlolo malebana le phapang ea bona

[125] Memela bohle Tseleng ea Mong`a hau ka bohlale le boshomaeli bo hlakileng; u supisane mabaka le bona ka mokhoa o babatsehang. Hobane Mong`a hau o tsebisisa hantle eo ea khelohang tseleng ea Hae, le ba amohelang tataiso

[126] Haeba u fana ka kotlo, u fane ka kotlo e ts’oanang le eo le uena u kileng oa ahloloa ka eona. Empa haeba u mamella ka ts’iamo, Ruri seo se molemo ho ba mamellang

[127] Mamella. Mamello ea hau e tsoa ho Allah; U se ikutloese bohloko ka bona; u se ke ua ituba ka merero ea bona

[128] Hobane Allah U na le ba bolokang its’oarang, le ba etsang toka. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Leeto la Bosiu

Surah 17

[1] Tlotla e be ho Allah, ea ileng a nka lekhabunyane la hae Makka (kaaba) bosiu ho ea Jerusalema (masjid al-aqsa), eo Re e hlohonolofalitseng; ho ea ‘monts’a lits’upiso tsa rona! Ruri ke Eena, Eena feela Ea utloang, Ea Bonang Tsohle

[2] Re ile Ra neha Moshe Lengolo, ra le etsa hore e be tataiso baneng ba Israele, –: “Le se ikhethele molebeli e mong ntle ho ‘Na.”

[3] Lona tsoala ea bao re neng Re bankile mmoho le Nooe. Nooe ene ele lekhabunyane le tletseng teboho

[4] Eaba Re behela bana ba Israele temoso kahar’a Lengolo, le tla baka bobolu ka makhetlo a mabeli lefats’eng, le tla sokolohela bokhopong bo boholo

[5] Ha nako ea khalemo e se e tlotse ho tseo tse peli, eaba Re tsosa makhabunyane a Rona khahlanong le lona ba matlahali ntoeng, ba ileng ba ripitla naha ea lona, ebile sekhobo se phethahalitsoeng

[6] Eaba Re boela Re le neha monyetla oa ho boela morao khahlanong le bona, Ra le sitsa ka thepa le bara, le hona ho le phaella ka matla

[7] “Haeba le etsa toka, le e etsetsa molemong oa meea ea lona, haeba le etsa sebe, le se etsa molemong oa lona. Eitse ha nako eo ea kahlolo ea bobeli e se e fihlile, eaba Re tsosa makhabunyane a Rona khahlano le lona ho le ripitla, le ho kena Tempeleng ea lona, joaloka ha ba ile ba kena lekhetlo la pele, le ho ripitla tsohle tse kapela bona

[8] Mohlomong Mong`a lona U tla ba mohau ho lona, empa haeba le ntse le pheeletse ho etsa bobolu, Re tla le pheta ka kahlolo e `ngoe hape, Re lokisitse Lihele chankane e ka tlas’a lefats’e sebakeng sa ba latolang tumelo

[9] Ruri Qura’n ena e tataisetsa tseleng e otlolohileng, e fana ka litaba tse molemo ho ba kholoang ba etsang mesebetsi e lokileng, hore ba tla ba le moputso o moholohali

[10] Le ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang, Re ba lokiselitse kahlolo e mahlonoko

[11] Thapelo eo motho a e etsetsang bokhopo, o e etsa joaloka ha e ka o rapella toka; hobane haesale motho a le sefuthong

[12] Re hlotse bosiu le mots’eare hoba lits’upiso tse peli. Eaba Re etsa lefifi ho ba sesupo sa khanya, Ra boela Ra etsa sesupo sa mots’eare ho fana ka leseli, e le hore le tle le tsomane le nala ea Mong`a lona le hore le tle le tsebe ho lokolisa lilemo, le eona pallo; Re hlakisitse lintho tsohle ka hlokolosi

[13] Re tlameletse liketso tsa motho e mong le e mong molaleleng oa hae, re tla hlahisa kapel’a hae Lengolo, leo a tlang ho le fumana le pharaletse mohla Letsatsi la Kahlolo

[14] “Bala buka ea hau. Kajeno moea oa hau o lekane ho iketsetsa tlhahlobo khahlano le uena.”

[15] Mong le mong ea amohetseng tataiso, o e amohetse molemong oa hae, ea khelohang, o etsa joalo molemong oa hae. Ha ho moea o tla jarisoa mojaro oa moea o mong. Re ke ke Ra ahlola Re es’o ka Re romella moromuoa

[16] Nakong eo Re nkang qeto ho ripitla sechaba, Re romella taelo ho baahi ba teng ba phelang ha monate, empa kamorao ho moo ba simolle ho e nyelisa, joale lentsoe la kahlolo le phethahale khahlanong le bona, ebe Re ba ripitla ka sehloho se t`sabihang

[17] Ke meloko e mekae eo Re e ripitlileng ho tloha ho Nooe? ‘Allah U lekane tje kaha e le Motsibi le Molula-qhooa oa libe tsa makhabunyane a Hae

[18] Mong le mong ea ka labalabelang bophelobamafeela-feela bo potlakang bo feela, re potlakela ho eena ka bona malebana le eo re ikhethelang eena. Kamor’a moo, re se re ntse re mo lokisitse lihele; o tlabamahlomoleng a mollo kahar’a tsona, a rohakehile, a bile a kheseha

[19] Mong le mong ea lakatsang Bophelo Bo-tlang, a tsitlaletse ho bona ka mokhoa o lokelang oa bolumeli; Ruri ba joalo, bolumeli ba bona bo fumana molemo ho Mong`a bona

[20] Re putsa bohle ka nala ea Mong`a hau. Ho enoa le eane, Nala ea Mong`a hau e buletsoe bohle

[21] Bona kamoo Re putsang ba bang kateng ho feta ba bang, Ruri bophelo Bo-tlang etlaba bo phahameng ka ho fetisisa ka maemo le ka tlhohonolofatso

[22] Oho uena motho! U se ke oa ipetlela molingoana kapel’a Allah, esere oa tloha oa ikoahleha le hona ho its’oabela

[23] Mong`a lona! U nehelane ka taelo ea hore ho se be ope eo le mo khumamelang ntle ho Eena, le be mosa ho batsoa li ba lona. Haeba e mong kapa bobeli ba se ba fihletse lilemo tsa botsofali boteng ba lona, le se ke la ba tsoela hlompho le ho ba leleka, empa le buoe le bona mantsoe a hlompho

[24] Le ba rolele khaebana ka boikokobetso le ka mohau, le re: “Mong`a ka! A k’u be le mohau holim’a bona joaloka ha ba ile ba ntlhokomela ho tloha bongoaneng ba ka.”

[25] Mong`a lona! U Tseba hantle se kahar’a lipelo tsa lona. Haeba le na etsa liketso tse ntle, Ruri U Ts’oarela-joalo-joalo ba sokolohelang ho Eena khafetsa

[26] Le nehelane ho beng ka lona litokelo tsa bona, ba hlokang le ba hahlauli, u se ke oa ja maruo a hau lekeme-keme ka meharo

[27] Ruri ba meharo ke metsoalle ea Bo-Liabolosi, Liabolosi o oa kheseha ho Mong`a hae

[28] Empa haeba u ka sutha pela bona ho ea batla mohau oa Mong`a hau, oo u behileng ts’epo ea hau ho ona, joale buisana le bona ka mantsoe a amohelehang

[29] Letsoho la hau le se tlamelloe molaleng oa hau, kapa hona ho le nenesa leha ho sa hlokahale, esere oa tloha oa itelela le hona ho sala u hlobotse

[30] Ruri Mong`a hau o phaella nala ea Hae ho ope ea khahloang ke Eena, e bile o’a e fokotsa ho ope ea khahloang ke Eena, U nehelana ka tekano. U tseba lintho tsohle ke Moalosi oa makhabunyane a hae

[31] Le se ke la bolaea bana ba lona moo le ts’abang tlala; Re tla ba fepa hammoho le lona. Ruri polao ea bona ke sebe se seholohali

[32] Le se atamele haufi le bofebe. Ke ketso e manyala esita le eona tsela e nyonyehang

[33] Le se ke la fenetha kantle ho molao bophelo ba ope eo Allah a bo hlohonolofalitseng haese feela ka toka. Empa haele ea tla bolaoa ka phoso, Re nehelane ka matla holim’a ea ikarabellang ho eena, empa le eena a se ke a tlola meeli e behiloeng ka polao. Hobane o oa thusoa

[34] Le se ke la atamela maruo a khutsana haese feela ka mokhoa o molemo, ho fihlela a fihletse lilemo tse lumellehang; le boloke selekane. Ruri tseo le li entseng ka selekane le tla li botsoa

[35] Nakong eo le fanang ka tekanyo, le nehelane ka tekanyo e feletseng, le be le kale ka tekanyo e lokileng; seo ke katamelo e kholo, e bile e le molemo Bophelong Bo-tlang

[36] U se ke oa sala morao seo u senang tsebo ea sona. Hobane kutlo le pono esita le eona pelo, e ‘ngoe ea tsona e tla botsoa

[37] U se ke oa tsamaea ka boikhants’o lefats’eng. Hobane u ke ke oa petsola lefats’e, kapa ho fihlela lithaba ka bophahamo

[38] Hobane sebe sa tseo tsohle, se’a nyonyeha kapel’a Mong`a hau

[39] Sena ke karolo ea bohlale boo Mong`a hau A ileng A u senolela ka bona. U se ke oa ipetlela molingoana kapel’a Allah, esere oa tloha oa lahleloa Liheleng, u le molato le hona ho ba shalabeng

[40] Le bolela hore Mong`a lona o le abetse bara, eena a ikhethela barali har’a manyeloi? Ruri le buoa linyonts’a

[41] Ruri! Re hlakisitse likeletso tsa rona kahar’a Qura’n ena, hore ba tle ba amohele khalemo; empa ha ho molemo oo e o tlisang haese paleho

[42] E re: “Hoja e be ho teng melimo e meng kapel’a hae joaloka ha ba rialo, Ruri ba ke be ba itherile ka mokhoa o mong khahlanong le Mong`a Terone.”

[43] Ke Eena Ea Tlotlehileng, U hloahloeng e phahametseng tsohle tseo ba li bolelang

[44] Lintho tsohle tse teng maholimong a supileng esitana le lefats’eng li rorisa Eena, ha ho letho le sa pheteng lithoriso tsa Hae; empa lona ha le utloisise thoriso ea tsona. Ruri U na le Mamello, U Ts’oarelo e Fetisisang

[45] Nakong eo u phetang Qura’n, Re beha lesira le sa bonahaleng lipakeng tsa hau le ba sa Kholoeng Bophelong Bo-tlang

[46] Re koahela lipelo tsa bona ka lesira, esere ka mohlomong ba tloha ba e utloa, etsoe ke litholo; nakong eo u hlalosang ka Mong`a hau a Inots’i kahar’a Qura’n, ba u furalla ka paleho

[47] Re tseba ka botlalo seo ba laba-labelang ho se utloa nakong eo ba le mametseng, Nakong eo ba kopanang sephiring, bonang lifelekoane li re: “ha ho seo le se setseng morao haese motho ea louoeng.”

[48] Bona kamoo ba u etsetsang lipapiso kateng, ba khelohile, ba ke ke ba fumana tsela

[49] Ba re: “Ha re se re le masapo le lerole, na ka ‘nete re tla boetse re tsosoa hape joaloka moloko o mocha?”

[50] E re: “Le be majoe, kapa tsona ts’epe

[51] Kapa eng le eng feela e hlotsoeng e thata kahar’a likelello tsa lona!” Ke moo ba tla re: “Joale ke mang ea tla re busetsa bophelong hape?” E re: “Eena Ea le hlotseng sethathong.” Ba tla u sisinyetsa lihlooho, ba re: “Seo se tla fihla neng?” E re: “Kamohlomong seo se tla etsahala haufi-ufi

[52] Mohla Letsatsi leo A tlang ho le bitsa ka lona, le tla arabela ka lithoriso tsa hae, le tla nahana hore le phetse nakoana e khuts’oanyane.”

[53] U bolelle makhabunyane A ka hore ba buoe lipuo tse molemo. Satane o jala qhoebeshano har’a bona. Hobane Satane ke sera ka boikano ho motho

[54] Etsoe Mong`a lona U hlokolosi haholo ka lona. Haeba A rata, A ka ba le mosa holim’a lona, kapa haeba A rata, A ka le neha kotlo. Ha re’a u romella ho ba moalosi holim’a bona

[55] Mong`alona Uhlokolosihaholokalinthotsetengmaholimong le tse lefats’eng. Re thontse ba bang ba Baporofeta ho ba holim’a ba bang, Re nehile Davida Lipesalema

[56] E re: “Memetsang ho bao le hopolang hore ba matla kathoko ho Eena, le hoja ba se na matla a ho hlakola bomalimabe bo teng ho lona le hona ho le fetola

[57] Haele ba bitsang ho bona, le bona ba batla mokhoa oa katamelo ho Mong`a bona, oa hore na lipakeng tsa bona e tla ba bo mang ba tla ba haufinyane; balaba-labela mohau Oa Hae, ba ts’aba timelo ea Hae. Hobane Ruri timelo ea Mong`a hau e ts’oanela ho ts’ajoa

[58] Etsoe ha ho na sechaba seo Re sa tl’ong ho se ripitla pele ho Letsatsi la Kahlolo, kapa hona ho se otla ka kotlo e sehlooho. Sena se ngoliloe kahar’a buka ea Rona ea litaelo

[59] Re ile Ra ithiba ho romella lits’upiso ka lebaka la batho ba khale-khale ba ile ba li nka e le mashano. Re ile ra neha Ba- Thamud Kamele – e – ts’ehali, – e le sesupo se hlakileng, – empa ba ile ba e sotla. Ha re romelle lits’upiso feela haese ka mokhoa oa tlhokomeliso

[60] Re u boleletse hore Mong`a hau o kopetse batho bohle hare, Re ile Ra nehelana ka pono eo Re ileng Ra u bonts’a eona e le teko ho batho, joaloka sefate se khesehang kahar’a Qura›n. Re ile Ra ba Kenya letsoalo, empa seo se ile sa eketsa tlolo ea molao ho bona

[61] Bonang Re ile Ra re ho manyeloi: “Khumamang kapel’a Adama, a ile a khumama haese Iblis (Satane), ea ileng a re: “Nka khumama joang kapel’a eo o `Mopileng ka letsopa?”

[62] A re: “A k’u bone sebopuoa sena seo uena o se hlomphetseng ho ba ka holim’a ka, haeba o ka mpha lereko ho fihlela letsatsi la tsoho, Ruri ke tla khelosa litloholo tsa hae, haese tse fokolang feela.”

[63] Allah A re: “Tsamaea, mong le mong ea tla o sala morao, – Ruri! Moputso oa lona e tla ba lihele, moputso o moholohali

[64] U fehle e mong le emong oa bona bao o ka ba khonang ka lentsoe la hau, le hona hobakhahlela ka mekhoa eohle eo o ka e khonang, o be motsoalle thepeng eohle ea bona esitana le bana ba bona, o ba ts’epise. Ruri! Ha ho seo Satane a ba ts’episang sona haese thetso

[65] Haele makhabunyane a ka ao ke khahloang ke oona, – holim’a bona ha o na matla.” Mong`a bona o lekane ele molebeli oa bona

[66] Mong`a lona ke Eena Ea qhobang likepe tsa lona holim’a leoatle, e le hore le tle le tsome nala ea Hae. Haesale A Khaphatseha Mohau ho lona

[67] Nakong eo le hlaheloang ke koluoa holim’a leoatle, kaofela batlatsetsi bao le eeng le memetse ho bona moo le batlang topoloho, ba ea siteha haese Allah feela, empa ha A se A le lopolotse mathateng ao le se le lefats’eng, le’a Mo furalla, hobane haesale motho a se na teboho

[68] Na le ikutloa le le ts’ireletsong ea hore A ke ke A etsa hore le metsoe ke lefats’e, kapa hona ho romella sefako se lehlohlojane holim’a lona, ebe kemoo le tla fumana hore ha le na mots’ireletsi

[69] Kapa le ikutloa le le ts’ireletsong ea hore A ke ke A le busetsa koluoeng ea mohla monene lekhetlo la bobeli, le hona ho le romella leholi’otsoana la sefefo se ka le fekisang ho latela tlhoka teboho ea lona, ebe moo le ke keng la fumana mothusi ofe kapa ofe khahlanong le Rona

[70] Re hlomphile bara ba Adama. Ke Rona ba ba pepang lefats’eng le leoatleng, le hona ho ba sitsa ka boipheliso ba lintho tse hloekileng esita le hona ho ba beha maemong a ka holim’a ba bangata bao re ba hlotseng ka makhabane a its’upang

[71] Ka letsatsi le leng re tla bitsa batho bohle hammoho le Baetapele ba bona, ba tlang ho nehoa litlaleho tsa bona ka matsohong a matona, – ke bona ba tla bala litlaleho tsa bona, ba ke ke ba qhekelloa ka lonya

[72] Empa ba foufetseng lefats’eng lena, le Bophelong Bo-tlang e tla ba lifofu; ba tla be ba khelohile haholo tseleng e nepahetseng

[73] Ba lekile ka matla ho u khelosetsa thoko le seo Re u susumelitseng sona, e le hore u tle u iqapele ho hong ho kathoko ho sona malebana le Rona; eleng moo ba neng ba tla u amohela joaloka motsoalle oa bona

[74] Hoja Ra se ke Ra u matlafatsa, u ka be u ile oa sekamela ho bona hanyane

[75] Joale, e be Re etsa hore u latsoe kahlolo e menahaneng ea bophelo ba lefats’e le e menahaneng ea lefu, u ne u ke ke oa fumana mothusi khahlanong le Rona

[76] Takatso ea bona e bile ea ho u ts’osa lefats’eng, hore ba tle ba u leleke ho lona; hoja seo se ile sa phethahala, ba ka be ba ile ba lula ho lona; empa ha khuts’oane kamor’a hau

[77] Seo e bile mokhoa oa Rona ka barumuoa bao Re ileng Ra ba romella pele ho uena: u ke ke oa fumana phethoho mokhoeng oa Rona

[78] Phethahatsa lithapelo ha letsatsi le’a malikelong ho fihlela bosiu, u phete Qura’n esale ka meso. Ho pheta Qura›n ka meso ho pakahalitsoe

[79] U be u rapele likarolong tse ling tsa meso, seo se molemo haholo ho uena. Mong`a hau u tla u phahamisetsa boemong ba tlotla le thoriso

[80] E re: “Mong`a ka! etsa hore ho kena hoa ka e be ka Khoro ea ‘Nete le Tlotla le hona ho tsoa hoa ka e be ka Khoro ea ‘Nete le Tlotla; U nts’itse ho tsoa ho Uena ka matla ho nthusa.”

[81] U be u re: “Nete e fihlile, leshano le phephethetsoe: Hobane Leshano haesale le sena mokoka.”

[82] Re senotse Qura’n eo e leng eona pheko le ona mohau ho ba kholoang, le hoja e eketsa makukuno ho ba etsang bokhopo

[83] Empa ha Re theolela nala ea Rona ho motho, o oa furalla, ebe o ema hole le Rona; ha mats’oenyeho a mo ama o lahla ts’epo

[84] E re: “E mong le e mong o etsa ho latela po’po ea hae, ke Mong`a lona Ea hlokolosi haholo ka eo tsela ea hae e leng e nepahetseng.”

[85] Ba u botsa malebana le moea o halalelang. E re: “Moea o halalelang o tlas’a taolo ea Mong`a ka, lona le nehiloe tsebo e fokolang.”

[86] Ha e ne e le takatso ea Rona, Re ka be Re ile Ra hlakola seo Re u senoletseng sona, joale ebe moo u neng u sa tl’o fumana ‘muelli khahlanong le rona tabeng eo

[87] Kantle ho Mohau ho tsoa ho Mong’a hau: Hobane matlotlo A Hae ho uena ’a khaphatseha

[88] E re: “Le hoja batho le Li-Jinn ba ne ba ka iketsa khokanyana phiri ho hlahisa se ts’oanang le Qura’n ena, ba ne ba ke ke ba hlahisa se ts’oanang le eona, le ha ba ne ba ka thusana.”

[89] Re hlakiselitse batho kahar’a Qura’n ena mefuta eohle ea lipapiso, empa bongata ba batho bo hanana le eona ka mokhoa oa ho nyefola

[90] Ba re: “Re ke ke ra beha ts’epo ea rona ho uena ho fihlela u etsa hore seliba se ts’akhunye lefats’eng

[91] Kapa hona hore u be le serapa sa lipalema le merara le hona ho etsa hore linoka tse metsi a mangata li phalli har’a sona

[92] Kapa hona ho etsa hore leholimo le re oele, joaloka ha u rialo, kapa hona ho re tlisetsa Allah le manyeloi re ba bone ka mahlo

[93] Kapa u na le ntlo e khabisitsoeng ka khauta; kapa ebang u ka nyolohela leholimong. Leha ho le joalo re ke ke ra kholoa ho nyolohelo ea hau ho fihlela u re tliselitse lengolo ho le bala. E re: “Tlotla e be ho Mong`a ka! ‘na ha ke ho hong haese Moromuoa feela?”

[94] Ke eng se sitisang batho hore ba be le Tumelo Tataisong e romeletsoeng ho bona, ha se letho: Ba re: “Allah a ka romella motho ea ts’oanang le rona ele Moromuoa oa hae?”

[95] E re: “Hoja e be ho bile le manyeloi lefats’eng a neng a tsamaea tlas’a ts’ireletso le khotso, Re ka be Re ile Ra romella lenyeloi le tsoang leholimong ele Moromuoa.”

[96] E re: “Allah U lekane ele paki lipakeng tsa ka le lona. Hobane Ke Motsebi, e bile ke Moalosi oa makhabunyane A Hae.”

[97] Ea tataisoang Ea Allah, o tataisong e nepahetseng; Ea mo tlohetseng ho kheloha, a ke ke a fumana mots’ireletsi kantle ho Eena, Re tla ba bokella ‘moho mohla Letsatsi la Kahlolo ba tjapalletse ka lifahleho, ba foufetse, e le limumu esitana le litholo; lehae la bona e tla ba Lihele; ka linako tsohle ha li kokobela, Re tla li phaella ka lelakabe

[98] Seo ke moputso oa bona hobane ba latotse lits’enolo tsa rona, ba re: “Ha re se re le masapo le lerole, na ka ‘nete re ka boela ra tsosoa hape re se re le ‘mopo o mocha?”

[99] Na ha bae s’o bone hore Allah Ea bopileng maholimo le lefats’e U matla ho bopa tse ts’oanang le bona, U se A ba behetse nako ea bona ea pallo eo ka eona ho seng khoao? Ba etsang liphoso bona ba hana ka tlhoka teboho

[100] E re: “Hoja e be le na le matla holim’a Matlotlo a Mohau oa Mong`a ka, Ruri le ka be le le leqe ka ona, hobane haesale motho a le lekhonatha

[101] Re nehile Moshe Lits’upiso tse robong tse hlakileng: A k’u botse bana ba Israele kamoo a kileng a fihla ho bona kateng, Eaba Faro o re ho eena: “Oho Moshe! Ruri ke nahana hore o e mong oa ba louoeng.”

[102] Moshe a re: “U tseba hantle hore ha ho ope ea nthomileng ka lits’upiso tsena haese Mong`a maholimo le lefats’e e le bopaki bo bulang mahlo: Oho Faro! Ke nahana hore ke uena ea lahlehileng.”

[103] Eaba o nka qeto ea ho ba tlosa holima lefats’e: empa Ra mo khamisa metsi le bo-mphato ba hae

[104] Eaba Re Re ho Bana ba Israele: “Phelang ka khotso lefats’eng lena; empa ha ts’episo ea bophelo bo-tlang e se e atametse, re tla le bokella ‘moho joaloka mokhopi ho tsoa lichabeng tse fapakaneng.”

[105] Re romeletse Qura›n lefats’eng ka ‹nete, ka ‘nete e finyeletseng. Re u romeletse u se ho hong haese ‘moleli oa litaba tse molemo le eena mohlokomelisi

[106] Ke Qura’n eo Re e entseng likhaolo, hore u tle u e phetele batho ka linako tsa khefutso: Re e senotse ka mekhahlelo

[107] E re: “Ebang le kholoa ho eona, kapa le sa kholoeng, ke ‘nete hore ba nehiloeng tsebo pele, nakong eo ba e balloang, ba oela fats’e ka lifahleho ba ithapalatsa

[108] Ba re: “Tlotla e be ho Mong`a rona! Ruri ts’episo ea Mong`a rona e phethahetse.”

[109] Ba oela fats’e ka lifahleho tse tletseng meokho, e eketsa boikokobetso ho bona

[110] E re: “Bitsang ho Allah, kapa ho Ramaseli, mabitso ohle ao le ka bitsang ho Eena,: Mabitso Oohle a Matle ke’a Hae. U se ke oa hoeletsa ha u rapela kapa ho hoeshetsa; empa u be bohareng

[111] E re: “Lithoriso li be ho Allah, ea sa tsoalang mora, ea se nang molekane Pusong Ea Hae, kapa hona ho ba le mos’ireletsi tlotlollong. Mo phafe ka Boholo le Tlotla Ea Hae. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Lehaha

Surah 18

[1] Thoriso e be ho Allah, Ea rometseng Lengolo ho lekhabunyane la Hae, leo A sa lumellang bolotsana kahar’a lona

[2] Le totobetse hore A hlokomelise ka kahlolo e Ts’abehang e tsoang ho Eena, le hore A fane ka Litaba tse Molemo ho ba kholoang; ba etsang liketso tse lokileng, hore bat la fumana moputso o babatsehang

[3] Moo ba tlang ho phela teng kahosafeleng

[4] Le hona ho khalema ba reng: “Allah U tsoetse mora,”

[5] Ha ba na tsebo ka seo, kapa bona bo-ntata bona. Ba buoa sebe ka melomo ea bona. Seo ba se buang ha se letho haese leshano

[6] Mohlomong ba nahana hore ha eba ba ke ke ba kholoa molaetseng ona, o tloha o thohotheloa ho inehela lefung ho latela mesebetsi ea bona

[7] Re hlotse lintho tsohle tse teng lefats’eng e le mekhabiso holim’a lona, ho ba beha tekong: le hona ho bona hore na ke bafeng har’a bona ba boits’oaro bo botle

[8] Ruri! Re tla fetola lintho tsohle tse teng holim’a lona lerole le mobu o ommeng

[9] Kapa u nahana hore batho ba Lehaha le Ba-Mongolo ke Mehlolo har’a lits’upiso tsa rona

[10] Bahlankana ba ile ba ts’abela lehaheng: ba re: “Mong`a rona! ts’ollela Mohau oa Hau ho rona, U sebetse taba ea rona ka toka.”

[11] Eaba re kiba kutlo ea bona moo Lehaheng ka lilemo tse ‘maloa

[12] Kamor’a moo eaba Re ba tsosa borokong, hore Re tle Re tsebe hore na mahlakoreng ana a mabeli ke le feng le ka tsebang ho lokolisa nako eo ba ileng ba e lula moo

[13] Re u phetela nalane ea bona ka ‘nete: E ne e le bahlankana ba kholoang ho Mong`a bona, Re ile Ra ba phaella ka tataiso

[14] Ra Kenya sebete ho bona nakong eo ba neng ba itlhophela leeto bare: “Mong`a rona ke Mong`a maholimo le lefats’e, ha ho molingoana ope eo re llelang ho eena ntle ho Eena, hobane ha re ka etsa joalo re tla be re buile linyonts’a

[15] Batho ba habo rona, ba ikhethets melimo esele ntle ho Eena le hoja ba se na bopaki bo hlakileng bo tsoang ho eona. Ha na ke mang ea etsang phoso e kholohali ho feta eo ea qapang leshano khahlano le Allah

[16] Haeba le ka ba furalla le tsohle tseo ba li khumamelang ntle ho Allah, eaba le tsoma sets’abelo Lehaheng; Ruri Mong`a lona U tla jala Mohau oa Hae holim’a lona le hona ho le bebofaletsa mathata a lona.”

[17] U ka be u ile oa bona letsatsi mohla le neng le chabile le siroha lehaheng la bona ho leba ka ho le letona, le nakong eo le neng le e ea malikelong, ba robetse hara Lehaha ba sa ikhurumetsa. Seo ebile se seng sa lits’upiso tsa Allah. Ea tataisoang ke Allah, u tataisong e nepahetseng, athe Ea mo tlohetseng ho kheloha,- ha u ke ke oa ba fumanela mosireletsi ea ka ba tataisetsang tseleng e nepahetseng

[18] U ka be u ile oa nahana hore ba tsohile, athe ba ntse ba robetse, Re ile Ra ba fetolela ka mahlakore bobeli, ntjanyana ea bona e otlolotse maoto a pele monyako. Ha u ne u ka atamela haufi le bona, Ruri u ne u tla menola tlhabela; u tlallane ke letsoalo la ho bona seo

[19] Ka mokhoa o ts’oanang Re ile Ra ba tsosa, e le hore ba tle ba botsane ka bo-bona. E mong oa bona o ile a re: “Re lutse nako e kae moo?” Ba ile ba re: “Re lutse letsatsi kapa karoloana ea lona,” Ha ba bang ba ile bare: “Ke Allah Ea tsebang ka botlalo hore na le lutse nako e kae.” Romang e mong oa rona ka chelete ena ea Selivera motseng, ho ea re shebela sejo se hloekileng seo re ka se jang moo. Ebe motho ea boits’oaro bo lokileng, ho se be motho ea ka tsebang ka rona

[20] Hobane haeba ba ka re tseba, ba tla re tlapunya ka majoe, kapa ba re khelosetse tumelong ea bona; re ke keng ra hlola re eba le katleho

[21] Re ile Ra ba beha pooaneng ho batho ba motseng, hore ba tle ba tsebe hore ts’episo ea Allah ke’a ‘nete, le hore Hora ea Pallo ha ho khoao ka eona. Eaba baahi ba motse ba simolla ho pheha khang ka bo bona, ba re: “Hahang moaho holim’a bona; ‘Mong`a bona o tseba ka botlalo malebana le bona.” Joale, ba ileng ba hlola nyeoe ea ba ba re: “Ruri re tla aha ntlo ea thapelo holim’a bona.”

[22] Bang ba re: “Ba ne ba le ba raro, ntja ea bona ke’a bone,” athe karolo e ngoe eona e re: “Ba ne ba le bahlano, ntja ea bona ke’a bots’elela,” Ba noha tlas’a ho hloka tsebo; ba bang ba re: “Ba ne ba supile, ntja ea bona ke’a borobeli.” E re: “Ruri ke Mong`a ka ea tsebang ka kotloloho palo ea bona. Ke ba fokolang feela ba tsebang ka bona. Kahoo, u se phehe khang le bona haese ha feela eba ke ka mokhoa o hlakileng, u se botse ope oa bona khahlanong le taba eo

[23] Kapa hore: “Ke tla etsa ntho e itseng hosane,” –

[24] U sa ka oa re;” Ka thato ea Allah!” U hopole Mong`a hau nakong eo u lebetseng, u re: “Mohlomong Mong`a ka o tla ntataisetsa katamelong ea tsela ea ‘nete ho feta ena.”

[25] Ba ile ba lula Lehaheng la bona lilemo tse makholo a mararo, le lilemo tse robong

[26] E re: “Ke Allah ea tsebang ka kotloloho lilemo tseobali lutseng. Etsoe makunutu a maholimo le lefats’e ke a hae. U na le pono e hlakileng le kutlo e batsi! Ha ba na mosireltsi ea kantle ho Eena, ha ho ope ea nang le kabelo ‘Musong oa Hae

[27] U phete Lengolo leo u le senoletsoeng le etsoa ho Mong`a hau. Ha ho ope ea ka fetolang mantsoe A Hae, u ke ke oa fumana sets’abelo kantle ho Eena

[28] U boloke moea oa hau o khotsofetse ‘moho le bohle ba memetsang ho Mong`a bona mesong le mantsiboea, moo ba ba tlang motlopotlo oa Hae; u se ba tlolise mahlo holimo, moo u labalabelang monyaka oa bophelo ba lefats’e lena; u se ke oa latela eo Re thatafalitseng pelo ea hae hore e se ke ea Re hopola, ea setseng litakatso tsa hae morao, mehopolo ea hae e se e tlotse meeli eohle

[29] E re ho bona: “‘Nete e tsoa ho Mong`a lona. Mong le mong ea nang le thahasello mo tloheleng a kholoe, ka ho ts’oana le eo ea senang thahasello le mo lese ho latola tumelo. Haele ba tlolang molao bona Re ba lokiselitse Mollo. Lephephe la ona le tla ba koahela joaloka marulelo. Haeba ba kopa ho tola, ba tla tolisoa ka metsi a ts’oanang le koporo e qhebilisitsoeng e chesang lifahleho. Ak’u bone kamoo ba tlang ho noa mothofu o ts’abehang esitana le bona bolulo bo bolileng kateng

[30] Haele ba kholoang ba etsa mesebetsi e hloekileng, – Ruri Re ke ke Ra lumela hore moputso oa mong le mong ea entseng ketso e lokileng e be o’a lahleha

[31] Ba joalo, Lirapa tsa Edene ke tsa bona, moo teng linoka li phallang haufi le bona; ba tla nehoa libenyele tsa khauta esita le hona ho apara liaparo tse tala tsa silika e bobebe e nang le mekhabiso ea khauta, ba phomotse holima Literone. Ruri oo ke moputso o babatsehang esitana le sona sebaka se machosi hakakang

[32] Ak’u ba etsetse papiso ea banna ba babeli: bao e mong le e mong oa bona Re mo sitsitseng ka lirapa tse peli tsa merara, tseo Re li kopetseng har’e ka lifate tsa palema, lipakeng tsa tsona ho len’goe

[33] Serapa ka seng se fana ka litholoana tse khotsofatsang. Ho phalla noka lipakeng tsa tsona

[34] E mong o ne a ena le litholoana tse ngata. Eaba moo a ileng a re ho mphato oa hae nakong eo neng a buisana le eena: “‘Na ke morui ho feta uena ka thepa, ebile ke hlompheha kahofetisisa bathong.”

[35] Eaba o ea serapeng sa hae, ka moelelo o fosahetseng. A re: “Ha ke nahane hore lintho tsena tsohle li sa tla hlola li fela

[36] Ebile ha ke nahane hore hora ea kahlolo e sa tla tla, haeba nka boela ho Mong`a ka, Ruri ke na le bo-’nete ba hore ke tla fumana puseletso e molemo ho feta ena.”

[37] Empa motsoalle oa hae nakong eo ba ntseng ba phehile khang, a re: “na ha o lumele ho Eena ea o hlotseng ka lerole le ka lehloele, eaba o o bopa o le motho

[38] Ruri! ke Allah Mong`a ka, nke ke ka kopanya Mong`a ka le motlatsetsi

[39] Hoja e be nakong eo o neng o kena ka har’a serapa sa hau o ile oa re: “Thato ea Allah e phethoe! Ha ho matla ntle le matla a Allah! Le ha o mpona ke le mofutsana ea o fetang ka thepa esita le ka bana

[40] Mohlomong Mong`a ka o tla mpha se molemo ho feta serapa seo sa hau, e be U romella lehalima le tsoang marung ho tla se ripitla hoo ekareng hoseng eaba se tsoha e le mofela

[41] Kapa e be hoseng ho hong metsi a teng moo ho sona a be a nyametse hoo o ke keng oa hlola o’a fumana

[42] Litholoana tsohle tsa hau li be li ripitliloe. Ebe o simolla ho akha matsoho a hau molemong oa tsohle tseo o li senyehetsoeng, tseo ha joale li fetohileng lesupi, e be o tla re: “nka be ke sa ka ka kopanya Mong`a ka le motlatsetsi!”

[43] Ha a na lequloana le ka mo thusang kahlanong le Allah, kapa hona hore a ka ipholosa

[44] Ke Allah feela ea ka fanang ka ts’ireletso, Ea ‘Nete. Etsoe ke Eena ea molemo ho putsa, e bile o molemo ho fana ka katleho

[45] U ke u ba etsetse papiso ka bophelo ba lefats’e lena bo joalo ka metsi ao Re’a romellang ho theoha marung, e be limela tsa lefats’e li’a e amohela; kamorao e be li’a omella hoo li ka fefoloang ke moea. Ruri! Allah U Matla A ho etsa lintho tsohle

[46] Thepa le bana ba lona ke liaparo tsa bophelo ba lefats’e lena. Empa ba etsang liketso tse lokileng, ba molemo mahlong a Mong`a bona ho ka putsuoa, ba bile bana le ts’epo e tiileng

[47] Le ke le ipotse tsa mohla Letsatsi leo ka lona Re tlang ho batalatsa maralla, le tla bona lefats’e le nyebekolloa; Re tla ba bokella hammoho ho sa tl’o sala le a mong oa bona morao

[48] Ebe joale ba hloptjoa ka mahlofo kapel’a Mong`a bona, eleng moo lentsoe le tla re: “Le tlile ho Rona joaloka ha Re ile Ra le bopa mathomong. Le ile la nahana hore Re ke ke Ra phethisa lits’episo hore le tla kopana le Rona!.”

[49] Buka ea liketso e tla behoa kapel’a lona, ke moo u tla bona ba molato ba le matsoalong ho latela se tla beng se ngoliloe kahar’a eona, ba tla re: “Jo’na oee! Ke buka ea mofuta ofe e sa sieeng letho le lenyane leha e le le leholo, e li ngolile kaofela!” Ruri! ba tla fumana tsohle tseo ba li entseng li ba tjametse, ho se ope eo Allah a mo qhekeletseng

[50] Bonang Re ile Ra Re ho manyeloi: “Khumamelang Adama,” Eaba a ea khumama haese Iblis. E ne e le e mong oa Masabonoeng, kahoo, o ile a nyelisa le hona ho ba khahlanong le taelo ea Mong`a hae. Na le ka khetha eena le tsoala ea hae ho ba metsoalle ea lona e ka le ts’ireletsang ntle ho ‘Na? Empa e le lira tsa lona? Ruri! Se nyonyehang ke poelo ea baetsalibe

[51] Ha ke’a ba bopela ho ba lipaki tsa tlholeho ea maholimo le’a lefats’e esitana le ho ba lipaki khahlanong le popo ea bona; kapa hona ho ba khetha e le bathusi ba ka ho khelosa batho

[52] Ka letsatsi le leng Allah U tla re: “Memetsang ho bao le neng le ba kopanya le ‘Na.” Kemoo ba tla memetsa ho bona, empa ba ke ke ba utloa thapelo ea bona, etsoe Re tla etsa timelo e tebileng lipakeng tsa bona

[53] Ke moo ba molato ba tla bona mollo, ba utloisise hore ba tla lahleloa kahar’a ona, ba ke ke ba fumana tsela ea ho phonyoha

[54] Re hlakiselitse batho kahar’a Qura’n ena mefuta eohle ea lipapiso; empa motho o manganga a fetisisang

[55] Ke eng se thibelang batho ho kholoa, empa tataiso e se e tlile ho bona esitana le hona ho kopa ts’oarelo ho Mong`a bona, haese feela hore e be ba na le taba-tabelo ea kahlolo ea batho ba mehleng ea pele hore eba oele, kapa hore e be ba tjametsoe ke timelo

[56] Re romella baromuoa joaloka bahlokomelisi le ho tlisa litaba tse molemo. Empa ba mahana-tumelo a pheha khang ka leshano, le ho sesefatsa ‘nete ka lona. Ba nka lits’enolo tsa Ka, le hohle moo ebang ba ea khalengoa joaloka papali

[57] Ke mang ea etsang phoso e kholohali ho feta eo ea phethetsoeng lits’enolo tsa Mong`a hae, eaba o oa likoenehela le ho lebala tseo matsoho a hae a lirometseng nale ho lebisa kahlolong? Ruri Re koahetse lipelo tsa bona ka lesira, hore ba tle ba se ke ba utloisisa letho, ebile e le litholo. Leha u ka oa ba bitsetsa tataisong, Ruri ba ke ke ba tataisoa ka nepo

[58] Empa Mong`a hau U Ts’oarela-jolao-joalo, U Tletse Mohau. Haeba A ka ba biletsa boikarabellong hajoale mabapi le tseo bali entseng, Ruri o ne A tla potlakela Kahlolong ea bona; empa nako ea bona ke’a pallo eo ba ke keng ba phonyoha ho eona

[59] Le eona metse eohle eo Re ileng Ra e ripitla ho latela liketso tse fosahetseng, Re ne Re ile Ra fana ka nako ea pallo kotlong ea bona

[60] Moshe o ile a re ho mosebeletsi oa hae: “Ruri nke ke ka emisa ho fihlela ke fihlile mateanong a maoatle a mabeli, le ha ke qhala lilemo-lemo tseleng

[61] Empa eitse ha ba se bafihlile mateanyetsong, ba lebala Tlhapi ea bona, eona e ile ea inkela tsela ea eona ka har’a metsi e le bolokolohing

[62] Hoba ba tsamae sebakanyana, eaba o re ho mosebeletsi oa hae: “A k’u re etsetse lijo tsa hoseng. Ruri! Haele leetong lena re teane le mathata a mangata.”

[63] A araba a re: “Na ha o oa bona, hore nakong eo re neng re ts’abela holim’a lefika, ke ile ka lebala tlhapi teng, – ke satane ea entseng hore ke lebale ho buoa ka eona, – e ile ea inkela tsela ea eona ka har’a metsi ka mokhoa o makhethe.”

[64] Moshe a re: “Sena ke sona seo re neng re tsomana le sona.” Kahoo, menahana le mehlala ea bona

[65] Ke moo ba ileng ba fumana e mong oa makhabunyane a Rona, eo Re mo sitsitseng ka Mohau oa Rona le ho mo ruta tsebo e tsoang boteng ba Rona

[66] Moshe a re ho eena: “Na nka o sala morao ho fihlela moo o tlang ho nthuta ‘Nete eo o ileng oa e rutoa?”

[67] Eaba eo o re: “Ruri u ke ke oa ba le mamello ho ‘na

[68] Ho tla joang hore u ka ba le mamello ka seo u sa kang oa ba le kutlisiso e feletseng ka sona?”

[69] Moshe a re: “Haeba e le thato ea Allah, Ruri u tla mphumana ke ena le mamello, ha ho letho leo ke tlang ho u hanyetsa ka lona.”

[70] Eo a re: “Ho lokile, haeba u tsamaea le ‘na; u se mpotse letho ho fihlela e le ‘na ea ka o bolellang sona.”

[71] Ba ile ba tsamaea ‘moho ho fihlela moo ba ileng ba kena sekepeng, e leng moo mphato oa hae a ileng a phunya sekepe seo lesoba. Eaba Moshe o re: “Lesoba leo o le etsetsa hore o tle o qoelise batho? Ruri o entse ntho e mohlolo

[72] A araba: “Na ha ke’a u bolella hore o ke ke oa ba le mamello ho ‘na?”

[73] Moshe a re: “Se nkhalefele hobane ke se ke lebetse, o se be pelo e mpe holim’a ka ho latela phoso ea ka.”

[74] Ba qhoba ka leeto la bona ho fihlela moo ba ileng ba kopana le mohlankana, eaba monna eo oa ‘molaea. Moshe a re: “O etsang eng! Ha eka o bolaea moea o se nang molato, o sa kang oa bolaea le haele motho? Ruri! O entse ntho e mpe ka mokhoa o makatsang!”

[75] A araba: “Ha ha ke’a ka ka u bolella hore u ke ke oa ba le mamello ho ‘na?”

[76] Moshe a re: “Haeba nka o botsa ho hong kamor’a sena, Ruri o mpe o nteleke pela hau. Hobane o tla be o ile oa mphumana molato.”

[77] Ba tsoela pele ka leeto la bona ho fihlela ba fihla bathong ba motse o mong, moo ba ileng ba kopa lijo, empa ba se ke ba ba amohela joaloka baeti. Ba fumana lerako le neng le se le le haufi le ho heleha, monna eo oa le tsosa. Eaba Moshe o re: “Hoja e bile thato ea hau, e ka be ba o batlile moputso sebakeng sa lona.”

[78] A araba: “Mona ke karohano lipakeng tsa ka le uena! Ke tla o hlalosetsa manollo ea lintho tseo o sa kang oa ba le mamello holim’a tsona

[79] Mabapi le sekepe, se ikarabella ho batho ba neng ba sotlehile ba sebetsa moo metsing, ke ne ke lakalitse ho se nts’a maemong a ts’ebetso, hobane ho ne ho e na le morena kamor’a bona ea inkelang sekepe sefe kapa sefe ka sheshe

[80] Mabapi le mohlankana eloa, eena batsoali ba hae e ne e le ba kholoang, re ile ra ts’oha hore mohlomong o tloha a ba hlokofatsa ka borabele le ho hloka teboho

[81] Ra lakatsa hore mohlomong sebakeng sa hae Mong`a bona aba putse ka mora e mong ea fapaneng le eo ka bohloeki le katamelong Mong`a hau

[82] Mabapi le lerako teng, lona e ne e le la likhutsana tse peli tsa bahlankana har’a motse, ka tlas’a lona ho ne ho le teng letlotlo leo eleng la bona, ntat`a bona u ne a bolokile, Mong`a hau U ne A rerile hore ba fihlele lilemo tse lokelang, ba tle ba iphumanele letlotlo la bona joaloka Mohau o tsoang ho Mong`a bona; ha ke’a ka le tsosa ka thato ea ka. Sena ke manollo ea lintho tseo o sa kang oa ba le mamello holim’a tsona.”

[83] Ba o botsa ka Zul-qarnain. E re: “Ke tla le phetela pale ea hae.”

[84] Ruri Re ile ra mo apesa ka matla lefats’eng le ho mo neha tsela holim’a lintho tsohle

[85] O ile a latela tsela e `ngoe

[86] Ho fihlela, a fihla moo letsatsi le phirimang teng, a fihlela le phirima kahar’a Seliba se mokhoabong, haufi le sona a fihlela batho: Ra Re: “Oho Zhul-qarnain! Ebang o ba neha kotlo kapa o ba lemosa ka mosa

[87] A re: “Mong le mong ea etsang phoso re tla mo ahlola, hamorao o tla boela ho Mong`a hae, ea tlang ho mo ahlola ka kahlolo e ts’abehang

[88] Empa ea kholoang a bile a etsa toka, – moputso oa hae e tla ba o molemo; Re tla mo putsa ona ka taelo e molemo.”

[89] Ke moo a ileng a latela tsela e ‘ngoe

[90] Ho fihlela moo letsatsi le chabang teng, a fumana le chabela batho bao Re sa kang ra ba neha ts’ireletso khahlanong le lona

[91] A ba lesa ba le joalo; Re ne Re tsebile lintho tsohle kapele ho eena

[92] A latela tsela e ‘ngoe

[93] Ho fihlela moo a ileng a fihla lipakeng tsa lithaba tse peli, moo a ileng a fumana batho tlas’a tsona ba neng sa utloisisi puo le ha e le lentsoe le le leng

[94] Ba re: “Oho Zhul-qarnain! Batho ba Gog le Magog ba baka pherekano lefats’eng. Kahoo, na re ka o neha tefo, e le hore o tle o ahe lerako lipakeng tsa rona le bona?”

[95] A re: “Matla ao Mong`a ka A ‘matlafalitseng ka ona a molemo ho feta tefo ea lona. Lona le ka mpa la nthusa ho aha: ke tla aha mokoallo lipakeng tsa lona le bona

[96] Mpheng likoto tsa lits’epe ke etse mokoallo, – ha a qetile ho koala lekhalo le lipakeng tsa lithaba tseo, A re: “Buts’oelang!” –babuts’oela ho fihlela li chesa, Eaba o re: “ntlisetseng koporo e qhebilisitsoeng ke tl’o li inela ka har’e.”

[97] Ke kamoo ba ileng ba sitoa ho le tlola esita le hona ho le phunya lesoba kateng

[98] A re: “Ona ke mohau o tsoang ho Mong`a ka; empa mohla ts’episo ea Mong`a ka e phethahatsoang, Ruri o tla le ripitla; hobane ts’episo ea Mong`a ka ke ‘nete

[99] Mohla letsatsi leo re tla menahanya khahlanong le a mang, Terompeta e tla letsoa. Re tla ba tlohela ho khahlelana holimo joalo ka maqhubu

[100] Re tla tlisa Lihele kapel’a mahana-tumelo ka mokhoa o hlakileng ho ka iponela

[101] Bao mahlo a bona a neng a koahetsoe ka lesira lits’enolo khopolong Ea Ka, ba sa nkutloe

[102] Mahana-tumelo a nahana hore ba ka ikhethela makhabunyane a ka ele bats’ireletsi kantle ho ‘Na? Ruri! Re lokisitse lihele e le kamohelo ea Mahana-tumelo

[103] E re: “Na re ka le tsebisa ka ba lahleheloang haholo ho latela mesebetsi ea bona

[104] Bao liketso tsa bona li khelohileng bophelong balefats’e lena, ha ba ne ba nahana hore ba etsa mesebetsi e lokileng

[105] Bao ke ba latolang Lits’enolo tsa Mong`a bona esita le hona ho nyelisa kopano ea bona le Eena. Kahoo, mesebetsi ea bona e mafeela, ka Letsatsi la Kahlolo ha ho kabelo eo Re tla ba neha eona

[106] Lihele e tla ba moputso oa bona: hobane ba latotse Tumelo, ba nka Lits’enolo tsa Ka le Baromuoa ba Ka e le motlae

[107] Haele ba kholoang, ba etsa liketso tse lokileng; Lirapa tsa Paradeisi e tla ba kamohelo ea bona

[108] Ba tla phela moo, ntle le ho lakatsa phetoho

[109] E re: “Hoja e be leoatle e ne e le enke ea ho ngola mantsoe a Mong`a ka, Ruri le ne le tla felloa ke mokelikeli oo, hoo mantsoe a Mong`a ka a neng a ke ke a fella, leha re ne re ka tlisa leoatle le leng ho thusa leo.”

[110] E re: “`Na ke motho joaloka lona. Ke Mong`a ka ea nts`enoletseng hore `Mopi oa lona ke `Mopi A le mong. Mong le mong ea nang le ts’epo ea ho kopana le Mong`a hae, mo leseng ho etsa liketso tse hloekileng, ho se be ope ea ka mo bapisang le Allah.” Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Maria

Surah 19

[1] Kaf. Ha. Ya. Ayn. Sad

[2] Eena ke pale Mong`a hau ho lekhabunyane la Hae Zakaria

[3] Ha a bitsa ho Mong`a hae sephiring

[4] A rapela: “Mong`a ka! Ruri! Masapo a ka aa fokola, hlooho ea ka e aparetsoe ke moriri o moputsoa, thapelo ea ka haesale e hlohonolofatsoa ke uena Mong`a ka

[5] Joale Ke na le ts’abo mabapi le beng ka ‘na kamor’a ka, hobane mosali oa ka o se a tsofetse. Kahoo, ak’u mphe mojalefa ho tsoa ho Uena

[6] Ea tla futsa ‘na le ntlo ea Jakobo. Oho Mong`a ka! O mo etse hore a khahlehe mahlong a hau.”

[7] “Oho zakaria! Ruri! Re o neha litaba tse molemo tsa mora eo lebitso la hae etlaba John (Yahya); ha ho ope eo Re kileng Ra mo neha lebitso le ts’oanang le lena pele ho eena.”

[8] A re: “Oho Mong`a ka! Ke tla ba le mora joang, empa mosali oa ka a se a tsofetse, le ‘na ke se ke fihletse boqheku?”

[9] Lenyeloi la re: “Ho tla ba joalo ho rialo Mong`a hau: “Seo se bobebe ho ‘Na, joaloka ha Ke o hlotse mathomong o ne o se letho.”

[10] Zakaria a re: “Mong`a ka! Ak’u nketsetse sesupo. Karabo ea eba: “Sesupo sa hau ke sena, ha ho motho eo o tla buoa le eena ka matsatsi a mararo, le hoja o se semumu.”

[11] Eaba Zakaria o boela ho beng ka eena ha a tsoa sekhutloaneng sa hae a bua le bona ka matsoho: “Tlotlisang Mong`a lona hoseng le mantsiboea.”

[12] Ho mora oa hae hoa tla taelo: “Oho Johanne! Kakatlela ka tieo Lengolong”: Re ile Ra mo neha bohlale bongoaneng

[13] Le eona kananelo ho tsoa ho Rona, le bona bohloeki; o ne a e na le mamello tumelong

[14] A le mosa ho batsoali ba hae. O ne a sa tlaloa ke moea o mobe, le bona borabele

[15] Khotso e be le eena ho tloha mohla a tsoaloang le mohlang a shoang, le ka letsatsi leo a tlang ho tsosetsoa bophelong hape

[16] Ak’u phete pale ea Maria ka har’a Lengolo, mohla a neng a tloha pel’a beng ka eena a ea ‘nga bochabela

[17] Ka ho ikhethela hoba boinots’ing thoko le bona. Eaba re romella lenyeloi la Rona ho eena, la hlaha ho eena le ts’oana le monna ka hohle-hohle

[18] Maria a re: “Ke kopa ts’ireletso ho ea Tletseng Lereko khahlanong le uena, haeba o ts’aba ‘Allah.”

[19] Lenyeloi la re: “‘ che, ke mpa ke le moromuoa oa Mong`a hau, ea tlisitseng ho uena mpho ea mora ea halalelang.”

[20] Maria a re: “Ke tla ba le mora joang, empa ho e s’o be le monna ea nkamang, etsoe ke’a s’o be bohloleng?”

[21] Lenyeloi la re: “Seo se tla phethahala. Mong`a hau U itse: “Seo se bobebe ho ‘Na. Ke thato ea Rona ea ho mo etsa e le Ts’enolo ho batho le ona Mohau o tsoang ho Rona, seo ke taba e reriloeng.”

[22] Eaba o’a ithoala, o ile a ea ikhutsa le lesea la hae sebakeng se thoko haholo

[23] Mahloko a pelehi, a mo phomotsa tlas’a kutu ea sefate sa palema. A hooa a re: “Oho, hoja ke mpile ka shoa pele ho sena! e be ha ke’a ba letho hoo ho ka beng ho lebalehile!”

[24] Ebile moo, lentsoe le hoeletsa tlas’a kutu ea sefate: “O se ke oa ts’oenyeha! Hobane Mong`a hau o entse nokana haufi le uena

[25] «Sisinya sefate seo sa palema se haufi le uena, hore litholoana tse buts’uitseng li tle li oele haufi le uena

[26] “E noa, u je o tle o ts’elisehe. Haeba o ka kopana le motho ofe kapa ofe, o re: “Ke ikanne boitimo ho Allah ea Tletseng Lereko, letsating lena ha ho motho ofe kapa ofe eo ke tla buoa le eena.”

[27] Eaba ka mor’a nako o tlisa lesea leo kapel’a batho ba habo a le sikile. Ba re: “Oho maria! Seo u tlang le sona Ruri ke mohlolo

[28] Khaitseli ea Aarone! Ruri ntata’o e ne e se monna ea fosahetseng, le ‘mao e ne e se sehlola.”

[29] Eaba o supa lesea. Ba re: “Re ka buoa joang le lesea?”

[30] Lesea la re: “Ruri ke mohlanka oa Allah: O mphile Lengolo, o nkentse moporofeta

[31] “A ntlhohonolofatsa hohle moo ke teng, Le hona ho ‘matlafatsa ka Thapelo le tsona Linyehelo bophelo bohle ba ka

[32] “Le ho ba mosa ho ‘M’e oa ka, eseng ho baka morusu esita le hona ho hloka khotso

[33] Kahoo, khotso e ho ‘na ho tloha mohla ke tsoaloang, le letsatsi leo ke tlang ho shoa ka lona, le mohla ke tlang ho tsosetsoa bophelong hape!”

[34] Eo e bile eena Jesu mora oa Maria: sena ke bopaki ba‘nete ka seo ba hanyetsanang ka sona

[35] Ha ho lokele botlotlehi ba Allah hore a ka tsoala mora. Tlotla e be ho Eena! Nakong eo A nang le morero, U re feela ho ona: “E ba!” O fele o phethahale

[36] Ruri Allah ke Mong`a ka, e bile ke Mong`a lona. Mo sebeletseng ke hona. Eo ke eona tsela e otlolohileng

[37] Empa maqulolana har’a bona a ea fapana: masoabi a tlaba holim’a mahana-tumelo ka lebaka Kahlolo ea mohla Letsatsi la Tonanahali

[38] Kamoo ba tlang ho bona le ho utloa kateng mohla letsatsi leo, ba tla ema ka pel’a Rona! Baetsalibe ba phosong e hlakileng kajeno

[39] U ba hlokomelise ka Letsatsi la Mahlomola mohla ho lihuoang kahlolo. Ha joale ba sa le, har’a bosaoana, ha ba kholoe

[40] Ke Rona majalefa a lefats’e le lintho tsohle tse teng holim’a lona, bona ba tla boela ho Rona

[41] U tle u hopole litaba tsa Abrahama ka har’a Lengolo. Ene ele motho oa ‹nete, e le Moporofeta

[42] O ile a re ho ntata’e: “Oho ntate! Hobaneng ha u khumamela lintho tse senang kutlo le eona pono, tse bileng li ke keng tsa u putsa ka letho

[43] “Oho ntate! Tsebo e tlile ho ‘na e sa kang ea tla ho uena. Kahoo ntatele, ke tla u tataisetsa tseleng e nepahetseng

[44] “Oho ntate! Se sebeletse Satane. Hobane Satane ke lerabele khahlanong le ea Tletseng Lereko (Allah)

[45] “Oho ntate! Bona! Ke ts’oha hore mohlomong kotlo e tloha e u oela e tsoang ho Ea Lereko, hoo u ka bang motsoalle oa Satane.”

[46] Ntata’e a re: “Abrahama Hobaneng ha u hloile melimo ea ka? Haeba u sa khaotse, Ruri ke tla u tlepetsa ka majoe. Ak’u tlohe pel’a ka ha nakoana!”

[47] Abrahama a re: “Khotso e be le uena: Ke tla u kopela ts’oarelo ho Mong`a ka. Hobane U mosa o khaphatsehang ho ‘na

[48] Ke tla u furalla le tsohle tseo u li rapelang kathoko ho Allah le hona ho u rapella ho Mong`a ka. Mohlomong thapelong eo ea Mong`a ka, nke ke ka soetseha

[49] Hoba a tlohe pela bona le ho lintho tseo ba neng ba li khumamela kathoko ho Allah, eaba Re mo neha Isaaka le Jakobo. Bobeli ba bona Re ile Ra ba etsa baporofeta

[50] Ra ba neha Mohau oa Rona, Ra ba abela maemo a phahameng a ho tuma ka ‘nete

[51] U hopole litaba tsa Moshe kahar’a Lengolo. Hobane o ne a khethiloe, ebile ene ele moromuoa oa Allah, e le moporofeta

[52] Re ile Ra mo biletsa ka holim’a thaba ea senai, le ho mo atametsa haufi le litaba tse molemo

[53] Ra mo sitsa ka Aarone moena’e ka Mohau oa Rona, le eena e ne e le moporofeta

[54] Hopola le Ishmaele ka har’a Lengolo. O ne a boloka ts’episo ea hae, ebile ele moromuoa oa Allah le moporofeta

[55] U ne a khothaletsa batho ba habo thapelo le linyehelo, o ile a amoheleha mahlong a Mong`a hae

[56] Hopola Enoke(Idris) ka har’a Lengolo. E ne e le motho oa ‘nete, e le moporofeta

[57] Re ile Ra mo phahamisetsa maemong a phahameng

[58] Bana ke bao Allah A ileng aba sitsa ka molemo har’a baporofeta, har’a tsoala ea Adama le bohle bao Re neng Re ba nkile Arekeng le Nooe, le tsoala ea Abrahama le Israele, le har’a bao Re ileng Ra ba tataisa le ho ba etsa bakhethoa. Nakong eo ba pheteloang lits’enolo tsa Ea Tletseng Lereko (Allah), ba oela fats’e ka lifahleho, baithapalatsa le hona ho sekisa meokho

[59] Empa kamor’a bona ho tlile letloobo le neng le sitoa ho phetha thapelo, le setse morao litakatso tsa mafeela. Empa ha ho hokae ba tla kopana le masaoana ao a bona

[60] Ntle le ba tla sokolohela tumelong, ba etse toka. Bao ke bona ba tla kena ka Serapeng, ha ho kamoo ba ka qhekelloang kateng, –

[61] Lirapa tsa Edene tseo Allah, ea Tletseng Lereko a li ts’episitseng makhabunyane a Hae har’a Masabonoeng: Hobane! Ruri ts’episo ea Hae e tlameha ho phethahala, –

[62] Ba ke ke ba utloa lipuo tse soabisang, haese tumeliso tsa “Khotso”; ba tla ba le lijo tsa hoseng le mantsiboea kamoo

[63] Seo ke Serapa seo Re tla se neha bahalaleli har’a makhabunyane a Rona e le lefa

[64] “Ha re theohele lefats’eng ntle le ka taelo ea Mong`a lona. Lintho tsohle tse kapel’a rona le tsohle tse kamor’a rona le tsohle tse lipakeng tsa tsona ka bobeli ke tsa Allah, Mong`a lona haesale A sa lebale, –

[65] Mong`a maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa tsona! Kahoo, o Mo khumamele le ho Mo sebeletsa ka tieo. Tsebong ea hau na ho na le e mong ea ka reoang Lebitso le ts’oanang le la Hae

[66] Motho o re: “Eng! Ha ke se ke shoele, nka hlola ke boela ka tsosoa hape?”

[67] Empa motho ha a hopole hore Re mo hlotse pele es’o ho be letho

[68] Ka Mong`a hau! Ruri Re tla ba khobokanya `moho le mahlahana a liabolosi, Re tla ba hlahisa kapel’a lihele ba kebisitse melala

[69] Ebe moo re tlang ho motsula maquloaneng bohle bao e neng e le lingangele borabeleng malebana le Allah, Ea Tletseng Lereko

[70] Ruri Re na le bo’nete bo feletseng ka bohle ba tlang ho chesoa kamoo

[71] Ha ho mong le mong ea sa tl’o feta ho ona. Seo ke molao oa pallo ea Mong`a hau, e tlang ho phethahatsoa

[72] Re tla pholosa bohle ba neng ba le khahlanong le bobe, e be Re lesa bohle ba etsang libe ba tepeletse moo

[73] Nakong eo ba pheteloang lits’enolo tsa Rona tse hlakileng, mahana-umelo a re ho ba kholoang: “Mafapheng ana a mabeli, e leng la rona le la lona, ke le feng le maemong a phahameng ho feta le leng, kaha le le sefutho se kang sa lebotho?”

[74] Ha na ke meloko e mekae eo Re ileng Ra e ripitla pele ho bona, ba neng ba bile ba le sefutho mabapi le thepa esita le hona hobale chebelo pele

[75] E re: “Haele ba khasang har’a phoso, Ruri Allah U tla lelefatsa nako ea bona ea bophelo, ho fihlela ba phirimeloa ke seo ba neng ba se ts’episitsoe, ebang ekaba kotlo lefats’eng lena, kapa ebang ekaba hora ea timelo, ke moo ba tlang ho tseba hore na ke bo mang ba nang le chebelo pele le hore na ke bo mang bao e leng lebotho le fokolang

[76] Allah U phaella tataiso e nepahetseng bohle ba tsamaeng ka nepo, mesebetsi e lokileng eo ba e etsang e molemo mahlong a Mong`a bona sebakeng sa moputso le bokamoso bo molemo.”

[77] Na u se u kile oa bona ea latolang lits’enolo tsa Rona kamorao e be o re: “Ruri ‘na ke tla putsoa ka bana le thepa?”

[78] Na o se a kile a bona Masabonoeng, kapa o thehile selekane le Allah

[79] Che! Re tla ngola tseo a li buoang le hona ho phaella kahlolong ea hae

[80] Sohle seo a se buoang se tla khutlela ho Rona, o tla ema kapel’a Rona a le fela, a le mong

[81] Ba inketse melimo esele kathoko ho Allah, ho ba neha matla le tlotla

[82] Empa ba tla latola borapeli ba bona, ba fetohe mahlaba-phieo khahlanong le eona

[83] Na u hlokometse hore re hlophile mahlahana a liabolosi khahlanong le mahana-tumelo ho ba fehla ka merusu

[84] U se ba khothometse. Hobane Re sa ba balla matsatsi

[85] Ka letsatsi leo Re tlang ho khobokanya ba kholoang kapel’a Allah, joalo ka mokhatlo o lokileng

[86] Re tla qhoba baetsalibe ho ea liheleng, joaloka mohlape o isoang metsing

[87] Ha ho ea tla ba le matla a ho ipuella, ntle feela le ba amohetseng tumello ho Mong`a bona

[88] Ba re: “Allah U tsoetse mora.”

[89] Ruri! Le buoa mahlabisa lihlong

[90] Maholimo a ka ‘nang a aroha likoto ke ona, lefats’e la petsoha esita le tsona lithaba tsa sisinyeha tsa oela

[91] Hore ba manehe Allah mora

[92] Hobane ho sa lokelehe botlotlehing ba Allah hore A ka tsoala mora

[93] Ha ho sehloliloeng sefe kapa sefe maholimong le lefats’eng eo e seng mohlanka oa Allah

[94] U li tseba ka botlalo, U li ngotse ka mokhoa o nepahetseng

[95] E mong le e mong oa bona o tla tla ho Eena mohla Letsatsi la Kahlolo a le mong

[96] Haele ba kholoang ba etsa liketso tse lokileng, ea Tletseng Lereko U tla ba Sitsa ka Lerato

[97] Re u nolofalelitse

[98] Meloko e mekae e bileng teng pele ho bona eo re e ripitlileng? Na u sa bona le’a mong oa batho bao, kapa hona ho utloa leha e le molumonyana feela oa bona? Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Ta-Ha

Surah 20

[1] Ta-Ha

[2] Ha Re’a senola Qura’n ena ho u beha mats’oenyehong, ka eona

[3] Haese feela hore ebe sekhopotso ho ba nang le ts’abo

[4] Ke ts’enolo e tsoang ho Eena Ea hlootseng lefats’e le maholimo a holimo-limo

[5] Ea Tletseng Lereko, ea tsepameng Teroneng

[6] Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Hae, le tse lipakeng tsa tsona le tse ka tlas’a lefats’e

[7] Leha eba u ka buela holimo, Ruri! O tseba menahano ea sephiring le e patehileng

[8] Allah! Ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Mabitso ohle a matle ke’a Hae

[9] Na pale ea Moshe e se ile ea fihla ho uena

[10] Ha a bona mollo: a re ho lelapa: “Butleng! Ke bona mollo lefelleng. Mohlomong ke tla ea ho le khella mollo ho ona, kapa e be ke tla fumana tataiso ho ona.”

[11] Empa ha a atamela haufi le mollo oo, ha utloahala lentsoe: “Oho Moshe

[12] “Ruri! Ke ‘Na, Mong`a hau. Kahoo rola meqathatso ea hau, hobane u har’a phula e halalelang ea Tuwa

[13] “Ke u khethile, ka hona theha tsebe ho seo u se susumetsoang

[14] “Ruri Ke ‘Na Allah: Ha ho `Mopi e mong ntle ho ‘Na. Kahoo, nts’ebeletse le hona ho phetha lithapelo molemong oa ho nkhopola

[15] “Ruri hora e ea tla – ke tla e boloka e patehile, hore moea ka mong u tle u putsoe malebana le seo u se sebelelitseng

[16] “Ka lebaka leo, u se lumelle motho ofe kapa ofe ho u khelosa ho sena, ele ea sa kholoeng ho sona, ea mpang a sala morao litakatso tsa hae, esere oa timela!”

[17] “Moshe ke eng seo o se t`soereng ka letsoho la hau le letona?”

[18] Moshe a re: “Ke lere la ka leo ke ikokotlelang ka lona, le hona ho polela makhasi fats’e molemong oa linku tsa ka esita le melemo e meng.”

[19] Allah A re: “Moshe! Le lahlele fats’e.”

[20] Moshe a le lahlela fats’e, eaba le fetoha noha e hahabang

[21] Allah A re: “Le ts’oare, u se ts’abe letho: Re tla le busetsa hang bo loneng

[22] “U pholle lehlakore ka letsoho la hau, le tla boea le le lesoeu le se na kotsi, – Seo e tla ba sesupo se seng

[23] “Hore Re tle Re u bonts’e tse ling tsa lits’upiso tsa Rona tse kholohali

[24] “Tsamaea u ee ho Faro! Ruri u se a tlotse meeli eohle.”

[25] Moshe a re: “Mong`a ka! Atolosa sefuba sa ka

[26] “Mpebofaletse mosebetsi oa ka

[27] “U rarolle leleme la ka

[28] “E le hore ba tle ba utloisise puo ea ka

[29] “U be u ‘matahanye le lehlahana ho tsoa lapeng heso

[30] “Aarone, moen’a ka

[31] “Hlapants’a matla a ka ka eena

[32] “U etse hore re arolelane mosebetsi oa ka le eena

[33] “Hore re tle re keteke thoriso ea hau re sa khaotse

[34] “Re U hopole re sa khaotse

[35] “Hobane ke Uena Eo esale U re alositse.”

[36] Allah A re: “Oho Moshe! Re ananetse thapelo ea hau

[37] “Ruri! Le nakong e fetileng, Re ‘nile Ra ba molemo ho uena

[38] “Mohla re neng Re khothaletsa ‘ma’o ka ts’ususmetso, Molaetsa

[39] “Mo akhele ka har’a sethoto, ebe u se akhela ka har’a noka, noka e tla se qhelela lebopong, moo sera sa Ka, ebile e le sera sa hae, se tla mo nka teng. Ke u sitsitse ka lerato le tsoang ho ‘Na, hore u tle u holele thatong ea Ka

[40] “Khaitseli ea hau e atamelang, e re: “Na nka u bonts’a e mong ea tla mo anyesa le ho mo hlokomela?” Eaba Re u busetsa ho ‘ma’o, e le hore a tle a itlhakole meokho, a se ts’oenyehe. U kile oa bolaea motho, Ra u nts’a maqakabetsing ao a ts’abehang, le hona ho u leka ka teko e boima. U kile oa lula lilemo le batho ba Mediane. Joale, u atametse koano ho latela tlhokomelo ea Ka, Moshe

[41] “Ke u lokiselitse ‘Na

[42] “Tsamaea le moena oa hao ka lits’upiso tsa ka, le se be botsoa ho nkhopola

[43] “Tsamaeang ka bobeli le ee ho Faro. Ruri! U se a tlotse meeli eohle

[44] “Empa le buee le eena ka mosa, mohlomong a ka a utloisisa, kapa abale ts’abo.”

[45] Ba re: “Mong`a rona! Ruri! Re ts’oha hore a se tlohe a re hobosa, le hona ho re kharuma, kapa hona tlola meeli eohle.”

[46] Allah A re: “Le se ts’abe letho. Hobane Ke na le lona: Ke utloa tsohle, Ke bona tsohle

[47] «Tsamaeang le ee ho eena, le re: “Re baromuoa ba tsoang ho Mong`a hau. Lokolla bana ba Israele ba tsamae le rona, u se ke oa ba sotla. Re u tliselitse sesupo se tsoang ho Mong`a hau. Khotso e be ho bohle ba latelang tataiso

[48] “Ruri re senoletsoe hore motho ea tla latola le hona ho se tsotelle, kahlolo e tla ba holim’a hae.”

[49] Faro a re: “Moshe, joale ke mang Mong`a lona eo le le babeli?”

[50] Moshe a re: “Mong`a rona ke ea faneng ka tlholeho holim’a ntho efe kapa efe, eaba o e tataisa ka nepo.”

[51] Faro a re: “Joale, ke bofeng boemo ba batho ba khale?”

[52] Moshe a re: “Tsebo ea seo e polokelong ho Mong`a ka. Etsoe Mong`a ka ha a lebale esita le hona ho fosa

[53] “Eena ea alileng lefats’e joaloka moseme, le hona ho u bulela litsela holim’a lona; Eena ea theolelang pula lefats’eng e tsoa marung, eo ka eona Re hlahisang lijalo tse fapaneng

[54] “E jang le be le alose mehlape ea lona. Ruri! Ho sena ke lits’upiso ho batho ba nehiloeng kutloisiso

[55] Re le hlotse ka lerole la lefats’e, Re tla le busetsa ho lona, e be Re boetse Re le tlisa ho lona hape.”

[56] Re ile Ra mo bonts’a lits’upiso tsa rona, empa u ile a li latola le hona ho hanana le tsona

[57] O ile a re: “Moshe! Le tlile ho tla tla re phalalisa naheng ea rona ka boloi ba lona

[58] Empa le rona re ka hlahisa mehlolo e ts’oanang le eo ea lona; kahoo, etsang therisano lipakeng tsa rona le lona, eo ho eona re ke keng ra sitoa ho e phetha, kapa lona la sitoa ho e phethisa sebakeng se ka bang bohlokoa lipakeng tsa rona le lona.”

[59] Moshe a re: “Therisano ea lona e tla ba ka Letsatsi la Mokete, u tle u lokolle batho ho khobokana ‘moho ha letsatsi le se le phahame.”

[60] Faro a its’eka: a rala morero oa hae, a boela a khutla

[61] Moshe a re ho eena: “Sekhobo se be ho uena! u se qape leshano khahlanong le Allah, esere a u ripitla ka hoohle. Moqapi, o soetseha hampe haholo.”

[62] Eaba ba ea qaketsana, holima taba ena, empa ba e etsa lekunutu

[63] Ba re: “Ruri! Bobeli bona ke baloi: morero oa bona ke ho le phalalisa naheng ea lona ka mehlolo ea bona, le hona ho ripitla meetlo ea lona ea bohlokoa

[64] “Kahoo, hlophisang morero oa lona, joale e be le kena khabong ea ntoa: Ea tla hlola letsatsing lena, Ruri e tla be e le eena ea fumaneng katleho.”

[65] Ba re: “Moshe! U ka akha lithebere tsa hau pele, kapa u re lumella ho akha tsa rona pele?”

[66] Moshe a re: “Che, le ka akha lithebere tsa lona! Eaba mehala le mare a bona a fetoha linoha ho latela boupelli ba bona, tsa simolla ho hahaba.”

[67] Moshe o ile a tleloa ke letsoalo

[68] Ra Re: “Se ts’abe letho! Ruri! Ke uena ea hapileng tlholo

[69] “Akhela lere la hau le ka letsohong le letona: hang le tla koenya mehlolo eo kaofela eo ba e entseng. Tseo ba li entseng e mpa e le boupelli ba baloi, moloi a ke ke a atleha likarolong tsohle tseo a ka li nahanang.”

[70] Eaba baloi baoela fats’e ba ea ithapalatsa: Ba re: “Re kholoa ho Mong`a Aarone le Moshe.”

[71] Faro a re: “Na le kholoa ho Eena pele ke le neha taelo e joalo. Uena Moshe le Aarone ho bonahala hantle hore ke morupelli oa lona ea le rutileng boloi. Joale, Ruri ke tla le khaola matsoho le maoto a lona mots’ekalle, le hona ho le thakhisa likutung tsa lifate tsa palema, ke hona le tla tseba ka botlalo hore na ke mang lipakeng tsa rona ea ka fanang ka kahlolo e ts’abehang, e bile e ka tiisetsa.”

[72] Ba re: “Re ke keng ra u nka u le ka holim’a lits’upiso tse hlakileng tse tlileng ho rona, kapa hona hoba ka holim’a Ea Re hlotseng. Uena, u ka etsa seo u se etsang. Ha ho seo u ka se etsang molemong oa rona haese se teng bophelong ba lefats’e lena

[73] “Rona re khotsoe ho Mong`a rona, hore A tle A re ts’oarele libe tsa rona le ho re sireletsa ho boloi boo uena u neng u re tlama ho bo etsa. Ruri! Allah U molemo, e bile ke Rabosafeleng

[74] Ruri haele ba tla hlaha kapel`a Mong`a bona ba le molato, Ruri Lihele li ba loketse. Kamoo teng ba ke ke bashoa kapa hona ho phela

[75] Empa ba tla tla ho Eena e le ba Kholoang, ba sebelitse liketso tse lokileng, Ruri ba joalo maemo a bona ke’a phahameng

[76] Lirapeng tsa Edene tse linoka li phallang, ke moo teng ba tla phela kahosafeleng. Oo ke oona moputso oa ba itlhoekisang

[77] Re ile ra nyenyeletsa Moshe,: “Tsamaea le makhabunyane a ka har’a bosiu, u ba betlele tsela e o’meng ka har’a leoatle, le se ts’ohe hore ba ka tloha ba le hlasela, kapa hona ho ts’aba.”

[78] Eaba Faro o ba sala morao le lebotho la hae, ba ile ba metsoa ke leoatle, joaloka ha le ne le ba fekise

[79] Faro o ne a khelose batho ba habo, a fapana le ho ba tataisa

[80] Oho lona bana ba Israele! Re le pholositse ho lira tsa lona, Ra theha selekane le lona Thabeng ea Senai, eaba re le romella Manna le likhoale

[81] Ra Re: “Jang lintho tse hloekileng tseo Re le nehileng tsona, ho se be molao oo le o tlolang, esere khalefo ea Ka ea le oela holimo; haele bao khalefo ea Ka e tlang ho ba oela, Ruri ba tla be ba lahlehile

[82] Ruri kantle ho khoao Ke ‘Na ea ts’oarelang khafetsa ba sokolohang, ba kholoa esita le ho etsa toka, ebe kamor’a moo ba ba tataisong e nepahetseng

[83] “Oho Moshe! Ke se eng se neng se u potlakisitse ho tsoa bathing ba heno?”

[84] A araba“ba mehlaleng ea ka. Ke potlaketse ho uena Mong’a ka, ho U khahlisa.”

[85] Allah A re: “Re behile batho ba heno tekong bosieong ba hau, As-samiri o ba khelositse.”

[86] Moshe a boela ho batho ba habo, ka mesarelo le khalefo. A re: “Oho batho ba heso! Na ha se Mong`a lona ea entseng ts’episo e hlakileng ho lona? Na e be le bona nako ea pallo e le hole haholo le ho fihla, kapa e be le na le takatso ea hore eka Mong`a lona A ka le nehella khalefo ea Hae, e le hobane le sitiloe ts’episong ea lona ho ‘na?”

[87] Ba re: “Ha rea koenehela ts’episo ea rona ho uena, e matleng a rona. Empa re ile ra jarisoa mojaro oa khauta le silifera oa batho bana bohle, ke moo re ileng ra o lahlela ka har’a mollo, hobane ke kamoo As-samiri a neng a elelitse kateng

[88] «Eaba u ba hlahisetsa sets›oants›o sa namane, e neng e lla se ka khomo: Ke moo ba ileng ba re: “Sena ke molimo oa lona, e leng molimo oa Moshe le hoja Moshe a se a lebetse.”

[89] Na ba ne ba sa bone hore ha e ba arabele, e bile ha e na matla a ho ba hlahisetsa kotsi le hona ho ba molemo ho bona

[90] Aarone pele, o ne a ile a re: “Oho batho ba heso! Le mpa le behoa tekong ka sena, hobane Ruri Mong`a lona ke’ A Tletseng Lereko, kahoo ntateleng le hona ho mamela molao oa ka.”

[91] Ba re: “Ha ho kamoo re ka khaotsang ho ba basebeletsi ba eona kateng ho fihlela Moshe a khutletse ho rona.”

[92] Moshe a re: “Oho Aarone! Ke se eng se neng se u thibetse hoba lemosa nakong eo u neng u bona hore ba ea kheloha

[93] «Ho ntatela? ha u oa latela molao oa ka

[94] Aarone a re: “Oho mora oa ‹me›! U se ke oa tutla litelu le moriri oa ka! Ke ne ke t`sohile hore mohlomong u tla tloha u re: “u bakile pherekano har’a bana ba Israele, ha oa ka oa mamela lentsoe la ka.”

[95] Moshe a re: “Samiri, ke eng seo u ka se buoang?”

[96] Samiri a re: “ke ile ka bona seo ba sa se boneng, kahoo ke tlatsitse seatla sa ka lerole la mehato ea maoto a moporofeta, eaba ke let`sela ka har’a sets’oants’o sa namane. Ke kamoo moea oa ka o ntaetseng kateng.”

[97] Moshe a re: “Tloha mona! Etsoe haele bophelong bona kahlolo ea lona ke hore: “Se nkame! Malebana le uena ho teng ts’episo eo u ke keng oa e fetola. Hajoale u ka shebana le molingoana oo u ikhethetseng ho o khumamela. Ruri re tla u chesa, le hona ho hasanya lerole la ona holim’a leoatle.”

[98] Mopi oa lona bohle ke Allah A Inots’i, ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. O kenyelelitse lintho tsohle tsebong ea Hae

[99] Ke kamoo Re u phetelang tse ling tsa lintho tse kileng tsa etsahala khale, Re u rometse Molaetsa ho tsoa ho Rona

[100] Mong le mong ea tla furalla molaetsa oo, Ruri o tla fana ka mojaro oa bopaki mohla Letsatsi la Kahlolo

[101] Ba tla phomola tlas’a oona ba ntse bao jere, Ruri oo ke mojaro o bolileng mohla Letsatsi la kahlolo

[102] Mohla letsatsi leo ka lona Terompeta e tlang ho letsoa. Ka Letsatsi leo, Re tla khobokanya bohlebamolato, mahlo a bona a bile a le bolea ke letsoalo

[103] Ba tla bua ba hoeshetsa ka bo-bona, ba re: “Ha le’a lula lefats’eng matsatsi a mangata haese ka matsatsi a leshome feela.”

[104] Re tseba ka botlalo ka seo batla se buoa, nakong eo ba molemo har’a bona ba reng: “Ha le’a lula ho feta letsatsi le le leng!”

[105] Ba tla u botsa ka Lithaba. E re: “Mong`a ka o tla li fothola le hona ho li hasanya joaloka lerole,”

[106] “Á li siee e le lesupi li bataletse

[107] «Le ke ke la bona leha e le methipoloha, kapa ona matsoapo.”

[108] Mohla letsatsi leo ba tla latela sehoeletsi le ke keng la ba qhekella, mantsoe ohle a tla thola nyele malebana le ea Tletseng Lereko (Allah), ha ho seo le tla se utloa haese li›qi tsa maoto

[109] Mohla letsatsi leo ha ho ‘muelli ea tlabale thuso haese ho bao ea tletseng lereko a kileng A ba neha tumello, eo lentsoe la hae le Amohelehang ho Eena

[110] Ruri o tseba lintho tsohle tse ka pel’a bona le tsohle tse kamor’a bona, tseo ba ke keng ba li akaretsa ka tsebo ea bona

[111] Lifahleho tsohle li tla ikokobetsa ka pel’a ea phelang, Rabosafeleng. Eo ea tla beng a jere mojaro o bolileng, Ruri e tla be e le ea lahlehetsoeng ka letsatsi leo

[112] Ea tla beng a sebelitse liketso tsa toka, a ena le tumelo; Ruri ha a na hoba le letsoalo la ho hlokeloa toka, kapa hona ho qhekelloa moputsong oa hae

[113] Ke kamoo re senotseng Qura’n ka teng ka puo ea Se-Arab, ho hlalosa ka har’a eona tse ling tsa likahlolo, hore ba tle ts’abe Allah, kapa hona hore ba tle ba Mo hopole

[114] Ruri! Ea phahameng ka ho fetisisa ke Allah, Motlotlehi, ‘Nete! U se be lehala ka Qura’n pele ts’enolo ea eona e feletse ho uena, e re: “Mong`a ka! nkekeletse tsebo.”

[115] Re kile ra theha selekane khale-khale le Adama, empa u ile a lebala: eaba re fumana hore ha a na tsitlallo

[116] Re kile Ra Re ho manyeloi: “Khumamelang Adama”, a ile a khumama haese Iblis ea ileng a hana

[117] Eaba Re Re: “Oho Adama! Enoa ke sera ho uena le ho mosali oa hau, kahoo le se ke la mo lumella ho le qhelela thoko le Serapa, la tloha la iphumana le le mesarelong

[118] Ka har’a sona ho teng khora molemong oa lona hore le se ke la lapa, kapa hona ho hlobola

[119] Le hona ho hloka metsi, kapa hoba har’a mocheso oa letsatsi.”

[120] Empa Satane o ile a mo sebela, a re: “Oho Adama! Na nka u bonts’a sefate sa bophelo bosafeleng le matla a puso a ke keng a fela?”

[121] Eaba bobeli Adama le Eva ba ja litholoana tsa sona, bofeela ba bona ba hlahela ho bona, eaba ba simolla ho pata bofeela ba bona ka ho ipokella mahlaku a Serapa. Ke kamoo Adama a ileng a se ke a mamela Mong`a hae kateng, eaba o’a ekoa

[122] Empa Mong`a hae o ne a mo khethile, eaba o boela ho eena ka mohau le hona ho mo tataisa

[123] Allah A re: “Tlohang mona ka bobeli ba lona, e mong e tla ba sera ho e mong. Empa haeba tataiso ea Ka e ka tla ho lona, Ruri ea tla latela tataiso Ea Ka a ke ke a kheloha, kapa hona ho sareloa

[124] Empa ea tla mphuralla eena, Ruri bophelo ba hae bo tla ba bo khuts’oane, ke tla mo tlisa pokanong ea mohla Letsatsi la Kahlolo e le sefofu.”

[125] O tla re: “Oho Mong`a ka! Hobaneng ha U ntsositse ke le sefofu, empa mathomong pele ho lefu ke ne ntse ke bona?”

[126] Allah U tla Re: “Lits’enolo tsa rona li finyeletse ho uena, empa u ile oa iteballa ka tsona. Ka mokhoa o ts’oanang, le uena kajeno o lebetsoe.”

[127] Ke kamoo Re putsang ea sa tsotelleng, a bile a sa lumele lits’enolo tsa Mong`a hae kateng; Ruri kahlolo ea Bo-tlang e tlaba e ts’abehang, e bileng e ke keng ea fela

[128] A na ha se tataiso ho batho hore ba tsebe hore na ke matlobo- tlobo a ma kae ao Re ileng Ra a ripitla pele ho bona, ao ba tsamaeang malapeng a bona? Ruri! Ka har’a sena ho teng lits’upiso ho batho ba nahanang

[129] Hoja e se ke ea eba ka lebaka la lentsoe la Mong`a hau le tlileng pele, le eona nako ea pallo, Ruri kahlolo e neng e ke ke ea qojoa e ka be e fihlile lefats’eng lena

[130] Ka lebaka leo, u be le mamello ho seo ba se buoang, u keteke lithoriso tsa Mong`a hau ka mehla esale ka matjeke leha letsatsi le ea malikelong. U be u mo rorise lihoreng tse ling tsa bosiu esitana leha letsatsi le le hlohong tsa mengala, e le hore u tle u fumane katleho

[131] U se ke oa tsotella tseo re faneng ka tsona ho ba bang ba banyalani har’a bona ho ka ithabisa, lipalesa tsa bophelo ba lefats’e lena, tseo re ba behileng tekong ka tsona. Khora ea Mong`a hau e molemo, e bile ha e fele

[132] U be u khothaletse batho ba heno thapelo, le uena u be le mamello ho eona. Etsoe ha ho khora eo Re e kopang ho uena empa ke Rona ba u sitsitseng ka eona. Litlamorao tse monate ke tsa ba lokileng

[133] Ba re: “Hoja feela o ne a ka tlisa mohlolo o tsoang ho Mong`a hae ho rona! Na ha ho e s’o tle sesupo ho bona sa bopaki bo teng ka har’a mangolo a khale-khale?”

[134] Hoja e be Re ile Ra ba ripitla ka tse ling tsa likotlo pele ho mona, Ruri ba ka be ba ile ba re: “Mong`a rona! Hoja u mpile oa re romella moromuoa, eo re ka beng re ile ra sala lits’enolo tsa hau morao pele re ka soabisoa le hona ho tlotloloha

[135] E re: “E mong le e mong oa rona o sa khefutsa; kahoo le lona le khefutse! Ke hona le tla tseba hore na ke bo-mang majalefa a tsela e topileng, ke bo-mang ba tokeng. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Baporofeta

Surah 21

[1] Boikarabello ba batho bo se bo le haufi haholo le bona, le hoja ba furalla ka ho hloka kutloisiso

[2] Ha ho fihla ho bona molaetsa o mocha o tsoang ho Mong`a bona, ha bao mamele bao nka e le papali

[3] Lipelo tsa bona li tletsoe ke bosaoana. Ba ipuoa lekunutung baetsalibe ba re: “Ana ha se motho ea joaloka lona? Na le ka hoheloa ke boloi le ntse le bo bona?”

[4] E re: “Mong`a ka U tseba lintho tsohle tse buoang leholimong esita le lefats’eng. U Utloa Tsohle, U Tseba Tsohle.”

[5] Ba re: “Che, tsena ke motsoebere oa litoro; kapa e be u iqapetse tsona; kapa e be ke seroki. Ha a ke a re tlele le sesupo se ts’oanang le sa baporofeta ba khale-khale, ba kileng ba romelloa ka lits’upiso.”

[6] Ho ne ho se Sechaba se neng se lumela har’a tseo Re ileng Ra li ripitla pele ho bona, le hoja Re ‘nile Ra ba romella lits’upiso: na e be ba sa tla ke kholoe

[7] Pele ho lona ha Re’a ka ra romella ho hong, e le baromuoa ba Rona kantle le batho bao Re ileng Ra ba neha ts’usumetso. A ke le botseng balateli ba Lengolo

[8] Ha Re’a ba neha ‘mele e ke keng ea ja lijo, kapa hona ho se ang’oe ke lefu

[9] Re ile Ra phethahatsa ts’episo ea Rona holim’a bona. Re ile Ra pholosa bao Re neng Re khahloa ke bona, eaba Re ripitla ba neng ba tlotse melao

[10] Re le senoletse Lengolo leo e leng sehopotso ho lona. Na ha le utloisisi

[11] Hana ke lichaba tse ngata hakakang tseo re ileng ra lie ripitla ka lebaka la ho tlaloa ke bosaoana, eaba Re tsosa lichaba tse ling kamor’a tsona

[12] Ha ba se ba lokela ho latsoa kahlolo ea Rona, ba qalella ho e baleha

[13] “Se baleheng, empa boelang monyakeng oo le o filoeng le malapeng a lona, hore le tle le botsoe lipotso

[14] Ba re: “Bomalimabe bo ho rona! Ruri re bile baetsalibe.”

[15] Sello seo sa bona ha se’a ka sa khaotsa, ho fihlela Re ba bokelletse joaloka koro ha e hetsoe, bafetoha lesupi

[16] Ha re’a hlola leholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng tsa tsona ho ba papali

[17] Hoja e bile thato ea Rona ea ho fumana monyaka, Re ka be Re ile Ra iketsetsa ona ho ka bo Rona, – hoja Re ne Re ratile joalo

[18] Che Re tjekeletsa leshano ka ‘Nete, leshano le hloka mokoka hoo le timelang. Ruri le tla ba mahlomoleng ka seo le se manamisang Allah

[19] Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Hae. Le manyeloi a haufi le bo teng ba Hae, Ha A ikakase hoo A ke keng a mo sebeletsa, kapa hona ho khathala ts’ebeletsong ea Hae

[20] Ba Mo rorisa bosiu le mots’eare; ha ba khathale

[21] Kapa ebe ba ikhethetse melimo lefats’eng e ka tsosang bafu

[22] Hoja e be e bile teng molimo o mong ntle ho Allah, Ruri maholimo le lefats’e a ka be a hloka taolo. Lithoriso li be ho Allah, Eena Mong`a Terone ho tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona

[23] A ke ke A botsoa lipotso holim’a lintho tseo A li hlolang, empa ke bona ba tla botsoa

[24] Kapa e be ba ikhethela ba bang ho ba etsa molimo ntle ho Allah? E re: “Hlahisang sesupo sa lona sa bopaki ba bo-molimo ba bona. Sena ke sehopotso sa banang le ‘na le bohle ba bileng teng pele ho ‘na, empa bongata ba bona ha ba na tsebo ea ‘nete, kahoo ba khelohile

[25] Ha Re’A s’o ka Re romella moromuoa Re sa ka Ra mo neha ts’usumetso,: “Ha ho na molimo o mong kantle ho ‘Na, Allah, kahoo khumamelang le ho sebeletsa ‘Na.”

[26] Ba re: “Ea Khaphatsehang Lereko, Allah, o na le mora. Lithoriso li be ho Eena! Ke makhabunyane a hlomphehang

[27] Ha ba buee ho fihlela Eena A fana ka puo, e bile ba etsa ts’ebetso ho latela taelo ea Hae

[28] O tseba tsohle tse ka pel’a bona le tse kamor’a bona, ba ke ke ba buella mong le mong kantle le ho bao Allah a khahlisoang ke bona, ba bile ba thothomela ke ts’abo malebana le Eena

[29] Ha e mong oa bona a ka re: “Ruri! Ke ‘na `Mopi kathoko ho Allah”, eo eena Re tla mo putsa ka Lihele. E leng kamoo Re putsang baetsa-libe kateng

[30] Na e be mahana-tumelo ha ba tsebe hore maholimo le lefats’e e ne e le karolo e le ‘ngoe, eaba Re ea li arola; le hore Re ile Ra etsa lihloliloeng tsohle tse phelang ka metsi? Na e be ba sa tla ke ba kholoe

[31] Re behile Lithaba tse tsepameng holim’a lefats’e hore le se reketle ka bona, e bile re entse litsela tse pharalleteseng, e le hore ba tle ba iphumanele tataiso

[32] Re entse leholimo marulelo a sireletsehileng. Le hoja ba furalla lits’upiso tsa lona leholimo

[33] Ke Allah Ea hlotseng bosiu le mots’ehare, le lona letsatsi le ‘ngoeli. E ‘ngoe le e ‘ngoe ea tsona e tsamaea mocheng oa eona

[34] Ha Re’a s’o ka Re fana ka bophelo bosafeleng ho motho ofe kapa ofe pele ho uena. Eng! Haeba u ka shoa, na e be ba ka phela kahosafeleng

[35] Moea ka mong o tla latsoa lefu, Re le lekile ka botle le bobe. Bohle le tla boela ho Rona

[36] Nakong eo mahana-tumelo a u lemohang, ba u nka u le sesomo, ba re: “Ana ke eloa ea phoqang melingoana ea lona?” Ba bile banyefola lipuo tsohle tsa ea Tletseng Lereko

[37] Motho o hlotsoe a le lehala: Haufinyane Ke tla le bonts’a lits’upiso tsa Ka, ka nako eo le ke ke la nkopa ho li potlakisa

[38] Ba re: “Ke neng ts’episo eo e tlang ho phethahatsoa, haeba u hlile u buoa ‘nete?”

[39] Hoja e be mahana-tumelo ba ne ba mpa ba tsebile ka nako ea mohla ba tlang ho sitoa ho phutla mollo o tla beng o le mahlong a bona le ka mor’a bona, ba ke keng ba thusoa

[40] Che, nako eo e tla ba oela ka ts’ohanyetso, hore e tle e ba ts’erehanye hoo ba tlang ho sitoa le ho e thibela, kapa hona ho fumants’oa nyehlisetso

[41] Ba ‘nile ba so’ngoa Baromuoa pele ho uena, empa lits’omo tseo tsa bona li baetselitse lesakana-la-nkope bao bohle ba neng ba ba phoqa

[42] E re: “Ke mang ea le lebetseng bosiu le mots’eare malebana le khalefo ea Allah, ea Tletseng Lereko.” Empa ba furalla polelo ea Mong`a bona

[43] Kapa e be bana le melingoana e ka ba pholosang khahlanong le Rona? Ruri! ba ke keng ba ithusa ka bo-bona, leha e le hona ho its’ireletsa khahlanong le Rona

[44] Che Re fane ho bona le ho bo-ntata bona ka lintho tse hloekileng tsa bophelo ba lefats’e, ho fihlela bophelo bo lelefetse malebana le bona. Ha ba bone kamoo Re chakelang naha kateng, le hona ho e khutsufatsa ka hanyane meeling e ka mathoko? Na e be ke bona ba tla hlola

[45] E re: “Ke mpa feela ke le hlaha leseling ka ts’usumetso.” Empa haele litholo ha li utloe pitso nakong eo li eletsoang

[46] Haeba moea oa kahlolo ea Mong`a hau o ne o ka ba ama, Ruri ba ne ba tla re: “Tahlehelo ke’a rona! Hobane re bile baetsa- libe.”

[47] Re tla hlopha lipekho tsa Toka tsa Letsatsi la Kahlolo, e le hore ho se be moea o ka qhekelloang ka letho. Le hoja o tla be o lekana le qoba ea koro ka boima, empa re tla o tlisa boikarabellong. Re lekane ts’ebetso ea ho ka hlahloba

[48] Re ile Ra neha Moshe le Aarone ts’iea ea kahlolo ea botle le bobe, Leseli le Molaetsa le sehopotso sebakeng sa ba etsang botle

[49] Ba ts’abang Mong`a bona lekunutung, le ho ba hlokolosi ka hora ea kahlolo

[50] Sena ke Molaetsa o halalelang oo Re o senotseng: na le ona le tla o latola

[51] Re ile Ra neha Abrahama kholo e nepahetseng khale, Re bile hlokolosi ka eena

[52] Hopola mohla a reng ho ntata’e le ho batho ba habo: “Ke ling lits’oants’o tsena tseo le li rapelang?”

[53] Ba re: “Re fumane bo-ntata rona ba li khumamela.”

[54] Abrahama a re: “Ruri lona le bo-ntata lona le bile phosong e hlakileng.”

[55] Ba re: “Joale, uena u re tliselitse ‘nete, kapa u e mong oa ba soasoang?”

[56] Abrahama a re: “Che, Mong`a lona ke Mong`a maholimo le lefats’e, Ea A hlotseng; le ‘na ke paki ea seo

[57] Ka Allah, ke na le leano ka melingoana ena ea lona, hoba le tsamae, le furalle

[58] Eaba o e khaola likotoana kaofela, a siea se seholo har’a tsona, hore ba tle ba se botse lipotso

[59] Ba re: “Ke mang ea thuileng melingoana ea rona tje? Ruri! E tlameha e le e mong oa baetsa-libe.”

[60] Ba re: “Re utloile mohlankana a buoa ka eona: ea bitsoang Abrahama.”

[61] Ba re: “mo tliseng ponts’eng ea batho, hore ba tle ba fane ka bopaki.”

[62] Ba re: “Abrahama! Na ke uena ea entseng melingoana ea rona ka tsela e tje?”

[63] Abrahama a re: “Che se entsoe-, ke ena e kholo. Li botseng haeba li tseba ho bua.”

[64] Ba qamaka koana le koana, ba re: “Ruri ke rona ba phoso.”

[65] Ba hlajoa ke lihlong, ba re: “Ruri! U tseba hantle hore lits’oants’so tsena ha li tsebe ho buoa.”

[66] Abrahama a re: “Joale le khumamela lintho tse ke keng tsa le thusa ka letho, leha e le hona ho le hlahisetsa kotsi kathoko ho Allah

[67] “Masoabi a be ho lona le lintho tsohle tseo le li rapelang ntle ho Allah! Ha le na kelello na?”

[68] Ba re: “Mo cheseng, le sireletse melingoana ea lona haeba le ka khona.”

[69] Re Re: “Mollo! Bata, o be sets’abelo ho Abrahama!”

[70] Eaba ba etsa sefi khahlanong le eena: empa Ra ba etsa ba lahlehetsoeng ka ho fetisisa

[71] Re ile Ra mo pholosa le Lota, Ra ba lebisa naheng eo Re e hlonolofalitseng molemong oa lichaba tsohle

[72] Ra mo sitsa ka Isaaka, le Jakobo e le mpho ea tlatsetso. Ra ba apesa ka toka e mong le e mong oa bona

[73] Ra ba etsa Baetapele ba tataisang ka Taelo ea Rona, Ra ba susumelitsa ho etsa liketso tse lokileng, le ho phethahatsa lithapelo tsa mehla le ho fana ka linyehelo; ba re sebeletsa kamehla

[74] Lota le eena Re ile Ra mo neha Kahlolo le Tsebo, Ra mo pholosa har›a motse o neng o etsa manyala. Ruri! E ne e le batho ba oetseng sebeng le bona bojela-thoko

[75] Ra mo atametsa haufi le Mohau oa Rona. Hobane e ne e le e mong oa ba lokileng

[76] Hopola Nooe ha ne a memetsa pele ho koano: Ra mamela thapelo ea hae; Ra mo pholosa le ba ntlo ea hae mesarelong e ts’abehang

[77] Ra mo thusa khahlanong le batho ba latotseng lits’enolo tsa Rona: Ruri! E ne e le batho ba oetseng sebeng: Re ile Ra metsa kaofela ha bona metsing

[78] Hopola Davida le Salomone, mohla ba neng ba fana ka kahlolo malebana le linku tsa batho tse neng li tlole bosiu eaba li kena ts’imong bosiu; Re bile lipaki kahlolong ea bona

[79] Re ts’ollela Salomone kutloisiso ea taba eo; ho e mong le e mong oa bona Re fane ka Kahlolo le Tsebo. Ebile ka matla a Rona ho etsa hore maralla le linonyana li bine lithoriso tsa Allah hauts’oane le Davida. Ebile Rona Baetsi ba lintho tseo

[80] Ke Rona ba mo rutileng mahlale a ho etsa liaparo tsa ts’epe molemong oa lona, ho le ts’ireletsa lintoeng tsa lona. Ana ha le na teboho

[81] E bile ka matla a Rona ho Salomone mabapi le moea o neng o foka ka matla hore o khutse. Tlas’a taelo ea hae, ‘nga ea naha eo Re e hlohonolofalitseng. Hobane Re hlokolosi holim’a lintho tsohle

[82] Re ile Ra mo neha matla holim’a karolo e ‘ngoe ea bo-liabolosi ba neng bapharumela likhetla sebakeng sa hae, ba bile ba etsa mosebetsi o mong, e bile Rona ba neng ba ba lebetse

[83] Hopola Jobo ha a memetsa ho Mong`a hae, a re: “Ruri! Mats’oenyeho a nkaparetse, ke Uena Ea Khaphatsehang Mohau ho feta bohle ba bonts’ang Mohau.”

[84] Eaba Re mamela thapelo ea hae: Ra phumula mats’oenyeho ao a neng a mo aparetse, le hona ho mo neha lelapa la hae, Ra le menahanya ha beli, – e le Mohau o tsoang naleng ea Rona le eona khopolo ho ba sebeletsi ba Rona

[85] Hopola Ishmaele, Idris le Zu’l-kifl. Kaofela ba ne ba ena le mamello le tsitlalello

[86] Re ile Ra ba amohela Mohaung oa Rona. Hobane ba ne ba le har’a ba lokileng

[87] Hopola Zu’n-nun, mohla a neng a tsamaea ke khalefo, a hopola hore ha Re na matla holim’a hae, empa u ne a memetse har’a lefifi, a re: “Ha ho `Mopi e mong ntle ho Uena Allah. Tlotla e be ho Uena! Ruri! Ke bile moetsa-libe.”

[88] Eaba Re mamela thapelo ea hae, Ra mo pholosa mathateng ao. Ke kamoo Re pholosang ba kholoang kateng

[89] Hopola Zakaria mohla a neng a memetsa ho Mong`a hae: “Mong`a ka! U se ntlohelle ke sena ngoana, le ha ele Uena mojalefa ea Molemo

[90] Re ile Ra mo mamela, Ra mo sitsa ka Johanne, eaba Re neha mosali oa hae matla a ho mo tsoalla ngoana. Ba ne ba potlakela tlholisanong ea mesebetsi e metle: ba memetsa ho Rona ka lerato le ka tlhompho, ba ikokobetsa ho Rona

[91] Le ea neng a hloka sekoli, Re ne Re bolulele moea oa Rona ka ho eena, eaba Re ba etsa sesupo eena le mora oa hae ho merabe eohle

[92] Ruri! Tumelo ena ea lona, ke tumelo e le ‘ngoe; ‘Na ke Mong`a lona, kahoo le nthapele ke inot`si

[93] Empa matlobo a morao-rao, a khaotse tumelo ea bona likotoana har’a bona, le hoja kaofela ha bona ba tla boela rona

[94] Athe mong le mong ea etsang toka, e bile e le molumeli, ts’ebetso ea hae ha e ke ke ea latoloa. Re tla e boloka molemong oa hae

[95] Ho behiloe thibelo holim’a sechaba sefe kapa sefe seo re ileng ra se ripitla: hore ba ke ke ba khutla

[96] Ho fihlela batho ba Gog le Magog ba lokolotsoe, ba phasaphasa ho hloella lithaba tsohle

[97] Ke moo, Ts’episo ea ‘Nete e tla beng e atametse; mahlo a mahana-tumelo a tla be a le nchocho ke le ts’oalo! batla re: “Ruri re malimabe! Re phetse tlas’a bolebalibasena. Che, re bile baetsa-libe

[98] Ruri! Lona le melingoanaeo le e khumamelang ntle ho Allah, le libeso tsa Lihele. Le tla tla ho tsona

[99] Hoja e be lintho tseo e ne e le Allah, li ne li ke ke tsa atamela moo, empa kaofela li tla phela kamoo

[100] Sa bona kamoo ke seboko, ha ho seo ba tla se utloa

[101] Bao Re ba sitsitseng pele ka mosa oa Rona, ba tla ba hole-hole le teng

[102] Ba ke ke ba utloa le haele molumo o monyenyane oa teng, ba tla nyakalla ka har’a seo lipelo tsa bona li se labalabelang

[103] Ba ke ke ba nyaroha ke letsoalo le thothometsang, etsoe manyeloi a tla ba amohela ka hore: “Lena ke Letsatsi – leo esaleng le le ts’episoa

[104] Ke mohla Re tla phutha maholimo joaloka ha mongoli a phutha buka e ngotsoeng. Joaloka ha Re ile Ra simolla tlholeho sethathong, Ruri Re tla e pheta hape. Seo ke ts’episo e tlamang ho Rona. Ruri! Re tla e phethahatsa

[105] Pele ho mona Re ngotse Lipesalemeng, kamor’a Lengolo la Moshe hore: “Makhabunyane a ka a tla ja lefats’e lefa.”

[106] Ruri! Ho teng molaetsa o totobetseng ho batho ba khumamelang Allah ka tieo

[107] Re u romeletse o se letho ntle le mohau libupuoeng tsohle

[108] E re: “Seo ke se senoletsoeng ke hore `Mopi oa lona ke `Mopi A le mong. Na joale le inehela ho eena?”

[109] Empa ha ba furalla, E re: “Ke le feteselisitse molaetsa ka mokhoa o ts’oanang le ka ‘nete ho lona kaofela, ha ke na tsebo ea hore na seo le se ts’episitsoeng se hole kapa se haufi ho le hokae

[110] “Ke Eena ea tsebang tsohle tseo le li buoang pepeneneng le tseo le li patang

[111] “Ha ke na tsebo hore na ke teko ho lona, kapa mpho ea nakoana ea bophelo.”

[112] E re: “Oho Mong`a ka! A k’u ahlole ka ‘nete.” “Mong`a rona Ea Khaphatsehang Lereko, Eo Thuso Ea Hae e ts’oanelang ho kopuoa khahlanong le seo le se manehang ho Eena. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Leeto la Hajj

Surah 22

[1] Oho lona batho! T`sabang Mong`a lona. Hobane Ruri haele ho reketla mohla Hora ea kahlolo, e tla ba ntho e nyarosang

[2] Mohla letsatsi leo le tlang ho e bona, motsoetse e mong le e mong o tla lebala ho ants’a lesea la hae le eena mokhachane o tla beleha lesea le’a s’o ho be maemong; uena, ke mohla o tla bona e ka batho ba tahiloe, le hoja ba sa tahoa: khalefo ea Allah e tlabae boima

[3] Har’a batho ho teng ba ngangisanang ka Allah ka ho hloka tsebo, ba latela mahoholi afe kapa afe a liabolosi

[4] Empa ba laetsoe hore mong le mong ea tla etsa Satane motsoalle oa hae, o tla mo khelosa le ho mo tataisetsa kahlolong ea Mollo

[5] Oho lona batho! Haeba le na le khoao ka Letsatsi la Tsoho, bonang! Re le hlotse ka lerole, The’re le lehloele, eaba Re le etsa nama e nang le sebopeho, kapa e senang sona, hore Re tle Re hlakise lits’upiso tsa Rona ho lona. Re etsa hore ho lule ka har’a limpa seo Re se ratang ho fihlela nako ea pallo ea sona, e be kamor’a moo Re le hlahisa le le masea, ebe Re le neha kholo, hore le tle le fihlele lilemo tse lokelang. Har’a lona ho teng ba shoang ba sa le banyane, ho teng ba fihlelang lilemo tsa botsofali, hore ba tle ba se ke ba tseba letho kamor’a ho ba ba be le tsebo. U bona lefats’e le se nang bophelo le hlobotseng, empa ha Re romella pula ho lona, le khutlela bophelong le hona ho ts’akhunya liliba le ho hlahisa limela ka bobeli tse khahlang

[6] Sena ke hobane Allah ke Eena ‘Nete: ke Eena ea fanang ka bophelo ho ba shoeleng, U na le Matla holima tsohle

[7] Hobane Ruri hora e ea tla eo ho seng khoao ka eona; Allah U tla tsosa bohle mabitleng

[8] Empa har’a batho ho na le ba ngangisanang ka Allah ka ho hloka tsebo, kapa tataiso esita le lona Lengolo le fanang ka Leseli

[9] O furalla ka boikakaso o khelosa batho ka thetso tseleng ea Allah. Masoabi a tla mo aparela bophelong bona, mohla Letsatsi la Kahlolo Re tla etsa hore a latsoe Kahlolo ea Mollo

[10] Ho tla thoe: “Sena ke moputso oa seo matsoho a hau a ileng a se romella nale, Ruri Allah ha se mohatelli oa makhabunyane a hae.”

[11] Ho teng har’a batho b`a sebeletsang Allah ka monahano o fokolang hoo eka reng haba oeloa ke lehlohonolo, ebe ba khotsofetse, empa haeba bomalimabe bo ka ba oela, ba phakisa ba nyebella. Joale, e be bophelo ba lefats’e lena bo ea ba phonyoha esita le Bo-tlang. Seo ke tahlehelo e pepenene

[12] Ba memetsa ho melingoana e ke keng ea ba hlahisetsa kotsi le e nyenyane, le hona ho ba putsa ka letho. Seo ke ho khelohela hole-hole kannete

[13] Ba memetsa ho eo mathata a hae a leng haufi haholo ho feta moputso; Ruri setsoalle se joalo ke se fosahetseng le eena mothusi eo ke’a bolileng

[14] Ruri! Allah U tla amohella ba kholoang ba sebetsang ka toka ka har’a Lirapa tse linoka li phallang. Hobane Allah U phethisa seo a se rerang

[15] Ebang ho na le mong le mong ea nang le monahano o fosahetseng oa hore Allah a ke ke a fana ka tlholo ho eena lefats’eng lena le ho bo-tlang, ha a ke a leketlise thapo marulelong a ntlo ea hae, e be o’a iphanyeha. Joale, a tle a bone hore na malepa a hae a tla ke a suthise seo se mo halefisisang

[16] Ke kamoo Re senolang Lits’enolo tse hlakileng, Ruri Allah U tataisa ea ikhethetseng Eena

[17] Bohle ba kholoang ts’enolong ena, ba latelang Bo-juda, Ma- Sabian, Ba-Keresete ng, le Baloing esitana le Bahedeneng, – Ruri! Ke Allah ea tla ahlola lipakeng tsa bona mohla letsatsi la tsoho. Ruri ke Allah U tla ahlola lipakeng tsa bona ka Letsatsi la Kahlolo. Hobane Allah ke paki holima lintho tsohle

[18] Na ha le’a s’o bone hore lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li rapela Allah, letsatsi, ngoeli, linaleli, lithaba, lifate, le linonyana le batho bohle, le hoja ho na le ba ba ngata bao kahlolo eba tobileng. Bao Allah a ba apesitseng sekhobo, ha ho ope ea ka ba nehang tlhompho. Hobane! Ruri Allah U etsa seo A se ratang

[19] Mahlakore ana a mabeli, a hohlana ka bobeli khahlanong le Mong`a bona: Ba latolang,-ba tla etsetsoa liaparo tsa mollo; ba tla ts’eloa lihloohong ka metsi a belang

[20] Lintho tsohle tse ka har’a limpa tsa bona li tlang ho qhibilia `moho le letlalo la bona

[21] Ho bile ho teng Meutloa ea ts’epe sebakeng sa bona

[22] Ka linako tsohle batla lakatsa ho tsoa kamoo ka maqakabetsing, empa ba tla qobelloa ho boela kateng, ho tla thoe: “Latsoang kahlolo ea Mollo.”

[23] Allah U tla amohela bohle ba kholoang ba etsa liketso tse lokileng ho kena ka har’a lirapa tse linoka li phallang, ba tla apesoa lipetja tsa khauta le tsa masapo, Liaparo tsa bona e tla ba tsa silika

[24] Hobane ba ile ba tataisoa ka molaetsa o machosi; ba tataiselitsoe tseleng ea Ea Ts’oanetsoeng ke Tlotla

[25] Haele ba latotseng, ba sitisa batho ho kena tseleng e lebisang ho Allah le ‘nqalong e Halalelang ea thapelo, eo Re e khethetseng batho bohle hoba ‘moho ho eona; baahi ba moo le baeti, ka bobeli ba na le tokelo ea moo; mong le mong ea ikemiselitseng ho baka pherekano moo, Ruri re tla mo latsoisa kahlolo e mahlonoko

[26] Bonang Re nehile Abrahama ‘nqalo ea ntlo e halalelang, (Re Re): “Ho se be letho leo o ka le kopanyang le ‘Na, u be u hloekise Ntlo ea Ka malebana le batla e pota-pota le hona ho ema haufi le eona `moho le ba tla khumama ba ithapalatse

[27] “U phatlalatse bosepheleli ho batho bohle: ba tla tla ho uena ba tsamaea ka maoto, ha ba bang ba tla tla ba kaletse likamele; ba tla tla ba hlaha ka likhoro tsohle

[28] Ho tla paka lintho tse nang le molemo ho bona, le ho keteKa lebitso la Allah ka Matsatsi a fanoeng holim’a makhomo ao A ba sitsitseng ka ona sebakeng sa lihlabelo. Joale, jang le be le fane ka eona ho mafutsana

[29] Ba tlohele ho qetela lits’ebeletso tse ngolileong malebana le bona, le hona ho rapela le ho potoloha Ntlo e Halalelang ea Mathomo.”

[30] Mong le mong ea hlomphang litokelo tsa bohlokoa tsa Allah, seo se molemo ho eena kapel’a Mong`a hae. Makhomo a molemo ho lona ele lijo nakong ea bosepheleli kantle le seo le kileng la se joetsoa. Kahoo, qobang lits’ila tsa bahedene le mashano

[31] Le be le ‘nete tumelong ea Allah, le se mo kopanye le batlatsetsi; hobane ea kopanyang Allah le batlatsetsi, o ts’oana leha e ka o ile a theoha marung, eaba o hlothoa ke linonyana, kapa a fefoloa ke moea ho mo lahlela sebakeng se hole-hole

[32] Seo: Mong le mong ea ikitlaetsang ho hlompha lits’upiso tsa Allah, ka ho etsa mahlabelo a liphoofolo Ruri seo se tsoa khalalelong ea lipelo

[33] Mahlabelo ao a molemo ho lona sebakeng sa pallo; mathethong sebaka sa tsona lihlabelo tseo se thoko le Ka’ba

[34] Re fane ka taelo ea lihlabelo ho merabe eohle ea batho, hore ba tle ba keteke lithoriso tsa Allah holim’a makhomo ao A ba nehileng ona ele lijo; etsoe `Mopi oa lona ke `Mopi A le mong, kahoo ineheleng ho Eena. Fana ka litaba tse molemo ho ba ikokobetsang

[35] Bao lipelo tsa bona li tlaloang ke ts’abo nakong eo ho buuoang ka Allah, ba mamellang holim’a lintho tsohle tse ba hlahelang ka ts’ohanyetso, le ho phethahatsa lithapelo esita le ho nyehela ka tseo Re ba sitsitseng ka tsona

[36] Likamele tsa sehlabelo Re li etselitse hoba har’a Litsu’po ho tsoa ho Allah. Le na le melemo e mengata ho tsona. Kahoo, le hlalose lebitso la Allah holim’a tsona nakong eo li tjammeng ka mekhahlelo. Joale, ha li se li oele fats’e kamor’a ho hlajoa, le ka itjella le hona ho fepa ba hlokang le bohle ba qelang ka hlompho. Ke kamoo Re etsang hore le be le taolo holim’a tsona kateng, hore le tle le fane ka liteboho

[37] Ha se nama, kapa mali a tsona a tla finyella ho Allah, empa ke tumelo ea lona e tla finyella ho Eena. Ke kamoo Re etsang hore le be le taolo holim’a tsona, hore le tle le tlotlise Allah, A tle A le tataise. Fana ka litaba tse molemo tsena ho ba etsang tse lokileng

[38] Ruri! Allah U ts’ireletsa bohle ba kholoang. Allah ha A rate ea furallang tumelo, a hloka le teboho

[39] Ntoa e lumeletsoe ba loanang hobane ba hateletsoe; Allah U Matla Oohle ho ba thusa

[40] Ba phalalisitsoeng malapeng a bona hobane ba itse: “Mong`a rona ke Allah,” na ha se Allah ea thibang lehlakore le leng la batho ka le leng, Ruri! Ho ka be ho ile ha heletsoa Litempele, Likereke, li-Sinakhokhe le li-Mosque moo lebitso la Allah le tlotlisoang ka mehla eohle. Allah U thusa ea mo thusang. Hobane Allah U Matla Oohle, U Ts’abehile Matleng, –

[41] Bao e reng ha Re ba neha matla lefats’eng, ebe ba phethahatsa lithapelo le hona ho fana ka linyehelo le ho khothaletsa toka, le ho felisa bobe. Ho Allah ke poloko ea litla-morao tsa litaba tsohle

[42] Ebang ba u hanyetsa, le Batho pele ho bona ba ‘nile ba etsa joalo ka Baprofeta ba bona, – batho ba habo Nooe esitana le mohlobo oa ba-Ad le ba-Thamud

[43] Le ba habo Abrahama le Lota

[44] Le Balekane ba batho ba Mediane. Le Moshe o ‘nile a latoloa; empa Ke ile Ka fana ka nyehlisetso ho mahan-atumelo ha nakoana, eaba Ke ba neha kotlo kamor’a moo, nyeliso ea Ka ho bona e bile e ts’abehang joang

[45] Ke Lichaba tse kae tseo Re ileng Ra li ripitla nakong eo li neng li le sebeng, hoo e ileng ha sala e le lesupi ho fihlela kajeno, ke liliba tse kae tse ileng tsa sala shalabeng esita le tsona lipaleisi

[46] Na ha ba e s’o hahlaule le lefats’e, hoo lipelo tsa bona li ka sisimohang esitana le tsona litsebe tsa bona li ka utloang? Hobane! Ruri ha se mahlo a bona a foufetseng, empa ke lipelo tse ka lifubeng tsa bona

[47] Ba u kopa ho potlakisa kahlolo, le hoja Allah A ke ke A sitoa ts’episong ea Hae, Ruri! Haele letsatsi le kapel’a Allah, le shebahala le ka balloa lilemong tse sekete ho latela palo ea lona

[48] Hana ke Lichaba tse kae tseo ke ileng ka li neha nyehlisetso, le hoja li ne li le sebeng? Hoo ke ileng ka li neha kotlo khabareng. Ruri! Poelo e ho ‘Na

[49] E re: “Oho batho! Ke rometsoe ho lona feela ho fana thlokomeliso e hlakileng

[50] Bohle ba kholoang ba etsa liketso tse lokileng, ts’oarelo e teng bakeng sa bona `moho le nala e babatsehang

[51] Empa haele ba tsitlaletseng khahlanong le lits’enolo tsa Rona, – e tla ba balekane ba Mollo.”

[52] Ha Re’a s’o ka Re romella moromuoa, kapa moporofeta pele ho uena, ebe eba Satane ha a mo hoka-hoke ka malepa. Empa Allah U hlakola sohle seo Stane a se etsang. Allah U phethahatsa lits’enolo tsa Hae. Hobane Allah U tletse tsebo, U Seli

[53] E le hore A tle A etse seo liabolosi a se etsang teko ho bao lipelo tsa bona ho tletseng maloetse, le bao lipelo tsa bona li thatafetseng, – Ruri! Baetsalibe ba karohanong e totobetseng, –

[54] Le ba nehiloeng tsebo ba tle ba tsebe hore ke ‘nete e tsoang ho Mong`a hau, ba tle ba kholoe ho eona le lipelo tsa bona li tle li inehele ka boikokobetso ho Eena. Hobane! Ruri Allah U tataisa bohle ba kholoang tseleng e totobetseng

[55] Bohle ba hanyetsang tumelo ba ke ke ba khaotsa ho ba le khoao holim’a eona, ho fihlela hora e ba oela ka ts’ohanyetso, kapa ba tloha ba oeloa ke Letsatsi la Tlokotsi

[56] Matla a Puso mohla letsatsi leo, e tla be e le a Allah feela. Ke Eena Ea tla ahlola lipakeng tsa bona. Haele ba tla beng ba kholoa, ba etsa liketso tse lokileng ba tla kena ka har’a Lirapa tsa Nyakallo

[57] Ba hanyetsang tumelo, ba latola lits’enolo tsa Rona, ho teng Kahlolo e soabisang

[58] Bohle ba phaphathehang malapeng a bona ts’ebeletsong ea Allah, ba fenethoa, kapa ba shoa, Ruri! Allah U tla ba sitsa ka nala e babatsehang. Ruri Allah Ke Eena Ea fanang ka nala

[59] Ruri! U tla ba amohela sebakeng se tla ba khahla. Hobane! Allah U Tseba Tsohle, U na le Kutloelo-Bohloko

[60] Ke kamoo ho leng kateng. Mong le mong ea iphetetsang ka bohloko bo ts’oanang le boo a ileng a bo utloisoa, e be hamorao o boetse o phetoa ka bona, Ruri! Allah U tla mo thusa. Hobane! Allah ke Eena Ea tlosang libe, o ts’oarela- joalo-joalo

[61] Ke hobane Allah U entse hore bosiu bo sehe mots’eare tsebe le mots’eare o sehe bosiu tsebe, hobane Allah U ultoa tsohle, U bona tsohle

[62] Hobane Allah – Ke ‘Nete, seo ba bitsang ho sona kantle ho Eena, ke leshano, Allah U Phahametse Tsohle, U Moholo- Holo

[63] Na ha le bone kamoo Allah A romellang pula lefats’eng kateng e tsoa marung, ebe lefats’e le apareloa ke botala ka letsatsi le hlahlamang? Ruri! Allah U Hloekile, U Hlokolosi

[64] Lintho tsohle tse maholimong le lefats’eng ke tsa Hae. Ruri! Allah ha A hloke letho, U ts’oanetsoe ke lithoriso tsohle

[65] Na ha le bone kamoo Allah A entseng hore lintho tsohle tse teng lefats’eng li be le molemo kateng ho lona? Likepe li sesa holim’a leoatle ka taelo ea Hae, U ts’oere leholimo hore le se ke la oela fats’e kantle le ka tumello ea Hae. Ruri! Allah U Tletse Khauhelo, U Mohau o Khaphatsehang ho batho

[66] Ke Eena ea le nehileng bophelo, ke Eena ea tla etsa hore le shoe, A boele A le nehe bophelo hape. Ruri! Motho ke sebupuoa se hlokang teboho

[67] Re fane ka lits’ebeletso tsa keteko le meetlo ho lichaba tsohle tseo ba ts’oanetseng ho li phethahatsa; ba se u ngangise ka taba eo, empa u ba biletse ho Mong`a hau. Hobane! Ruri uena u latetse Tataiso e Nepahetseng

[68] Empa ba u phehisa khang, E re: “Allah U tseba ka botlalo tsohle tseo le li etsang

[69] “Allah U tla ahlola lipakeng tsa lona mohla Letsatsi la Kahlolo khahlanong le seo le neng le hanyetsana ka sona

[70] Na ha le tsebe hore Allah U tseba lintho tsohle tse leholimong esita le tsohle tse lefats’eng? Ruri! Seo se ngoliloe, seo se bobebe ho Allah

[71] Empa ba khumamela lintho tse sa kang tsa senoleloa matla le hanyane, kantle ho Allah, tse bileng li senang le tsebo. Baetsalibe ha ba na mothusi

[72] Ha Lits’enolo tsa Rona tse Hlakileng li phetoa, u tla bona tatolo lifahlehong tsa mahana-tumelo; ho sale hanyane ba futuhela ba ba phetelang lits’enolo tsa Rona. E re: “Na nka le bolella ka se seng se nyarosang ho feta lits’enolo seo? Ke Mollo! Oo Allah a o ts’episitseng mahana-tumelo. Phello ea leeto e babang

[73] Oho batho! Papiso ke ena, kahoo thehang tsebe: Lintho tseo le li bitsang ho tsona ntle ho Allah li sitoa ho hlola leha e le ts’ints’i, le ha li ka kopano ‘moho ka morero oo. Haeba ts’ints’i e ka nka ho hong ho tsona, li ke ke tsa e pholosa ho eona. Kahoo, ka bobeli bakopi le bakopuoang ba ea fokola

[74] Ba mpa ba entse tekanyo ka Allah: Hobane! Ruri Allah ke Ea Matla, Ea phethahatsang Thato ea Hae

[75] Allah U khetha baromuoa har’a manyeloi le har’a batho. Allah ke Eena Ea utloang tsohle, o bona tsohle

[76] U tseba tsohle tse kapel’a bona esita le tsohle tse kamora’ bona, lipotso tsohle li tla boela ho Allah

[77] Oho lona ba kholoang! Inamang, le ithapalatse le rapele Mong`a lona, le etse ka toka, hore le tle le atlehe

[78] Le be le tsitlalle tseleng ea Allah joaloka ha e le tokelo ea hae ho tsitlallela. U le khethile, ha A le belesa ka mojaro o boima tumelong; ke tumelo ea ntat’a lona Abrahama. Ke eena ea le rehileng Mamuslim linakong tsa khale-khale le ka har’a

Balumeli

Surah 23

[1] Ba kholoang ba tla atleha qetellong, –

[2] Ba ikokobetsang lithapelong tsa bona

[3] Ba qobang lipuo tsa mafeela

[4] Ba mahlahahlaha nyehelong

[5] Ba ila thobalano

[6] Ntle le basali ba bona feela, kapa makhabunyane ao matsoho a bona a matona a ba ruileng, hobane ho bona ha ba na molato

[7] Empa bao litakatso li tlolang meeli eo, ke litloli tsa molao, –

[8] Bohle bahlokometseng kano ea bona, le selekane

[9] Ba hlokomelang lithapelo tsa bona, –

[10] Bao e tla ba majalefa

[11] A tlang ho ja lefa Paradeisi: ba tla phela teng

[12] Re hlotse motho ka letsopa

[13] Eaba Re mo beha e le there ea peo ka har’a popelo

[14] Ra nto apesa there eo ka lehloele, eaba Re etsa lehloele leo polokoana, polokoana eo Ra e apesa masapo le hona ho apesa masapo ao ka nama; eaba Re hlahisa sebopua seo se ts’oana le tse ling. Kahoo, Allah ha A hlohonolofatsoe, Eena Ea hloahloa tlholehong

[15] Kamor’a moo le tla shoa

[16] Mohla Letsatsi la Kahlolo le tla tsosoa

[17] Re hlotse litsela tse supileng kaholim’a lona, Re tsotella Libopuoa tsa Rona

[18] Re romella pula lefats’eng e theoha marung ka tekanyo, ebe Re etsa hore e nyamele lefats’eng; Re e monya ha bonolo

[19] Ka eona Re le hlahisetsa lirapa tsa litholoana tsa palema le merara, eo ho eona ho nang le maro molemong oa lona ao le a jang

[20] Le sefate se hlahileng holim’a Thaba ea Sinai, se lutlang mafura le hona ho ba mathe maloli ho ba se jang

[21] Le likhomong ho teng mohlala oa thuto ho lona. Re le neha lebese le tsoang ka har’a limpa tsa tsona hore le le noe, ho teng melemo e mengata ea tsona ho lona, e bile le’a li ja

[22] Le’a li palama le ho lipama; esita le tsona likepe

[23] Re ile ra romella Nooe ho batho ba habo. A re: “Oho batho ba heso! Sebeletsang Allah. Etsoe ha le na `Mopi e mong ntle ho Eena. Na le sa tla ke le khese sebe?”

[24] Marena a batho ba habo a neng a sa mahana-tumelo a re: “Enoa ke motho ea joaloka lona ea mpang a rata ho iketsa eka o na le matla a fetang a lona. Athe hoja e bile thato ea Allah, Ruri! A ka be a ile a romella manyeloi lefats’eng. Ebile ha Re’a ka Ra utloa sena litabeng tsa bo-ntat’a rona moholo.”

[25] Ba bang ba re: “U mpa a e na le bohlanya enoa, kahoo suthang pel’a hae ha nakoana

[26] Nooe a re: “Mong`a ka! Ak’u nthuse hobane ba mphara ka mashano.”

[27] Eaba Re ts’ollela ts`enolelo ho eena: “Aha Areka ka pel’a mahlo a Rona le tlas’a ts’usumetso ea Rona. E tle ere ha taelo ea Rona e fihla, mehloli e ts’akhunya metsi, ebe u nka liphoofolo ka bobeli `moho le lelapa la hau kantle le bao ebang molaetsa o ile oa finyella ho bona. U se ke be oa nkopa letho khahlanong le bao ebang ba entse libe. Hobane! Bona ba tla khangoa ke metsi

[28] Joale, ha u se u le ka har’a Areka, uena le batho bohle ba tla be ba le kamoo, le tle le re: “Lithoriso li be ho Allah ea Re pholositseng har’a batho ba oetseng sebeng!”

[29] U re: “Mong`a ka! Ak’u etse hore ke tle ke theohe sebakeng se hlohonolofetseng, hobane ke uena ea molemo ho re tlisa lefats’eng.”

[30] Ruri! Ka har’a tsena ho teng lits’upsio, hobane ke rona ba behang batho tekong

[31] Eaba kamor’a bona Re hlahisa letloobo le leng

[32] Ra ba romella moromuoa oa habo bona, A re: “Khumamelang Allah. Ha le na `Mopi e mong ntle ho Allah. Na le sa tla ke khutle mekhoeng?”

[33] Marena a batho ba habo ba mahana-tumelo, ba hanyetsa kopano ea bophelo Bo-tlang, ao re’a entseng ka mohau bophelong balefats’e lena, a re: “Enoa entse e le motho ea joaloka lona, ea bileng a jang seo le se jang le ho noa seo le se noang

[34] “Haeba le tla mamela motho ea ntseng a ts’oana le lona, Ruri! Le tla sala shalabeng

[35] “Na u le ts’episa hore ha le se le shoele, le fetohile lerole le masapo, le tla boela bophelong hape

[36] “Seo le se ts’episitsoeng ke mohlolo o ke keng oa etsahala

[37] “Ha ho bophelo bo bong ntle le bophelo ba rona ba lefats’e; re ea phela, e bile re’a shoa; re ke ke ra boela ra phela hape

[38] “Empa ele motho ea iqapetseng leshano khahlano le Allah. Ha se motho oa hore re ka kholoa ho ena.”

[39] Moporofeta a re: “Mong`a ka! Ak’u mpe o nthuse hobane ba mphara ka mashano.”

[40] Allah A re: “Ruri! Ka nakoana e khuts’oane ba tla its’ola.”

[41] Ho qhoma ho ts’abehang ho ile ha ba nanola ka toka, Ra ba etsa joaloka mahoholi ha a hohotsoe ke sefefo. Timelo e bohlooko bathong ba etsang bobe

[42] Kamor’a bona Ra hlahisa letloobo le leng

[43] Ha ho sechaba se tla phonyoha nako ea sona ea pallo, leha e le hona ho e busetsa morao feela

[44] Re romella baromuoa ba Rona ka tatellano. Ka mehla ha moromuoa a fihla ho sechaba sa habo, ba mo qosa ka mashano; kahoo, Re etsa hore ba latelane ka bo-bona koluoeng, Re baetsa pale. Ho teng timelo ho batho ba latolang tumelo

[45] Eaba Re romella Moshe le moena’e Aarone ka lits’upiso tsa Rona le bopaki bo pepenene

[46] Ho Faro le Mahlahana a hae, empa baile ba ba nyelisa; e bile batho ba ikakasang

[47] Ba re: “Na re ka kholoa ho batho ba babeli ba ntseng ba ts’oana le rona, bao mehahabo bona e leng makhoba a rona?”

[48] Kahoo, ba ba qosa ka mashano; ba oela har’a ba ileng ba ripitloa

[49] Ra neha Moshe Lengolo, hore ba tle ba fumane tataisoe

[50] Ra etsa sesupo ka Maria le Mora oa hae, Re ile Ra ba neha bots’abeli sebakeng se phahameng tlas’a sefate sa palema, e leng sebaka sa mehlape le mehloli ea liliba

[51] Oho lona baromuoa! Jang lintho tsohle tse hloekileng, le be le etse toka. Hobane! Ruri Ke hlokolosi ka tseo le li etsang

[52] Tumelo ena ea lona ke tumelo e le ngoe, ‘Na ke Mong`a lona, kahoo Nts’abeng

[53] Empa batho ba arohantse tumelo ea bona, ba e etsa makalana, lekala le leng le le leng le nyakalla ka seo le leng ho sona

[54] Ak`o ba tlohele har’a phoso eo ea bona ho se hokae

[55] Ebe ba nahana hore thepeng eo Re ba nehileng eona le bara bao Re ba sitsitseng ka bona

[56] Re ba potlakela ka tsohle tse molemo? Che, ha ba utloisise

[57] Ruri! Haele ba tsamaeang ka hloko ba ts’aba Mong`a bona

[58] Ba kholoang Lits’enolong tsa Mong`a bona

[59] Ba sa kopanye Mong`a bona le batlatsetsi

[60] Ba bafanang ka linyehelo tsa bona ka lipelo tse ts’abo, ka khopolo ea hore ba tla boela ho Mong`a bona

[61] Ke bona ba potlakelang mesebetsing e lokileng, ke bona ba ka pele har’a bona

[62] Ha Re jarise moea ofe, kapa ofe mojaro o tla o imela; Re na le pokello ea lintho tsohle e buoang ‘nete, ba ke ba qhekelloa

[63] Empa lipelo tsa bona li na le pherekano ea ho hloka tsebo ka sena, etsoe ba na le mesebetsi e meng eo ba tsoelang pele ho e etsa

[64] Ho fihlela nakong eo Re tla nanola lintho tsohle tse molemo tsa bona tsa lefats’e lena ka kotlo, bonang! batla ikoahlaha ka boikokobetso

[65] Ho tla thoe: “Se keng la ikokobetsa kajeno! Hobane Re ke ke Ra le thusa

[66] “Lits’enolo tsa Ka li ‘nile tsa phetoa ho lona, empa le ne le tloaetse ho li furalla

[67] “Ka boikhants’o bohle. Bosiu le ne le qoqa mepoto le le ‘moho

[68] Na ebe ha ba nahane ka molaetsa, kapa ebe hona le se tlileng ho bona se sa kang sa finyella ho bo-ntat’a bona moholo ba khale-khale

[69] Kapa, ebe ba ne ba sa tsebe Moromuoa oa bona, eaba b’a mo latola

[70] Kapa, ebe ba re: “Enoa u kenoe ke bohlanya? Che u ne a ba tliselitse ‘nete; bongata ba bona ba hloile ‘nete

[71] Hoja e be ‘nete e ne e ile ea sala morao litakatso tsa bona, Ruri! Maholimo le lefats’e esitana le tsohle tse teng ho lona li ka be li ile tsa senyeha. Che, Re ba tliselitse sehopotso sa bona, le hoja ha joale ba se koenehela

[72] Kapa e be u ba kopile moputso oa letho? Empa nala ea Mong`a hau e molemo, hobane ke Eena ea molemo har’a bohle ba fanang ka phepo

[73] Empa u ba bilelitse tseleng e topileng

[74] Ruri! Haele basa lumeleng bophelong Bo-tlang ba khelohetse thoko le tsela e topileng

[75] Le hoja e be Re bile le mohau holim’a bona le hona ho ba pholosa kotsing e neng eba aparetse, ba ne ba tla ‘ne batsoele pele ho hlahlathela thoko ka botlaopa ba bona

[76] Ruri! Re ile Ra ba nehella ka kotlo, empa ha ba na boikokobetso kapel’a Mong`a bona le hona ho Mo rapela feela

[77] Ho fihlela mohla Re ba bulelang mekoallo ea kahlolo e mahlonoko, bona! Moo teng baa t`saba

[78] Ke Eena ea le hloletseng litsebe le mahlo le maikutlo le kutloisiso. Empa le fana ka liteboho tse fokolang

[79] Ebile ke Eena ea le atisitseng lefats’eng, bohle le tla bokelloa ho Eena

[80] Ke Eena ea fanang ka bophelo esita le lefu, e bile phapanyetsano ea bosiu le mots’eare ke ea Hae. Na le tla ba le kutloisiso

[81] Ba bua puo e ts’oanang le’a batho ba khale

[82] Ba re: “Na ha re se re shoele re fetohile lerole le masapo, re ka boela ra tsosoa hape

[83] Haesale re ntse re ts’episoa jooana, rona le bo-ntat’a rona moholo.”

[84] E re: “Ke tsa mang lintho tsohle tse teng lefats’eng haeba le na le tsebo?”

[85] Ba tla re: “Ke tsa Allah.” U re: “Joale, na ha le sa hopola?”

[86] E re: “Ke mang Mong`a maholimo a supileng le Mong`a Terone e Machosi?” Haeba lea tseba!”

[87] Ba tla re: “Ho Allah.” Joale, E re: “Na joale ha le na ts’abo ho Eena?”

[88] E re: “Haeba le na le tsebo, ke mang eo matla a puso ea lintho tsohle a leng ka har’a seatla sa hae, a bile a li sirelelitse, empa khahlanong le Eena ho se na mots’ireletsi?”

[89] Ba tla re: “Ke tsa Allah.” Joale, u re: “Joale hobaneng haele moo le louoe?”

[90] Re ba rometse ‘nete, le hoja bona ba keteka leshano

[91] Ha ho mora eo Allah a mo tsoetseng, kapa hore e be ho na le `Mopi e mong pel’a Hae; ebang ho ne ho le joalo, `Mopi e mong le e mong a ka ba inketse tseo A li hlotseng, ba bang ba bona ba ne ba tla loants’a ba bang. Lithoriso li be ho Allah Ea okametseng lintho tsohle tseo ba li bolelang

[92] U tseba tse patiloeng le tse bonoang! U phahametse lintho tsohle tseo ba li manamisang ho Eena, e le batlatsetsi

[93] E re: “Mong`a ka! Hoja feela eba U ne U ka mponts’a seo ba se khalemeletsoeng

[94] “Mong`a ka! U mpe U se ke oa mpeha har’a batho ba oetseng sebeng.”

[95] Ruri! Re ka khona ho u bonts’a seo Re ba khlemeletseng sona

[96] Tlosa sebe ka se molemo. Re hlokolosi haholo ka seo ba se bolelang

[97] U be u re: “Mong`a ka! Ke kopa ts’ireletso ho Uena khahlanong le lit’sebelo tsa ba babe

[98] “E bile ke kopa ts’ireletso ho Uena, Mong`a ka, esere ba tloha ba ba haufi le ‘na

[99] Ho fihlela nakong eo lefu le ka khahlanyetsang e mong oa bona, o re: “Mong`a ka mpusetse morao

[100] “Hore ke tle ke etse toka holim’a lintho tseo ke li siileng morao! Empa che! E mpa e le lentsoe leo a le buoang; kamor’a bona ho teng mokoallo ho fihlela letsatsi leo ba tlang ho tsosoa ka lona

[101] Mohla Terompeta e letsoang, ha ho na hoba le kamano har’a bona ka letsatsi leo, kapa ho na hore ba be le lipuisano

[102] Haele bohle ba maemo a boima, ke bona ba tla beng ba atlehile

[103] Haele ba maemo a sesefetseng, ke bona ba tla beng ba nyahlalitse meea ea bona, ba tla phela Liheleng

[104] Mollo o tla tlabola lifahleho tsa bona, ba tla ba mahlomoleng a maholo kamoo

[105] “Na ha le’a ka la pheteloa lits’enolo tsa Ka, tseo lona le ne le tloaetse ho li khesa

[106] Bat la re “Mong`a rona! Bomalimabe ba rona bo re phoqile, re bile batho ba oetseng phosong

[107] “Mong`a rona! Oho, Ak’u mpe U re nt`se mona! Haeba Re ka boela sebeng, Ruri! Re tla be Re le baetsa-libe.”

[108] Allah U tla re: “Lulang hona kamoo, le se ke la mpuisa

[109] Ho bile teng karolo ea makhabunyane e neng e rapela: “Mong`a rona! Re’a kholoa, kahoo U mpe U re ts’oarele le hona hoba mosa holim’a rona, hobane ke Uena Ea molemo har’a bohle ba bonts’ang mohau;”

[110] Empa le ile la ikhethela ho ba ts’eha, hoo ba ileng ba le lebatsa ho ka nkhopola, nakong eo le neng le ba tlepa lit`seho

[111] “Kajeno Ke se Ke ba putsitse ho latela kamoo ba neng ba e na le mamello kateng; Ke bona ba atlehileng

[112] U tla re: “Hana le phetse lilemo tse kae lefats’eng?”

[113] Ba tla re: “Re lutse feela letsatsi, kapa karolo ea lona. Empa ak’u botse ba neng ba ntse ba bala!”

[114] U tla re: “Le lutse nakoana e khuts’oanyane hoja eba le na le tsebo

[115] “Le ne le nahana hore Re ne Re le hloletse papali, hoo le ke keng la hlotse le boela ho Rona?”

[116] Allah U phahame kahofetisisa, Motlotlehi, ‘Nete! Etsoe ha ho `Mopi e mong kantle ho Eena, Eena Mong`a Terone Ea Lereko

[117] Ea rapelang lits’oants’o ntle ho Allah, ha a na matla holim’a ntho e joalo. Kahlolo ea bona e ho Mong`a bona feela. Ruri! Haele mahana-tumelo ba ke ke ba atleha

[118] E re: “Mong`a ka! U ts’oarele le hona ho ba le mohau, hobane ke Uena Ea Molemo ka ho fetisisa har’a bohle ba bonts’ang mohau.” Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Leseli

Surah 24

[1] Ena ke khaolo eo Re e senotseng le hona ho e khothaletsa, eo ho eona Re senotseng lits’upiso tse hlakileng, hore le tle le amohele khalemo

[2] Monna le mosali baetsang bohlola, e mong le e mong oa bona le mo shape lithupa tse lekholo, le se ke la ba le pelo-tlhomohi ho bona ka bobeli hoo le ke keng la mamela Allah, haeba le lumela ho Allah le ho letsatsi la bofelo. Ho be le karolo ea lipaki tsa ba kholoang kahlolong ea bona

[3] Monna oa sehlola o ts’oanetse ho nyala mosali oa sehlola, kapa a nyale mosali oa mohedene, mosali oa sehlola o lokela ho nyaloa ke monna oa sehlola, kapa a nyaloe ke monna oa mohedene. Lintho tseo tsohle ha li’a lumelloa ba kholoang

[4] Batho ba khahlanong le basali ba hlomphehang ka ho ba etseletsa ka bohlola, empa ba sa hlahise lipaki tse ‘ne ho paka taba ea bona, le ba shape lithupa tse mashome a robeli; kamor’a moo le se ke be la amohela bopaki ba bona, – hobane Ruri ke baetsalibe, –

[5] Ntle le bao e ka reng kamor’a moo eaba baa its’oabela baa sokoloha. Ho ba joalo, Ruri! Allah U Ts’oarela-joalo-joalo, U Tletse Mohau

[6] Haele ba khahlanong le basali ba bona ka ho ba etseletsa ka bohlola bobe, empa ba se na lipaki, ba ipakela ka bo-bona; e mong le e mong oa bona a fane ka bopaki ka makhetlo a mane, ka ho ikana ka Allah hore o bua ‘nete

[7] Bopaki ba bohlano, e be b’a ho bitsetsa thohako ea Allah holim’a hae haeba a bua leshano

[8] Bopaki boo bo tla qobisa mosali eo kahlolo e malebana le eena haeba a ka fana ka bopaki kapel’a Allah ka makhetlo a mane, ba hore seo monna oa hae a se buang ke leshano Ruri

[9] Bopaki ba bohlano, e be ba ho bitsetsa thohako ea Allah holim’a hae haeba monna oa hae o bua ‘nete

[10] Hoja e se be ka lereko la Allah le mohau oa Hae holim’a lona, hobane Allah U na le Kutloelo-Bohloko, U Seli

[11] Ruri! Haele bajalang pherekano, ke lequloana har’a lona. Le se ke la nka pherekano eo hampe malebana le lona; che, e lokile malebana le lona. Hobane motho e mong le e mong oa bona o tla lefshoa ho latela seo a se kotutseng sebeng seo; eo har’a bona a nang le KAROLO e kholohali sebeng seo, kahlolo ea hae ke e ts’abehang

[12] Hobaneng banna le basali ba kholoang nakong eo ba utloang tsa pherekano eo, ebe ba nahana ka se lokileng malebana le batho ba habo bona, ebe bare: “Sena ke leshano le pepenene?”

[13] Hobaneng ba sa hlahisa lipaki tse ‘ne ho e tiisa? Haeba ba sa hlahise lipaki tseo, Batho ba joalo ba leshano kapel’a Allah

[14] Hoja e se be ka lereko le mohau oa Allah holim’a lona lefats’eng lena le ho Bo-tlang, Kahlolo e nyarosang e ka be le metsitse hobane le kene tabeng ena ka sehlotho

[15] Le amohetse ka maleme a lona, le hona ho buoa ka ntho eo le senang tsebo ka eona ka melomo ea lona, le nahana hore ke taba e nyenyane. Athe ke ntho e kholo kapel’a Allah

[16] Ke hobaneng ha le e utloile le sa re: “Ha re’a lokela ho buoa ka taba ena. Tlotla e be ho Allah; sena ke leshano le pepenene.”

[17] Allah U le khalema, hore le se boele la etsa seo, haeba le ba kholoang ka ‘nete

[18] Allah U le etsetsa Lits’upiso tse Hlakileng: Hobane Allah U tletse tsebo, U Seli

[19] Ba ratang Bobolu le hore bo jalehe har’a ba Kholoang, kahlolo ea bona ke e mahlonoko bophelong bona le ho Bo-tlang. Ke Allah ea tsebang, lona ha le na tsebo

[20] Hoja esebe ka lereko le mohau oa Allah holim’a lona, le hoba Allah A tletse kutloelo-bohloko le mohau

[21] Oho lona ba kholoang! Le se latele mehlala ea Satane: Mong le mong ea tla latela mehlala ea Satane, litaelo tsa hae li tla be li fosahetse, li bile li ea soabisa. Hoja ese ka lereko le mohau oa Allah ho lona, ho ne ho se ope oa lona ea neng a tla hloeka. Empa Allah U hloekisa ea ikhethetseng eena. Allah U Utloa le ho tseba tsohle

[22] Ba sitsitsoeng ka lereko le bokhoni har’a lona, ba se ikane ho se fane ka thuso ho beng ka bona le ho mafutsana le ho ba phaphathehi ba siileng malapa a bona tlas’a tsebeletso ea Allah. Empa ba ts’oarele le ho iphaphanya. Na u lakatsa hore Allah a u ts’oarele? Hobane Allah U Ts’oarela-joalo-joalo, U Tletse Mohau

[23] Ba etseletsang basali ba hloekileng, ba hlokang sephiri empa ba kholoa, ba rohakehile lefats’eng lena le ho Bo-tlang. Kahlolo ea bona ke e ts’abehang

[24] Mohla letsatsi leo ka lona maleme, matsoho esita le maoto a bona a tla paka khahlano le bona mabapi le liketso tsa bona

[25] Mohla letsatsi leo, Allah U tla ba lefa moputso oba loketseng, ke hona ba tla tseba hore Allah ke ‘Nete e totobetseng. E phethahatsang tsohle

[26] Basali ba sa hloekang ke ba banna ba sa hloekang, le banna ba sa hloekang ke ba basali ba sa hloekang. Basali ba hloekileng ke ba banna ba hloekileng, le banna ba hloekileng ke ba basali ba hloekileng; ha ba ang’oe ke seo batho ba se buang: sebakeng sa bona ho teng ts’oarelo le nala e khaphatsehang

[27] Oho lona ba kholoang! Le se kene malapeng ao eseng a lona, ho fihlela le kopile tumello le hona ho lumelisa ba teng ka har’a ona. Seo se molemo ho lona, hore le tle le be le tlhokomeo

[28] Haeba le sa fumane motho ka har’a ntlo, le se kene ho fihlela le filoe tumello. Ha ho ka thoe ho lona: “tsamaeang”, le tsamae hobane seo se hloekile malebana le lona. Ruri! Allah U tseba tseo le li etsang

[29] Ha ho phoso ho lona haeba le kena ka har’a matlo a sa luleng a ka bang le molemo ho lona. ‘Allah U tseba tseo le li pepesang le tseo le li patang

[30] Bolella banna ba kholoang ho liha mahlo a bona, ba baballe bohloeki ba bona. Seo ke bohloeki ho bona. Hobane Allah U tseba tseo ba li etsang

[31] U bolelle basali ba kholoang hore ba lihe mahloa bona, ba baballe bohloeki ba bona, ba se pepese botle le makhabane a bona ntle le tse bonahalang kantle ho boikhethelo, ba koahele matsoele a bona ka liaparo, ba se pepese bottle ba bona ponts’eng ntle le ho banna ba bona, kapa ho bo-ntat’a bona le ho bo-ntate matsale, kapa ho bara ba bona le bara ba banna ba bona, kapa ho baena ba bona le ho bara ba baena ba bona, kapa ho bara ba likhaitseli tsa bona, kapa ho basali ba bona, le ho basebeletsi ba bona, kapa basebeletsi ba batona ba hlokang litakatso, kapa ho bana ba banyane basenang tsebo ka ho tsola ha basali. Ba se ke ba lumelloa ho tsamaisa haholo hoo ba ka hlahisang tseo ba li patileng ‘meleng ea bona. Oho lona ba kholoang! Retellehelang ka ho Allah hammoho, hore le tle le atlehe

[32] Le nyale basali ba sa nyaloang har’a lona, le basebeletsi ba hloekileng ba lona. Haeba e le mafutsana, Allah U tla ba sitsa ka nala ea Hae. Hobane Allah U na le mekhoa e mengata ea bophelo, Allah U tseba tsohle

[33] Khothaletsang ba sa fumaneng ba ka ba nyalang ho ipoloka ba hloekile, ho fihlela Allah A ka ba neha boipuso tlas’a lereko la Hae. Haeba e mong oa makhabunyane a lona a batla tokoloho ka mongolo, e ngole molemong oa bona haeba le na le tsebo ka se seng se molemo ho bona, le ba nehe thepa eo Allah A le sitsitseng ka eona. Le se ke la hatella makhabunyane a lona a basetsana bohloleng moo le batlang monyaka oa bophelo ba lefats’e lena, haeba ba labalabela bohloeki. Empa haeba e mong a ka ba hatella ketsong eo, Ruri! Kamor’a khatello eo, Allah U tla ts’oarela-joalo-joalo, hobane o tletse mohau

[34] Re le romeletse lits’enolo lefats’eng tse hlakisang lintho tsohle, le mehlala ea batho ba bileng teng pele ho lona. E le khalemo ho ba ts›abang Allah

[35] Allah ke Khanya ea maholimo le lefats’e. Papiso ea Khanya ea Hae e ts’oana le Phaposi e nang le Lebone. Lebone le koahetsoe ka khalase: Joale, khalase eo e ts’oana le naleli e khanyang. Lebone lena le besoa sefateng se hlohonolofetseng sa mohloare, ese sefate sa bochabela kapa sa bophirima, seo mafura a sona a benyang ka bo-ona le hoja ho se mollo o se ammeng. Khanya holim’a khanya, etsoe Allah U tataisetsa Ea ikhethetseng eena khanyeng ea Hae. ‘Allah U buoa le batho ka lipale, hobane Allah U tseba lintho tsohle

[36] Lebone lena le khanya malapeng ao Allah A faneng ka taelo ea hore a be maemong a phahameng, le hore lebitso la hae le tle le ketekoe ka har’a ona. A tle a tlotlisoe ka har’a ona bosiu le mots’eare

[37] Banna bao khoebo le ts’ebetso li ke keng tsa ba khelosa hoo ba ke keng ba hopola Allah, le hona ho phethahatsa lithapelo tsa mehla, kapa hona ho lefa linyehelo; ba nang le ts’abo ea Letsatsi leo ka lona Lipelo le mahlo li tlang ho fetoloa

[38] Hore Allah A tle A ba putse ka tse molemo tseo ba ileng ba li etsa, le ho ba phaella ka moputso oa nala ea Hae. Etsoe Allah U fana ka tlhohonolofatso kantle le lekhonatha ho ope eo a khahloang ke eena

[39] Empa mahana-tumelo, – liketso tsa bona li ts’oana le lereli lehoatateng. Ea nyoriloeng o nahana hore ke metsi, ho fihlela a ea teng e be o fumana ho se metsi, joale a fumane Allah ea mo lefang moputso oa hae; Allah U potlakela boikarabellong

[40] Kapa, papiso ea bona e ts’oana le’a botebo ba lefifi la bo-nka- ntjana ka har’a leoatle. E be o koaheloa ke maqhubu a leoatle a palamaneng ao bo kaholimo ba ona e leng leru. Boliba holim’a boliba ba lefifi. Hoo ekareng ha a hlahisetsa letsoho la hae kantle, ebe ha a le bone. Etsoe haele eo Allah A sa kang A mo khethela leseli, Leseli ha le eo

[41] Na ha le’a s’o bone hore ke Allah eo bohle tse maholimong le lefats’eng li mo rorisang, ka ho ts’oana le linonyana ha lifofa? U tseba ka botlalo thapelo ea ntho e ngoe le e ngoe le thoriso ea tsona; ‘Allah U tseba ka botlalo tseo li li etsang

[42] Puso ea maholimo le’a lefats’e ke ea Allah, leeto la ho qetela le lebisa ho Allah

[43] E be ha le’a s’o bone kamoo Allah A etsang maru kateng le hona ho a bokella?-, joale e be U’a kolohanya holim’a a mang hoo le eng le bone pula e se e theoha lipakeng tsa ona; ke Eena ea theolelang lipokella tsa sefako ho tsoa marung, e be U khakhatha ope ea ikhethelang eena ka sona le hona ho se qobisa ope ea khahloang ke Eena. Lehalima la khanya ea Hae lona le nanola pono

[44] Ke Allah ea etsang pitokoloho ea mots’eare le bosiu. Ruri! Ka har’a lintho tsena ke thuto ho ba bonang

[45] Allah U hlotse liphoofolo tsohle ka metsi. Har’a tsona ho teng mofuta o mong o hahabang ka mpa, le o mong o tsamaeang ka maoto a mabeli le o tsamaeang ka maoto a mane. Ruri! Allah U hlola seo a se labalabelang. ‘Allah U matla holima lintho tsohle

[46] Ruri! Re romeletse Lits’enolo tse bileng li hlakisitsoeng. Allah U tataisetsa ope ea khahloang ke Eena tseleng e topileng

[47] Ba re: “Re kholoa ho Allah le ho Aoromuoa, re ananela tsohle”; leha ho le joalo, karolo e ngoe ea bona e ea koeneha: ha se ba kholoang

[48] Ha ba bitsetsoa kapel’a Allah le Moromuoa oa hae ho tla tla ahlola lipakeng tsa bona, ke moo karolo e ngoe ea bona e ea latola

[49] Empa hoja ebe lehlohonolo le bile le bona, ba ke be ba ile ba atamela ho eena ka thohothelo

[50] Ebe ba na le maloetse lipelong tsa bona?, kapa ba na le khoao, kapa ts’abo ea hore mohlaope Allah le Moromuoa oa Hae ba tloha ba ba qhekella kahlolong? Che, ba joalo ke beats phoso

[51] Karabo ea ba kholoang nakong eo ba bitsetsoang kapel’a Allah le Moromuoa oa hae ho tla tla ahlola lipakeng tsa bona ke hore feela ba re: “Re’a utloa, Re’a ananela.” Bao ke ba tla atleha

[52] Bohle ba latelang Allah le Moromuoa oa Hae, ba ena le ts’abo ea Allah le ho boloka ts’ebeletso ea bona ho Eena: Ba tla hapa

[53] Ba ikana ka tieo ka Allah hore ha u ba laela, ba tla siea malapa a bona. E re: “Se ikaneng; empa kananelo e tsebahalang e molemo. Hobane Ruri! Allah U tseba ka botlalo tseo le li etsang.”

[54] E re: “Latelang Allah le Moromuoa. Empa haeba le ka koeneha, joale ho se ho le ho eena ho etsa feela seo a se laetsoeng, le lona ho se ho le ho lona ho etsa kamoo le laetsoeng. Empa haeba le ka mo latela, le tla be le topile. Etsoe moromuoa ha a laeloa ho hong haese ho phatlalatsa molaetsa o totobetseng

[55] Allah U ts’episitse bohle ba kholoang, ba bile baetsa liketso tse lokileng hore ka ‘nete U tla ba etsa majalefa lefats’eng joaloka ha A ile A etsa joalo ho ba bileng teng pele ho bona; a ts’episa hore Ruri! U tla phethahatsa tumelo sebakeng sa bona eo A ba khethetseng eona le ho ba neha ts’ireletso kamor’a ho ba matsoalong. “Ba tla nts’ebeletsa. Ha ho letho leo ba le manehang ho ‘Na e le motlatsetsi.” Athe haele batla latola tumelo kamor’a mona, ke mahana-puso ba fosahetse

[56] Phethang lithapelo, le ho fana ka linyehelo; latelang Moromuoa, hore le tle le fumane mohau

[57] Le se ke la nahana hore mahana-tumelo ba tla phonyoha lefats’eng. Mollo e tla ba lehae la bona, – e leng pheletsong e nyonyehang ea leeto

[58] Oho lona ba kholoang! Lokollang basebeletsi ba lona le ba har’a lona ba e s’o fihlele lilemo tsa bohlankana, ho le siruhela ka linako tse tharo (pele ba ka ba tla kapel’a lona): e leng pele ho thapelo ea hoseng, le ka nako eo le hlobotseng liaparo tsa lona har’a mocheso oa mots’eare le kamor’a thapelo ea bosiu. Ke linako tsena tse tharo tsa lekunutung molemong oa lona. Ha ho sebe ho bona, kapa ho lona ka linako tse ling haeba ba bang ba lona ba ka kopa-kopana le basebeletsi ba lona. Ke kamoo Allah a hlakisang lits’enolo molemong oa lona. Etsoe Allah ke Eena ea bonang le ho ba seli

[59] Haeba bana har’a lona ba fihlela lilemo tsa lenyalo, ba lokolleng ho kopa tumello joaloka ha ba bileng teng pele ho bona ba ‘nile ba e kopa. Ke ka moo Allah a hlakisang lits’enolo tsa hae kateng molemong oa lona. AllahU tseba tsohle, le ho ba Seli

[60] Ha ho sebe ho basali-baholo, ba bileng ba seng base na khopolo ea lenyalo haeba ba ka hlobola liaparo tsa bona ka mokhoa oo e seng oa ho bonts’a botle. Empa se molemo ho bona ke ho se etse joalo. Ruri! Allah U utloa tsohle, e bile o tseba tsohle

[61] Ha ho molato o ka behoang holim’a sefofu, kapa molato ofe kapa ofe o ka behoang holim’a sekooa, mokuli le holim’a lona haeba le ja malapeng a lona, kapa malapeng a bo-ntat’a lona, le malapeng a bo-’ma lona, le malapeng a baholoanebalona, le malapeng a likhaitseli tsa lona, le malapeng a bo-rangoan’a lona, le malapeng a bo-rakhali’a lona, le malapeng a bo- malom’a lona, le malapeng a bo-malom’a lona ba basetsana, le lelapeng leo ebang o na le boikarabello ho lona, kapa le lapeng la motsoalle. Ha ho sebe se ka bang teng malebana le lona ebang le ja ‘moho, kapa le arohane. Empa nakong eo le kenang malapeng lumelisanang ka tumeliso e tsoang ho Allah, e hlohonolofetseng, e bileng e lokileng. Ke kamoo Allah a totobatsang lits’enolo tsa Hae malebana le lona, e le hore le tle le be le kutloisiso

[62] Bao ke Ba-kholoang, ba-bakholoang ho Allah le ho Moromuoa oa Hae, bao nakong eo ba khobokaneng ho eena ka litaba tse hlokang sechaba, ba sa sutheng pel’a hae ho fihlela ba kopile tumello ho eena. Haele ba kopang tumello ea hau, bao ke bona ba kholoang ho Allah le ho Moromuoa oa Hae. Kahoo, haeba ba u kopa tumello ka litaba tse ling tsa bona, fana ka tumello ho bao u khahloang ke bona, u be u ba kopele ts’oarelo ea Allah. Ruri! Allah U ts’oarela-joalo-joalo, U Tletse Mohau

[63] Le se ke la bitsa moromuoa joaloka ha le bitsana ka bo-lona. Ebile Allah U tseba ba bang ba lona baitokollang ka lekunutu, ba bile ba ipata. Le hlokomele ka ba itherelang ho tlola melao esere kamohlomong koluoa, kapa kahlolo e mahlonoko ea ba oela

[64] E ba le bo-’nete ba hore tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Allah. Etsoe U tseba boemo ba lona. O tseba ka botlalo mohla letsatsi leo ba tlang ho khutlela ho Eena, hore A tle A ba tsebise lintho tseo ba neng ba li etsa. Hobane Allah U tseba lintho tsohle. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Mohlala

Surah 25

[1] Ea Hlohonolofetseng ke Eena ea rometseng ho Lekhabunyane la hae ts’iea ea botle le bobe, hore e tle ebe khalemo lichabeng

[2] Eo puso ea maholimo le’a lefats’e e leng ea Hae. Ea sa kang A ikhethela mora le eena motlatsetsi pusong ea Hae. Eena ea hlotseng lintho tsohle, A ba A li nyalanya ka tekanyo

[3] Empa ba ikhethela ho rapela lits’oants’o ntle ho Eena tse ke keng tsa hlola letho tseo ka bo-tsona li hloliloeng, tse ke keng tsa hlahisa kotsi ho hang le ho iketsetsa molemo kapa ho hlahisa lefu kapa bophelo kapa ona matla a ho tsosa bafu

[4] Empa mahana-tumelo ba re: “Sena ha se letho haese leshano leo a iqapetseng lona, hona le ba mo thusitseng.” ‘Nete ke hore, ke bona ba buang mashano le lenyatso

[5] Ba bile ba re: “Ke lit`somo tsa batho ba khale-khale tseo a li ngotseng, u li pheteloa hoseng le mantsiboea

[6] E re: “Ea tsebang makunutu a maholimo le’a lefats’e ke Eena ea senotseng

[7] Ba bile ba re: “Ke moromuoa oa mofuta ofe ea jang lijo le hona ho tsamaea har’a motse? Hobaneng ha ho sa romelloe lenyeloi ho eena, ho tla tla mo thusa ka tlhokomeliso

[8] “Kapa hobaneng a sa abeloa letlotlo, kapa hobaneng ha a se na serapa seo a ithabisang ho sona? Ebile baetsalibe ba re: “Ha ho seo le se latelang haese motho ea louoeng.”

[9] Bona kamoo ba qapang lipapiso ka uena! Empa ba khelohile, ba ke ba fumana tataiso

[10] Ea Hlohonolofetseng ke Eo haeba e ne e le Takatso ea Hae, A ka le nehang Lirapa tse machosi ho feta tseo, – tseo linoka li phallang tlasa tsona; le hona ho le neha Lipaleisi

[11] Che, ba latola Hora ea kahlolo, Re lokisitse Lelakabe bakeng sa latolang Hora e tlang

[12] Nakong eo le ba bonelang thoko haholo le lona, ba tla utloa ho phsatlaka le hona ho harolaka ha lona

[13] Nakong eo ba khothomeletsoang ka har’a sebaka se mopatisane ba tlameletsoe mmoho, ba tla rapella koluoa

[14] “Kajeno se rapelleng koluoa e le ‘ngoe, empa rapellang likoluoa tse menahantsoeng!”

[15] E re: “Na kahlolo eo e molemo ho feta serapa sa nyakallo se ts’episitsoeng bohle ba nenang bobe? Serapa seo e tla ba moputso oa bona, e bile e le pheletsong ea leeto

[16] “Batla phela ka har’a sona, ba ena le lintho tsohle tseo ba li labalabelang. Ts’episo ea Mong`a lona e ts’oanetseng ho phethahala.”

[17] Ka letsatsi le leng U tla ba bokella ‘moho le lintho tsohle tseo bali khumamelang kantle ho Allah, U tla botsa: “na ke lona ba neng ba khelosa makhabunyane a Ka, kapa ke bona ka bo- bona ba ikhelositseng tseleng

[18] Ba tla re: “Tlotla e be ho Uena! Ho ne ho sa lokele ho rona hore re ka ikhethela mots’ireletsi kathoko ho Uena; empa ke Uena ea ba nehileng lintho tse molemo le bo-ntat’a bona ho fihlela ba lebetse Molaetsa, hobane e ne e le batho ba lahlehileng.”

[19] Allah U tla re: “Ke kamoo ba le shanofatsang kateng ho seo le se buang, kahoo ha ho kamoo le ka qobang kahlolo, kapa ho fumana thuso kateng.” Etsoe mong le mong ea etsang liphoso har’a lona, Re tla mo latsoisa kahlolo e ts’abehang

[20] Baromuoa bao re ‘nileng Ra ba roma pele ho uena e ne e le batho ba ne ba ja lijo, ba bile ba tsamaea har’a metse. Re entse ba bang ba lona ho ba teko ho ba bang: na le sa tla ba le mamello? Hobane Allah ke Eena ea Bonang lintho tsohle

[21] Ba senang ts’abo ea ho kopano le Rona ba re: “Hobaneg ha manyeloi a sa ka a romelloa ho rona, hobaneng re sa bone Mong`a rona? Ruri! ban a le boikhomoso, boikhants’o ba bona bo boholo ka manyala

[22] Mohla ba bonang manyeloi, – ho ke ke ha eba le monyaka ho baetsalibe letsatsing leo; Manyeloi a tla re: “Ho na le thibella e hanetsoeng ka hoohle”

[23] Re tla shebana le liketso tseo ba li entseng, ebe Re li hasanya joaloka leroele

[24] Balekane ba Serapa, ba tla be ba le manoning lehaeng la bona, ba nyakaletse sebakeng sa phomolo

[25] Letsatsing leo leholimo le maru li tla petsoha ka lehare, manyeloi a tla romelloa a theoha ka mekhahlelo

[26] Puso Letsatsing leo, e tla be e le ea ‘nete le toka, e tsoang ho Ea Tletseng Mohau, e tla ba letsatsi le thata ho mahana-tumelo

[27] Ke letsatsi leo moetsalibe a tla itoma matsoho, a re: “Oho, hoja e be ke ile ka ikhethela tsela ea hoba ‘moho le Moromuoa

[28] Ke soabile! Hoja ebe ha ke’a ka ka ikhethela e mong ho ba motsoalle

[29] O nkeketse thoko le Molaetsa kamor’a ho o finyelle ho ‘na. Satane haesale e le moeki oa motho.”

[30] Ke moo moromuoa a tla re: “Oho Mong`a ka! Ruri! Batho ba heso ba nkile Qura’n ena e se na thuso.”

[31] Leha ho le joalo, re hlophisitse moporofeta e mong le e mong ele sera ho baetsalibe; empa Allah U lekane ho tataisa le ho thusa

[32] Ba latolang Tumelo ba re: “Hobaneng ha ho sa ka ha senoloa Qura’n ka nako e le ngoe ho eena? Ke kamoo e senotsoeng kateng e le hore Re tle Re tiise pelo ea hau ka eona; ebile Re e hlophisitse ka tatellano e nepahetseng

[33] Ha ho potso eo ba e tlisang ho uena, empa Rona Re u tlisetsa ‘nete le tlhaloso e chabileng

[34] Ba tla khobokangoang Liheleng ka lifahleho tsa bona: Ba tla ba maqakabetsing a ts’abehang, ba thoko-thoko le tsela e nepahetseng

[35] Re ile ra romella Moshe Lengolo esita le ho mo matahanya ‘moho le ngoana’bo Aarone ho ba Lehlahana la hae

[36] Ra fana ka taelo: “Tsamaeang mmoho le e sechabeng se latotseng Lits’enolo tsa Rona.” Sona sechaba seo Re ile Ra se ripitla larita

[37] Le batho ba habo Nooe, – ha ba ne ba latola baromuoa, Re ile Ra ba khamisa ka metsi, eaba Re ba etsa sesupo ho batho. Re hlophisitse timelo e mahlonoko malebana le baetsalibe

[38] Ka ho ts’oana le meloko ea Ba-Aad le Ba-Thamud, le balekane ba Rass, esita le meloko e mengata lipakeng tsa bona

[39] Moloko ka mong oa bona Re ile Ra romela ka mehlala le lipapiso, moloko ka mong Re ileng Ra o ripitla ea eba lesupi

[40] Mahana-tumeloba fetile haufi le motse o neng o netsoe ke pula ea tlokotsi. Na e be ha ba ka ba e elelloa? Empa ha ba ts’abe Letsatsi la Tsoho

[41] Ha ba u bona ba u etsa sesomo: “Na ke eena eo Allah A mo romileng e le moporofeta?”

[42] “Ruri! A ka be A re kheloselitse hole le melingoana ea rona hoja ra se ke ra kakatlela ka tieo ho eona.” Ke hona ba tla tseba mohla ba bonang timelo, hore na ke mang ea khelohetseng thoko haholo le tsela

[43] Na u kile oa bona motho ea ikhethelang molingoana oa hae ho latela litakatso tsa hae? Na u ka ba molebeli oa hae

[44] Kapa e be u nahana hore boholo ba bona bo oa utloa kapa ho utloisisa? Ba ts’oana le likhomo –Che, ba khelohetse thoko- thoko le tsela

[45] Ha u eso lellaletse mahlo a hau ho Mong’a hau, Kamoo A lelefatsang Moriti kateng – – hoja e be e bile thato ea Hae A ka be A le lesitse hona moo –empa, ke moo Re entse hore letsatsi e be moqhobi oa oona

[46] Joale, ebe Re o hulela ho Rona, – ka mokhoa o sa potlakang

[47] Ke Eena ea entseng Bosiu ho ba Sekhurumetso sa lona, Boroko e be Phomolo le Lets’eare e be Tsoho ea lona

[48] Ebile ke Eena ea romellang liphefo e le phatlalatso ea litaba tse molemo tsa Mohau oa Hae, ke Rona ba romellang lipula tse theohang marung

[49] Hore ka eona Re tle Re fane ka bophelo ho naha e neng e omeletse esita le ho batho le ho fa liphoofolo tsohle metsi ao Re li hlotseng ka ona

[50] Re abile metsi ka tekanyo har’a bona, hore ba tle ba keteke lithoriso tsa Rona, empa batho ba bangata ha ba tsotelle ka ho hloka teboho

[51] Hoja ebile thato ea Rona, Re ka be Re ile Ra romela mohlokomelisi motseng o mong le o mong

[52] Kahoo le se mamelemahan-atumelo, empa le tsitlalle khahlanong le bona ka molaetsa ona ka matla a maholo

[53] Ke Eena ea faneng ka boipuso ho maoatle a mabeli; le leng le lumellana le litatso tsohle, le monate, ha le leng le le bohla, le baba; o bile o sehile moeli esita le moeli o hanetsoeng lipakeng tsa oona

[54] Ke Eena ea hlotseng motho ka metsi, le ho phethahatsa tsoalano ea hae ka mali esita le kamano ka lenyalo; hobane Mong`a hau U matla holima tsohle

[55] Le hoja ba khumamela tse ke keng tsa ba atlehisa le ho ba hlahisetsa kotsi ea letho kathoko ho Allah. Ruri! Ea latolang tumelo haesale a thusa sebe khahlanong le Mong`a hae

[56] Ha ho seo Re u rometseng ka sona haese feela ho fana ka litaba tse molemo, le hona ho ba mohlokomelisi

[57] E re: “Ha ho moputso oo `na ke le kopang ona malebane le sena, mang kapa mang ea nang le tabatabelo a ka ikhethela tsela ea Mong`a hae.”

[58] Le be le behe ts’epo ea lona ho ea phelang, ea sa shoeng, le hona ho phetaka lithoriso tsa Hae. Etsoe U lekane, joaloka ha ele motsebi oa libe tsa makhabunyane a Hae

[59] Ea hlotseng maholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng tsa ona ka matsatsi a ts’eletseng, U hlomamisitsoe ka tieo Terone Ea Hae. Ea tletseng lereko! Le ka botsa mong le mong ea nang le tsebo malebana le Eena

[60] Ha ho thoe ho bona: “Ithapalatseng kapel’a Ea Tletseng Lereko!” Ba re: “Ke mang ea Tletseng Lereko? Na re ka ithapalatsa kapel’a eng kapa eng eo u re laelang eona?” Seo se eketsa lehloeo ho bona

[61] Thlohonolofalo e be ho Eena Ea hlomamisitseng linaleli tse pharaletseng leholimong, A ba A hlomamisa letsatsi le khoeli e fanang ka khanya ho lona

[62] Ke Eena Ea tsepamisitseng bosiu le mots’eare ka tatellano, molemong oa ba nang le tabatabelo ea ho hopola le hona ho fana ka liteboho

[63] Makhabunyane a nang le tumelo a Ea Tletseng Lereko, ke a tsamaeang lefats’eng ka hloko, ao e reng ba hlokang tsebo ha ba ba lumelisa, eba ba re: “Khotso;”

[64] Ba bileng ba sesang bosiu ba le kapel’a Mong`a bona, ba ithapalatsa le hona ho ema

[65] Ba reng: “Mong`a rona! Re qobise kahlolo ea Liheleng; hobane Kahlolo ea teng ke e mahlonoko

[66] Ruri! Ke lehae le bolileng le sona sebaka se fosahetseng ho phomola teng;”

[67] Bao e reng ha ba senyeheloa, ebe ha ba etse ts’enyo kapa hona ho ba le khonono; empa ba tsepame ‘nqa e le ngoe lipakeng tsa bobeli bona

[68] Ba bileng ba sa khumameleng mong le mong ntle ho Allah, kapa hona ho bolaea bophelo boo Allah a sa fanang ka tumello e joalo haese ha feela eba ho phethahatsoa toka, ba bileng ba sa etse bohlola – mong le mong ea etsang sena o tla jara boikarabello

[69] Kahlolo ea hae e tla menahangoa habeli mohla Letsatsi la Kahlolo, o tla loeba-loeba kamoo a le mahlomoleng ho isa kahosafeleng

[70] Ntle le a tla sokoloha le ho kholoa, a etsa liketso tse hloekileng; Allah U tla fetola liketso tsa bona tse fosahetseng ka tse lokileng. Hobane Ruri! Allah U ts’oarela-joalo-joalo, U Tletse Mohau

[71] Mong le mong ea sokolohang, a etsa liketso tse lokileng, O sokolohela ho Allah ka ts’okoloho ea ‘nete – –

[72] Ba bile ba sa tl’o pakela leshano, empa nakong eo ba fetang haufi le lintho tse nyongts’ang, ba feta ka tlhompho eohle

[73] Bao e reng ha ba pheteloa lits’enolo tsa Mong`a bona, ebe ha ebe litholo le tsona lifofu ke seo

[74] Ba bileng ba reng: “Mong`a rona! ak’u re nehe basali le tsoala e amohelehang ho rona, U be U re etse sitse ka mohau ho eta pele ba nenang bobe.”

[75] Bao ba tla putsoa ka sebaka se phahameng leholimong ka lebaka la mamello ea bona, ba tla kopana le kamohelo e mofuthu le mantsoe a khotso

[76] Ba tla phela kamoo kahosafeleng. Lehae la monyaka le sona sebaka sa phomolo e machosi

[77] E re ho ba latolang tumelo: “Mong`a ka ha A khathatseha ka lebaka la lona, ha le sa bitse ho Eena: Empa le latotse e le ka ‘nete, haufinyane kotlo e tla le oela holimo. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Liroki

Surah 26

[1] Ta. Sin. Mim

[2] Tsena ke lits’enolo tsa Lengolo tse totobatsang

[3] Kamohlomong u tla ituba moeeng ka ho utloa bohloko, hobane ba sa kholoe

[4] Hoja ebe ke Thato Ea Rona, Re ka be Re romela sesupo ho bona se tsoang marung, hore ba tle ba lule ba kebisitse melala ka boikokobetso

[5] Ka linako tsohle ha sehopotso se etla ho bona se secha se tsoang ho Ea Tletseng Lereko, ba ea furalla

[6] Ba latola molaetsa; empa haufi ba tla tseba `nete ea seo ba ‘nileng ba se soma

[7] Na ha ba es’o bone lefats’e, – hore ke mefuta e molemo ea lintho tseo Re li melisang teng

[8] Ruri! Kahar’a sena ke sesupo; le hoja bongata ba bona bo sa lumele

[9] Etsoe Ruri! Mong`a hau U Matla Oohle, Mohau oa Hae o’a Khaphatseha

[10] Mong`a hau U ile A bitsa Moshe: “Tsamaea o ee ho batho ba etsang liphoso

[11] “Batho ba Faro. Na ba tla ts’aba Allah?”

[12] A re: “Mong`a ka! Ke t`saba hore ba tloha ba mphara ka leshano

[13] “Sefuba sa ka se tla petatsana. Puo ea ka e se hlake, kahoo nthome le Aarone

[14] “Ba bile ba na le qoso ea tlolo ea molao khahlano le ‘na, ka hona ke t`saba hore ba se tlohe ba mpolaea.”

[15] Allah A re: “Leletho, Tsoelang pele, bobeli ba lona ka lits’upiso tsa Rona. Ruri! Re tlabale lona, le hona ho le mamela

[16] “Joale, tsamaeang ‘moho le ee ho Faro, le re: “Re rometsoe ke ‘Maballi le Mong`a mafats’e ho uena

[17] “Lokolla bana ba Israele ho tsamaea le rona.”

[18] Faro a re: “Na ha re’a u holisa o le ngoana har’a rona? Oa lula lilemo tse ngata le rona bophelong ba hau

[19] “Eaba o etsa ketso eo u kileng oa e etsa, eo u e tsebang, oa ba e mong oa ba hlokang teboho!”

[20] Moshe a re: “Ke entse, nakong eo ke neng ke le ka har’a ba khelohileng

[21] “Ka lebaka la ho le t`saba ka baleha, Empa Mong`a ka U ile a nts’usumetsa ka taelo esita le hona ho nkhetha ke le e mong oa baromuoa ba Hae

[22] “Joale, sena ke ke tsela eo u mputsang ka eona, u nts’eolla ka hore: ke entse bana ba Israele makhoba.”

[23] Faro a re: “Joale, ke eng ‘Maballi le Mong`a mafats’e?”

[24] Moshe a re: “Mong`a maholimo le lefats’e le lintho tsohle tse teng lipakeng tsa ona, – haeba u batla ho rua tsebo.”

[25] Eaba faro o re ho ba neng ba mo pota-potile: “Na le’a utloa?”

[26] Moshe a re: “Mong`a lona le bo-ntat’a lona ho tloha ts’imolohong.”

[27] Faro a re: “Ruri! Moromuoa enoa ea romeletsoeng ho lona e feela e le lehlanya!”

[28] Moshe a re: “Mong`a bochabela le bophirima le tsohle tse lipakeng tsa tsona, ha feela ebale na le kutloisiso.”

[29] Faro a re: “Ha feela eba u ka ikhethela molimo e mong ntle ho ‘na, Ruri! Ke tla u koala chankaneng.”

[30] Moshe a re: “Le hoja ke u bonts’a se seng se hlakileng?”

[31] Faro a re: “Se bonts’e, haeba u e mong oa ba nang le ‘nete!”

[32] Eaba Moshe o akhela lere la hae fats’e, la fetoha noha

[33] A pholla lehlakore ka letsoho la hae, eaba le hlaha le le lesoeu ho babohi

[34] Faro a sebela Mahlahana a hae, a re: “Ruri! Enoa ke moloi oa sebele

[35] “Morero oa hae ke ho le phalalisa naheng ea lona ka mehlolo ena ea hae. Joale, ke eng seo le ka nkeletsang ka sona?”

[36] Ba re: “Ak’u ba boloke hanyane ka bobeli ba bona, joale e be u romella maqosa metseng

[37] “Ba u tlisetse litsibi tsohle tsa boloi.”

[38] Baloi bohle ba bokelloa hammoho ka nako e boletsoeng mohla letsatsi le neng le khethiloe

[39] Eaba ho thoe ho sechaba: “Na le se le khobokane hammoho?”

[40] “Hore re tle re latele baloi haeba ba ka ikhapela tlholo?”

[41] Eitse hoba baloi ba fihle ho faro, ba re ho eena: “Na ka ‘nete re tla fumana moputso haeba re fumana tlholo?”

[42] A re: “E ho joalo, e bile ka ‘nete le tla ba har’a ba atametseng haufi le ‘na.”

[43] Moshe a re ho bona: “Akhang lithebere tsa lona!”

[44] Eaba ba akha liketane le lithebere tsa bona, ba re: “Ruri! Ka matla a Faro, re tla ikhapela tlholo.”

[45] Moshe a akhela lere la hae fats’e, eaba le fetoha noha le koenya lintho tsohle tseo ba neng bali akhile ka ponts’o ea bohata

[46] Eaba baloi ba oela fats’e ba ithapalatsa

[47] Ba re: “Re kholoa ho Mong`a Mafats’e

[48] “Mong`a Moshe le Aarone.”

[49] Faro a re: “Le kholoa ho Eena joang ke’a s’o le nehe tumello. Ntle le khoao ke nkhekhe ea lona e le rutileng boloi! Empa ka ‘nete le tla tseba

[50] Ruri! Ke tla poma matsoho le maoto a lona mots’ekalle, e be ke’a le thakhisa kaofela ha lona.”

[51] Ba re: “Ha ho se ka re utloisang bohloko, hobane re tla boela ho Mong`a rona

[52] Takatso ea rona ke feela hore Mong`a rona o tla re ts’oarela libe tsa rona, hobane ke rona ba pele ba amohelang tumelo.”

[53] Eaba Re susumetsa Moshe: “Tsamaeang le makhabunyane A ka bosiu bohle, hobane le tla tla le setsoe morao.”

[54] Kemoo Faro a ileng a romella maqosa metseng

[55] A re: “Ruri! Ma-Israele ana ke lequloana le fokolang

[56] “Ba khahlanong le rona

[57] “Re lebotho le hlometseng le malala-a-laotsoe.”

[58] Ke kamoo Re ileng Ra ba lelekela thoko le lirapa, liliba tse ts’akhunyang

[59] Matlotlong le maemong ohle a hlomphehang kateng

[60] E joalo, Re ile Ra etsa hore bana ba Israele e be majalefa a lintho tseo

[61] Ba ba beha meja esale ka matjeke

[62] Ha bobeli bo bonana, ba neng ba ena le Moshe ba re: “Ruri! Re se re ts’oeroe.”

[63] Moshe a re: “Che, Mong`a ka o na le ‘na. Ke Eena ea tla ntataisa

[64] Eaba Re susumetsa Moshe: “Otla leoatle ka lere la hau.” Eaba leoatle le’a arohana, karolo e ngoe le e ngoe ea ipopa thajana

[65] Eaba Re atametsa lichaba ka bobeli haufi le moo

[66] Re ile Ra pholosa Moshe le bohle ba neng ba ena le eena

[67] Eaba Re khamisa lebotho la Faro ka metsi

[68] Ruri

[69] Empa Ruri! Mong`a hau o na le Matla Oohle, o Tletse Mohau

[70] Ak’u ba phetele pale ea Abrahama

[71] Mohla a neng a buoa le ntata’e le batho ba habo a re: “ke eng sena seo le se khumamelang?”

[72] Ba re: “Re khumamela lits’oants’o tse betliloeng, re ke ke ra khaohana le eona.”

[73] Abrahama a re: “Na li ea le utloa nakong eo le memetsang ho tsona, kapa hona ho le etsetsa botle kapa bobe

[74] Ba re: “Che, re fumana bo-ntat’a rona ba ntse ba li khumamela.”

[75] A re: “Na le’a bona eo le khumamelang

[76] “Lona le bo-ntat’a lona pele ho lona

[77] “Kaofela ha tsona ke lira ho ‘na; empa e seng Mong`a mafats’e

[78] «Ea ntlhotseng, Ke Eena ea ntataisang

[79] “Ea mphepang le hona ho mpha metsi

[80] «Ha ke kula, ke Eena ea mphekolang

[81] “Ea tla etsa hore ke shoe, A boele A ‘nehe bophelo hape

[82] “Eena Eo ke nang le khopolo ea hore, U tla nts’oarela libe tsa ka mohla Letsatsi la Kahlolo

[83] “Mong`a ka! Ak’u nkekeletse bohlale, U be U nkopanye le bohle ba lokileng

[84] “U mphe tlaleho e hlomphehileng melokong e tlang

[85] “U nketse e mong oa majalefa a Serapa sa Nyakallo

[86] “Ts’oarela ntate oa ka. Hobane le eena ke e mong oabakhelohileng

[87] “U tle u se ke oa ntlotlolla mohla letsatsi leo U tla tsosa batho ka lona

[88] “Letsatsi leo ka lona leruo le bara li ke keng tsa re thusa ka letho

[89] «Kantle le ea ikatamelitseng haufi le Allah ka pelo eohle

[90] “Serapa se tla atametsoa haufi le bohle ba nenang bobe

[91] “Lihele li tla hlahella ponts’eng ho bohle ba hlahlathellang bobeng

[92] “Ho tla thoe ho bona: “E kae melingoana eo le neng le e khumamela

[93] “Kantle ho Allah? Na eka le thusa le hona ho ithusa?”

[94] “Joale, batla lahleloa ka sefutho ka har’a Lihele,-bona le ba hlahlathellang bobeng

[95] “Le mabotho oohle a iblis hammoho

[96] “Ba tla phehisana khang kamoo

[97] “Ruri! Ka Allah, ka ‘nete re bile phosong e totobetseng

[98] “Nakong eo re neng re le lekanya le Mong`a Mafats’e

[99] “Le baeki ba rona ke ba neng ba khanathetse molato feela

[100] “Ha joale ha re na ‘muelli

[101] «Kapa ena motsoalle le ea hore utloela

[102] “Hoja re ne re ka ba le monyetla oa ho khutlela morao, Ruri! Re ne re tla ba har’a ba kholoang!”

[103] Ruri

[104] Ruri! Mong’a hau, Ke Eena Ea Matla Oohle, U Tletse Mohau

[105] Le batho ba habo Nooe ba kile ba nyelisa baromuoa ba Allah

[106] Ngoana bo bona Nooe o ne a re ho bona: “Na le sa tla ke le ts’abe

[107] Ke moromuoa ea t`sepahalang ea romiloeng ho lona

[108] Kahoo, ts’abang Allah, le ‘mamele

[109] Ha ho moputso oo ke le kopang ona holim’a sena; moputso oa ka o tsoa feela ho Mong`a mafats’e

[110] Ka hona, ts’abang Allah, le ‘mamele.”

[111] Ba re: “Re ka kholoa ho uena, empa batho ba eisehang ba u latetse morao?”

[112] A re: “Ke tseba joang ka tseo ba li etsang

[113] “Boikarabello ba bona bo ho Mong`a ka, hoja feela eba le utloisisa

[114] “Ha ke’a tla ho tla phalalisa ba kholoang

[115] “Ke rometsoe ho hlokomelisa pepeneneng.”

[116] Ba re: “Nooe, haeba u sa khaotse, u tla tlepetsoa ka majoe.”

[117] A re: “Mong`a ka! Ruri! Batho ba heso ba ea ntatola

[118] “Ak’u ahlole lipakeng tsa rona le bona ka kahlolo e senang leeme, U mpholose le ba kholoang bohle ba nang le ‘na.”

[119] Eaba Re’a mo pholosa hammoho le bohle ba neng ba ena le eena ka Arekeng

[120] Kamor’a ho moo Ra khamisa bohle ba setseng ka metsi

[121] Ruri ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona ha bo kholoe

[122] Ruri! Mong’a hau, Ke Eena Ea Matla Oohle, U Tletse Mohau

[123] Ba-Ad ba ile ba latola Baromuoa ba Allah

[124] Ngoana bo bona Hud a re ho bona: “Na le sa tla ke le ts’abe Allah

[125] “Ke moromuoa ea t`sepahalang ea romiloeng ho lona

[126] “Kahoo, ts’abang Allah, le ‘mamele

[127] “Ha ho moputso oo ke le kopang ona; moputso oa ka o ho Mong`a mafats’e feela

[128] “Na le ka aha sefika holim’a leralla le leng le le leng ho ithabisa

[129] “Le aha le matlo a matle a bolulo, khopolong ea ho phela teng kahosafeleng

[130] “Ha le sebelisa matla a lona, le ea sebelisa joalo ka batho ba nang le matla oohle

[131] “Ts’abang Allah, le ‘mamele

[132] “Ts’abang Eena Ea le sitsitseng ka lintho tsohle tseo le li tsebang

[133] “U le setsitse ka makhomo le bara

[134] “Lirapa le liliba tse ts’akhunyang

[135] “Ke na le ts’abo ea Kahlolo ea mohla Letsatsi le Ts’abehang.”

[136] Ba re: “Ho ea ts’oana ho rona hore na u oa re khalema kapa u ba sieo hara bakhalemi

[137] “Tsena ha se letho, haese tsona linthoana tsa mehleng ea khale

[138] «Ha re ke ba ka amohelang mahloko kapa likahlolo!»

[139] Ba ile ba mo latola; Ra ba ripitla. Ruri! ho sena ke sesupo, empa boholo ba bona bo sa kholoe

[140] Ruri! Mong’a hau U Matla Oohle, Mohau Oa Hae o’a Khaphatseha

[141] Ba-Thamud, ba ile ba latola Baromuoa ba Allah

[142] Ngoana bo bona Salih a re ho bona: “Na le sa tla ke le Ts’abe

[143] “Ke moromuoa ea t`sepahalang ea romiloeng ho lona

[144] “Kahoo, ts’abang Allah, le ‘mamele

[145] “Ha ho moputso oo ke le kopang oona; moputso oa ka o ho Mong`a mafats’e feela

[146] “Na le hopola hore le ts’ireletsong ka lintho tsohle tseo le nang le tsona hajoale

[147] “Lirapa le liliba tse ts’akhunyang

[148] “Masimo a poone le lifate tsa lipalema tse behileng haholo hooli ka ‘nang tsa robeha

[149] “Le hona ho honya mafika ho etsa matlo ka botsebi bo matla

[150] “Empa ts’abang Allah le ‘mamele

[151] “Le se latele taelo ea ea lehlasoa

[152] “Ea jalang pherekano lefats’eng, ea sa rateng ho sokoloha.”

[153] Ba re: “uena u e mong oa ba louoeng

[154] “U motho joalo ka rona. Kahoo, hlahisa sesupo haeba u bua `nete.”

[155] Salih a re: “Bonang, kamele ke ena e ts’ehali. Le eona e na le tokelo ea ho noa Selibeng ka letsatsi le leng, le lona le na le tokelo e joalo ka letsatsi le leng, empa ka letsatsi le boletsoeng

[156] «Le se e nt`se kotsi esere la tloha la oeloa ke Kahlolo ea Letsatsi le Ts’abehang.”

[157] Empa ba ile bae khakhatha, eaba ba apareloa ke masoabi

[158] Ba oeloa ke kahlolo. Ruri! ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona bo sa kholoe

[159] Ruri! Mong’a hau U Matla Oohle, U Tletse Mohau

[160] Batho ba habo Lota ba ile ba latola Baromuoa ba Allah

[161] Ngoana’bo bona Lota a re ho bona: “Na le sa tla ke le Ts’abe

[162] ‹Ke moromuoa ea t`sepahalang ea romiloeng ho lona

[163] “Kahoo, ts’abang Allah le ‘mamele

[164] “Ha ho moputso oo ke le kopang ho lona; moputso oa ka o ho Mong`a mafats’e feela

[165] “Har’a libopuoa tsohle lefats’eng le arorelana likobo le banna ba bang

[166] “Le siee bao Mong`a lona a le hloletseng bona? Che, le batho ba tlotseng meeli eohle.”

[167] Ba re: “Oho Lota haeba u sa khaotse, ruri u tla lelekoa.”

[168] A re: “Ke hloile liketso tsa lona

[169] “Mong`a ka! Ak’u mpholose le ba lelapa la ka ho tseo ba li etsang!”

[170] Re ile ra mo pholosa ‘moho lebalelapa la hae,-bohle

[171] “Ntle feela le mosali moholo ea neng a le har’a ba neng ba salatse morao

[172] Empa Ra ripitla bohle

[173] Ra ba nesetsa majoe a lengetana: E ts’abehang pula ho ba neng ba khaleng’oe

[174] Ruri! ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona bo sa kholoe

[175] Ruri! Mong’a hau U Matla Oohle, U Tletse Mohau

[176] Balekane ba Moru ba ile ba latola Baromuoa ba Allah

[177] Shuaib a re ho bona: “Na le sa tla ke le Ts’abe

[178] “Ke moromuoa ea ts’epahalang ea romiloeng ho lona

[179] “Kahoo ts’abang Allah le ‘mamele

[180] “Ha ho moputso oo ke le kopang ona; moputso oa ka o tsoa ho Mong`a mafats’e feela

[181] «Fanang ka tekanyo e nepahetseng, le se ke la jalletsa

[182] «Le be le bekhe ka nepo le ‹nete

[183] “Le se ke la ja batho ling tsa bona, le ho etsa bokhopo ka ho fehla pherekano lefats’eng

[184] “Le ts’abe Eena Ea le hlotseng le meloko pele ho lona.”

[185] Ba re: “Uena u e mong oa ba louoeng

[186] “U motho joalo ka rona, re nahana hore u leshano

[187] “Ak’u etse hore lekumane la leholimo le re oele, haeba u buoa ‘nete.”

[188] A re: “Ke Mong`a ka Ea hlokolosi ka ho fetisisa malebana le tseo le li etsang.”

[189] Ba ile ba mo latola, eaba ba oeloa ke kotlo ea Letsatsi la mahlomola. Ruri! E bile Kotlo ea Letsatsi le Ts’abehang

[190] Ruri! ho sena ke sesupo, empa bongata ba bona bo sa kholoe

[191] Ruri! Mong’a hau U Matla Oohle, U Tletse Mohau

[192] Ruri sena ke Ts’enolo e tsong ho Mong`a Mafats’e

[193] E theohile le moea oa ‘Nete le Tumelo

[194] Pelong le kelellong ea hau, hore u tle u khaleme

[195] Ka puo e mathemaloli ea Se-Arabia

[196] Kantle ho khoao e teng ka har’a mangolo a halalelang a batho ba khale-khale

[197] Ana ha se sesupo ho bona ha barutehi ba bana ba Israele ba e tseba

[198] Hoja e be Re ile Ra le senolela e mong oa sechaba ntle le sa Ma-Arab

[199] A ba balla lona, ba ne ba ke ke ba kholoa ho lona

[200] Ke kamoo re etsang hore le kene lipelong tsa Baetsa-libe

[201] Ba ke ke ba kholoa ho lona ho fihlela ba bona kahlolo e Mahlonoko

[202] Empa e tla ba fihlela ka ts’ohanyetso ba sa elelloe

[203] Joale ba tla re: “Re tla fuoa nyehlisetso?”

[204] Ana ba lakatsa ho potlakela kahlolong ea Rona

[205] Na u oa hlokomela? Hore haeba Re ka ba neha nyehlisetso ea lilemo tse ‘maloa

[206] Ha ho fihla kahlolo eo e saleng ba e ts’episoa

[207] Tsohle tseo e saleng ba ithabisa ka tsona li ke ke tsa ba thusa ka letho

[208] Ha ho motse oo Re kileng Ra o ripitla o sa kang oa romelloa bahlokomelisi

[209] Molemong oa ho ba hopotsa, ha Re’a s’o ka Re eba bahanyapetsi

[210] T`senolo ena ha e ea tlisoa ke bo-liabolosi lefats’eng

[211] E bile ha e ea ba lokela, kapa ona matla a ho e hlahisa

[212] Ruri! ba qheletsoe thoko le ho e utloa

[213] Kahoo, u se bitse ho mang kapa mang ntle ho Allah, esere oa tloha oa ba e mong oa ba tla fumana kotlo

[214] U khaleme ba leloko la hau ba haufi le uena

[215] U be pelo-tlhomohi ho Ba-kholoang ba u latelang

[216] Empa haeba ba ke ke ba u mamela, e re: “Ruri! Ha ke na molato ho tseo le li etsang.”

[217] U behe ts’epo ea hau ho Ea Matla Oohle, Ea Tletseng Mohau

[218] Eena Ea u bonang nakong eo u emeng u rapelang

[219] Ea bonang le boikokobetso ba hau har’a baithapalatsang thapelong

[220] Hobane Ke Eena Ea Utloang le ho tseba tsohle

[221] Ana nka le bolella ka bao bo-liabolosi ba theohelang holim’a bona

[222] Ba theohela holim’a bohle ba leshano, ba khopo

[223] Ba ts’ollela litsebeng tsa bona lipuo tsa mafeela, boholo ba bona ba leshano

[224] Le Bareneketsi, – bohle ba fosahetseng ba ba sala morao

[225] Ana ha u es’o bone kamoo ba khelohileng ba phaqola hoohle

[226] Le kamoo ba buoang ka seo ba sa se etseng

[227] Kantle le ba kholoang, ba etsa liketso tse lokileng, le hona ho hopola Allah ka linako tsohle, le hona ho its›ireletsa kamor’a hoba ba tlatlaptjoe. Baetsalibe bona, haufinyane ba tla ruoa tsebo ka se seholo seo e tlang ho ba pheletso ea bona

Boieane

Surah 27

[1] Ta. Sin. Tsena ke lits’enolo tsa Qura’n, Lengolo le totobatsang lintho

[2] Tataiso; le tsona litaba tse molemo ho Ba-kholoang

[3] Ba phethang lithapelo le ho fana ka linyehelo, ba nang le bo- ’nete ka bophelo Bo-tlang

[4] Ha ele ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang, Re entse hore mesebetsi ea bona e bonahale e khahleha mahlong a bona, hore kaofela ha bona ba tle ba hlahlathele

[5] Bao ke bona ba loketsoeng ke kahlolo e ts’abehang, e bile Bophelong Bo-tlang ke bona bao e tlang ho ba bona ba lahlehetsoeng ka hofetisisa

[6] Ruri! u amohetse Qura’n ho tsoa ho Ea Mong, Ea Seli, Ea Tsebang Tsohle

[7] Bona! Moshe a re ho lelapa la hae: “Ke bona mollo thokoana mane; mohlomong ke tla le tlela le molaetsa ho ona, kapa ke le okhela ona, hore le tle le fumane mofuthu.”

[8] Empa eitse hoba a atamele haufi le ona, ho’a utloahala lentaoe: “Ba hlohonolofetseng ke ba har’a mollo ona le ba haufi le ona! Tlotlo e be ho Allah, Mong`a Mafats’e

[9] “Oho Moshe! Ruri! Ke ‘Na Allah, Ea Matla Oohle, Ea Seli

[10] “Lahlela lere la hau fats’e!” Empa Moshe ha a bona le meneka joaloka noha, a furalla a baleha; empa lentsoe le ile la re ho eena: “Oho Moshe! Se ts’abe letho! Ruri! Haele baromuoa ha ba na letsoalo ho bo teng ba Ka

[11] Empa haele ba entseng phoso, kamor’a moo eaba ba ea sokoloha. Hobane Ruri! Ke ‘Na Ea Ts’oarelang-joalo-joalo, Ea Tletseng Mohau

[12] Joale, beha letsoho la hau lehlakoreng la likhopo tsa hau, le tla khutla le le lesoeu, empa le se na kotsi. Sena e tla ba se seng sa lits’upiso tse robong tseo u tla ea le tsona ho Faro le sechaba sa hae. Hobane Ruri! Haesale e le batho ba tetebetseng sebeng.”

[13] Empa eitse hoba lits’upiso tsa Rona li finyelle ho bona li hlakile ponts’eng, ba re: “Sena ke boloi bo pepenene.”

[14] Ba li latola ka boikhomoso le boikakaso, le hoja meea ea bona e ne e na le khohelo holim’a tsona: bona kamoo pheletso ea baetsalibe e bileng ka teng

[15] Re ile ra fana ka tsebo ho Davida le Solomone; Ba re: “Lithoriso li be ho Allah, Ea re khethileng har’a makhabunyane a mangata a kholoang ho Eena!”

[16] Solomone e ne e le mojalefa oa Davida. A re: “Oho lona batho! Ruri! Re rutiloe puo ea linonyana, e bile re filoe nala ea lintho tsohle. Ruri! Sena ke molemo o hlakileng.”

[17] Mabotho a Masabonoeng le a batho le’a linonyana a kile a khobokana ‘moho kapel’a Solomone, eaba a hloptjoa ka mekhahlelo

[18] Ho fihlela a atametse haufinyane le phula ea bohloa, eaba bohloa bo le bong bo re: “Oho bohloa! Kenang ka matlung a lona esere mohlaope Solomone le mabotho a hae a tloha a le ripitla a sa le hlokomele.”

[19] Eaba salomone o’a bososela, a qaboloa ke puo ea bona, a re: “Mong`a ka! Ak’u ntaele hore ke be le teboho ka tlhohonolofatso eo U ntlhohonolofalitseng ka eona esita le batsoali ba ka, ke be ke etse tse lokileng tse ka U khahlisang, U be U nkenyeletse palong ea makhabunyane a Hau a lokileng.”

[20] Eaba o talima har’a linonyana, a nto re: “Ho tla joang hore e be ha ke bone hoopoe (mofuta o mong oa nonyana), kapa e be e har’a tse sieo

[21] Ruri! Ke tla e otla ka kotlo ea masisapelo, kapa ke e bolae, kantle leha eba e tla ntlela ka lebaka le totobetseng.”

[22] Empa ha ea ka ea senya nako ho ea pitsong, eaba e re: “ke fumane ntho eo uena u neng u sa e lemohe ho hang, ke tla ho uena ka litaba tse molemo tse tsoang Sheba

[23] “Ke fumane mosali a busa sechaba sa moo, e bile o nehiloe nala ea lintho tsohle, terone ea hae ke e makhabane

[24] “Ke fumane eena le sechaba sa hae ba khumamela letsatsi ntle ho Allah; Satane o entse hore mesebetsi ea bona e bonahale e khahleha mahlong a bona, e bile o ba sitisa ho kena tseleng ea ‘nete, hore ba tle ba tsamae ka nepo

[25] Ka ho ba khelosa ho se khumamele Allah, Eena Ea hlahisang Masabonoeng tsa maholimo le lefats’e, Ea bileng A tsebang tseo le li patang le tseo le li pepesang

[26] Ke Allah; ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena! – Eena Mong`a Terone e Hloahloeng

[27] Eaba Solomone o re: “Re tla bona haeba feela u buoa ‘nete, kapa leshano

[28] “Tsamaea le

[29] Mofumahali oa Sheba a re: “Oho lona matona! Ruri! Ke amohetse Lengolo le hlomphehang

[30] Le tsoa ho Solomone, le baleha joana: “Ka lebitso la Allah, Ea Tletseng Lereko, Ea Mohau o Khaphatsehang

[31] “Se ikhohomose khahlano le ‘na, empa atamela ho ‘na joaloka ba ithapalatsang.”

[32] A re: “Oho lona matona! nkeletseng tabeng ena. Ha ke’a s’o ka ke iketsetsa liqeto ntle ho lona.”

[33] Ba re: “Re marena a nang le matla esita le bona bohlale bo ts’abehang, empa ke uena ea lokelang ho fana ka taelo; kahoo nahana seo o ts’oanelang ho se laela.”

[34] A re: “Marena nakong eo a kenang naheng, baa e ripitla le hona ho nyelisa hlompho ea baahi ba eona. Ke kamoo ba tla etsa kateng

[35] “Empa ke tla mo romella mpho, ke tla bona karabo ea seo baromuoa ba tlang ho khutla le sona

[36] Joale, eitse hoba moromuoa a finyelle ho Solomone, a re: “Eng! Na u lakatsa ho ka nthusa ka thepa? Empa seo Allah a ‘nehileng sona se molemo ho feta seo a u nehileng sona. Che, ke uena ea tla imona menoana ka mpho ea hau eseng ‘na

[37] “Boela ho bona. Ruri! Re tla ba hlsela ka mabotho ao ba ke keng baits’ireletsa ho oona, re tla ba phalalisa moo ka tlotloloho, etsoe ba tla be ba soabile.”

[38] Solomone a re: “Oho matona! Ke mang har’a lona ea tla ntlisetsa terone ea hae pele ba e tla ho ‘na ba ithapalalitse?”

[39] E mong har’a li-jinn a re: “‘Na nka e tlisa kapel’a hau pele u ema setulong sa hau. Ruri! Ke na le matla esita le bona bots’epehi ts’ebetsong e joalo.”

[40] E mong ea neng a sitsitsoe ka tsebo ea Lengolo a re: “‘Ke tla e tlisa ho uena ka ho panya ha leihlo. Eitse hoba a e bone e lutse kapel’a hae, eaba Solomone o re: “Sena ke ka mohau oa Mong`a ka, e le hore A tle A mphehe tekong ea hore ebang ke na teboho kapa e be ke tla ikhohomosa. Mong le mong ea nang le teboho, o etsa joalo molemong oa moea oa hae: mong le mong ea hlokang teboho, o etsa joalo molemong oa ho utloisa moea oa hae bohloko. Hobane Ruri! Mong`a ka U tsepame pusong, ha A Hloke Letho, U Tlotlehile,.”

[41] A re: “Fetolang maemo a terone ea hae, e le hore re tle re bone haeba o tla tsepama tataisong, kapa ebang o tlaba har’a ba sa amoheleng tataiso.”

[42] Hoba a fihle, o ile a botsoa: “Ana ke terone ea hau ee?” A re: “E batlile e ts’oana le eona; re nehiloe tsebo pele ho eona, re ile ra inehela ho Allah.”

[43] O ile a mo tlosa khumamelong ea tsohle ntle ho Allah, hobane o tsoetsoe ke batho ba hlokang tumelo

[44] Eaba ho thoe ho eena a kene paleising. Eitse hoba a e bone, a hopola hore ke letamo, eaba o phetla liaparo tse neng li koahetse maoto a hae. Solomone a re: “Ena ke paleisi e ahiloeng ka bokhabane ea khalase.” Eaba o re: “Mong`a ka! Ruri! Ke foselitse moea oa ka, ke inehela le Solomone ho Allah, Mong`a Mafats’e.”

[45] Re ile Ra romella ho Ba-Thamud Salih ngoana bo bona: “Sebeletsang Allah.” Le hoja ba ile ba khaoha likoto tse peli tse ngangisanang

[46] A re: “Oho batho ba heso! Hobaneng ha le potlakela sebeng ho fapana le se molemo?” Ke hobaneng ha le sa kope ts’oarelo ea Allah, hore le tle le fumane mohau.”

[47] Ba re: “Re u lakaletsa bobe le ba nang le uena. A re: “Takaletso ea lona ea bobe e ho Allah. Lona le mpa le le batho ba behiloeng tekong.”

[48] Ho ne ho le teng batho ba robong ba lelapa ba neng ba etsa litlolo tsa molao lefats’eng, ba sa sokolohe

[49] Ba re: “Re hlapanya ka Allah re tla mo tsometsa hammoho le lelapa la hae bosiu, e be kamor’a moo re re ho metsoalle ea hae: “Re ne re le sieo ho fenethoeng ha batho ba habo, re bua ‘nete e tsoileng matsoho.”

[50] Ba ile ba rera ba loha mano: Eaba le Rona Rea rera, baes’o elelloe letho

[51] Joale, ak’u bone seo e bileng pheletso ea morero oa bona, – Re ile Ra ba ripitla hammoho le baetsana ba bona kaofela

[52] Matlo a bona ke lithako le lesupi – hobane ba ne ba etsa liphoso. Ruri! Ka har’a sena ke sesupo ho batho banang le tsebo

[53] Re ile Ra pholosa ba neng ba kholoa, ba etsa tse lokileng

[54] Lota! a re ho batho ba habo: “na le sa tla etsa linyonts’a ka tsebo

[55] Na le sa tla robalana le banna feela basali ba ntse ba le teng? Eu, empa le batho hlokang kelello.”

[56] Empa karabo ea batho ba habo e bile feela hore; ba re: “Lelekang balateli ba Lota motseng oa lona, hobane Ruri! Ke banna ba labalabelang bohloeki!”

[57] Empa Re ile Ra mo pholosa le lelapa la hae ntle feela le mosali oa hae; Re ile Ra mo behella kathoko hore a tle a be har’a ba saletseng morao

[58] Eaba Re ba nesetsa majoe a lengetane. Pula e nyonyehang holima batho ba ileng ba khalengoa

[59] E re: “Lithoriso li be ho Allah, khotso e be ho makhabunyane A Hae ao A a khethileng! Ana ke Allah Ea molemo, kapa ba molemo ke batlatsetsi ba ba manamisang ho Eena

[60] Ana ha se Eena Ea Molemo Ea hlotseng maholimo le lefats’e le hona ho le romella pula e tsoang marung, eo ka eona Re hlahisang lirapa tsa litholoana tse hlabosang, seo lifate tsa sona li sa kang tsa lengoa ke lona. Ana ho teng `Mopi e mong kathoko ho Allah? Eu, empa batho ba maneha ba tlatsetsi ho Eena

[61] Kapa, ha se Eena Ea entseng lefats’e hoba lehae le tsepameng, A ba A theha linoka ho lona, le hona ho theha lithaba holim’a lona le hona ho tsepamisa moeli lipakeng tsa maoatle a mabeli? Ana ho teng `Mopi e mong ntle ho Allah? Che bongata ba bona ha bo tsebe letho

[62] Ana ha se Eena Ea arabelang ea bohlokong nakong eo a bitsang ho Eena, e be U mo imolla bothateng, A etse majalefa a lefats’e? Joale, ana ho teng `Mopi e mong ntle ho Allah? Ruri! ba nahana hanyenyane

[63] Ana ha se Eena Ea le tataisang har’a lefifi la naha le leoatle, Ea romellang liphefo tse phatlalatsang Mohau oa Hae? Ana o teng `Mopi e mong ntle ho Allah? Ea hloahloeng ke Allah kahofetisisa ho batlatsetsi bohle ba ba manehang ho Eena

[64] Kapa, Ea hlahisang tlholeho, A boele A e phete hape, Eena Ea le nehang nala ho tsoa leholimong le lefats’eng? Joale, ana ho teng `Mopi e mong ntle ho Allah? E re: “Hlahisang bopaki ba lona haeba le hlile le buoa ‘nete!”

[65] E re: “Ha ho ope ea ka tsebang ka tse patiloeng tsa maholimo le tsa lefats’e haese Allah; ha ba tsebe letho ka letsatsi leo ba tlang ho tsosoa ka lona

[66] Ana tsebo ea bona e pharaletse hoo ba ka fihlelang bophelo bo-tlang? Ba na le khoao. Ke lifofu.”

[67] Mahana-tumelo ba re: “Eng! Ha re se re fetohile lerole,-rona le bo-ntata rona, – ana re sa tla hlola re tsosoa hape

[68] “Ke `nete re ile ra ts’episoa sena.-rona le bo-ntata rona. Empa tsena tsohle ha se letho haese lits’omo tsa mehleng ea khale.”

[69] E re: “Hahlaulang le lefats’e le tle le bone seo ebileng pheletso ea ba bileng molato!”

[70] U se ke oa ikutloisa bohloko ka bona, le hona ho touta ka lebaka la merero ea bona

[71] Ba bile ba re: “Ke neng ts’episo ena e tlang ho phethahala haeba u hlile u buoa ‘nete?”

[72] E re: “Mohlomong karolo ea seo le ka se potlakelang se haufi le lona.”

[73] Empa ruriMong`a hau U Khaphatseha mohau ho batho, le hoja bongata ba bona bo hloka teboho

[74] Ruri Mong`a hau o tseba ka botlalo lintho tsohle tseo lipelo tsa bona li li patileng le tsohle tseo ba li pepesang

[75] Ha ho letho le patehileng leholimong le lefats’eng, empa se ngoliloe ka har’a buka e hlakileng

[76] Ruri! Qura›n ena e manolletse bana ba Israele boholo ba lintho tseo ba hohlanang ka tsona

[77] Ke Tataiso le Mohau ho ba kholoang

[78] Ruri Mong`a hau o tla ahlola lipakeng tsa bona ho latela Bohlale ba Hae, Eena Ea Matla Oohle, Ea Tsebang-Tsohle

[79] Kahoo beha ts’epo ea hau ho Allah, hobane u tsepame ‘neteng e hlakileng

[80] Ruri! U ke ke ua etsa hore bafu ba utloe le tsona litholo hore li utloe pitso nakong eo li seng li menotse tlhabela

[81] Kapa hona ho tataisa lifofu ho se hlahlathele. Kantle le ba kholoang lits’enolong tsa Rona, ba inehetse Islam

[82] Mohla lentsoe le phethahatsoang khahlanong le bona, Re tla hlahisa Sebatana sa lefats’e ho buoa le bona, hobane batho ba hlokile tumelo lits’enolong tsa Rona

[83] Ka letsatsi le leng Re tla khobokanya mabotho har’a lichaba tsohle mabotho a latolang lits’enolo tsa Rona, a tla hloptjoa ka mekhahlelo

[84] Ho fihlela ba atamelang kapel’a Mong`a bona, U tla re: “Le Latotse lits’enolo tsa Ka le hoja tsebo ea lona e ne e fokola malebana le tsona, kapa ke eng seo le neng le se etsa?”

[85] Lentsoe le tla phethahatsoa khahlanong le bona ka lebaka la ketso-phoso, etsoe ba ke ke ba eba le puo

[86] Ha ba es’o bone kamoo Re entseng hore ba phomole kateng bosiu, e be mots’eare U ba neha pono? Ruri! ho sena ke Lits’upiso ho batho ba kholoang

[87] Letsatsi leo Terompeta e tlang ho letsoa – bohle ba maholimong le lefats’eng ba tla simolla ho ts’oha, haese feela bao Allah A ka khahloang ke bona. Bohle ba tla tla ho Eena ba tseba bofokoli ba bona

[88] Na u bona lithaba tseo u nahanang hore li tsepame ka tieo, empa tsatsing leo li tla tsamaea joaloka maru: seo ke mosebetsi oa Allah ea phethahatsang lintho tsohle. Ruri! U Tseba ka botlalo tseo le li etsang

[89] Mang kapa mang ea etsang toka, o tla fumana moputso o molemo ho feta kamoo e neng e le kateng; ba joalo bats’ireletsehile matsoalong a Letsatsi leo

[90] Mang kapa mang ea etsang sebe, ba tla khothomeletsoa ka har’a mollo ka lifahleho. “Etsoe ha ho seo le ka putsoang ka sona haese seo le se entseng

[91] E re: “‘na ke laetsoe feela ho sebeletsa Mong`a motse ona Eo A entseng hore o halalele, Eena Mong`a lintho tsohle. Etsoe ke laetsoe hoba har’a bohle ba inehetseng thatong Ea Hae

[92] Le hona ho pheta Qura’n. Mang, kapa mang ea amohelang tataiso, o etsa seo molemong oa moea oa hae; Ha e mong a hlahalthela – e re: “‘Ke mohlokomelisi feela.”

[93] U be u re: “Lithoriso li be ho Allah Ea tla le bonts’a Lits’upiso tsa Hae, e le hore le tle le li tsebe. Etsoe Mong`a hau ha se hore ha A hlokomele tseo le li etsang

Lipale

Surah 28

[1] Ta. Sin. Mim

[2] Tsena ke lits’enolo tsa Lengolo tse hlakisang

[3] Re u phetela pale ea Moshe le Faro ka ‘Nete molemong oa batho ba kholoang

[4] Faro o ne a ikakasa lefats’eng, a bile a entse batho libopuoa tsa hae. Har’a bona ho ne ho e na le mohlobo oo a neng a o hateletse, a bolaea bara ba bona a siea basetsana. Ruri! O ne a le har’a ba fehlang merusu

[5] Eaba Re rata ho bonts’a Lereko ho ba neng ba hateletsoe lefats’eng, le hona ho ba etsa baetapele le majalefa

[6] Le ho ba tsitsisa lefats’eng, ho bonts’a Faro, Hamana esita le mabotho a bona seo ba neng ba its’ireletsa ho sona

[7] Eaba Re susumetsa ‘ma’ea Moshe: “mo nyants’e, haeba u na le ts’abo ka eena, mo lahlele nokeng ntle le lets’oalo la letho esita le hona ho sareloa. Hobane Ruri! Re tla mo busetsa ho uena, e be Re mo etsa e mong oa baromuoa ba Rona.”

[8] Ebile moo lelapa la Faro le inkelang eena nokeng, hore e tle e be sera le mokhoka khoale oa bona. Ruri! Faro le Hamana le mabotho a bona ene ele baetsalibe

[9] Eaba mosali oa Faro o re: “Lebitso la hae e tla ba Moshe mots’elisi oa ka le uena. Se ‘molae. Mohlomong o tla ba le molemo ho rona, kapa re mo etse mora oa rona.” Ho se seo ba se elelletsoeng ho hang

[10] Empa pelo ea ‘ma’ea Moshe ene e saretsoe, o ne a se a le haufi le ho mo phanyaola Moshe hoja re ne re sa ka ra tiisa pelo ea hae, hore a tle a be har’a ba kholoang

[11] Eaba ‘ma’e o re ho khaitseli ea hae: “Mo sale morao”. O ile a ‘monela thokoana, etsoe ho se seo ba se elelletsoeng

[12] Ho tloha sethathong Re ne Re sa ka Ra rata ho nehelana ka eena ho bo-’m’e monyants’ents’i, eaba khaitseli’ae e re ho mosali oa Faro: “Na nka u bonts’a lelapa le ka u holisetsang eena le ho fana ka tlokomelo ho eena?”

[13] Kahoo, Re ile Ra ‘musetsa ho ‘ma’e, e le hore a tle a khotsofale esita le hona ho se be mats’oenyehong, a tle a tsebe hore ts’episo ea Allah ke ‘nete. Le hoja bongata ba bona bo hloka kutloisiso

[14] Hoba a fihlele lilemo tsa boholo, ese ele mohlankana, eaba Re mo neha bohlale le tsebo. Ke kamoo Re putsang ba lokileng kateng

[15] O ile a kena motseng ka nako eo baahi ba teng ba neng ba sa tsotelle, eaba o fumana banna ba babeli ba loana har’a motse, e mong e ne e le oa tumelo ea hae, ha e mong eena e ne e le oa lireng; eaba moo oa tumelo ea hae a ileng a mo kopa thuso khahlano le sera sa hae. Moshe o ile a mo pshatla ka setebele a ba a ‘molaea. Eaba o re: “Sena ke mosebetsi oa liabolosi. Hobane Ruri! Eena ke sera, mokhelosi ea totobetseng.”

[16] Moshe a rapela: “Mong`a ka! Ke foselitse moea oa ka, kahoo Ak’u nts`oarele”. Allah U ile A mo ts’oarela. Hobane Ruri! Allah U ts’oarela joalo-joalo, U Tletse Mohau

[17] A re: “Mong`a ka! Hobane U nkapesitse ka Lereko la Hau nke ke ka hlola ke thusa ea molato.”

[18] Moshe o ile a lula motseng moo ho fihlela hoseng, a le matsoalong a lebeletse se tlang ho etsahala, eaba o bona monna eane ea neng a mo kopa thuso ka la maobane a boetse a ‘mitsa hape ho tla mo thusa. Eaba Moshe o re ho eena: “Ruri! Haele uena ho totobetse hore o moferekanyi.”

[19] Nakong eo Moshe a neng a lokela ho kopana le monna eo e neng e le sera sa bona ka bobeli, eaba o re: “Oho Moshe! Na u rata ho mpolaea joalo ka ha u ile oa bolaea motho maobane? Morero oa hau ha se hona haese ho iketsa mpoli kahara naha ese ea khothaletsang botle.”

[20] Monna e mong a hlaha a matha a tsoa qetellong ea motse. Eaba o re: “Oho Moshe! Ruri! Marena a ntse a ithera khahlano le uena, ba rera ho u bolaea; kahoo baleha. Ruri! ‘na ke mpa ke fana ka keletso ea bohlokoa ho uena.”

[21] Moshe o ile a baleha motseng oo a le matsoalong, a ntse a qamaka koana le koana. A re: “Mong`a ka! Ak’u mpholose har’a batho ba etsang liketso tse fosahetseng.”

[22] Joale, eitse hoba a reteletse sefahleho sa hae Mediane, a re: “Ka mohlomong Mong`a ka A ka ntataisetsa Tseleng e nepahetseng.”

[23] Nakong eo a neng a se a atametse haufi le noka ea Mediane, eaba o fumana banna ba motse ba noesa mehlape. Thokoana mane le bona a bona basetsana ba babeli ba hanetse mohlape oa bona. A re: “Le emetseng moo?” Ba re: “Re ke ke ra noesa mohlape oa rona ho fihlela balisa ba suthile metsing moo; ntat’a rona o se a tsofetse.”

[24] Eaba Moshe o noesa mohlape oa bona. A boela moriting, a re: “Mong`a ka! Ke nyoretsoe eng kapa eng eo U ka E romellang ho ‘na.”

[25] Eaba mosetsana e mong o atamela ho eena, a tsamaea ka letsoalo. A re: “Ntate o’a u bitsa, hore a tle a u nehe moputso haele mona u ile o’a noesa mohlape oa rona.” Ke moo a ileng a ea ho eena, a ‘molella litaba tsohle, eaba ntat’a bona o re: “Se ts’ohe! Ruri! U pholohile har’a batho ba fosahetseng.”

[26] E mong oa barali ba hae a re: “Oho ntate! Ak’u mpe u mo fe mosebetsi! Hobane u bonahala a le molemo, a bile a le matla le hona ho ts’epahala.”

[27] A re: “Ruri! Ke rata ha u ka nyala e mong oa barali bana ba ka, ka mokhoa oa hore u nts’ebeletse lilemo tse robeli. Empa haeba u ka qeta tse leshome seo se tla be se le molemo ho uena, hobane nke ke ka u sotla. Haeba e le thato ea Allah, Ruri! U tla fumana hore ke e mong oa ba lokileng.”

[28] A re: “Seo ha e be litumellano lipakeng tsa ka le uena. Pallo efe kapa efe eo ke tlang ho e phetha ho se ke haeba le bolotsana malebana le ‘na, Allah ke paki holim’a litumellano tsa rona.”

[29] Hang hoba Moshe a phethise lipallo, eaba u tsamaea le lelapa la hae, eleng moo a ileng a bona mollo sebakana le eena; a re ho lelapa la hae: “Salang mona. Ruri! Ke bona mollo thoko mane; mohlomong ke tla le tlela le litaba tse molemo ho ona, kapa ke tla le okhela leshala ho ona, hore le tle le iphuthumatse.”

[30] Eitse hoba a atamele ho ona, eaba o utloa a bitsoa ka lehlakoreng le letona la phula sebakeng se halalelang se haufi le sefate: “Oho Moshe! Ruri! Ke ‘Na Allah, Mong`a Mafats’e

[31] Lahlela lere la hau fats’e.” Ha a bona le hahaba joaloka noha, eaba o thinya ka potlako, lentsoe la re: “Oho Moshe! Atamela haufinyane, u se ts’abe letho. Hobane Ruri! U e mong oa ba ts’ireletsong

[32] Kenya letsoho la hau sefubeng, le tlatsoa le le lesoeu le sena lebali, ebe o pholla letsoho la hau lehlakoreng khahlanong le ts`abo. Tsena e tla ba lits’upiso tse peli tse tsoang ho Mong`a hau tseo u tla ea le tsona ho Faro le Matona a hae: Ruri! Ke batho ba qoetseng sebeng, ba soto.”

[33] A re: “Mong`a ka! Ruri! Ke ile ka bolaea motho har’a bona, ke ts’aba hore ba tloha ba mpolaea

[34] Moena’ka Aarone ke kheleke ho feta `na. Kahoo, nthome le eena ho ba mothusi oa ka ho mpakela. Ruri! Ke ts’aba hore ba tloha ba nqosa ka leshano.”

[35] Allah A re: “Re tla matlafatsa letsoho la hau ka moena’o, Re tla le neha matla ka bobeli ba lona, hore ba tle ba se ke ba le atamela ho latela Lits’upiso tsa Rona. Lona le le babeli le tla ba bahloli `moho le bohle ba tla le latela.”

[36] Ha Moshe a tla ho bona ka Lits’upiso tsa Rona tse hlakileng, ba ile ba re: “Tsena ha se letho haese boloi bo iqapetsoeng. Etsoe ha re’a s’o ka re utloa sena har’a bo-ntat’a rona moholo.”

[37] Moshe a re: “Mong`a ka ke Eena ea Tsebang ka botlalo ea tlisang tataiso e tsoang ho Eena, eo qetello ea hae e tla khahlang bophelong Bo-tlang. `Nete ke hore baetsalibe bona ba ke ke ba atleha.”

[38] Faro a re: “Oho lona Matona! Ha ke tsebe haeba le na le molimo o mong ntle ho ‘na, kahoo, uena Haman mpesetse mollo ke tl’o foroma litene; u nketsetse Paleise e phahameng, hore ke tle ke hloelise `Mopi oa Moshe; empa ka ho ea ka `na ke nahana hore o leshano.”

[39] O ne a ikhohomosa le ho ikakasa lefats’eng ho feta tekano, – eena le mahlahana a hae ba ne ba sa nahane hore ba tla khutlela ho Rona

[40] Kahoo Re ile Ra mo nanola mmoho le mahlahana a hae, Ra ba lahlela har’a leoatle. Joale, bona qetello ea baetsalibe

[41] Re ile Ra ba etsa Baetapele ba biletsang mollong, mohla Letsatsi la Kahlolo ba ke ke ba fumana thuso

[42] Re hlotse thohako lefats’eng lena ho ba salama, mohla Letsatsi la Kahlolo ba tla ba har’a bakhesehang

[43] Re ile Ra senolela Moshe Lengolo kamor’a hoba Re ripitle meloko ea pele; Thlakiso ho batho, Tataiso le mohau, hore ba tle ba amohele khalemo

[44] U ne u le sieo ka lehlakoreng la bophirima ho thaba nakong eo Re neng Re hlalosetsa Moshe melao, kapa ho ba paki

[45] Empa Re ile Ra tsosolosa meloko, ba phetse lilemo tse telele tse ileng tsa feta. U ne u se moahi oa Mediane, nakong eo Re neng Re ba phetela lits’enolo tsa Rona, Re ‘nile Ra ba romella Baromuoa

[46] Ebile u ne u se haufi le Tur nakong eo Re neng Re epa pitso; empa e le Mohau o tsoang ho Mong`a hau, ho fana ka thlokomelise ho batho bao ho bona ho sa kang ha finyella mohlokomelisi pele ho uena, e le hore ba tle ba amohele khalemo

[47] Haeba koluoa e ka ba oela ho latela liketso tseo matsoho a bona a li rometseng nale, ba tle ba re: “Mong`a rona! Hobaneng ha o sa ka oa romella Moromuoa ho rona, hoo re ka beng re ile ra latela lits’enolo tsa hau le ho ba har’a ba kholoang?”

[48] Empa hang ha ‘nete e se e finyeletse ho bona e tsoang ho Rona, ba re: “Ke hobaneng ha a sa fuoa Lengolo le ts’oanang le la Moshe?” Ha ba ka ba latola Lengolo le neng le filoe Moshe? Ba re: “Boloi ka bobeli bo thusanang;” ba bile ba re: “Rona re`a li latola kaofela.”

[49] E re: “Hlahisang Lengolo ho tsoa ho Allah le fanang ka tataiso e hlakileng ho feta ana a mabeli, hore ke tle ke le sale morao haeba le hlile le buoa ‘nete.”

[50] Empa haeba ba sa fane ka karabo, joale u tsebe hore seo ba se latelang ke litakatso tsa bona. Etsoe hana ke mang ea khelohileng ka ho fetisisa ha ese ea latelang litakatso tsa hae kantle le tataiso e tsoang ho Allah. Ruri! Allah ha A tataise batho ba oetseng sebeng

[51] Ha joale Re entse hore lentsoe le fihle ho bona, e le hore ba tle ba amohele khalemo

[52] Bao Re ileng Ra ba neha Lengolo pele ho Qura’n, ba kholoa ts’enolong ena

[53] Nakong eo ba le pheteloang, ba re: “Re kholoa ho lona. Hobane Ruri! Ke ‘nete e tsoang ho Mong`a rona. Le pele ho lona re ne ntse re le har’a ba inehetseng ho Eena.”

[54] Ruri! Haele ba tla nehoa moputso oa bona o menahantsoe ha beli, hobane bana le mamello, ba phetetsa bobe ka botle le ho fana ka tseo Re ba sitsitseng ka tsona

[55] Nakong eo ba utloang lipuo tse hlabisang lihlong, ba sutha pel’a tsona, ebe ba re: “Mesebetsi ea rona e be ho rona, le lona ka ho ts’oana. Khotso e be ho lona! Ha re thabele maoatla.”

[56] Ke `nete u ke ke oa tataisa e mong le e mong eo u mo ratang, empa Allah U tataisa ea khahloang ke Eena. Ke Eena Ea tsebang hantle ba amohelang tataiso

[57] Ba bile ba re: “Hoja e be re ne re ka latela tataiso ea hau, re ne re tla lelekoa ka har’a naha ea rona.” Ana ha Re’a thoma nqalo e ts’ireletsehileng, moo ho hlahang litholoana ka mefuta, ebile e le nala e tsoang ho rona? Ruri! Bongata ba bona ha ba na kutloisiso

[58] Hana ke lichaba tse kae tseo re ileng ra li ripitla tse neng li hloka teboho malebana le mekhoa ea bona ea bophelo! Metse ea bona ke lithako, tseo ho sa kang haeba le batho ba ileng ba lula ho tsona kamor’a bona haese feela ba fokolang. Ebile Rona bao ebileng majalefa

[59] Ebile Mong`a hau ha A es’o ka A ripitla metse, A es`o bahlahisetse Moromuoa pele har’a bona ea ba phetelang lits’enolo tsa Rona. Ha Re’a s’o ka Re ripilta metse kantle le hore ebe baahi ba eona ebile baetsalibe

[60] Eng kapa eng eo ebang le kile la e fuoa, ke boithabiso ba lefats’e lena le eona mekhabiso; haele tseo Allah A li ruileng li molemo, ebile li ke ke tsa fela. Ha le na kelello na

[61] Ana eo Re mo ts’episitseng ts’episo ea ‘nete eo a tlang ho e fumana, a ka ts’oana le’a filoeng nyakallo e fokolang ea monyaka oa bophelo ba lefats’e, eo ka letsatsi la tsoho a tlang ho ba har’a ba bilelitsoeng kahlolong

[62] Mohla letsatsi leo ka lona A tlang ho ba bitsa, e be U re: “Ba kae batlatsetsi ba Ka bao le neng le ba nahana?”

[63] Bao lentsoe le tlang ho tla ho bona ka ‘nete, ba tla re: “Mong`a rona! Bana ke bona bao re ileng ra ba tataisetsa khelohong. Re ba tataiselitse thoko joaloka ha le rona re ne re khelohile. Re hlalosa boitlhotlhollo ba rona kapel’a Hau: etsoe ba ne ba sa khumamele Rona.”

[64] Ho tla thoe: “Bitsang batlatsetsi ba lona.” Ba tla ba bitsa, empa ba keke ba ba mamela; ba tla bona Timelo. Hoja ebe ba ne ba ile ba tataisoa

[65] Mohla letsatsi leo ka lona A tlang ho ba bitsa, e be U Re: “Ke efeng karabo eo le ileng la fana ka eona ho baromuoa?”

[66] Mohla letsatsi leo litaba tsohle li tla ba timella, ba keke ba tseba ho botsana

[67] Empa haele ba tla sokoloha, le hona ho kholoa le ho etsa tse lokileng, ba tla ba le ts`epo ho ba har’a ba fihlelang pholoho

[68] Mong`a hau U hlola seo A se ratang, A bile A khahloa ke sona. Ha ho khetho leha e le e nyenyane eo ba nang le eona. Tlotla e be ho Allah, Ea Phahametseng tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona

[69] Ebile Mong`a hau U tseba ka botlalo tseo lipelo tsa bona li li patileng le tseo li li pepesang

[70] Ke Allah; ha ho `Mopi e mong kathoko ho Eena. Ke Eena Ea rorisoang sethathong le khabareng, taelo ke’a Hae, Eo kaofela le tlang ho boela ho Eena

[71] U re: “Ana le ke le nahane hore haeba Allah A ka etsa hore bosiu bo se ke ba feela hohang holima lona ho fihlela Letsatsi la Kahlolo, ekaba mang kantle ho Allah ea ka le tlisetsang leseli?” Ana ha le utloe

[72] U re: “Ana le ke le nahana hore haeba Allah A ka etsa hore letsatsi e be sesafeleng, ke mang kantle ho Allah ea ka le tlisetsang bosiu boo le phomolang ka bona?” Na le sa tla ke le bone

[73] Ke Allah Ea Hlotseng bosiu le mots’eare ka Mohau Oa Hae, hore bosiu le phomole, mots’eare le tsomane le Nala Ea Hae, hore le tle le fane ka liteboho

[74] Mohla letsatsi leo A tlang ho ba bitsa ka lona, U tla Re: “Ba kae batlatsetsi ba Ka bao le neng le hopola hore ke bona?”

[75] Re tla thonya paki khahlano le sechaba ka seng, e be Re Re: “Hlahisang bopaki ba lona.” Joale, ke moo ba tla tseba hore Allah U na le ‘nete, tsohle tseo ba neng ba iqapetse tsona li tla ba phoqa

[76] Qarun kantle ho qeaqeo e ne e le e mong oa habo Moshe, empa o ne a ba hateletse; Re ne Re mo nehile letlotlo le ts’abehang, hoo linotlolo tsa liphaposi tsa thepa li neng li ka ba boima hoo lebotho la banna ba matla li neng li ka ba hlola. Eaba batho ba hahabo ba re: “Se ke oa ikakasa; hobane Ruri! Allah ha A rate batho ba ikakasang

[77] Empa ak’u tsomane le lehae la bo-tlang ka thepa eo Allah A u nehileng eona, u se ke oa iphapanyetsa kabelo ea hau lefats’eng lena, u be u be le mosa joaloka ha Allah A ile A ba mosa ho uena, u se ke oa fehla pherekano lefats’eng; hobane Ruri! Allah ha A rate baferekanyi.”

[78] Eaba o re: “Ke filoe letlotlo lena feela tlas’a bohlale boo ke nang le bona.” Ana e be ha a tsebe hore Allah U kile A ripitla meloko e bileng teng pele ho eena, banna ba neng ba ena le matla a ts’abehang ho feta eena, ebile e le barui ba mo fetang? Ba molato ha ba botsoe lipotso khahlano le libe tsa bona

[79] Eaba o tsamaea ka boikakaso hara batho ba habo. Ba neng ba ena le taba-tabelo ea bophelo ba lefats’e, ba re: “Ao, hoja empe e be re ne re filoe matlotlo a ts’oanang le’a filoeng Qarun! Ke morena oa mahlohonolo ruri.”

[80] Empa haele ba neng ba filoe tsebo, ba re: “Thohako e be ho lona! Moputso oa Allah ho molumeli ea etsang toka o molemo ka ho fetisisa, ke ba nang le mamello feela ba tla una molemo oo.”

[81] Eaba Re mo kupetsa ka lefats’e hammoho le motse oa hae. O hlokile lebotho le ka mo thusang khahlanong le Allah, kapa hona hore e be o bile har’a ba ipholosang ka bo-bona

[82] Eitse ka la hosasa hoa fumanoa ba neng honohela maemo a hae ba qalella ho re: “Ao, Ruri! Ke Allah ea phaellang nala ho ea khahloang ke Eena har’a makhabunyane a Hae, ebile o fokoletsa ope ea khahloang ke Eena. Hoja e se ke ea eba ka lereko la Allah holim’a rona, A ka be A ile a etsa hore le rona re metsoe ke lefats’e. Ao, letsatsi le mahlonoko! Ba latolang Allah ka ‘nete ba ke ke ba atleha

[83] Lehae la Bo-tlang lona Re tla le abela ba sa ithereleng khatello lefats’eng le hona ho fehla morusu. Qetello e khahlang ke ea ba etsang botle

[84] Haele mong le mong ea simollang se lokileng, o tla fumana se molemo ho feta seo; athe ba tla simolla bobe, Ruri! Baetsalibe ba tla phetetsoa feela ka tseo ba li entseng

[85] Hobane Ea u nehileng Qura›n e le molao, Ruri! U tla u khutlisetsa Hae hape. U re: “Mong`a ka U hlokolosi haholo ka eo ea tlisang tataiso le ea khelohetseng phosong e hlakileng.”

[86] U ne u sa lebella hore Lengolo le ka Romeloa ho uena; empa ke mohau o tsoang ho Mong`a hau, kahoo u se ke be oa ba mothusi oa ba latolang

[87] U se ke be oa ba lumella ho u khelosa lits’enolong tsa Allah kamor’a hore li finyelle ho Uena; empa u biletse batho ho Mong`a hau, u se ke be oa ba e mong oa ba manehang batlatsetsi ho Eena

[88] Ho se be mong le mong eo u ka mo khumamelang kantle ho Allah. Hobane ha ho `Mopi e mong ntle le Eena. Lintho tsohle li tla timela ntle feela le sefahleho sa Hae. Taelo ke Ea Hae, lona bohle le tla boela ho Eena

Sekho

Surah 29

[1] Alif. Lam. Mim

[2] Na batho ba nahana hore ba tla lesoa feela ho ba baitse: “Re’a kholoa”, Ba keke ba lekoa

[3] Re ile Ra leka ba bileng teng pele ho lona. Ke kamoo Allah A tsebang ba ikokobetsang le ba ikaketsang

[4] Ebe ba etsang liketso tse fosahetseng ba nahana hore liketso tsa bona li ka ba molemo ho feta Rona? Se sebe ke qetello ea bona

[5] Athe haele mang, kapa mang ea tsitlallelang ho kopana le Allah, a tsebe hore Ruri! Pallo ea Allah e haufinyane, U Utloa Tsohle, U Tseba Tsohle

[6] Etsoe mang, kapa mang ea tsitlalletseng, ba etsa joalo molemong oa meea ea bona; hobane Allah ha A hloke letho ho libupuoa tsa Hae

[7] Bohle ba kholoang, ba etsa liketso tse lokileng, Re tla hlakola liketso tsa bona tse mpe, ebe Re ba putsa ka se molemo seo ba se entseng

[8] Re khothalelitse batho ho ba mosa ho batsoali ba bona; empa haeba ba ka tsitlallela ho o khothaletsa ho maneha e mong ho ‘na eo o se nang tsebo ka eena, o se ke oa ba mamela. Hobane poelo ea hau e ho ‘Na, ke tla o bolella seo le neng le tloaetse ho se etsa

[9] Haele ba kholoang, ba bile ba etsa liketso tse lokileng, Ruri! Re tla ba amohela har’a ba lokileng

[10] Ho teng har’a batho ba reng: “Re kholoa ho Allah”, Empa ha a thulana le bothata ts’ebeletsong ea Allah, o tsoelipanya khatello ea batho joaloka ha eka ke kotlo ea Allah; haeba u ka fumana tlholo e tsoang ho Mong`a hau, ba tla re: “Ruri! Re bile le uena nako ena eohle. Ana ha se Allah Ea hlokolosi ka ho fetisisa ka tseo tse ka har’a lifuba tsa libopuoa tsa Hae

[11] Ruri! Allah U tseba ka botlalo ba kholoang le Baikaketsi

[12] Mahana-tumelo ba re ho ba kholoang: “Latelang tsela ea rona ea tumelo, Ruri! Re tla jara libe tsa lona.” Ha ho seo ba ka se jarang libeng tsa bona. Hobane Ruri! ba leshano

[13] Empa ba tla jara mejaro ea bona le’a ba bang kathoko ho ea bona, ba bile ba tla botsoa mohla Letsatsi la Kahlolo ka lebaka la mashano a bona

[14] Re ile Ra romella Nooe, ho batho ba habo, o bile le bona ka lilemo tse makholo a robong le mashome a mahlano; empa ba ile ba khangoa ke moroallo oa metsi, ba lutse sebeng

[15] Re ile Ra mo pholosa le Balekane ba Areka, Ra etsa Areka Sesupo ho batho bohle

[16] Le Abrahama Re ile Ra mo pholosa: Bonang, a re ho batho ba habo: “Sebeletsang Allah, le ts’abe Eena feela; seo se molemo ho lona – hoja ebe lea utloisisa

[17] “Hobane le khumamela melingoana kantle ho Allah, e bile le qapa Leshano. Bohle bao le ba sebeletsang ntle ho Allah, ha ho phepo eo ba ka le nehang eona. Kahoo, kopang phepo ea lona ho Allah, mo sebeletseng le hona ho fana ka liteboho ho Eena, hobane poelo ea lona bohle e ho Eena

[18] Haeba le’a latola, lichaba li ‘nile tsa latola tse bileng teng pele ho lona, ts’ebetso ea moromuoa ke ho phatlalatsa molaetsa feela ka ho totobala.”

[19] Na ha ba bone kamoo Allah A hlahisang tlholeho kateng, joale e be U e pheta hape? Hobane Ruri! Seo se bobebe ho Allah

[20] E re: “Hahlaulang le lefats’e le tle le bone kamoo Allah A hlolang tlholeho kateng, le kamoo Allah a boetseng A tlang ho e pheta hape. Hobane Allah U na le matla holima lintho tsohle

[21] U ahlola eo A ikhethelang Eena, ebile U apesa ka mohau eo A khahloang ke Eena, poelo ea lona bohle e ho Eena

[22] Le ke ke la phonyoha ho Eena lefats’eng le leholimong, etsoe kathoko ho Allah ha le na motsoalle, kapa eena mothusi

[23] Haele ba latolang lits’enolo tsa Allah esita le eona kopano ea bona le Eena, – Ke bona bat la hloka ts’epo mohaung oa Ka. Ke bona ba tla oeloa ke Kahlolo e mahlonoko

[24] Empa karabo ea batho ba habo ebile feela hore ba re: “‘Molaeng kapa le mo chese.” Allah U ile a mo pholosa mollong oo. Ruri

[25] Eaba o re: “Le ikhethetse melingoana ntle ho Allah. Le lerato le teng lipakeng tsa lona ke la bophelo ba lefats’e lena feela. Mohla Letsatsi la Kahlolo le tla nyelisana, le ho rohakana ka bo-lona, lehae la lona e tla ba mollo, le ke ke la fumana ope ho le thusa.”

[26] Empa Lota o ne a lumela ho Eena: A re: “Ke tla siea lehae ka lebaka la Mong`a ka. Hobane Ruri! Ke Eena, Eena feela Ea Matla Oohle, Ea Seli.”

[27] Re ile Ra sitsa Abrahama ka Isaaka le Jakobo, le hona ho phethahatsa Boporofeta le Lengolo har’a litloholo tsa hae, Re bile Ra mo neha moputso oa hae lefats’eng lena, le ho bo-tlang ha ho tika-tiko, Ruri! O tla ba har’a ba lokileng

[28] Hopola Lota! Mohla a neng a re ho batho ba habo: “Ruri! Le etsa liketso tse soabisang tseo ho sa kang haeba le sebopuoa se kileng sa li etsa pele ho lona

[29] Na Ruri le na le likamano le banna, ha ele moo le eka bahahlaoli tseleng le hona ho etsa liketso tse fosahetseng likopanong tsa lona? Empa karabo ea batho ba habo e bile feela hore ba re: “Re tlisetse kahlolo ea Allah haeba u hlile u na le ‘nete!”

[30] A re: “Mong`a ka! Ak’u mphe tlholo khahlanong le batho ba etsang manyala!”

[31] Mohla baromuoa ba Rona ba neng ba tliselitse Abrahama litaba tse molemo, ba ne ba re: “Ruri! Re haufinyane le ho ripitla batho ba motse ona, hobane baahi ba ona ke baetsalibe.”

[32] Eaba Abrahama o re: Lota o teng moo.” Baromuoa ba re: “Re hlokolosi ka ho fetisisa ka ba teng moo. Re tla mo pholosa le ba lelapa la hae kaofela ntle le mosali oa hae, eo eena a tlang ho ba har’a ba saletseng morao.”

[33] Mohla baromuoa ba Rona ba neng ba fihla ho Lota, o n’a be a le maqakabetsing ke liketso tsa mehahabo, hobane o ne a hloleha ho ba s’ireletsa; empa baromuoa ba ile ba re: “Se ts’ohe le hona hoba mahlomoleng! Ruri! Re tla u pholosa le lelapa la hau kaofela, ntle feela le mosali oa hau, eo eena a tlang hoba har’a ba saletseng morao

[34] Ruri! Re haufi le ho lihela kotlo holim’a baahi ba motse ona e tsoang leholimong, hobane ke baetsalibe.”

[35] Ka kotlo eo, Re siile sesupo se hlakileng ho batho ba nang le kelello

[36] Re ne Re romelle Shuaib ho batho ba Mediane, e le ngoana’bo bona. O ne a re: “Oho batho ba heso! Sebeletsang Allah, le ts’abe pele ho Letsatsi la Bofelo, le se etse linyonts’a ka ho etsa manyala lefats’eng.”

[37] Empa ba mo latola, eaba ts’its’inyeho e ts’abehang ea lefats’e e ea ba metsa, esale hosasa ba fumanoa ba tjapaletse malapeng a bona

[38] Ba-Ad le Ba-Thamud! Koluoa ea bona e hlakile ho lona ka lesupi le lithako tsa malapa a bona. Ke satane ea entseng hore liketso tsa bona li shebahale li khahlisa mahlong a bona, o ile a ba sitisa ho kena tseleng, le hoja bane ba filoe Bohlale le Tsebo

[39] Joaloka Qarun, Faro le Hamana! Moshe o ile a ea ho bona ka lits’upiso tse hlakileng tsa matla a Allah, empa ba ile ba ikakasa lefats’eng. Ha ba ka ba una mojahong

[40] Re ile Ra nka e mong le e mong oa bona ho latela sebe sa hae; har’a bona ho ne ho le teng eo Re neng Re mo romelle sefako, e mong eena Re ne Re mo hloibile ka ho qhoma ho ts’abehang, ha emong eena a ne a metsoe ke lefats’e e mong eena o ne a khangoe ke metsi. Ha se Allah ea ba foselitseng, empa ba ile ba iphosetsa

[41] Papiso ea ba ikhethelang bats’ireletsi ba bang ntle ho Allah, e ts’oana le’a sekho nakong eo se ikhahelang ntlo, Ruri! Se bobebe ka ho fetisisa har’a matlo ke ntlo ea sekho, hoja e be ba ne ba tseba

[42] Ruri! Allah U tseba ka botlalo lintho tseo ba bitsang ho tsona ntle ho Eena. Etsoe U Matla Oohle, U Seli

[43] Lipapiso tsena, Re li pheta molemong oa batho: Empa ba li utloisisang ke ba nang le Tsebo

[44] Allah U hlotse maholimo le lefats’e ka tekanyo ea ‘nete. Ruri! Hona ke sesupo ho ba kholoang

[45] Pheta Lengolo le tlileng ho uena ka ts’usumetso, u phethe lithapelo tsa mehla eohle. Hobane thapelo eo thibela liketso tse soabisang le tse fosahetseng, hobane Khopolo ea Allah e bohlokoa haholo. Etsoe Allah U tseba tseo le li etsang

[46] U se phehe khang le batho ba Lengolo ntle le haeba e le ka mokhoa o molemo, le bao har’a bona ba etsang libe; feela u re: “Re kholoa ho seo re se senoletsoeng le seo lona le se senoletsoeng; `Mopi oa rona le `Mopi oa lona ke `Mopi a le mong, re inehetse ho Eena.”

[47] Eleng lona lebaka leo ka lona re u senoletse

[48] Ha’o es’o bale Lengolo pele ho lena, kapa hona ho le ngola ka letsoho la hau le letona, mohlomong balateli ba leshano ba tloha ba eba le khoao

[49] Empa ke Lits’enolo tse hlakileng lipelong tsa ba nehiloeng tsebo, ha ho ba ka latolang Lits’enolo tsa Rona haese feela baetsalibe

[50] Ba bile ba re: “Hobaneng ha litsenolo li sa romelloe ho eena ho tsoa ho Mong`a hae?” E re: “Lits’upiso li ho Allah feela, ‘na ke mpa ke le mohlokomelisi ea pepenene.”

[51] Na ha ho oa lekana ho bona haele moo Re ile Ra romella Lengolo ho uena leo u ba ballang lona? Ruri

[52] E re: “Allah U lekane e le paki lipakeng tsa ka le lona. E bile o tseba lintho tsohle tse teng maholimong le lefats’eng. Haele ba kholoang mashano, ba latola Allah, ke bona ba lahlehetsoeng.”

[53] Ba u kopa ho potlakisa Kahlolo ea Allah. Hoja e be ho ne ho sa ka ho’a tsepamisoa nako ea pallo, Ruri! Kahlolo e ka be e tlile ho bona. Ruri! E tla tla ho bona ka sekhahla nakong eo ba sa hlokomelang

[54] Ba u kopa ho potlakisa kahlolo, le hoja Ruri! Lihele li kopetse balatoli ba tumelo har’e

[55] Mohla letsatsi leo ka lona Kahlolo e tlang ho ba kupetsa holimo le ka tlase, Lentsoe le tla re: “Latsoang litholoana tsa liketso tsa lona!”

[56] Oho lona makhabunyane a Ka a kholoang! Ruri! Lefats’e la Ka le pharaletse. Kahoo, sebeletsang ‘Na feela

[57] Moea ka mong o tla latsoa lefu. Qetellong Poelo ea lona bohle e ho Rona

[58] Haele ba kholoang, ba bile ba etsa liketso tse lokileng – ba tla fuoa matlo Leholimong, – a mekato ao e leng malapa a serapa seo linoka li phallang tlas’a tsona. Kamoo teng ba tla phela kahosafeleng. O babatsehang moputso oa ba etsang botle

[59] Ba nang le mamello, ba behile ts’epo ea bona ho Mong`a bona le Mots’ireletsi

[60] Ana ke liphoofolo tse kae tse teng moo tse sa jarang nala ea tsona? Ke Allah Ea li fepang `moho le lona: Hobane U utloa tsohle, U Tseba Tsohle

[61] Haeba u ne u ka ba botsa hore na ke mang ea hlotseng maholimo le lefats’e le hona ho tsepamisa letsatsi le eona ngoeli mocheng oa ts’ebetso? Ruri ba ne ba tla re: “Ke Allah.” Joale, hobaneng ba furaletse ‘nete

[62] Allah U pharalatsa nala ho ope ea khahloang ke eena har’a makhabunyane A Hae, U e fokotsa ho ope ea khahloang ke Eena. Ruri! Allah U hlokolosi linthong tsohle

[63] Haeba u ka ba botsa hore na ke mang ea theolelang pula lefats’eng ho tsoa marung, eo ka eona A tsosolosang lefats’e le neng le se le shoele? Ruri! ba tla re: “Ke Allah.” E re: “Lithoriso li be ho Allah!” Empa bongata ba bona ha ba na kutloisiso

[64] Bophelo ba lefats’e lena ke eng, haese boithabiso le papali? Lehae la bophelo bo-tlang – ke bona bophelo, hoja ba tseba

[65] Nakong eo ba kenang likepeng ba bitsa ho Allah, moo ba hloekisang tumelo ea bona ho Eena feela, empa nakong eo A seng A ba finyelelitse lefats’eng, Bona! ba simolla ho maneha batlatsetsi ho Eena

[66] Ba nyatsa ka ho hloka teboho Limpho tsa Rona, le ho inehela menyakeng ea lefats’e!. Empa haufi ba tla tseba

[67] Ana ha ba e s’o bone hore Re phethahalitse sebaka se halalelang, batho bohle ba haufi le teng ba ripitliloe? Ana ba sa tl’a kholoa mashano, ebe ba latola motlopotlo oa Allah

[68] Ke mang ea etsang phoso e kholohali ho feta ea qapang leshano khahlanong le Allah, kapa ebe o latola ‘nete nakong eo e finyelellang ho eena? Ana lihele ha se lehae la ba latoli ba tumelo

[69] Bohle ba tsitlallelang tseleng ea Rona, Ruri! Re tla ba tataisetsa Litseleng tsa Rona, hobane Ruri! Allah U na le bohle ba lokileng

Baroma

Surah 30

[1] Alif. Lam. Mim

[2] Muso oa Roma o hlotsoe

[3] Naheng ea boahelani, empa kamorao ho tlholo eo ea bona, e tla boela eba bahloli

[4] Lilemong tse `maloa, – etsoe Qeto ke’ ea Allah ho tloha sethathong sa litaba ho isa pheletsong, – mohla letsatsi leo, ba kholoang ba tla nyakalla

[5] Ka thuso ea Allah. Allah U thusa ea khahloang ke Eena. O na le Matla-Oohle, U Mohau oo Khaphatsehang

[6] Ke ts’episo ea Allah. Allah ha A koenehele ts’episo ea Hae, le hoja bongata ba batho bo hloka kutloisiso

[7] Ba itsebela feela likarolo tse ling tsa bophelo ba lefats’e, Empa ka Qetello ea tsohle ha ba na tsebo

[8] Na ee ba inahane? Allah ha A hlola maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa ona haese ka ‘nete le eona pallo ea bofelo. Empa ruri ho teng hara batho ba latolang kopano le Mong`a bona

[9] Ha ba hahlaule le lefats’e ho bona kamoo ebileng pheletso ea ba bileng teng pele ho bona? Ba ne ba le matla ho ba feta, etsoe ba ne ba lema, ba tlatsa lefats’e ka tsoala ea bona ka palo e holimo ho feta kamoo ba leng ka teng. Baromuoa ba hab’o bona ba fihlile ho bona ka lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah. Ha se Allah Ea ba foselitseng, empa ba iphoselitse

[10] Qetellong timelo e mahlonoko e tla ba ea ba etsang bobe, hobane ba latotse lits’enolo tsa Allah, ba li fetola sesomo

[11] Ke Allah qalo ea tlholeho; a boele a e phete, poelo ea lona e ho Eena

[12] Mohla letsatsi leo Hora e hlomamisoang, ba molato ba tla fetoha limumu ke ho lahla ts’epo

[13] Ha ho muelli eo ba tlang ho mo fumana har’a batlatsetsi ba ba kopanyang le Allah. Ba tla latola batlatsetsi ba bona

[14] Ka letsatsi leo Hora e tlang ho hlomamisoa, Letsatsi leo batho ba tla hloptjhoa

[15] Ba-kholoang, ba entse liketso tse lokileng; Ba tla thabisoa Senong sa Nyakallo

[16] Empa latotseng tumelo le hona ho nyelisa Lits’enolo tsa Rona ka leshano, le kopano ea bophelo Bo-tlang; Ba joalo ba tla atametsoa kahlolong

[17] Kahoo, tlotlisang Allah mantsiboea le hoseng ka matjeke –

[18] Lithoriso li lebisoe ho Eena maholimong le lefats’eng! – mots’eare oa mantsiboea, leha letsatsi le ea malikelong

[19] Ke Eena ea tsosang bafu, le ho fana ka lefu ho tse phelang le ho phelisa lefats’e kamor’a komello. Ke kamoo le tlang ho tsosoa kateng

[20] Har’a lits’upiso tsa Hae ho teng sena: U le hlotse ka lerole,- Bonang le lichaba le tletse hohle

[21] Har’a lits’upiso tsa hae ho teng sena: U le hloletse balekane hara lona, hore le tle le phele ka khotso le bona; U bile U phethahalitse lerato le mohau lipelong tsa lona. Ruri! Molaetsa ona o jere lits’upiso molemong oa ba inahanang

[22] Har’a lits’upiso tsa Hae ho teng tlholeho ea maholimo le lefats’e le sa phapang ea lipuo tsa lona le ‘mala. Ruri! Molaetsa ona o jere lits’upiso malebana leba thoba nang le tsebo

[23] Har’a lits’upiso tsa hae ho teng boroko boo le bo robalang bosiu le mots’eare le hona ho tsomana le nala ea Hae. Ruri! Kahar’a sena ho teng Lits’upiso molemong oa batho ba mamelang

[24] Ho teng har’a lits’upiso tsa Hae, U le bonts’a lehalima le le nyarosang le bileng le fanang ka ts’epo, U romella pula e tsoang marung, eo ka eona A phelisang lefats’e le neng le omeletse. Ruri! Ho teng lits’upiso kahar’a sena molemong oa batho ba nang le kutloisiso

[25] Ho teng har’a lits’upiso tsa Hae: maholimo le lefats’e li tsepame ka tieo tlas’a Taelo ea Hae, kamor’a mona mohlang A le bitsang ka pitso e le ng’oe; Bonang! Le tla tsoha

[26] Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Hae: Kaofela ha tsona li tlas’a taolo ea Hae

[27] Ke Eena qalo ea tlholeho a boele a e phete, seo se bonolo ho Eena. Ke Eena Ea boemong bo phahameng ka ho fetisisa ho ka bapisoa maholimong le lefats’eng. Ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Seli

[28] U le etsetsa papiso har’a lona. Na le na le balekane basebeletsing bao matsoho a lona a matona aba ruileng, ba lekanang le lona le hona hoba le kabelo holim’a thepa eo Re le abetseng eona, bao le ba ts’abang joaloka ha le ts’abana bo-lona? Ke kamoo Re manollang Lits’enolo ka botlalo ho batho ba utloisisang

[29] Che, baetsalibe ba setse litakatso tsa bona morao ka ho hloka tsebo. Ke mang ea ka tataisang motho eo Allah A mo lesitseng ho kheloha? Ba joalo ha ba na bathusi

[30] Tsepamisa maikutlo a hau Tumelong ka ‘nete – tlholehong ea Allah eo A hlotseng motho holim’a eona. Ha ho phetoho melaong ea tlholeho ea Allah. Ena ke Tumelo e nepahetseng, le hoja bongata ba batho bo hloka kutloisiso –

[31] Sokolohelang ho Eena A inot`si le mo ts’abe, phethahatsang lithapelo tsa ka mehla eohle; le se be har’a ba kopanyang Allah le melingoana, –

[32] Ba arolang Tumelo ea bona, ba fetoha mekhahlelo, mokhahlelo ka mong o nyakalla bo oona

[33] Ha batho ba angoa ke bothata, Ba llela ho Mong`a bona le hona ho inyatsa kapel’e ho Eena; empa, hang hoba ba latsoe Mohau oa Hae, Bonang! ba bang ba bona ba khumamela melingoana kantle ho Mong`a bona, –

[34] Ho bonts’a ho hloka teboho ea melemo eo Re ba sitsitseng ka eona! Natefeloang ha nakoana; empa haufinyane le tla tseba

[35] Kapa ebe Re ba senoletse bopaki bo hlalosang tseo ba li khumamelang ‘moho le Eena

[36] Ha Re neha batho tatso ea Mohau, ba ea nyakalla; empa ha bomalimabe bo ba oela e le sephetho sa liketso tsa bona, ba felloa ke ts’epo

[37] Na ha ba bone hore Allah U phaella nala ea Hae holim’a eo a khahloang ke eena le hona hoba leqe ka eona holim’a eo a khahloang ke eena. Ruri! Molaetsa ona o jere lits’upiso molemong oa ba nang le tumelo

[38] Fanang ka karolo ea matlotlo a lona ho beng ka lona, mafutsana le ba hahlaoli. Seo se molemo ho ba tsomang Sefahleho sa Allah, bao ke bona ba tla atleha

[39] Empa seo le fanang ka sona e le phaello moo le batlang phaello e fetang eo holim’a thepa ea batho ba bang, ha e na phaello ho Allah; empa haele seo le fanang ka sona ka bohloeki moo le batlang Sefahleho sa Allah, ke bana ba tla fumana phaello e menahaneng

[40] Ke Allah Ea u hlotseng le hona ho u neha phepo, A etsa hore u shoe; U tla le neha bophelo hape. Na ho teng e mong har’a ba tlatsetsi ba lona ea ka etsang tse? Lithoriso ke tsa Hae, ke Eena Ea phahameng ka ho fetisisa Ea ka holim’a tsohle tseo ba li manehang ho Eena

[41] Mofere-fere o tsohile lefats’eng le leoatleng ho latela libe tseo matsoho a batho a li entseng moo a etsang hore ba latsoe karolo ea tseo ba li entseng, hore ba tle ba sokolohe

[42] E re: “Hahlaulang le lefats’e le tle le bone seo ebileng qetello eaba bileng teng pele ho lona! Bongata ba bona ene ele ba khumamelang melingoana kantle ho Allah.”

[43] Tsepamisa maikutlo tumelong ea ‘nete, pele ho letsatsi le ke keng la sitoa hoba teng le tsoang ho Allah. Ka letsatsi leo batho bohle ba tla arohang’oa –

[44] Ba latolang Tumelo ba tla latoloa joalo feela; ba etsang toka, ba ikalla malulo a bona –

[45] Hore a tle a putse bohle ka nala ea Hae ba kholoang, ba bile ba etsa liketso tse lokileng. Hobane Ha A rate ba latolang Tumelo

[46] Kahar’a lits’upiso tsa Hae ho teng sena: U romella liphefo tse phatlalatsang litaba tse molemo ho lona ho etsa hore le latsoe Mohau oa Hae le hona hore likepe li sese tlas’a taolo ea Hae, le tle le tsome molemo oa Hae le hore le tle le fane ka liteboho

[47] Pele ho uena ruri Re ile Ra romella baporofeta har’a batho ba habo bona. Ba ileng ba phatlalatsa lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah ho bona. Re ile Ra iphetetsa khahlano le ba bileng molato. Ke tlameho holim’a Rona ho thusa ba- kholoang

[48] Ke Allah Ea romellang liphefo tse bilietsang maru, tse bileng li a hasanyang tlas’a leholimo ho phethisa thato Ea Hae; ebe le bona a lutsa pula e hlahang har’a ona. Nakong eo A etsang hore e oela holim’a mang, kapa mang eo A khahloang ke eena har’a makhabunyane a Hae, Bonang, ba ea nyakalla

[49] Le hoja pele ba fumana pula, pele ho teng; ba ne ba lahlile ts’epo

[50] Lemohang ke hona likhopotso tsa Mohau oa Allah! – Kamoo a tsosang lefats’e kateng kamor’a hoba le shoe. Hobane Ruri! Ke Eena Ea tla tsosa bafu, U na le matla holima lintho tsohle

[51] Leha eba Re ka romella phefo; ba e bona e sehlefetse, Ruri! ba tla ‘neba tsitlalle nyefolong ea bona ea tumelo

[52] Hobane Ruri! Haele u ke ke oa etsa hore bafu ba utloe, kapa hona ho etsa hore litholo li utloe pitso nakong eo ba furallang

[53] Kapa hona ho tataisetsa lifofu ho khutla phosong ea tsona. Ha ho mang, kapa mang eo u ka etsang hore a utloe haese ba- kholoang Lits’enolong tsa Rona le ho ithpalatsa

[54] Ke Allah Ea le hlotseng ka mokhoa le fokola, eaba U le fa matla kamor’a bofokoli, kamor’a matla o boetse U fane ka bofokoli le moriri o moputsoa. Etsoe U hlola seo A se ratang. Ke Eena Ea nang le tsebo eohle, le matla Oohle

[55] Mohla letsatsi leo Hora e tlang ho hlomamisoa ka lona, ba molato ba tla ikana ka hore ba ile ba lula feela hora lefats’eng: ke kamoo ba khelohileng kateng

[56] Empa ba filoeng tsebo le tumelo ba tla re: “‘Ruri le lutse ho fihlela letsatsi la tsoho tlas’a pallo ea Allah. Lena ke Letsatsi la Tsoho, empa le ne le sa tsebe.”

[57] Mohla letsatsi leo, lits’oarelo tsa ba entseng bobe li ke ke tsa thusa letho, kapa hona hore e be ba ka meng’oa ho inyatsa

[58] Ruri! Re fane ka lipapiso tsa mefuta eohle kahar’a Qura’n molemong oa batho; leha eba u ka tla ho bona ka mohlolo ofe kapa ofe, Ruri! mahana-tumelo ba tla re ho ba-kholoang: “Ha le bue letho haese masaoana.”

[59] Ke kamoo Allah a kabileng lipelo tsaba hlokang kutloisiso kateng

[60] Kahoo tsitlallela ka mamello: Ruri! Ts’episo ea Allah ke ‘nete: u se lumelle ba hlokang tumelo ho u sisinya

Luqman

Surah 31

[1] Alif. Lam. Mim

[2] Tsena ke lits’enolo tsa Lengolo le Bohlale

[3] Tataiso le Mohau ho ba etsang tse Ntle

[4] Ba phethang Lithapelo kamehla le hona ho fana ka Linyehelo, ba bile ba ena le tumelo e feletseng bophelong Bo-tlang

[5] Ruri! Ba joalo ba na le tataiso e tsoang ho Mong`a bona. Ke bona ba tla atleha

[6] Etsoe ho teng e mong har’a batho ea lefang molemong oa lintho tsa mafeela, hore a tle a khelose batho tseleng ea Allah kantle le tsebo, a bile a e etsa ts’itiso ea sesomo. Kahlolo ea ea joalo ke e soabisang

[7] Nakong eo a pheteloang lits’enolo tsa Rona, o li furalla ka boikhohomoso joaloka ha eka ha a li utloa, hoo ekang ke setholo. Kahoo, mo tsebise ka litaba tsa kotlo e mahlonoko e mo tobileng

[8] Bonang! Haele ba-kholoang ba bile ba etsa liketso tse lokileng, lirapa tsa nyakallo ke tsa bona

[9] Tseo ba tla phela ka har’a tsona. Eo ke ts’episo ea Allah ea ‘nete. Hobane U Matla Oohle, U Seli

[10] U hlotse maholimo ntle ho lits’iea tseo le ka li bonang, A ba A hlola lithaba tse tsepameng ka tieo lefats’eng, hoo li sa reketleng ka lona; A ba A hasanya liphoofolo ka mefuta holim’a lefatse. Re romella pula e tsoang leholimong eo ka eona Re hlahisang limela tsohle tsa mefuta tse molemo ho lona

[11] Eo ke tlholeho ea Allah. Joale, mponts’eng se hlotsoeng ke tseo le li rapelang ntle ho Eena. Empa baetsalibe ba phosong e hlakileng

[12] Ruri! Re ile Ra fana ka bohlale ho Luqman: “Bonts‘a teboho ho Allah; mong le mong ea nang le teboho, o fana ka eona molemong oa moea oa hae. Empa ea hlokang teboho – Ruri! Allah ha A na litlhoko, U Ts’oanetsoe ke thoriso

[13] Bonang! Luqman a re ho mor’a hae ka keletso: “Oho mora oa ka! U se khumamele ope ntle ho Allah. Hobane Ruri! Ho khumamela melingoana ke phoso e ts’abehang –

[14] Re ile Ra khothatsa motho hoba molemo ho batsoali ba hae: hobane ‘ma’e o mo tsoetse ka bofokoli holim’a bofokoli, o khusoa kamora lilemo tse peli, kahoo – “Bonts’a teboho ho ‘Na le ho batsoali ba hau. Hobane pheletso ea leeto la hau e ho ‘Na

[15] “Empa ha ba tsitlalletse hore o khumamele mong kantle ho ‘Na eo o senang tsebo ka eena, o se ba mamele. Empa o phele le bona ka mosa bophelong ba lefats’e lena, o latele tsela ea ba relehelang ho ‘Na. Qetellong le tla boela ho ‘na, ke tla le bolella ‘nete ea tseo le neng le li etsa –”

[16] “Oho mor’a ka! Ruri! Leha o ka etsa sebe se lekanang le tlhaku ea koro, kapa ebang se patehile tlas’a lejoe, kapa maholimong esita le lefats’eng, Allah U tla se hlahisa pepeneneng. Ruri! Allah U tseba tsohle, U hlokolosi

[17] “Oho mor’a ka! Phetha lithapelo tsa letsatsi ka leng, u be u khothaletse mosa, u be khahlano le lehloeo, u be le mamello ho tsohle tse ka u oelang. Hobane Seo ke tlama-thata ea mehloli ea lintho tsohle

[18] U se soenye linko ka nyeliso ha u buoa le batho, kapa hona ho tsamaea ka boikhohomoso lefats’eng. Hobane Allah ha A rate motho ea ikhohomosang

[19] U be pelo-nolo boits’oarong ba hau, u bebofatse lentsoe la hau. Hobane lentsoe le khobolang ho feta ohle ke la esele ha e lla.”

[20] Na ha le bone kamoo Allah A entseng hore lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li be molemo kateng ho lona, le kamoo A le sitsitseng kateng ka nala ea Hae eo le e bonang kapa le sa e boneng? Leha ho le joalo ho teng e mong har’a batho ea phehang khang ka Allah, ka ho hloka tsebo, kapa Tataiso le Lengolo ho ba fahlolla

[21] Ha ba bolelloa ho latela seo Allah A se senotseng, ba re: “Che, re latela litsela tsa bo-ntat’a rona.” Eng! Le hoja liabolosi a ba hoehlela kahlolong ea Mollo

[22] Mong le mong ea inehetseng ho Allah, e le moetsi oa botle, Ruri! O kakatletse letsoho le ts’epahalang. Ho Allah ke phello ea litaba tsohle

[23] Ha mong a latola Tumelo, tatolo ea hae e se u kukunele: Poelo ea bona e ho Rona, Re tla ba bolella ‘nete ea tsohle tseo ba li entseng. Hobane Allah U Tseba tsohle tse kahar’a lifuba tsa batho

[24] Re ba nehile boiketlo ba nakoana, hamorao re tlaba qhobela kahlolong e se nang khutlo

[25] Haeba u ka ba botsa hore: “Ke mang ea hlotseng maholimo le lefats’e? Ba tla araba ba re: “Ke Allah.” E re: “Lithoriso li be ho Allah!” Empa bongata ba bona ha ba Utloisise

[26] Lintho tsohle tse maholimong le lefats’eng ke tsa Allah. Ruri! Allah ha A hloke letho, U ts’oanetsoe ke lithoriso tsohle

[27] Hoja ebe lifate tsohle tse lefats’eng ke lipene, leoatle ke enke, le bile le phaeletsoe ka maoatle a mang a supileng, mantsoe A Allah A ne a ke ke a lekana ho ngoloa ka tsona. Ruri! Allah U matla Oohle, U Seli

[28] Tlholeho le tsoho ea lona bafung, e ts’oana feela le tlholeho le tsoho ea moea o le mong. Hobane! Allah Ke Eena Ea Utloang, Ea Bonang

[29] Ha le e s’o bone kamoo Allah A e tsang hore bosiu bo sehe mots’eare tsebe kateng, le hore mots’eare o sehe bosiu tsebe kateng, le kamoo A tsepamisitseng letsatsi le ngoeli kateng hore li etse ts’ebetso ea tsona, le hore e ngoe le e ngoe e tsamaee mocheng oa eona tlas’a taelo ea Hae; le hore Allah U tseba ka botlalo tseo le li etsang

[30] Ke hobane Allah ke ‘Nete, hobane seo ba bitsang ho sona ntle ho Eena ke Leshano, etsoe Allah ke Eena Ea Hloahloeng, Ea Moholo

[31] Ha le e s’o bone kamoo likepe li sesang kateng holim’a leoatle tlas’a lereko la Allah? – Hore A tle A le bonts’e tse ling tsa Lits’upiso tsa Hae? – Ruri! Kahar’a sena ke Lits’upiso ho bohle ba nang le mamello ba fana ka liteboho

[32] Empa haeba leqhubu le ka ba koahela joaloka sekhurumetso, ba bitsa ho Allah, ba mo neha lerato le tlotla e totobetseng. Empa hang ha A se A ba behile kathoko lefats’eng ba ts’ireletsehile, ba bang ba qea-qea lipakeng. Ha ho mong le mong ea latolang lits’upiso tsa rona haese moeki ea hlokang teboho

[33] Oho lona batho! Sebeletsang Mong`a lona, le ts’abe letsatsi leo ka lona ho se nang hoba le ntate ea tla buella mora oa hae, kapa mora ea tla buella ntata’e. Ruri! Ts’episo ea Allah ke ea ‘nete. Le se ke la thetsoa ke bophelo ba lefats’e, kapa la lumella liabolosi ho le thetsa khahlanong le Allah

[34] Ruri! Allah U na le tsebo ka Hora eo. Ke Eena Ea romellang pula lefats’eng, e bile U na le tsebo ea tse ka lipopelong. Ha ho moea ofe kapa ofe o nang le tsebo ea seo o tla se kotula kamoso, ebile ha ho moea o tsebang lefats’e leo o tla shoela ho lona. Ruri! Allah U tseba tsohle, U hlokolosi

Tlohobolo

Surah 32

[1] Alif. Lam. Mim

[2] Ts’enolo ea Lengolo leo ho seng khoao ho lona, – le tsoang ho Mong`a Mafats’e

[3] Kapa ba re: “O iqapetse lona?” Che, ke ‘nete e tsoang ho Mong`a hau, hore u tle u hlokomelise batho bao ho sa kang haeba le mohlokomelisi ea ileng a tla ho bona pele ho uena, hore ba tle ba amohele tataiso

[4] Ke Allah Ea hlotseng maholimo le lefats’e, le tsohle tse teng lipakeng tsa tsona ka matsatsi a ts’eletseng. U tsepame ka tieo Teroneng. Ntle ho eena ha le na ea ka le ts’ireletsang kapa eena ‘muelli. Na le sa tla ke le amohele khalemo

[5] U laola litaba tsohle tse lefat`seng le leholimong; pheletsong tsohle lit la boela ho Eena ka letsatsi, leo khakanyo ea mohopolo oa lona e leng lilemo tse sekete

[6] Ke Eena Eo, Motsibi oa tsohle tse patiloeng le tse pepeneneng, Ea Matla Oohle, Ea Mohau o Khaphatsehang

[7] Eena Ea entseng lintho tsohle ka tseo A li hlotseng ka botle, A simolla tlholeho ea motho ka letsopa

[8] A etsa peo ea motho ka lehloele le eisehang

[9] Eaba U oa mo ntlafatsa, A bululela moea oa Hae ka ho eena; A le neha kutlo, pono le lipelo, empa lona le fana ka liteboho tse fokolang

[10] Ba bile ba re: “Na ha re lahlehile lefats’eng, re ka boela ra hlooloa joang hape?” Empa ba hloka tumelo ka kopano le Mong`a bona

[11] E re: “Lenyeloi la Lefu, le ikarabellang ho lona, le tla nka meea ea lona: le tla khobokang’a ka pela Mong`a lona.”

[12] Hoja ebe le ne le tla bona nakong eo ba molato ba kebisitseng lihlooho tsa bona kateng kapel’a Mong`a bona, ba ntse ba re: “Mong`a rona! Hajoale re bone, e bile re utloile, kahoo re busetse morao; re na le bo-’nete ba hore re tla phetha toka: hobane ruri rea kholoa.”

[13] Hoja Re ne Re ratile joalo, Re ka be Re tataisitse meea eohle: empa Lentsoe la Ka le tla phethahala: “Ke tla tlatsa Lihele ka Li-Jinn le batho ha ‘moho

[14] Kahoo, latsoang – Hobane le ile la Lebala Kopano ea Letsatsi lena la lona, Le rona Re tla le Lebala – latsoang kahlolo e sa Feleng ka lebaka la liketso tsa lona tse mpe

[15] Ke feela ba-kholoang Lits’enolong tsa Rona, bao e reng ha ba hopotsoa ka tsona e beba oela fats’e ka boithapalatso, le hona ho pheta lithoriso tsa Mong`a bona, ba hloka boikhants’o

[16] Ba siea mealo ea bona molemong oa ho bitsa ho Mong`a bona ka Ts’abo le ka Ts’epo, ba fana ka tseo Re ba sitsitseng ka tsona

[17] Ha ho motho ea tsebang seo a se patetsoeng le se thabisang molemong oa hae, – ele moputso oa seo a neng a se etsa

[18] Na motho ea kholoang a ka ts’oana le’a phelang ka bobe? Ha ba ts’oane

[19] Empa ba-kholoang ba etsang liketso tse lokileng, Lirapa tsa phomolo ke mahae a bona – e le moputso oa liketso tsa bona

[20] Haele mahana-puso le ba khopo, phomolo ea bona ke mollong. Ka linako tsohle ha ba lakatsa ho tsoa kamoo, ba tla sutuletsoa kateng. Ho tla thoe ho bona: “Latsoang kahlolo ea mollo oo le neng le o latola e le leshano.”

[21] Ruri! Re tla etsa hore ba latsoe kahlolo lefats’eng lena pele ho e Boima, hore ba tle ba khutle mekhoeng

[22] Ke mang ea etsang phoso e kholohali haese ea kileng a hopotsoa lits’enolo tsa Mong`a hae, e be hamorao o’a li koenehela. Ruri! Re tla ahlola ba molato

[23] Ruri! Re ile Ra neha Moshe Lengolo; kahoo, le se be le khoao ho le amohela; Re ile Ra le hlophisa e le tataiso ho Bana ba Israele

[24] Eitse hoba ba be le tjantjello ba bile ba lumetse ka tieo lits’enolong tsa Rona, Re ile Ra thonya baetapele har’a bona ba neng ba ba tataisa ka taelo ea Rona

[25] Ruri Mong`a hau U tla ahlola lipakeng tsa bona mohla Letsatsi la Kahlolo likhohlano tsa bona

[26] Na ha se tataiso hore ba hlahlobe kamoo Re ileng Ra ripitla matlobo kateng pele ho bona, ao ba tsamaeang lithakong tsa ona? Ruri! Lengolo leo le jere lits’upiso kahar’a lona! Na ba sa tla ke ba utloe

[27] Na ha ba bone kamoo Re theolelang pula lefats’eng le omeletseng, eo ka eona Re hlahisang lijalo tseo e leng lijo ho liphoofolo tsa bona le ho bona? Ana ha ba na pono

[28] Ba re: “Ke neng Qeto eo ea lona e tlang ho tla haeba le na le ‘nete?”

[29] E re: “Mohla letsatsi la Qeto, ha ho kuno ho mahana-tumelo le ha ba ka kholoa, kapa hona ho nyehlisetsoa.”

[30] Kahoo ba furalle, u lete. Le bona ba lete

Mekhatlo

Surah 33

[1] Oho Moporofeta! Ts’aba Allah, u se mamele Mahana-tumelo le Baikaketsi: Ruri! Allah U Tseba Tsohle, U Seli

[2] Empa latela seo u se senoletsoeng se tsoang ho Mong`a hau. Hobane! Allah U hlokolosi ka tseo u li etsang

[3] Beha ts’epo ea hau ho Allah, hobane Allah U lekane e le mots’epehi

[4] Allah ha A etsa lipelo tse peli ka hare ho motho ofe kapa ofe: kapa hona ho etsa basali ba lona bao le ba hlalang ka ho ba ts’oants’a le bo-’ma lona ka Sihar, le ho etsa bara bao le ikholisetsang bona bara ba lona. Sena empa e le puo feela ea melomo ea lona. Ebile Allah U le bolella ‘nete, U bonts’a tsela e nepahetseng

[5] Ba bitseng ka mabitso a bo-ntata bona. Seo se tla ba molemo ka ho fetisisa mahlong a Allah. Haeba le sa tsebe bo-ntata bona, e tla ba baena ba lona tumelong le metsoalle ea lona. Ha hona ho ba le phoso holim’a lona haeba le sa ka la hlokomela, se bohlokoa ke se maikutlong a lona. Allah U Ts’oarela-joalo- joalo, U Khaphatseha Mohau

[6] Moporofeta o haufi haholo ho ba-kholoang ho feta bona ka bo-bona, basali ba hae ke bo-’ma bona. Tsoalano ka mali e haufi haholo ho e mong le e mong oa bona molaong oa Allah ho feta ba-kholoang ba bang le ba ileng ba phaphatheha: kantle leha eba le ka etsa mohau ho metsoalle ea lona: Sena se ngoliloe Molaong

[7] Hopola hore Re nkile kano ho Baporofeta: le ho uena, Nooe, Abrahama, Moshe le ho Jesu mora oa Maria. Re ile Ra nka kano ea sebele ho bona

[8] E le hore Allah A tle A botse ka bo-’nete ba seo tumelo ea bona e bileng sona. U lokisitse kahlolo e mahlonoko khahlanong le mahana-tumelo

[9] Oho lona ba-kholoang! Hopolang molemo oa Allah ho lona mohla le neng le thulane le mabotho, ha Re romella setsokotsane se matla le lebotho kahlahlanong le bona leo le sa kang la le bona. Empa Allah U bona tsohle tseo le li etsang

[10] Mohla ba neng ba le khahlela ka mona le ka mona, le se le tsoeretse mahlo hoo lipelo tsa lona li neng li le haufi le liqoqotho, le apareloa ke menahano e fosahetseng malebana le Allah

[11] Ho bile le ba-kholoang ba ileng ba lekoa boemong boo, ba ile ba tsukutloa ke letsoalo le ts’abehang

[12] Baikaketsi le ba nang le maloetsi lipelong tsa bona, ba re: “Allah le Moporofeta oa Hae ha ho seo ba re ts’episitse sona haese mafeela-feela.”

[13] Lequloana le leng la bona le ile la re: “Oho lona banna ba Yathrib! Ha le ke ke la emela ntoa, kahoo boelang morao.” Sehlopha se seng se ile sa kopa tumello ea Moporofeta, sa re: “Malapa a rona a setse a sa sireletseha.” Morero oa bona ene e se letho, haese ho hlanola tlhabela

[14] Hoja lira li ile tsa ba khahlela ka mahlakore ohle, eaba ba khothaletsoa ho ikhula, ba ka be ba amohetse kantle le khanyetso ea letho

[15] Empa ba ne ba ikanne ho Allah hore ba ke ke ba koeneha. Boikano ho Allah bo lokela ho arabelloa

[16] E re: “Paleho e ke ke ea le thusa ka letho haeba le baleha lefu kapa polao; hobane mofutho oo le phelang har’a ona ke oa nakoana.”

[17] E re: “Ke mang ea ka le pholosang ho Allah haeba A le neha Kotlo, kapa ho le neha Mohau?” Kapa ho fumana motsoalle kapa mothusi ofe kapa ofe kantle ho Allah

[18] Allah U tseba bohle ba sitisang batho har’a lona le ba reng ho bo-mphato’a bona: “Atamelang haufi le rona!” Empa le se tle ntoeng haese feela ha nakoana

[19] Ba le honohela. Empa ha ba otloa ke ts’abo, u tla ba bona ba talimile ka lona ka mahlo a ntseng a panya-panya sa motho ea makhatheng a lefu: Hang hoba letsoalo le khutse, ba u chesa ka maleme a nchocho tlas’a lipelo tse telele thepeng. Ba joalo ba hloka tumelo, Ka lebaka leo, Allah U etsa liketso tsa bona lefeela: Seo se bobebe ho Allah

[20] Ba nahana hore Bafuthi ha ba ea beha lihlomo fats’e; hoja e be Bafuthi ba ntse ba tsoelapele, ba ne ba tla lakatsa ho ba lehoatateng har’a Baleleri, ba botsa ka lona; hoja ba ne ba le har’a lona, ba ne ba tla loana empa ka monyebe

[21] Ruri! Le na le mohlala o motle ho Moporofeta oa Allah ho ea ts’epetseng ho Allah le ho Letsatsi la Bofelo, a tsitlalla thorisong ea Allah

[22] Ba-kholoang ha ba bona Bahlabani ba Bafuthi, ba ile ba re; “Sena ke seo Allah le Moromuoa oa Hae ba re ts’episitseng sona, Allah le Moromuoa oa Hae ba re boleletse seo e leng ‘nete.” Seo sa matlafatsa tumelo le tjantjello ea bona boithapalatsong

[23] Har’a ba-kholoang ho na le batho ba ‘nete Selekaneng sa bona le Allah. Ba bang ba phethile kano ea bona, ba bang ba sa lebeletse; Empa ha ba ea fetoha le ha nyane

[24] Hore Allah A tle A putse batho ba ‘Nete ho latela ‘Nete ea bona, le hona ho ahlola Baikaketsi haeba e le Thato Ea Hae, kapa A retelehele ho bona ka Mohau: Hobane Allah U Ts’oarela joalo-joalo, U Mohau o Khaphatsehang

[25] Allah U leleketse mahana-tumelo kahlolong ea bona; ha ho molemo oo ba o fumaneng. Allah U lekane ho Ba-kholoang ntoeng ea bona. Allah U Matla, U Matla A ho phethisa Thato Ea Hae

[26] Ba bang ba batho ba Lengolo ban eng ba thusa mahana- tumelo – Allah U ile A ba theola maemong a bona, A ba A ts’ollela letsoalo lipelong tsa bona. Ba bang ba bona le ile la ba bolaea, ba bang la ba hapa

[27] A le etsa majalefa a naha ea bona, matlo a bona, thepa ea bona esita le naha eo le neng le sa e etele khafetsa. Allah U Matla holima lintho tsohle

[28] Oho Moporofeta! E re ho basali ba hau: “Haeba le rata bophelo ba lefats’e lena le mekhabiso ea lona, – tlohong! Ke tla le khotsofatsa, ke le lokolle ka tsela e nonofetseng.”

[29] Empa haeba le rata Allah le Moromuoa oa Hae le lehae la Bo-tlang, Ruri! Allah U hlophisitse moputso o moholohali sebakeng sa ba hloekileng har’a lona

[30] Oho lona basali ba Moporofeta! Haeba e mong oa lona o ne a le molato oa liketso tse nyonts’ang, Kahlolo ea hae e tla phaelloa habeli, hobane seo se bobebe ho Allah

[31] Mong le mong har’a lona ea ipabotseng ts’ebeletsong ea Allah le ho Moromuoa oa Hae, a bile a etsa tse lokileng, Re tla mo neha moputso oa hae o menahane habeli, e bile Re hlophisitse phepo ea maemo a phahameng sebakeng sa hae

[32] Oho lona basali ba Moporofeta! Ha le ts’oane le basali ba bang. Haeba le ts’aba Allah, empa le se bue ka mantsoe a hohelang, esere eo pelo ea hae e aparetsoeng ke maloetse a tloha a hoheleha, empa le buoe ka mantsoe a hlakileng

[33] Le lule ka khutso ka matlung a lona, le se ipapatse pooaneng joaloka Mehleng ea Pele ea Tlhoka-Tsebo. Le phethahatse Lithapelo tsa letsatsi ka leng, le hona ho fana ka linyehelo, le utloe Allah le Moromuoa oa Hae. Thato ea Allah ke ho tlosa lits’ila ho lona, beng ka lona, le ho le hloekisa hore le hloke koli

[34] Le phete ka tlhoko seo le se Phetetsoeng malapeng a lona, Lits’enolo tsa Allah le Bohlale ba Hae. Hobane Allah U hlokolosi haholo ka mehlolo eohle

[35] Banna le basali ba Ma-Muslim, le banna le basali ba-kholoang, le banna le basali ba inehetseng, banna le basali ba ‘nete, le banna le basali ba tsitlalletseng toka, le banna le basali ba ikokobetsang, le banna le basali ba fanang ka linyehelo, le banna le basali ba ilang, le banna le basali ba ipolokang khahlano le bobe le bona banna le basali ba hopolang Allah ka thata – Allah U hlophisitse ts’oarelo esita le moputso o babatsehang sebakeng sa bona

[36] Ha ho oa lokela ba-kholoang monna kapa mosali hore taba ha e nketsoe qeto ke Allah le Moromuoa oa Hae, e be kamor’a moo ba ba le khoao malebana le taba eo; mong le mong ea khahlanong le Allah le Moromuoa oa hae, o khelohetse thoko

[37] Hopola! O ile oa re ho eo Allah A neng a mo sitsitse ka molemo, le uena u neng u mo nehe molemo: “Boloka mosali oa hau lenyalong, O ts’abe Allah.” Empa u ne u patile kelellong ea hau seo Allah a neng a se tlisa leseling, u ne u ts’aba batho, Allah U na le tokelo ea hore u lokela ho mo ts’aba. Joale, eitse hoba Zaid a phethahatse setlamo sa ho khaola lenyalo la hae, eaba Re u kopanya le eena ka lenyalo, hore mohlomong ho se be le sebe ho ba-kholoang malebana le basali bao bara ba bona ba ikholiselitseng bona ba kileng ba ba nyalla eaba ho phethahatsoa setlamo sa bona sa karohano ka Lengolo lipakeng tsa bona. Taelo ea Allah e lokela ho phethahatsoa

[38] Ha ho na mathata ho Moporofeta ho seo Allah a se etsang ts’ebetso ea hae. Seo e bile tsela ea Allah ho batho ba khale ba seng ba fetile – taelo ea Allah e tlameha ho phethahatsoa –

[39] Ebile tloaelo ea ba neng ba phatlalatsa Melaetsa ea Allah, ba mo ts’aba, ho se e mong eo ba mo ts’abang ntle ho Allah. Allah U lekane ho bitsetsa batho tlalehong

[40] Muhammad ha se ntata motho ofe kapa ofe har’a lona, empa ke moromuoa oa Allah, ke mokoallo oa Baporofeta; etsoe Allah U hlokolosi holim’a lintho tsohle

[41] Oho lona ba-kholoang! Ketekang lithoriso tsa Allah, le etse sena khafetsa

[42] Le Mo tlotlise hoseng le mantsiboea

[43] Ee Eena Ea le Hlohonolofatsang le manyeloi A Hae, hore A tle A le lopolle koetseng Ea Lefifi A le tlise Leseling: e bile U Tletse Mohau ho Ba-kholoang

[44] Litumeliso tsa mohla Letsatsi leo ba tlang ho kopana le Eena e tlaba: “Khotso.” E bile U ba hlophiselitse mats’eliso a babatsehang

[45] Oho Moporofeta! Ruri! Re u romeletse ho ba Paki, le moromuoa oa litaba tse molemo le eena mohlokomelisi

[46] U bile u le leng’osa la Allah ka taelo ea Hae, le lona Lebone le Fanang ka Khanya

[47] U phatlalatse litaba tse molemo ho Ba-kholoang hore ba tla fumana Nala e babatsehang ho Allah

[48] U be u se ke oa inamela mahana-tumelo le Baikaketsi. U tlolise mahlo holimo litaba tsa bona tse khopo, u behe ts’epo ea hau ho Allah. Hobane Allah U lekane e le Mots’epehi

[49] Oho lona ba-kholoang! Ha le nyala basali ba-kholoang, le ba hlala pele le ba ama, ha ho nako eo le ka e balang (iddah) malebana le bona. Empa le ba nehe mpho, le ba lokolle ka mokhoa o amohelehang

[50] Oho Moporofeta! Re entse hore basali ba hau bao u ba lefeletseng mahali ba be molaong ho uena, le bao u ba phuthileng bao Allah A u nehileng bona e le bahapuoa ntoeng, le barali ba rangoana’o le maloma’o, le barali ba ‘mangoana’o le rakhali’ao ba ileng ba falla le uena, le mosali ea kholoang haeba a inehela ho moporofeta, eba moporofeta o lakatsa ho mo kopa lenyalo –sena ke monyetla ho uena feela, eseng ho ba-kholoang – etsoe Re hlokolosi ka tseo Re li khothalelitseng holim’a bona malebana le basali ba bona le ba ba phuthileng –hore u se be le bothata, hobane Allah U Ts’oarela-joalo-joalo, U Mohau o Khaphatsehang

[51] U ka ‘na oa behella eo u mo ratang kathoko, eaba u amohela eo u mo ratang, ebang u na le takatso ho e mong oa bao u ba beheletseng kathoko ha nakoana, ha ho na sebe ho uena haeba u ka mo amohela hape; seo se molemo; e le hore ba tle ba khotsofale, ba se ke ba utloa bohloko le hona ho khotsofalla seo u ba nehang sona. Allah U tseba se ka lipelong tsa lona, Allah U Tseba Tsohle, U Tletse Mamello

[52] Ha ho ea lumelleha ho uena ho nyala basali ba bang kathoko ho bao, kapa hona ho ba fapanyetsa ka basali ba bang le haeba o khahloa ke bottle ba bona kantle le bao u ba holisang. Allah ke moalosi holim’a lintho tsohle

[53] Oho lona ba-kholoang! Le se kene malapeng a Moporofeta, – moo le habileng lijo ntle le ho emela nako e lokelang, haese haeba o nehiloe tumello. Empa haeba le memiloe le kene, hang ha lijo tsa lona li felile, le tsamae. Le se ke la emela moqoqo. Hobane seo se ka tloha sa ts’oenya moporofeta, u tla ba lihlong ho le kopa hore le tsamae; empa Allah ha A lihlong malebana le ‘nete. Haeba le kopa se seng ho e mong oa basali ba Moporofeta, le se kope ka boits’oaro bo hloekileng. Seo se hloekile lipelong tsa lona le lipelong tsa bona. Ha le ea lumelloa ho ts’oenya Moromuoa oa Allah, kapa hona hore e be le ka nyala basali ba hae kamor’a hae. Hobane Ruri! Seo mahlong a Allah e ka ‘na ea eba sebe se seholo

[54] Ebang le hlahisa eng kapa eng pepeneneng, kapa le e patang, Ruri! Allah U tseba ka botlalo lintho tsohle

[55] Ha ho sebe ho basali ba ho hlaha ba lokolohile ho bo-ntat’a bona, le bara ba bona, kapa likhaitseli tsa bona, kapa bara ba likhaitseli tsa bona, kapa bara ba bo ausi’a bona, kapa basali ba bona le basebeletsi ba bona. Oho basali! Ts’abang Allah. Hobane Allah ke Paki holim’a lintho tsohle

[56] Allah le Manyeloi A Hae ba romella mahlohonolo ho Moporofeta. Oho lona ba-kholoang! Mo romelleng mahlohonolo le lona, le mo lumelise ka thlompho

[57] Ba khopisang Allah le Moromuoa oa Hae, Allah U ba rohakile lefats’eng lena le ho Bo-tlang, e bile U ba hlophetse Kahlolo e nyonyehang

[58] Ba ts’oenyang banna le basali ba-kholoang ka bokhopo, ba jara molato oa ketseletso le oa sebe se pepenene

[59] Oho Moporofeta! Bolella basali ba hau, barali ba hau le basali ba-kholoang ho apara liaparo tse ba koahetseng nakong eo ba nkang leeto. Seo se molemo, e le hore ba tle ba hlokomelehe, ba se hlekefetsoe. Allah U Ts’oarela-joalo-joalo, U Mohau o Khaphatsehang

[60] Ruri, haeba Baikaketsi, le bao lipelo tsa bona li koahetsoeng ke maloetsi le ba fehlang merusu ka har’a motse ba sa khaotse, Ruri! Re tla ba nehella ka lona, kamor’a moo e tlaba baahisane ba lona ha nakoana

[61] Ba tla rohakeha, hoohle moo ba fumanoang teng bat la ts’oaroa ba bolaoe

[62] Seo ebile tsela ea Allah litabeng tsa batho ba khale ba seng ba fetile; etsoe ha ho matla afe kapa afe ao o ka a fumanang ho fetola tsela ea Allah

[63] Batho ba u botsa ka Hora. E re: “Tsebo ea eona e ho Allah A Inots’i. Ke eng se tla etsa hore o utloisise? – Mohlomong Hora e se e le haufinyane

[64] Ruri! Allah U rohakile mahana-tumelo, U ba hlophiselitse Khanare ea Mollo

[65] Moo ba tlang ho phela kahosafeleng. Ha ho mots’oalle ea ka ba ts’ireletsang, kapa mothusi

[66] Letsatsi leo ka lona lifahleho tsa bona li tla phetholeloa ka har’a mollo, ba tla re: “Oho, hoja ebe re ile ra mamela Allah le moromuoa oa Hae

[67] Ba tla re: “Mong`a rona! Re ile ra mamela marena le banna ba phahameng ba habo rona, ba re khelositse tseleng

[68] “Mong`a rona! Oho, A k’u mpe U ba nehe Kahlolo e Menahaneng, U ba rohake ka thohako e matla.”

[69] Oho lona ba-kholoang! Le se ke la ts’oana le ba kileng ba khopisa le ho rohaka Moshe, empa Allah U ile A pakahatsa bohloeki ba hae khahlanong le seo ba neng ba mo phara ka sona: U ile a hlompheha mahlong a Allah

[70] Oho lona ba-kholoang! Ts’abang Allah, le bue ‘nete

[71] E le hore A tle A ntlafatse liketso tsa lona, A le ts’oarele libe tsa lona. Mong le mong ea mamelang Allah le Moromuoa oa Hae, o se a ntse a fihletse tlholo e babatsehang

[72] Ruri! Re tsepamisitse ‘nete Maholimong le Lefats’eng le Lithabeng, empa li hanne ho e nka, li na le ts’abo. Empa motho o ile a e amohela; – Le hoja a ne a iphasa ka lerapo le booatla

[73] Kahoo, Allah U ahlola Baikaketsi, banna le basali, le mahana- tumelo, banna le basali. Allah U retelehela ka Mohau ho ba- kholoang, Banna le basali: Hobane Allah U Ts’oarela-joalo- joalo, U Tletse Mohau

Seba

Surah 34

[1] Lithoriso li be ho Allah, Eo lintho tsohle tse maholimong le lefats’eng e leng tsa Hae. Lithoriso tsa Bo-tlang ke tsa Hae, Ke Eena ea Seli, Ea Hlokolosi linthong tsohle

[2] U tseba se tlang lefats’eng le tse melang ho lona, le tse theohang leholimong le tse nyolohelang ho lona. Ruri! Ke Eena Ea Tletseng Khauhelo, Ea Ts’oarelang

[3] Mahana-tumelo ba re: “Hora e ke ke ea tla ho rona.” E re: “Che, Ruri! Ka Mong`a ka e tla tla ho lona; – Ka Eena Ea tsebang tse sa bonoeng, – Ha ho letho le ka lekanang le lentoana la botsikoane ka boima, kapa laba ka tlase ho moo, kapa laba ka holimo ho moo le ka mo phonyohang maholimong le lefats’eng, empa le ngoliloe ka har’a Buka ea Poloko e Hlakileng

[4] Hore A tle A putse ba-kholoang, ba bile ba etsa liketso tse lokileng. Phepo e ntlafetseng ke’a bona, le ts’oarelo

[5] Ba tsitlalletseng ho ba khahlano le Lits’enolo tsa Rona ka ho Re leka, – kahlolo e mahlonoko a soabisang ke’a bona

[6] Haele ba filoeng tsebo ba a bona hore seo u se senoletsoeng ke ‘nete e tsoang ho Mong`a hau, ebile e tataisetsa tseleng ea Ea Matla Oohle, Ea ts’oanetsoeng ke thoriso eohle

[7] Mahana-tumelo ba re: “Ana re ka le supisa monna ea ka le bolellang hore ha le se le hasane leroleng le ranthane, le tla boela le e ba Popo e Ncha

[8] “Ebe o iqapetse leshano khahlano le Allah, kapa e be o’a hlanya?” – Che ke ba sa kholoeng ho Bo-tlang, ba Timelong le phosong e thoko-thoko

[9] Na ha ba bone se kapel’a bona le se kamor’a bona tsa leholimo le tsa lefats’e? Hoja e be e ne e le thato ea Rona, Re ne Re tla etsa hore ba metsoe ke lefats’e, kapa hona ho ba ripitla ka koluoa e tsoang marung. Ruri

[10] Re fane ka lereko ho Davida le tsoang ho Rona,: “Oho lona Lithaba le linonyana, phatlalatsang lipesalema tsa Hae tsa lithoriso! Re bile Ra etsa ts’epe hore e be bonolo malebana le eena

[11] Ka hore: etsa jase ea ts’epe, u be u lekanye lihakisi tsa ketane ho eona. U be u etse toka. Hobane Ruri! Ke ‘Na ea bonang tseo le li etsang.”

[12] Ho Salomone teng Re ile Ra tsosa moea ho mo mamela, oo ho foka ha ona hoseng le mantsiboea eneng e le leeto la khoeli, Re bile Ra etsa hore Seliba sa koporo se ts’akhunye molemong oa hae, Ra mo neha Masabonoeng tse topileng tse neng li tsamaea kapel’a hae ka taelo ea Mong`a hae. Tse tla kheloha taelong ea Rona, Re tla etsa hore li latsoe kahlolo ea Lelakabe la Mollo

[13] Li ile tsa etsa tsohle tseo a neng a li laba-labela, mahlala: masinakhokhe a likereke, lifika, tsa betla likotloloana tse kang liliba le likotloloana tsa ts’epe tse ahiloeng fats’e. Fanang ka liteboho, Bara ba Davida! Ke ba fokolang feela ba makhabunyane a Ka ba fanang ka liteboho.”

[14] Nakong eo Re neng Re mo neha lefu, ha ho letho le ileng la bonts’a lefu la hae ho tsona haese nyonyobetsane e ileng ea ja lere la hae. Eitse nakong eo a oelang, ea ba Masabonoeng ba bona pepenene hore hoja e be li ne li tseba Masabonoeng, ba ka be ba sa ka ba nts’etsa pele ts’ebetso eo e tlotlollang

[15] Ho bile le sesupo Sheba motseng oa bona: Lirapa tse peli ka lehlakoreng le letona tse ling ka ho le lets’eali. Jang nala ea Mong`a lona, le be le fane ka liteboho ho Eena kamehla. Ka naha e bohehang le Eena Mong`a khotsofalo eohle

[16] Empa ba ile ba koeneha, eaba Re romella morallo oa Iram, Ra ba fapanyetsa ka lirapa tse peli tse behang litholoana tse babang, le tse tala-tala, mona le mane e le lifate tse meutloa

[17] Sena ke seo Re ileng Ra ba putsa ka sona hobane ba latotse Tumelo. Etsoe Re fana ka kotlo ena feela ho balatoli ba se nang teboho

[18] Eaba Re tsepamisa metse e neng e bonahala lipakeng tsa bona le metse eo Re neng Re ile Ra e hlohonolofatsa, Ra boela Ra etsa boemo lipakeng tsa bona, ba hore: “Tsamaeang ka har’a eona ka khutso bosiu le mots’eare.”

[19] Empa ba ile ba re: “Mong`a rona! Ak’u etse maemo lipakeng tsa maeto a rona a ma lelele.” Leha ho le joalo ba ile ba iphosetsa, ka lebaka leo Re ile Ra ba etsa mehlala lefats’eng le hona ho bahasanya hohle. Ruri! Ka har’a sena ke lits’upiso molemong oa phefomoloho e ngoe le e ngoe e nang le mamello le liteboho

[20] Satane o ile a fumana ts’ebetso ea hae e le ea ‘nete holima bona, hobane ba ne ba mo latela kaofela haese karolo feela ea ba-kholoang

[21] Ha a na matla holima bona, – haese ha feela eba Re beha tekong ea Kholoang ho Bophelo Bo-tlang a bile a na le khoao malebana le bona; Mong`a hau ke Molisa holima lintho tsohle

[22] E re: “Bitsang bohle bao le ba ts’epang kathoko ho Allah! Ha ba na matla le holim’a ntho e nyenyane eka bang maholimong le lefats’eng, kapa ho na hoba le seabo ho eona, kapa hona hore e be mothusi oa Allah

[23] “Ha ho ‘muelli ea ka thusang khahlano le Eena haese eo A mo nehileng tumello e joalo. Le hoja nakong eo ho hlakotsoeng letsoalo lipelong tsa bona, ba reng: “Ke eng seo Mong`a hau A ne A se Laetse?.” Ba tla re: “Seo e leng ‘nete le toka; Ke Eena ea Phahameng, Ea Moholo.”

[24] E re: “Ke mang ea le nehang Nala e tsoang marung le lefats’eng?” E re: “Ke Allah; Ruri! Le hoja rona kapa lona le tataisitsoe ka nepo, kapa le le phosong e totobetseng!”

[25] E re: “Le ke keng la botsoa ka libe tsa rona, kapa rona ra botsoa ka tseo le li etsang.”

[26] E re: “Mong`a rona U tla re khobokanya ‘moho, joale ebe U ahlola lipakeng tsa rona ka ‘nete le toka. Etsoe ke Eena moahloli Ea tsebang tsohle.”

[27] E re: “Mponts’eng bao le ba matahantseng le Eena e le batlatsetsi? Che, le ke keng la khona! Hobane ke Allah, Ea Matla Oohle, Ea Seli.”

[28] Re u romeletse u le moromuoa oa litaba tse molemo le eena mohlokomelisi oa batho bohle; empa bongata ba batho ha bo na kutloisiso

[29] Ba re: “Ke neng ts’episo e e tlang ho phethahala haeba le bua ‘nete?”

[30] E re: “Ts’episo ea lona ke’a Letsatsi leo le ke keng la thisa, kapa hona ho potlakisoa.”

[31] Mahana-tumelo ba re: “Rona ha re lumele ho

[32] Baikhohomosi bona ba tla re ho ba neng ba nyeliseha: “Na re kile ra le qobella ho kheloha tataisong kamor’a hore e finyelle ho lona? Empa e bile lona ba tlotseng meeli.”

[33] Ba neng ba nyeliseha ba tla re ho baikhants’i: “Che, empa e ne e le morero oa lona bosiu le mots’eare, nakong eo le neng le re laela ho hloka teboho ho Allah, le hona ho hlomamisa batlatsetsi khahlanong le Eena.” Ba tla memetsa boinyatso nakong eo ba bonang kahlolo; Re tla beha lijoko melaleng ea mahana-tumelo: e tla ba moputso oa mesebetsi ea bona

[34] Ha Re’a s’o ka Re romella mohlokomelisi motseng ofe kapa ofe e be barui har’a bona ha ba re: “Rona ha re na ho lumela ho molaetsa oo o tlisitseng ho rona.”

[35] Ba re: “Re na leruo le bara ho feta uena, ha re na ho ahloloa!”

[36] E re: “Ruri! Mong`a ka o phaella ope ea khahloang ke eena ka nala ea Hae, le hona ho e khutsufatsa malebana le ope ea khahloang ke eena. Le hoja bongata ba batho bo sa utloisise.”

[37] Ha se leruo kapa bara ba lona ba tla le atametsa haufi le Rona, empa ke feela ba-kholoang, ba bile ba etsa toka ba tla atamela haufi le Rona. Ba joalo, moputso oa bona o tla phaelloa habeli molemong oa tsohle tseo ba li entseng, e bile ba tla phela ka har’a mekato e phahameng (paradeising) tlas’a ts’ireletso

[38] Bohle ba khahlanong le lits’enolo tsa Rona ka liteko, ba tla khanneloa Kahlolong

[39] E re: “Ruri! Mong`a ka o phaella nala ea Hae ho ope ea khahloang ke eena oa makhabunyane a Hae, e bile o e khutsufatsa malebana le ope ea khahloang ke eena. Eng kapa eng eo o fanang ka eona molemong oa botle, U oa e buseletsa. Hobane ke Eena ea molemo har’a bafani.”

[40] Ka Letsatsi le leng U tla le bokella mmoho, U tla re ho manyeloi, “Batho ba ne ba khumamela lona?”

[41] A tla re: “Tlotla e be ho Uena! Boitlamo ba rona bo ho uena – U mots’ireletsi oa rona – e seng bona! Che, ba ne ba khumamela Li-jinn; bongata ba bona bo ne bo kholoa ho tsona.”

[42] Letsatsing leo ha ho ea tla ba le matla holima e mong, ho ka una letho kapa ho hlahisana kotsi. Re tla Re ho baetsalibe: “Latsoang Kahlolo ea Mollo oo le neng le o latola.”

[43] Nakong eo ba pheteloang lits’enolo tsa rona, ba re: “Enoa ke monna ea tlil’o tla le khelosa ho tseo bo-ntat’a lona ba neng ba li khumamela;” Ba bile ba re: “Sena ke leshano le qapiloeng.” Mahana-tumelo nakong eo ‘nete e fihlileng ho bona ba re: “Sena ha se letho haese boloi bo pepenene.”

[44] Empa ha Re’a ba neha Mangolo ao ba ka beng ba ithutile ona, kapa hona ho romella morumuoa ofe kapa ofe ho bona pele ho uena e le mohlokomelisi

[45] Baholo-holo ba bona ba ile ba latola; bana ha ba es’o ka ba amohela le haele karolo ea leshome ea seo Re kileng Ra sitsa ba pele ka sona; empa ha ba latola baromuoa ba Ka. Tatolo ea Ka e bile e mahlonoko

[46] E re: “Ke le eletsa ka ntho e le ngoe: le eme kapela Allah ka bobeli le ka bo-ngoe, le be le inahane: Ruri! Ha ho na bohlanya ho mphato’a lona. E bile ha se ho hong haese mohlokomelisi oa lona malebana le kahlolo e ts’abehang.”

[47] E re: “Ha ke kope Moputso ho lona: moputso oa ka o ho Allah. Ke Paki holim’a lintho tsohle.”

[48] E re: “Ruri! Mong`a ka o rometse ‘nete ka sekhahla. U na le tsebo e phethahetseng ea tsohle tse patehileng.”

[49] E re: “‘Nete e fihlile, leshano ha le na monyetla, ebile le ke ke la boea-sekoele.”

[50] E re: “haeba kea hlahlathela, ke iphosetsa ka bo-’na, haeba ke tataisitsoe ka nepo, ke ho latela ts’enolo eo ke e senoletsoeng ke Mong`a ka. Ke Eena ea utloang tsohle, U haufinyane.”

[51] Hoja e be u ne u ka bona nakong eo ba thothomelang ke matsoalo; ho se kamoo ba ka pholohang kateng, ba tla nanoloa haufi

[52] Ba tla re: “Re’a kholoa ’neteng”; Empa ba tla amohela joang tumelo ba le hole hakaale

[53] Tlhokomelong ea hore ba ile ba latola Tumelo pele, ba ne ba ikana ka Masabonoeng ba eme thoko haholo

[54] Moeli o tsepamisitsoe lipakeng tsa bona le tseo ba li labalabelang, joaloka ha ho ile ha etsoa joalo ho batho ba khale ba neng ba ts’oana le bona. Ba neng ba tletse khoao le pelaelo

Motsimolohi

Surah 35

[1] Lithoriso li be ho Allah, Ea hlotseng maholimo le lefats’e, Eena ea entseng manyeloi baromuoa ba nang le mapheeo a mabeli, kapa a mararo le’a mane. E bile tlholehong U ngatafatsa tseo A khahloang ke tsona. Hobane Allah U matla holima lintho tsohle

[2] Seo Allah ka Mohau oa Hae A sitsang batho ka sona ha ho le a mong ea ka se fuparang; seo A se fupereng ha ho le a mong ea ka se fuparollang, kantle ho Eena. Ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Seli

[3] Oho lona batho! Hopolang lereko la Allah ho lona! Na ho na le `Mopi e mong ka thoko ho Allah ea ka le fepang ho tsoa marung kapa lefats’eng? Ha ho `Mopi e mong ntle le Eena. Joale, ke hobaneng ha le thetsehile ho koenehela ‘nete

[4] Haeba ba u latola, baromuoa ba Allah ba ‘nile ba latoloa pele ho uena: Lintho tsohle li tla boela ho Allah ho fihlela liqeto

[5] Oho batho! Ruri ts’episo ea Allah ke’a ‘nete. Kahoo, se thetsoeng ke bopheloba lefats’e lena, le se lumelle Moeki oa Sehloho ho le eka malebana le Allah

[6] Ruri! Satane ke sera sa lona, kahoo le mo nke e le sera. O mpa feela a memela ba lateli ba hae ho ba Balekane ba Khanare ea Mollo

[7] Haele ba latolang Allah, kahlolo e mahlonoko ke’a bona; Empa ba-kholoang ba etsa mesebetsi e lokileng, ba tla ts’oareloa le hona ho fumana Moputso o moholo

[8] Na eo liketso tsa hae tse soabisang li entsoeng hore li shebahale li khahla ho eena, hore a tle a li bone li lokile, a ka ts’oana le ea tataisitsoeng ka nepo? Ruri! Allah U lesa eo a khahloang ke eena ho kheloha, e bile o tataisa eo a khahloang ke eena; kahoo u se ke oa ts’oenya moea oa hau ho bona. Hobane Ruri! Allah U hlokolosi ka tseoba li etsang

[9] Ke Allah Ea romellang Liphefo tse hlahisang maru; joale, e be Re’a lebisa naheng e omeletseng, e be Re tsosa lefats’e le neng le omeletse ka pula. Ke kamoo Tsoho e tlang hoba kateng

[10] Mong le mong ea lakatsang matla, o tlameha ho tseba hore matla ohle ke’a Allah. Mantsoe ohle a lokileng a nyolohela ho Eena, ketso e hloekileng U e beha maemong a phahameng; empa haele ba rerang bobe, – kahlolo ea bona ke e mahlonoko; etsoe merero ea ba joalo e ke ke ea etsa letho

[11] Allah U u hlotse ka lerole, ka lehloele la there, joale, eaba U le arola ha beli. Ha ho mosali ea ka Ithoalang le hona ho beleha kantle le Tsebo ea Hae. Etsoe ha ho motho ea tsofetseng eo ekareng botsofaling ba hae eaba o ekeletsoa bophelo, kapa karolo e ngoe ea bophelo ba hae ea khaoloa, empa e ngoliloe ka har’a buka. Hobane Ruri! Seo se bobebe ho Allah

[12] Maoatle a mabeli, ha a ts’oane: le leng le pholile ha monate hoo metsi a teng a ka nooang, ha le leng lona metsi a teng a le bohla, a le letsoai. E bile le ja nama e monate e tsoang ho ona ka bobeli le hona ho iphumanela liaparo tseo le li aparang. E bile le bona likepe li parola maqhubu, hore le tle le tsome nala ea Hae, le hona hore le tle le fane ka liteboho

[13] Ebile U etsa hore bosiu bo sehe mots’eare tsebe le mots’eare o sehe bosiu tsebe. U tsepamisitse letsatsi le ngoeli hore li be ts’ebetsong. E ngoe le e ngoe e tsamaea mocheng oa eona oa pallo. Eo ke Allah Mong`a lona; puso ke’a Hae; haele bao le ba rapelang kathoko ho Eena, ha ho le karolo eo ba nang le eona le bosoeung bo teng tholoaneng ea palema

[14] Haeba le’a ba rapela, ha ho thapelo ea lona eo ba e utloang; le hoja ebe ba ne ba ka utloa, ba ne ba ke ke ba le neha letho. Mohla Letsatsi la Kahlolo ba tla ikhula botlatsetsing ba lona. Ha ho ea ka u tsebisang joaloka Eena Ea Hlokolosi linthong tsohle

[15] Oho batho! Ke lona ba hlokang Allah. ‘Allah! O lokolohile litlhokong tsohle, U lokeloa ke thoriso eohle

[16] Hoja ke takatso ea Hae, A ka ba le felisitse; A hlahisitse moloko o mong o mocha

[17] Seo ha se thata ho Allah

[18] Kapa mojari oa mathata a ka jarang mojaro oa e mong, haeba e mong ea imetsoeng a ka bitsa e mong ho tla mo thusa ka mojaro oa hae, ha ho letho la oona le ka phahamang le haeba a na le likamo le eena. Uena u hlokomelise feela ba ts’abang Mong`a bona lekunutung, ba phethahatse lithapelo. Ea itlhoekisang, o etsa joalo molemong oa phefomoloho ea hae. Leeto la rona le fella ho Allah

[19] Motho ea foufetseng a ke ke a ts’oana le’a bonang

[20] Kapa lona Lefifi le ke ke la ts’oana le Khanya

[21] Kapa ona moriti oa ts’oana le mocheso oa letsatsi

[22] Kapa bona ba phelang ba ts’oana le bafu. Ke Allah ea etsang hore ea khahloang ke eena a utloe. Empa uena u ke ke oa etsa hore bafu ba utloe

[23] Uena u mpa u le mohlokomelisi feela

[24] Ruri! Re u romeletse ka ‘nete, u bile u le moromuoa oa litaba tse molemo le eena mohlokomelisi; etsoe ha ho sechaba seo mohlokomelisi a sa kang a finyella har’a bona

[25] Haeba ba u latola, le ba bileng teng pele ho uena ba ‘nile ba latoloa. Baromuoa ba bona ba fihlile ho bona ka lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah, le ka lipesalema esitana le lona Lengolo le fanang ka leseli

[26] Qetellong Ke ile Ka ahlola ba latotseng Tumelo, kahlolo ea Ka e bile e mahlonoko

[27] Na ha le es’o bone kamoo Allah A theolelang pula kateng lefats’eng ho tsoa marung, eo Re hlahisang litholoana tsa mefuta ka eona; le har’a lithaba ho teng mela e mesoeu esita le bofubelu ka mefuta eohle, ha tse ling tsona li le nts’o ba pilo

[28] Le ho batho, lihahabi le makhomo ka mebala e fapaneng; Etsoe ke ba nang le tsebo har’a makhabunyane a Hae ba ts’abang Allah feela. Hobane Allah U na le Matla Oohle, U Ts’oarela-joalo-joalo

[29] Haele ba phetang Lengolo la Allah, ba bile ba phethisa lithapelo kamehla, le hona ho fana ka tseo Re ba sitsitseng ka tsona sephiring kapa pepeneneng, ba hahamalla pele katlehong e ke keng ea timela

[30] Hobane U tla ba lefe meputso ea bona, le hona hoba phaella ka lereko la Hae. Hobane U Ts’oarela-jolao-joalo, U Hloahloa kamohelong ea liketso tse lokileng

[31] Ts’usumetso eo Re u senoletseng eona ea Lengolo, ke ‘nete e hlapants’ang Lengolo le kileng la senoloa pele ho lena. Ruri! Allah ke Setsibi, Moalosi oa makhabunyane a Hae

[32] Re ile Ra fana ka Lengolo ho makhabunyane a Rona ao Re ileng Ra a khetha e le lefa. Empa har’a bona ho bile teng ba bang ba ileng ba iphosetsa, ba bang bona ba bohareng feela, ha ba bang bona ba ile ba ipabola ka liketso tse lokileng tlas’a tumello ea Allah. Oo ke molemo o Moholohali

[33] Ba tla kena Lirapeng tsa Edene ba roetse lipetja tsa khauta le mahakoe, liaparo tsa bona kamoo e tla ba tsa silika

[34] Ba tla re: “Lithoriso li be ho Allah Ea hlakotseng mesarelo ho rona. Hobane Ruri! Mong`a rona U ts’oarela-joalo-joalo, Ea Hloahloa kamohelong ea liketso tse lokileng

[35] “Eo tlas’a lereko la Hae, A re amohelletseng ka har’a lelapa le sa feleng, moo mats’oenyeho a ke keng a re ama esita le ona mokhathala.”

[36] Ba latolang bona, ba lokeloa ke Mollo oa Lihele; o ke keng oa ba chesa kapele hoo ba ka shoang, kapa hona hore ba bebofaletsoe kahlolo. Ke kamoo Re ahlolang bohle ba hlokang teboho

[37] Kamoo teng ba tlang ho hoelehetsa: “Mong`a rona! Re lopolle; re tla etsa toka, re lese bobe boo re neng re tloaetse ho bo etsa.” –: “Ha Re’a lelefatsa bophelo ba lona lefats’eng ho lekana hore ea inahanang a inahanele? E bile mohlokomelisi o finyeletse ho lona. Joale, latsoang moputso oa liketso tsa lona, hobane baetsalibe ha ba na mothusi.”

[38] Ruri! Allah U tseba lintho tse patiloeng tsa maholimo le lefats’e. U hlokolosi ka liphiri tse ka har’a lifuba tsa batho

[39] Ke Eena Ea le entseng majalefa lefats’eng; kahoo mong le mong ea latolang, nyefolo ea hae e be hloohong ea hae a nots’i. Etsoe nyeliso ea mahana-tumelo e phaella lehloeo mahlong a Mong’a bona. Ha ho seo nyeliso ea bona e se phaellang haese tahleho

[40] E re: “Ana le se le kile la bona batlatsetsi ba lona bao le bitsang ho bona kathoko ho Allah? Mpontseng lintho tseo ba li hlotseng lefats’eng! Kapa ebe ba na le seabo maholimong? Kapa e be Re ile Ra ba neha Lengolo, hore ba tle ba sebetse ho latela sesupo se hlakileng ho lona? Che, baetsalibe ba ts’episana ka thetso

[41] Ke Allah Ea laolang maholimo le lefats’e, hore a tle a se ke a tsoa taolong, haeba a ka tsoa taolong, ha ho na motho ea ka a laolang kamor’a Hae. Ruri! U Mamello, U Ts’oarela-joalo- joalo

[42] Ba ikana ka Allah ka kano e thata ea hore haeba mohlokomelisi a ka tla ho bona, ba tla topa tataisong ho feta lichaba tse ling; empa ha mohlokomelisi a se a finyeletse ho bona, ba tlaloa ke pherekano ea ho baleha ‘neteng

[43] Ka lebaka la boikhants’o ba bona lefats’eng, le Morero oa bokhopo; empa thero ea bokhopo e tla etsetsa ba itherileng lesakana la nkope. Na ho na le se seng seo ba se lebeletseng kantle le kotlo ea batho ba khale-khale? U ke ke oa fumana phetoho mekhoeng efe kapa efe ea Allah, kapa ho na ho fumana matla a ho fetola mekhoa ea Allah

[44] Ana ha ba hahlaule le lefats’e hore ba tle ba bone seo e bileng pheletso ea ba bileng teng pele ho bona, ba neng ba bile ba le matla ka ho fetisisa ho ba feta? Ha ho ntho efe kapa efe maholimong kapa lefats’eng e ka Mo phonyohang. Hobane Ruri! U Seli, U Matla Oohle

[45] Hoja e be Allah U ne a ahlola batho ka tseo ba li kotutseng, Ruri! U ne A ke ke A siea sebopuoa se phelang lefats’eng; empa U ba neha nyehlisetso ea nako ea pallo, ha nako ea bona e se e fihlile – Ruri! Ke hona ba tla tseba hore Allah ke Molisa oa makhabunyane a Hae

Ya-Sin

Surah 36

[1] Ya sin

[2] Ka Qura‘n e tletseng Bohlale

[3] Ruri! U e mong oa baromuoa

[4] Tseleng e Topileng

[5] Ke ts’enolo ke Ea Matla Oohle, Ea Mohau o Khaphatsehang

[6] Hore u tle u hlokomelise batho bao bo-ntat’a bona ba sa kang ba hlokomelisoa pele, kahoo ha ba na tsebo

[7] Le hoja lentsoe le ile la pakahatsa ‘nete khahlano le bongata ba bona, hobane ha ba kholoe

[8] Ruri! Re kentse lijoko melaleng ea bona e khamathisitseng lilelung, hore ba ba sitoe ho hetla

[9] Re behile ts’epe kapel’a bona le kamor’a bona, ke kamoo Re ba khurumelitseng kateng, hore ba se ke ba bona

[10] Ho bona ho oa ts’oana ebang u oaba lemosa, kapa ha u ba lemose, ba ke ke ba kholoa

[11] U ka mpa oa lemosa feela ea latelang molaetsa, ea ts’abang Ea Tletseng Lereko sephiring. U mo phetele litaba tse molemo tsa ts’oarelo le Moputso o babatsehang

[12] Ruri! Re tla tsosa bafu. Re ngola liketso tseo ba li behileng nale esita le tseo ba li sieang morao. Lintho tsohle Re li boloka ka har’a Tlaleho e hlakileng

[13] Ak’u ba phetele pale: Ea Balekane ba Motse-moholo, ho ile ha tla morumuoa ho bona

[14] Ha Re ba romeletse ba romuoa ba babeli, ba ba latola, empa Ra ba matlafatsa ka oa boraro, ba re: “Ruri! Re romeletsoe ho lona.”

[15] Eaba baahi ba re: “Le batho joaloka rona. Allah Ea Tletseng Lereko ha A es’o senole letho le joalo. Lona le mpa le le leshano.”

[16] Ba re: “Ruri! Mong`a rona U oa tseba hore re romeletsoe ho lona

[17] “E bile ts’ebetso ea rona ke ho phatlalatsa molaetsa o hlakileng.”

[18] Baahi ba re: “Re bona bokamoso bo malimabe ho lona. Ruri! Ha le sa khaotse, re tla le tlepetsa ka majoe, kahlolo e nyarosang e tsoang ho rona e tla le oela.”

[19] Ba re: “Bokamoso bo nyonyehang bo ho lona! Ha le khalengoa? Che, empa le batho ba tlolang meeli eohle!”

[20] Hoa hlaha monna a matha ho tsoa qetellong ea motse. A re: “Oho batho ba heso! Utloang baromuoa

[21] Utloang ba sa le batleng moputso oa letho, ba amohetseng Tataiso

[22] Ha ke bone molemo oa hore na ke hobaneng ha ke sa sebeletse Ea mpopileng, Eo le tlang ho boela ho Eena

[23] “Na nka inkela melingoana kantle ho Eena?, Haeba Ea Tletseng Lereko A ka ntakaletsa kotsi efe kapa efe, ebe boemeli ba bona ha bo nthuse ka letho, kapa hona ho mpholosa

[24] Ruri! Ha nka etsa joalo, Ke tla be ke le phosong e totobetseng

[25] “Ke na le Tumelo ho Mong`a lona, kahoo ‘mameleng!”

[26] Hoa thoe: “Kena Serapeng.” A re: “hoja batho ba heso ba ne ba tseba

[27] “Hobane Mong`a ka U ‘nehile Ts’oarelo, le kamoo A nkentseng ea hlomphehang kateng!”

[28] Ha Re’a ka Ra romella lebotho le tsoang leholimong khahlano le bona kamor’a hae, kapa hona ho fumana ho hlokahala hore Re romelle ba bang

[29] E bile feela ka molumo o nosi, eaba ke ho fela ha bona

[30] Ao, masisapelo a makhabunyane! Ha ho moromuoa ofe kapa ofe ea kileng a tla ho bona, eaba ha ba mo some

[31] Ana ha ba es’o bone kamoo Re ripitlileng Meloko e bileng teng pele ho bona, e ke keng ea boela ho bona

[32] Empa kaofela ha bona, ba tla hlaha kapel’a Rona

[33] Sesupo sa bona ke lefats’e le shoeleng. Re le neha bophelo, Re hlahisa lijo-thollo tseo le li jang holim’a lona

[34] Re hlahisa Lirapa tsa lifate tsa lipalema, le merara esita le hona ho ts’akhunyisa liliba tse kopotsang holim’a lona

[35] Hore ba tle ba je litholoana tse teng holim’a lona tseo matsoho a bona a sa li etsang. Ke neng ba tlang ho fana ka liteboho

[36] Tlotla e be ho Allah, Ea hlotseng lintho tsohle ka bobeli tse behoang ke lefats’e, le bona ka bo-bona le tseo ba se nang tsebo ka tsona

[37] Boisu ke sesupo ho bona; Re bo nts’a ho mots’eare, ebe ba ba har’a lefifi

[38] Letsatsi le tsamaea mocheng oa lona o tsepameng ho ea malikelong. Seo ke pallo ea Ea Matla Oohle, Ea Tsebang Tsohle

[39] Le Ngoeli, – eo Re tsepamisitseng likarolo tsa eona ho fihlela e khutlile e ts’oana le lekhasi la khale le omeletsenga la sefate sa palema

[40] Letsatsi le ke ke la seha Ngoeli tsebe kantle ho tumello, kapa bosiu ba hlaha pele ho lets’eare. E ‘ngoe le e ‘ngoe e tsamaea mocheng oa eona

[41] Sesupo sa bona ke hore Re ile Ra jara sechaba sa bona ka Areka

[42] Re hlotse se ts’oanang le seo ba neng ba se palame molemong oa bona

[43] Hoja ebile Thato ea Rona, Re ka be Re ba qoelisitse, ba ne ba ke ke ba fumana mothusi, kapa ho pholosoa

[44] Kantle le Mohau o tsoang ho Rona, e le boithabiso ba nakoana

[45] Ha ba bolelloa: “Ts’abang se kapel’a lona le se kamor’a lona, hore le tle le fumane Mohau,”

[46] Ha ho sesupo sa Mong`a bona se kileng sa tla ho bona, eaba ha ba se koenehele

[47] Ha ba bolelloa: “Fanang ka tseo Allah A le sitsitseng ka tsona,” Mahana-tumelo ba re ho ba-kholoang: “Re ka fepa batho bao Allah ha A ratile A ka beng A ba fepa? Ruri! Le phosong e totobetseng.”

[48] Ba tsoelapele ba re: “Ke neng ts’episo eo e etlang ho phethahala haeba le buoa ‘nete?”

[49] Ha ho seo ba se emetseng haese molumo o le mong, o tlang hoba nanola ba sa ntseng ba le har’a likhang

[50] Hoo ba tlang ho hloka monyetla aba mafa, kapa hona ho boela ho mehabo bona

[51] Terompeta e tla Letsoa, bafu ba tla tsoha mabitleng ba potlakele ho Mong`a bona

[52] Ba tla re: “Ao, re aparetsoe ke masoabi! Ke mang ea re tsositseng mealong ea rona?” Lentsoe le tla re: “Ena ke ts’episo eo Allah Ea Tletseng Lereko A neng A re ts’episitse eona le bona baporofeta ba ne ba bolela ‘nete,”

[53] Etla ba feela ka molumo o le mong, o tlang ho ba bokella kapel’a Rona

[54] Letsatsing leo ha ho moea o tla qhekelloa; le tla putsoa ho latela liketso tsa lona

[55] Ruri! Balekane ba Serapa ba tla be ba nyakaletse letsatsing leo ho tsohle tseo ba li etsang

[56] Bona le balekane ba bona, ba tla ba meriting e pholileng, ba qethohile Literoneng

[57] Mefuta eohle ea litholoana e tlaba teng le tsohle tseo ba li kopang ba tla li fumana

[58] “Khotso!” – Lentsoe le tsoang ho Mong’a rona Ea Mohau o Khaphatsehang

[59] “Oho lona ba qoetseng sebeng! Suthang kajeno

[60] Lona bara ba Adama! Ha Ke’a le hlokomelisa ho se khumamele Satane –hobane Satane ke sera se pepenene ho lona? –

[61] “Hore le khumamele ‘Na, eo ke eona tsela e nepahetseng

[62] “Empa o khelositse ba bangata ba lona. Na ha le ea utloisisa

[63] “Tsena ke Lihele tseo le hlokomelisitsoeng ka tsona

[64] “Kajeno kenang ka hare le che hobane le ile la nyelisa khalemo.”

[65] Letsatsing leo Re tla koala melomo ea bona. Empa matsoho a bona a tla buoa le Rona, maoto ona a tla paka khahlanong le tseo ba li entseng

[66] Hoja ebile thato ea Rona, Ruri! Re ka be Re ile Ra foufatsa mahlo a bona, hore ba tle ba sokole tsela. Ba ne ba tla bona joang

[67] Hoja ebile thato ea Rona, Re ka be Re ile Ra ba etsa bo- mathethebale, kapa hona ho khutla

[68] Eo re mo pepileng ho fihlela lilemo tsa botsofali, re boetse re bo busetsa morao tlholehong ka ho mo hlokisa matla. Na ha le na kelello

[69] Ha Re’a ruta moprofeta Lithoko, kapa ho na hore e be li mo loketse. Sena empa e le sehopotso, le eona Qura’n e hlakisang lintho

[70] Hore e tle e hlokomelise mong le mong ea phelang, le hore lentsoe le tle le phethahale khahlanong le ba latolang

[71] Ha ba es’o bone kamoo Re ba hloletseng makhomo kateng, e le ts’ebetso ea matsoho a Rona, hore e tle e be beng ba tsona

[72] Le hona ho li beha tlas’a taolo ea bona, hore tse ling tsona ba tle ba li palame, ha tse ling e le lijo

[73] Ba fumana kuno, le lebese ho noa. Na ba sa tla ke ba fane ka liteboho

[74] Empa ba iketsetsa melingoana kathoko ho Allah, eo ba nahanang hore ba tla fumana thuso ho eona

[75] Ha e na matla a ho ba thusa; empa batla tlisoa e le lebotho ho ea kahlolong

[76] Se lumelle lipuo tsa bona ho u utloisa bohloko. Ruri! Re tseba tseo ba li patang le tseo ba li phatlalatsang

[77] Na motho ha a es’o bone hore Re mo hlotse ka lehloele la Lithere? Le hoja e le sera se totobetseng

[78] O bile o Re etsetsa papiso, o lebetse tlholeho ea hae, O re: “Ke mang ea tlang ho fa masapo aa bophelo ha a se a bolile?”

[79] E re: “Eo a hlotseng qalong, U tla A neha bophelo, hobane ke Eena Ea tsebang ka botlalo tlholeho eohle

[80] “Eena Ea o hlahiselitseng mollo sefateng se esong ho ome e be le okha mollo ho sona

[81] “Na ha se Eena Ea hlotseng maholimo le lefats’e, Ea ka khonang ho hlola a ts’oanang le ona? Ruri! Ke Eena. Hobane ke Eena `Mopi ea Tlotlehileng ho fetisisa, Ka tsebo

[82] Ruri, Ha A rera ntho, Taelo Ea Ha eke, “Eba!” E feele e be teng

[83] Kahoo, tlotla e be ho Eena Eo Liatleng tsa Hae e leng puso ea lintho tsohle! Bohle le tla busetsoa ho Eena

Ba Behang Meleng

Surah 37

[1] Ka Baitlhophileng ka maemo

[2] Ba matla ho qheleng bobe

[3] Ba phatlalatsa Molaetsa

[4] Ruri, ruri! ‘Mopi oa hau U Inots’i

[5] Mong`a maholimo le lefats’e, le tsohle tse teng lipakeng tsa ona le Mong`a mahlaseli a ho chaba ha letsatsi

[6] Re khabisitse leholimo le ka tlase ka botle ba linaleli

[7] E le ts’ireletso khahlanong le mahana-puso a meea e mebe

[8] Hore a se thehe tsebe ho utloa ‘Moka o Hlomphehang, empa o leka kahoohle

[9] Ho phephetheloa, hobane kahlolo e sa feleng ke’a bona

[10] Kantle le ea tla utsoang bonyane, e be o saloa morao ke lelakabe le nchocho la mollo

[11] Ak’u ba nonye maikutlo: “Ana le hlotsoe ka thata, kapa ke tlholeho e ngoe e thata eo Re e hlotseng?” Bona Re ba hlotse ka letsopa le khomarelang

[12] Ruri u’a makala nakong eo ba phoqang

[13] Ba sa tsotelle nakong eo ba khalengoang

[14] Ha ba bona Sesupo, ba fetohella ka ho sona ka sesomo

[15] Ba re: “Sena ke boloi bo pepenene

[16] “Ha re se re shoele re fetohile lerole le masapo, re ka boela ra tsosoa hape

[17] “Le bo-ntat’a rona moholo?”

[18] E re: “E, ka ‘nete le tla tlotloloha.”

[19] Ruri! E tlaba molumo o nots’i, joale kemoo ba tlang ho lemoha

[20] E be ba re: “Ao, re aparetsoe ke masoabi! Lena ke Letsatsi la Kahlolo.”

[21] Lentsoe le tla re “Lena ke Letsatsi la Karohano, leo le neng le le latola.”

[22] “Tsosang,” Ho tla thoe, “Baetsalibe le basali ba bona, le lintho tseo ba neng ba li khumamela –

[23] “Kathoko ho Allah, le ba etelle pele tseleng e eang Mollong

[24] “Empa le ba emise, hobane ba lokeloa ho hlong’oa lipotso

[25] “Ke eng se le sitisang ho thusana?”

[26] Che, empa mohla letsatsi leo ba tla inehela

[27] Ba tla retelehela ka ho bomphato’a bona, ba botsane lipotso

[28] Ba tla re: “Ke lona ba neng ba tloaetse ho tla ho rona le hlaha ka letsohong le letona.”

[29] Ba tla araba ka hore: “Che, Lona ka bo-lona le ne le hloka Tumelo

[30] “Re ne se na matla holim’a lona, empa le bile batho ba tlolang meeli

[31] “Hajoale Lentsoe la Mong`a rona le phethahetse khahlanong le rona. Ruri! Re lokeloa ke ho latsoa kahlolo

[32] “Re le khelositse: ruri le rona re ne re khelohile.”

[33] Ruri! Mohla letsatsi leo mahlakore ka bobeli a tlaba le seabo kahlolong

[34] Ruri! Ke kamoo Re sebetsang kateng ka baetsalibe

[35] Hobane ha ho thoe ho bona, ha ho `Mopi e mong ntle ho Allah, ba ne ba ikakasa ka Boikhohomoso

[36] Ba re: “Eng! Re koenehele melingoana ea rona molemong oa Seroki se hlanyang?”

[37] Che, empa o tlisitse ‘nete, a pakahatsa ba bileng teng pele ho eena

[38] Ruri Le tla latsoa kahlolo e mahlonoko; –

[39] Ha ho seo le tla putsoa ka sona kantle le seo le se sebelelitseng; –

[40] Empa makhabunyane a ‘nete a Allah

[41] Ho teng Letsete le Netefalitsoeng sebakeng sa bona

[42] Litholoana; ba tla hlompheloa, ba babatsehe

[43] Lirapeng tsa nyakallo

[44] Literoneng tse shebaneng

[45] Ba tla neheletsoa khalase ea Seliba se kopotsang

[46] E ts’oeu ba ponaletso, e mathemaloli ho ba noang ka eona

[47] Moo ho se nang tarakano; kapa bona botahoa

[48] Pel’a bona ho tla ba le basali ba hloekileng, ba lihang chebo ea bona, ba mahlo a maholo

[49] Joaloka ha eka ke mahe a Katiloeng ka thata

[50] Ba retelehela ka ho bomphato’a bona, ba botsane lipotso

[51] E mong oa bona o tla qala puo a re: “Ruri! Ke bile le motsoalle

[52] Ea neng a tloaetse hore: “Eng! Ana ka ‘nete o e mong oa ba pakang ‘nete

[53] “Hore ha re se re shoele re fetohile lerole le masapo – re tla amohela meputso le likahlolo?”

[54] Lentsoe la re: “Na u ka rata ho sheba fats’e?”

[55] Eaba o sheba fats’e, a bonela motsoalle oa hae har’a Mollo

[56] A re: “Ka Allah! Ho setse hanyane o ntahla

[57] “Hoja e se be ka Lereko la Mong`a ka, le ‘na nka be ke le e mong oa ba tlotlolotsoeng kahlolong.”

[58] “Na ha re sa na ho shoa

[59] “Kantle le lefu la rona la mathomo, re ke ke ra hlola re sa ahloloa?”

[60] Ruri! Ena ke katleho e babatsehang

[61] Ba ts’oanang le bana le ba lese ba sebetse

[62] Na kamohelo e e molemo, kapa se molemo ke Sefate sa Zaqqum

[63] Ruri! Re se hlomamisitse ho ba kahlolo sebakeng sa baetsalibe

[64] Ke sefate se melang har’a mpa ea Mollo-oa-Lihele

[65] Seo lehlomela la teng li ts’oanang le lihlooho tsa lisatane

[66] Ruri! ba tla ja litholoana tsa sona, ho tlatsa limpa tsa bona ka tsona

[67] Kaholimo ho moo, ba nehoa metsi a belang

[68] E be ba boela Mollong

[69] Ruri ba fumane bo-ntat’a bona ba khelohile

[70] Empa le bona ba ile ba potlakela metsamaong ea bona

[71] Ruri pele ho bona, bongata ba batho ba khale ba ile ba kheloha

[72] Re ile ra romella barumuoa har’a bona ho ba hlokomelisa

[73] Joale, ak’ubonengseoebilengpheletsoeabahlokomelisitsoeng

[74] Kantle le makhabunyane a ‘nete a Allah

[75] Nooe o ile a lla ho Rona, Re Hloahloa ho utloa thapelo

[76] Re ile Ra mo pholosa ‘moho le lelapa la hae Koluoeng e Kholo

[77] Ra etsa tsoala ea hae majalefa

[78] Le hona ho mo siela moqhaka oa tlholo har’a litloholoana tsa morao-rao

[79] “Khotso le litumeliso li be le Nooe har’a lichaba-chaba!”

[80] Ruri! Ke kamoo Re putsang kateng ba lokileng

[81] Hobane Ruri! E bile e mong oa makhabunyane a Rona ea kholoang

[82] Eaba bohle Re’a ba qoelisa

[83] Ruri har’a ba ileng ba latela tsela ea hae ke Abrahama

[84] Bonang! O ile a atamela ho Mong`a hae ka pelo eohle ea hae

[85] Bonang! O ile a re ho ntata’e le batho ba habo: “Ke eng sena seo le se khumamelang

[86] “Na ke leshano –melimo e meng ntle ho Allah – eo le e labalabelang

[87] “Joale, maikutlo a lona ke a feng ka Mong`a Mafats’e?”

[88] Eaba o sheba Linaleli

[89] A re: “Ruri! Ke ea kula!”

[90] Eaba ba mo furalla, ba tsamaea

[91] Joale, a boela ho melingoana ea bona a re: “Hobaneng ha le sa je

[92] “Hobaneng ha le sa buoe?”

[93] Eaba o’a e futuhela, o e otla ka letsoho le letona

[94] Batho ba habo ba tla ba phaletse, ba mo tjamela

[95] Ea ba o re: “Na le ka khumamela lintho tseo le li betlileng

[96] “Empa Allah A le hlotse ‘moho le lintho tseo le li etsang!”

[97] Ba re: “Mo aheleng sebopi sa mollo, e be le mo lahlela ka hare.”

[98] Ke kamoo ba ileng ba rera kateng khahlanong le eena, empa Re ile Ra ba tlotlolla

[99] A re: “Ruri! Ke ea ho Mong`a ka Ea tla ntataisa

[100] Mong`a ka! Ak’u mphe ts’oala e lokileng.”

[101] Eaba Re mo neha litaba tse molemo tsa mora ea nang le mamello le tiisetso

[102] Eitse hoba mora oa hae a fihlele lilemo tsa bohlankana, eaba Abrahama o re: “Mora’ka! Ke lorile toro hore ke lokela ho etsa sehlabelo ka uena. Joale, u hopola joang?” Eaba mora oa hae o re: “Oho ntate! Etsa kamoo u laetsoeng kateng. Etsoe thatong ea Allah, u tla mphumana ke le mamello le tsitlallo.”

[103] Eitse hoba ba inehele ho Allah, Abrahama a kakalatsa mora kapel’a sefahleho sa hae

[104] Eaba Re’a mo nyenyeletsa: “Oho Abrahama

[105] Ruri! U phethisitse toro.” Ke kamoo Re putsang ba lokileng kateng

[106] Hobane sena e bile teko e hlakileng –

[107] Joale, eaba Re mo lopolla ka sehlabelo sa tonanahali

[108] Eaba Re siea moqhaka oa hae oa tlholo molemong oa meloko e tlang

[109] “khotso le litumeliso li be le Abrahama!”

[110] Ke kamoo Re putsang ba lokileng kateng

[111] Hobane e bile e mong oa makhabunyane a Rona a kholoang

[112] Ebile Re mo neha litaba tse molemo tsa Isaaka-Moprofeta – E mong oa ba lokileng

[113] Ra mo hlohonolofatsa ha’moho le Isaaka. Har’a tsoala ea bona ho teng ba etsang toka, ba bang ba fosetsang meea ea bona

[114] Hape, Ra fana ka lereko ho Moshe le Aarone

[115] Le hoba pholosa le ba neng ba ena le bona Mahlomoleng a Ts’abehang

[116] Ra ba thusa, hore ba tle ba hlole

[117] Ra ba neha Lengolo le thusang ho hlakisa lintho

[118] Ra ba tataisetsa tseleng e nepahetseng

[119] Ra siea meqhaka ea bona ea tlholo har’a meloko ea moraorao

[120] “Khotso le litumeliso li be le Moshe le Aarone!”

[121] Ke kamoo Re putsang ba lokileng kateng

[122] Hobane Ruri e bile makhabunyane a Rona a kholoang

[123] Le Eliase ebile e mong oa ba neng ba romiloe ke Rona

[124] O ile a re ho batho ba habo: “Na le sa tla ke le ts’abe

[125] “Le bitsa ho Baal, le furalla `Mopi ea Molemo, –

[126] “Allah, Mong`a lona le Motataise le Mong`a bo-ntat’a lona moholo?”

[127] Empaba ile ba mo latola, kahoo ruri ba tla bitsetsoa kahlolong

[128] Kantle le makhabunyane a ‘nete a Allah

[129] Eaba Re siea moqhaka oa hae oa tlholo molemong oa meloko ea moraorao

[130] “Khotso le litumeliso li be le Eliase!”

[131] Ruri! Ke kamoo Re putsang ba lokileng kateng

[132] Hobane e bile e mong oa makhabunyane a Rona a kholoang

[133] Le Lota e mong oa ba romeletsoeng

[134] Re ile Ra mo pholosa ’moho le ba ntlo ea hae

[135] Ntle le mosali moholo ea ileng a salla har’a ba ileng ba salla morao

[136] Eaba Re ripitla bohle

[137] Ruri! Le feta pela lithako tsa bona, mehla eohle –

[138] Le mantsiboea; hobaneng le sa utloisise

[139] Le Jonase, e ne e le e mong oa ba neng ba romiloe

[140] Ha a balehela sekepeng se neng se nkile meroalo

[141] Eaba ba akha lotho ho bona ea nang le molato, eaba o oa ahloloa

[142] Tlhapi e kholo ea mo koenya, o ne a entse liketso tse mpe

[143] Hoja e ne e se e mong oa ba Tlotlisang Allah

[144] Ruri a ka be a lutse ka mpeng ea tlhapi eo ho fihlela Letsatsi la Tsoho

[145] Eaba Re mo lahlela kathoko lebopong la leoatle, a kula

[146] Ra etsa hore sefate sa mokopu se mele ho mo koahela

[147] Eaba Re mo romella har’a likete tse lekholo tsa batho kapa ho feta

[148] Ba ile ba kholoa; kahoo Re ile Ra ba neha monyaka oa nakoana

[149] Ak’u ba nonye maikutlo: “Mong`a lona U na le barali feela, ha bona ba na le bara

[150] Kapa e be Re hlotse manyeloi a basali ba le teng

[151] Ruri! Ke puo ea bohata ea hore

[152] “Allah U tsetse bana.” Empa ba leshano

[153] U ikhethetse barali ho ena le bara

[154] Ke eng ka lona? Le ahlola joang

[155] Ana le sa tla ke le amohele khalemo

[156] Kapa e be le na le matla a feletseng

[157] Hlahisang Lengolo la lona haeba le buoa ‘nete

[158] Ba qapile kamano ea mali lipakeng tsa hae le Li-Jinn, Li-Jinn tsona li tseba hantle hore li tla bokelloa kapel’a hae

[159] Tlotlo e be ho Allah, Khahlanong le lintho tseo ba mo kopanyang le tsona

[160] E seng makhabunyane a ‘nete a Allah

[161] Habane, ruri, ha se lona kapa tseo le li khumamelang

[162] Tse ka ba hohellang tahlehong tseleng ea Allah

[163] Kantle le eo ebang o lokela ho ea cha Liheleng

[164] “Ha ho mong le mong oa rona ea se nang boemoba hae bo tsebahalang

[165] “Ruri, re eme ka mekhahlelo thapelong

[166] “Re ba reneketsang Lithoriso tsa Allah

[167] Ho teng ba neng ba re

[168] “Hoja e be re bile le molaetsa o tsoang ho tsoa melokong ea khale

[169] “Ruri! Re ka be re le makhabunyane a ‘nete a Allah.”

[170] Empa ba e latola: empa haufinyane ba tla tseba

[171] Lentsoe la Rona le ile la finyella ho makhabunyane a Rona khale-khale a neng a romiloe

[172] Hore ba tla thusoa

[173] Hore lebotho la Rona, – le tla hlola

[174] Ak’u ba furalle ha nakoana

[175] U ba shebelle; haufinyane ba tla bona

[176] Na ba lakatsa ho potlakela kahlolong ea Rona

[177] Empa hang ha e se e atametse haufi le bona, Ruri! Se tla nyonyeha e tla ba meso ea letsatsi leo ho ba ileng ba lemosoa

[178] Kahoo, ak’u ba furalle ha nakoana

[179] U ba shebelle; ba tla bona haufinyane

[180] Tlotla e be ho Mong`a hau! Mong`a Botlotlehi le Matla, U lokolohile ho tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona

[181] Khotso e be ho barumuoa

[182] Lithoriso li be ho Allah, Mong`a le Mots’ireletsi oa Mafats’e

Sad

Surah 38

[1] Sad: Ka Qura‘n e tletseng Khalemo

[2] Empa Mahana-tumelo ba nyeunya ka har’a Boikhohomoso le Karohano

[3] Ke meloko e mekae eo Re e ripitlileng pele ho bona? Qetellong e ileng ea lla – nakong eo ho neng ho se na nako ea ho pholoha

[4] Ba maketse ha mohlokomelisi ea tsoang har’a bona a tla ho bona, mahana-tumelo ba re: “Enoa ke moloi ea buang leshano.”

[5] “O etsa melingoana, ho ba `Mopi a le mong? Ruri! sena ke ntho e makatsang

[6] Eaba marena har’a bona a tsamaea, a re: “Tlohang le tsitlallele melingoaneng ea lona! Hobane Ruri! Sena ke ntho e reriloeng

[7] “Ha re ea s’o ka re utloa ka sena tumelong ea moraorao tjena: Sena empa e le boqapi

[8] “Eng! Molaetsa o senoletsoe eena – har’a rona?” Empa ba na le khoao Molaetseng oa Ka; Che ha ba es’o latsoe kahlolo ea Ka

[9] Kapa e be Matlotlo a Mong`a hau ke’a bona, Ea Matla Oohle, Mofani Oa Matlotlo ntle ho tekano

[10] Kapa e be puso ea maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa tsona ke tsa bona? Haba nyolohe ka lithapo

[11] Empa – ho tla phaphathehisoa lebotho la baikopanyi

[12] Pele ho bona ho bile ba latolang barumuoa, Batho ba habo Nooe, le Ba-‘Ad, le Faro ea neng a tsepamisitsoe ka botlalo

[13] Le Ba-Thamud, le batho ba habo Lota, le Balekane ba Moru; – kaofela ha bona e ne e le baikopanyi

[14] Kaofela ha bona ba ile ba latola baromuoa ba Ka, ka lebaka leo kahlolo ea Ka e ile ea finyella ho bona kantle le tika-tiko

[15] Ba naba mpaba emetse molumo o le mong feela, etsoe oa ke ke oa liehisoa

[16] Ba re: “Mong`a rona! Ak’u re potlakisetse boikarabellong pele ho Letsatsi la Pallo.”

[17] U be le mamello ka seoba se buoang, u hopole lekhabunyane la rona Davida ea neng a le matla. Hobane Ruri! O ne a sokolohela ho Allah ka boinyatso

[18] Ke Rona ba entseng hore lithaba li phete Lithoriso tsa Mong`a tsona le eena ha letsatsi le ea malikelong ho fihlela le chaba

[19] Le linonyana le tsona li tsa khobokana ‘moho: le eena li retelehela ho Allah

[20] Re ile Ra matlafatsa puso ea hae, le hona ho mo neha bohlale le eona puo e chorileng le qeto e batsi

[21] Na pale ea ba ba phehang khang e ile ea finyella ho uena? Kamoo ba ileng ba hloella holim’a lerako kateng, ba kena ka har’a ntlo ea sephiri

[22] Ba ile ba kena ka har’a ntlo ea Davida, a ts’oha ha aba bona. Ba re: “u se ke oa ts’oha! Re pheha khang ba babeli, e mong oa rona o foselitse emong, ahlola ka toka lipakeng tsa rona; u se be le ts’ekamelo; empa u re bonts’e Tsela e nepahetseng

[23] “Monna enoa ke ngoan’eso o na le linku tse ts’ehali tse mashome a robong a robileng mono o le mong, ha ‘na ke na le nku e le ngoe; joale o itse: “ke mo nehe eona, o nqhekeletse ka puo.”

[24] Davida a re: “u o qhekeletse haele mona a re u batla nku ea hau ho ekeletsa tsa hae, etsoe metsoalle e mengata ea hatellana, kantle le ba-kholoang le ho etsa liketso tse lokileng, empa ba a fokola.” O ile a noha hore haese be re ne re mo leka, eaba o kopa ts’oarelo ho Mong`a hae, a ba a inama, le hona ho ithapalatsa le ho inyatsa

[25] Kahoo, Re ile Ra mo ts’oarela seo; u bile le katleho ho Rona le eona pheletso e thabisang ea leeto

[26] Davida! Re u hlomamisitse ho ba motlotlehi lefats’eng; kahoo, ahlola lipakeng tsa batho ka toka, u se ke oa latela takatso e tla o lebatsa tsela ea Allah. Hobane ba hlahlathellang thoko le tsela ea Allah, kahlolo ea bona ke e ts’abehang, hobane ba lebala Letsatsi la Pallo.”

[27] Ha Re’a hlola leholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa ona ka bophoqo. Seo ke maikutlo a mahana-tumelo. Sekhobo se be ho mahana-tumelo ka lebaka la Mollo

[28] Na Re ka putsa ba-kholoang ba etsang liketso tse lokileng joaloka ba jalang pherekano lefats’eng? Re ka putsa ba nenang bobe, joaloka ba furallang botle

[29] Lena ke Lengolo leo Re u senoletseng lona, le tletseng mahlohonolo, hore ba tleba nahane lits’enolo tsa lona, le hona hore ba nang le kutloisiso ba tle ba amohele khalemo

[30] Re ile Ra sitsa Davida ka Solomone; – boipabolo ts’ebeletsong ea Rona! A retelehela ho Allah kamehla

[31] Bonang, ho kile ha tlisoa lipere tse thapisitsoeng, tse bileng li khethetsoeng kapel’a hae, e le thapama

[32] A re: “Ruri! Ke rata lerato la tse lokileng, ka khopolo ea Thoriso ea Mong’a ka;-” Ho fihlela letsatsi le likela kamor’a lesira

[33] “Li khutlisetseng ho ‘na” Eaba o qalella ho li pholla ka letsoho melaleng le litlhakong

[34] Re ile ra beha Solomome tekong: Ra beha setopo holim’a terone ea hae: empa a retelehela ho Rona

[35] A re: “Mong`a ka! nts’oarele, le hona ho mpha puso e ke keng ea ikarabella ho mong le mong kamorao ho ‘na. Hobane Ke Uena Mofani oa Matlotlo.”

[36] Kahoo, Re ile Ra beha moea tlas’a taolo ea hae, o neng o fokela moo a ratang teng tlas’a taelo ea hae

[37] Le holim’a liabolosi le liahi tsohle, le ho mong le mong

[38] Le ba neng ba tlamiloe ka mahlahlela ‘moho

[39] “Ena ke mpho ea Rona ho uena, kahoo ebang u ka fana ka eona, kapa oa e khoaela, u ke ke oa botsoa.”

[40] A nyakalla, ruri katamelo ho Rona, le sebaka se setle sa phomolo

[41] Hopola lekhabunye la Rona Jobo, Ha a ne a lla ho Mong`a hae: “Ea mobe o nts’etse ka sesila le mats’oenyeho.”

[42] Lentsoe la re ho eena: “Otla fats’e ka leoto la hau. Ha ts’akhunya Seliba, sena ke Seliba se pholileng molemong oa ho hlapa le ho hlabosa molemong oa ho noa.”

[43] Ra mo buseletsa lelapa la hae hape le ho le menahanya, – e le Mohau o tsoang ho Rona, ebile ele moqhaka ho batho ba utloisisang

[44] “Nka lehlokoa, e be u otla ka lona, u se ke oa roba boikano ba hau.” Ruri! Re ile Ra fumana a ena le mamello, e bile lekhabunyane le lokileng joang! O retelehela ho Mong`a hae kamehla

[45] Hopola makhabunyane a Rona Abrahama, Isaaka le Jakobo; banna ba neng ba le Matla le lipono

[46] Re ba khethetse ts’ebetso e hloekileng,-Ho phatlalatsa Molaetsa oa Bophelo Bo-tlang

[47] Hobane Ruri! Mahlong a Rona ke Bakhethoa, ba har’a ba Lokileng

[48] Hopola Ishmaele, Elisha le Zhu’l-kifl (isaia). Kaofela ba har’a ba Lokileng

[49] Sena ke Molaetsa. Ruri ba nenang bobe pheletso ea leeto la bona ke e thabisang

[50] Lirapa tsa Edene, mekoallo ea teng e buletsoe bona

[51] Kamoo teng ba tla phomola ha monate, ba feptjoe litholoana tse ngata le lino mapholi

[52] Haufi le bona etla ba basali ba hloekileng, ba lekanang lilemong

[53] Sena ke ts’episo eo le e etselitsoeng ka letsatsi la hlahlobo

[54] Ruri e tla be e le nala ea Rona; e ke keng ea thisa

[55] Empa haele baetsalibe ke sebaka se nyonyehang seo ba khutlelang ho sona

[56] Liheleng! – ba tla cha teng, – moalo o nyonyehang

[57] Kamoo teng ba tla latsoa metsi a belang, le mokekeli o mots’o, o lits’ila, o batang ha bohloko

[58] Le likahlolo tse ling tsa mefuta e tsoanang

[59] Lebotho le mahang le lona, le potlakileng! Ha ho kamohelo ho bona! Ruri ba tla cha Mollong

[60] “Che, empa ho lona bakhelosi, ho lona ha ho kamohelo. Ke lona ba re hlophisitseng sena. Joale, sebaka se nyonts’ang ke sena seo re leng ho sona.”

[61] Ba tla re: “Mong`a rona! Ak’u phaelle kotlo ea mollo ho mong le mong ea re hlophiselitseng sena!”

[62] Ba tla re: “Ho etsahatseng haele moo re sa bone batho bao re neng re ba balla har’a ba babe?”

[63] “Re ile ra ba nyatsa, kapa mahlo a rona a ne a sa ba bone hantle?”

[64] Ruri! Seo ke ‘nete: ea phehisano ea balekane ba Mollo

[65] E re: “‘Na ke moeletsi: ha ho `Mopi e mong ntle ho Allah, Ea Inotsi, Motlotlehi, Ea Matla Oohle

[66] “Mong`a maholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng, Ea Matla Oohle, Ea Etsang Thato Ea Hae, Ea Ts’oarelang-joalo-joalo.”

[67] E re: “Seo ke Molaetsa o moholo

[68] “Oo le o furallang

[69] “Ha ke na tsebo ka manyeloi, ha a buisana

[70] “Ho mpang ho senotsoe ho ‘na ke hore ke tle ke fana ka keletso e hlakileng ponts’eng.”

[71] Bona! Mong`a hau A re ho manyeloi: “Ke na le morero oa ho bopa motho ka letsopa

[72] “Hang ha ke se ke qetile ho mo neha sebopeo le ho bululela moea oa Ka ka ho eena, le oele fats’e kapel’a hae le ithapalatse.”

[73] Manyeloi a ile a oela fats’e a ithapalatsa kaofela

[74] Kantle le Iblis; a ikhohomosa, ea eba e mong oa ba latolang Tumelo

[75] Allah A re: “Ke eng se u thibetseng ho ithapalatsa kapel’a seo ke se bopileng ka matsoho a Ka. Ana u moikhantsi ea mokakang, kapa u ipona u phahame ka ho fetisisa?”

[76] Iblis a re: “ke betere ho mo feta. U mpopile ka mollo, eena o ‘mopile ka letsopa.”

[77] Allah a re: “Tloha mona, hobane o ea lelekiloeng, ea rohakehileng

[78] Thohako ea ka e holim’a hau ho fihlela Letsatsi la Kahlolo.”

[79] Iblis a re: “Mong`a ka! Ak’u mphe nyehlisetso ho fihlela mohla letsatsi leo ba tlang ho tsosoa ka lona.”

[80] Allah a re: “Ke u nehile nyehlisetso

[81] “Ho fihlela letsatsi la pallo.”

[82] Iblis a re: “Joale, ka matla A Hau; Ruri! Ke tla thetsa e mong le e mong

[83] Ntle le makhabunyane a hau a ‘nete, a hloekileng.”

[84] Allah A re: “Ha ho be joalo-Ke buoa ‘nete

[85] “Ke tla tlatsa lihele ka uena ‘moho le bohleba tla u sala morao.”

[86] E re: “Ha ho moputso oo ke u ba tlang ka sena, kapa eena moikaketsi.”

[87] “Sena ke molaetsa ho batho bohle

[88] “Le tla tseba ‘nete ea eona kamora nako”

Mekha

Surah 39

[1] Ts’enolo ea

[2] Ruri Re u senoletse

[3] Ha se Allah Eo A tsoanetsoeng ke lerato la ‘nete? Empa haele ba ikhethelang bats’ireletsi kathoko ho Allah(ba re): “Re mpa re ba sebeltsa molemong oa hore ba tle ba re atametse haufi le Allah.” Ruri! Allah U tla ahlola lipakeng tsa bona malebana le tseo ba fapanang ka tsona. Hobane! Allah ha A tataise motho ea leshano, ea hlokang teboho

[4] Hoja e be Allah U ne A ratile ho ikhethela mora, A ka be A ikhethetse eo A khahloang ke eena ho bao A ba hlotseng: empa tlotla e be ho Eena! Ke Eena Allah, Ea Inotsi, Ea Matla Oohle

[5] Ke Eena Ea hlotseng maholimo le lefats’e ka ‘nete. Ke Eena Ea etsang hore bosiu bo sehe mots’eare tsebe, mots’eare hore o sehe bosiu tsebe, A ba A tsepamisa letsatsi le ngoeli ho ba tlas’a taolo, e ngoe le e ngoe e tsamaea mocheng oa pallo. Na ha se Eena Ea Matla Oohle, Ea Ts’oarelang joalo joalo

[6] O le hlotse ho tsoa mothong a le mong, ka eena motho eo U etsa molekane oa hae; le hona ho le sitsa ka mohlape oa mefuta e robeli. U le hlotse ka har’a limpa tsa bo-’ma’ lona, tlholeho kamor’a tlholeho, ka har’a masira a phaeletsoeng hararo a fifetseng. Ke Eena Allah, Mong`a lona. Ke Eena ‘Musi. Ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Joale, hobaneng ha le furalla `nete

[7] Haeba le latola, Allah ha A le hloke, ebile ha A khahloe ke ho hloka teboho ha makhabunyane a Hae; empa haeba le fana ka liteboho, U khahloa ke lona. Ha ho moea o jereng o ka jarang mojaro oa o mong. Le tla khutlela ho Mong`a lona; U tla le bolella tsohle tseo le neng le li etsa. Hobane U tseba tseo lifuba tsa batho li li jereng

[8] Ha bomalimabe bo aparela motho, o bitsa ho Mong`a hae ka ts’okoloho le boinyatso. Empa hang hoba A mo nehe molemo o tsoang ho Eena, eba o iteballa ka seo a neng a se rapella pele, a be a iketsetse melingoana khahlanong le Allah, kahoo a khelose batho tseleng ea Allah. E re: “Nyakalla nyelisong ea hau ha nakoana. Hobane u e mong oa balekane ba Mollo.”

[9] Na ea rapelang ka ‘nete bosiu, a khumame kapa a eme, ea hopolang Bo-tlang, ea behang ts’epo ea hae mohaung oa Mong`a hae(a ka ts’oana le’a sa etseng joalo?)E re: “Na ba ea lekana: ba tsebang le ba sa tsebeng?” Ke ba filoeng kutloisiso, ba amohelang khalemo

[10] E re: “Oho lona makhabunyane a Ka a Kholoang! Ts’abang Mong`a lona. Mpho e molemo ke ea ba etsang botle lefats’eng lena, Lefats’e la Allah le pharaletse! Ba tsitlallelang ka mamello ba tla amohela moputso o se nang tekanyo.”

[11] E re: “Ke laetsoe ho sebeletsa Allah ka lerato la sebele

[12] “Ke laetsoe ho ba oa pele har’a ba ithapalatsang ka pela Allah Islamong.”

[13] E re: “Ka mohlomong, haeba ke koenehetse Mong’a ka, ruri ke ne ke tla ba le ts’abo ea Kotlo ea Letsatsi le Leholo.”

[14] E re: “Ke Allah Eo ke Mo sebeletsang ka lerato la sebele

[15] “Sebeletsang seo le se ratang ka ntle ho Eena. E re: “Ruri ba tahlehong ke ba lahleheloang ke meea ea bona le mehahabo bona ka Letsatsi la Kahlolo: seo ka ‘nete ke tahleho e pepenene!”

[16] Ba tla apareloa ke lesira la mollo ka holim’a bona le ka tlas’a bona. Ka sena Allah U hlokomelisa makhabunyane a Hae. “Oho makhabunyane a Ka, ebang le ts’abo ho ‘Na!”

[17] Ba nenang bobe, – ba sa bo khumamele, – ba retelehela ho Allah ka boinyatso, – ho teng litaba tse molemo sebakeng sa bona. Kahoo, phatlalatsa litaba tse molemo ho makhabunyane Ka

[18] Ba mamelang lentsoe, ba latela se molemo ho lona: bao ke ba tataisitsoeng ke Allah, ke ba filoeng kutloisiso

[19] Na, joale ea tobiloeng ke kahlolo e mo ts’oanetseng, na u ka mo pholosa Mollong

[20] Empa sebakeng sa ba ts’abang Mong’a bona ho teng meaho e phahameng mekato kaholima e meng, e ahiloeng: eo tlasa eona ho phallang linoka: ts’episo ea Allah: Allah ha A hloloe ts’episong ea Hae

[21] Ha u bone kamoo Allah a romellang pula ho tsoa marung, A etsang hore liliba li ts’akhunye fats’e? Ebe U melisa lijalo ka mebala ho fapana; ebe li’a bajoa, u li bone li eba ts’ehla; ebe li’a omell, li foforehe. Ruri! ho sena, ke Molaetsa oa khopotso ho batho ba kutloisiso

[22] Na eo Allah A entseng hore pelo ea hae e amohele Islam, hore e be o amohetse leseli le tsoang ho Allah, (a ka ts’oana le ea thatafalitseng pelo?) Sekhobo se be ho bao lipelo tsa bona li thatafalitsoeng khahlano le ho keteka lithoriso tsa Allah. Ba tahlehong e totobetseng

[23] Allah U senotse Molaetsa o hlakileng, ka sebopeho sa Lengolo, le topileng, le phetang(thuto ea lona ka litsela tse fapaneng), matlalo a ba ts’abang Mong’a bona a ea thothomela; e be lipelo le matlalo a bona li’a nolofala ketekong ea lithoriso tsa Allah. E joalo tataiso ea Allah: U tataisa ea khahloang ke eena, empa eo Allah a mo lesang tahlehong, ha ho ea mo tataisang

[24] Na joale, ea tamehang ho ts’aba lets’oao la kahlolo ka Letsatsi la Kahlolo sefahlehong sa hae,(a ka ts’oana le a ts’irelelitsoeng ho se joalo)? Ho tla thoe ho baetsalibe:” Latsoang seo le se sebelelitseng.”

[25] Ba bileng teng pele ba latotse, eababa oeloa ke kahloloba ntseba sa tsebe letho

[26] Ke kamoo Allah a ba nehileng tatso ea tlotlollo bophelong bona, empa kahlolo e kholo ke ea Bo-tlang, hoja ba ne ba tseba

[27] Ruri! Re sibuletse batho lipapiso ka mefuta ka har’a Qura’n, hore bat le ba amohele khalemo

[28] Qura’n ea Se-Arab, e sa khopamang, e le hore ba tle ba its’ireletse bobeng

[29] Allah U sibolla papiso: motho ea ikarabellang batlatsetsing ba bangata, ba qoaketsanang, le motho ea ikarabellang ho Mong’a hae A le mong. Na bobeli ba ea lekana ha ba bapisoa? Thoriso e be ho Allah! Empa bongata ba bona ha bo na tsebo

[30] Ruri! U tla shoa, le bona ba tla shoa

[31] Qetellong lona bohle, ka Letsatsi la Kahlolo, likhang tsa lona lit la khaoloa ka pela Mong’a lona

[32] Ke mang ea etsang phoso e fetisisang ho feta ea buang leshano ka Allah, le ho latola ha e fihla ho eena, na ha ho na bolulo Liheleng bo loketseng banyefoli

[33] Ea tlisang ‘nete ebe o oa e tiisa – bao ke batho ba etsang botle

[34] Bat la fumana tsohle tseo ba li labalabelang, kapel’a Mong’a bona: oo ke moputso oa ba etsang botle

[35] Allah U tla hlakola libe tsa bona, e be U ba neha moputso oa bona ho latela bottle boo ba bo entseng

[36] Allah ha A lekana ho lekhabunyane la Hae? Empa ba leka ho u ts’osa ka melingoana e meng kathoko ho Eena! Hobane bao Allah A ba lesang ho lahleha, ha ho ea ka ba tataisang

[37] Eo Allah A mo tataisang, ha ho ea ka mo khelosang. Ha se Allah Ea Matla Oohle, Mong’a Kahlolo

[38] Haeba ruri u ba botsa hore na ke mang ea hlotseng maholimo le lefats’e, ba tla re: “Ke Allah.” E re: “Lea bona? Lintho tseo le bitsang ho tsona ntle ho Allah, – Na li ka thibela Kotlo, haeba Allah a nkabetse Kotlo? – Kapa A nkabetse Mohau Oa Hae, na li ka thibela Mohau Oa Hae?” E re: “Allah U ntekane. Bohle ba nang le ts’epo ba behe ts’epo ea bona ho Eena.”

[39] E re: “Oho Batho ba heso! Etsang ka moo le khonang: ke tla etsa karolo ea ka. Empa haufinyane le tla tseba

[40] “Ke mang eo kahlolo e tlontlollang e tlang ho mo oela, le eo a tlang ho oeloa ke kahlolo e sa feleng.”

[41] Ruri Re senotse

[42] Ke Allah Ea nkang meea nakong lefu, le ea ba shoeng ba robetse: bao taelo Ea Hae ea lefue ba amang, U boloka meea ea bona, empa bohle U ea ba tsosa, ho fihlela letsatsi la psllo. Ruri ho sena ke lits’upiso ho ba nahanang

[43] Eng! Ba nka baemeli kantle ho Allah. E re: “Le hoja ba se na matla ho hang, le bona bohlale?”

[44] E re: “Boemeli bohle ke ba Allah. `Muso oa maholimo le lefats’e ke oa Hae. Qetellong, ke ho Eena moo le tlang ho busetsoa teng.”

[45] Ha ho buoa ka Allah a Inots’i, lipelo tsa ba sa kholoeng bophelong Bo-tlang li tlala lehloeo le letsoalo, empa ha ho buoa ka melingoana ea bona li ea thaba

[46] E re: “Oho Allah! `Mopi oa maholimo le lefats’e! Motsebi oa tsohle tse sa bonoeng le tse pepenene! Ke Uena Ea tla ahlola lipakeng tsa makhabunyane a Hau litabeng tseo ba neng ba fapana ka tsona”

[47] Le haeba baetsalibe ba ne ba ena le tsohle tse teng holim’a lefats’e, le ho feta moo; Ruri le ha ba ne ba ka fana ka tsona e le tefo ho qoba kahlolo e ts’abehang; ho tla hlahela kapel’a bona se tsoang ho Mong`a bona seo ba neng ba sa se lebella

[48] Bobe ba liketso tsa bona bo tla ba tjamela, ba tla kopeloa har’e ke seo ba neng ba se soma

[49] Motho ha a hlaheloa ke bomalimabe, o bitsa ho Rona: kamor’a hoba Re mo sitse ka molemo o tsoang ho Rona, a re: “Sena ke se filoe ka lebaka la tsebo eo ke nang le eona! Che, empa e le teko feela, le hoja bongata bo sa utloisise

[50] Joalo ka ha meloko e bileng teng pele ho bona e ile ea rialo! Empa tsohle tseo ba li entseng ha li’a ba tsoela molemo

[51] Che, litla-morao tse mpe tsa liketso tsa bona li ile tsa ba harinya. Le baetsalibe ba letlobo lena – litla-morao tse mpe tsa liketso tsa bona haufi li tla ba harinya; ba ke ke ba ferekanya merero ea Rona

[52] Na ha ba tsebe hore Allah U lelefatsa nala ho eo a khahloang ke eena, le hona ho e khutsufatsa mabapi le eo a khahloang ke eena. Ruri, ho sena ke lits’upiso ho ba-kholoang

[53] E re: “Oho lona makhabunyane a ka a tlotseng meeli khahlano le meea ea bona! Le se ke la nyahama malebana le mohau oa Allah, Hobane Allah U Ts’oarela libe tsohle. Hobane U Ts’oarelang-joalo-joalo, U Tletse Mohau

[54] “Retelehelang ho Mong’a lona, le ikokobetse thatong Ea Hae, pele Kahlolo e fihla ho lona: Kamorao ho moo le ke ke la fumana thuso

[55] “Le latele tataiso e molemo ea seo le se senoletsoeng se tsoang ho Mong`a lona, pele kotlo e finyella ho lona – ka sekhahla le ea s’o elelloe letho

[56] “Esere moea oa tloha oa re: “Ah, ke aparetsoe ke masoabi! – hobane ha kea ka ka tsotella Allah, Ruri! Ke bile mokhatlong oa basomi

[57] “Kapa e be o re: “Hoja e be Allah U ile A ntataisa, nka be ke le har’a ba lokileng!”

[58] Kapa e be o re, nakong eo o bonang Kahlolo: “Hoja ke ne nka fumana monyetla oa bobeli, ke ne ke tlaba har’a ba etsang botle!”

[59] (Karabo e tla ba:) “Che, lits’enolo tsa Ka li ile tsa finyella ho lona, empa le ile la li latola: la ikhohomosa, la eba mokhatlong oa ba latolang Tumelo.”

[60] Mohla Letsatsi la Kahlolo o tla bona bohle ba ileng ba qapa mashano khahlano le Allah; – lifahleho tsa bona lit la ba Nts’o. Na lehae la Baikhohomosi ha le Liheleng

[61] Empa Allah U tla lebisa ba lokileng sebakeng sa bona sa pholoho; ha ho bobe bo tla ba thetas, kapa eona mesarelo

[62] Allah ke `Mopi oa lintho tsohle le Eena Moalosi le Mophethisi oa litaba tsohle

[63] Linotlolo tsa maholimo le lefats’e ke tsa Hae; ba latolang Lits’enolo tsa Allah – Ke bona ba tla ba tahlehong

[64] E re: “Ho na le eo le ntaelang hore ke mo khumamele kantle ho Allah, lona maoatla?”

[65] Empa ho senotsoe ho uena, – le ho ba bileng teng pele ho uena, –: “Haeba o kopanya Allah le melingoana, Ruri! ts’ebeletso ea hau e tla fetoha lefeela u tla ba har’a ba lahlehetsoeng’’

[66] Che, empa khumamela Allah; u be har’a ba fanang ka liteboho

[67] Ha ba hakanyetse Allah ka mokhoa oo A lokeloang ho ba kateng, mohla Letsatsi la Kahlolo lefats’e lohle le tla fella ka har’a seatla sa Hae, maholimo ona a tla phuthelloa ka har’a seatla sa Hae se setona. Tlotla e be ho Eena! Ea Phahameng ka ho fetisisa ho tsohle tseo ba li manehang ho Eena

[68] Terompeta e tla letsoa, lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li tla shoshopana, kantle le bao ebang Allah U khahloa ke bona. Ha e lla lekhetlo la bobeli, ke moo ba tlang ho ema lipasha

[69] Lefats’e le tla phatsima ke khanya ea Mong`a lona le lona Lengolo le tla manolloa, baporofeta le lipaki ba tla bokelloa, e be ho ahloloa lipakeng tsa bona ka ‘nete kantle le qhekello

[70] Moea ka mong o tla lefshoa ka botlalo seo o se entseng. Etsoe Allah U Tseba ka botlalo tseo ba li etsang

[71] Mahana-tumelo ba tla qhobeloa Liheleng ka mats’oele-ts’oele: ho fihlela ba il’o fihla ho tsona, e be mekoallo e ea buloa, baalosi ba teng ba tla re: “Baromuoa ba habo lona ha ba ka ba finyella ho lona, ba le phetela lits’enolo tsa Mong`a lona le ho le hlokomelisa ka kopano e ea letsatsi la lona? Ba tla re: “E, Ruri! Empa lentsoe la kahlolo le phethahetse khahlanong le mahana-tumelo.”

[72] Ho tla thoe (ho bona): “Kenang mekoallong ea Lihele, kamoo le tlang ho phela kateng. Ruri! Se nyonts’ang ke lehae la baikhohomosi.”

[73] Ba ts’abang Mong`a bona ba tla qhobeloa kahar’a Serapa ka mats’oele-ts’oele: ho fihlela ba fihla ho sona; e be mekoallo ea teng e ea buloa, baalosi ba sona ba tla re: “Khotso e be le lona! Lona le ba hloekileng, kahoo kenang kahar’a Serapa moo le tlang ho phela kateng.”

[74] Ba tla re: “Thoriso e be ho Allah, Ea phethahalitseng ts’episo ea hae ho rona le hona ho re etsa majalefa a naha ena. Re tla phela hohle moo re labalabelang kahar’a serapa sena. Se babatsehang ke moputso oa basebetsi!”

[75] U tla bona manyeloi a pota-potile Terone, a bina lithoriso tsa Mong`a ona. Libopuoa tsohle li tla ahloloa ka nepo. Lentsoe le tla re: “Thoriso e be ho Allah, Mong`a Mafats’e

Motšoareli

Surah 40

[1] Ha. Mim

[2] Ts’enolo ea

[3] Ea ts’oarelang Libe, Moamoheli oa Boinyatso, Ea Tsitlallelang Kahlolong, eo nala ea Hae e Khaphatsehang. Ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Pheletso ea leeto la rona e ho Eena

[4] Ha ho ope ea ka latolang lits’enolo tsa Allah kantle le mahana- tumelo, se thetsoe ke ha ba ntse ba nyolosa ba theosa lefats’eng ka boikhohomoso

[5] Batho ba habo Nooe le baikopanyi ba bileng teng pele ho bona ba ‘nile ba latola baromuoa, Sechaba se seng le se seng se ile sa ithera khahlano le moporofeta oa sona, ho mo tsometsa, le ho pheha khang ka leshano, ka monahano oa ho phehisa ‘nete. Kahoo, Ke ile Ka ba tsometsa, kotlo ea ka ebile e ts’abehang

[6] Ke kamoo lentsoe la Mong`a hau le ileng la phethahala kateng khahlanong le mahana-tumelo: hore ruri ke Balekane ba Mollo

[7] Ba kakatletseng Terone le bohle ba e pota-potileng, ba pheta Lithoriso le Tlotla tsa Mong`a bona: ba kholoa ho Eena, ba kopela ba-kholoang ts’oarelo: “Mong`a rona! Ke Uena Ea etselitseng lintho tsohle lesakana-la-nkope ka Mohau le Tsebo, kahoo ts’oarela bohle ba sokolohang, ba latela tsela ea Hau. Ak’u ba qobise Kahlolo ea Lihele

[8] “Mong`a rona! U be U etse hore ba tle ba kene kahar’a Serapa sa Edene seo U ba ts’episitseng sona le har’a bo-ntat’a bona ba ileng ba etsa toka, basali ba bona, le litloholo tsa bona. Hobane ke Uena, Ea Matla Oohle, Ea Seli

[9] U ba sireletse bobeng; etsoe mong le mong eo U tlang ho mo sireletsa bobeng Letsatsing leo, – Ke eo U tla beng U mo sikile ka Mohau: Seo e tla be e le katleho e babatsehang.”

[10] Mahana-tumelo ba tla buisoa joana: “Lehloeo la Allah ke le ts’abehang ho feta lehloeo leo lona le hloeaneng ka lona, hobane nakong eo le neng le bitsetsoa Tumelong le ne le nyelisa.”

[11] Ba tla re: “Mong`a rona! U entse hore re shoe habeli, le hona hore re tsohe habeli. Hajoale re lemohile libe tsa rona: Na ha ho monyetla oa hore re phonyohe?”

[12] (Karabo e tla ba): “Sena ke hobane, ha ho ne ho bitsoa ho Allah, le ile la latola Tumelo, empa ha batlatsetsi ba kopang’oa le Eena, le ile le kholoa! Taelo e tsoa feela ho Allah, Ea Phahameng, Motlotlehi.”

[13] Ke Eena Ea le bonts’ang Lits’upiso tsa Hae le ho le romella nala e tsoang marung. Empa ke ba amohelang khalemo ba sokolohelang ho Eena

[14] Kahoo, bitsang ho Allah, ka lerato la sebele ho Eena, le haeba Mahana-tumelo a ka e hloea ha kakang –

[15] Ke Allah Mookameli oa maemo oohle Mong`a Terone. U romela moea oa ts’usumetso ka Taelo ea Hae ho ea khahloang ke eena har’a makhabunyane a Hae, hore a tle a hlokomelise batho ka Letsatsi la Kopano

[16] Letsatsi leo ka lona ba tla hlahella pooaneng: ha ho letho la bona le tla pateha ho Allah. Puso e tla ba ea mang Letsatsing leo? Ea Allah, Ea Inots’i, Ea Matla Oohle

[17] Letsatsing leo moea ka mong o tla ho lefshoa seo o se kotutseng; ha ho bolotsana bo tla etsoa Letsatsing leo. Hobane Allah U akofela boikarabellong

[18] Ba hlokomelise ka letsatsi le ntseng le atamela, mohla Lipelo li tla khama liqoqotho; ho ke ke haeba le ‘muelli kapa motsoalle eo baetsalibe ba tla ba le eena, ea tla mameloa

[19] Allah U tseba se ekang mahlo le se patiloeng ke lifuba

[20] ‘Allah U tla ahlola ka ‘Nete; Empa ba bitsoang kathoko ho Eena ha ban a hoba maemong a ho ahlola ho hang. Ruri Allah U utloa tsohle, U bona tsohle

[21] Na ha ba hahlaule le lefats’e hore ba bone seo ebileng pheletso ea bileng teng pele ho bona? Ba neng ba le matla a fetang a bona le mehlaleng eo ba e siileng lefats’eng. Allah U ile A ba biletsa kahlolong ho latela libe tsa bona, ha ho oa ba le mosireletsi khahlano le Allah

[22] Hobane baromuoa ba bona ba tlile ho bona ka lits’upiso tse hlakileng, empa ile ba ba latola; kahoo Allah U ile biletsa kahlolong. Hobane U Matla Oohle, U Tsitlallela Kahlolong

[23] Re ile ra romella Moshe ka lits’enolo tsa Rona le matla a hlakileng

[24] Ho Faro, Hamana le Karun, empa ba ile ba ‘mitsa: “moloi ea buang leshano!”

[25] Eitse hoba a tle ho bona ka `Nete e tsoang ho Rona, ba re: “Bolaeang bara ba bohle ba-kholoang le eena, le lese barali ba bona.” Empa morero oa mahana-tumelo ha se letho haese feela linyonts’a

[26] Faro a re: “Nteseng ke bolaee Moshe, le mo lese ho bitsa ho Mong`a hae! Ke na le ts’abo ea hore mohlaope a fetola tumelo ea lona, kapa mohlomong a baka mofere-fere ka har’a naha.”

[27] Moshe a re: “Ruri! Ke bitsitse ho Mong`a ka le Mong`a hau khahlano le moikhants’i ofe kapa ofe ea sa kholoeng Letsatsi la Pallo

[28] Monna ea kholoang har’a sechaba sa Faro, ea neng a patile Tumelo ea hae, a re, o: “U bolaea motho hobane a re: “Mong`a ka ke Allah?’ – Ea u tliselitseng lits’upiso tse hlakileng tse tsoang ho Mong`a hau? Ha feela eba a le leshano, leshano la hae le tlaba holim’a hae; empa haeba a bua ‘nete, tse ling tsa lintho tseo ebang o u hlokomelisa ka tsona, li tla o aparela; ruri! Allah ha A tataise motho ea tlolang meeli le ea leshano

[29] “Oho batho ba heso! Puso ke’a lona kajeno: le na le matla ka har’a naha. Empa ke mang ea tlang ho re pholosa khahlano le khalefo ea Allah haeba e ka re oela?” Faro a re: “Ke mpa feela ke le bonts’a seo ke se nahanang, ke bile ke le tataisetsa feela tseleng e nepahetseng.”

[30] Eaba monna ea kholoang o re: “Oho batho ba heso! Ke na le ts’abo ka sekhobo se ts’oanang le se kileng sa oela ba ikopanyi ba khale-khale

[31] “Sekhobo se ts’oanang le sa batho ba habo Nooe, Ba-Ad, Ba- Thamude le ba bileng teng kamor’a bona, empa Allah ha A lakatse khanyapetso makhabunyaneng a Hae

[32] “Oho batho ba heso! Ke na le ts’abo ea Letsatsi la Pitso khahlano le lona

[33] “Letsatsing leo le tla ho furalla le balehe: le tla hloka mots’ireletsi khahlano le Allah: mong le mong eo Allah A mo lesang ho kheloha, a ke a fumana tataiso

[34] “Le Josefa o ile a tla ho lona ka lits’upiso tse hlakileng, empa ha le’a ka la khaotsa ho ba le khoao ho tseo a neng a le tletse tsona, ho fihlela a le makhatheng a lefu, eaba o re: “Ruri! Allah A ke ke A hlotse A romella moromuoa ofe kapa ofe kamor’a hae.” Ke kamoo Allah A lesang ea nang le khoao ho kheloha kateng

[35] Ba ngangisanang ka lits’enolo tsa Allah ho se matla a finyeletseng ho bona, Ketso ea bona e mpe le ho nyonyeha mahlong A Allah le mahlong a ba-kholoang. Ke kamoo Allah a kabang lipelo tsaba ikhants’i le ba tlolang meeli kateng.”

[36] Faro a re: “Hamana! Nkahele tora, hore ke tle ke fihlele litsela le mekhoa

[37] “Litsela le mekhoa ea ho fihla maholimong, hore ke tle ke fihlele `Mopi oa Moshe: empa ho ea ka ‘na ke nahana hore Moshe o leshano!” Ke kamoo ho ileng hoa etsoa hore liketso tsa Faro li shebahale li khahla mahlong a hae, o ile a thibeloa ho kena tseleng e nepahetseng. Morero oa Faro o ile oa fella ts’enyehong

[38] Monna ea kholoang a re: “Batho ba heso! Ntateleng. Ke tla le tataisetsa tseleng e nepahetseng

[39] “Batho ba heso! “Bophelo ba lefats’e lena ha se letho haese monyaka oa nakoana, bophelo Bo-tlang bona, ke Lehae le ke keng la feela

[40] “Ea etsang liketso tse soabisang, o tla una molemo o ts’oanang le seo a neng a se etsa, empa ea etsang toka eka ba monna kapa mosali, ebile ele ea kholoang, ba joalo ba tla kena ka har’a Serapa, moo ba tla fumana phepo e se nang tekano

[41] “Batho ba heso! “Ho tla joang hore ke le bitsetsa pholohong lona le mpitsetsa Mollong

[42] “Le nkhothaletsa ho nyefola Allah le ho mo kopanya le batlatsetsiba bao ke senang tsebo ka bona: ha ‘na ke le bitsetsa ho Ea Matla Oohle, Ea Ts’oarelang joalo-joalo!”

[43] “Kantle ho khoao eo le mpitsetsang ho eena ha a na tokelo ea ho biletsoa ho eena, lefats’eng lena, kapa bophelong Bo-tlang, bohle re tla boela ho Allah; Batloli ba meeli etla ba Balekane ba Mollo

[44] “Haufi le tla hopola seo ke le bolellang sona. Ke rolela moroalo oa ka ho Allah. Hobane Allah ke Molisa oa makhabunyane a Hae.”

[45] Allah U ile a mo lopolla linyonts’eng tseo ba neng ba li rerile mabapi le eena, Empa bohale ba Kahlolo ba kopela Batho ba Faro ka mahlakore oohle

[46] Ba tla bokelloa kapel’a mollo hoseng le mats’iboea; Letsatsing leo Kahlolo e tlang ho phethahatsoa ka lona,: “Akhelang batho ba habo Faro ka har’a kahlolo e ts’abehang.”

[47] Ba tla ngangisana ka har’a mollo, ba fokolang ba tla re ho ba neng ba ikhohomosa: “Ruri! Re ne re le balateli ba lona: ka lebaka leo, ak’u re fokoletseng, karolo e ng’oe ea Mollo ebe ho lona?”

[48] Ba neng ba ikhohomosa ba tla re: “Re ‘moho kaofela mollong ona. Ruri! Allah U ahlotse lipakeng tsa makhabunyane a Hae.”

[49] Ba ka har’a Mollo ba tla re ho Baalosi ba Lihele: “Rapelang Mong`a lona hore A ke A re bebofaletse kahlolo ena letsatsi feela.”

[50] Ba tla re: “Na baromuoa ha ba ea fihla ho lona ka lits’upiso tse hlakileng? ba tla re: “E, Ruri.” Bat la araba: “Joale, rapelang, le hoja thapelo ea ba hlokang tumelo e se letho haese joalo ka ea hlahlathellang thoko.”

[51] Kantle ho khoao Re tla thusa baromuoa ba Rona, le bohle ba-kholoang bophelong ba lefats’e lena le mohla letsatsi leo ka lona Lipaki li tlang ho hlahella, –

[52] Letsatsing leo ho kopa ts’oarelo hoa bona ho ke keng ha thusa baetsalibe, thohako ke’a bona le lona Lehae la Ts’otleho

[53] Re ile Ra fana ka Tataiso ho Moshe, eaba Re hlomamisa bana ba Israele ho ba majalefa a Lengolo, –

[54] Tataiso le Molaetsa ho batho ba nang le kutloisiso

[55] Mamella, u tsitlalle: Hobane ts’episo ea Allah ke ‘nete: U kope ts’oarelo khahlano le sebe sa hau, u phete lithoriso tsa Mong`a hau bosiu le mots’eare

[56] Ba ngangisanang ka lits’enolo tsa Allah ho se matla a finyeletseng ho bona, ha ho letho ka har’a lifuba tsa bona haese boholo boo ba ke keng ba bo fihlela. Kopa ts’ireletso ho Allah. Hobane ke Eena, Ea utloang tsohle, Ea bonang tsohle

[57] Ruri! Tlholeho ea maholimo le lefats’e e kholo haholo ho feta tlholeho ea batho; empa bongata ba batho ha bo na kutloisiso

[58] Sefofu ha se ts’oane le ea bonang, ka ho ts’oana le ba-kholoang, ba etsa liketso tse lokileng; ha ba ts’oane le baetsalibe. Le ithuta hanyane ka khalemo

[59] Ruri! Hora eona e ea tla, ha ho khoao; le hoja bongata ba batho bo sa kholoe

[60] Mong`a lona U re: “Bitsang ho ‘Na, Ke tla araba thapelo ea lona. Empa ba ikhomosang ho ka Nts’ebeletsa, ruri ba tla iphumana ka har’a lihele – ba tlontlolehile.”

[61] Ke Allah Ea le hlophetseng bosiu, hore le tle le phomole ka bona le hore le tle le bone mots’eare. Ruri! Allah U Tletse Nala le Mohau ho batho: empa boholo ba batho bo hloka liteboho

[62] Eo ke Allah, Mong`a lona, `Mopi oa lintho tsohle. Ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Joale, hobaneng le khelohile ‘Neteng

[63] Ke kamoo ba khelohileng ba latolang Lits’enolo tsa Allah

[64] Ke Allah Ea hlophisitseng lefats’e hoba sebaka sa lona sa phomolo le maru hoba sekhele, U le bopile esita le ho le neha libopeho tse ntle; U le sitsitse ka lintho tsohle. Eo ke Allah, Mong`a lona. Tlotla e be ho Allah, Mong`a Mafats’e

[65] Ke Eena Ea Phelang. Ha ho `Mopi ntle ho Eena. Kahoo, Bitsang ho Eena, le Mo nehe lerato la sebele. Thoriso e be ho Allah, Mong`a Mafats’e

[66] E re: “Ke hanetsoe ho bitsa ho bao le btsang ho bona ntle ho Allah ho tloha mohla lits’upiso tse hlakileng li neng li finyella ho ‘na tse tsoang ho Mong`a ka, ke bile ke laetsoe ho inehela ho Mong`a Mafats’e

[67] Ke Eena ea le hlotseng ka lerole, le ka lerotholi la there, la fetoha lehloele, lehloele la hlaha e se e le ngoana, eaba o’A le holisa ho fihlela lilemo tsa bohlankana, kamor’a mona le tla fetoha maqhekoana – le hoja ba bang ba lona ba shoa ba es’o fihlele lilemo tsena – ho fihlela le finyella nakong ea pallo, hore le tle le utloisise

[68] Ke Eena Ea fanang ka bophelo le lefu. Ha A na le morero, U re feela ho ona: “Eba teng!” O fele o be teng

[69] Na ha le es’o bone kamoo ba ngangisanang ka Lits’enolo tsa Allah? Ba khelohang kateng? –

[70] Ba latolang Lengolo le molaetsa oo Re o romeletseng baromuoa ba Rona: Empa haufi ba tla tseba, –

[71] Mohla lijoko li tla beng li le melaleng ea bona le liketane: ba tla hulang’oa

[72] Ka har’a metsi a nkhang, a belang; ba tla chesoa ka har’a Mollo

[73] Ho tla thoe ho bona: “E kae melingoana eo le neng le tloaetse ho khumamela –

[74] “Khahlanong le Allah?” Ba tla araba: “E re phoqile; empa ho ne ho se letho leo re neng re bitsa ho lona pele.” Ke ka mokhoa oo Allah A lesang mahana-tumelo ho kheloha

[75] “Sena ke hobane le ne le nyakalla ka thabo lefats’eng limthong tse ling kantle ho ‘nete, le ne le qoetse boikhohomosong

[76] “Kenang mekoallong ea Lihele, moo le tlang ho phela kateng. Etsoe se nyonyehang ke lehae la baikhohomosi.”

[77] Kahoo tsitlalla ka mamello; Hobane ts’episo ea Allah ke ‘nete. Ebang Re ka u bonts’a karolo ea seo Re ba ts’episitseng sona, kapa ebang Re ka etsa hore u shoe ho ea ts’oana, ba tla boela ho Rona

[78] Re ‘nile Ra romella baromuoa pele ho uena, bao har’a bona Re ‘nileng Ra u phetela bona le bao Re sa kang Ra u bolella bona; ha ho oa fanoa ho moromuoa ofe kapa ofe tumello ea hore a ka hlahisa sesupo kantle le tumello ea Allah, empa hang ha taelo ea Allah e se e tlile, e be nyeoe eo e ahloloa ka toka, ba sesang har’a Mashano ba timelang hang

[79] Ke Allah ea le hloletseng Likhomo, hore le tle le palame tse ling tsa tsona, ha tse ling e le lijo –

[80] Le na le melemo e mengata ho tsona – le khotsofatsa lipelo tsa lona ka melemo ea tsona, e bile li jara meroalo ea lona le likepe ho le jara

[81] Ebile U le bonts’a Lits’upiso tsa Hae. Ke se sesupo se fe sa Allah seo u ka se latolang

[82] Na ha ba hahlaule le lefats’e ho bona pheletso ea ba bileng teng pele ho bona? Ba neng ba ba menahanya ka palo, ba le matla ho ba feta le mehlaleng eo ba e sileng lefats’eng: empa tsohle tseo ba neng ba e na le tsona ha li’a ka tsa ba thusa ka letho

[83] Hobane ha baromuoa ba bona ba tlisitse lits’upiso tse hlakileng tsa puso ea Allah, ba neba nkehile ke menate ea lefats’e eo ba ena le eona: empa seo ba neng ba tloaetse ho se soma, se ile sa ba aparela

[84] Eitse ha ba bona Kahlolo ea Rona, ba re: “Re kholoa ho Allah – Allah A Inotsi – re latola batlatsetsi bao re neng re tloaetse ho ba kopanya le Eena.”

[85] Empa ho ipolela Tumelo ha bona ho ke ke ha ba thusa ka letho ha ba bona kahlolo ea Rona. Ke tsela eo Allah A sebetsang ka eona malebana le makhabunyane a Hae. Ke kamoo mahana- tumelo ba tla timela

E Hlalositsoe ka Botlalo

Surah 41

[1] Ha. Mim

[2] Ts’enolo e tsoang, ho Ea Tletseng Lereko, Ea Mohau o Khaphatsehang; –

[3] Ke Lengolo le jereng likhaolo tse manolotsoeng ka botlalo, Qura’n ea Se-Arab, molemong oa batho ba utloisisang; –

[4] E fanang ka Litaba tse Molemo le Khalemo: Empa bongata ba bona bo ea furalla, Kahoo ha ba utloe

[5] Ba re: “Lipelo tsa rona li sireletsehile, ho seo u re memelang ho sona, ebile litsebe tsa rona li kabiloe, ho teng lesira lipakeng tsa rona le uena. Kahoo, etsa kamoo u etsang, le rona re tla etsa kamoo re etsang.”

[6] E re: “‘Na ke mpa ke le motho ea joaloka lona: Ke susumelitsoe ka hore `Mopi oa lona ke `Mopi a le mong, kahoo tsitlallelang ka ‘nete ho Eena, le kope ts’oarelo ea Hae.” Sekhobo se aparele ba kopanyang Allah le melingoana, –

[7] Ba sa faneng ka linyehelo kamehla, ba sa kholoeng bophelong Bo-tlang

[8] Ba-kholoang ba bile ba etsa liketso tse lokileng, moputso o sa feleng ke oa bona

[9] E re: “Ruri! Na le latola Ea hlotseng lefats’e ka matsatsi a mabeli? Le mo kopanya le batlatsetsi? Ke Eena Mong`a Mafats’e

[10] U hlomamisitse Lithaba tse tsepameng holim’a lefat`se, A ts’ollela mahlohonolo holima lefats’e, le ho etsa tsohle tse fanang ka phepo ho lona ka matsatsi a mane, ka ho lekana le bohle ba kopang ho latela lithloko

[11] A bolella leholimong nakong eo ho neng ho kuba mosi, eaba U re ho leholimo le lefats’e: “Raohang ka bobeli, le ratang kapa le sa rateng.” Eaba a re: “Re’a raoha ka boithapalatso.”

[12] U ile A a phetha e le maholimo a supileng ka matsatsi a mabeli, A ba A hlophisetsa leholimo ka leng taelo ea lona; eaba Re khabisa leholimo le ka tlase ka mabone le ho le sireletsa ka molebeli. Oo ke morero oa Ea Matla Oohle, Ea Tsetseng Tsebo

[13] Empa haeba ba u furalla, u re: “Ke le eletsa ka Kahlolo e ts’oanang le e ileng ea oela meloko a Ba-Ad le Ba – Thamud.”

[14] Baromuoa ba ile ba fihla ho bona ka mahlakore ohle, ba re: “Sebeletsang Allah A Inotsi!” Ba re: “Hoja e bile thato ea Mong`a rona, A ke be A re romeletse manyeloi; kahoo, ha re na ho lumela ho seo uena u romeletsoeng ka sona.”

[15] Joale Ba-Ad ba ile ba ikhohomosa lefats’eng khahlanong le ‘nete le toka, ba re: “Ke mang ea leng matla ho re feta?” Eng! Ba ne ba sa tsebe hore Allah ea ba hlotseng, ke Eena Ea Matla ho ba feta? Ba ile ba nyelisa Lits’enolo tsa Rona

[16] Kahoo, Re ile Ra ba nehella ka setsokotsane sa lisuoa matsatsing a nyonyehang; hore Re ba latsoise kahlolo e tlontlollang bophelong ba lefats’e lena. Empa Kahlolo ea bophelo Bo-tlang eona, etla ba e soabisang ka ho fetisisa; ba ke ke ba fumana thuso

[17] Ba-Thamud, Re ile Ra ba neha tataiso; empa ba ile ba ikhethela bofofu ho ena le tataiso, kahoo lealuma la kahlolo e soabisang le ile la ba ripitla ho latela tseo ba neng ba li etsa

[18] Empa Re ile Ra pholosa bohle ba neng ba kholoa, ba bile ba etsa tse ntle

[19] Letsatsing leo ka lona lira tsa Allah li khobokang’oa ‘moho ho ea Mollong, ba qhojoa ka tatellano

[20] Khabareng ha ba finyella ho ona, litsebe le mahlo le matlalo a bona; li tla paka khahlanong le bona ka tseo ba neng ba li etsa

[21] Ba tla re ho matlalo a bona: “Hobaneng ha le fana ka bopaki khahlanong le rona?” Matlalo a tla re: “Allah U re nehile puo, joaloka ha A fana ka puo ho tsohle, Ea le hlotseng mathomong; le tla boela ho Eena.”

[22] “Le ne le sa ipate, mohlaope kutlo, pono le matlao a lona a tla paka khahlanong le lona! Empa le ne le nahana hore Allah ha A tsebe lintho tseo le neng le li etsa

[23] “Empa monahano oo oa lona oo le neng le o nahanne ka Mong`a lona, o le isetse tahlehong; joale le har’a ba lahlehileng!”

[24] Le haeba ba na le mamello, Mollo e tla ba lehae la bona; le haeba ba ka kopa molemo, ba ke ke ba fuoa molemo

[25] Re ba hlophiselitse balekane, ba entseng hore liketso tseo ba li entseng khale le joale, li shebahele li khahla mahlong a bona; kahlolo har’a lichaba tsa Li-Jinn le batho ba seng ba fetile pele ho bona, le tla phethahatsoa khahlanong le bona. Hobane ba lahlehile ka’nete

[26] Mahana-tumelo ba re: “Le se mamele Qura’n ena, empa le qoqe nakong eo e phetoang; hore le tle le be bahloli.”

[27] Empa Re tla neha mahana-tumelo tatso ea kahlolo e ts’abehang, Re tla ba phetetsa ka se hlaaha ho feta tseo ba neng ba etsa

[28] Mollo – Ke moputso oa Allah ho lira tsa Hae. Ka hare ho ona ke lehae la bona le sa feleng, e le moputso ho latela kamoo ba neng ba nyefola lits’enolo tsa Rona kateng

[29] Mahana-tumelo ba tla re: “Mong`a rona! Re bonts’e ba neng ba re eka har’a li-Jinn le batho. Re tla ba phets’ela ka maoto a rona, hore ba tle ba be har’a ba eisehang.”

[30] Ho ba reng: “Mong`a rona ke Allah”, e be kamor’a moo ba ea topa; manyeloi a tla theohela ho bona, a re: “Le se ts’ohe letho; empa amohelang litaba tse molemo tsa Serapa seo le se ts’episitsoeng

[31] “Re basireletsi ba lona bophelong ba lefats’e lena le bophelong bo-tlang. Moo le tlang ho fumana tsohle tseo meea ea lona e li labalabelang, le tla fumana lintho tsohle tseo le li kopang

[32] “Mpho ea kamohelo e tsoang ho Ea Ts’oarelang-joalo-joalo, Ea Tletseng Mohau.”

[33] Ke mang ea khahlang puong ho feta ea bitsetsang batho ho Mong`a hae le hona ho etsa toka, a re: “Le ‘na ke e mong oa ba inehetseng ho Eena.”

[34] Kapa Botle bo ts’oane le Bobe. Phetetsa ketso e mpe ka e lokileng, e le hore eo lipakeng tsa lona le eena ho nang le qoaketsano a tle a fetohe motsoalle oa hau

[35] Ha ho ea tla fuoa boemo bo phahameng haese feela ba nang le mamello le tiisetso, ha ho ope kantle ho ba mokhoa o babatsehang

[36] Haeba ho ka ba le tlhohloletso ea qabang khahlanong le uena ke Ea Mobe, kopa ts’ireletso ho Allah. Ke Eena Ea utloang, Ea tsebang tsohle

[37] Har’a Lits’upiso tsa Hae ke Bosiu le Mots’eare, le Letsatsi le Ngoeli. Le se rapele Letsatsi le Ngoeli; empa le rapele Allah Ea li hlotseng, haeba ka ‘nete e le Eena Eo le lakatsang ho Mo sebeletsa

[38] Empa haeba ba ikhohomosa – Ruri! ba nang le Mong`a hau ba lutes ba mo tlotlisa bosiu le mots’eare, ha ba khathale

[39] Har’a Lits’upiso tsa Hae ho teng sena: u bona lefats’e le omeletse, empa nakong eo Re romellang pula holim’a lona, le folofela bophelong, e be le melisa lijalo. Ruri! Eo Ea le nehileng bophelo, ke Eena Ea tsosang bafu. Hobane U na le matla holim‘a lintho tsohle

[40] Ba fetolelang ‘Nete Lits’enolong tsa rona bona, ha ba pateha ho Rona. Ke mang ea hantle? Ke ea lahleloang mollong, kapa ea tsoellang a ts’ireletsehile, mohla Letsatsi la Kahlolo? Etsang kamoo etsang. Ruri! U bona tsohle tseo le li etsang

[41] Ba latolang Molaetsa ha o fihla ho bona(ha ba ea pateha ho Rona); Ruri! ke Lengolo le hlomphehang

[42] Mashano a ke ke a atamela haufi le eona kapele kapa ka morao ho eona. Le rometsoe ke Ea Seli ka ho Fetisisa, Ea Ts’oanetsoeng ke Lithoriso tsohle

[43] Ha ho se ke keng sa buoa ho uena se sa kang sa buoa ho baromuoa ba bileng teng pele ho uena. Hore Mong`a hau, ke Mong`a ts’oarelo le Eena Mong`a kahlolo e t`sabehang

[44] Hoja e be Re hlophisitse Qura’n ka leleme lesele ho Se-Arab, ba ne ba tla re: “Hobaneng likhaolo tsa eona li sa manolloa ka botlalo? Eng! E seng ka Se-Arab le moromuoa oa mo-Arab? – E re: “Ke tataiso le pheko ho ba-kholoang; ho ba kholoeng, litsebe tsa bona li kibane, ba bile ba foufetse. Ba joalo, ke ba hlahlathelang hole!”

[45] Re ile Ra neha Moshe Lengolo, empa ho bile le likhang mabapi le lona; hoja e se ke ea eba ka lentsoe le ileng la tla pele le hlaha ho Mong`a hau, likhang tsa bona li ka be li ahlotsoe lipakeng tsa bona; empa leha joale ba sa na le khoao e nyahamisang

[46] Mong le mong ea etsang toka, o etsa joalo molemong oa moea oa hae le ea etsang sebe, o se etsa joalo khahlanong le ona. Mong`a hau ha A na bokhopo ho makhabunyane a Hae

[47] Allah ke Eena feela Ea nang le tsebo Ea hora ea Kahlolo. Ha ho litholoana tse ka thunyang ho tsoa makhapetleng a tsona le eena mosali ea ka imang, kapa a beleha ntle le tsebo ea Hae. Mohla letsatsi leo ka lona Allah A tlang ho ba botsa hore: “Ba kae batlatsetsi ba Ka?” Ba tla re: “Re ipolela ho uena, hore ha ho ope oa rona ea ka pakang.”

[48] Melingoana eo ba neng ba bitsa ho eona pele e tla ba siea shalabeng; ba tla hlokomela hore ha ba na tsela ea ho pholoha

[49] Motho ha a khathale ho kopa tse lokileng, empa hang ha bomalimabe bo mo oela, o lahla ts’epo, a nyahame

[50] Empa hang ha Re mo latsoisa mohau oa Rona, kamor’a hoba mats’oenyeho a mo ame, o re: “Sena ke sa ka; ha ke nahane hore hora e sa tla hlola e tla, haeba nka busetsoa ho Mong`a ka, Ruri! Ke tla fumana molemo o fetang oona ho Eena.” Empa Re tla bonts’a mahana-tumelo ‚nete ea tseo ba neng ba li etsa, Re tla ba latsoisa kahlolo e boima

[51] Ha Re sitsa motho ka molemo, o ea furalla, eba o tla ikhant`sa bo-inotsing; empa ha mats’oenyeho a mo ama, eba o tla rapela khafetsa

[52] E re: “Ak’u mpolelleng, haeba ts‘enolo ena e tsoa ho Allah, le’a e latola? Ha na ke mang ea khelohileng ka ho fetisisa ho feta ea hanyetsang?”

[53] Haufinyane Re tla ba bonts’a Lits’upiso tsa Rona liqoleng tsohle tsa lefats’e le ka har’a lifuba tsa bona, ho fihlela e hlahela ponts’eng ea hore ke ‘nete. Na ha ho oa lekana hore Mong`a hau ke paki holim’a lintho tsohle

[54] Ruri! Ba na le khooa kopanong ea bona le Mong’a bona? Ruri, Ke Eena Ea kopetseng lintho tsohle hare

Therisano

Surah 42

[1] Ha. Mim

[2] Ain. Sin. Qaf

[3] Ke kamoo A rometseng ts’usumetso ho uena joalo ka ha A ile A e romela ho ba bileng teng pele ho uena,-Allah, Ea Matla Oohle, Ea Seli

[4] Tsohle tse maholimong le tse lefats’eng ke tsa Hae, Ea Phahameng ka ho Fetisisa, Ea Moholohali

[5] Maholimo a batlile a petsoha ka lehare: le manyeloi a keteka Lithoriso tsa Mong’a ona, a rapella ts’oarelo sebakeng sa bohle ba lefats’eng: Ruri Allah, ke Eena Ea Ts’oarelang-joalo-joalo, Ea Mohau o Khaphatsehang

[6] Ba inkelang bats’ireletsi kantle ho Eena, Allah U ea ba alosa, uena ha u moalosi oa litaba tsa bona

[7] Ke kamoo Re rometseng ka ts’usumetso ho uena Qura’n ea se- Arab, hore u tle u lemose baahi ba Makka le bohle ba ahileng haufi le eona, u ba lemose ka Letsatsi la Khobokano leo ho seng khoao ka lona. Mohla ba bang ba tlang ho kena ka hara Serapa, ha ba bang ba kena ka hara Lelakabe

[8] Hoja e bile thato ea Allah, A ka be A ba entse sechaba se le seng, empa ke Allah Ea amohelang ea khahloang ke eena mohaung oa Hae. Baetsalibe ba ke ke ba eba le mots’ireletsi kapa mothusi

[9] Ba ikhethetse mots’ireletsi kantle ho Eena? Empa ke Allah, ke Eena Mots’ireletsi; Ea tsosang bafu: Ke Eena Ea nang le matla holima lintho tsohle

[10] Ebang le ena le phapang ka eng kapa eng, qeto ea eona e ho Allah. Eo ke Allah, Mong`a ka, ts’epo ea ka e ho Eena, ho Eena ke poelo ea ka

[11] Mopi oa maholimo le lefats’e. U le hlotse balekane har‘a lona, le likhomo ka bobeli, ke kamoo A le atisang kateng. Ha ho letho le ka lekang’oang le Eena; ke Eena Ea utloang tsohle, U bona tsohle

[12] Linotlolo tsa maholimo le lefats’e ke tsa hae. O lelefatsa nala ho ope ea khahloang ke eena le ho na hoba leqe ka eona ho ope ea khahloang ke eena. Hobane Ke Eena Ea tsebang tsohle

[13] Ke Eena ea hlophisitseng tumelo ena joaloka ha A ile A e laela Nooe, Tumelo eo Re u susumelitseng eona, ke Tumelo eo Re ileng Ra e laela Abrahama, Moshe le Jesu:“Hore tsitlallelang Tumelong, le se arohane ho eona. Ho ba khumamelang tse ling ntle ho Allah, tsela eo u ba biletsang ho eona e boima, Allah U ikhethela ba ratoang ke Eena, U tataisetsa ho Eena ba retelehelang ho Eena

[14] Ba ileng ba arohana hang kamor’a hoba tsebo e finyelle ho bona, – ka lebaka la boikhabo le mona har’a bona; hoja e se ke ea eba ka lentsoe le ileng la e ba teng pele ho tsoa ho Allah ka nako ea pallo, Qaka e teng lipakeng tsa bona e ka be e ahlotsoe. Bao e bileng majalefa a lengolo kamor’a bona, ba ena khoao ho lona

[15] Joale ka lebaka lena, ba meme, u tsitlalle joalo ka ha u laetsoe, u se se latele litakatso tsa bona, empa e re: “Ke kholoa mangolong ohle ao Allah A ileng A a romella lefats’eng, ke laetsoe ho ahlola ka toka lipakeng tsa lona. Allah ke Mong`a rona, ke Mong`a lona. Liketso tsa rona ke boikarabello ba rona; liketso tsa lona ke ba lona; ha ho khang lipakeng tsa rona le lona. Ke Allah Ea tla re khobokanya ‘moho, ho Eena ke pheletso ea rona

[16] Empa haele ba phehang khang ka Allah kamor’a hoba ba Mo amohele, khang ea bona ha e na moelelo kapel’a Mong`a bona, khalefo ea Hae e holim’a bona, Kahlolo e ts’abehang e tla ba ho bona

[17] Ke Allah ea senotseng

[18] Ba sa kholoeng ho eona ba lakatsa ho e potlakisa, ba kholoang bona ba na le ts’abo ho eona, ba ea tseba hore ke ‘nete. Ruri ba ngangisang ka Hora ba hlahlathella thoko

[19] Allah U lereko ho makhabunyane a Hae. U fana ka nala ea Hae ho ea khahloang ke eena: U na le Matla, ho phethahatsa Thato ea Hae

[20] Mang, kapa mang ea labalabelang kotulo ea bophelo bo-tlang, Re ea mo phaella kotulong ea hae. Empa ea labalabelang kotulo ea bophelo ba lefats’e lena, Re’a mo neha; empa bophelong Bo-tlang ha a na seabo

[21] Ba na le batlatsetsi, ba ba hlomamiselitseng tumelo e ng’oe kantle ho tumello ea Allah? Hoja e se be ka Molao oa Kahlolo, taba ena e ka be e ahlotsoe hang lipakeng tsa bona. Empa ruri baetsalibe ba tla fumana kotlo e mahlonoko

[22] U tla bona baetsalibe ba le matsoalong ka tseo ba li kotutseng, kotlo e tla ba oela; Empa ba-kholoang bona, ba bile ba etsa liketso tse lokileng ba tla phela Lirapeng tsa Boiketlo,: ba ena le tsohle tseo ba libalabelang kapel’a Mong`a bona. Seo ruri ke Mpho e Kholo

[23] Seo ke eona mpho eo Allah A phatlalatsang litaba tse Molemo ho makhabunyane a Hae a kholoang, a bile a etsa liketso tse lokileng. E re: “Ha ho moputso oo ke le kopang ona kantle le hore le be le lerato esita le ona mosa ho beng ka lona.” Mong le mong ea kotutseng ketso e lokileng, Re phaella holim’a ketso eo e lokileng molemong oa hae. Hobane Allah U Ts’oarela- joalo-joalo, U Hloahloa kamohelong ea liketso tse lokileng

[24] Eng! Ba re: “U iqapetse leshano khahlano le Allah?” Empa hoja ebile Thato ea Allah, A ka be A ile A bipetsa pelo ea hau. Allah U tla hlakola leshano, A phethahatse ‘Nete ka Lentsoe la Hae. Hobane U hlokolosi ka liphiri tsa lifuba tsa batho

[25] Ke Eena Ea amohelang Boinyatso ba makhabunyane a Hae, U Ts’oarela libe: U tseba tsohle tseo le li etsang

[26] U mamela bohle ba-kholoang, ba etsang liketso tse lokileng, U ba phaella ka Nala ea Hae. Haele mahana-tumelo bona, kahlolo e mahlonoko ke’a bona

[27] Hoja Allah A ne A ka phaella Makhabunyane a Hae ka nala e fetang tekanyo, Ruri ba ne ba tlola meeli eohle lefats’eng; empa U e romella ka tekanyo ho ea kamoo A ratang. U tseba tseo le li etsang ka botlalo, U Talimile

[28] Ke Eena Ea romellang pula lefats’eng eba pholosang kamor’a hoba ba felloe ke ts’epo, U phatlalatsa Mohau oa Hae (hoohle). Ke mots’ireletsi, Ea Lokeloang ke Lithoriso tsohle

[29] Har’a lits’upiso tsa Hae ho teng tlholeho ea leholimo le lefats’e le tsona linyamatsane tsa mefuta eohle tseo a li hasantseng holim’a lefat`se. U na le matla a ho li bokella hammoho nakong eo A ratang

[30] Bomalimabe bofe kapa bofe bo le amang, ke boo matsoho a lona a bo kotutseng. Empa ho ba bangata U ea ts’oarela

[31] Ha ho kamoo le ka phonyohang kateng lefats’eng, hobane ntle ho Allah ha ho ea ka le ts’ireletsang, kapa ho le thusa

[32] Har’a lits’upiso tsa hae ho teng likepe tse sesang leoatle, tse bolelele ba lithaba

[33] Haeba e le Takatso Ea Hae, A ka kokobetsa moea, e le hore li tle li phaphamale holim’a leoatle – Ruri

[34] Kapa a ka etsa hore li timele ho latela tseo batho ba li kotutseng – empa U Ea Ts’oarela –

[35] TSebisa ba phehang khang ka Lits’enolo tsa Rona hore ba ke ke ba fumana sets’abelo

[36] Ntho efe kapa efe eo ebang le ea e fuoa bophelong ba lefats’e lena ha se letho haese monyaka oa nakoana, empa seo Allah A nang le sona, se molemo, e bile ke se sa feleng ho bohle ba- kholoang ebile ba beha ts’epo ea bona ho Mong`a bona

[37] Haele ba qobang lits’ito tse kholohali le bohlola, e re haba koatile, ba ts’oarela

[38] Ba potlakelang pitso ea Mong`a bona, ba phethahatsa lithapelo; bao litaba tsa bona e leng tsa therisano, ba bile ba fana ka tseo Re ba sitsitseng ka tsona

[39] Le bao e reng ha ba entsoe hampe, ebe ba ea its’ireletsa

[40] Etsoe phetetso ea ketso e nyonyehang, ke ho phetetsa ka se nyonyehang joaloka eona. Empa mang, kapa mang ea ts’oarelang, a bile a its’oabela; moputso oa hae ke taba ea Allah. Hobane Ruri! Ha A rate baetsalibe

[41] Mang, kapa mang ea iphetetsang kamor’a hoba a etsoe hampe – molato ha o eo khahlanong le bona

[42] Molato o tlaba feela khahlanong le ba hatellang batho, e bile e le ba tlolang meeli lefats’eng, ba nyefola botle le toka: Kahlolo e mahlonoko ke’a ba joalo

[43] Empa ruri ea bonts’ang, ea nang le mamello, a bile a ts’oarela – Ruri! seo e tla be e le sebete le matla khubung ea taba

[44] Mang, kapa mang eo Allah A mo lesang ho kheloha, ha ho mots’ireletsi kamora’o ho moo. Mohlang u bonang baetsalibe ha ba bona kahlolo, ba re: “Na ho teng tsela ea ho khutla?”

[45] U tla ba bona ba tjamme haufi le mollo, ba le mahlomoleng ho latela mahlabisa lihlong a bona, ka mahlo a bolea. Ba- kholoang ba tla re: “Ruri! bao ke ba tahlehong, ba itahlileng le malapa a bona mohla Letsatsi la Kahlolo. Ruri! baetsalibe ba har’a kotlo e sa feleng!”

[46] Ha ba na mots’ireletsi ho ba thusa ntle le Allah. Mang, kapa mang eo Allah a mo lesang ho kheloha, tsela ha e eo

[47] Potlakelang pitso ea Mong`a lona pele Letsatsi le atamela ho lona le tsoang ho Allah leo ho se nang ho ba pehelo morao. Mohla letsatsi leo ha ho na hoba le sets’abelo, kapa ho na hoba le matla a ho hanana le melato ea lona

[48] Empa haeba ba furalla, ha Re’a u romella hoba moalosi oa bona. Mosebetsi oa hau ke ho phatlalatsa molaetsa. Ruri ha Re latsoisa motho Mohau oa Rona, o oa nyakalla ke hona. Empa ha bomalimabe bo ka mo ama ho latela tseo matsoho a bona a li rometseng nale, ruri ke moo motho a hlokang liteboho

[49] Puso ea maholimo le lefats’e ke’a Allah. U hlola seo A se ratang. U fana ka bana ea motona kapa ea mots’ehali ka Thato ea Hae

[50] Kapa A sitse ka bona bobeli, ba batona le ba bats’ehali; U lesa ea khahloang ke Eena e le nyopa. Hobane U Tletse Tsebo le matla

[51] Ha ho ea fanoa ho motho hore Allah A ka buoa le eena ntle le ka mokhoa oa ts’enolo, kapa kamor’a lesira, kapa ka ho romella moromuoa ho tla senola seo A se ratang tlas’a taelo ea Hae. Hobane U Phahame ka ho Fetisisa, U Seli

[52] Ke ka mokhoa oo Re susumelitseng moea ka Taelo ea Rona kateng ho uena. Le hoja u ne u sa tsebe letho ka Tsenolo le eona Tumelo. Empa Re e entse hore e be Leseli leo ka lona Re tataisang eo Re khahloang ke eena har’a makhabunyane a Rona. Ruri! u tataisetsa batho Tseleng e Topileng

[53] Tseleng ea Allah, Eo lintho tsohle tse maholimo le tsohle tse teng lefats’eng e leng tsa Hae. Lintho tsohle li finyella ho Allah

Mekhabiso ea Khauta

Surah 43

[1] Ha. Mim

[2] Ka Lengolo le totobatsang lintho, –

[3] Re hlophisitse Qura‘n ka se-Arab, hore le tle le be le kutloisiso

[4] Ruri, ke mohloli oa Lengolo, le ho Rona, e maemong a babatsehang, le tletse bohlale

[5] Ana Re ka le amoha Molaetsa eaba Rea le leleka, hobane le batho ba tlolang meeli

[6] Ke ba ba kae baporofeta bao Re ileng Ra ba romella har’a batho ba khale-khale

[7] Moporofeta ofe, kapa ofe ea ileng a tla ho bona ba neba mo soma

[8] Re ile Ra ripitla batho bao e neng e le likoankoetla ho feta bao ka matla; – mohlala oa batho ba khale-khale o se o fetile ka pele ho bona

[9] Haeba u ka ba botsa: “Ke mang ea hlotseng maholimo le lefats’e,” Ruri! ba tla u araba: “Re hlotsoe ke Eena, Ea Matla Oohle, Ea Tletseng Tsebo;”

[10] Ea le etselitseng lefats’e ho ba sebaka sa lona sa phomolo, A le batalletsa lona, A le etsetsa litsela holim’a lona, hore le tle le fumane tataiso

[11] Ea romellang pula lefats’eng ho tsoa marung ka tekanyo, eo Re phelisang lefats’e le omeletseng ka eona. Ka mokhoa o ts’oanang le oo le tla tsosoa ka oona

[12] Ea hlotseng lintho tsohle ka bobeli (botona, le bots’ehali), A ba A le etsatsa likepe le likhomo tseo le li palamang

[13] Hore le tle le palame le tsitsitse mekokotlong ea tsona, le hore le tle le hopole molemo oa Mong`a lona nakong eo le palameng holim’a tsona, le re: “Tlotla e be ho Ea re etselitseng tsena, le hoja rona re ne re se na matla a ho li etsa

[14] “Ruri re tla boela ho Mong`a rona!”

[15] Empa ba Mo kopanya le makhabunyane a Hae! Ruri Motho ke monyefoli ea se nang liteboho

[16] Eng! U ikhethetse barali har’a libopuoa tsohle tseo A li hlotseng, eaba lona U le khethela bara

[17] Ha litaba tsa tsoalo ea seo bona ba se bapisang le Allâh Mong`a hau lapeng la hae li mo fihlela, sefahleho sa hae se’a fifala, u apareloa ke mesarelo e meholo pelong ea hae

[18] Na ba ts’oants’a Allah le sebopuoa se holisoang se apesitsoe mekhabiso, se tla sitoa ho itlhakisa har’a likhang

[19] Ba etsa manyeloi ao e leng makhabunyane a Allah basali. Na ba bile le bopaki tlholehong ea oona? Ruri! Bopaki ba bona botla ngoloa, ba tla biletsoa lipotsong

[20] Ba re: “Hoja ebile thato ea Ea Tletseng Lereko, re ka be re sa khumamele melingoana!” Ha ho tsebo eo ba nang le eona mabapi le tseo tsohle! Ba mpa ba bua leshano

[21] Eng! Re kile Ra ba neha Lengolo pele le e, hoo ba ntseng ba kakatletse ho lona

[22] Che, ba re: “Re fumane bo-ntat’a rona ba latela tumelo e ngoe, le rona re tataisitsoe ke mehlala ea bona.”

[23] Ka mokhoa o ts’oanang, Re ‘nile Ra romella Mohlokomelisi pele ho uena sechabeng se seng le se seng; empa likhorane har’a bona li re: “Re fumane bo-ntat’a rona ba latela tumelo, rona re setse morao mehlala ea bona.”

[24] A re: “Eng! Le hoja ke le tliselitse tataiso e molemo ho feta eo le fumaneng bo-ntat’a lona ba e latela?” Ba re: “Re hana seo o re tliselitseng sona.”

[25] Kahoo, Ra iphetetsa khahlanong le bona. Ak’u bone seo e bileng pheletso eaba latotseng `Nete

[26] Bonang! Abrahama a re ho ntata’e le batho ba habo:“Ruri! ‘na ha ke ikamahanye le tseo le li khumamelang

[27] (Ke khumamela) Ea mpopileng A Inots’i, U tla ntataisa.”

[28] O ile a siea lentsoe leo e le seema-hale har’a litloholo tsa hae, hore ba tle ba sokolohele ho Allah

[29] Ke ile ka lokollela lintho tsohle tse thabisang tsa lefats’e lena ho bona le ho bo-ntat’a bona, ho fihlela ‘Nete e finyella ho bona le Moromuoa ho hlakisa lintho tsohle

[30] Empa ha ‘nete e se e finyeletse ho bona, ba re: “Sena ke boloi, re’a se latola.”

[31] Ba bile ba re: “Hobaneng ha Qura’n ena e sa senoleloa e mong oa baholo har’a metse Meholo e ‘meli?”

[32] Ke bona ba abang Mohau oa Mong`a hau? Ke Rona ba ba abetseng bophelo ba lefats’e lena, ebile ke Rona ba faneng ka maemo a phahameng ho ba bang ba bona ho feta ba bang, hore ba tle ba sebeletse ba bang; Mohau oa Mong`a hau o molemo ho feta maruo ao ba a bokeletseng

[33] Hoja e se be hore batho e ne e tla ba sechaba se le seng se latelang tsela e mpe morao, Re ka be Re etselitse bohle ba nyefolang Allah, marulelo a silvera holima matlo a bona le mekato ea silvera eoba hloang ka eona

[34] Le menyako ea silvera le literone tsa silvera tseo ba phomolang ho tsona

[35] Le eona mekhabiso ea gauta. Lintho tsena kaofela li ne li ke ke tsa thusa letho haese feela boithabiso ba bopheloba lefats’e lena. Bophelo Bo-tlang bo ho Mong`a lona, bona ene e tla ba ba balokileng, ba bile ba ts’aba Allah

[36] Mang, kapa mang ea ka koenehang khopolong ea Allah Ea Lereko, Re mo abela satane hoba motsoalle oa hae

[37] Bo liabolosi ba ba khelosa Tseleng, empa ba nahana hore ba tataisoa ka nepo

[38] Ho fihlela eo ea joalo a tla ho rona, eba o re ho motsoalle oa hae (ea mobe): “Hoja e be lipakeng tsa ka le uena ebile sebaka sa bohole ba bochabela le bophirimela – o motsoalle ea nyonyehang

[39] Ha le entse bobe, ha bo na ho le tsoela molemo oa letho, letsatsing leo; le tla ba metsoalle kahlolong

[40] Na u ka etsa hore setholo se utloe, kapa u ka tataisa sefofu le ho tataisa ea phosong e totobetseng

[41] Le hoja e be Re ka u nka, Ruri! Re tla iphetetsa khahlanong le bona

[42] Kapa Re ka u bonts’a seo Re ba ts’episitseng sona; Re phethile taelo holim‘a bona

[43] Kahoo, u kakatlele ka tieo ho seo u se Senoletsoeng: Ruri U Tseleng e topileng

[44] Ruri Qura’n ena ke Molaetsa, ho uena le ho batho ba heno; haufi le tla botsoa

[45] Ak’u botse baromuoa ba Rona bao Re ileng Ra ba romella pele ho uena: “Na Re kile Ra hlomamisa melingoana ho khumameloa kathoko ho Ea Tletseng Lereko, Allah?”

[46] Re ile Ra romella Moshe ka Lits’enolo tsa Rona ho Faro le Matona a hae, A re: “Ke moromuoa oa Mong`a Mafats’e.”

[47] Empa hoba a finyelle ho bona ka Lits’upiso tsa Rona, ba ile ba mo nyelisa

[48] Re ile Ra ba bonts’a Sesupo ka seng, se ne se eba seholo ho feta sa mathomo, eaba Re ba nehella Kotlo, hore ba tleba sokolohe

[49] Eaba ba re: “Oho uena moloi! Bitsa ho Mong`a hau ho ea ka maqhama a teng lipakeng tsa hau le Eena. Hobane ruri re tla amohela tataiso.”

[50] Empa eitse hoba re tlose kotlo holim’a bona, ba ile ba koenehela ts’episo ea bona

[51] Faro a phatlalatsa har’a sechaba sa hae, a re: “Oho sechaba sa ka! Na puso ea Egepeta ha se ea ka, le lipaki hore linoka li phallang ka tlasa Paleisi ea ka? Eng! ha le li bone

[52] “Ha ke fete eo ea eisehang, ea sa qaqang puong ea hae

[53] “Joale hobaneng a sa sitsoa ka lipetja tsa khauta, kapa ho se na manyeloi a mo felehelitseng?”

[54] Ke kamoo a ileng a firifanya sechaba sa hae kateng, sa mo mamela. Rurik e mahana puso khahlanong le Allah

[55] Khabareng ba ile ba Re halefise, Ra ba nehella kotlo, Ra ba khamisa ka metsi bohle

[56] Ra ba etsa mohlala lichabeng tse tla latela

[57] Ha Jesu mor’a Maria a khethoa ho ba mohlala, batho ba heno ba ile ba mo tlepa lit`seho

[58] Ba re: “Melingoana ea rona e molemo, kapa ke eena?” Sena ba se hlahisa kapel’a hau e le likhang: Che, empa e le batho ba tletseng khathatso

[59] E ne es letho haese lekhabunyane: Re ile Ra mo sitsa ka molemo oa Rona, Ra mo etsa mohlala ho Bana ba Israele

[60] Hoja ebile Thato ea Rona, Re ne Re tla hlomamisa manyeloi har’a lona ho ba majalefa holim’a lefats’e

[61] Jesu e tla ba Sesupo sa Hora, kahoo le se be le khoao ka Hora, empa ntateleng: ena ke eona Tsela e Topileng

[62] Le se lumelle E Mobe ho le khelosa: hobane ke sera se pepenene ho lona

[63] Ha Jesu a ne a tla ka Sesupo se hlakileng, a re: “Joale ke tlile ho lona ka Bohlale le ho tla totobatsa lintlha tseo le fapanang ka tsona. Kahoo ts’abang Allah, le ‘mamele

[64] “Hobane Allah ke Mong`a ka, ke Mong`a lona. Kahoo, Mo khumameleng: ena ke eona tsela e topileng.”

[65] Empa lequloana har’a bona le ile la ngangisana: sekhobo se be holim’a baetsalibe, mohla kahlolo ea Letsatsi le Mahlonoko

[66] Na ba emetse Hora feela –hore e tle e ba fihlele ka ts’ohanyetso, hoja ba sa lebella

[67] Metsoalle e tla fetoha lira letsatsing leo, – ntle le ba lokileng

[68] Oho Makhabunyane a Ka! Kajeno ts’abo ha e eo ho lona kapa mesarelo

[69] Lona ba ileng ba kholoa lits’upisong tsa Rona, la inehela Islamong

[70] Kenang Serapeng le basali ba lona, le nyakalle

[71] Kamoo teng, ba tla feptjoa ka lijana le mepotjoana ea khauta, moo ho tla ba le tsohle tseo meea ea bona e li labalabelang le tseo mahlo a li thabelang: le tla phela kamoo ka hosafeleng

[72] Seo e tla be e le Serapa seo le entsoeng majalefa a sona, lebaka la liketso tsa lona

[73] Ka har’a sona le tla fumana litholoana ka mefuta, tseo le tlang ho li khotsofalla

[74] Haele baetsalibe bona, bat la ba Kahlolong ea Lihele ho phela teng kahosafeleng

[75] Kahlolo ea bona e ke ke ea bebofatsoa, ba tla apareloa ke mahlomola

[76] Ha Re ke ke Ra ba ba ja tsuo, empa ke bona ba itjeleng tsuo

[77] Ba tla re: “Oho Malik Mong`a hau ha A ka mpa A re timetsa!” O tla re: “Che empa le lokela ho hlola mona.”

[78] Ruri Re tlisitse ‘nete ho lona: empa bongata ba lona bo hloile ‘nete

[79] Eng! Ba lohile leano? Empa ke Rona ba phethatsang lintho

[80] Kapa ba nahana hore ha Re utloe makunutu a bona le merero ea bona ea siphiri? Ruri le Barumuoa ba Rona ba teng haufi le bona ho ngola fats’e

[81] E re: “Haeba Ea Lereko U ne A ena le mora, nka be ke le oa pele ho mo khumamela.”

[82] Tlotla e be ho Mong`a maholimo le lefats’e, Mong`a Terone, U hole le tsohle tseo ba Mo kopanyang le tsona

[83] Kahoo, ba lese ho inanatha le ho bapala ho fihlela Letsatsi la bona, leo ba le ts’episitsoeng

[84] Ke Eena Eo e leng Allah Ea maholimong le Allah lefats’eng. Ke Eena Ea Tletseng Tsebo, Ea Seli

[85] U hlohonolofetse, Eena Eo puso ea maholimo le lefats’e e leng tsa hae, le tsohle tse teng lipakeng tsa tsona, Eena ea tsebang Hora; Bohle le tla boela ho Eena

[86] Bao ba bitsang ho bona kantle ho Allah, ha ba na matla a ho buela, – ke feela ea fanang ba ‘nete, ba mo tseba

[87] Haeba u kaba botsa, Ke mang Ea ba hlotseng, ba tla re: “Ke Allah.” Joale ho tla joang hore ba hlahlathella hole le ‘nete

[88] (Allah U na le Tsebo)Ea sello sa Moprofeta: “Oho Mong`aka bana ke batho ba ke keng ba kholoa!”

[89] Empa ba furalle, u re: “Khotso.” Hobane haufinyane ba tla tseba

Mosi

Surah 44

[1] Ha. Mim

[2] Ka Lengolo le hlakisang lintho tsohle; –

[3] Le rometsoe lefats‘eng bosiung bo hlohonolofetseng: – Hobane Re labalabela ho hlokomelisa(khahlanong le bobe)

[4] Bosiung boo lintho tsohle tsa bohlale lia hlakisoa

[5] Ke taelo e tsoang ho Rona – hobane Re lula Re romella (Lits’enolo)

[6] E le mohau o tsoang ho Mong`a hau. Hobane U utloa le ho tseba (tsohle)

[7] Mong`a maholimo le lefats’e le tsohle tse lipakeng tsa tsona, haeba le na le tumelo ea ‘nete

[8] Ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Ke Eena Ea fanang ka bophelo, ebile U fana ka lefu; – Mong`a le ‘Maballi oa lona le bo-ntat’a lona moholo

[9] Empa feela ba nyanyaka khoaong

[10] Joale lebella Letsatsi leo leholimo le tlang ho thunya mosi o bonahalang

[11] O tlang ho aparela batho: sena etla ba Kotlo e mahlonoko

[12] (Ba tla re): “Mong`a rona! Tlosa kotlo ena holim’a rona, hobane ruri re’a kholoa.”

[13] Molaetsa o tla ba le matla joang ho bona, empa moromuoa ea neng a hlakisa lintho ka botlalo a se a ile a finyella ho bona, –

[14] Empa ba ile ba mo furalla, ba re: “O rutiloe, ke lehlanya!”

[15] Re tla fela Re tlose kotlo nakoana e fokolang. Empa ruri ba tla boela litseleng tsa bona

[16] Ka letsatsi le leng Re tla le nanola ka tlhaselo e matla: Ruri! Re tla le Lefisa

[17] Re ile Ra etsa joalo; pele ho bona, Ra beha sechaba sa Faro tekong: Ho ile ha fihla ho bona Morumuoa ea hlomphehang

[18] A re: “Ntokolleleng makhabunyane a Allah. Ke moromuoa ea ts’oanelang ho ho ts’eptjoa ho lona

[19] “Le se ikhohomose khahlanong le Allah: Hobane ke tla ho lona ka matla a Hae

[20] “Ke kopile ts’ireletso ho Mong’a ka, e leng Mong’a lona, khahlanong le tlhaselo ho tsoa ho lona

[21] “Haeba le sa nkholoe, le tsamaele thoko le ‘na.”

[22] (Empa ba ne ba le makoebeta) Eaba o bitsa ho Mong’a hae: “Bana ruri ke batho ba qoetseng sebeng”

[23] (Karabo ea eba): “Tsamaea le makhabunyane a Ka bosiu: hobane ruri le tla saloa morao

[24] “Le siee leoatle le bulehile ka lehare: hobane ke lebotho le loketseng ho khang’oa ke metsi.”

[25] Ke lirapa le liliba tse kae tseo ba li siileng morao

[26] Le masimo, le meaho e majaba-jaba

[27] Le maruo ao ban eng ba ikhants’a ka ona

[28] E joalo (qetello ea bona) Re entse hore batho ba bang e be majalefa(a lintho tsa bona)

[29] Leholimo le lefats’e ha li ea ka tsa keleketlisa keleli sebakeng sa bona; kapa nako ea bona ea eketsoa

[30] Re ile Ra lopolla Bana ba Israele Kotlong e soabisang

[31] Ho tsoa ho Faro. Hobane ene e le e mong oa baikhohomosi har’a batloli ba meeli ba feteletseng

[32] Re ba khethile ka morero holim’a lichaba tsohle

[33] Ra ba neha Lits’upiso, tse neng li jere teko e hlakileng

[34] Haele bona ba re Kannete

[35] “Ha ho letho ka nqane ho lefu, ha re na ho tsosoa hape

[36] “Khutlisa bo-ntat’a moholo’a rona, haeba seo u se buang ke ‘nete!”

[37] Eng! Ba feta batho ba Tubba, le ba bileng teng pele ho bona? Re ile Ra ba timetsa, hobane e ne e le batho ba loebaloebang sebeng

[38] Ha Re’a hlola maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa tsona, ka bosaoana

[39] Ha Re’a lihlolla letho haese ka toka; empa bongata ba bona ha bo utloisise

[40] Ruri! Letsatsi la Tlhopho ke nako e hlomamiselitsoeng bona bohle, –

[41] Ka Letsatsi leo ho se nang hoba le mots’ireletsi ea tlang ho ba emela, kapa hona ho ba thusa

[42] Kantle le ba tla amohela Mahau oa Allah: Hobane Ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Mohau o Khaphatsehang

[43] Ruri Sefate sa Zaqqum

[44] E tla ba lijo tsa Baetsalibe

[45] Joaloka lesheleshele la koporo, le tla beng le bela ka har’a limpa tsa bona

[46] Joaloka ho bela ha metsi

[47] (Lentsoe le tla hoelehetsa): “Mo ts’oare o mo hulele har’a Lelakabe la Lihele

[48] “Joale o mo ts’ele ka Kotlo ea Metsi a Belang hloohong

[49] “Latsoa sena! Ruri! O ne o le matla, o hlompheha

[50] “Ruri sena ke seo o neng o ena le khoao ka sona.”

[51] Haele ba lokileng, ba tla ba maemong a ts’ireletsehileng

[52] Har’a Lirapa le Liliba

[53] Ba apere silika le masela a nonofetseng, ba shebane

[54] Ho tla ba joalo. Re tla ba nyalisa Balekane, ba mahlo a phatsimang

[55] Kamoo teng ba tla ja litholoana tsohle tsa mefuta ka khotso le bolokolohi

[56] Kapa hona ho ang’oa ke lefu, ntle le lefu la pele; U tla ba ts’ireletsa Kahlolong ea Mollo oa Lihele

[57] E le nala ho tsoa ho Mong`a hau. Seo e tla be e le katleho e babatsehang

[58] Ruri, Re hlakisitse (Qura’n), ka leleme la hau, hore ba tle ba utloe

[59] Kahoo leta, u talime; hobane le bona ba letile

Ho Khumama

Surah 45

[1] Ha. Mim

[2] Ts’enolo ea

[3] Ruri! maholimong le lefats’eng Lits’upiso li teng ho ba- kholoang

[4] Tlholehong ea lona le tlholeho ea liphoofolo tsohle tse hasaneng holim’a lefats’e, ke Lits’upiso ho batho bao Tumelo ea bona e leng ea sebele

[5] Le phapanyetsano ea Bosiu le Mots’ehare, le naleng eo Allah A e romellang lefats’eng etsoa marung, eo ka eona A phelisang lefats’e le neng le omeletse, le eona taolo ea liphefo, – ke Lits’upiso ho ba nang le kelello

[6] Tsena ke Lits’upiso tsa Allah tseo Re u phetelang tsona ka ‘nete: Joale, kamor’a ho latola Allah le Lits’upiso tsa Hae ke eng seo ba tlang ho se kholoa

[7] Sekhobo se be ho moetsalibe ofe kapa ofe ea Hoebang ka Leshano

[8] O utloa Lits’enolo tsa Allah ha a li pheteloa, e be o tiisa hlooho ka manganga joaloka ha e ka ha a li utloa: mo bolelle litaba tsa Kahlolo e Mahlonoko

[9] Ha a utloa se seng sa lits’enolo tsa Rona, o li fetola papali. Ho ba joalo ho teng Kotlo e soabisang

[10] Kapel’a bona ke Lihele, seo ba se kotutseng se ke ke sa ba tsoela molemo, kapa bats’ireletsi ba ikhethetseng bona kantle ho Allah: kahlolo e ts’abehang ke ea bona

[11] Sena ke Tataiso. Haele ba latolang Lits’enolo tsa Mong`a bona, ho teng kahlolo e mahlonoko ea khalefo sebakeng sa bona

[12] Ke Allah ea entseng hore leoatle le be le molemo ho lona, le hore likepe li tle li sese holim’a lona ka taelo ea Hae, le hore le tle le tsome nala ea Hae; hore le tle le fane ka liteboho

[13] A etsa hore lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li be le molemo ho lona; tsena tsohle li tsoa ho Eena: ka har’a sena ho teng lits’upiso ho ba nahanang

[14] Bolella bakholoang ho ts’oarela ba sa tsotelleng matsatsi a Allah: Ho ho Eena ho putsa batho ho latela tseo ba li kotutseng

[15] Etsoe mang kapa mang ea etsang toka, o etsa joalo molemong oa moea oa hae; ka mokhoa o ts’oanang le ea etsang sebe, o etsa joalo khahlano le ona. Qetellong le tla boela ho Mong`a lona

[16] Re ile Ra fana ka Lengolo ho Bana ba Israele, Matla a Taelo le Boporofeta; le ho ba sitsa ka lintho tse hloekileng, tse molemo le ho ba khetholla hara merabe eohle ka tlotla

[17] Ra ba neha Lits’upiso tse hlakileng litabeng tsa bona: ba ile ba fapana kamor’a hore tsebo e finyelle ho bona, ka ho honohelana ka bo-bona. Ruri! Mong`a hau U tla ahlola lipakeng tsa bona mohla Letsatsi la Kahlolo ka le tseo ba neng ba fapana ka tsona

[18] Hajoale Re u hlomamisitse Tseleng e Topileng ea Tumelo; kahoo e latele, u se sale litakatso tsa ba hlokang tsebo morao

[19] Ba ke ke ba eba le thuso ho uena kapel’a Allah. Ke baetsalibe feela bao e leng bats’ireletsi ea ba ts’oanang le bona: empa Allah Ke Mots’ireletsi oa ba etsang tse lokileng

[20] Tsena ke bopaki bo hlakileng ho batho, ke Tataiso le Mohau ho bao tumelo ea bona e leng ea sebele

[21] Eng! Ba setseng morao tsela e khopameng ba nahana hore Re tla ba lekanya le ba-kholoang ba etsang liketso tse lokileng, – ka ho ts’oana bophelong ba lefats’e lena esita le lefung? Qeto ea bona ke e fosahetseng

[22] Allah U hlotse maholimo le lefats’e ka toka, hore moea ka mong o tlo o lefshoe seo o se kotutseng. Ha ho mang ea tla qhekelloa

[23] Na u se u ile oa bona ea etsang litakatso tsa hae molingoana oa hae? Allah U mo lesa ho kheloha ka boomo, le hona ho kaba kutlo le pelo ea hae le ho koahela mahlo a hae ka lesira. Joale, ke mang ea mo tataisang kamor’a hoba Allah a mo nyahlatse? Na le sa tla ke le amohele khalemo

[24] Ba bile ba re: “Ha ho bophelo bo bong haese bophelo ba rona ba lefats’e? Re tla shoa, re’a phela, ha ho se ka re rinyang haese nako ea pallo.” Empa ha ho tsebo eo ba nang le eona ka tseo tsohle; ba mpa ba hakanya

[25] Ha ba pheteloa Lits’enolo tsa Rona, khang ea bona ha se letho haese, hore ba re: “Tsosang bo-ntat’a rona moholo, haeba seo le se buang ke ‘nete.”

[26] E re: “Ke Allah Ea le nehang bophelo, ebile ke Eena Ea etsang hore le shoe; U tla le bokella ‘moho ka Letsatsi la Kahlolo leo ho seng khoao ka lona.” Le hoja bongata ba batho bo sa utloisise

[27] Puso ea maholimo le lefats’e ke ea Allah; le Letsatsi leo ka lona Hora ea Kahlolo e hlomamisitsoeng, – Letsatsing leo Bahoebi ka Mashano ba tla timela

[28] U tla bona sechaba ka seng se khumama, lequloana ka leng le biletsoa Tlalehong. “Kajeno le tla lefshoa ho latela tseo le neng le li etsa

[29] “Sena ke Tlaleho ea Rona e tlaleha ka lona ka ‘nete. Hobane Re entse hore lintho tsohle tseo le neng le li etsa li tlalehoe.”

[30] Ke moo ba neng ba kholoa le ho etsa Liketso tse lokileng, Mong`a bona A tla ba amohella ka har’a Mohau oa Hae. Eo ke katleho e pepenene

[31] Haele ba neng ba latola Allah (ho tla thoe ho bona): “Na ha le’a ka la pheteloa lits’enolo tsa Rona? Empa la ikhohomosa, la sesa sebeng

[32] “Ha ho ne ho thoe ho bona ts’episo ea Allah ke’a ‘nete, ha ho khoao ka ho tla ha hora,” Le ne le re: “Ha ho seo re se tsebang ka Hora: re nahana hore kakanyo, ha re ‘nete ka eona.”

[33] Li tla morao tse bosula tsa leketso tsa bona li tla hlahela ponts’eng, le lintho tseo ba neng ba tloaetse ho li soma li tla ba kopela hare

[34] Ho tla thoe: “Kajeno Re tla le lebala joaloka ha le lona le ile la lebala kopano ena ea Letsatsi la lona! Bolulo ba lona ke Mollo, ha le na bathusi

[35] Sena ke hobane le ile la etsa Litse’nolo tsa Allah metlae, bophelo ba lefats’e bo le thetsitse.” Ka lebaka leo, ho tloha Letsatsing leo ba ke ke ba nts’oa kamoo, kapa hona ho amoheloa Mohaung

[36] Kahoo, Thoriso e be ho Allah Mong`a maholimo le lefats’e, – Mong`a le ‘Maballi oa mafats’e oohle

[37] Tlola e be ho Eena hoohle maholimong le lefats’eng: ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Seli

Mehoho ea Lehlabathe

Surah 46

[1] Ha. Mim

[2] Ts’enolo ea

[3] Ha Re’a hlola maholimo le lefats’e, le tsohle tse teng lipakeng ka ‘nete le eona nako ea pallo. Empa haele ba latolang tumelo ba furalla se ba lemosang

[4] E re: “Na le hlokomela seo le bitsang ho sona ntle ho Allah? Ak’u mponts’eng lintho tseo ba li hlotseng holima lefats’e, kapa ba na le seabo maholimong? Hlahisang Lengolo, kapa masalla a tsebo, haeba le bolela ‘nete

[5] Ke mang ea hlahlatelang ho feta haese ea bitsang ho se sa tlo mo araba kantle ho Allah, ka Letsatsi la Kahlolo, ea sa utloeng le pitso ea bona

[6] Mohla batho ba tlang ho khobokang’oa ‘moho(ka tsoho ea bafu)ba tla tlallana bora, ba latole thapeli ea bona

[7] Ha ba pheteloa Lits’enolo tsa Rona tse hlakileng mahana- tumelo ba re, kannete ha e finyella ho bona:’sena ke boloi bo pepenene.”

[8] Kapa ba re: “O iqapetse eona?” E re: “Hoja ke iqapetse eona, le ne le ke ke la fumana tlhonolofatso le e ng’oe ho Allah sebakeng sa ka. U tseba ka botlalo seo le buang ka sona! U lekane joalo ka paki lipakeng tsa ka le lona! Ke Eena Ea Ts’oarelang Joalo-Joalo, Ea Mohau o Khaphatsehang.”

[9] E re: “Ha kea tlisa tumelo e ncha ea maiqapelo har’a barumuoa, kapa hona ho tseba hore na ho tla estahalang ka ‘na kapa ka lona. Ke latela feela seo ke se senoletsoeng ka ts’usumetso; ke mpa ke le mohlokomelise ea hlakileng

[10] E re: “Lea bona? Haeba ena e tsoa ho Allah, le e latola, le paki ho tsoa har’a bana ba Israele a e (tihisa) pakang ho ts’oana le mangolo a bona, a bile a khoktsoe ha lona le ikhohomosa, ruri, Allah haA tataise batho ba se nang toka.”

[11] Mahana-Tumelo ba re ka ba-kholoang:” Haeba molaetsa ona e ne e le ntho e ntle, ba ba kang bana ba ka be ba sa atamela ho ona pele, pele ho rona!” Ka ho hlokomela hore ha ba itataise, ba tla re; “Sena ke Leshano la mehleng ea khale!”

[12] Pele ho mona, e ne e le Lengolo la Moshe joaloka tataiso le mohau

[13] Ruri ba reng: “Mong`a rona ke Allah, ba tsitlallela(tseleng eo), – ha ban a ho ts’aba, kapa hona ho sareloa

[14] Ba joalo e tla ba ba Balekane ba Serapa, ba tla phela teng (kahoasafeleng): moputso oa liketso tsa bona tse lokileng

[15] Re laetse motho ho ba mosa ho batsoali ba hae: ‘Ma’e o mo imme ka mathata a mo beleha ka bohloko; tlhokomelo ea ngoana ho fihlela a khoesoa ke likhoeli tse mashome a mararo, khabareng ha a fihla lilemo tsa matla a hae, mengoaha e mashome a mane, o re “Oho mong’a nketse hore ke ke be le teboho melemong ea hau eo U nts’itsitseng ka eona, le holima batsoali ba ka bobeli, hore ke tle ke etse ka ho loka, hore U tle U khahloe ke hona; U be le lereko ho ‘na le holima tsoala ea ka. Ruri ke retelehetse ka ho uena, ruri ke ithapalatsa ho uena, Islamong.”

[16] Ba joalo ke bona bao Re tlang ho amohela liketso tsa bona tse ntle, Re tlolise liketso tsa bona tse mpe mahlo holimo: Bat la ba har’a Balekane ba Serapa: ts’episo ea ‘nete, eo ba ileng ba e etsetsoa(lefats’eng) bophelong bona

[17] Empa (ho teng)ea reng ho batsoali ba hae,” Tlohang mona, le ntse le nts’episa hore ke tla tsosoa hape, le ha lichaba li felile pele ho ‘na(li sa tsohe hape?) Bobeli bo kopa thuso ea Allah,(ba khalema mora) “Sekhoibo se be ho uena, eba le tumelo, hobane ts’episo ea Allah ke ‘nete” Empa o re: “Tsena ke lits’omo tsa mehleng ea khale

[18] Ba joalo ke bao khahlanong le bona kahlolo e lihiloeng har’a meloko ea li-Jinn le batho, ba shoeleng: hobane bat la eba tahlehong

[19] Ho bohle ho abiloe maemo ho latela liketso tsa bona, hore Allah A tle A putse liketso tsa bona, ha ba ke ke ba jeoa tsuo

[20] Ka letsatsi leo mahana-tumelo a tlang ho emisoa kapela mollo,(ho tla thoe ho bona) “le amohetse tse ntle bophelong ba lefats’e, la nyakalla ke tsona: empa kajeno le tla lefshoa ka kotlo e soabisang: hobane le ne le ikhohomosa holim’a lefats’e kantle ho toka, le tlotse meeli

[21] Ba phetele ka Hud oa Sechaba sa ba-A’d: O ile a lemosa sechaba sa habo ka litutulu tsa lehlabathe; empa ho ‘nile ha eba le bahlokomelise pele ho eena, le kamorao ho eena:” Se khumameleng mang kapa mang kantle ho Allah; ruri ke ts’aba Kotlo ea Letsatsi le Leholo e le tobileng.”

[22] Ba re: “O tletse ho tla re khelosa ho melingoaneng ea rona? Re nehelle ka seo u lulang u re ts’osa ka sona: haeba u bolela ‘nete!”

[23] Hud a re: “Tsebo (ea hore e tla fihla neng) e ho Allah Ea inotsi: Ke phatlalatsa feela seo ke romiloeng ka sona: Empa ke’a hlokomela hore le batho ba lefifing!”

[24] Ea re, ha ba bona(kotlo ka sebopeho) sa leru le tsamaea sebakeng ho tla koahela melatsoana ea bona, ba re, “Leru lena le re tlisetsa pula! “Che, sena ke kotlo eo le neng le kopa hore e potlakisoe!-sefefo seo ho sona e leng kotlo e mahlonoko

[25] “Se tla ripitla tsohle ka taelo ea Mong`a sona!” Eaba ka meso ba – ha ho letho le neng le bonahala haese marako a matlo a bona! Ke kamoo Re putsang ba qoetseng sebeng

[26] Re ile Ra ba apesa ka matla ao Re sa kang Ra le apesa ka ona, Ra ba sitsa ka kutlo, pono, sebete le bohlale: Empa tsena tsohle ha lia ka tsa ba tsoela molemo, Kutlo, pono, le sebete le bohlale ha ba tsoelapele ho latola Liets’enolo tsa Allah; ba ile ba kopeloa hare ke seo ba neng ba se soma

[27] Re ile Ra ripitla lichaba tse le pota-potileng, eaba Re hlahisa ponts’eng ea bona Lits’enolo tsa Rona, hore ba tle ba sokolohe

[28] Hobaneng ho sa ka ha hlaha thuso ho tsoa ho bao ba neng ba ba khumamamela e le melimo, kantle ho Allah, joaloka tsela ea katamelo ho Allah? Che, ba ba siile shalabeng: Empa seo ene e le mashano le boiqapelo ba bona

[29] Re ile Ra kokobetsa lequloana la li-Jinn ho mamela Qura’n: ha li ne li eme kapel’a lona, tsa re:” Mamaelang ka hloko”. Ha e qetoa ho phetoa, tsa khutla ho beng ka tsona, ho ba lemosa

[30] Tsa re: “Oho sechaba sa bo rona! Re utloile lengolo le senotsoeng kamorao ho Moshe, le hlapanyang se tlileng pele ho lona: le tataisetsa batho ‘neteng le tseleng e topileng

[31] “Oho sechaba sa bo rona! Mamelang ea le memelang ho Allah, le kholoe ho Eena; U tla le ts’oarela lits’ito tsa lona, A le loele kahlolong e mahlonoko

[32] “Haeba ho se mong oa lona ea potlakelang pitsong ea ea re memelang ho Allah, a ke ke a ferekanya morero oa Allah holim’a lefats’e, a ka se fumane bats’irelersi kantle ho Allah: Batho ba phosong e totobetseng.”

[33] Na ha ba bone hore Allah, Ea hlotseng maholimo le lefats’e kantle ho mokhathala tlholong ea ona, U le matla ho fana ka bophelo ho bafu? Ruri! U le matla holima lintho tsohle

[34] Ka Letsatsi leo mahana-tumelo ba tla behoa kapela mollo,(ba tla botsoa)” Se ha se ‘nete?” Ba tla re,” E, ka Mong’a rona!”(E mong o tla re) “Joale latsoang Kotlo eo le neng le e latola!”

[35] Kahoo tsitlallelang ka mamello, joaloka Barumuoa ba neng ba sa kebe tseleng ea bona; le se potlake ka mahana-tumelo. Mohla ba bonang Kotlo eo ba e ts’episitsoeng e tla ba joalo ka ha eka ba phetse nakoana e kaalo ka hora LEtsatsing. Sa lona ke ho phatlalatsa Molaetsa: Empa ba tla timetsoa ba teng ntle ho ba tlolang meeli

Muhammad

Surah 47

[1] Ba latolang Allah ba bile ba thibela baho TSeleng Ea Allah,- Allah U tla etsa hore liketso tsa bona li nyelle feela

[2] Empa ba-kholoang ba bile ba etsa liketso tse lokileng, ba kholoa ts’enolong e rometsoeng ho Muhammad – hobane ke ‘nete e tsoang ho Mong’a bona, – U tla tlosa lits’ito tsa bona, A phahamise maemo a bona

[3] Seo ke hobane ba latolang Allah ba latela mafeela, ha ba- kholoang ba latela ‘Nete e tsoang ho Mong’a bona: ke kamoo Allah A hlophisang mehlala ka lipapiso

[4] Kahoo, ha le kopana le Mahana-tumelo(ntoeng), le ba otle melaleng; khabareng ha le se le ba thapisitse, ba tlameng ka selekane: kamorao ho moo ka pelo-nolo kapa ka tokollo ea mats’eliso: ho fihlela ntoa e letse. Ke kamoo(le laetsoeng): Empa haeba e ne e le Thato Ea Allah, A be A ba lefisitse; empa(U le lesa ho loana) hore A le behe tekong, ba banag ba lona ba tla bolaoa. Empa ba bolaoang tseleng ea Allah, – A ke ke A lesa liketso tsa bona ho ba mafeela

[5] U tla ba tataisa le hona ho phahamisa maemo a bona

[6] A ba amohelle Serapeng seo A ba ts’episitseng sona

[7] Oho lona ba-kholoang! Haeba le thusa Allah; Allah U tla le thusa, A matlafatse mehato ea lona

[8] Empa ba latolang (Allah), – Timelo kea bona; Allah U tla etsa hore liketso tsa bona li nyelle

[9] Seo ke hobane ba Hloile Ts’enolo ea Allah; kahoo U entse hore liketso tsa bona li se behe litholoana

[10] Na ha ba es’o hahlaule le lefats’e, ba ke ba bone seo e bileng pheletso ea ba bileng teng pele ho bona(ba neng ba etsa bobe)? Allah U ile A ba ripitla, kotlo e joalo e emetse bohle ba Latolang Allah

[11] Seo ke hobane Allah ke mots’ireletsi oa ba-kholoang, empa ba latolang Allah ba hloka mots’ireletsi

[12] Ruri! Allah U tla amohela bohle ba – kholoang, ba bile ba etsa liketso tse lokileng, Lirapeng tsee ka tlasa tsona ho phallang linoka; ha ba latolang Allah ba tla natefeloa, ba je joalo ka ha likhomo li eja, Mollo e tla ba lehae la bona

[13] Ke metse e mekae e matla ho feta oa heno (Makka) eo baahi ba eona ba ileng ba o phalalisa? Eaba Re e ripitla hoo ba sa kang ba eba le mothusi

[14] Na ea tseleleng e hlakileng ho tsoa ho Mong`a hae, a ka ts’oana le eo libe tsa hae li ntlafalitsoeng ho mo khahla, a sa ntse a setse litakatso tsa hae morao

[15] Ena ke papiso ea Serapa se ts’episitsoeng bohle ba ts’abang Allah: ka hare ho sona ho teng linoka tse metsi a hloekileng: linoka tsa lebese le tatso e sa fetoheng, linoka tsa veine e natefelang ba e noang, le linoka tse kopotsang manepe; ho teng mefuta ea litholoana le Lereko le tsoang ho Mong`a bona. Na ba ka bapisoa le ba hlolang Mollong kahosafeleng, ba fuoa metsi a belang ho noa, hoo a bileng a khaolang mala a bona(likotoana)

[16] Har’a bona ho teng ba u mamelang, empa qetellong ha ba u furalla, e be ba re ho ba filoeng tsebo: “Ke eng seo a neng a ntse a se buoa?” Bao ke batho bao Allah A kabieng lipelo tsa bona, ba latelang litakatso tsa bona

[17] Empa ba amohelang tataiso, U ba ekeletsa(khanya) tataiso, A ba sitse ka Khalalelo le Ts’ireletso (sebeng)

[18] Ba emetse Hora, – hore e tla ba fihlela ba sa lebella? Empa lits’upiso tsa eona li se li finyeletse, ha e se e ba fihletse, ba tla hloka molemo ofe khalemong ea bona

[19] Tseba hore ha ho `Mopi e mong kantle ho Allah, u kope ts’oarelo ea libe tsa hau, le tsa batho ba-kholoang le tsa basali ba-kholoang. Hobane Allah U tseba metsamao ea lona le kamoo le phelang kateng malapeng a lona

[20] Ba-kholoang ba re: “Hobaneng Khaolo e sa romeloe ho rona? Empa ha Khaolo e totobetseng, e bolela ka ntoa, u tla bona bao lipelong ho bona ho tletseng maloetse ba u shalimile joalo ka ha eka ba makhatheng a lefu. Empa ba ne ba loketse

[21] Ho amohela ba bue toka, hore ha taba e rarolotsoe, e ne etla ba molemo ha ba ne ba ena le ‘nete ho Allah

[22] Joale, ho lebeletsoe ho tsoa ho uena haeba u fuoe matla, hore u tla fehla mofere-fere holim’a lefats’e, u khaole maqhama a tsoalano le beng ka uena

[23] Ba joalo ke batho bao Allah A ba rohakileng hobane U ba entse Litholo le ho ba foufatsa

[24] Joale ha ba leke ka matla ho batla ho utloisisa Qura’n, kapa lipelo tsa bona ba li tlamme mafito

[25] Haele ba koenehang kamor’a hoba tataiso e totobatsoe kapel’a bona, E Mobe o ba ekile; ka ts’episo ea mafeela

[26] Sena ke hobane ba re ho ba hloileng molaetsa o senotsoeng ke Allah: “Re tla le mamela karolong ea litaba tsena;” empa Allah U tseba liphiri tsa bona

[27] Empa ho tlaba joang mohla manyeloi a nkang meea ea bona lefung, a ba otla lifahlehong le ka mekokotlong

[28] Sena e le hobane ba ile ba latela se khopisang Allah, eaba ba hloea se Mo thabisang. Kahoo, o fetotse liketso tsa bona mafeela

[29] Kapa bao Lipelo tsa bona li tletseng maloetse ba nahana hore Allah A ke ke A behaa pooaneng lehloeo la bona

[30] Hoja ke thato ea Rona, Re ka be Re u joents’itse bona, hore ka ‘nete u tle u ba tsebe ka mats’oao a bona: empa u tla ba tseba ka lipuo tsa bona! Allah U tseba tsohle tseo le li etsang

[31] Re tla le beha tekong ho fihlela Re leka ba tsitlalletseng ka tieo har’a lona (ts’ebeletsong ea Allah), ba tsitlalla ka mamello; Re tla hlahloba litlaleho tsa lona

[32] Ba latolang Allah, ba thibela batho tseleng ea Allah le ho hanetsa moromuoa kamor’a hoba tataiso e totobatsoe kapel’a bona, ha ho moo ba hlokofatsang Allah leha nyenyane, empa U tla fetola liketso tsa bona mafeela

[33] Oho lona ba-kholoang! Mamelang Allah le moromuoa, le se ke la fetola liketso tsa lona mafeela

[34] Ba latolang Allah, ba bile ba thibela batho tseleng ea Allah, ebe ba khahlanyetsoa ke lefu ba ntse ba latola Allah, – Allah A ke ke A ba ts’oarela

[35] Le se khathale le hona ho nyahama ‘moko, le llela khotso, ha le tlameha ho ba maemong a phahameng: hobane Allah U na le lona, A ke ke A le lahla ka lebaka la liketso tsa lona tse ntle

[36] Bophelo ba lefats’e lena empa ele papali le boithabiso. Empa a u kholoa e bile u nyelisa bobe, U tla le neha meputso ea lona; A ke ke A le kopa (ho khaohana le) matlotlo a lona

[37] Hoja e be U ne A ka le kopa ona kaofela, A le latella, le ne le tla a khoaela; U ne A tla hlahisa mahloeo a lona a sephiri pooaneng

[38] Ruri! Lona le ba memetsoeng ho senyeheloa tseleng ea Allah, le hoja har’a lona hona le ba bang ba khoaetseng matlotlo. Eo ea khoaetseng, o mpa a etsa joalo feela molemong oa moea oa hae. ‘Allah ha A hloke letho, lona le mafutsana. Haeba le koeneha, Ruri! O tla le fapanyetsa ka mofuta o mong oa batho o keng oa ts’oana le lona

Tlholo

Surah 48

[1] Ruri! Re u nehile Tlholo e hlakileng

[2] Hore Allah A tle A u ts’oarele libe tsa hau tse fetileng le tse tlang ho tla le hona ho matlafatsa molemo oa Hae holim’a hau; A tle A u tataisetse Tseleng e Nepahetseng

[3] Hore Allah A tle A u thuse ka thuso e Matla –

[4] Ke Eena Ea romelang khotso lipelong tsa Ba-kholoang, hore ba tle ba phaelle tumelo ea bona. Mabotho a maholimo le lefats’e kea Allah, Allah U Tletse Tsebo, U Seli –

[5] Le hore A tle A amohelle banna le basali ba-kholoang ka har’a Lirapa tseo linoka liphallang tlasa tsona, tseo ba tla phela ka har’a tsona le hona ho hlakola libe tsa bona – etsoe kapel’a Allah ho teng katleho e babatsehang, –

[6] A tle A ahlole Baikaketsi, banna le basali, le bahedene, banna le basali ba menahano e fosahetseng khahlano le Allah. Holima bona ho na le selikalikoe sa bobe, Khalefo Ea Allah e holima bona: U ba rohakile le hona ho ba lokisetsa Lihele: pheletso e nyonyehang ea leeto

[7] Hobane Mabotho a maholimo le lefats’e kea Allah, ‘Allah U Matla Oohle, U Seli

[8] Re u rometse u le paki le mophatlalatsi oa litaba tse molemo le mohlokomelisi

[9] Hore lona (batho) le tle le kholoe ho Allah le ho moromuoa oa Hae, le mo thuse le ho Mo hlompha, le ho keteka Lithoriso tsa Hae hoseng le mantsiboea

[10] Ruri! Haele ba ikanang ka ‘nete ho uena, ba ikana ka ‘nete ho Allah. Letsoho la Allah le holim’a matsoho a bona. Kahoo, mong le mong ea khaolang boikano ba hae, o etsa joalo molemong oa kuno ea moea oa hae: athe mong le mong ea bolokang boikano ba hae le Allah, haufinyane Allah U tla mo sitsa ka moputso o moholohali

[11] Ma-Arab a lehoatateng a neng a saletse morao a tla re ho uena: “Re ne re phathahantsoe ke mehlape le malapa a rona: re kopele ts’oarelo ke hona!” Ka maleme a bona ba buoa ntho e sieo lipelong tsa bona. E re: “Ke mang ea ka le thusang ntle ho Allah, haeba A le reretse bora, kapa eba U le reretse se molemo? Che, empa Allah esale A le hlokolosi ka tseo le li etsang

[12] “Che, empa le nahanne hore Moromuoa le Ba-kholoang ba ke ke ba boela malapeng a bona, seo se entsoe hore se shebahale se khahla lipelong tsa lona, ebile le nahanne monahano o nyonyehang; hobane le batho loebaloebang bobeng.”

[13] Ea sa kholoeng ho Allah le ho Moromuoa oa Hae, Re hlophisitse Khanare ea Mollo sebakeng sa ba latolang tumelo

[14] Puso ea maholimo le lefats’e ke ea Allah. U ts’oarela mong le mong ea khahloang ke eena le hona ho ahlola mong le mong ea khahloang ke eena. Ruri! Allah U Ts’oarela joalo-joalo, U Tletse Mohau

[15] Ba neng ba setse morao ba tla re nakong eo u itukisetsang ho ea hapa masalla (ntoeng): “E re re tsamae le uena.” Ba lakatsa ho fetola molao oa Allah. E re: “Le ke ke la tsamaea le rona. Ke kamoo Allah A boletseng kateng mathomong.” Joale, ke moo ba tla re: “Che, le mpa le le lefufa.” Che, ba mpa ba hloka kutloisiso

[16] U re ho Ma-Arab a lehoatata a neng a saletse morao:“Le tla memeloa khahlano le batho ba matla, ho ba loants’a ho fihlela ba inehetse; empa haeba le ka mamela, Allah U tla le neha moputso o hlokang moeli; empa haeba le ka koeneha joaloka ha le ile la etsa mathomong, Ruri! U tla le ahlola ka kotlo e mahlonoko

[17] Empa ha hona qoso mabapi le lifofu, kapa liqhoala le ba kulang ha ba sa ea ntoeng. Athe haele mang, kapa mang ea mamelang Allah le Moromuoa oa Hae, Allah U tla mo amohella ka har’a Lirapa tseo linoka liphallang ka tlasa tsona; haele ea tla koeneha, Ruri! Allah U tla mo ahlola ka kahlolo e mahlonoko

[18] Allah U ile A thaba haholo nakong eo Ba-kholoang ba neng ba ikana ka tieo ho uena tlasa sefate: U ne A tseba tsohle tse ka har’a lipelo tsa bona; ke moo A ileng A romella khotso holim’a bona le hoba putsa ka tlholo ea kapele

[19] Ba tla una melemo e mengata: Allah U Matla Oohle, U Seli

[20] Allah U le ts’episa thepa e ngata eo le tla e hapa, etsoe U ile A le neha sena esale pele le hona ho sitisa matsoho a banna khahlanong le lona, hore seo e tle ebe sesupo ho Ba-kholoang le hona hore A tle A le tataisetse tseleng e topileng

[21] Khapo e ngoe eo le sa kang la e fihlela, Allah U e kopetse hare. Allah U na le matla holima lintho tsohle

[22] Haeba ba mahana-tumelo ba ka le futuhela, Ruri! ba ne ba tla le supa ka lirethe; kamor’a moo e be ha ba fumane motsoalle ea ka ba ts’ireletsang, kapa hona ho ba thusa

[23] Sena ebile molao oa Allah U neng o sebetsa ho tloha sethathong. U ke ke oa fumana phetoho molaong oa Allah

[24] Ebile ke Eena ea ileng A etsa matsoho a bona ho ba maruru malebana le lona le lona ho ba matsoho a maruru khahlano le bona ka har’a phula ea Makka, kamor’a moo eaba o le etsa bahloli holim’a bona. Ruri! Allah U bona tsohle tseo le li etsang

[25] Bana ke bona ba ileng ba latola ts’enolo le hona ho le sitisa ‘nqalong e halalelang ea thapelo Makka (al-masjid-al-haram) le hona ho sitisa mahlabelo ho ea fihla ‘nqalong ea ona. Hoja ese ke ea eba ka lebaka la banna ba-kholoang le basali ba- kholoang bao le neng le sa ba tsebe, –le ka be le ba ripitlile, la jara molato oa bona tlas’a ho hloka tsebo; hore Allah A tle A amohelle bao A khahlaong ke bona mohaung oa Hae, – hoja ba ne ba arohane, Ruri! Re ka be re ahlotse mahana-tumelo ka kahlolo e mahlonoko

[26] Mohla mahana-tumelo ba neng ba simolla boikhants’o lipelong tsa bona, boikhants’o ba linako tsa lehloeo; ke mohla Allah A neng A romella khotso holim’a Moromuoa oa Hae le holim’a ba-kholoang le hona ho ba sitsa ka lentsoe la tiisetso tumelong, hobane le ne le ba loketse; ba bile le boikitlaetso malebana le lona. Allah U hlokolosi haholo holim’a lintho tsohle

[27] Ruri! Allah U ile A phetha pono ea Moromuoa oa Hae ea ponaletso ea ‘nete ea hore: Ruri! Le tla kena ‘nqalong e halalelang ea thapelo haeba e le thato ea Allah, tlas’a ts’ireletso, ba bang ba beotse meriri, ha ba bang bona ba fokolitse meriri, kantle le ts’abo ea letho. Etsoe Eena U tseba seo le sa se tsebeng, U ile A le neha tlholo kapele-pele

[28] Ke Eena Ea ileng A romella moromuoa oa Hae ka tataiso le eona tumelo ea ‘nete, hore e tle e rene holim’a litumelo tsohle. Allah U lekane hoba paki

[29] Ruri! Muhammad ke moromuoa oa Allah. Le bohle ba nang le eena ba matla khahlanong le mahana-tumelo, empa har’a bona ho rena mohau. U tla ba bona ba inama le hona ho khumama ba ithapalatsa thapelong, ba kopa nala ho Allah le eona kamohelo. Let`soao la bona le liphatleng tsa bona ho latela mokhoa oa boithapalatso. Ena ke papiso ea bona e ka har’a tora le papiso e ka har’a evangeli – e tsoanang le lijo thollo tse lengoeng, e be li’a mela eba lehlaka le matlafetseng; le hlahise lijo-thollo tse tiileng lehlakeng, tse thabisang balemi – hore e khopise mahana-tumelo ka seipone sa bona. Allah U ts’episitse ba-kholoang ba etsang liketso tse lokileng ts’oarelo le moputso o moholo-hali. Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Likamore

Surah 49

[1] Oho lona ba-kholoang! Le se ipehe pele litabeng kapel’a Allah le Moromuoa oa hae, Empa le ts’abe Allah. Hobane Allah U ke Eena ea Utloang tsohle

[2] Oho lona ba-kholoang! Le se phahamise mantsoe a lona ka holim’a lentsoe la Moporofeta, kapa hona ho kharuma nakong eo le buoang le eena joaloka ha le kharumana har’a lona, esere lits’ebeletso tsa lona tsa fetoha mafeela le sa hlokomele

[3] Ba kokobetsang mantsoe a bona kapel’a moromuoa oa Allah, ke bona bao Allah a hloekiselitseng lipelo tsa bona tokeng. Etsoe ts’oarelo le moputso o moholo ke tsa bona

[4] Ba u bitsang u le kamor’a liphaposi, bongata ba bona bo hloka koitlisiso

[5] Hoja ba ne ba ena le mamello ho fihlela u tlile ho bona, ho ne ho tla ba molemo ho bona, Empa Allah U Ts’oarela joalo- joalo, U Tletse Mohau

[6] Oho lona ba-kholoang! Haeba motho ea mobe a e tla ho lona ka litaba, netefatsang hore e feela e le ‘nete, esere la lematsa batho ka ho se hlokomele, eaba kamorao ho moo la tlala boinyatso ka seo le se entseng

[7] Le tsebe hore moromuoa oa Allah u teng har’a lona. Haeba o ne a le litabeng tse ngata, ho sala litakatso tsa lona morao, le ne le tla oeloa ke bomalimabe: empa Allh U le ratetse tumelo, A e ntlafatsa lipelong tsa lona, A etsa hore le hloee tlhoka–tumelo, bokhopo, le bohana-puso: ba joalo ruri ke ba tsamaeang tokeng

[8] Nala le lereko le tsoang ho Allah; Allah U Tletse Tsebo, U Seli

[9] Haeba batho ba babeli har’a Ba-kholoang ba loants’ana, aha khotso lipakeng tsa bona; empa haeba e mongo a bona a tlola meeli khahlanong le e mong, kahoo mo loants’eng bohle ea tlolang meeli ho fihlela a boela molaong oa Allah; Empa ha a sala molao morao, ahang khotso lipakeng tsa bona ka toaka, le hloke ts’ekamelo

[10] Ba-kholoang ke baena, kahoo etsang khotso le poelano lipakeng tsa bobeli ba bona, le ts’abe Allah, hore le tle amohele Mosa

[11] Oho lona ba-kholoang! Le se lumelle batho hara lona ho ts’eha ba bang, bao e ka ‘na eaba ba molemo ho ba feta, kapa hona ho lamella basali ba bang har’a lona ho ts’eha ba bang, bao eka ‘na ea ba, ba molemo ho ba feta; kapa hona ho somana esita le hona ho rohakana ka mabitso a bosoasoi. Se sebe ke tlhapa kamor’a hoba le tumelo. Mong le mong ea sa tl’ong ho sokoloha, Ruri! Ke moetsalibe

[12] Oho lona ba-kholoang! Qobang pelaellano ka hohle; hobane pelaellano tse hlokang motheho ke sebe. Le be le qobe ho ba mahlabaphieo le hona ho sebana. Na e mong oa lona a ka thabela ho ja nama e shoeleng ea ngoana’bo? Che, le ka e nyonya, kahoo nyonyang ho sebana! Empa ts’abang Allah. Hobane Allah U Amohela Boinyatso, U Tletse Mohau

[13] Oho lona batho! Re le hlotse ka botona le bots’ehali, Ra le etsa lichaba le merabe, hore le tle le tsebane (E seng hore le hloeane). Ruri ea hlomphehang har’a lona kapel’a Allah ke ea etsang tse lokileng ho feta bohle. Allah U Tseba Tsohle, U Hlokolosi

[14] Ma-Arab a lehoatateng a re: “Re’a kholoa.” E re: “Ha le na tumelo; le mpa le re “Re inehetse Islamong,” hobane tumelo ha es’o finyelle lipelong tsa lona. Hobane haeba le mamela Allah le Moromuoa oa Hae, Allah A ke ke A le qhekella meputsong ea liketso tsa lona. Hobane Allah U Ts’oarela joalo-joalo, U Tletse Mohau

[15] Ba-kholoang ka ‘nete ke ba kholoang feela ho Allah le ho Moromuoa oa Hae, ba se na khoao, empa ba tsitlalletse ka tseo ba nang le tsona le ka maphelo a bona ts’ebeletsong ea Allah. Ba joalo ke ba nang ‘nete

[16] E re: “Na le ka ruta Allah tumelo ea lona? Empa Allah U na le tsebo tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng, U Hlokolosi ka lintho tsohle

[17] Ba u tiisetsa hore ba inehetse Islamong e le ho u khahlisa, E re “Le se nahane hore tumelo ea lona e molemo ho ‘na, Che, Allah U le sitsitse ka lereko hore e be U le tataiselitse Tumelong, haeba le na le ‘nete ebile le hloekile lipelong

[18] Ruri! Allah U tseba liphiri tsa maholimo le lefats’e. Etsoe Allah U bona tsohle tseo le li etsang.”

Qaf

Surah 50

[1] Qaf: Ka Qura‘n e tlotlehang (u morumuoa oa Allah)

[2] Empa ba maketse hore na ho tlile morumuoa ho bona ea hlahang har’a bona. Kahoo mahana-tumelo ba re: “ena ke ntho e makatsang

[3] Eng! Mohlang re shoang, re fetohile lerole, re ka boela ra tsosoa hape? Seo ke poelo e thoko haholo.”

[4] Re tseba tseo lefats’e le li jereng tsa bona, Re na le Lenane la litlaleho

[5] Empa ba nyelisa ‘nete nakong eo e tlang ho bona; kahoo ba pherekanong

[6] Na ha ba shebeng marung holim’a bona? – Kamoo Re a entseng kateng le kamoo Re’a khabisitseng kateng; le kamoo ho senang sekoli kateng

[7] Le lefats’e Re le alile le hona ho tsepamisa lithaba holim’a lona, eaba Re etsa hore limela tsohle tse khahlehang li mele holim’a lona, –

[8] E le pontso le sona sehopotso molemong oa lekhabunyane lefe, kapa lefe le sokolohileng

[9] Re romella pula e hlohonolofetseng lefats’eng eo ka eona re phelisang lijalo lirapeng le tsona lijo thollo

[10] Le lifate tsa lipalema tse jereng liririella tsa litholoana; –

[11] Ele phepo molemong oa batho; e bile Re phelisa lefats’e le omeletseng ka pula. Ka mokhoa oo Tsoho Ea Bafu e tla bang kateng

[12] Batho ba habo Nooe ba ile ba nyefola ‘nete pele ho bona, ka mokhoa o ts’oanang le baahi ba Rass, Ba – Thamude

[13] Ba – a’ad, Faro, le bana ba bo Lota

[14] Le baahi ba Mediane, le batho ba Tubb’a: morabe o mong le o mong o ile oa nyefola baromuoa; Tlhokomeliso ea Ka e ile ea phethahatsoa(holim’a bona)

[15] Na Re ile Ra tepella ke tlholeho ea mathomo? Hore ebe ba na le khoao ka tlholeho e ncha

[16] Ke Rona ba hlotseng motho, Re tseba ka botlalo seo moea oa hae o mo hlohleletsang sona, etsoe Re haufi haholo le eena ho feta mahalapa a hae

[17] Hopola manyeloi a mabeli a khethiloe ho ngola liketso tsa motho, le leng le lutse ka letsohong le letona, ha le leng lona le lutse ka letsohong le lets’ehali

[18] Ha ho lentsoe leha le le leng leo a le buoang e be moalosi oa hae ha a le ngole

[19] Mahlomola a lefu a tlisa ‘nete(kapel’a mahlo a hae): “Sena ke sona seo u neng u leka ho se qoba.”

[20] Terompeta e tla letsoa: Lena ke letsatsi le ts’episitsoeng

[21] Moea ka mong o tla atamela le lenyeloi le o qhobang esitana le la paki

[22] (Ho tla thoe;) “Ha u e’a ka oa tsotella molaetsa ona. Hajoale Re phetlile sekhurumetso sa lona, mahlo a lona a ncho-cho kajeno.”

[23] Moalosi oa hae o tla re: “tlaleho ea hae ke na le eona.”

[24] (Kahlolo e tla ba:) “akhelang mong le mong eo e leng molatoli oa Allah kahar’a lihele! –

[25] Ea neng a sitisa toka, a tlola meeli eohle, a jala khoao le lipelaelo,”

[26] “Le hona ho iketsetsa molingoana kantle ho Allah. Mo akheleng kahar’a kahlolo e ts’abehang.”

[27] Motsoalle oa hae o tla re: “Mong`a ka! Ha se ‘na ea mo rutileng ho tlola meeli, empa o ne a khelohetse thoko.”

[28] Allah U tla re: “Se pheheng khang kapel’a Ka, khale Ke le romeletse tlhokomeliso

[29] “Molaetsa o tsoang ho ‘Na o ke ke oa fetoha, ha ho kamoo Nka hlokelang makhabunyane toka kateng.”

[30] Ka letsatsi le leng Re botsa lihele: “Na o tletse haholo?” Li tla re: “Na ho sa le teng ba bang ba tlang?”

[31] Serapa se tla atametsoa haufinyane le bohle ba etsang botle, se ke ke sa eba thoko le bona

[32] (Lentsoe le tla re:) “sena ke seo le neng le se ts’episitsoe, – ho bohle ba sokolohileng esita le hona ho ho boloka (Molao oa Hae)

[33] “Ba ts’abileng(Allah) Ea Tletseng Lereko sephiring, le ho tla ka pelo e sokolohileng

[34] “Kenang kahar’a sona ka Khotso le Polokeho; Lena ke Letsatsi la Bophelo bo sa feleng.”

[35] Ba tla fumana tsohle tseo ba li labalabelang kamoo, – ho teng lintho tse ngata ho Rona

[36] Hana ke meloko e mekae eo Re ileng Ra e ripitla pele ho bona, eo e neng e le linatla ho ba feta ka matla hooba neng ba tletse- tletse le lefats’e! Na ba ne ba ena le sebaka sa ho phonyoha nakong eo kahlolo eba oelang

[37] Ruri

[38] Re hlotse maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa ona ka matsatsi a ts’eletseng kantle le mokhathala o kileng oa Re ama

[39] Eba le mamello ho tsohle tseo ba li buoang, u keteke lithoriso tsa Mong`a hau pele letsatsi le chaba le pele le likela

[40] Le karolong ea bosiu, keteka lithoriso tsa Hae, le kamor’a lithapelo

[41] U mamele mohla letsatsi leo ka lona seboholi se tlang ho hoelehetsa se le sebakeng se haufinyane, –

[42] Mohlang ba tlang ho utloa molumo o ts’abehang ka ‘nete: Leo e tla ba Letsatsi la Tsoho

[43] Ruri! Ke Rona ba fanang ka Bophelo le Lefu, poelo ea lona bohle e ho Rona

[44] Letsatsi leo ka lona lefats’e le tlang ho peperana, ba tla tlaba phasa-phasa ka hohle. Ke ka mokhoa o bobebe oo Re tlang ho ba khobokanya ka ona

[45] Re tseba ka botlalo seo ba se buang; ha se uena ea tlamehang ho ba qobella. Kahoo ba lemose ka Qura’n bohle ba ts’abang Kahlolo ea Ka

Meea e Fokang

Surah 51

[1] Ka liphefo tse jalang

[2] Le tse phahamisang le ho jara mojaro o boima

[3] Le tse fokang ka monyebe

[4] Le tse phatlalatsang mahloholono tlas’a taelo

[5] Ruri! Tseo le li ts’episitsoeng ke ‘nete

[6] Ruri Kahlolo le Toka li tla phethahala

[7] Ka leholimo le Litsela tse ngata

[8] Ruri, puo tsa lona li fapane

[9] Tseo ka tsona le khelosang (hole le `nete) ba tlang ho kheloha

[10] Sekhobo se be ho bo raleshano

[11] Ba loebaloebang kahar’a sekh’ola sa pherekano

[12] Ba a botsa, “Letsatsi la kahlolo le Toka le tla ba neng?”

[13] (E tla ba) Letsatsi leo ka lona ba tlang ho ahloloa kahar’a Mollo

[14] “Latsoang kahlolo eo le ipitselitseng eona. Sena ke sona seo le neng le ba tla ho se potlakisa.”

[15] Haele ba lokileng, ba tla phela kahar’a Lirapa le Liliba tse kopotsang

[16] Ba thabisoe ke lintho tsohle tseo Mong`a bona A ba fang tsona; hobane, pele ho moo, ba ne ba phela bophelo bo hloekileng

[17] Ba ne ba tloaetse ho robala hanyenyane feela bosiu

[18] Le lihoreng tsa meso ba rapella ts’oarelo

[19] Mekopa-kopa le mafutsana a ne a e na le seabo thepeng ea bona, ea kopang, le ea thibetsoeng ho kopa

[20] Lefats’eng ho teng Lits’upiso ho bohle ba nang le Tumelo ea sebele

[21] Le ho lona lits’upiso li teng: Na ha le bone

[22] Leholimong teng ke naleng ea lona le linthong tsohle tseo le li ts’episitsoeng

[23] Ka Mong`a maholimo le lefats’e, sena ke ‘nete, joaloka ha e le ‘nete, hore le tseba ho buisana

[24] Na pale ea Abrahama le baeti ba hae ba neng ba hlompheha e kile ea fihla ho uena

[25] Mohla ba neng ba fihla ho eena ba re: “Khotso!” Eaba o’a araba, “Khotso!”: “Ba shebahala ba sa tloaeleha.”

[26] A boela kapele ho ba lelapa la hae, eaba o tlisa namane e halikiloeng

[27] A e beha kapel’a bona, a re: “Na le tla ja?”

[28] A simolla hoba ts’aba. Eaba ba re: “Se ts’abe letho!” Ba mo neha litaba tse molemo tsa tlhaho ea mora ea sitsitsoeng ka tsebo

[29] Empa mosali oa hae a atamela ka lentsoe le phahameng, a ikotla sefahleho a re: “Mosali ea tsofetseng oa nyopa!”

[30] Baeti ba re: “Leha ho le joalo, ho rialo Mong`a hau. Ruri! Ke Eena Ea Seli, Ea Tsebang.”

[31] (Abrahama) a re: “Ke eng seo le tlileng ka sona lona Baromuoa ba Allah?”

[32] Ba re“Re romeletsoe ho batho ba qoetseng sebeng; –

[33] “Ho tla ba romella lehlohlojane la lenyeta

[34] “E le sesupo se tsoang ho Mong`a hau ho ba tlolang meeli.”

[35] Ra pholosa ba-kholoang ba neng ba le teng moo

[36] Empa Re ile Ra fumana lelapa le le leng feela la ba inehetseng ho Allah

[37] Eaba Re ba siea le sesupo molemong oaba ts’abang Kahlolo e Mahlonoko

[38] Le ho Moshe ho teng sesupo, Re ile Ra mo romella ho Faro ka bopaki bo totobetseng

[39] Empa Faro o ile a furalla le Matona a hae, a re: “Moloi, kapa lehlanya.”

[40] Kahoo, Re ile Ra mo nka hammoho le lebotho la hae, eaba Re ba khamisa leoatle, hobane o ne a fosahetse

[41] Le ho morabe oa Ba–A’d ho teng sesupo, Re ile Ra romella leholi’atsana kahlanong le bona

[42] Le sa kang la siea letho moo le fetileng teng, lintho tsohle li ile tsa fetoha lesupi

[43] Le ho Ba-Thamud ho teng sesupo, Bonang ba ile ba bolelloa, “Natefeloang ha nakoana!”

[44] Empa ba ile ba eba khahlanong le molao oa Mong`a bona ka tello: eaba ba nanoloa ke ho reketla ho lumang ba sa ntse ba shebile

[45] Hoo ba sitiloeng le ho ema (ka maoto) kapa ho ithusa ka bo- bona

[46] Joaloka batho ba habo Nooe pele ho bona: Hobane ba ile ba tlola meeli hampe

[47] Re ahile Leholimo ka Matla le Tsebo, Hobane ke Rona ba hlotseng bophara ba leholimo

[48] Ebile Re alile lefats’e: Re le ala ka makhethe ha kakang

[49] Re hlotse lintho tsohle ka bobeli, hore le tle le amohele taelo

[50] Potlakelang ho Allah ke hona: Ke molemosi ea hlakileng ho lona ea tsoang ho Allah

[51] Le se iketsetse molingoana ofe, kapa ofe papisong le Allah: Ke molemosi ea hlakileng ho lona ea tsoang ho Eena

[52] Joaloka ha ho se moromuoa ofe, kapa ofe ea kileng a tla ho Batho pele ho bona e be ha ba re: “Ke moloi, kapa lehlanya!”

[53] Na ke moetlo oo ba o neheletsaneng? Che, ke batho ba tlolang meeli eohle

[54] Ba furalle: uena ha u na molato

[55] Empa ruta (Molaetsa oa hae): hobane thuto e molemo ho Ba- kholoang

[56] Ke hlotse tse sa bonoeng (li-jinn) le batho molemong oa hore ba Nts’ebeletse

[57] Ha ho leo ke le kopang ho bona: kapa ho hloka phepo ho bona

[58] Hobane Ke Allah Ea fanang ka bophelo, Mong`a Ts’episo, Ea sa Thekeseleng

[59] Hobane beatsalibe karolo ea bona e ts’oana le karolo ea mehahabo bona (ea meloko ea pele): kahoo, ba se Nkope ho potlakissa (karolo eo)

[60] Sekhobo se be holim’a mahana-tumelo, boikarabellong ba Letsatsi la bona leo ba le ts’episitsoeng

Thaba

Surah 52

[1] Ka leralla (le Ts’enolo)

[2] Ka Molao o Ngoliloeng

[3] Holim’a letlalo le manolotsoeng

[4] Ka ntlo e chakeloang mehla eohle

[5] Ka Sekhele Se Phahamiselitsoeng Holimo-limo

[6] Le ka Leoatle le tletseng

[7] Ruri! Kahlolo ea Mong`a hau e tla phethahatsoa

[8] Ha ho mang, kapa mang ea ka e thibelang

[9] Letsatsi leo ka lona leholimo le tlang ho sisinyeha ha mpe

[10] Lithaba li tlang ho fofela mona le mane

[11] Sekhobo letsatsing leo se be holim’a bohle ba nkang ‘nete e le leshano

[12] Ba har’a bosaoana ba leshano

[13] Letsatsi leo ba tla sutuletsoa ka har’a lihele, ho se khanyetso

[14] “Ona”, ho tla thoe: “Ke mollo, – oo le neng le tloaetse ho o hana

[15] “Na ke mafeela, kapa ebe ha le bone

[16] “Chesoang ka teng, ho ea ts’oana hore le ea o mamella kapa che: le mpa le amohela moputso oa liketso tsa lona.”

[17] Ruri! ba topileng ts’ebeletsong ea bona, ba tla phela kahar’a Lirapa le nyakallo

[18] Ba thabisitsoe ke tseo Mong`a bona aba sitsitseng ka tsona, Mong`a bona U tla ba lopolla Kotlong ea Mollo

[19] (Ho tla thoe ho bona:) “le je le noe, ka phaello le bophelo ka lebaka la liketso tsa lona.”

[20] Ba tla phomola holim’a Literone tse hlophisitsoeng ka mekhahlelo. Re tla ba nyalisa basali ba mahlo a nchocho a khahlang

[21] Bohle Ba-Kholoang, ba bile ba setsoe morao ke malapa a bona Tumelong, Re tla ba matahants’a le malapa a bona, ha Re ke ke Ra fokotsa meputso ea liketso tsa bona. Motho e mong le e mong ke paki liketsong tsa hae

[22] Re tla ba sitsa ka litholoana le nama, tsohle tseo ba li thabelang

[23] Kamoo, ba tla neheletsana senoelo se hloekileng malebana le ts’ila efe, se senang koli

[24] Ho tla ba le basebeletsi ba ntseng ba tsamaea har’a bona ba ts’oanang le bona, ba joaloka likhetla tse neng li patiloe

[25] Ba tla atamelana, ba botsana

[26] Ba tla re: “Pele-pele re ne re se na ts’abo, sebakeng sa mehahabo rona

[27] “Empa Allah U bile lereko ho rona, A ba A re lopolla kahlolong ea Moea o Chesang

[28] “Ruri! Re ile ra bitsa ho Eena khale. Ruri! Ke Eena ‘Maballi, Ea Tletseng Mohau.”

[29] Phatlalatsa ke hona Lithoriso (tsa Mong’a hau). Hobane ka Lereko la Mong’a hau, ha u senohe, kapa lona lehlanya

[30] Kapa ebe ba re: “Ke sereneketsi, seo re lebeletseng mats’oenyeho tlas’a nako holim’a hae!”

[31] Uena e re: “Letang! Le ‘na ke tla leta le lona.”

[32] Na ebe ke likelello tsa bona tse ba susumetsang ho etsa tje, kapa empa e le batho ba tlolang meeli

[33] Kapa ba re: “O iqapetse (Molaetsa)?” Che ha ba na Tumelo

[34] Ha ba hlahise ts’enolo e ts’oanang le ena haeba ba buoa ‘Nete

[35] Kapa ebe ba hlotsoe ke letho? Kapa e be ke bona ba hlolang

[36] Kapa ba hlotse maholimo le lefats’e? Che, ha ban a tumelo e tiileng

[37] Kapa matlotlo a Mong`a hau a ho bona, Kapa ba filoe boikarabello holim’a ona

[38] Kapa ba na le tsela e ka fihlang leholimong, ba mamela makunutu a lona. Momameli har’a bona ha a ke a hlahise bopaki bo hlakileng

[39] Kapa ebe Allah U na le barali ha lona le ena le bara

[40] kapa ebe u ba kopa moputso, hore ba jare mokoloto

[41] Kapa tse sa bonoeng li matsohong a bona, ba li ngola fats’e

[42] Kapa ba u lohela leraba? Empa ba nyefoli ba Allah, ke bona ba pitliloeng

[43] Kapa ba na le molimo e mong ntle ho Allah? Tlotla ebe ho Allah Ea phahametseng tsohle tseo ba li bapisang le Eena

[44] Hoja ba ne ba ka bona leqhetsoana la leholimo le oela fats’e, ba ne ba tla re: “Ke pokella ea maru.”

[45] Kahoo ba lese, ho fihlela ba thulana le Letsatsi la bona leo ka lona ba tlang ho ilibana (ke letsoalo)

[46] Letsatsing leo maraba a bona a ke ke a thusa ka letho, ba ke ke ba fumana thuso

[47] Ruri bohle baetsalibe, kahlolo e teng kathoko ho ena. Empa bongataa bona ha bo utloisisi

[48] Joale leta ka mamello taelo ea Mong`a hau: hobane uena u kapel’a mahlo a Rona; u keteke lithoriso tsa Mong`a hau nakong eo u emeng thapelong

[49] Le karolong ea bosiu u rorise Mong`a hau, – le ha linaleli li il’o likela

Naledi

Surah 53

[1] Ka naleli ha e ea malikelong

[2] Motsoalle oa lona ha a ea kheloha, kapa hona ho thetsoa

[3] Leha ele hona ho buoa litakatso tsa hae

[4] Haese ts’usumetso e romeletsoeng ho eena

[5] O e rutiloe ke Ea Matla a Ts’abehang

[6] Ea Seli: hobane u hlaheletse ka mahetla

[7] A sa le sebakanyana, hojana mane

[8] A atamela; a ba haufinyane

[9] Ho fihlela a le sebaka sa bolelele ba liqha tse peli ho tloha ho eena, kapa haufi ho feta moo

[10] Eaba Allah U senolela lekhabunyane la Hae sohle seo A ileng A mo senolela sona

[11] Joale, ke pelo e ke keng ea thetsa ho latela seo e se boneng

[12] Na joale le tla mo phehisa khang ka seo a se boneng

[13] O ile a mo bona lekhetlo la bobeli a theoha

[14] A le haufi le sefate sa Leoka seo ho ke keng hoa feta ope

[15] Seo haufi le sona eleng Serapa sa Lehae

[16] Bonang! Sefate sa Leoka patehile

[17] Mahlo a hae a ne a sa chalike, kapa ho etsa phoso

[18] Ruri! U ile a bona e ngoe Lits’enolo tsa Mong`a hae, e kholohali

[19] Le kile la bona Lat, le Uzza

[20] Le Manat e mong oa boraro, (melingoana)

[21] Eng! Lona le ikhethela botona, empa Allah Eena le mo khethela bots’ehali

[22] Seo e ne e tla ba karohano e se nang toka

[23] Empa e le mabitso ao le iqapetseng, – lona le bo-ntata lona, – ha ho bopaki boo Allah a kileng a bo romela. Ba latela likhakanyo le litabatabelo tsa meea ea bona! – Le ha tataiso e tsoang ho Mong`a bona ese e finyeletse ho bona

[24] Che, na motho o tla fumana sohle seo a se lakatsang

[25] Empa ke Allah eo Qetello le Qalo ea tsohle e leng tsa Hae

[26] Hore na ke manyeloi a makae a maholimong puello ea ona e sa tlong ho thusa letho kantle hore feela Allah A fane ka tumello ho eo A khahlaong ke eena le hona ho mo khetha

[27] Haele ba sa kholoeng Bophelong Bo-tlang, ba rehang manyeloi mabitso a basali

[28] Empa ha ba na tsebo ka seo. Ba mpa ba latela likhakanyo, Likhakanyo li ke keng tsa nka sebaka sa ‘nete

[29] Kahoo sutha pel’a bohle ba furallang molaetsa oa Rona, ba ithatela bophelo ba lefats’e lena

[30] Tsebo ea bona e fella hona moo. Ruri! Mong`a hau o hlokolosi kaba khelohileng tseleng ea Hae, e bile o hlokolosi ka ho fetisisa ka bohle ba amohelang tataiso

[31] Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ke tsa Allah: hore A tle A putse bohle ba etsang sebe ka tseo ba li entseng esita le hona ho putsa bohle ba etsang toka ka tse lokileng

[32] Haele bohle ba qobang libe tse kholo le liketso tse hlabisang lihlong, kantle le liphoso tse fokolang –Ruri! ts’oarelo ea Mong`a hau e senyekhenyekhe. U hlokolosi ka lona ho tloha ts’imolohong ea lona lefats’eng le nakong eo le neng le patehile lipopelong tsa bo-’ma lona. Kahoo, le se ikuke le hloekile bo- lona. Ke Eena ea hlokolosi ka ho fetisisa khahlanong le bobe

[33] Na u lemoha ea koenehang

[34] A fana hanyenyane le hona ho tiisa pelo

[35] Eng! Na o na le tsebo ka Liphiri hoo a li bonang

[36] Che, ha a na tsebo ka litaba tse ka har’a mangolo a Moshe –

[37] Le Abrahama ea ileng a phethahatsa litaelo: –

[38] Tsa hore ha ho motho ea ka jarang mojaro oa motho e mong

[39] Hore ha ho motho ofe, kapa ofe ea tla amohela seo a sa se sebeletsang

[40] Hore ts’ebetso ea hae e tla hlahela pooaneng

[41] Joale, o tla lefshoa ho latela ts’ebetso eo ka tefo e feletseng

[42] Hore ho Mong`a hau ke katlehong ea qetelo

[43] Hore ke Eena ea faneng ka Nyakallo le Lillo

[44] Hore ke Eena ea fanang ka Lefu le Bophelo

[45] Hore ke Eena ea hlotseng lintho ka bobeli, – tse tona le tse ts’ehali

[46] Ho tsoa lerotholing le tsoileng

[47] Hore ke Eena ea ts’episitseng Tsoho bophelong bo-tlang

[48] Hore ke Eena ea fanang ka Borui le Khotsofalo

[49] Hore ke Eena Mong`a Sirius (Naleli e Kholo)

[50] Le hore ke Eena ea ripitlileng morabe oa mathomo oa Ba – A’d

[51] Le Ba-Thamude, ha ho ope ea ileng a phonyoha

[52] Le batho ba habo Nooe pele ho bona, hobane e ne e le bahanyapetsi, batloli ba meeli

[53] U bile A ripitla le Metse (Ea Sodoma le Gomorah)

[54] Hore e koaelehe

[55] Joale, ke mahlohonolo afe a Mong`a hau ao uena motho o ka a phehisang khang

[56] Enoa ke molemosi oa ba lemosi ba ileng ba tla khale-khale

[57] Kahlolo e ea e ntse e atamela haufi

[58] Ha ho mang, haese Allah feela Ea ka e utullang

[59] Na le makalitsoe ke boemo boo ba litaba

[60] Ebile le ea nyakalla, le fapana le ho lla, –

[61] Le qhala nako ea lona ka mafeela

[62] Empa le ithapalatsa kapel’a Allah le Mo sebeletse ka lerato

Khoeli

Surah 54

[1] Hora (Ea Kahlolo) e se e atametse, ngoeli petsohile ka lehare

[2] Empa ha ba bona sesupo, ba ea koeneha, ba re: “Hona ke boloi ba ka mehla.”

[3] Ba nyelisa ‘nete, ba sala litakatso tsa bona morao. Empa, ntho e ngoe le e ngoe e na le nako ea pallo

[4] Ba amohetse litaba tsa temoso e feletseng, hore ba fetole metsamao ea bona

[5] Bohlale bo tsotoang; empa litemoso ha li’a ka tsa thusa letho

[6] Kahoo ba furalle. Letsatsi leo ka lona sebohloli se tlang ho ba bitsetsa litabeng tse mahlonoko

[7] Ba tla atamela, – ba soabile – mabitleng a bona, ba ts’oana le litsie ha li tletse-tletse hohle

[8] Ba potlaketse ho seboholi ba tonne mahlo! – “Le thata Letsatsi.” Mahana-tumelo a tla cho

[9] Batho ba habo Nooe pele ho bona ba ile ba nyefola lekhabunyane la Rona pele ho bona, ba re: “Ke lehlanya!” O ile a phalalisoa

[10] Ke moo a ileng a bitsa ho Mong`a hae: “Ke ea hlotsoeng, kahoo ak’u mpe U nthuse.”

[11] Eaba Re bula mekoallo ea leholimo ka metsi a phallang

[12] Le hona ho ts’akhunya liliba lefats’eng, hore metsi a tle a fihlele taelo e fanoeng

[13] Eaba Re mo jara ka Areka eneng e entsoe ka lifate tsa lipalema

[14] Hore e phaphamale holim’a metsi kapel’a mahlo a Rona, e le moputso ho eo ea ileng a nyelisoa

[15] Re ile Ra siea seo e le sesupo; empa na ho teng ea tlang ho amohela temoso

[16] Empa ak’u boneng kamoo kahlolo ea ka e ileng ea ts’abeha kateng kamor’a litemoso tsa ka

[17] Ka ‘nete Re entse Qura’n ho ba bobebe ho ho utloisiseha le ho hopoleha; joale na ho teng ea tla amohela temoso

[18] Morabe oa Ba-A’d o ile oa nyelisa. Bonang kamoo kahlolo ea Ka e ileng ea ts’abeha kateng kamor’a litemoso

[19] Hobane Re ile Ra ba romella sekhobo sa phefo mohla letsatsi le nyonyehang

[20] Hoo e ileng ea tsokotsa batho joaloka ha eka ene ele likutu tse koqotsoeng ka metso tsa lifate tsa palema

[21] Bonang kamoo kahlolo ea Ka e ileng ea ts’abeha kateng kamor’a litemoso tsa Ka

[22] Ruri! Re entse koran ho ba bobebe ho utloisiseha le ho hopoleha; joale na ho teng ea tlang ho amohela temoso

[23] Ba-Thamude ba ile ba nyelisa Balemosi

[24] Hobane ba ile ba re: “Eng! Monna a le mong feela har’a rona, re ka mo latela? Ruri! Re tla be re lahlehetsoe ke menahano, re hlanya

[25] “Na molaetsa o filoe eena Salih feela har’a rona? Che, empa e le moqabanyi ea leshano.”

[26] Hosane ba tla tseba hore na ke mang ea leshano

[27] Hobane Re tla romella kamele e ts’ehali ele teko khahlano le bona, kahoo u ba lebelle, u be le mamello

[28] U ba tsebise hore ba arolelana metsi le eona, ba lokela ho noa ka tlhatlhamano

[29] Empa ba ileba bitsa e mong oa bona, eaba o nka sabole; a e bolaea

[30] Bonang kamoo kahlolo ea Ka e ileng ea ts’abeha kateng kamor’a hore Ke fane ka litemoso

[31] Hobane Re ile Ra ba romella molumo o matla o le mong feela, eaba ba fetoha lesupi

[32] Ruri Re entse Qura’n ho ba bobebe ho utloisiseha le ho hopoleha; joale na o teng ea tla amohela temoso

[33] Batho ba habo Lota, ba ‘nile ba nyefola Temoso

[34] Re ile Ra romella sefako sa majoe holim’a bona kaofela kantle ho lelapa la lota, eo Re ileng Ra mo pholosa esale ka matjeke

[35] Ele Lereko ho tsoa ho Rona. Ke kamoo Re putsang ba fanang ka liteboho

[36] O (Lota) ‘nile a ba lemosa ka kotlo ea Rona, empa ba ile ba hanyetsa Temoso

[37] Ba bile ba mo tsekisa baeti ba hae, empa Ra ba foufatsa.(ba utloa) “Latsoang kahlolo ea Ka kamor’a Temoso ea Ka.”

[38] Kahlolo e neng e ts’episitsoe e ile eaba oela esale ka meso

[39] “Kahoo, latsoang kahlolo ea Ka le temoso ea Ka!”

[40] Ruri Re entse Qura’n ho ba bobebe ho utloisiseha le ho hopoleha; joale na ho teng ea tlang ho amohela temoso

[41] Sechabeng sa Faro, le teng ho ile ha fihla Balemosi (ho tsoa ho Allah)

[42] Ba ile ba nyelisa Lits’enolo tsa Rona kaofela. Empa Ra ba otla ka kotlo ea Ea Matla Oohle, Ea phethahatsang Thato ea Hae

[43] Mahana-Tumelo a hau ba molemo ho feta bao? Kapa ba na le ts’ireletso kahar’a Lengolo le Halalelang

[44] Kapa ba re: “Rona re lebotho le hlometseng?”

[45] Haufi Mabotho ohle a tla hloptjoa, a tla supa ntoa ka lirethe

[46] Che, Hora (ea kahlolo) ke nako ea pallo; Hora eo etla ba e mahlonoko, ebileng eleng bohla

[47] Ruri ba sebeng ke bona ba lahlehtsoeng ke monahano, ba ea hlanya

[48] Letsatsi leo ka lona ba tlang ho huleloa ka har’a mollo ka lifahleho,(ba tla utloa): “Utloang lelakabe la Lihele.”

[49] Ruri! Re hlotse lintho tsohle ka tekanyetso

[50] Taelo ea Rona e `ngoe feela, e joaloka ho panya ha leihlo

[51] Re ile Ra ripitla bana ba bo-lona mehleng ea pele; joale na ho teng ea tlang ho amohela temoso

[52] Ntho e ngoe le e ngoe eo ba e etsang e teng kahar’a Lengolo

[53] Ntho e ngoe le e ngoe e nyenyane, kapa e kholo e tlalehiloe

[54] Haele ba lokileng ba tla phela kahar’a Lirapa le Linoka

[55] Kahar’a ‘Moka oa ‘Nete, kapel’a Ea Matla Oohle

E Mohau

Surah 55

[1] Ramehauhelo

[2] Ke Eena ea rutileng Qura’n

[3] U hlotse motho

[4] U mo rutile puo

[5] Letsatsi le ngoeli li latela tsela ea tsona

[6] Lihlahla le lifate – bobeli li ithapalatsa tlas’a Allah

[7] U phahamiselitse Leholimo holimo-limo; A ba a ts’epamisa molao

[8] Hore le tle le se ke la tlola molao

[9] Latelang molao ka hloko kantle le botloko-tsebe

[10] U batalalitse lefats’e molemong oa libopuoa tsa Hae

[11] Leo holim’a lona ho nang le litholoana le lifate tsa palema tse hlahisang litholoana

[12] Le lijo-thollo le tsona limela tse monko o monate

[13] Ke molemo ofeng oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[14] U bopile motho ka letsopa joaloka liboptjoa tsa letsopa

[15] Lisabonoeng (li-jinn) U li bopile ka mollo o hlokang mosi

[16] Ke molemo ofeng oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[17] Ke Mong`a ‘nga tse peli tsa Bochabela, le Mong`a ‘nga tse peli tsa Bophirima

[18] Ke molemo ofeng oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[19] Etsoe ke Eena ea lokolotseng maoatle a mabeli, hore a kopane

[20] Ho teng moeli lipakeng tsa ona hoo ka bobeli ba ona oo a ke keng a o tlola

[21] Joale, ke ofe molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[22] Bobeling ba ona ho hlaha liperela le likhetla

[23] Joale, ke ofeng molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[24] Likepe tseo tse sesang holima leoatle, tse ts’oanang le lithaba ke tsa Hae

[25] Joale, ke ofe molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[26] Mang, kapa mang ea teng mona lefats’eng o tla shoa

[27] Ho tla sala feela ke boteng ba Mong`a hau, – Ea Matla Oohle, Ea Tlotlehang

[28] Joale, ke molemo ofe oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[29] Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lifats’eng li kopa ho Eena. Ka mehla eohle U bonts’a matla a feletseng a Hae

[30] Joale, ke molemo ofe oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[31] Haufi re tla fana ka qeto litabeng tsa mafats’e a lona bobeli

[32] Joale, ke molemo ofe oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[33] Oho lona ‘moka oa Masabonoeng le batho! Haeba le na le matla a ho tsamaea hohle libakeng tsa maholimo le lefats’e, etsang joalo! Ruri! Le ke ke la etsa joalo kantle le taelo ea Rona

[34] Joale, ke ofe molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[35] Khahlanong le lona ho tla romelloa lelakabe la mollo le mosi, le ke ke la phonyoha

[36] Joale, ke molemo ofe oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[37] Mohla leholimo le petsohang ka lehare, le fetoha leba lefubelu ba setlolo –

[38] Joale, ke molemo ofeng oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[39] Letsatsing leo motho esita le ea sa bonoeng (jinni) ba sa tlong ho botsoa ho latela libe tsa bona

[40] Joale, ke ofe molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[41] Baetsalibe ba tla tsebahala ka mats’oao, ebile ba tla tutloa ka moriri le ka maoto

[42] Joale, ke molemo ofe oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[43] Sena ke lihele tseo Baetsalibe ba li latolang

[44] Ba tla ba loebaloeba metsing a belang

[45] Joale, ke molemo ofe oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[46] Empa haele mang, kapa mang ea ts’abang ho tjamela Mong`a hae mohla Letsatsi la kahlolo, ho tla ba teng Lirapa tse peli

[47] Joale, ke molemo ofeng oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[48] Tse nang le mefuta eohle (ea lifate le limomonane)

[49] Joale, ke molemo ofe oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[50] Har’a tsona ho na le liliba tse peli tse phallang

[51] Joale, ke molemo ofe oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[52] Har’a tsona ho tla ba le mefuta eohle ea litholoana ka bobeli

[53] Joale, ke molemo ofeng oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[54] Kamoo, ba tla phomola holim’a mealo e aliloeng ka mekhahlelo e khabisitsoeng ka Selika, litholoana tsa Lirapa tseo ka bobeli li le haufi le matsoho a bona

[55] Joale, ke molemo ofe oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[56] Kamoo ho teng basetsana ba hloekileng ba es’o kang ba angoa ke tse sa bonoeng (lijinni), kapa banna pele ho bona

[57] Joale, ke ofe molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[58] Ba ts’oanang le majoe a lirubi le majoe a mefuta a leoatle ka botle

[59] Joale, ke ofe molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[60] Na moputso oa botle ha se botle

[61] Joale, ke ofeng molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[62] Kathoko ho lirapa tsena, ho teng lirapa tse ling tse peli

[63] Joale, ke ofe molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[64] Tse makhasi a `mala o motala tlaka-tlaka

[65] Joale, ke ofe molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[66] Tse nang le liliba tse peli tse kopotsang kahosafeleng

[67] Joale, ke ofeng molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[68] Tse nang le Litholoana le palema le likharenate ka hare ho tsona

[69] Joale, ke ofeng molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[70] Ho bile ho teng balekane ba lokileng, ba khahlehang, ba batle – –

[71] Joale, ke ofe molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[72] Balekane ba lihlong, ba luutseng likheleng tse lokileng –

[73] Joale, ke ofeng molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[74] Bao ho seng monna le ha e le tse sa bonoeng tse kileng tsa ba ama pele ho bona –

[75] Joale, ke ofeng molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[76] Ba phomotseng holim’a mealo e metalana le eona meseme e khahlehang

[77] Joale, ke ofe molemo oa melemo ea Mong`a lona oo le o latolang

[78] Lebitso la Mong`a hau le hlohonolofale, Ea Matla Oohle, Ea Tlotlehang

E sa Qojoeheng

Surah 56

[1] Mohla ketsahalo e phethahalang –

[2] Nakong eo ha ho moea o tla thetseha ka ho tla ha eona

[3] E tla nyenyefatsa ba bang; ba bang e tla ba phahamisa

[4] Mohla lefats’e le tsukutlehang botebong ba lona

[5] Lithaba li tla batalla

[6] Hoo li tlang ho fetoha lerole

[7] Le tla hloptjhoa ka maquloana a mararo

[8] Joale, sehlopha sa pele sa balekane ba letsohong le letona; – e be sehlopha seo etla be ele se joang

[9] E be sehlopha sa balekane ba letsoho le lets’ehali, ebe se ka letsohong le lets’ehali etlabe ele se joang

[10] Joale, ho latele sehlopha se ipabotseng, bao etla ba bona ba ipabotseng (Bophelong Bo-tlang)

[11] Bao ke bona ba tla atamela haufinyane le Allah

[12] Kahar’a Lirapa tsa Nyakallo

[13] Ho tla be ho kopane mats’oele-ts’oele a batho ba khale-khale

[14] Le ba fokolang ba mengoaha ea morao-rao

[15] Ba tla be ba lutse holim’a Literone tse khabisitsoeng

[16] Le hona ho phomola ba shebane mahlong

[17] Ba tla be ba feptjoa ke bacha ho ea kahosafeleng

[18] Ka lijana le mepoptjoana e tletseng metsi a liliba tse kopotsang

[19] A ke keng a ba bakela ho opeloa ke hlooho le hona ho angoa ke botahoa

[20] Ba feptjoa le ka litholoana tseo ba li thabelang

[21] Le nama ea linonyana tseo ba li laba-labelang

[22] Ho tla ba teng basali ba ratehang, ba bileng ba mahlo a ncho- cho

[23] Ba joaloka mahakoe a patehileng kahar’a likhaketlana

[24] Tseo tsohle e le moputso oa tseo ba neng ba li etsa

[25] Kamoo teng, ba ke ke ba utloa lipuo tse hlohlonts’ang litsebe le tsona lits’okelano

[26] Haese feela litumeliso tsa: “khotso! Khotso”

[27] Sehlopha balekane ba letsoho le letona; ebe sehlopha seo e tla be e le se joang

[28] Se tla ba har’a lifate tsa leoka tse hlokang metsu

[29] Ba bile ba le har’a lifate tsa lipalesa tse ririellaneng

[30] Tse fanang ka moriti o pharaletseng

[31] Ba le har’a liliba tse kollang

[32] Le har’a litholoana ka mefuta

[33] Tseo nako ea tsona e sa emiseng, kapa hona ho haneloa ka tsona

[34] Ba tla be ba lutse holim’a mealo e phahamisitsoeng

[35] Hobane Ruri! Re ba hloletse balekane ba khethehileng

[36] Le hona ho ba etsa ba hloekileng

[37] Ba ratehang, ba lilemong tse lekaneng

[38] Molemong oa ba tla beng ba le ka letsohong le letona

[39] E tla be ele mats’oele-ts’oele a batho ba khale-khale

[40] Le mats’oele-ts’oele a mengoaha ea morao-rao

[41] Joale, e be ho latela sehlopha se ka letsohong le lets’ehali: ebe sehlopha se ka letsohong le lets’ehali sona ke se joang

[42] Seo etla ba sehlopha se kahar’a phefo ea mocheso, le metsi a belang

[43] Se bileng se leng kahar’a moriti oa Mosi o Mots’o

[44] O sa pholang, kapa hona ho bata

[45] Hobane Pele ho mona, ba ne ba sitsitsoe ka nyakallo

[46] Ba ile ba phehella ho kena sebeng se ts’abehang sa ho kopanya Allah le batlatsetsi

[47] Ba ne ba tloaetse ho re: “Na ha re se re shoele re fetohile lerole le masapo, na ka nete re ka boela ra tsosoa hape

[48] Le bo-ntat’a rona moholo?”

[49] E re: “Ruri! batho ba khale-khale le ba mengoaha ea morao- rao

[50] Ba tla khobokangoa ‘moho ts’episong ea letsatsi la pallo

[51] Lona ba etsang bobe, ba bile ba nyefola Tsoho ea Bafu

[52] Ruri! Le tla ja sefate se bitsoang Zaqqum

[53] Seo le tla tlatsa limpa ka sona

[54] Le tla noa metsi a belang kamora’o ho moo

[55] Le tla noa joaloka likamele tse nyoriloeng.”

[56] Sena e tla ba kamohelo ea bona ka Letsatsi la Kahlolo

[57] Ke Rona ba le hlotseng. Na le tla ke le amohele ‘nete

[58] Na le se le ile la bona lithere tsa lona

[59] Ana ke lona ba li hlotseng, kapa ke Rona bahloli ba tsona

[60] Ke Rona ba faneng ka karolo ea lefu har’a lona, Re ke ke Ra sitoa

[61] Hore Re fetolele libopeho tsa lona ho seo le sa se tsebeng

[62] Ruri le tseba tlholeho ea mathomo. Joale, ke hobaneng ha le sa ketek lithoriso tsa Hae

[63] Na le se le ile la bona peo eo le e jalang

[64] Na ke lona ba e holisang, kapa ke Rona baholisi

[65] Hoja e bile Thato ea Rona, Ruri! Re ka be Re e ripitlile; le ne le ke ke la khaotsa ho lla ka hore

[66] “Ruri! Re setse ka mejaro ea mekoloto holim’a ho se letho

[67] Che, empa re buselitsoe morao!”

[68] Na le bona metsi ao le’a noang

[69] Na ke lona ba etsang hore a theohe marung, kapa ke Rona ba etsang hore a theohe marung

[70] Hoja e ne e le thato ea Rona, Re ne Re tla etsa hore a be bohla. Joale, hobaneng ha le sa fane ka liteboho

[71] Na le se le ile la bona mollo oo le o besang

[72] Na ke lona ba ileng ba melisa lifate lefats’eng, kapa ke Rona ba li melisang

[73] Etsoe Rona, ke Rona ba hlapants’itseng Qura’n e le sehopotso le khotsofalo molemong oa baahi ba lehoatateng le bohle lefats’eng

[74] Ka lebaka leo, u rorise lebitso la Mong`a hau, Ea Moholo- holo

[75] Che, ke bitsa bopaki ho likela ha Linaleli –

[76] Seo ke kano e kholohali hoja ebe le ne le tsebile –

[77] Sena ke Qura‘n e hlomphehang ka ho fetisisa

[78] Ka har’a Lengolo le hlokometsoeng ka tieo

[79] Eo ho seng mang, kapa mang ea ka e amang ntle le ba hloekileng

[80] Ts’enolo e tsoang ho Mong`a Mafats’e

[81] Na ke Molaetsa oo le o nyefolang

[82] Le entse tsela ea lona ea bophelo, ho e shanofatsa

[83] Joale, hobaneng nakong eo moea o nyolohelang ‘metsong oa motho ea shoang le sa thusetse

[84] Empa ebile ka nako eo le ntse le shebile –

[85] Empa Re le haufi haholo ho eena ho feta lona, empa le sa bone –

[86] Hobaneng ha le sa ikamahanye le Rona

[87] Ha le busetse moea oo morao ha feela eba le buoa ‘nete

[88] Joale, ke kahoo e reng haeba ele e mong oa ba haufinyane le Allah

[89] E be oa phela, a be a fumane khotsofalo le Serapa sa Nyakallo

[90] Haeba e le e mong oa ba ka Letsohong le Letona

[91] Joale, kemoo tumeliso ea ba ka letsohong le letona e tla ba: “Khotso e be le uena.”

[92] Empa haeba e le oa ba nyefoli, ba khelohileng

[93] Kamohelo ea hae e tla ba ea metsi a belang

[94] Le hona ho cha Mollong oa Lihele

[95] Sena ke ‘nete ea sebele

[96] Kahoo, u rorise lebitso la Mong`a hau, Ea Moholo-holo

Tšepe

Surah 57

[1] Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng ha li phatlalatse Lithoriso le Boholo ba Allah; hobane ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Seli

[2] Puso ea maholimo le lefats’e ke tsa Hae; Ke Eena ea fanang ka Bophelo le Lefu, U Matla holim’a lintho tsohle

[3] Ke Eena oa pele le oa ho Qetela, Ea kantle le kahare; U na le Tsebo e feletseng ea lintho tsohle

[4] Ke Eena ea hlotseng maholimo le lefats’e ka matsatsi a ts’eletseng; U tsepame Teroneng. U tseba lintho tsohle tse kenang kahar’a lefats’e le tsohle tse tsoang ho lona, le lintho tsohle tse theohelang lefats’eng tse tsoang marung le tsohle tse nyolohelang ho ona; U na le lona hohle moo le leng teng. Ruri! Allah U bona lintho tsohle tseo le li etsang

[5] Puso ea maholimo le lefats’e ke ea Hae, lintho tsohle li tla boela ho Allah

[6] Ke Eena ea etsang hore bosiu bo sehe mots’ehare tsebe, ke Eena ea etsang hore mots’ehare o sehe bosiu tsebe; U tseba ka botlalo liphiri tsohle tse ka lifubeng

[7] Kholoang ho Allah le ho Moromuoa oa Hae le senyeheloe (nyehelo) ka tseo a le nehileng tsona e le lefa; ho ba-kholoang, ba bile ba nyehela; Moputso oa bona ke o babatsehang

[8] Molato oa lona ke eng ha le sa kholoe ho Allah? Empa Moromuoa a le memela ho kholoa ho Mong`a lona; ruri o thehile selekane le lona haeba le banna ba tumelo

[9] Ke Eena ea rometseng Ts’enolo e hlakileng ho lekhabunyane la Hae hore a tle A le inole lefifing la bo-nka-ntjana A le lebise leseling; Ruri Allah U Tletse Khauhelo, Mosa ho lona batho

[10] Molato oa lona ke eng haele moo le sa senyeheloe ke letho tseleng ea Allah, hobane mafa ohle a maholimo le lefats’e kea Allah? Ba ileng ba senyeheloa esita le hona ho loana pele ho tlholo, ha ba boemong bo lekanang le ba bangata ba lona. Ba boemong bo phahameng ho feta ba ilengba senyeheloa le hona ho loana kamorao. Empa Allah U ts’episitse moputso o babatsehang ho mahlakore ka bobeli. Etsoe Allah U tseba ka botlalo lintho tseo le li etsang

[11] Ke mang ea tla fana ka kalimo ho Allah ea mokitlane o babatsehang, hore A tle A phaelle mokitlane oo habeli molemong oa hae; moputso oa hae etle ebe o babatsehang

[12] Ka letsatsi le leng u tla bona banna le basali ba-kholoang ka khanya e phatsimang kapel’a bona ekasitana le ka matsohong a bona a matona; (tumeliso ea bona e le): “Litaba tse molemo ho lona kajeno: Lirapa tseo ka tlasa tsona ho phallang linoka, le tla phela teng kahosafeleng. Ruri! Sena ke katleho e babatsehang.”

[13] Ka letsatsi le leng Baikaketsi – banna le basali ba re ho Ba- kholoang: “Re emeleng! Re kalimeng khanya ea lona!’ Ho tla thoe:” Khutlelang morao! joale le ilo batla khanya!” Kahoo lerako le tla ahoa lipakeng tsa bona, le nang le mokoallo. Kahar’e ho lona ho tla ba le Mosa o khaphatsehang, kantle ho lona, ho iphaphatha ka lona e tla ba kotlo

[14] (Ba kantle ho lona) ba tla hoelehetsa, “ana re ne re se ‘moho?” Ba-kholoang ba tla re: “Ruri! Ho bile joalo, empa le ile la thetsana, le hona ho ba leqe le ho ba le khoao; litakatso li ile tsa le isa le khongoana holimo ho fihlela taelo ea Allah e phethahalitsoe; mothetsi a le thetsitse khahlanong le Allah

[15] Joale, kajeno ha ho mats’eliso a tla amoheloa ho lona le hoba ileng ba nyefola. Lehae la lona ke mollong; seo ke sona sebaka se le loketseng, ebile ele pheletso e nyonyehang ea leeto.”

[16] Nako ha e so ho fihle sebakeng sa Ba-kholoang hore lipelo tsa bona li thohothelle ka boikokobetso khopolong ea Allah le ka ‘Nete e senotsoeng, bat le ba se ts’oane le ba ileng banehoa Ts’enolo pele, empa nako e telele e ile ea feta eaba lipelo tsa bona lia thatafala? Hobane ba bangata ba bona ke Mahana- puso a batloli ba molao

[17] Tsebang lona (bohle) hore Allah U fana ka bophelo ho lefats’e kamor’a komello. Re manolotse lits’enolo tsa Rona, hore le tle le ithute bohlale

[18] Ho ba fanang ka linyehelo, ba bile ba kalima Allah kalimo e babatsehang, kalimo eo ea bona e tla menahangoa ha beli molemong oa bona, bona, moputso oa bona ke o babatsehang

[19] Bohle ba-kholoang ho Allah le ho moromuoa oa Hae, ba na le tumelo ea sebele; lipaki li ho Mong`a bona, ba bile ba na le moputso le eona khanya, haele ba nyefolang tumelo le hona ho nyefola lits’enolo tsa rona, Bona ke balekane ba Mollo oa Lihele

[20] Tsebang lona (bohle) hore bophelo ba lefats’e lena empa e le papali feela, boithabiso, boiponahatso, le boikhohomoso har’a lona le hona ho qothisana lehlokoa ka thepa le ka bana; papiso ea bona e ts’oana le ea kholo ea lijalo kamor’a pula hoo li thabisang sehoai, empa kamor’a moo, e be li’a omella li fetole ‘mala li qetelle ese ele mahlaka. Bophelong bo-tlang ho teng kahlolo e nyarosang ho ba ratang bobe, ho teng ts’oarelo ea Allah le monyaka o babatsehang ho ba-kholoang; haele bophelo ba lefats’e lena bona empa e le monyaka oa nakoana

[21] Le ipehise ho batla ts’oarelo ho Mong`a lona le Serapa seo bolelele ba sona bo lekanang le maholimo le lefats’e, se boloketsoeng bohle ba tlang ho kholoa ho Allah le ho moromuoa oa Hae. Ruri! Eo ke nala ea Allah, eo a sitsang mang, kapa mang ea khahloang ke eena, etsoe nala ea Allah ke e khaphatsehang

[22] Ha ho bomalimabe bo ka etsahalang lefats’eng kapa meeng ea lona, empa e ngoloa fats’e ka har’a molao pele Re se phethahatsa: Seo se bobebe ho Allah –

[23] Hore le se nyahame ka litaba tse le etsahallang, kapa la nyakalla ka lereko leo Allah A le sitsang ka tsona, hobane allah ha A rate baikhohomsi

[24] Batho ba joalo ke ba khoaelang le hona ho khothaletsa batho ho khoaela. Mang, kapa mang ea koenehelang tseleng ea Allah, Ruri! Allah ha A hloke letho. U ts’oanetsoe ke lithoriso tsohle

[25] Re romeletse baromuoa ba Rona ka Lits’upiso tse Hlakileng le hona ho ba senolela Lengolo le molao, hore batho ba tle ba phethahatse toka; U senotse ts’epe e nang le matla a ts’abehang le melemo e mengata molemong oa batho, hore Allah A tle A tsebe ba mo thusang ‘moho le baromuoa ba hae sephiring. Hobane Allah U Matla Oohle, U Matla a hlollang

[26] Re ile ra romella Nooe le Abrahama, Ra matlafatsa litloholo tsa bona ka Boporofeta le ka Lengolo, har’a bona ho teng ba tsamaeang ka nepo, empa bongata e bile baetsalibe

[27] Eaba Re ba hlahlamisa ka baromuoa ba rona metsamaong ea bona; Re ile Ra etsa hore Jesu mora oa Maria a ba latele le hona ho mo neha Evangeli, eaba Re matlafatsa lipelo tsa bohle ka lerato le mohau ba neng ba mo setse morao. Empa ba ile ba iqapela mokhoa oa ho se nyale oo Re sa kang Ra ba laela ona, e le mokhoa oa ho batla monyaka oa Allah; empa ha ba o phethahatse ka ho otloloha. Kahoo, Re fana ka moputso ho ba-kholoang har’a bona, empa bongata ba bona ke baetsalibe

[28] Oho lona ba-kholoang!Ts’abang Allah, le kholoe ho moromuoa oa Hae. Allah U tla le neha mohau oa Hae o menahantsoe ha beli, ebile U tla le neha khanya eo le tlang ho tsamaea holim’a eona le hona ho le ts’oarelo. Hobane Ruri! Allah U Ts’oarela joalo-joalo, U Tletse Mohau

[29] Lona batho ba Lengolo le lokela ho tseba hore le ke ke la laola nala ea Allah, nala eohle e kahar’a liatla tsa Allah; U fana ka eona ho mang, kapa mang eo a khahloang ke eena. Allah ke Mong’a Mohau o Khaphatsehang

Mosali ea Ipiletsang

Surah 58

[1] Ruri Allah U ile A utloa taba ea mosali ea neng a pheha khang le uena malebana le monna oa hae esita le hona ho tletleba thapelong ho Allah. ‘Allah U utloile khang ea lona. Hobane Ruri Allah U utloa tsohle, U bona tsohle

[2] Haeba ho teng har’a lona banna ba hlalang basali ba bona ka hore: ba ts’oana le bo-’ma bona, e ke ke ea eba bo-’ma bona; bo-’ma bona ke babats’oetseng – Ruri! ba buoa lentsoe le nyonyehang le lona leshano. Ruri Allah U Ts’oarela joalo- joalo, U Tletse Mohau

[3] Empa ba hlalang basali ba bona ka hore ba ts’oana le bo-’ma bona, kamor’a moo ebe ba boela ho bona: kahlolo tabeng e joalo ke hore ba lokolle lekhoba pele ba ka amana. Sena ke keletso eo le e filoeng; Allah U tseba ka botlalo lintho tseo le li etsang

[4] Haeba ho ea hlokang mokhoa oa ho lokolla lekhoba, o lokela ho etsa boitimo ba likhoeli tse peli tse tletseng pele a ka amana le mosali eo; haeba ho na le ea sitoang ho itima, kahlolo ke hore a fepe mafutsana a mashome a ts’eletseng. Sena se etsoa hore le tle le bonts’e tumelo ho Allah ka tieo le ho moromuoa oa Hae. Tsena ke lipallo tse fanoeng ke Allah; mahana-tumelo bona kahlolo ea bona ke e mahlonoko

[5] Haele bohle ba hanyetsang Allah le Moromuoa oa Hae, ba tla tlontlolloa joaloka ba bileng teng pele ho bona; etsoe Re romeletse lits’upiso tse hlakileng lefats’eng, bahanyetsi bona kahlolo ea bona ke e soabisang

[6] Letsatsing leo ka lona Allah a tlang ho ba tsosa kaofela, ebe U ba bonts’a ‘nete ea tseo ba neng ba li etsa. Ruri! Allah U bolokile tlaleho ha bona ba e lebetse. Allah ke Paki holim’a lintho tsohle

[7] Na ha le es’o bone hore Allah U tseba lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng? Ha ho batho ba bararo ba ka itherang sephiring, e be Eena ha se oa bone, kapa ebe ba bahlano, Eena ke oa botselela, kapa ebe ba ka tlase ho lipalo tseo kapa le ho ba kaholim’a tsona, empa U teng har’a bona hohle moo ba teng; kamor’a moo mohla Letsatsi la Tsoho, U tla ba tsebisa tsohle tseo ba neng ba li etsa. Ruri! Allah ke Paki ea lintho tsohle

[8] Na ha le es’o bone batho ba hanetsoeng ho ithera lekunutung, bao hamorao ba boelang ho seo ba ileng ba se haneloa, ebe joale ba ithera hammoho ho tlola molao le hona ho etsa lintho tse nyonyehang le hona ho se mamele moromuoa? Joale, nakong eo ba tlang ho uena ebe ba u lumelisa ka tumeliso eo Allah a es’ong ho u lumelise ka eona, e be ba re: “Joale, ke hobaneng ha Allah A sa re ahlolele seo re se buileng?” Ruri! Lihele li balekane, ba tla utloa mocheso oa tsona – Ruri! Pheletso e nyonyehang ea leeto

[9] Oho lona ba-kholoang! Haeba le ithera hammoho, le se ke la ithera ka tlolo ea molao le bona bora le ho se mamele moromuoa, empa le ithere hammoho ka toka le mosa; le ts’abe Allah Eo le tlang ho bokelleloa ho Eena

[10] Boithero ba lekunutung ke mesebetsi ea Ea Mobe, hore a tle a khopise ba-kholoang; empa a ke ke a ba khopisa ka letho kantle le haeba e le thato ea Allah. Ba-kholoang ba behe ts’epo ea bona ho Allah

[11] Oho lona ba-kholoang! Ha ho thoe ho lona le bule sebaka ‘mokeng, le se bule; Allah U tla le etsetsa sebaka bophelong bo-tlang. Ha ho thoe ho lona, le potlake ha le’a thapelong, le potlake; Allah U tla phahamisetsa ba-kholoang har’a lona le ba nang le tsebo maemong a phahameng. Ruri! Allah U tseba ka botlalo tseo le li etsang

[12] Oho lona ba-kholoang! Nakong eo le nang le lipuisano le Moromuoa, le fane ka linyehelo pele ho lipuisano tsa lona. Seo se molemo, ebile se hloekile molemong oa lona. Empa haeba le hloka mokhoa oa ho fana ka linyehelo, Allah U Ts’oarela joalo-joalo, U Tletse Mohau

[13] Na le ts’aba ho fana ka linyehelo pele ho lipuisano? Joale, haeba le sa etse seo; ‘Allah A le nehile ts’oarelo, phethahatsang lithapelo le be le fane ka linyehelo tsa mafutsana le hona ho mamela Allah le Moromuoa oa Hae. Allah U hlokolosi ka lintho tseo le li etsang

[14] Na u se u ile oa bona batho ba thehang setsoalle le bao khalefo ea Allah e leng holim’a bona? Ha ho kamano har’a lona le bona, kapa kamano har’a bona le lona, ba ikana ka kano ea leshano ka tsebo e feletseng

[15] Allah U ba lokiselitse kahlolo e ts’abehang. Tse nyonyehang ke tsohle tseo ba tloaetseng ho li etsa

[16] Ba entse likano tsa bona sekhurumetso le hona ho khelosa batho tseleng ea Allah; kahoo, kahlolo ea bona ke e soabisang

[17] Thepa le bana ba bona ha ho kamoo ba ka ba thusang kateng khahlanong le Allah. Ka kotloloho ke balekane ba mollo; ba tla phela kamoo kahosafeleng

[18] Ka letsatsi le leng Allah U tlaba tsosa kaofela, na ba tla ikana ho Eena joaloka ha ba etsa ho lona masolomane, ba tla nahana hore ba na le sekhurumetso seo ba tla its’ireletsa ka sona. Ruri! Na ha se bona ba leshano

[19] Ba busoa ke Ea Mobe, o entse hore ba lebale Allah. Ke mokhoa oa liabolosi. Ruri! Ana ha se mokha oa Ea Mobe o tla lahleha

[20] Haele bohle ba hanyetsang Allah le moromuoa oa Hae, ba tla ba har’a ba tlontlolotsoeng

[21] Allah U fane ka taelo hore: “Ruri! Ke ‘Na ea tla hapa tlholo, ‘Na le baromuoa ba Ka”. Hobane Ruri! Allah U Matla a hlollang, U phethahatsa Thato ea Hae

[22] Ruri! U ke ke oa bona batho ba-kholoang ho Allah le ho letsatsi la bofelo ba rata bahanyetsi ba Allah le moromuoa oa Hae, le ha ekaba bo-ntat’a bona, bara ba bona le bana ba bo-bona le leloko la bona. Ba joalo Allah U ngotse tumelo lipelong tsa bona, U bile U ba matlafalitse ka moea o halalelang o tsoang ho Eena, U tla ba amohella kahar’a lirapa tse ts’akhunyang linoka, ebile ba tla phela kahar’a tsona ka ho sa feleng. Allah U nyakaletse ke bona, le bona ba nyakaletse ke Eena. Oo ke mokha oa Allah. Ruri! Ana ha se mokha oa Allah U atlehileng

Bohoba

Surah 59

[1] Tsohle tse maholimong le lefats’eng, ha li bolele Lithoriso le Boholo ba Allah, Hobane U Matla Oohle, U Seli

[2] Ke Eena Ea ileng A etsa hore Mahana-tumelo har’a batho ba Lengolo ba phaphatheha malapeng a bona ho ea kholehong ea pele. Le ne le sa nahane hore ba tla phaphatheha, ba ne ba nahana hore liqhobosheane tsa bona li tla ba ts’ireletsa khahlanong le Allah. Empa Khalefo ea Allah e ile ea finyella ho bona ka lesoba leo ba neng ba sa le lebella, A kenya letsoalo lipelong tsa bona hoo ba ileng ba ripitla malapa a bona ka matsoho a bona le a ba-kholoang. Oho lona ba nang le mahlo! Kahoo, inkeleng khalemo

[3] Hoja ebe Allah ha A ka A ba laela ho phaphateha, Ruri! A ka be A ba ahlotse lefats’eng lena; bophelong Bo-tlang kahlolo ea bona e tlaba Mollo

[4] Seo ke hobane ba le khahlanong le Allah le Moromuoa oa Hae; mang kapa mang ea khahlanong le Allah, Ruri! Kotlo ea Allah ke e nyarosang

[5] Hore na ke lifate tse kae tsa palema tseo le li rathang, kapa le li lesa li ntse li eme, ke ka tumello ea Allah, hore A tle A apese mahana-puso ka tlontlollo

[6] Tseo Allah A sitsitseng Moromuoa oa Hae ka tsona ho tsoa ho bona – , hore le li fumane kantle le ho kalla lipere, kapa likamele tsa lona eaba le ba khahlela ka tsona; empa Allah U fana ka matla ho Moromuoa oa Hae holim’a mang, kapa mang ea khahloang ke eena. Ebile Allah U na le Matla holima lintho tsohle

[7] Tseo Allah A sitsitseng Moromuoa oa Hae ka tsona ho tsoa ho baahi ba metse, – ke tsa Allah – le moromuoa oa Hae, beng ka eena, likhutsana, mafutsana le bahahlaoli; hore li tle li se ke tsa laoloa ke morui e mong har’a lona a li etsa tsa hae. Ntho efe, kapa efe eo moromuoa a le nehang eona le e nke; ka ho ts’oana le eo a le hanelang ka eona, le e lese. Le be le ts’abe Allah. Hobane kotlo ea Allah ke e nyarosang

[8] Ho mafutsana a baphaphathehi (Muhajirs) ba phalalisitsoeng malapeng a bona le thepeng ea bona, ha ba ntse ba tsomana le nala ea Allah le mohau oa Hae le hona ho thusa Allah le Moromuoa oa Hae: Bao ke bona ba nang le ‘nete

[9] Empa ba bileng le malapa pele ho bona (Al-Madina), ba amohela tumelo ba bonts’a lerato ho ba ileng ba baleha eaba ba fumana bots’abeli ho bona, ebile lipelong tsa bona ba hloka takatso ea lintho tseo ba li filoeng; ba li tella ba phaphathehi ba teng ho bona ho sa tsotellehe hore na bona ba lapa ho le ho kae. Mang, kapa mang ea pholohileng ho ba meharo – Ruri! bao ke ba atlehileng

[10] Bohle ba amohetseng tumelo kamor’a bona ba re: “Mong`a rona! U re ts’oarele le bana ba bo-rona ba bileng teng pele ho rona tumelong ena, U tlose mohono lipelong tsa rona khahlanong le ba-kholoang. Mong`a rona! Ruri! Ke Uena Ea Tletseng Mosa, Ea Mohau o Khaphatsehang.”

[11] Na ha u es’o bone kamoo Baikaketsi ba buoang kateng ho bana ba bo-bona ba hanang tumelo har’a batho ba Lengolo: “Haeba le ka phalalisoa, Ruri! Re tla phaphatheha le lona; re ke ke ra mamela mang, kapa mang ea khahlano le lona, ebile re tla le thusa haeba le ka tsometsoa. Ruri! Allah ke paki hore ba buoa leshano

[12] Haeba ba ka phalalisoa ba ke ke ba phaphatheha le bona le hona ho ba thusa haeba ba ka tsometsoa; le ha ba ne ba ka thusetsa, ba ne ba tla ba supa ka lirethe, kahoo ba ke ke ba fumana thuso

[13] Ka ‘nete le matla ho ba feta ka lebaka la ts’abo e lipelong tsa bona, e rometsoeng ke Allah. Sena ke hobane e le batho ba hlokang kutloisiso

[14] Ba ke keba le loants’a le ha ba le ‘moho kantle le haeba ba le kahar’a lihaelo tse ts’irelelitsoeng ka tieo, kapa eba ba kamor’a marako. Moea oa ntoa o mo ngata ha ba le bang: u ka nahana hore ba ipopile, empa lipelo tsa bona li fapane. Hobane ke batho ba hlokang bohlale

[15] Ba ts’oana le ba bileng teng pele ho bona, ba latsoitse litla- morao tse mpe tsa liketso tsa bona; sebakeng sa bona ho na le Kahlolo e mahlonoko;- –

[16] Joaloka ka ea Mobe, ha a re ho motho,” Latola Allah”: empa ha motho a latola Allah,(Ea Mobe) O re,” ‘Na ke thoko le uena. Ke ts’aba Allah, Mong`a Mafats’e!”

[17] Pheletso ea bona ke e ts’oanang ka bobeli, ba tla phela kahar’a mollo ka ho sa feleng. Oo ke oona moputso oa baetsalibe

[18] Oho lona ba-kholoang! Ts’abang Allah. Le be le lese moea ofe kapa ofe ho iponela seo o se behileng nale bokamosong. Ts’abang Allah: Hobane Allah U tseba ka botlalo tseo le li etsang

[19] Le se ts’oane le ba lebetseng Allah, bao Allah A entseng hore ba lebale meea ea bona. Bao ke mahana-puso a tlotseng meeli

[20] Ha ho tekano lipakeng tsa Balekane ba Mollo le Balekane ba Serapa: Ke Balekane ba Serapa, ba tla fihlela Nyakallo

[21] Hoja e be Re ile Ra senolela Qura’n ena holim’a thaba, Ruri! U ka be u bone ha e ithapalatsa, ebile e petsoha kamoo e ts’abang Allah kateng. Ruri! Re etsa lipapiso tsena molemong oa batho, hore ba tle ba inahane

[22] Ke Allah, ntle ho Eena ha ho `Mopi e mong, Motsebi oa tse patehileng le tse pepeneneng. Ke Eena Ea Tletseng Lereko, Ea Mohau o Khaphatsehang

[23] Ke Allah, ntle ho eena ha ho `Mopi e mong, Motlotlehi, Ea Halalelang A Inots’i, Mokolli oa khotso, ‘Moloki oa Tumelo, ‘Maballi oa Ts’ireletso, Ea Matla Oohle, Ea sa Hloloeng ke letho, Ea Phahameng ka ho Fetisisa. Tlotla e be ho Allah, Ea phahametseng tsohle tseo ba mo bapisang le tsona

[24] Ke Allah, ‘Mopi, Moqapi oa tsohle, Mofani oa Sebopeho. Mabitso oohle a matle ho fetisisa ke’ A Hae. Lintho tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li’a mo Tlotlisa, U Matla Oohle, U Seli

E Lokelang ho Hlahlojoa

Surah 60

[1] Oho lona ba-kholoang! Le se thehe setsoalle le lira tsa Ka le tsona lira tsa lona, – Na le ka theha setsoalle le bona joang, empa ba sa lumele ‘nete eo le e senoletsoeng le hona ho phalalisa Moromuoa ‘moho le lona malapeng a lona hobane le kholoa ho Allah? Haeba le tloha malapeng a lona ho ea loanela tsela ea Ka le hona ho batla monyaka o molemo oa Ka, le se ke la theha setsoalle le bona. Na le bonts’a setsoalle ho bona sephiring, empa e le ‘Na ea hlokolosi ka ho fetisisa ka tseo le li patang le tseo le li pepesang? Mang, kapa mang ea etsang joalo har’a lona, Ruri! O khelohile tseleng e topileng

[2] Ha ba ka le okamela, e tla ba lira tsa lona le hona ho nanabetsa matsoho le maleme a bona khahlanong le lona ka morero o nyonyehang: takatso ea bona ke hore le latole ‘nete

[3] Haele beng ka lona le bana ba lona, ba ke ke ba le thusa ka letho mohla Letsatsi la Kahlolo: U tla ahlola lipakeng tsa lona; Hobane Allah U bona tsohle tseo le li etsang

[4] Ho teng mohlala o motle haholo molemong oa lona ka Abrahama le ba neng ba ena le eena, mohla ba neng ba re ho batho ba habo bona: “Ruri! Rona ha re na molato ho lona le ho tsohle tseo le li khumamelang ntle ho Allah. Re’a le latola. Ho tsohile lehloeo lipakeng tsa rona le lona ho fihlela le khotsoe ho Allah A Inots’i” – kantle le puo eo Abrahama a ileng a e tsepisa ntata’e ea hore: “ke tla u kopela ts’oarelo, le hoja ke hloka taolo holima tsohle kapel’a Allah” ba rapela “Mong`a rona! Re behile ts’epo ea rona ho uena, re sokolohela ho uena joaloka ha ho uena e le pheletsong

[5] “Mong`a rona! Se re etse teko malebana le mahana-tumelo, Empa re ts’oarele, Mong’a rona! Ke Uena Ea Matla Oohle, Ea Seli.”

[6] Ho teng mohlala ho bona sebakeng sa lona ho o latela, – ho bao ts’epo ea bona e leng ho Allah le Letsatsi la Bofelo. Empa ha mang, kapa mang a koeneha, Ruri! Allah ha A hloke letho, U ts’oaneloa ke Lithoriso tsohle

[7] Kamohlomong Allah U tla theha lerato lipakeng tsa lona le lira tsa lona. Hobane Allah U Matla Oohle; ebile U Ts’oarela joalo-joalo, U Tletse Mohau

[8] ‘Allah ha A le thibele, ho ba sa le loants’eng malebana le Tumelo le hona ho le phalalisa malapeng a lona, ho sebetsa ka mosa le toka le bona: Hobane Ruri! Allah U rata ba nang le toka

[9] Allah U khahlanong, le ba le loants’ang ka lebaka la Tumelo le ho le phalalisa malapeng a lona, ba bileba thusana ho le phalalisa. Mang, kapa mang ea tla theha setsoalle le bona – kaofela ha bona ke baetsalibe

[10] Oho lona ba-kholoang! Nakong eo basali ba-kholoang ba phaphathehelang ho lona, le ba hlahlobe: Allah U tseba ka botlalo ka Tumelo ea bona: ha le fumana hore e feela ke ba- kholoang, le se ba khutlisetse morao ho Mahana-tumelo. Hobane ha se basali ba molaong le ho mahana-tumelo le bona mahana-tumelo ha se banna ba molaong ho bona. Le lefe mahana-tumelo mahali ao ba a lefileng holim’a bona. Ha ho molato haeba le ka nyala basali ba joalo, ha feela le ba nehile mahali a bona. Le se ke la nyalana le basali ba sa kholoang, le kope mahali ao le ba nehileng ona, ka ho ts’oana le ba sa kholoang le ba lokollele mahali ao ba a lefileng. Sena ke Molao oa Allah. Ke Eena ea ahlolang lipakeng tsa lona. Etsoe Allah U Tlettse Tsebo, U Seli

[11] Haeba basali ba bang ba lona ba ka balehela ho mahana- tumelo, eba le na le monyetla(oa mosali ea tlang ho tsoa lehlakoreng la mahana-tumelo), lfang bao basali ba bona ba ngalileng mahali a lekanang le ao ba a lefileng. Le ts’abe Allah Eo le kholoang ho Eena

[12] Oho Moprofeta! Ha basali ba-kholoang ba tla ho uena, ba ikana ka tieo ho uena hore ba ke ke ba maneha batlatsetsi ho Allah le hona ho utsoa, le hore ba k eke ba etsa bohlola, kapa ho bolaea bana ba bona, kapa ho bua leshano leo a iqapetseng lona, kapa hona ho se u mamele le se lokileng se molaong oa islam, – joale, u amohele boikano ba bona le hona hoba kopela ts’oarelo ho Allah. Hobane Ruri! Allah U Ts’oarela- joalo-joalo, U Tletse Mohau

[13] Oho lona ba-kholoang! Le se ke la theha setsoalle le bao Khalefo Ea Allah e ba tobileng, ba lahlehetsoeng ke ts’epo bophelong Bo-tlang, joaloka Mahana-tumelo ha a lahlehetsoe ke ts’epo ka ba mabitleng

Mela

Surah 61

[1] Lintho tsohle tse maholimong le tse lefats’eng, ha li bolele Lithoriso le Boholo Ba Allah, hobane Ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Seli

[2] Oho lona ba-kholoang! Hobaneng le buoa seo le sa se phetheng

[3] Ntho eo e nyonyeha hampe mahlong A Allah, ea hore le buoe seo le sa se phethahatseng

[4] Ruri! Allah U rata ba loanelang tsela ea Hae ka mekhahlelo ba ipopele ngatana-ngoe

[5] Hopolang Moshe ha a ne a re ho batho ba habo: “Oho batho ba heso! Hobaneng ha le nkhopisa le nthohaka, empa le tseba hantle hore ke moromuoa oa Allah ho lona?” Joale, ha ba kheloha tseleng e nepahetseng, Allah A khelosa lipelo tsa bona. Hobane Allah ha A tataise mahana-puso a tlolang meeli

[6] Hopolang Jesu mora oa Maria ha a ne a re: “Oho bana ba Israele! Ke moromuoa oa Allah, ho lona ho hlapants’a Molao o senotsoeng pele ho ‘na kahar’a torah ho le tsebisa litaba tse molemo tsa moromuoa ea tla tla kamorao ho ‘na, eo lebitso la hae e leng Ahmad.” Empa, eitse hoba a finyelle ho bona ka Lits’upiso tse hlakileng, eaba ba re: “Enoa ke moloi ea pepenene.”

[7] Ke mang ea etsang phoso e kholohali haese ea qapang leshano khahlanong le Allah empa a bitselitsoe ho inehela Islamong? Ruri! Allah ha A tataise mahana-puso a tlolang meeli

[8] Takatso ea bona ke ho tima Khanya ea Allah ka melomo ea bona, empa Allah U tla phethahatsa Khanya ea Hae le ha mahana-tumela a e hloile

[9] Ke Eena ea romeletseng Moromuoa oa Hae ka tataiso le ka Tumelo ea ‘Nete, hore a tle a e phatlalatse kaholim’a litumelo tsohle le ha bahloka tumelo ba e hloile(bahedene)

[10] Oho lona ba-kholoang! Na nka le tataisetsa khoebong e ka le pholosang Timelong e mahlonoko

[11] Hore le kholoa ho Allah le ho Moromuoa oa Hae, le tsitlallela tseleng ea Allah ka thepa le ka maphelo a lona. Seo se molemo ka ho fetisisa ho lona hoja eba le ne le tseba

[12] ‘Allah U tla le ts’oarela libe tsa lona, A be amohelle kahar’a lirapa tseo linoka li phallang tlasa tsona le Matlo a matle kahar’a Lirapa tsa edene. Seo ke katleho e Babatsehang

[13] Ebile Allah U tla le neha motlopotlo oo le o thabelang: thuso e tsoang ho Allah le tlholo e haufinyane. Kahoo, phatlalatsa litaba tse molemo ho ba-kholoang

[14] Oho lona ba-kholoang! Ebang bathusi ba Allah, joaloka ha Jesu mora oa Maria a ne a re ho barutuoa ba hae: “Ke ba feng bao e tlang ho ba bathusi ba ka tsebeletsong ea Allah?” Barutuoa ba re: “Re bathusi ba Allah.” Joale, lequloana la bana ba Israele le ile la kholoa, ha le leng lona le latola tumelo. Empa, Ra matlafatsa ba khotsoeng khahlano le lira tsa bona, ea eba bahloli

Labohlano

Surah 62

[1] Lintho tsohle tse maholimong le tsohle lefats’eng li bolela Lithoriso le Boholo Ba Allah, – Motlotlehi, Ea Halalelang, Ea Matla Oohle, Ea Seli

[2] Ke Eena Ea romeletseng har’a ba sa rutehang moromuoa oa habo bona, ho ba phetela Lits’enolo tsa Hae, Ho ba hloekisa le ho ba ruta ka Lengolo le Bohlale, – le hoja pele ho mona ba ne ba le har’a sebe se hlakileng

[3] Ka ho ts’oana le ba bang ba es’ong ho kopana le bona. Ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Seli

[4] Lena ke lereko la Allah, leo A sitsang mang, kapa mang ea khahloang ke eena ka lona. Allah ke Mong’a lereko le khaphatsehang

[5] Papiso ea ba ileng ba fumana Molao oa Moshe, eaba ba ea hloleha ho ona, E ts’oana le ea pokola e jereng mangolo a maholo. Papiso e nyonyehang ea ba fetolang Lits’enolo tsa Allah ka mashano. Etsoe Allah ha A tataise batho ba etsang bobe

[6] E re: “Oho lona ba emeng Bo-Judeng! Haeba le nahana le metsoalle ea Allah, ho qolla lichaba tse ling, joale, ipitsetseng lefu haeba le buoa ‘nete.”

[7] Empa ba ke keba ipiletsa lona ho latela lintho tsohle tseo matsoho a bona a li rometseng nale! Allah U tseba ka botlalo ba etsang bobe

[8] E re: “Lefu leo le le balehang le tla le khahlanyetsa: kamor’a moo le tla boela ho Motsibi oa tse patehileng le tse pepeneneng; kemoo A tlang ho le bolella tsohle tseo le neng le li etsa.”

[9] Oho lona ba-kholoang! Nakong eo le utloang pitso ea thapelo ea khobokano ea letsatsi la Labohlano, le potlakele pitsong ea Allah; le lese likhoebo tsa lona. Seo se molemo ho lona hoja eba le ne le tseba

[10] Hang ha thapelo e fetile, le ka hasana le naha eohle ho ea batla nala ea Allah; empa le keteke Lithoriso tsa Allah ka ho fetisisa hore le tle le atlehe

[11] Empa hang ha ba bona khoebo, kapa monyaka ba khothometseha ho ea teng, ba o sie o tjamme. E re: “Tseo Allah A nang le tsona li molemo ho feta boithabiso, kapa khoebo; ke Eena Ea Molemo ho fana

Baikaketsi

Surah 63

[1] Ha Baikaketsi ba tla ho uena ba re: “Re paka hore ruri u Moromuoa oa Allah.” Allah U ea tseba hore u Moromuoa oa Hae, ‘Allah ke paki hore ruri Baikaketsi ba bua leshano

[2] Likano tsa bona ba li entse sets’ireletso, hore ba tle ba khelose batho tseleng ea Allah. Ruri! Liketso tsa bona li ea nyonts’a

[3] Hobane ba ile ba kholoa hamorao ba koenehela Tumelo; lipelo tsa bona li kabiloe: kahoo ha ba utloisise

[4] Ha u ba sheba, libopeho tsa bona li’a u khahla; ha ba buoa u’a ba mamela. Ba ts’oana le likutu tsa patsi tse ts’ehelitseng. Ba nahana hore molumo o mong le o mong o khahlanong le bona. Ke lira tsa hau u ba hlokomele. Thohako ea Allah e be holim’a bona! Kamoo ba tsoileng tseleng kateng

[5] Ha ho thoe ho bona: “Atamelang! Moromuoa oa Allah u tla le kopela ts’oarelo!” Ba thint’sa lifahleho, u tla ba bona ba furalla ka boikhohomoso

[6] Ho ea ts’oana ho bona le ha u ka ba kopela ts’oarelo, kapa u saba kopeleng, Allah A ke ke a ba ts’oarela. Hobane Ruri! Allah ha A tataise Mahana-puso a tlolang meeli

[7] Ke bona ba reng: “Le se senyeheloe ke letho ho ba nang le moromuoa oa Allah, ho fihlela ba qhalane ba tsoile Al- Madina;” Empa matlotlo a maholimo le lefats’e ke’a Allah, le hoja Baikaketsi ho se seo ba se utloisisang

[8] Ba re: “Ruri! Haeba re ka boela Al-Madina, ea matla a fetisisang o tla leleka mofokoli.” Empa matla ke a Allah le Moromuoa oa Hae le ho Ba-kholoang; Empa Baikaketsi ha ba na tsebo

[9] Oho lona ba-kholoang! Le se lumelle maruo le bana ba lona ho le khelosa khopolong ea Allah. Ba tla etsa joalo, ke ba lahlehetsoeng

[10] Le fane ka matlotlo ao Re le sitsitseng ka ona pele lefu le khahlanyetsa e mong oa lona, a be a re: “Mong`a ka! Ha feela U ka mpa oa nkekeletsa nakoana? Hore ke tle ke fane ka linyehelo; ke tle ke be har’a ba lokileng.”

[11] Empa Allah a ke ke a fana ka nyehlisetso ho moea ofe, kapa ofe ha feela nako ea pallo e se e fihlile; Allah U hlokolosi ka lintho tseo le li etsang

Ho Soabisoana

Surah 64

[1] Tsohle tse maholimong le tsohle tse lefats’eng li bolela Lithoriso le Boholo Ba Allah; Eo Puso le thoriso e leng tsa Hae, U matla holima tsohle

[2] Ke Eena Ea le hlotseng, ba bang ba lona ke mahana-tumelo, ba bang ke Ba-kholoang;’Allah U bona tsohle tseo le li etsang

[3] U hlotse maholimo le lefats’e ka tekano e nepahetseng, A le neha sebopeho le hona ho le neha libopeho tse ntle, Ruri! Pheletso e ho Eena

[4] U tseba tse maholimong le tse lefats’eng, U tseba tseo le li patang le tseo le li pepesang. ‘Allah U tseba ka botlalo tse kahar’a lipelo

[5] Na pale ea ba ileng ba latola tumelo khale e se kile ea fihla ho lona? Ba ile ba latsoa sephetho se bosula sa boits’oaro ba bona, kahlolo ea bona e bile e mahlonoko

[6] Ke hobane baromuoa ba ‘nile ba fihla ho bona ka lits’upiso tse hlakileng, Empa ba re: “Re ka tataisoa ke motho?” Kahoo, ba ile ba latola eaba ba a furalla; empa Allah ha a hloke letho ho tsoa ho bona. Allah ha A na litlhoko, U Ts’oanetso ke lithoriso

[7] Mahana-tumelo ba nahana hore ba ke ke ba tsosoa hape. E re: “E, Ruri! Ka Mong`a ka! Le tla boela le tsosoa hape, le tla tsebisoa tsohle tseo le li entseng; hobane seo se bonolo ho Allah.”

[8] Kholoang ho Allah le ho Moromuoa oa Hae le ho Leseli leo Re le senotseng. Allah U hlokolosi ka tsohle tseo le li etsang

[9] Letsatsi leo A tlang ho le bokella Letsatsing la Khobokano, leo e tla be e le letsatsi la tahlehelo le kuno ho ba bangata. Bohle ba ba-Kholoang ho Allah le hona ho etsa toka, Allah U tla hlakola ho bona liketso maloetse le ho ba amohela kahar’a Lirapa tseo linoka li phallang ka tlasa tsona; ba tla phela kamoo kahosafeleng. Seo ke Katleho e Babatsehang

[10] Empa ba latolang Tumelo le hona ho nyelisa Lits’enolo tsa rona, e tla ba Balekane ba Mollo; ho phela kamoo kahosafeleng – Pheletso e nyonyehang

[11] Ha ho sekhobo sefe, kapa sefe se ka oang kantle ho tumello ea Allah. Mang, kapa mang ea kholoang ho Allah, Allah U tataisa pelo ea hae. ‘Allah U Tseba tsohle

[12] Utloang Allah le Moromuoa oa Hae; empa haeba le koeneha, ts’ebetso ea Moromuoa Oa Rona ke feela ho phatlalatsa molaetsa ka ho hlaka

[13] Allah! Ha ho `Mopi e mong ntle ho Eena. Kahoo, lesang ba- kholoang ba behe ts’epo ea bona ho Eena

[14] Oho lona ba-kholoang! Ruri! Ho teng lira tsa lona har’a basali le bana ba lona, kahoo le ba hlokomele. Empa ha le ts’oarela le tlolisa liphoso tsa bona mahlo le koahela liphoso tsa bona, Ruri Allah U Ts’oarela-joalo-joalo, U Tletse Mohau

[15] Maruo a lona le bana ba lona e ka ‘na ea eba teko: Empa kapela Allah ho teng Moputso o moholohali

[16] Kahoo ts’abang Allah ka hohle kamoo le ka khonang, le mamele le be le latele le hona ho nyehela molemong oa meea ea lona. Mang, kapa mang ea pholohileng meharong ea meea ea bona, – Ke bona ba tla fumana katleho

[17] Ha le etsa kalimo e ntle ho Allah, U tla e menahanya ha beli molemong oa lona le hona ho le ts’oarela, hobane Allah ke mot’soareli oa libe, e bile o na le Mamello e Fetisisang

[18] Motsibi oa liphiri le tse pepeneneng, Ea Matla Oohle, Ea Seli

Tlhalo

Surah 65

[1] Oho Moporofeta! Ha le hlala basali, ba hlaleng ho latela nako e behiloeng (idda) le bale matsatsi ao ka nepo; le ts’abe Allah, Mong`a lona: Le se baleleke malapeng a bona, kapa hona ho tloha malapeng, kantle le haeba ba molato oa bohlola. Eo ke meeli e fanoeng ke Allah; mang, kapa mang ea ka tlolang meeli ea Allah, Ruri! O fosetsa moea oa hae: Ha o tsebe letho Kamohlomong Allah kamor’a moo U ne A ka ‘na A tlisa maemo a fetohileng

[2] Ha ba se ba phethisitse pallo ea bona, ba amoheleng ka mosa, kapa le arohane le bona ka mosa; le bitse lipaki tse peli har’a lona, ba nang le toka, bopaki ba lona ebe bo nepahetseng kapel’a Allah. Seo ke tlhokomeliso ho ea kholoang ho Allah le ho Letsatsi la Bofelo. Mang, kapa mang ea ts’abang Allah, Ruri! Allah U mo lokisetsa tsela

[3] Le hona ho mo sitsa ka seo a neng a sa se lebella ho tsoa mehloling ea Hae. Etsoe mang, kapa mang ea behang ts’epo ea hae ho Allah, Allah U mo lekane. Hobane ruri! Allah U tla phethahatsa taelo ea Hae. Ruri Allah U fane ka pallo ho lintho tsohle

[4] Haele basali ba lona ba seng ba fetile lilemo tsa bona tsa ho ea matsatsing, haeba le na le khoao, nako ea bona ha e be likhoeli tse tharo ka ho ts’oana le ba sa eeng matsatsing ho hang. Bakhachane; nako ea bona ea pallo ke ho fihlela ba beleha. Mang, kapa mang ea ts’abang Allah, Allah U tla nolofatsa tsela ea hae

[5] Eo ke Taelo Ea Allah Ea e rometseng ho lona: Ea ts’abang Allah, Allah U tla hlakola maloetse ho eena, A phaelle Moputso oa Hae

[6] Le phelise basali ka mokhoa oo le phelang ka oona ho latela matla a lona, le se ba khopise e le ho ba thatafaletsa. Haeba ba ithoetse, le ba khokomele ho fihlela ba belehile: Haeba ba le anyesetsa bana ba lona, le ba lefe ka mokhoa o lokelang; le nke qeto ka bobeli. Ha le thatafalloa ke litaba ka bobeli, batlang bo-’m’e monyants’etsi ho nyants’a lesea molemong oa ntata’e

[7] Le lumelle monna oa morui ho fana ho latela matla hae, ka ho ts’oana le monna ea kojoana-li-mahetleng, mo lumelleng a fane ho latela seo Allah a mo setsitseng ka sona. Allah ha A imetse moea ofe kapa ofe kantle le seo A o nehileng sona. ‘Allah U tla rarolla tsohle

[8] Ke lichaba tse kae tse bileng khahlanong le taelo ea Mong`a tsona le ba romuoa ba Hae, tseo kamor’a moo li ileng tsa bitsetsoa kahlolong, – ho ba kahlolong? – Ra ba lihela kahlolo e le mohlala ho ba bang

[9] Li ile tsa latsoa liketso litholoana tse bosula tsa boits’oaro ba tsona, Pheletso ea boits’oaro ba tsona ebile Tahleho

[10] Allah U ba hlophiselitse kahlolo e ts’abehang; Kahoo, ts’abang Allah lona batho ba nang le kutloisiso-ba Kholoang! Hobane ruri Allah U le romeletse molaetsa

[11] Moromuoa ea le phetelang Lits’enolo tsa Allah tse nang le manollo e hlakileng, hore a tle a etelle pele ba-kholoang le hona ho etsa liketso tse lokileng, ho tsoa Lefifing a ba lebise Leseling. Ba-kholoang ho Allah le hona ho etsa liketso tse lokileng, Allah U tla ba amohella kahar’a Lirapa tseo linoka li phallang ka tlasa tsona; ho phela kamoo kahosafeleng. Ebile Allah U ba hlophiselitse moputso o babatsehang

[12] Ke Allah Ea hlotseng Maholimo a supileng le lefats’e ka mokhoa o ts’oanang. Taelo e theohela har’a ona, ele hore le tle le tsebe hore Allah U na le matla holima lintho tsohle; le hore Allah U kopetse lintho tsohle hare ka tsebo

Thibelo

Surah 66

[1] Oho Moporofeta! Hobaneng ha u hanana le seo Allah a se entseng molao, moo u habileng ho thabisa basali ba hau? Empa Allah U Ts’oarela Khafetsa, U Tletse Mohau

[2] Ruri! Allah U fane ka taelo ho masolomane ea hore le ka ‘na la tlola likano tsa lona tlas’a mabaka: ‘Allah ke Mos’ireletsi oa lona, U Tletse Tsebo, U Seli

[3] Ha Moprofeta a ne a phetela e mong oa basali ba hae taba lekunutung, eaba o phahlela e mong. Allah A etsa hore moporofeta a tsebe taba eo; eaba o lumellana le karolo e ngoe le hona ho hanana le karolo e ngoe ea taba eo. Joale, eitse ha a mo phetela, a re: “Ke mang ea o boleletseng taba ee?” Moporofeta a re: “Ke boleletsoe ke Ea tsebang tsohle, Ea hlokolosi ka ho fetisisa.”

[4] Ha le retelehela ho Allah ka boinyatso, lipelo tsa lona li lakatsa hoo; Empa haeba le ka ts’ietsana khahlano le eena, Ruri! Allah, ke Eena Mots’ireletsi oa hae, le Khabariele le ba lokileng har’a ba-kholoang; ho feta moo, manyeloi ke ba ts’ehetsi ba hae

[5] Haeba a ka le hlala, kamohlomong Allah U tla mo sitsa ka basali ba molemo ho le feta sebakeng, ba inehetseng, ba- kholoang, ba hlomphang Allah, ba retelehelang ho Allah ka boinyatso, ba khumamang ka boithapalatso, Ba hauhlaulang le ho ila, bahlolohali le ba es’o ang’oe ke monna

[6] Oho lona ba-kholoang! Hlokomolohang mollo, lona le malapa a lona, oo libeseletso tsa ona e leng batho le majoe, o hlokometsoeng ke manyeloi a bohale, a tsitlaletseng, a bile a ke ke a latola taelo eo a e fuoang ke Allah, empa ba phethisa taelo

[7] (Bat la re)“Lona Mahana-tumelo! Se keng la kopa ts’oarelo Kajeno. Le mpa le lefshoa ho latela tseo le neng le li etsa.”

[8] Oho lona ba-kholoang! Retelehelang ho Allah ka boinyatso ba sebele! Ka ts’epo ea hore Mong`a lona U tla hlakola liketso tsohle tse mpe tsa lona le hona ho le amohela kahar’a Lirapa tseo linoka li phallang, –Letsatsi leo Allah A sa tl’ong ho phoqa Moporofeta le bohle ba kholoang le eena. Khanya ea bona e tlaba etella pele le ka matsohong a matona a bona ba tla be ba ts’oere litlaleho tsa bona: ba tla re: “Mong`a rona! Ak’u matlafatse khanya ea rona, U be U re ts’oarele! Hobane Ruri! Ke Uena Ea nang le matla holima lintho tsohle.”

[9] Oho Moporofeta! Tsitlalla ka thata khahlano le mahana- tumelo le Baikaketsi, u se be mosa ho bona. Lihele ke lehae la bona, – Pheletso e nyonyehang ruri

[10] Allah U fana ka papiso ho mahana-tumelo: Mosali oa Nooe le oa Lota, basali ba neng ba le tlas’a taolo ea makhabunyane a Rona a lokileng, le hoja ba ile ba ba eka, empa keko ea bona ha e ea ka ea ba thusa ka letho kapel’a Allah, lentsoe le ile la re ho bona: “Kenang Mollong ‘moho le bohle ba kenang.”

[11] Allah U fana ka papiso ho ba-kholoang: Mosali oa Faro: Bonang a re: “Mong`a ka! Ak’u nkahele ntlo ho pela Hau Serapeng, U be u ntopolle ho Faro le liketso tsa hae le ho ntopolla har’a batho ba etsang libe”

[12] Le Maria morali oa Imran, ea neng a hloekile. Eaba Re bolulela ka hare ho eena moea oa Rona. O ile a beha ts’epo mantsoeng a Mong`a hae le mangolong a Hae, e bile e mong oa ba hloekileng

Bobusi

Surah 67

[1] Ea Hlohonolofetseng e be Eo Puso e leng Liatleng tsa Hae; Ea nang le Matla Oohle holima lintho tsohle

[2] Eena Ea hlotseng Lefu le Bophelo, hore A tle A behe tekong mang le mango a lona ea boits’oaro bo nepahetseng. Ke Eena Ea Matla Oohle, Ea Ts’oarelang Khafetsa

[3] Eena Ea hlotseng maholimo a supileng ka tatelano: O tla bona tlholehong Ea Allah Ea Tletseng Lereko, kahoo sheba hape: O bona koli efe?”

[4] Talimisisa lekhetlo la bobeli: chalimo e tla boela ho uena e fifetse, e fokola, e khathetse

[5] Re khabisitse leholimo le ka tlase ka mabone, Re A entse likulo tse chalametsang ho leleka ea Mobe; Re ba hlophiselitse Kotlo ea Mollo o tukang

[6] Ba khesang Mong’a bona, ho teng Kotlo ea Lihele, e mpe pheletso

[7] Ha ba akheloa kahar’a ona, ba tla utloa mororo oa ona o ntse o tuka joalo

[8] O qhashoha ke khalefo. Nako le nako ha sehlopa se akheloa ka teng, ba lebeli ba ona ba tla botsa: “Ha ho ea ka ha fihla molemosi ho lona?”

[9] Ba tla re: “Ruri! Ho bile joalo, molemosi o ile a fihla ho rona; empa ra mo latola ka hore: “Allah ha A es’o ka a senola letho; u mpa u le phosong e ts’abehang.”

[10] Ba tla boela ba re: “Hoja re ile ra lemoseha kapa ra sebelisa kelello, Ruri! Re ka be re se har’a Balekane ba Khanare ea Mollo

[11] Joale bat la ipolela libe tsa bona, empa ts’oarelo e tla be e le hole le Balekane ba Khanare ea Mollo

[12] Haele ba ts’abang Mong’a bona ba sa ‘mone, ts’oarelo kea bona le moputso o moholo

[13] Ebang le pepesa lentsoe la lona kapa lea le pata, U na le tsebo e phethahetseng ea liphiri tsa lipelo tsohle

[14] Ha A ke ke A tseba-Eena Ea Hlotseng? Ke Eena Ea Utloisisang makunutu oohle, Ea Hlokolosi

[15] Ke Eena Ea hlotseng lefats’e ho nolofala, lebakeng la hau, kahoo tsamaea litseleng tsa lona, u je nala ea lona eo A u sitsitseng ka eona; Empa Tsoho e ho Eena

[16] U ikutloa u sireletsehile hore Ea Maholimong A ke ke A etsa hore u metsoe ke lefats’e ha le reketla

[17] Kapa u ikutloa u sireletsehile hore Ea Maholimong A ke ke A romela Sefefo hore le tle le tsebe hore Temoso Ea Ka e joang

[18] Empa ruri! batho pele ho bona ba latotse, joale e ile ea eba joang Tatolo Ea Ka

[19] Ha ba hlokomele linonyana kamoo li phukalatsang mapheo a tsona ka teng, li a khoale. Ha ho ope ea likakatletseng haese Ea TletsengLereko, Rurik e Eena Ea shebileng lintho tsohle

[20] Ke mang ea ka le thusang, le haele sesole, kantle ho Allah, Ea Tletseng Lereko? Mahana-tumelo ha ba ka har’a letho haese thetso

[21] Ke mang ea tlang ho le sitsa ka phepo, ha A ka khatla kabelo Ea Ha? Che, ba ngangaballa boikhohomosong le khelohong

[22] Ea tsamaeang a tiisitse hlooho, sefahleho sa hae se kebile, o tataisong e ntle,-Kapa ea tsamaeang ka makhethe Tseleng e Otlolohileng

[23] E re.” Ke Eena Ea le hlotseng, A sitsa ka kutlo, pono, boleng le kutloisiso: Empa teboho ea lona e ea fokola

[24] E re: “Ke eena ea le ngatafalitseng holim’a lefats’e, bohle le tla bokelloa ho Eena.”

[25] Ba ea botsa: “Ke neng ts’episo eo etlang ho phethahala haeba u bua ‘nete?”

[26] E re: “Tsebo ea nako e ho Allah A Inot’si, ‘Ke mpa ke le molemosi ea hlakileng.”

[27] Mohlang ba e bonelang hauts’oanyane, mahana-tumeloba ba tla sosobanya lifahleho, Ho tla thoe ho bona: “Sena ke seo le neng se bitsa.”

[28] E re: “Lea bona? Hore haeba Allah a ka ntimetsa hammoho le ba nang le ‘na, kapa A ts’ollela Mohau oa Hae holima rona, – joale ke mang ea tlang ho lopollaba Mahana-tumelo Kahlolong e mahlonoko?”

[29] E re: “U Tletse Lereko: Re kholoa ho Eena, re behile ts’epo ea rona ho Eena. Haufinyane le tla tseba hore na ke mang ea phosong e totobetseng.”

[30] E re: “Lea bona? – Haeba metsi oohle a lona a ka psha, ke mang ea ka etsang hore a kopotse lefats’eng

Pene

Surah 68

[1] Nun. Ka pene le tlaleho e ngoloang

[2] Ka lereko la Mong`a hau ha u lehlanya

[3] Ruri! Moputso oa hau ke o sa feleng

[4] Tlholeho ea botho ba hau ke e babatsehang

[5] Haufi u tla bona le bona ba tla bona

[6] Hore na ke mang har’a lona ea hlanyango

[7] Rurik e Mong’a hau Ea tsebang ka botlalo, ea khelohileng Tsela ea Hae: U tseba ka botlalo ba amohelang Tataiso

[8] Kahoo se mamele bao ba latolang

[9] Takatso ea bona ke hore u khelohe, hore ba tle ba khelohe

[10] Se natse mofuta oa motho ea nyonts’ang, – ea ikanang ka potlako

[11] Mofapanyi, ea tsamaeang a jala mashano

[12] Ea sitisang toka, ea tlolang meeli eohle, ea qoetseng sebeng

[13] Ea makoebeta, – ea silafetseng tlhahong

[14] Hobane a sitsitsoe ka maruo le bara

[15] Ha Lits’upiso tsa Rona li phetoa ho eena o re: “Lits’omo tsa mehleng ea khale.”

[16] Haufi Re tla mo ts‘oea nko

[17] Ruri! Re ba behile tekong joaloka ha Re ile Ra beha tekong Balekane ba Serapa, ha ba ne ba nka qeto ho khola litholoana e sa le hosasa

[18] Empa ba se etse peheletso;(Ka Thato Ea Allah)

[19] Eaba ho fihla moeti ho tsoa ho Mong’a hau, a hloekisa ba sa ile le sephume sa boroko

[20] Kahoo Serapa hoseng sa tsoha eka sebaka se sets’o se shoeleng

[21] Ha bosiu bo esa ba, ba bistsana ka bong’oe

[22] “Eeang serapeng e sa le hosing ho khola litholoana.”

[23] Ba tsamaea, ba hoeshetsa

[24] “Le se lumelle mofutsana le ea mong ho kena ka har’a serapa kajeno

[25] Ba qala letsatsi, ka qeto e khopameng

[26] Empa eitse ha ba bona serapa ba re: “Ruri! Re lahlehile

[27] Che, Re koaletsoe ka ntle

[28] E mong oa bona ea nang le toka a re: “Ha kea ka ka re ho lona le tlotlise Allah?”

[29] Ba re: “Tlotliso e be ho Mong’a rona! Ruri re ne re ntse re etsa bobe.”

[30] Ba fetohelana, ba qalella ho supana ka menoana, ba iphumana phoso

[31] Ba re: “Mehau ka rona! Re tlotse meeli e le ruri

[32] “Mohlomong Mong`a rona U tla re neha se molemo ho feta sena. Hobane re retelehela ho Eena ka boinyatso.”

[33] E joalo kahlolo. Empa e kholo kahlolo ea Bophelo Bo-tlang, – hoja ba ne ba tsebile

[34] Ruri! Sebakeng sa ba hloekileng ho teng lirapa tsa nyakallo, kapela Mong`a bona

[35] Ana re ka ts’oara Batho-ba-Tumelo joalo ka Batho-ba-Sebe

[36] Molato ke eng ka lona? Le ahlola joang

[37] Kapa le na le Lengolo moo le ithutang teng

[38] Leo le tlang ho ba le tsohle tseo le ikhethelang tsona

[39] Kapa le na le Selekane le Rona ka Kano, ho fihlela Letsatsi la Kahlolo, hore le tla fumana tsohle tseo le li batlang

[40] Ak’u ba botse hore na ke mang har’a bona ea hlapanyang

[41] Kapa ba na le melingoana? Joale e re ba hlahise melingoana ea bona haeba ba buoa ‘nete

[42] Letsatsi leo Tlhafu e tlang ho phetloa, e be ba ea bitsoa ho ithapalatsa ka lerato, Empa ba tla hloleha

[43] Mahlo a bona a tla be a talimile fats’e,-masoabi a ba aparetse; ha ba bona hore ba bilelitsoe pele-ho-nako ho tla ithapalatsa leratong, ba sa na le matla

[44] Ka hona ntese Ke Inots’i le bahanyetsi ba molaetsa ona: ka mekhahlelo Re tla lihela kotlo ho tsoa moo ba sa nahang

[45] Ke tla ba ekeletsa nako. Ruri! Leano la Ka le Matla

[46] Kapa u ba kopa moputso, kahoo ba tle ba imeloe ke moroalo oa sekoloto

[47] Kapa tse sa bonoeng li matleng a bona, hoo ba ka li ngolang fats’e

[48] Empa leta ka mamello taelo ea Mong`a hau, u se ke oa ts’oana le Molekane oa Tlhapi (Jonase) ha a ne a bokolla ke letsoalo

[49] Hoja Mohau oa Mong`a hae ha o oa ka oa mo fihlela, Ruri! A ka be a ile a lahleloa lebopong ka tlotlollo a tsotse

[50] Ka tsela eo Mong’a hae A mo khetha, A mo etsa e mong oa ba hloekileng

[51] Mahana-Tumelo ba ka batla ho ts’oasa ka mahlo ha ba utloa Moaletsa; ba re: Ruri ke lehlanya.”

[52] Empa ha se letho, haese molaetsa ho mafats’e ohle

'Nete

Surah 69

[1] ‘Nete ea sebele

[2] ‘Nete ea sebele ke eng

[3] Ke eng se tlang ho le hlokomelisa hore na ‘nete ea sebele ke eng

[4] Ba-Thamud le Ba-’Ad ba ile ba latola kotlo e tlang

[5] Empa Ba-Thamud ba ile ba ripitloa ka sefefo sa lehalima le ‘mane, se ts`abehang

[6] Ba-`Ad, ba ripitliloe ka setsokotsane se bohale bo ts’abehang

[7] U ile A etsa hore se puputle masiu a supileng le matsatsi a robileng meno e ‘meli ka tatellano: kahoo u ka be u bone mofela oa batho ba tjapaletse, joaloka ha eka ke metso ea lifate tsa lipalema tse hlokang ‘moko li oele

[8] Na u sa bona moneketsana feela oa bona

[9] Le Faro, le ba bileng teng pele ho eena, le metse-moholo e repitliloeng, ka lebaka la Sebe

[10] Ba se mamele moromuoa oa Mong`a bona, kahoo A ba neha kotlo e matla

[11] Re ile Ra u jara ka Areka mohlang metsi a neng a roaletse

[12] Hore Re etse molaetsa ho uena, hore litsebe li-utloe, kelello e hopole

[13] Joale, mohla Terompeta e letsoang hang

[14] Lefats’e le tsitsingoang le lithaba tsa lona, li fetohang lerole hang, –

[15] Letsatsing leo, ketsehalo e tla phethahala

[16] Leholimo le tla aroha ka lehare, hobane letsatsing leo le tla be le fokola

[17] Manyeloi a tla be a le mahlakoreng a lona, a robeli a jarile terone ea Mong`a ka holim’a ona

[18] Letsatsing leo le tla biletsoa kahlolong, ha ho ketso le e ng`oe ea hau eo u e patang, e tlang ho pateha

[19] Joale ea tla nehoa tlaleho ea hae ka letsohong la molema, o tla re: “Nka, ba la tlaleho ea ka

[20] “Ruri ke ile ka utloisisa hore tlaleho ea ka e tla mphihlela!”

[21] Joale, o tla ba bophelong ba khotso

[22] Serapeng se phahameng

[23] Seo litholoana li leng haufi, li fihleleha

[24] “Ejang le noe, ka khotsofalo; ka lebaka la tseo le lirometseng nale, matsatsing a fetileng

[25] Ea tlang ho nehoa tlaleho ea hae letsohong la ntsohohlo, o tla re: “Jonna! Hoja ka se ke ka nehoa tlaleho ea ka

[26] “Le hona ho hlokomela hore na tlaleho ea ka e eme joang

[27] “Hoja lefu ha lea ka la ntsometsa

[28] “Leruo la ka ha lena thuso ho `na

[29] “Matla a ka a felile!”

[30] (Taelo e tla re)“Mo ts’oare, le mo tlame

[31] “Le mochese Khanareng ea Mollo

[32] “Le mo-khoantise a tlang`oe ka ketane, e bolele ba limitara tse mashome a supileng

[33] “Enoa kea neng a sa kholoe ho Allah Ea Matla Oohle

[34] “A sa khothaletse phepo ea mafutsana

[35] “Kahoo ha ana motsoalle kajeno

[36] “Kapa tsona lijo, ntle le ts’ila e hlatsoitseng maqeba

[37] “E sa jeoeng ke ope haese baetsalibe.”

[38] “Ke le biletsa bopaking ka tseo le li bonang”

[39] “Le tseo le sa li boneng

[40] “Hore Ruri lena ke lentsoe la morumuoa ea hlomphehang

[41] “Ha se lentsoe seroki: le kholoa hanyane

[42] “Kapa lona lentsoe la senohe: khalemo eo le e fumanang ke e fokolang

[43] “Molaetsa o rometsoeng ho tsoa ho Mong`a Mafats’e

[44] “Haeba morumuoa u ne a ka iqapela lipuo Ka lebitso la Rona

[45] Ruri re tla moshakarela ka letsoho la hae la molema

[46] Ruri Re tla mo khaola mothapo oa pelo

[47] Ha ho mang oa lona ea ka mo sireletsang

[48] Empa ruri! Sena ke Molaetsa ho ts’abang Allah

[49] Re’a tseba hore har’a lona ho na le ba o hanyetsang

[50] Empa ruri Ke sehlabi ho Mahana-tumelo

[51] Empa ruri ke ‘Nete ea sebele

[52] Kahoo, tlotlisang lebitso la Mong`a lona Ea Matla Oohle

Litsela tsa Ho Nyoloha

Surah 70

[1] Motsi o botsitse ka Kotlo e tlang ho oela

[2] Mahana-tumelo, eo ho seng ea ka e qobang

[3] E tsoang ho Allah Mong`a Litsela tsa Nyolohelo

[4] Tseo manyeloi le Khabariele a nyolohelang ho Eena ka letsatsi leo tekanyo ea lona e ka bang likete tse mashome a mahlano a lilemo

[5] U mamelle, – ka Mamello e hlokang khoao

[6] Ruri! Letsatsi ba le bonela thoko haholo

[7] Empa Re le bonela haufinyane

[8] Letsatsi leo ka lona leholimo le tlang ho ho ba joalo ka lesheleshele la koporo

[9] Lithaba li tla ts’oana le boea

[10] Ha ho motsoalle ea tla botsa ka motsoalle oa hae

[11] Le hoja ba tla be ba filoe pono ea hore ba bonane. Takatso ea moetsalibe; e tla ba e ka a ka itokolla Kahlolong ea Letsatsi leo ka ho itefella ka bana ba hae

[12] Ka mosali oa hae le ka ngoana’bo

[13] Kapa ka beng ka eena ba mo holisitseng

[14] Le ka bohle ba teng mona lefats’eng, haeba ho khoneha ho mo lopolla

[15] Empa che! Ruri! E tla be e le Mollo oa Lihele

[16] Khanare e qaqapollang lehata

[17] E memang bohle ba khelohileng, ba furalla

[18] Ba bokella maruo ba a khoaela

[19] Ruri! Motho o bopiloe a hloka mamello

[20] A phakisa a khopeha ha bomalimabe bo mo fihlela

[21] Empa ha lehlohonolo le mo fihlela, oba leqe ka lona

[22] Kantle le barapeli

[23] Ba tsitlaletseng thapelong ea bona

[24] Bao thepeng ea bona ho nang le litokelo tse fanoeng

[25] Malebana le mafutsana a kopang le ea hlolehang

[26] Ba kakatletseng ‘neteng ea Letsatsi la Kahlolo

[27] Ba ts’abang mesarelo ea Mong`a bona –

[28] Hobane Mesarelo ea Mong`a bona e khahlanong le Khotso le Boiketlo; –

[29] Ba bolokileng bohloeki ba bona

[30] Kantle le basali ba bona le bao matsoho a matona a bona a ba ruileng, kahoo ba ke keba behoa molato

[31] Empa haele ba tlolang meeli eo, Ruri! bao e tla be e le batloli ba melao

[32] Ka ho ts’oana le ba bolokang likano tsa bona le selekane sa bona

[33] Le ba its’etlehileng ka bopaki ba bona

[34] Hammoho le bohle ba hlokolosi lithapelong tsa bona

[35] Ruri! bana ba tla phela kahar’a Lirapa tse hlomphehang

[36] Molato ke eng ka mahana-tumelo haele moo ba u tonetse mahlo

[37] Ka lehlakoreng le letona le le lets’eali ka mekhahlelo

[38] Ana motho e mong le e mong har’a bona o rata ho kena kahar’a Serapa sa Nyakallo

[39] Che, Ruri! Re ba hlotse ka seo ba se tsebang

[40] Ke ikana ka Mong`a ‘nqa tsohle tsa Bochabela le Bophirima hore re na le matla

[41] Ho beha ba betere ho ba feta sebakeng sa bona. Re ke ke ra hloloa

[42] Kahoo, ba tlohele ho itaola le ho bapala ho fihlela ba kopana le letsatsi la bona leo ba le ts’episitsoeng

[43] Eleng letsatsi leo ba tlang ho tsosoa mabitleng ka potlako joaloka ha eka ke litlholisano ho ea leseleng

[44] Ka mahlo a ts’ohileng, ba bile ba aparetsoe ke masoabi: leo e tla be ele letsatsi leo ba le ts’episitsoeng

Nowa

Surah 71

[1] Ruri! Re ile Ra romella Nooe ho batho ba habo: “Lemosa batho ba heno esere kahlolo e mahlonoko ea tloha ea ba oela holimo

[2] A re: “Oho batho ba heso! Ruri! Ke mohlokomelisi ea totobetseng ho lona

[3] “Hore le tlameha ho khumamela Allah le hona ho mo sebeletsa ka tieo, le nkutloe

[4] “Hore A tle A le ts’oarele libe tsa lona le hona ho lelefatsa nako ea lona ea pallo. Hobane Ruri! Nako eo pallo ea Allah e tlang, e ke ke ea liehisoa hoja le ne le tseba.”

[5] A re: “Mong`a ka! Ruri! Ke ne ke etsa pitso ho batho ba heso bosiu le mots’eare

[6] Empa lipitso tsohle tsa ka ha li’a ka tsa thusa letho haese hona hore ba balehe ‘neteng

[7] “Hobane ka linako tsohle ha ke ba bitsetsa hore U tle U ba ts’oarele, ba kiba litsebe tsa bona ka menoana le hona ho ipata lifahleho ka liaparo tsa bona; ba tsitlaletse nyefolong le hona ho ikhohomosa

[8] “Ke ba hoelelitse ka lentsoe le phahameng

[9] “Ke ile ka phatlalatsa molaetsa pooaneng ho bona; ka etsa kopo ho bona sephiring

[10] “Ke re: kopang ts’oarelo ho Mong`a lona. Hobane U Ts’oarela ka Mehla eohle

[11] “Etsoe U tla le nesetsa lipula tsa litloebelele

[12] “A le ekeletse maruo le bara; A le sitse ka Lirapa le Linoka tse phallang

[13] “Molato ke eng ka lona haele moo le hloka ts’epo ho Allah molemong oa boits’oaro bo nepahetseng

[14] Empa e le Eena Ea le hlotseng ka mekhahlelo e fapaneng

[15] Na ha le bone kamoo Allah a hlotseng maholimo a supileng kateng ka tatellano

[16] A tsepamisa ngoeli ho ba khanya leholimong le lona letsatsi ho ba lebone

[17] “Ke Allah ea le hlahisitseng leroleng la lefats’e

[18] “Pheletsong U tla boela A le busetsa ho lona hape, U tla le tsosa hape ka Letsatsi la Tsoho

[19] “Allah U le aletse lefats’e

[20] “Hore le tle le hahlaule holim’a lona ka litsela tse pharaletseng.”

[21] Nooe a re: “Mong`a ka! Ruri! ba ntatotse, eaba ba sala morao batho bao thepa le bana ba bona li sa tl’ong ho ba thusa ka letho haese Tahleho

[22] “Ba lohile leqheka le ts’abehang

[23] “Ba re: “Le se lahle melingoana ea lona kherehloa. E leng Wadd kapa Suw’a, le haele Yaghuth, Ya’uq kapa Nasr

[24] Ruri! Ba khelositse batho ba bangata tseleng, uena ha ho kamoo u ka putsang baetsalibe kateng haese ka ho kheloha.”

[25] Ba ile ba khamisoa metsi ho latela libe tsa bona, eaba ba akheloa Mollong. Ha ho bathusi ba ileng ba ba fumana ntle ho Allah

[26] Nooe a re: “Mong`a ka! U se siee leha e le moneketsela feela oa moetsalibe lefats’eng

[27] Hobane haeba U ka ba siea, ba tla khelosa makhabunyane a Hau le tsoala tsa bona e tla ba baetsalibe

[28] Mong`a ka! U nts’oarele ‘moho le batsoali ba ka le ba-kholoang bohle ba keneng lelapeng la ka, banna le basali, U se ke oa putsa baetsalibe ka letho haese timelo

Majini

Surah 72

[1] E re: “Ke senoletsoe hore sehlopha sa Li-jinn li ne li thehile tsebe ho mamela[Qur`an], tsa re: “Re fela re utloile palo e babatsehang

[2] “E tataisetsa tokeng, re khotsoe ka hona: ha re na ho kopanya mong le mong le Mong`a rona

[3] “Bo phahame Botlotlehi ba Mong`a rona: ha A na molekane kapa mora

[4] “Ho ne ho ena le maoatla har’a rona, ba neng ba tloaetse ho buoa mashano a matala ka Allah

[5] “Empa rea lumela hore motho kapa moea ha ba na tokelo ea ho bua leshano ka Allah

[6] “Ruri! Ho teng batho, ba batlang ts’ireletso ho Li-Jinn, empa li ba ekelelitse phosong

[7] “Ba nahana joaloka uena, hore Allah ha ana ho tsosa ope bafung –

[8] “Re ile ra leka ho phahlolla makunutu a leholimo; empa ra fumana le lebetsoe ke balebeli ba matla le malakabe a mollo

[9] “Re ne re lula re larile, ho utsoa; empa ke mong le mong ea neng a leka ho mamela u iphumana a lelekoa ke lelakabe le chalametsang

[10] “Ha re utloisisi hore na kotlo e lebisitsoe ho boohle lefats’eng, kapana Mong`abona Urerilehobatataisatselengnepahetseng

[11] “Ho na le ba bang hara rona ba lokileng, ba bang ba fapane: re latela litsela tse fapaneng

[12] “Empa re’a tseba hore re ke ke ra ferekanya merero ea Allah, kapa hona ho Mo ferekanya ka paleho

[13] “Haele rona, re utloang tataiso, re amohetse mang le mang ea kholoang ho `Mopi oa hae ha ana ts`abo, ea qhekanyetso kapa bohanyapetsi

[14] “Hara rona ho na le ba ithobelang Allah, le ba tsoang tseleng ea toka. – haele ba ithobileng –ba nkile tsela e topileng

[15] “Empa haele ba tsoapohang, ke libeso tsa Mollo-oa-Lihele

[16] “Haeba ba ile ba tsitlallela tseleng, Re ka be Re ba sitisitse ka pula tsa matlopotlopo

[17] “E le hore Re ba behe tekong. Empa mong le mong ea tla kheloha khopolong ea Mong`a hae, U tla mo otla ka kotlo e mahlonoko

[18] “Libaka tsa thapelo ke tsa Allah: kahoo le se bitse ho mong kantle ho Allah

[19] “Nakong eo lekhabunyane la Allah le emang ho Mo rapela, ba mo opela hare ka bongata

[20] E re: “Ke rapela Allah a Inotsi, ha ke Mo kopanye le mang kapa mang.”

[21] E re: “Ha ke na matla a ho le utloisa bohloko, kapa hona ho le tlisa tseleng e nepahetseng.”

[22] E re: “Ha ho ea ka nts’ireletsang khahlanong le Allah, kapa ho fumana sets’abelo kantle ho Eena,”

[23] “Mosebetsi oa ka ke ho phatlalatsa seo ke se fumanang ho tsoa ho Allah, ho phtlalatsa molaetsa oa Hae. Haele ba nyefolang Allah le moromuoa oa Hae: ba loketsoe ke lihele, ba tla phela moo kahosafeleng”

[24] Khabareng, ha ba bona tseo ba neng ba li ts’epistoe, – ka nako eo ba tla tseba hore na ke mang ea fokolang e le mothusi, ea eisehang ka lipalo

[25] E re: Ha ke tsebe hore na seo le neng le se ts’episitsoe se haufi, kapa Mong`a ka U hlophisitse nako e telele ea pallo malebana le eona

[26] Hobane ke Eena Ea tsebang tse sa bonoeng; ebile ha ho mang, kapa mang eo A mo senolelang sephiri sa Hae

[27] Haese ho moromuoa ofe, kapa ofe eo a khahloang ke Eena, joale ebe U hlomamisa balebeli (manyeloi) ho tsamaea kapel’a hae le kamor’a hae

[28] Hore a tle a tsebe hore e feela ba phatlalalitse melaetsa ea Mong`a bona. U bile U kopetse hare liketso tsohle tseo ba li etsang, U boloka tlaleho ea lintho tsohle

Ea Koaletsoeng

Surah 73

[1] Oho uena ea its`opileng ka seaparo

[2] Ema bosiu, empa e seng bosiu boohle

[3] Karolo ea bona, kapa ka tlase ho moo

[4] Kapa haholoanyane, o phete Qur`an ka tekanyo ea lentsoe butle

[5] Haufi Re tla romela molaetsa oa bohlokoa ho uena

[6] Ruri! Ho tsoha bosiu ho bohlokoa molemong oa taolo ea phefomoloho ea hau, e molemo haholo sebakeng sa Lentsoe

[7] Ruri! Mots’eare le na le mesebetsi eo le e etsang

[8] Empa tsitlallela khopolong ea lebitso la Mong`a hau; ikitlaelletsa ho Eena ka pelo eohle

[9] Mong`a Bochabela le Bophirima: ha ho `Mopi kantle ho Eena; ikhethele Eena feela e le mosireletsi oa hau

[10] U be le mamello ho seo ba se buang, o tlohe pela bona ka tlhompho

[11] U ntese ho sebetsana le ba nang le lintho tse khotsofatsang tsa lefats`e, ba latolang `nete; u ba nehe nyehlisetso ha nakoana

[12] Re na le mahlahlela a boima le mollo o chesang

[13] Le lijo tse khamang, le kotlo e mahlonoko

[14] Ka Letsatsi le leng lefats’e le lithaba li tla tsukutleha. Le lithaba li tla fetoha qubu ea lehlabathe le qhalanang

[15] Re le romeletse, moromuoa, eo e tla ba paki khahlano le lona, joalo ka ha Re ile Ra romella moromuoa ho Faro

[16] Empa Faro o ile a latola moromuoa, Re ile Ra mo nanola ka kotlo e boima

[17] Joale ha o latola Allah, o tla its’ireletsa joang ka letsatsi leo Bana ba tlang ho ba moriri o moputsoa

[18] Mohlang leholimo le patsohang ka lehare? Ts’episo ea Hae e tla phethahala

[19] Ruri! Sena ke keletso: kahoo, ea ratang, a nke tsela e eang ho Mong`a hae

[20] Mong`a hau U oa tseba hore o ne o ema karolo-bobeli e boraro ea bosiu, kapa karolo ea bosiu, kapa karolo ng`oe ea boraro, le ka ho ts`oana le karolo eaba nang uena. Empa Allah U lekanya bosiu le mots’eare, hore u tsebe ho boloka palo moo. Kahoo u retelehetse ka ho uena ka mohau: bala, likarolo tsa Qur`an ka mokhoa oo le ka etsang tse bonolo. U tsebe ka botlalo hore ho ka `na haeba ba fokolang bophelong hara lona; ba bang ke bahahlauli, ba tsomana le nala ea Allah, ha ba bang ba loana tseleng ea Allah, bala Qur`an ka mokhoa oo le ka khonang; le rapele kamehla, le fane ka nyehelo; le alime Allah, kalimo e ntle. Etsoe botle bohle boo le bo romelang nale sebakeng sa phefomoloho ea lona le tla bo fumana kapela Allah; Eea, bo phahame ka moputso, le batle Lereko la Allah; Allah U Ts’oarela-khafetsa, U Mohau o Khaphatsehang

Ea Aparetsoeng

Surah 74

[1] Oho uena ea ikhatlileng

[2] Tsoha u fane ka temoso

[3] U rorise Mong`a hau

[4] Liaparo tsa hau u li hloekise

[5] U nene tsohle tse mpe

[6] Kapa phanong ea hau, oa labella kuno

[7] Empa u be le mamello, u tsitlalle tseleng ea Mong`a hau

[8] Qetellong, ha Terompeta e lla

[9] Leo e tlaba Letsatsi; Letsatsi la mahlomola

[10] Le seng bonolo ho ba se nang tumelo

[11] Ntese, le eo ke mo hlotseng Ke Inots’i

[12] Eo Ke mo sitsitseng ka melemo e fetang tekano

[13] Le bara ho ba pela hae

[14] Eo ke mo nolofalelitseng bophelo

[15] Empa o meharo hore ke mo ekeletse

[16] Che, ho lits`opiso tsa Rona o khopame

[17] Haufinyane Ke tla mo lahlela Mollong-oa-Lihele

[18] U nahanne, a loha maqiti; –

[19] Sekhobo se be ho eena; kamoo a lohileng maqiti

[20] Ee, sekhobo se be ho eena; kamoo a lohileng maqiti! –

[21] Eaba o oa qamaka

[22] Eaba o busa lifahleho, o oa koata

[23] Eaba o furalla ka boikhants’o

[24] Eaba o re: “Sena ha se letho haese boloi, ba mehleng ea khale

[25] Sena ke lentsoe la motho.”

[26] Hahufinyane! Ke tla mo lahlela Mollong oa Lihele

[27] Ke`ng se tla le hlalosetsa hore na Mollo-oa-Lihele ke eng

[28] Ha o lumelle letho ho phela, le hona ho tlohela feela! –

[29] O nts`ofatsa le ho fetola `mala oa motho

[30] Holima ona hona le ba leshome le metso e robong

[31] Ha ho ope ntle le manyeloi joalo ka ba hlokomeli ba mollo; palo e tsepamisitsoeng e le teko ho mahana-tumelo, – hore batho ba Lengolo ba tle ba fihlele qeto, le ba-kholoang ba eketse ho tiisa tumelong; – ba nang le khoao ba tlohetse Batho- ba-Lengolo le ba-kholoang, le bao pelong tsa bona ho nang le maloetse le mahana-tumelo ba ka`na ba re: “E be Allah U bolelang ka papiso ee?” Allah U khelosa ea ratoang ke Eena, U tataisa ea ratoang ke Eena: ha ho ea ka tsebang ka matla a Mong`a hau, kantle ho Eena. Sena ke molaetsa ho batho

[32] Che, Ruri; ka ngoeli

[33] Le ka bosiu ha bo esa

[34] Le ka meso ha mafube a hlaha

[35] Sena empa e le se seng sa lits’upiso tse kholohali

[36] Temoso ho batho

[37] Ho e mong le e mong oa lona ea khethang tsela e nepahetseng

[38] Phefomoloho ka ngoe e tla paka liketso tsa eona

[39] Kantle le balekane ba letsoho la molema

[40] Lirapeng: ba tla botsana

[41] Ba botse baetsalibe

[42] “Ke eng se le isitseng Mollong-oa-Lihele?”

[43] Ba tla re: “Re bile sieo ho ba neng ba rapela”

[44] “Kapa ba neng ba fepa mafutsana

[45] “Re ne re le mokhatlong oa basomi

[46] “Re ne re latola Letsatsi la Kahlolo

[47] “Ho fihlela lefu le re oela holimo.”

[48] Ha ho na ‘muelli ea tla bang molemo ho bona

[49] Joale molato ke eng ka bona hobane ba ile ba furalla temoso

[50] Joaloka ha eka ke lipokola li ts’ohile

[51] Li baleha tau

[52] Mehlolo, mong le mong o batla ho fuoa maqhepe a manolotsoeng

[53] Che, ha ba na letsoalo la Bo-tlang

[54] Che, Ruri sena ke temoso

[55] Mong le mong ea nang le hona a inkele temoso

[56] Empa ha ho mong ea tla e boloka ka khopolo, kantle ho thato ea Allah: ke Mong`a Botlehali, le tsoarelo

Tsoho

Surah 75

[1] Ka Letsatsi la Tsoho (ea bafu)

[2] Le ka phefomoloho e tletseng boinyatso

[3] Motho ha a hopole hore Re ka kopanya masapo a hae

[4] Che, Re na le matla a ho kopanya menoana ea hae ka tatellano

[5] Empa motho o lakatsa ho etsa bobe ka nako e ka pela hae

[6] O a botsa: “Letsatsi la tsoho le neng?”

[7] Khabareng, mohla pono e fifalang

[8] Ngoeli li fifalang

[9] Letsatsi le ngoeli li kopangoang

[10] Ke letsatsi leo motho a tla re: “Sets`abelo sa ka se ho kae?”

[11] Che! Ha hona sets’abelo

[12] Kapela Mong`a hau, letsatsing leo e tla ba sebaka sa phomolo

[13] Letsatsing le motho o tla bolelloa pale ea hae, le tsohle tse a li siileng morao

[14] Che, motho o tla paka khahlano le eena

[15] Leha a ka leka ho its`ereletsa

[16] U se bule molomo oa hau u potlaketse qeto

[17] Ho ho Rona ho bona pokello ea eona le phatlalatso

[18] Ha Re se Re e phatlalalitse, e latele

[19] Ho ho Rona ho e hlalosa

[20] Che, empa motho a rata bophelo bo fetang hang

[21] A tlohela bophelo Bo-tlang

[22] Letsatsing leo, lifahleho tse ling li tla be li khanya

[23] Li talimme ho Mong`a tsona

[24] Ha tse ling, letsatsing leo, li tla be lihloname, li soabile

[25] Ka khopolo ea hore bomalimabe boo mahlonoko bo tlilo liheloa holima tsona

[26] Ruri, ha phefomoloho e fihla ‘metsong

[27] Hoba le mohoo, “Ke mang moloi?”

[28] O tla qeta hore ke nako ea karohano

[29] Leoto le tla kopang`oa le le leng

[30] Mohlang oo tsela tsohle lit la lebisa ho Mong`a hau

[31] Ha a nyehela letho, le hona ho rapela

[32] Empa o latotse `nete. A furalla

[33] A hoantela ho mehahabo ka boikhants’o bohle

[34] Sekhobo se be ho uena, ee, sekhobo

[35] Hape sekhobo se be ho uena, ee, sekhobo

[36] Motho o hopola hore o tla siuoa a sa laoloe

[37] Ene e se lerotholi la there e thakhintsoeng

[38] Eaba o fetoha lehloele; eaba Allah U `mopa ho mo neha sebopeho

[39] A `mopa ka bobeli, monna le mosali

[40] Ha se Eena A nang le matla a ho phelisa bafu

Nako

Surah 76

[1] Ho ne ho se motsotso oo motho e ne e se letho le ka hopoloang

[2] Ruri! Re hlotse motho ka lerotholi la tere, e le ho ‘meha tekong: Ra mo neha kutlo le pono

[3] Ra mo bonts’a tsela; hore a lebohe kapa a hloke teboho

[4] Mahana-tumelo Re a hlophiselitse liketane, lijoko le Mollo

[5] Ba lokileng, ba tla noella mopotjoaneng, o kopantsoeng le kafur

[6] Selibeng seo makhabunyane a Allah a noang ho sona, se ts’akhunyang ka matlopotlopo

[7] Ba phethisa likano, ba ts`aba letsatsi leo bobe ba lona bo tlang ho jaleha ka bophara

[8] Ba fepa mafutsana, likhutsana, le ba ts’oaruoa, leratong la Allah

[9] [ba re] “Re le fepa ka lereko la Allah Ea Inots`i: Ha re`a lebella moputso kapa tsona liteboho ho lona

[10] Re ts’aba letsatsi leo ka lona khalefo ea Mong`a rona e tla beng e tlokoma.”

[11] Empa Allah u tla ba lopolla bomalimabeng ba letsatsi leo, A ba khants`etse ka botle le nyakallo

[12] Hobane ba ne ba ena le mamello ba tsitlalletse, u tla ba putsa ka serapa le silika

[13] Ba tla phomola Literoneng tse phahameng, ba ke ke ba bona mocheso oa letsatsi kapa serame se hlabang

[14] Meriti e tlaba haufi le bona, liririella tsa litholoana li tla atamela pela bona ka ho ithoba

[15] Har’a bona ho tla feta lijana tsa silivera le mepotjoana ea krystal

[16] Tse khanyang sa khalase, tse entsoeng ka silivera: li tla lekanya litabatabelo tsa bona

[17] Ba tla nehoa mopotjoana o kopantsoeng le zanjabil

[18] Seliba se bitsoang Salsabil

[19] Ba tla feptjoa ke morolo o mosesane o sa tsofaleng; ha u ba bona, u tla nahana hore ke liperela tse qhalaneng

[20] E tla re ha u sheba, ke moo o tlang, ho bona khotso le sebaka se botlehali

[21] Ba tla be ba apere liaparo tse tala tsa silika le brocade, ba roetse lipetja tsa silivera; Mong`a bona U ba neha veine e hloekileng e halalelang ho noa

[22] “Ruri! Sena ke moputso oa lona, le ts`ebetso ea lona e amohetsoe.”

[23] Ke rona ba rometseng Qur`an ho lona ka mekhahleho

[24] Kahoo ebang le mamello ka tsitlallelo ho taelo ea Mong`a lona le se mamele baetsalibe le banyefoli har`a bona

[25] Tlotlisa lebitso la Mong`a hau hoseng le mantsiboea

[26] Le karolong ea bosiu, Mo khumamele, u Mo tlotlise bosiu bohle

[27] Haele bana, ba rata bophelo ba lepotla-potla, ba itebatsa letsatsi le mahlonoko

[28] Ke Rona ba ba hlotseng, Ra matlafatsa linoka tsa bona; empa, ha Re rata, Re ka ba fapanyetsana ka ba bang ba ts’oanang le bona

[29] Sena ke temoso: ea ratang, a inkele tsela e eang ho Mong`a hae

[30] Empa ha u ke ke, kantle ho thato ea Allah: hobane Allah U na le tsebo e phahametseng, U Seli

[31] U tla amohela mohaung oa Hae ea ratoang ke eena; empa baetsalibe, – U ba hlophiselitse kahlolo e mahlonoko

Baromuoa

Surah 77

[1] Ka liphefo tse romelloang ka tatellano

[2] Tse foqohang ka matla

[3] Lijala hole le haufi

[4] Li arole se seng ho se seng

[5] Li phatlalatse molaetsa hoohle

[6] Oa topollo kapa oa temoso

[7] Ruri! Seo le se ts’episitsoeng se tla phethahala

[8] Mohla linaleli li fifalang

[9] Leholimo le petsoha ka lehare

[10] Lithaba li qhalahangoa se ka lerole

[11] Le baromuoa ba khobokang’oang pallong ea bona –

[12] Ke letsatsi lefe la tsee tse boleloang

[13] Ke tsa Letsatsi la Tlhopho

[14] Ke`ng se tla le hlalosetsa hore na letsatsi la tharollo ke eng! –

[15] Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo

[16] Ha Re ea ka Ra ripitlila meloko ea mathomo

[17] Le ka e latelang ho moo Re tla etsa joalo

[18] Re sebetsa joalo ka baetsalibe

[19] Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo

[20] Ha Re’a u hlola ka lero le eisehang

[21] Ra le beha sebakeng sa phomolo ka tsepamo

[22] Ka nako e baliloeng

[23] Hobane Re ea hlopha; Re hlopha ka pabatseho

[24] Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo

[25] Ha Re ea hlola lefats’e ho ba tulo

[26] Ho tse phelang le tse shoeleng

[27] Ra hlola lithaba ho tsepama, tse phahameng; Ra le sitsa ka metsi a hlabosang

[28] Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo

[29] [ho tla thoe] “Tlohang mona ho seo le neng se latola ka ho se shanofatsa

[30] “E eang moriting o menahaneng ha raro

[31] “Oo ho senang ho phola, o se nang thuso lebataneng la mocheso

[32] “Ruri! O tlola mollo e le qhobosheane

[33] “Joaloka ha eka ke likamele tse ts’ehla.”

[34] Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo

[35] Ke letsatsi leo ho senang ea tla beng a tseba ho buoa

[36] Kapa ho lumelloa ho ipuella

[37] Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo

[38] Leo e tla be e le letsatsi la tlhopho! Re tla le khobokanya ‘moho le meloko e tlileng pele ho lona

[39] Joale, haeba le na le leqheka, nqhekanyetseng

[40] Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo

[41] Haele ba lokileng, ba tlaba tlasa moriti le pela liliba

[42] Le litholoana, – sohle seo ba se labalabelang

[43] “E jang le noe le khotsofale: seo le se sebelelitseng.”

[44] Ke kamoo Re putsang ba etsi ba tse ntle kateng

[45] Sekhobo se be ho balatoli ba ’nete letsatsing leo

[46] Ejang le nyakalle ha nakoana. Ruri! Leba etsalibe

[47] Sekhobo se be ho balatoli ba ‘nete letsatsing leo

[48] Ha ho thoe ho bona: “Khumamang!” Ha ba etse joalo

[49] Sekhobo se be ho balatoli ba nnete letsatsing leo

[50] Ke molaetsa ofe ka morao ho moo, ba tlang ho o kholoa

Litaba

Surah 78

[1] Ba hanyetsana ka eng

[2] Ka litaba tse molemo

[3] Tseo ba ke keng ba lumellana ka tsona

[4] Ruri, haufi ba tla ruoa tsebo

[5] Ruri! Ruri haufi ba tla ruoa tsebo

[6] Ha Re ea pharalatsa lefats’e

[7] Ra tsepamisa lithaba

[8] Re le hlotse ka bobeli

[9] Ra hlophisa boroko ho ba phomolo ea lona

[10] Ra hlophisa bosiu ho ba sekhurumetso

[11] Le mots’ehare hore e be molemong oa lona

[12] Ra aha maholimo a supileng kaholim’a lona

[13] Ra beha teng khanya e babatsehang

[14] Re ts’ollella lipula tsa melupe ho tsoa marung

[15] Re melisang lijothollo le meroho

[16] Le lirapa tsa makhasi a lipapetloa

[17] Ruri! Letsatsi la tharollo ke nako ea pallo

[18] Letsatsi leo ka lona Terompeta e tla letsoa; le tla phalla ka likete-kete

[19] Le leholimo le tla phetloa joalo ka ha e ka ho na le likhoro

[20] Lithaba li tla nyamela joalo ka mohuli

[21] Ruri! Lihele ke sebaka sa khaoletsi

[22] Lehae la baetsalibe

[23] Mooba tlang ho phela teng mengoaha

[24] Moo ba ke keng ba latsoa letho le pholileng, kapa seno

[25] Kantle ho mokelikeli o belang, mokelikeli o mots’o, o nkhang, o serame se qhoalisang

[26] Ele moputso o ba ts`oanetseng

[27] Hobane! ba ne ba sa ts`abe qoso

[28] Empa ba latola lits’upiso tsa rona ba re ke leshano

[29] Tsohle li ngoliloe bukeng ea tlaleho

[30] Kahoo, latsoang litholoana tsa mesebetsi ea lona; ha ho kekeletso eo le tlang ho e nehoa, ntle le kahlolo.”

[31] Ruri! Ho ba lokileng ho teng phethiso ea litabatabelo tsa bona –

[32] Lirapa tsa merara

[33] Le baroetsana ba es’ong ho amane le banna

[34] Le mepotjoana e khaphatsehang

[35] Kamoo ba ke keng ba utloa lipuo tsa mafeela le leshano; –

[36] Moputso ho tsoa ho Mong`a hau, mpho e lekaneng, –

[37] Eena Mong`a maholimo le lefats’e, le tsohle tse lipakeng, Ea Tletseng Lereko: ha ho ope ea matla ho phehisana le Eena

[38] Letsatsi leo Khabariele le manyeloi a mang ba tlang ho ema ka mahlofo, ho se ea buang kantle ho thato ea Allah, ea tletseng lereko U tla bua se nepahetseng

[39] Letsatsing leo ‘nete e tla ba pepeneneng: kahoo, ea ratang, molese a retelehele ho Mong`a hae

[40] Ruri, Re le lemositse ka kotlo e haufinyane, letsatsi leo ka lona motho a tlang ho bona seo matsoho a hae a se rometseng nale; mohana-tumelo o tla re, “Sekhobo se be honna! Hoja ke ne ke lerole!” Ka lebitso la Allah, Ea Lereko, Mong`a hao

Ba Hulelang

Surah 79

[1] Ka manyeloi a qotsulang ka soto

[2] Le manyeloi a qotsulang ka makhethe

[3] Le manyeloi a potlakelang ho ea thomong

[4] Joale ha e ka a peisong

[5] A laolang liketsahalo

[6] Mohla letsatsi leo Terompeta e letsoang lekhetlo la pele

[7] E latela ka phethako

[8] Lipelo li tla be li khathatseile mohlang oo

[9] Mahlo a talimile fats`e

[10] Ba re: “Eng! Re tla busetsoa maemong a rona a mathomo

[11] Eng! – re ne re le masapo a bolileng?”

[12] Ba re: “Ruri! Seo e tla be el e poelo ea tahlehelo.”

[13] Ruri! E tla ba ka molumo o le mong feela

[14] Ba tla be ba tsohile

[15] Na pale ea Moshe ha es’o finyelle ho uena

[16] Bonang! Mong`a hau U kile A memetsa ho eena phuleng e halalelang ea Tuwa

[17] “Tsamaea o ee ho Faro –hobane Ruri! O tlotse meeli eohle –

[18] U re ho eena: na u lakatsa ho hloekisoa sebeng

[19] Hore ke u tataisetse ho Mong`a hau, u tle u mo ts’abe?”

[20] Eaba Moshe o mo bonts’a sesupo se seholohali

[21] Empa o ile a latola a nyefola

[22] Ho feta mona a furalla, a tsitlallela nyefolong

[23] Eaba o khobokanya sechaba sa hae, a hooa

[24] A re: “ke Mong`a lona, ea phahameng ka ho fetisisang.”

[25] Allah U ile a mo otla le hona ho mo etsa mohlala bophelong bona le ho Bo-tlang

[26] Ruri! Sena ke temoso ho mang le mang ea ts’abang Allah

[27] Eng! Na tlholeho ea lona e boima kapa tlholeho e boima ke’a leholimo? Le hlotsoeng ke Allah

[28] Ebile o phahamisitse leholimo holimo-limo, a le neha taolo le phetheho

[29] Bosiu ba lona A le neha lefifi, ho bo khabisa A bo fa khanya

[30] Le lefats`e A le pharalatsa

[31] A hlahisa metsi le makhulo holim’a lona

[32] Le ho tsepamisa lithaba

[33] Molemong oa lona le mehlape ea lona

[34] Kahoo mohla ho tlang sekhobo se seholohali

[35] Letsatsing leo motho a tlang ho hopola tsohle tseo a li sebelelitseng

[36] Le mollo o tla behoa pontseng ea bohle

[37] Joale, ba ileng ba tlola meeli eohle

[38] Ba ikhethela bophelo ba lefats’e lena

[39] Lehae la bona e tlabe e le Lihele

[40] Hoba ileng ba bonts`a ts’abo ea ho ema kapel’a Mong`a bona mohla kahlolo, ba qobisa phefomoloho ea bona litakatsong tsa mafeela

[41] Lehae la bona e tla ba Serapa (paradeisi)

[42] Ba u botsa ka motsotso oo, – “Na nako ea teng e behiloeng e neng?”

[43] Phatlalatso ea nako eo e o ama joang

[44] Ke Mong`a hau Ea tsebang motsotso le nako e behiloeng

[45] U mpa u le mohlokomelisi feela hoba nang le ts’abo

[46] Mohlang ba tlang ho e bona, e tla ka hoja ba phetse bosiu bo le bong, kapa nako ea hoseng ho le hong

O ile a Sosobana

Surah 80

[1] A busa lifahleho, a furalla

[2] Hobane ho ile ha tla monna oa sefofu ho eena

[3] Empa ke`ng se neng se ka u bolella hore mohlaope a ka hola

[4] Kapa ho amohela temoso, le thuto ea mo atlehisa

[5] Ha ele ea hopolang hore eena o ea ikhona

[6] Eena o mo thehela tsebe

[7] Le ha e le hore ha se molato oa hao ha a sa hole

[8] Empa haele ea tlileng ho uena ka boitelo

[9] Le ka ts’abo

[10] Ha u oa ka oa mo natsa

[11] Ruri sena ke temoso

[12] Kahoo, lesa ea ratang ho e amohela, a e boloke khopolong

[13] Kahar’a mangolo e ea hlompheha (al-lauh al-mahfuz)

[14] E phahame e hloekile e ea halalela

[15] Ka matsoho a bangoli

[16] Ba hlomphehang ba hloekileng, ba toka

[17] Sekhobo se be ho motho, ke eng se entseng hore a latole Allah

[18] O hlotsoe ka eng

[19] Ka lerotholi la there: U mo hlotse, A mo matlafatsa ka hohle

[20] Eaba U mo nolofaletsa tsela

[21] A mo hlophela lefu, le ho patoa lebitleng

[22] Ka thato Ea Hae, U tla mo tsosa

[23] Ha a phethisa seo Allah A mo laetseng sona

[24] Motho ha a ke a lemohe lijo tsa hae

[25] Kamoo Re nesang pula kateng

[26] Re petsolang lefats’e

[27] Re melisa lijo-thollo holim’a lona

[28] Morara, le lijo tse ahang ‘mele

[29] Mehloare le lipalema

[30] Le lirapa tse hlehleaneng ka lifate

[31] Le litholoana le lesere

[32] Ele nala molemong oa lona le mehlape

[33] Khabareng e tlare ho utloahala molumo o tabolang meropa ea tsebe

[34] Letsatsing leo motho a tla baleha ngoana’a bo

[35] ‘Mae le ntata’e

[36] Mosali le bana ba hae

[37] E mong le e mong letsatsing leo, o tla be a na le mats`enyeho a lekaneng ho tsotella e mong

[38] Letsatsing leo, lifahleho tse ling li tla ela

[39] Li ts’eha, li nyakalletse

[40] Lifahleho tse ling tsona letsatsing leo li tla pulufala

[41] Li apareloe ke lefifi

[42] Bao e tlabe e le balatoli ba Allah, baetsi ba tse mpe

Ho Liha

Surah 81

[1] Mohla letsatsi le timelang

[2] Linaleli li oelang, li fifala

[3] Lithaba li nyamela

[4] Li kamele tse ts`ehali tse emereng likhoeli li le leshome li lahluoe feela

[5] Liphoofolo tse hlaha li bokelloang ‘moho

[6] Mohla maoatle a belang

[7] Mephefomoloho e kopang’oang

[8] Mohla lesea la ngoanana le tsetetsoeng le phela, le hlongoang lipotso –

[9] Na u bolaetsoe sebe sefe

[10] Maqephe a manolloang

[11] Leholimo le arohang ka lehare

[12] Khanare ea mollo e qhomeletsoa

[13] Serapa se atametsoang haufinyane

[14] Phefomoloho ka ng`oe e tla tseba seo e se sebelelitseng

[15] Ruri ke bitsa ho linaleli ho paka

[16] Topa, kapa ipate

[17] Le ka bosiu ha bo esa

[18] Le ka meso ha e tebela lefifi

[19] Ruri! Lena ke lentsoe la morumuoa ea hlomphehang

[20] Ea sitsitsoeng ka matla, le maemo kapel’a Mong`a Terone

[21] Ea hlonephehang, ea ts’epahalang

[22] Molekane oa lona ha se lehlanya

[23] Ka ntle ho qeaqeo u ile a `monela sebakana

[24] Ha a pate tsebo ea tse sa bonoeng (li-jinn) ka soele

[25] Lena ha se lentsoe la Satane ea rohakehileng

[26] Joale, le ea kae

[27] Ruri ona ke molaetsa ho mafats`e ohle

[28] Molemong oa e mong le e mong oa lona ea ratang ho tsamaea ka nepo

[29] Empa ha ho kamoo le ka ratang kantle ho thato ea Allah, – Allah `Maballi oa mafats`e. Ka lebitso la alla, Ea Lereko, Mong`a hao

Ho Petsoha

Surah 82

[1] Mohla leholimo le petsohang ka lehare

[2] Linaleli li hasanang

[3] Maoatle a tlolang meeli

[4] Mabitla a nyebekoloha

[5] Phefomoloho ka ng`oe e tla tseba seo e se rometseng nale le seo e se patileng

[6] Oho motho! Ke eng se o hohetseng ho tloha ho Mong`a hau Ea nala e Khaphatsehang

[7] Ea U hlolileng, a U neha sebopeo A o fa lineo ka tekanyo

[8] Ka tsela e mokhahlang, A u bopa

[9] Empa o latola tokelo le kahlolo

[10] Ruri! Ho tengba lebeli holim’a lona

[11] Ba mosa ba hlomphehang,-ba ngolang

[12] Ba tseba tsohle tseo le li etsang

[13] Haele bohle ba lokileng, ba tla ba nyakallong

[14] Baetsalibe, – Ba tla ba kahar’a Mollo

[15] Oo ba tla kena mohla Letsatsi la Kahlolo

[16] Ba ke ke ba o qoba

[17] Ke`ng se tla u hlalosetsa hore na Letsatsi la Kahlolo ke eng

[18] Hape, ke`ng se tla u hlalosetsa hore na Letsatsi la Kahlolo ke eng

[19] Ke letsatsi leo ka lona ho seng phefomoloho e tlang hoba le matla a ho thusa e ng`oe. Taelo letsatsing leo ke ea Allah

Ho Thetsa

Surah 83

[1] Sekhobo se be holim’a baqhekanyetsi

[2] Bao e reng ha ba amohela tekanyo ho batho, ba e batla e felletse

[3] Empa ha ba lokela ho bekha ka tekanyo kapa ho bekhela batho; ba fana ka boima bo tlase

[4] Ha ba nahane hore ba tla biletsoa boikarabelong

[5] Mohla Letsatsi la Tonanahali

[6] Letsatsi leo batho ba tlang ho ema kapel’a Mong`a mafats’e

[7] Che! Ruri tlaleho ea baetsalibe e kahar’a sijjin –

[8] Keng se tla o hlalosetsa hore sijjin ke eng? –

[9] Tlaleho e ngoliloeng

[10] Sekhobo letsatsi leo se be ho ba latolang

[11] Ba latolang Letsatsi la Kahlolo

[12] Leo ho seng ea ka le latolang ntle le motloli oa molao, moetsalibe

[13] Ha a pheteloa Lits’enolo tsa Rona, a re: “Lits’omo tsa mehleng ea khale.”

[14] Che! Empa lipelong tsa bona ke mabali a tseo ba li etsang

[15] Ruri! Letsatsing leo ba tla siroa ho bona khanya e tsoang ho Mong`a bona

[16] Khabareng ba tla kena mollong oa Lihele

[17] Ho tla thoe ho bona: “Sena ke nnete eo le e latotseng le re ke leshano!”

[18] Ruri tlaleho ea ba lokileng e bolokiloe ‘iliyin –

[19] Keng se tla le hlalosetsa hore ‘iliyin ke eng

[20] Tlaleho e ngoliloeng

[21] E pakelang ba haufinyane le Allah

[22] Ruri ba lokileng ba tla ba nyakallong (paradeising)

[23] Literoneng, ba tla talima lintho tsohle

[24] U tla ba tseba ka khanya e phatsimang lifahlehong

[25] Lenyora la bona le tla kholisoa ka seno sa morara, o bitieletsoeng

[26] Sekoahelo sa teng e tla ba “musk”: molemong oa sena ba lakatsang tlhonolofatso ha ba hahabelle teng

[27] Ba tla e fuoa le motsoako oa tasnim

[28] Seliba seo ho noang ba atametseng haufi le Allah

[29] Baetsalibe ba ne ba tloaetse ho soma ba-kholoang

[30] Ha ba ne ba feta pela bona ba ne ba panyetsana

[31] Nakong eo ba boelang ho mehahabo bona, ba khutla ba soma

[32] Ha ba ba bona, ebe ba re: “Bonang bana ke ba khelohileng Ruri.”

[33] Empa ha ba ea romelloa ho ba balebeli ba bona

[34] Letsatsi leo ba-kholoang ba tla ts’eha mahana-tumelo

[35] Literoneng, ba tla talima lintho tsohle

[36] Na mahana-tumelo a ke keng a lefshoa ho latela liketso tseo a neng a li etsa

Ho Phatloha

Surah 84

[1] Mohla leholimo le qhashohang ka lehare

[2] Le thea-tsebe ho Mong`a lona. Le tlamehile

[3] Ha lefats’e le batalatsoa

[4] Le hlohlolla se ka hara lona, le sala le hlobotse

[5] Le thea-tsebe ho Mong`a lona, le tlamehile

[6] Oho motho! Ruri o khasetsa ho Mong`a hau, u khasa ka thata, – empa u tla kopana le Eena

[7] Haele ea tla fuoa tlaleho ea hae ka letsohong la molema

[8] U tla be a tlaleha bobe

[9] U tla retellehela ho ba habo, a thabile

[10] Empa ea fuoang tlaleho ea hae ka morao

[11] O tla llela timelo

[12] O tla kena lelakabeng la mollo

[13] Ruri! O phetse le beng ka eena, ka nyakallo

[14] Ruri! O ne a nahana hore ha a na khutlela ho Rona

[15] Che, che! Mong`a hae haesale a mo shalimme

[16] Kahoo ke hlapanya ka mahlaseli a letsatsi ha le hlahlamela litaba

[17] Bosiu le tseo bo-ikapesitseng ka tsona

[18] Le ka ngoeli, e tolokile

[19] Le tla tsamaea sebaka le sebaka

[20] Molato ke’ng ka bona haele moo ba hloka tumelo

[21] Ha ba balloa Qur`an, ba sa khumamele Allah

[22] Empa mahana-tumelo a latola

[23] Empa Allah u na le tsebo e phahametseng ka tseoba li patang

[24] Kahoo u ba tsebise ka kotlo e bohloko

[25] Kantle ho ba-kholoang, ba liketso tse lokileng; moputso oa bona oo ke keng oa thisa

Lihlopha tsa Linaleli

Surah 85

[1] Ka leholimo le linaleli tse jeroeng ke lona

[2] Ka le Letsatsi le Ts’episitsoeng

[3] Ka ea pakang, le se pakoang

[4] Ho malimabe baepi ba mokoti

[5] Mollo o beseletsoang

[6] Bona! ba ne ba tjamme pel’a ona

[7] Ke lipaki ho tseo ba neng ba li etsa khahlanong le ba-kholoang

[8] Ba ba hlokofalitse kantle ho lebaka haese feela hore ba kholoa ho Allah, Ea Matla Oohle, U ts’oanetsoe ke Lithoriso tsohle

[9] Eo `Muso oa maholimo e leng oa Hae le lefats`e! Allah ke Paki ea lintho tsohle

[10] Haele ba hobosang ba-kholoang, banna le basali, ba sa retellehele ka boinyatso(ho Allah), ba tla fumana kahlolo ea Lihele: ba tla otloa ka mollo o tukang

[11] Ho ba-kholoang, ba etsang ketso tse lokileng, e tlaba lirapa tseo linoka li phallang tlasa tsona. Seo ke pholoho e babatsehang

[12] Ruri letsoho la Mong`a hau le matla

[13] Ke Eena Ea hlolang ho tloha mathomong, A boele A phete

[14] U ts’oarela ka mehla, U Tletse Lerato-le-Mohau

[15] Mong`a Terone e Tlotlehang

[16] Moetsi oa tsohle tseo A li rerang

[17] Na pale ea mabotho e fihlile ho uena

[18] A Faro le a Ba – Thamud

[19] Empa mahana-tumelo a lula a latola

[20] Empa Allah U ba kopetse ka morao

[21] Che! Sena ke Qur`an e tlotlehang

[22] E ngoliloeng letlapeng e babaletsoeng

Naledi ea Meso

Surah 86

[1] Ka leholimo le moeti oa bosiu

[2] Keng se tla le hlalosetsa hore na moeti oa bosiu keng

[3] Ke Naleli, e khanyang

[4] Ha ho phefomoloho e hlokang molebeli

[5] Motho ha a nahane seo a hlotsoeng ka sona

[6] O hlotsoe ka lerotholi la there –

[7] Le kollang lipakeng tsa mahalapa le likhopo

[8] Ruri Allah U na le matla a ho mo phelisa

[9] Letsatsi leo liphiri li tlang ho utolloa

[10] Motho ha a na ba le matla kapa mothusi

[11] Ka leholimo le fanang ka pula

[12] Le ka lefats’e le petsohang

[13] Ruri! Lena ke lentsoe le arolang botle le bobe

[14] Ha se ntho ea papali

[15] Haele bona, ba etsa morero

[16] Le ‘Na ke loha leano

[17] Kahoo fana ka nyehlisetso ho mahana-tumelo; u ba fe phomolo ha nakoana

Ea Holimo-limo

Surah 87

[1] Tlotlisa lebitso la Mohlokomeli-Mong`a hau, Ea Okametseng Tsohle

[2] Ea hlotseng, Ea faneng ka taelo

[3] Ea hlomathitseng melao, Ea fanang ka tataiso

[4] Ea hlahisang lekhulo

[5] Hamorao le fetohe lehlare

[6] Ka mekhahlelo Re u ruta ho bala, hore u se ke oa lebala

[7] Kantle ho thato ea Allah, hoba U tseba tse pepeneneng le tse sephiring

[8] Re tla nolofatsa tsela e u lebisang tseleng e otlolohileng

[9] Ka hona fana ka keletso, ha keletso e le molemo

[10] Keletso e tla amoheloa ke ba nang le ts’abo

[11] Empa e tla qobjoa ke ba malimabe

[12] Ba tlang ho kena Khanareng ea Mollo

[13] Oo kahara ona ba sa tlong ho shoa kapa ho phela

[14] Ba tla atleha ke ba itlhoekisang

[15] Ba rorisa lebitso la Mohlokomeli-Mong`a bona, ka thapelo

[16] Che, le khetha bophelo ba lefats’e lena

[17] Empa bophelo Bo-tlang bo molemo, ha bo fele

[18] Ka sena se har’a mangolo a mathomo, –

[19] Mangolo a Abrahama le Moshe

E Tsitsipanyang

Surah 88

[1] Na nalane ea timelo e ile ea u fihlela

[2] Lifahleho tse ling li tla phoqeha mohla tsatsi leo

[3] Li be mats’oenyehong, li tepelle, –

[4] Li kene lelakabeng la Mollo

[5] Khabareng ba fuoe metsi, a belang ho noa, ho tsoa Selibeng se belang

[6] Ha ba na ho fumana lijo, haese litholoana tse babang

[7] Tse sa tlong ho aha ‘mele, kapa ho khorisa

[8] Lifahleho tse ling li tla nyakalla mohla oo

[9] Ke thabo ho latela ts’ebetso ea bona

[10] Serapeng se phahameng

[11] Moo ba ke keng ba utloa lipuo tse hlohlonts’ang litsebe

[12] Moo Seliba se kopotsang

[13] Moo Li-Terone tse phahameng li leng teng

[14] Mepotjoana e behiloeng

[15] Mesangoana e behiloeng ka mekhahlelo

[16] Le meseme e nonofetseng

[17] Ha ba bone kamoo likamele li hlotsoeng

[18] Kamoo leholimo le phahamisitsoeng

[19] Le kamoo lithaba li tsepamisitsoeng

[20] Le kamoo lefats’e le aliloeng

[21] Kahoo ba hlomekomelise, hobane u mohlokomelisi

[22] Ha u molebeli oa litaba tsa bona

[23] Empa ha mong a furalla, a latola Allah

[24] Allah u tla mo ahlola ka kotlo e boima

[25] Poelo ea bona e ho Rona

[26] Ho ho Rona, ho ba biletsa maikarabellong

Meso

Surah 89

[1] Ka meso

[2] Le ka masiu a leshome

[3] Le ka libopuoa tsohle tsa Allah

[4] Le ka bosiu ha bo esa

[5] Holim’a lits’upiso tsena ho teng bopaki ho ba utloisisang

[6] Na ha u elelloe kamoo Mong`a hau A ileng A sebetsa kateng ka morabe oa Ba-Ad

[7] Ba motse oa Iram, ka lits’ia tse phahameng

[8] Bao ho es’ong ho be le tlholeho e ts’oanang le’a bona lefats’eng

[9] Joaloka morabe oa Ba – Thamude o ileng oa betla majoe kahar’a phula

[10] Le Faro, Morena oa Lipalo

[11] Bao kaofela ha bona ebileng batloli ba meeli eohle holim’a lefats’e

[12] Le hona ho fehla lehloeo kahar’a tsona

[13] Mong`a hau U ile A ts’ollela sekhobo sa kahlolo ea Hae holim’a bona

[14] Ruri! Ha ho se patehileng ho Mong`a hau

[15] Joaloka motho eo ereng ha Mong`a hae A mo leka ka ho mo neha hlompho, A bile A ba lereko malebana le eena, e be o re: “Mong`a ka U mphile hlompho.”

[16] Empa hang ha A mo neha teko ka ho khutsufatsa mekhoa ea bophelo ba hae, o re: “Mong`a ka U ntlontlolotse.”

[17] Che! Empa lona le hloloa ho hauhela khutsana

[18] Ha le khothaletsane phepo ea mafutsana

[19] Le ja mafa lekemekeme ka bonyollo bohle

[20] Le bile le rata leruo ka lerato le hlollang

[21] Che! mohla lefats’e le fetohang lehlohlojane le thumisehileng

[22] Mong`a hau A theoha le manyeloi a entse mekhahlelo ka mekhahlelo

[23] Le lihele li atametsoa haufinyane; Ruri! Ke mohla motho a tlang ho hopola, empa mohopolo oo o tla mo thusa kang

[24] Motho o tla re: “Ao! Hoja ke mpile ka etsa letsete molemong oa bophelo ba ka!”

[25] Ruri! O tla ahloloa ka kahlolo es’o kang e bonoa mohla letsatsi leo

[26] Ebile ha ho ea tlamang kamoo A tlamang kateng

[27] Ho tla thoe hoba lokileng: “Oho lona! Meea ea lona ha e ke e phomole ka khotso

[28] Khutlelang ho Mong`a lona le khotsofetse monyakeng o molemo oa Hae

[29] Kenang kahar’a makhabunyane a Ka

[30] Kahar’a serapa sa Ka!”

Motse

Surah 90

[1] Ke hlapanya ka motse-moholo ona (Makka) –

[2] Le uena u molokolohi oa motse-moholo ona –

[3] U motsoali le ngoana

[4] Ruri! Re hlotse motho hore a sebetse a fufuleloe

[5] Ha a nahane hore ha ho ope ea nang le matla holima hae

[6] Mohlomong a ka re: “Ke harintse leruo le leholohali!”

[7] Ha a nahane hore ha ho ope ea ‘monang

[8] Na ha se Rona ba mo sitsitseng ka mahlo a mabeli

[9] Le leleme le lipounama tse peli

[10] Le ho `montsa litsela tse peli

[11] Empa ha a potlakela tseleng e moepa –

[12] Ke`ng se tla le hlakisetsa na tsela e moepa ke`ng? –

[13] Ho neha lekhabunyane bolokolohi

[14] Kapa ho fana ka lijo matsatsing a tlala

[15] Ho khutsana ea leloko la hau

[16] Kapa ho mofutsana ea tlaleng ea boja-likata

[17] Ka hona a tlaba har’a ba-kholoang, a khothaletsa ho ba le mamello le ho khothaletsa ho ba mosa le kutloelo bohloko

[18] Bao ke balekane ba tla ba letsohong la molema

[19] Empa haele ba latolang Lits’upo tsa Rona, ke balekane ba letsoho la ntsohohlo

[20] Mollo e tla ba sekhele sa bona

Letsatsi

Surah 91

[1] Ka letsatsi le khanya ea lona

[2] Ka ngoeli e le latelang

[3] Ka lets`eare ha le bontsa mahlaseli

[4] Ka bosiu ha bo le koahela

[5] Ka motheo oa leholimo le sebopeho sa lona

[6] Ka lefats’e le bophar`a ba lona

[7] Ka phefumoloho le tekanyetso le taelo eo e filoeng

[8] Le tataiso khethollong ho se setle le se sebe

[9] Ruri! Ea atlehang ke ea itlhoekisang

[10] Ea sa atleheng ke ea its’ilafatsang

[11] Ba-Thamude ba ile ba koeneha ka mekhoa ea bona e nyonts`ang

[12] Bonang, monna oa moetsalibe ka ho fitisisa har’a bona o ile a khethoa

[13] Eaba moromuoa oa Allah o re ho bona: “Ke kamele ea Allah, kahoo e leseng e noe!”

[14] Empa ba ile ba mo nyelisa ba e bolaea, eaba Allah U oa ba ripitla ho latela sebe sa bona le hona ho siea malapa a bona ele masupi

[15] Ha A na ts’abo ea litlamorao tsa teng

Bosiu

Surah 92

[1] Ha ho shoalana

[2] Le ha letsatsi le chaba

[3] Le ka Ea hlotseng monna le mosali

[4] Ruri! Liketso tsa hau li fapane

[5] Haele ea fanang le ho ts`aba Allah

[6] Le ho lumela ho se lokileng

[7] Re tla ba nolofaletsa tsela e lebisang boemong bo nepahetseng

[8] Empa ea khoaelang le ho inahana e le maikhona

[9] A latola se lokileng

[10] Re tla nolofatsa tsela e mo lebisang bothateng

[11] A maruo a hae a ka mo pholosa nakong eo a timelang

[12] Ruri! Ts’ebetso ea Rona ke ho fana ka tataiso

[13] Hobane Ruri! Qalo le qetello kea Rona

[14] Ke le lemositse ka lelakabe la mollo

[15] Ha ho ea tla cha teng ntle feela le ea qoetseng sebeng

[16] Ba latotseng le hona ho kheloha

[17] Haele ba lokileng ba tla o qoba

[18] Ba fanang ka leruo la bona hore ba tle ba hloeke moeeng

[19] Likelellong ba sa lebella molemo oa moputso ho tla ho bona

[20] Empa e le hona ho tsomana le sefahleho sa Mong`a bona Ea Phahameng ka ho fetisisa

[21] Haufinyana ba tla fumana khotsofalo

Lihora tsa Hoseng

Surah 93

[1] Ka khalalelo ea khanya ea mats`a

[2] Le ka bosiu nakong eo bo es’ong ho se ts’ekhe

[3] Hore Mong`a hau ha A es’o u lahle kherehloa le hona ho u hloea

[4] Bophelo Bo-tlang bo tla ba molemo ho uena ho feta ba lefats’e

[5] Mong`a hau U tla u neha tsohle tse molemo hore u tle u khotsofale

[6] Na ha se eena ea u fumaneng u le khutsana, a u lopolla

[7] Na ha se Eena Ea u fumaneng u ntse u phaqola, A u tataisa

[8] Na ha se Eena Ea u fumaneng u hloka letho, A u ruisa

[9] Ka lebaka leo, u se hatelle khutsana

[10] Le hona ho leleka mokopi

[11] U phatlalatse nala ea Mong`a hau

Tlhompho

Surah 94

[1] Na ha se Rona ba atollotseng sefuba sa hau

[2] Ra u imulla moroalo

[3] O neng o u roba mokokotlo

[4] Le hona ho tumisa boemo ba hau

[5] Ruri! Ho teng topollo mathateng ohle

[6] Ruri! Mathateng oohle ho teng topollo

[7] Kahoo, ha u lopolotsoe, tsitlellela ho sebetsa ka thata

[8] U retellehele ho Mong`a hau

Feige

Surah 95

[1] Ka Feikha le Olive

[2] Le ka Thaba ea Sinai

[3] Le ka motse o ts’ireletsong

[4] Ruri! Re hlotse motho ka tlholeho e babatsehang

[5] Eaba Re mo kokobetsa ka boemo bo tlase-tlase

[6] Ntle le feela ea kholoang a etsa liketso tse lokileng, bao moputso oa bona o ke ke oa sitoa

[7] Ke eng joale se ka o emang pele malebana le kahlolo

[8] Na ha se Allah Moahloli Ea Seli

Sehlōhō

Surah 96

[1] Bala! Ka lebitso la Mong`a hau Ea hlotseng

[2] Ea hlotseng motho ka lehloele la mali

[3] Bala! Mong`a hau U lereko le fetisisang

[4] Ea rutang ho ngola ka pene

[5] O rutile motho seo a sa se tsebeng

[6] Che! Empa motho o tlola meeli

[7] Ka ho nahana hore ke maikhona

[8] Ruri! Poelo ea tsohle e ho Mong`a hau

[9] Na o kile oa bona ea sitisang

[10] Lekhabunyane nakong eo le rapelang

[11] Na u kile oa bona ebang o its’etlehile tataisong

[12] Kapa o khothaletsa hoba mosa

[13] Na o kile oa bona ebang u latola tataiso `nete, o oa furalla

[14] Na ha a elelloe hore Allah U’a bona

[15] Ha a hlokomele! ha a sa khaotse, re tla mo tutla ka qoba ea moriri –

[16] O leshano, o bile o silafetse –

[17] Joale, ha a bitse bathusi ba hae

[18] Re tla bitsa manyeloi a kahlolo

[19] Se ka mo natsa. Empa u ithapalatse le hona ho ba haufinyane le Allah

Matla

Surah 97

[1] Ruri! Qura’n Re e senotse ka bosiu ba matla

[2] Ke eng se tla le hlalosetsa hore na bosiu ba matla ke eng

[3] Bosiu ba matla bo molemo ho feta likhoeli tse sekete

[4] Ke nako eo manyeloi le Khabariele ba theohelang lefats’eng ka tumello ea Mong`a bona le ka melao eohle

[5] Khotso!... Sena Ho fihlela chabo ea letsatsi

Bopaki bo Hlakileng

Surah 98

[1] Haele ba latolang har’a Batho ba Lengolo le har`a ba hedene, ba ne ba ke ke ba sokoloha ho fihlela sesupo se hlakileng se finyeletse ho bona

[2] Sa moromuoa ea tsoang ho Allah, ea balang maqephe a hloekileng

[3] A jereng melao e nepahetseng, e topileng

[4] Batho ba Lengolo ba ne ba ke ke ba arohana ho fihlela kamor’a hoba sesupo se hlakileng se finyelle ho bona

[5] Ba ne ba laetsoe ho sebeletsa Allah le ho boloka tumelo ea bona e hloekile malebana le Eena, e be batho ba topileng ka tlholeho le hona ho phethahatsa lithapelo le ho fana ka linyehelo. Seo ke tumelo ea ‘nete

[6] Haele ba latolang har’a batho ba Lengolo le har`a bahedene, ba tla eba mollong-oa-lihele ho phela teng. Ke libopuoa tse nyonts’ang

[7] Bohle ba-kholoang, ba etsa liketso tse lokileng, – bona ke libopuoa tse molemo

[8] Moputso oa bona o ho Allah: lirapa tsa Edene, tseo linoka li phallang tlas’a tsona, ba tla phela teng kahosafeleng. Allah U tla nyakalla ke bona le bona ba tla nyakalla ke Eena. Tsena li molemong oa ba ts’abang Mong`a bona

Tšisinyeho ea Lefatše

Surah 99

[1] Ha lefats’e le sisingoa la mathetho

[2] Le itlhohlolla moroalo

[3] Motho o tla re: “Molato ke eng ka lefats’e”

[4] Ke mohla lefat’se le tla bolela nalane ea lona

[5] Hobane Mong`a hau U tla le susumetsa

[6] Mohlang oo batho ba tla nyolosa ba theosa ka mekhahlelo ho ea bonts’oa liketso tsa bona

[7] Mong le mong ea etsang ketso e lokileng e fokolang sa ntoana- la-botsikoane o tla e bona

[8] Mong le mong ea etsang sebe le ha se ka fokola sa ntoana-la- botsikoane o tla se bona

Likalimo

Surah 100

[1] Ka lipitsi tse mathang, tse hemeselang

[2] Tseo maotong a tsona ho qobang litlhase

[3] Tse tsometsang tlhaselo ka matjeke

[4] E be li tsosa leroele khabong

[5] Li parola lebotho la lira ka lehare e le ngatana ng’oe

[6] Ruri! Motho o hloka teboho ho Mong`a hae

[7] E bile ke paki holim’a seo

[8] O lehala leratong la leruo

[9] Na ha a tsebe hore mohla mabitla a hlatsang likateng

[10] Se ka lifubeng tsa batho se tla behoa pepeneneng

[11] Letsatsing leo Mong`a bona U tlabe A tseba tsohle tsa bona

Tlokotsi

Surah 101

[1] Sekhobo

[2] Sekhobo ke eng

[3] Ebe ke eng se tla le tsebisa hore na sekhobo ke eng

[4] Ke letsatsi leo batho ba tla hasana joaloka lirurubele

[5] Lithaba li tla ba joalo ka boea

[6] Bao liketso tsa bona li tla imela sekala

[7] Ba tla phela bophelo ba nyakallo

[8] Empa eo liketso tsa hae li tla fokola sekaleng

[9] Lehae la hae e tla ba Lihele

[10] E be ke eng se tla le tsebisa hore na lihele ke eng

[11] Ke mollo o hlenneng

Tlholisano ea Keketseho ea Lefatše

Surah 102

[1] Phehisano ea pokello ea matlotlo e le khelositse

[2] Ho fihlela le etela mabitleng

[3] Che! Haufinyane le tla tseba

[4] Hape le tla tseba

[5] Che! Hoja le na le tsebo e tehileng

[6] Hobane le tla bona mollo oa Lihele

[7] Hape le tla o bona ka tiieo

[8] Letsatsing leo le tla botsoa khahlano le monyaka oa lefats’e lena

Letsatsi le Theohang

Surah 103

[1] Ka Nako

[2] Ruri! Motho o tahlehong

[3] Kantle ho ba-kholoang, ba etsang liketso tse lokileng, ba khothalletsang ‘nete le ba nang le mamello

Moetselletsi

Surah 104

[1] Sekhobo se be ho moqabanyi e mong le e mong le raleshano

[2] Ea khobokantseng leruo la lefats’e lena le ho le bala

[3] O nahana hore leruo la hae le tla etsa hore a phele kahosafeleng

[4] Che! Ruri! O tla tjebeloa mollong o harinyang

[5] E be ke eng se tla le tsebisa hore mollo o harinyang

[6] Ke mollo oa Allah U hotelitsoeng

[7] Oo qhomelang holim’a lipelo tsa batho

[8] Ruri! o tlaba kupetsa

[9] Kahar’a lits’iea tse otlolotsoeng

Tlou

Surah 105

[1] Na ha u ea bona kamoo Mong`a hau A ileng A ripitla balekane ba tlou kateng

[2] Ha A ka A nyopisa morero oa bona

[3] A romella mohlape oa linonyana khahlano le bona

[4] Ho ba furuletsa ka majoe a lenyetana

[5] A ba fetola lehlare

Maquaraishe

Surah 106

[1] Ka selekane sa Ma-Qureysh

[2] Re ile Ra etsa hore ba simolle maeto mariha le lehlabula

[3] Ha ba khumamele Mong`a ntlo ena

[4] Ea ba fepang khahlanong le tlala le ho ba sireletsa matsoalong a bona

Mefuta e Menyenyane

Surah 107

[1] U kile oa bona motho ea latolang kahlolo

[2] Ke ea lelekang khutsana

[3] Ea sa khothaletseng ho feptjoa ha mafutsana

[4] Aa! Sekhobo se be holim’a barapeli

[5] Ba sa tsotelleng thapelo ea bona

[6] Ba etsetsang ho bonoa

[7] Ba hana ka litokelo tsa boahisane

Ngata

Surah 108

[1] Ruri Re u nehile tlotla ea Seliba Paradeising

[2] Kahoo, retelehela ho Mong`a hau ka thapelo, u etse sehlabelo

[3] Ruri! Ke sera sa hau se tlang ho hloka bokamoso

Bahanyetsi

Surah 109

[1] E re: “Oho lona mahana-tumelo

[2] Ha ke khumamele seo le se khumamelang

[3] Le lona ha le khumamele seo ke se khumamelang

[4] Ha nkeke ka khumamela seo le se khumamelang

[5] Etsoe le ke keng la khumamela seo ke se khumamelang

[6] Tumelo ea lona ke ea lona, ea ka ke ea ka

Thuso

Surah 110

[1] Ha thuso le tlholo ea Allah li fihlang

[2] U bona lichaba li inehela tumelong ea Allah ka mekhopi

[3] Keteka lithoriso tsa Mong`a hau, kopa ts’oarelo ho Eena: ke Eena Ea amohelang boinyatso, Ea Ts`oarelang

Leleme la Mollo

Surah 111

[1] Ha mats`oho a Lahab a timele! Ha a timele

[2] Ha ho moputso maruong a hae le ho tseo a li bokellelitseng

[3] Haufi o tlaba mollong o khanare ea lelakabe

[4] Mohatsa`e o tla roala patsi e le libeso

[5] Thapo e lohiloeng ka makhapetla a palema e haretsoe molaleng oa hae (mohatsae)

Botšepehi

Surah 112

[1] E re: Ke Allah, Ea Inotsi

[2] Allah, Rabosafeleng

[3] Ha A tsoale, ha A tsoaloa

[4] Ha ho ea ts’oanang le Eena

Meso

Surah 113

[1] E re: Ke kopa ts’ireletso ho Mong`a meso

[2] Khahlanong le tse silafetseng tse hlotsoeng

[3] Ka ho ts’oana le tse silafetseng tsa lefifing le noelletseng

[4] Le khahlanong le bobe ba balohi ba mafito

[5] Le khahlanong le bobe ba bahonuhi ha ba honoha

Batho

Surah 114

[1] E re: ke kopa ts’ireletso ho Mong`a batho bohle

[2] Morena oa batho

[3] Mopi oa batho

[4] Khahlanong le linyonts`a tsa mosebi ea soto, ea hoeshetsang a be a nyamele

[5] Ea silafatsang lipelo tsa batho

[6] Har’a masabonoeng (li-jinn) le har`a batho